Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
TSOHA!
Tsela ea ho Qala Moqoqo: Na ehlile Bibele ke Lentsoe la Molimo Kapa ke buka e ingoletsoeng ka bohlale ba batho?
Lengolo: 2 Tim 3:16
Buella Sengoliloeng: Tsoha! ena e fana ka bopaki ba hore Bibele e hlile e tsoa ho Molimo.
RUTA MOLAETSA OA BIBELE
Potso: Re lokela ho talima bophelo joang?
Lengolo: Tšen 4:11
Molaetsa oa Bibele: Kaha bophelo bo tsoa ho Molimo, rea bo hlompha. Re amehile haholo ka tšireletseho ea rona, ’me re ke ke ra bolaea motho e mong ka boomo. Re ananela mpho ena e tsoang ho Jehova.
KE ENG E TLISANG THABO KA LAPENG?
Potso: Ke kopa ho u bontša pampitšana ke ena. U ne u ka re’ng ha u araba potso ee?
Lengolo: Luka 11:28
Buella Sengoliloeng: Pampitšana ena e tla bontša hore na lelapa la hao le ka thaba joang,le hore na ke taba e utloahalang ho lumela seo Bibele e se buang.
Buella sengoliloeng
Ngola Kenyelletso ea Hao.