LA 25-31 AUGUST
LIPROVERBIA 28
Pina ea 150 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Phapang Pakeng Tsa Motho ea Khopo le ea Lokileng
(10 mets.)
Motho ea khopo o boi empa motho ea lokileng o sebete (Pr 28:1; w93 5/15 26 ¶2)
Motho ea khopo ha a ahlole ka toka empa motho ea lokileng o khona ho etsa liqeto tse molemo (Pr 28:5; it-2-E 1139 ¶3)
Motho ea futsanehileng empa a lokile o bohlokoa ho feta motho ea ruileng empa a le khopo (Pr 28:6; it-1-E 1211 ¶4)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Pr 28:14—Maele aa a re fa temoso efe? (w01 12/1 11 ¶3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Pr 28:1-17 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisanang ka hore lintoa le mabifi li tla fela. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 5)
5. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisanang ka hore lintoa le mabifi li tla fela. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 4)
6. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Buisanang ka hore lintoa le mabifi li tla fela. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)
7. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Buisanang ka hore lintoa le mabifi li tla fela. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
Pina ea 112
8. Na u Hloile Lintoa?
(6 mets.) Puisano.
Lintoa li qalile ka Satane Diabolose eo Jesu a mo bitsang “’molai.” (Joh 8:44) Kamor’a hore mangeloi a kenelle borabeleng ba Satane, lintoa li ile tsa eketseha lefatšeng ’me lefatše le ile la senyeha mahlong a Molimo. (Ge 6:11) Ha bofelo ba lefatše lena la Satane le tletseng lintoa bo ntse bo atamela, batho ba bangata ba mabifi ebile ha ba na boitšoaro.—2Ti 3:1, 3.
Bala Pesaleme ea 11:5 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Jehova o ikutloa joang ka batho ba ratang ntoa hona hobane’ng?
Boithabiso le lipapali li bontša joang hore batho ba rata ntoa?
Bala Liproverbia 22:24, 25 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Boithabiso boo re bo khethang le batho bao re tloaelaneng le bona ba ka ama tsela eo re ikutloang ka eona ka ntoa joang?
Boithabiso boo re bo khethang bo ka bontša joang hore re rata ntoa?
9. Letšolo le Khethehileng ka September
(9 mets.)
Puo ena e fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Bua ka tsela e tla etsa hore bamameli ba chesehele letšolo lena, u be u hlalose litokisetso tse entsoeng bakeng sa phutheho ea lona.
Shebellang VIDEO ea Khotso e Tla ba Teng Qetellong! (Pina ea Kopano ea 2022).
10. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 12-13