Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 July maq. 12-13
  • La 18-24 August

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 18-24 August
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 July maq. 12-13

LA 18-24 AUGUST

LIPROVERBIA 27

Pina ea 102 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Metsoalle ea ’Nete e re Thusa Joang?

(10 mets.)

Metsoalle ea ’nete e tla re fa keletso ka sebete ha ho hlokahala (Pr 27:​5, 6; w19.09 5 ¶12)

Metsoalle ea ’nete e ka khona ho re thusa ho feta batho bao re amanang le bona (Pr 27:10; it-2-E 491 ¶3)

Metsoalle ea ’nete e re thusa hore re be batho ba molemo (Pr 27:17; w23.09 10 ¶7)

Mor’abo rona e mocha o thusa mor’abo rona ea holileng hore a bue le ngaka.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Pr 27:21—Tsela eo re itšoarang ka eona ha re rorisoa e senola eng ka rona? (w06 9/15 19 ¶12)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Pr 27:​1-17 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Motho eo u buang le eena ha a lumele tumelong ea Bokreste. (lmd thuto ea 6 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bontša motho video e hlahang tlas’a Lithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

6. Puo

(5 mets.) ijwyp sehlooho sa 75: Ke Tla Etsa’ng Haeba Mokhotsi oa ka a Nkutloisitse Bohloko? (th khaolo ea 14)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 109

7. “Ngoan’eno eo u ka mo Tšepang Linakong Tsa Mahlomola”

(15 mets.) Puisano.

Jehova o re file mokhatlo oa lefatše lohle oa bara ba motho moo re ka fumanang metsoalle e re ratang. Le hoja re ka ba botsoalle ho batho ba bangata ka phuthehong, ke ba bakae ho bona bao e leng metsoalle ea rona e haufi-ufi? Setsoalle se matla se etsoa ke ho utloisisana, ho tšepana, ho phetlelana sefuba, ho feta maemong a tšoanang bophelong le ho thusana. Kahoo, ho hlokahala nako le boiteko e le hore re hahe setsoalle le ho se boloka.

Bala Liproverbia 17:17 ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ba le metsoalle e haufi-ufi hona joale pele mahlomola a maholo a qala?

Bala 2 Bakorinthe 6:​12, 13 ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Litemana tsee li ka re thusa joang ho etsa metsoalle?

Setšoantšo se hlahang videong ea “‘Ho na le Nako e Nepahetseng Bakeng sa Ntho e Ngoe le e Ngoe’—Ho Etsa Metsoalle ho Nka Nako.” August o fa Ben basketball ha ba ntse ba lutse bencheng ka lebaleng la basketball le ka har’a mohaho.

Shebellang VIDEO ea “Ho na le Nako e Nepahetseng Bakeng sa Ntho e Ngoe le e Ngoe”—Ho Etsa Metsoalle ho Nka Nako ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Videong ee u ithutile’ng ka setsoalle?

U ka etsa setsoalle ka hore u qale pele ka ho bososela le motho kapa u mo lumelise ka mofuthu. Kamor’a moo etsa hore setsoalle seo se hole ka hore u mo bontše hore oa mo tsotella. Ho nka nako hore setsoalle se tiee, kahoo e-ba le mamello. Ha u etsa joalo u tlaba le setsoalle se sa feleng.

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 10-11

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 118 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela