Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 February leq. 5
  • Kamoo Banyalani ba ka Matlafatsang Manyalo a Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Banyalani ba ka Matlafatsang Manyalo a Bona
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sireletsa Lenyalo la Hao
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Fumana Thabo Mphong ea Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 February leq. 5
Abrame le Sarai ba itokisetsa ho tloha Ure. Abrame o khothatsa Sarai ha ba ntse ba paka thoto.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Kamoo Banyalani ba ka Matlafatsang Manyalo a Bona

Abrahama le Sara ke mehlala e metle ea banyalani ba neng ba ratana ebile ba hlomphana. (Gen 12:​11-13; 1Pe 3:6) Ho ntse ho le joalo, ba ne ba ntse ba e-na le mathata lenyalong la bona hobane ba ne ba sa phethahala. Banyalani ba ka ithuta’ng ho Abrahama le Sara?

Buisanang. Bua ka bonolo le haeba molekane oa hao a bua mantsoe a hlabang hobane a ferekane. (Gen 16:​5, 6) Qetang nako le le ’moho. Bontša hore u rata molekane hao ka mantsoe le ka liketso. Etsang hore setsoalle sa lona le Jehova se lule se le matla ka hore le lule le ithuta le bile le rapela ’moho. (Moe 4:​12) Manyalo a tiileng a tlotlisa Jehova kaha ke eena moqapi oa ’ona.

SHEBELLANG VIDEO EA MATLAFATSANG TLAMAHANO EA LONA EA LENYALO, EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Tšoantšisong ee, ke’ng e bontšang hore lenyalo la Khotso le Palesa le ne le e-na le mathata?

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore banyalani ba phetlelane lifuba?

  • Mohlala oa Abrahama le Sara o ile oa thusa Khotso le Palesa joang?

  • Khotso le Palesa ba ile ba etsa’ng e le hore ba boele ba matlafatse lenyalo la bona?

  • Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho utloisisa hore ha baa phethahala?

Batho ba hlahileng videong ea ‘Matlafatsang Tlamahano ea Lona ea Lenyalo.’ Khotso le Palesa ba lokisa litaba e le hore ba matlafatse lenyalo la bona. 1. Ba lutse setulong e mong le e mong o ichebetse koana. 2. Ba ts’oarane ka matsoho. 3. Ba sebetsa ts’imo ba thabile.

U ka khona ho matlafatsa lenyalo la hao!

E le hore u fumane lintlha tse ling tse buang ka hore na u ka matlafatsa lenyalo la hao joang, sheba lihlooho tsena tse hlahang limakasineng tsa Tsoha! le ho jw.org/st®:

  • “Ha Bana ba se ba Phuruselitse”​—g17.4 10-11

  • “Le ka Buisana ka Mathata Joang?”​—g16.3 10-11

  • “Haeba U Soetsehile ka Seo U Neng U se Lebeletse Lenyalong”​—g 3/14 14-15

  • “Kamoo U ka Mamelang ka Hloko”​—g 12/13 12-13

  • “Kamoo le ka Khaotsang ho Ngangisana”​—g 2/13 4-5

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela