SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 17
PINA EA 99 Bakreste-’moho le ’Na ba Limilione
Ha ho Mohla re Leng Bang
“Ke tla u thusa.”—ESA. 41:10.
NTLHA-KHOLO
Litsela tse ’nè tsa kamoo Jehova a re tsotellang kateng.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re ka re ha re bang ha re e-na le mathata? (b) Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
HA RE e-na le mathata a boima re ka ’na ra ikutloa eka re bang ka har’a moru o teteaneng, ho se na moo re ka tsoang le teng. Leha ho le joalo, ha re tobane le mathata ana re le bang. Ntate oa rona ea leholimong ea lerato o bona mathata a rona ’me o re tšepisa hore o tla re thusa hore re sebetsane le ’ona. Jehova o kholisa bahlanka ba hae ba tšepahalang, o re: ‘Ke tla le thusa.’—Esa. 41:10.
2 Sehloohong sena re tl’o hlahloba kamoo Jehova a re thusang kateng ka (1) ho re tataisa, (2) ho re hlokomela, (3) ho re sireletsa le (4) ho re tšelisa. Jehova oa re kholisa hore a ke ke a re lebala le ka mohla ho sa tsotellehe liteko tseo re kopanang le tsona bophelong. A ke ke a re lahla. Kahoo, ha re bang le ka mohla.
JEHOVA OA RE TATAISA
3, 4. Jehova o re tataisa joang? (Pesaleme ea 48:14)
3 Bala Pesaleme ea 48:14. Jehova ha aa lebella hore re itataise. O tataisa barapeli ba hae ba tšepahalang joang mehleng ee? Tsela e ’ngoe eo a ba tataisang ka eona ke ka ho sebelisa Bibele. (Pes. 119:105) Jehova o sebelisa Lentsoe la hae le bululetsoeng ho re thusa ho etsa liqeto le ho ba le makhabane a tla etsa hore re thabe hona joale le hore re phele ka ho sa feleng nakong e tlang.a Ka mohlala, o re ruta hore re tšoarele batho ba bang, re se ke ra lula re halefile, re etse lintho tsohle ka botšepehi le ho rata ba bang ho tsoa pelong. (Pes. 37:8; Baheb. 13:18; 1 Pet. 1:22) Ha re bontša makhabane a joalo, re tla ba batsoali, balekane le metsoalle e molemo.
4 Ho ekelletsa moo, ka Bibeleng Jehova o ile a fana ka mehlala ea batho ba ileng ba kopana le liteko tse tšoanang le tsa rona ba bile ba ikutloa joaloka rona. (1 Bakor. 10:13; Jak. 5:17) Ha re bala ka mehlala ena e phelang ’me re sebelisa seo re ithutang sona, bonyane re rua melemo e ’meli. Oa pele, rea hlokomela hore liteko tse re hlahelang ha li qale ka rona hobane batho ba bang ba ile ba kopana le maemo a tšoanang ’me ba ile ba khona ho a mamella ka katleho. (1 Pet. 5:9) Oa bobeli, rea ithuta hore na re ka mamella mathata a rona joang.—Bar. 15:4.
5. Jehova o sebelisa bo-mang ho re tataisa?
5 Jehova o boetse o sebelisa Bakreste-’moho ho re tataisa.b Ka mohlala, balebeli ba potoloho ba chakela liphutheho khafetsa ho re khothatsa. Lipuo tsa bona lia re matlafatsa ebile li re thusa hore re lule re momahane. (Lik. 15:40–16:5) Baholo le bona ba sebetsa ka thata ho thusa mohoeletsi e mong le e mong hore a lule a e-na le kamano e matla le Jehova. (1 Pet. 5:2, 3) Batsoali le bona ba thusa bana ba bona hore ba atamele haufi le Jehova, e leng se tla thusa bana bao hore ba etse liqeto tse nepahetseng le hore ba be le boitšoaro. (Liprov. 22:6) Bo-’mè ba Bakreste ba holileng tsebong ba thusa barali ba bo rona ba bacha ka ho ba behela mohlala o motle, ho ba fa likeletso tse sebetsang le ho ba khothatsa.—Tite 2:3-5.
6. Re lokela ho etsa eng e le hore re rue molemo tataisong eo Jehova a re fang eona?
6 Jehova o re file lintho tseo re li hlokang bakeng sa ho re tataisa. Re ka bontša joang hore re ananela seo a re etselitseng sona? Liproverbia 3:5, 6 e re: “Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao, u se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao.” Ha re etsa joalo, ‘o tla otlolla litsela tsa rona,’ e leng hore o tla re thusa ho qoba mathata le hore re thabele bophelo. Kannete hoa thabisa ho tseba hore Jehova o fa motho ka mong tataiso e lerato eo a e hlokang.—Pes. 32:8.
JEHOVA OA RE HLOKOMELA
7. Jehova o re hlokomela ka litsela life tse ling? (Bafilipi 4:19)
7 Bala Bafilipi 4:19. Ho phaella tabeng ea ho re tataisa moeeng, Jehova o boetse o hlohonolofatsa boiteko ba rona ba ho fumana lijo, liaparo tseo re li hlokang le bolulo. (Mat. 6:33; 2 Bathes. 3:12) Le hoja ho tloaelehile hore re tšoenyehe ka lintho tseo re li hlokang, Jehova o re khothalletsa hore re se ke ra tšoenyeha ho tlola ka tsona. (Matheu 6:25.) Hobane’ng? Hobane Ntate oa rona a ke ke a lahla barapeli ba hae ba tšepahalang ha ba hloka thuso. (Mat. 6:8; Baheb. 13:5) Re ka mo tšepa ha a re o tla re hlokomela.
8. Ke eng seo Jehova a ileng a se etsetsa Davida?
8 Nahana ka tsela eo Jehova a ileng a thusa Davida ka eona. Lilemong tse boima tseo Davida le banna ba hae ba li qetileng e le baphaphathehi, Jehova o ile a ba hlokomela ka lintho tseo ba neng ba li hloka e le hore ba phele. Ha Davida a nahana ka tsela eo Jehova a ileng a mo hlokomela ka eona ka lilemo tseo, o ile a re: “Nkile ka ba mocha ’me hona joale ke tsofetse empa ha ke e-s’o bone ea lokileng a lahliloe kapa bana ba hae ba hloka lijo.” (Pes. 37:25) Mohlomong le uena u ile oa bona ha Jehova ka lerato a hlokomela bahlanka ba hae ba inehetseng ho eena ba mehleng ena.
9. Jehova o hlokomela batho ba hae joang mehleng ee nakong ea koluoa? (Sheba litšoantšo.)
9 Jehova o boetse o hlokomela batho ba hae ha ho hlahile likoluoa. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho e-na le tlala e kholo mehleng ea baapostola, Bakreste ba tsoang libakeng tse fapaneng ba ile ba fana ka liphallelo ho bara le barali ba bo bona. (Lik. 11:27-30; Bar. 15:25, 26) Mehleng ena, batho ba Molimo ba na le moea o tšoanang oa ho fana. Ha ho e-ba le koluoa, Jehova o susumetsa batho ba hae ho fana ka litlhoko tsa mantlha tse kang lijo, metsi, liaparo le meriana ho ba anngoeng ke likoluoa. Batho ba kaho ba lokisa matlo le Liholo Tsa ’Muso tse senyehileng. Bahlanka ba Jehova ba potlakela ho khothatsa le ho fana ka matšeliso a tsoang ka Bibeleng ho ba lahlehetsoeng ke matlo a bona le ke baratuoa ba bona.c
Jehova o re tšelisa joang nakong ea likoluoa? (Sheba serapa sa 9)e
10, 11. U ithuta eng phihlelong ea Ntate Borys?
10 Jehova o boetse o hlokomela batho ba sa mo rapeleng. Ka ho tšoanang, re batla menyetla ea ho bontša mosa ho batho ba sa lumeleng lintho tseo re li lumelang. (Bagal. 6:10) Hangata sena se etsa hore ba batle ho tseba ka Jehova. Nahana ka mohlala oa Ntate Borys, mosuoe-hlooho ea lulang Ukraine. Le hoja e se Paki ea Jehova, o ne a lula a tšoara baithuti ba Lipaki ka mosa ’me a hlompha seo ba se lumelang. Ka lebaka la ntoa, o ile a khetha ho ea sebakeng se sireletsehileng hona naheng eo, ’me bara le barali ba bo rona ba ile ba mo thusa. Hamorao, o ile a ea Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ha a nahana ka seo Lipaki li mo etselitseng sona, o ile a re: “Lipaki li ntlhokometse le ho ntsotella haholo. Ke leboha Lipaki Tsa Jehova ho menahane.”
11 Le rona re ka etsisa Ntate oa rona ea leholimong ka hore re thuse ba hlokang ho sa tsotellehe hore na ba lumela seo re se lumelang kapa che. (Luka 6:1, 36) Re tšepa hore boiteko ba rona ba ho bontša batho hore rea ba rata, bo tla ba susumetsa hore ebe barutuoa ba Kreste. (1 Pet. 2:12) Ho sa tsotellehe hore na ba khetha ho sebeletsa Jehova kapa che, re tla thaba hobane ho fana ho thabisa haholo.—Lik. 20:35.
