LA 17-23 NOVEMBER
SEFELA SA LIFELA 6-8
Pina ea 34 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. E-ba Lerako Eseng Monyako
(10 mets.)
Bo-abuti ba moroetsana oa Moshulame ba ne ba batla hore a se ke a etsa thobalano pele a nyaloa (Sef 8:8, 9; it-E “Sefela sa Lifela” ¶11)
O ne a e-na le khotso hobane o ile a atleha ho hlola teko ea ho etsa boitšoaro bo bobe (Sef 8:10; yp 188 ¶2)
Moroetsana oa Moshulame ke mohlala o motle bakeng sa bacha (yp2 33)
IPOTSE: ‘Ke joang nka thusang Bakreste-’moho ba seng lenyalong phuthehong ea heso hore e be marako eseng menyako?’
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Sef 8:6—Ke hobane’ng ha ho thoe lerato la sebele ke “lelakabe la Jah”? (w15 1/15 29 ¶3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Sef 7:1-13 (th khaolo ea 12)
4. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa karete ea jw.org. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Qala moqoqo u sebelisa pampitšana sebakeng sa khoebo. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)
6. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Leka ho qoqa le motho ebe moqoqo oa lona o fela pele u ka mo pakela. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
7. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Pontšo. ijwfq sehlooho sa 43: Na Lipaki Tsa Jehova li na le Melao eo li Lokelang ho e Latela ha li Ratana? (th khaolo ea 7)
Pina ea 121
8. Balehang Boitšoaro bo Bobe bo Amanang le Thobalano
(15 mets.) Puisano.
Bukeng ea Sefela sa Lifela, molisana o ile a mema moroetsana oa Moshulame hore ba otlolle maoto. (Sef 2:10-14) Le hoja merero ea molisana e ne e se mebe, ka bohlale bo-abuti ba moroetsana ba ile ba mo fa mosebetsi o neng o tla mo thibela ho tsamaea le molisana. (Sef 2:15) Ba ne ba tseba hore ha se bohlale hore ba be bang kaha ba ne ba ka oela tekong.
Bibele e re Bakreste ba lokela ho ‘balehela boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.’ (1Ko 6:18) Re lokela ho qoba lintho tsohle tse ka etsang hore re etse sebe. Mongoli oa Sefela sa Lifela o ile a re: “Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata empa ba se nang kelello ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.”—Pr 22:3.
Shebellang VIDEO ea Molimo “O Tseba Liphiri Tse ka Pelong ea Motho” ebe u botsa bamameli potso e latelang:
U ithutile’ng videong ee?
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 36-37