PHELA JOALOKA MOKRESTE
Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova
Jeremia o ile a fuoa taelo ea hore a lemose Bajuda ka kahlolo e neng e tl’o ba oela hobane ba ne ba lebetse Molimo oa bona, e leng Jehova. (Jer 13:25) Ho tlile joang hore sechaba see se be boemong boo? Malapa a Baiseraele a ile a lahla kamano eo a neng a e-na le eona le Jehova. Ho totobetse hore lihlooho tsa malapa li ne li sa latele tataiso ea Jehova e ho Deuteronoma 6:5-7.
Ha malapa a le matla tumelong, a bopa liphutheho tse matla. Lihlooho tsa malapa li ka thusa malapa a tsona hore a hopole Jehova ka ho ba le Borapeli ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla. (Pes 22:27) Ka mor’a hore le shebelle video ea “Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”—Lipuisano Tsa Lelapa, arabang lipotso tsena:
Malapa a mang a ile a sebetsana joang le liteko tseo hangata li bang teng mabapi le borapeli ba lelapa?
Ho ba le Borapeli ba Lelapa kamehla ho na le melemo efe?
Ha ho tluoa tabeng ea borapeli ba lelapa, ke litšitiso life tseo ke bang le tsona, ’me nka sebetsana le tsona joang?