JEHOVA OA RE SIRELETSA
12. Jehova o tšepisa hore o tla sireletsa batho ba hae joang e le sehlopha? (Pesaleme ea 91:1, 2, 14)
12 Bala Pesaleme ea 91:1, 2, 14. Kajeno, Jehova o tšepisa hore o tla re sireletsa ho eng kapa eng e ka senyang setsoalle sa rona le eena. A ke ke a lumella Satane hore a senye borapeli ba ’nete. (Joh. 17:15) Ha “mahlomola a maholo” a qala, re ka kholiseha hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla sireletsa batho ba hae ka ho ba thusa hore ba be le tumelo e matla le ho ba pholosa.—Tšen. 7:9, 14.
13. Jehova o re sireletsa joang re le batho ka bomong?
13 Jehova o re sireletsa joang re le batho ka bomong? Jehova o re thusa hore re khetholle se nepahetseng ho se fosahetseng a sebelisa Mangolo. (Baheb. 5:14) Ha re phela ka melao-motheo e tsoang ka Lentsoeng la Molimo, re sireletsa setsoalle sa rona le eena ebile re sireletsa bophelo ba rona. (Pes. 91:4) Ho ekelletsa moo, Jehova o re sireletsa a sebelisa phutheho. (Esa. 32:1, 2) Ha re tloaelana le batho ba ratang Jehova le ba phelang ka melao-motheo ea hae, re tla khothala ’me re matlafale e le hore re ka qoba ho etsa se fosahetseng.—Liprov. 13:20.
14. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a sa re sireletse mathateng ’ohle a rona? (b) Pesaleme ea 9:10 e re kholisa ka eng? (Sheba naletsana.)
14 Mehleng ea khale, Jehova o ne a e-na le ho sireletsa barapeli ba hae linthong tse neng li ka ba ntša kotsi kapa tsa ba bolaea. Leha ho le joalo, o ne a sa lule a ba sireletsa. Ka linako tse ling re ka “hlaheloa ke lintho ka tšohanyetso.” (Moek. 9:11) Hape, ho theosa le lilemo haesale Jehova a lumella bahlanka ba hae hore ba hlorisoe le ho bolaoa e le hore a ka paka hore Satane ke raleshano. (Jobo 2:4-6; Mat. 23:34) Le kajeno hoa tšoana. Le hoja Jehova a ka ’na a se ke a felisa mathata a rona, re ka kholiseha hore a ke ke a lahla ba mo ratang.d—Pes. 9:10.
JEHOVA OA RE TŠELISA
15. Thapelo, Lentsoe la Molimo le Bakreste-’moho ba re tšelisa joang? (2 Bakorinthe 1:3, 4)
15 Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4. Ka linako tse ling, rea sareloa, rea tšoenyeha ebile rea hlomoha. Mohlomong u ka har’a boemo bo boima bo etsang hore u ikutloe eka u mong. Na ho na le motho ea utloisisang tsela eo u ikutloang ka eona? Jehova oa utloisisa. Ha a utloisise feela bohloko boo re bo utloang empa o boetse “o re tšelisa mathateng ’ohle a rona.” Joang? Ha re tšollela lipelo tsa rona ho eena, o re “fa khotso eo batho ba ke keng ba e utloisisa.” (Bafil. 4:6, 7) Re boetse rea tšeliseha ha re bala seo Jehova a re ngolletseng sona ka Bibeleng. Ka har’a letlotlo leo, re fumana mantsoe a bontšang hore Jehova oa re rata, a re fang bohlale le tšepo e le hore re ka khothala. Hape re tšelisoa ke lerato le mofuthu la bara le barali ba bo rona le likhothatso tse tsoang ka Bibeleng tseo re li fumanang ha re le libokeng.
16. U ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Nathan le Priscilla?
16 E le ho utloisisa kamoo Jehova a re matlafatsang le ho re tšelisa kateng a sebelisa Lentsoe la hae, nahana ka se ileng sa etsahalla Nathan le Priscilla, ba lulang Amerika. Lilemo tse ’maloa tse fetileng, ba ile ba etsa qeto ea hore ba fallele moo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi. Nathan o re: “Re ne re kholisehile hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona.” Leha ho le joalo, ha ba fihla sebakeng seo, ba ile ba hlaheloa ke mathata ao ba sa a lebellang a bokuli le lichelete. Qetellong, banyalani bana ba ile ba tlameha ho khutlela hae moo ba ileng ba tsoela pele ba e-na le mathata a lichelete. Nathan o re: “Ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa re hlohonolofatsa ka tsela eo re neng re e nahanne. Ke ne ke bile ke nahana hore ho na le phoso eo ke e entseng.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, Nathan le Priscilla ba ile ba hlokomela hore Molimo o ne a sa ba lahla ha ba ne ba mo hloka. Nathan o boetse o re: “Linakong tseo tse thata, Bibele e ile ea re khothatsa le ho re tataisa joaloka motsoalle ea bohlale. Ho e-na le ho nahana ka mathata, re ile ra thuisa ka tsela eo Jehova a ileng a re thusa ka eona hore re mamelle, e leng se ileng sa re lokisetsa hore re be le tumelo ea hore Jehova o tla re thusa nakong e tlang.”
17. Morali oa bo rona Helga o ile a tšelisoa joang? (Sheba setšoantšo.)
17 Bara le barali ba bo rona le bona ba ka re tšelisa. Joang? Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Helga, ea lulang Hungary. Ka lilemo tse mashome, o ile a sebetsana le mathata a fapaneng, a neng a etsa hore a ikutloe a tšoenyehile a bile a se na thuso. Leha ho le joalo, ha a hetla morao oa hlokomela kamoo Jehova a ileng a mo khothatsa kateng a sebelisa phutheho. O re: “Kamehla Jehova o ne a lula a nthusa ha a bona hore kea fokola ka lebaka la mosebetsi oa boipheliso, ho hlokomela ngoana oa ka ea kulang le mathata a mang. Lilemo tse 30 tse fetileng, haesale Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla ntšelisa. Hangata ke ne ke bona hore Jehova oa ntšelisa ha ke utloa mantsoe a tsoang ho ba bang a mosa, a khothatsang le a bontšang hore baa nkananela. Ke ne ke atisa ho fumana melaetsa fonong, mangolo le mantsoe a khothatsang ka nako eo ke neng ke a hloka haholo.”
Jehova a ka u sebelisa joang ho tšelisa ba bang? (Sheba serapa sa 17)
18. Re ka tšelisa ba bang joang?
18 Re na le tlotla ea ho etsisa Molimo oa rona ka ho tšelisa ba bang. Re ka etsa seo joang? Re ka ba mamela re sa ba felle pelo, ra bua mantsoe a ba khothatsang le ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. (Liprov. 3:27) Re ikemiselitse ho tšelisa bohle ba nang le mathata, ho akarelletsa le ba e-s’o ka ba sebeletsa Molimo. Ha baahisani ba rona ba utloile bohloko, ba kula kapa ba tšoenyehile, rea ba etela, re ba mamele re be re ba bolelle mantsoe a khothatsang a tsoang ka Bibeleng. Ha re etsisa Jehova ea ‘tšelisang batho maemong ’ohle,’ re ka thusa Bakreste-’moho hore ba mamelle mathata. Hape re ka ’na ra thusa le batho ba sa sebeletseng Jehova hore ba batle ho ithuta ka eena.—Mat. 5:16.
JEHOVA O LULA A E-NA LE RONA
19. Ke eng eo Jehova a re etsetsang eona, hona re ka mo etsisa joang?
19 Jehova o amehile haholo ka batho bohle ba mo ratang. Ha a re lahle ha re e-na le mathata. Joalokaha motsoali a tsotella ngoana oa hae ka lerato, Jehova le eena o tsotella barapeli ba hae ba mo tšepahallang. Oa re tataisa, oa re hlokomela, oa re sireletsa ebile oa re tšelisa. Re etsisa Ntate oa rona ea leholimong ea lerato ha re khothatsa le ho tšehetsa ba bang ha ba e-na le mathata. Le haeba re ka hlaheloa ke mathata le matšoenyeho, re ka kholiseha hore Jehova o na le rona. O re tšepisitse a re: “U se ke oa tšoha kaha ke na le uena.” (Esa. 41:10) Sena sea re kholisa hore le ka mohla ha re bang.
PINA EA 100 Re be Mosa ho Bohle
a Sheba sehlooho se reng “Etsa Liqeto Tse Tlotlisang Molimo” ho Molula-Qhooa oa April 15, 2011.
b Sheba serapa sa 11-14 sehloohong se reng “Lula u Mamela Tataiso ea Jehova” ho Molula-Qhooa oa February 2024.
c U ka fumana mehlala ea morao-rao ho jw.org ka hore u ngole “liphallelo” ho batla.
d Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa February 2017.
e TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Bara le barali ba bo rona ba Malawi ba fumana lijo, lintho tseo ba li hlokang le matšeliso a tsoang mokhatlong oa Jehova ka mor’a koluoa.