Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/15 leq. 2
  • “Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo Thusa Malapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Borapeli ba Lelapa​—⁠Na U ka Etsa Hore bo Natefele Lelapa la Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 8/15 leq. 2

“Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”

Batsoali ba tšoana le balisa. Ba lokela ho hlokomela bana ba bona kaha ba ka ’na ba lelera eaba baa hlaseloa. (Liprov. 27:23) Batsoali ba ka phetha boikarabelo boo joang? Ba lokela ho qeta nako letsatsi ka leng ba buisana le bana ba bona e le hore ba tsebe se ka likelellong le lipelong tsa bona. (Liprov. 20:5) Ho feta moo, ba lokela ho tiisa tumelo ea bana ba bona ka hore ba hahe ka thepa e sa cheng. (1 Bakor. 3:10-15) Video ea sehlooho se reng, “Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao,” e hatisa bohlokoa ba ho tšoara borapeli ba lelapa kamehla. E shebelleng le le lelapa, ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

(1) Ke eng e ileng ea etsa hore ba ha Moroka ba se ke ba falimeha moeeng? (2) Ke hobane’ng ha boiteko ba Mor’abo rōna Moroka ba ho tšoara borapeli ba lelapa bo sa ka ba atleha ka lekhetlo la pele? (3) Ke keletso efe ea Mangolo e ka thusang batsoali ho hōlisa bana ba bona ka katleho? (Deut. 6:6, 7) (4) Lelapa le ka etsa’ng hore le be le puisano e molemo? (5) Bana ba hloka eng ho batsoali ba bona? (6) Mora le Morali’abo rōna Bereng ba ile ba susumetsa lelapa la ha Moroka ka tsela e ntle joang? (Liprov. 27:17) (7) Hlooho ea lelapa e lokela ho etsa’ng esale pele e le hore borapeli ba lelapa bo atlehe? (8) Mor’abo rōna Moroka o ile a etsa’ng ho ntlafatsa maemo a lelapa la hae? (9) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tšoara borapeli ba lelapa kamehla? (Baef. 6:4) (10) Ke litlhahiso life tse ka sebelisoang borapeling ba lelapa? (11) Mor’abo rōna Moroka o ile a bontša ho tiea empa a khobile matšoafo joang ha a thusa Marcus hore a bone bohlokoa ba ho etsa se nepahetseng? (Jer. 17:9) (12) Batsoali ba Rebecca ba ile ba mo thusa joang hore a etse qeto e nepahetseng ka kamano ea hae le Justin? (Mar. 12:30; 2 Tim. 2:22) (13) Mora le Morali’abo rōna Moroka ba bontšitse tumelo joang ha ba fetola tsela eo ba neng ba phela ka eona? (Mat. 6:33) (14) Video ee e bontša lihlooho tsa malapa bohlokoa ba ho hlokomela malapa a bona moeeng joang? (1 Tim. 5:8) (15) U ikemiselitse ho etsa’ng u le hlooho ea lelapa?

TLHOKOMELISO HO LIHLOOHO TSA MALAPA: Tšoantšiso ena e ile ea bapaloa likopanong tsa setereke tsa 2011. Na ka nako eo u ne u bona ho hlokahala hore borapeli ba lelapa la hao bo ntlafatsoe? Na hona joale u bona ho hlokahala? Haeba ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho, ka kōpo rapella taba ena e le hore lelapa la hao le ka rua molemo ka ho sa feleng.—Baef. 5:15-17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela