Martinique
HAR’A batho ba likarolong tse ngata tsa lefatše, lebitso la Martinique le ba hopotsa ho hong. Le ka ’na la ba hopotsa setšoantšo sa letsatsi, mabōpo a leoatle a nang le lehlabathe le lesoeu le maoatle a boputsoa ba leholimo. Le ka etsa hore motho a nahane ka lintho tse monate tsa bophelo tse joaloka ’moba le libanana, hape le rum. Setšoantšo seo se ka ’na sa akarelletsa matsoalloa a moo a letlalo le letšo kapa le lesootho a bososelang haholo, a fanang ka literei tsa litholoana tse sa tloaelehang ho baeti e le pontšo ea kamohelo. Ho ba bang, Martinique e ba hopotsa ho phatloha ha Thaba Pelée ka 1902, le ho senyeha ho feletseng ha toropo ea Saint Pierre, eo ka nako eo e neng e le motse-moholo oa moruo le oa setso oa sebaka seo.
Sehlekehleke sena, ha se bapisoa le tse ling, e mpa e le lethebanyana feela. Se bolelele ba lik’hilomithara tse 80 feela le bophara ba lik’hilomithara tse 35. Empa se phethile karolo e khōlō haholo litabeng tsa machaba. Pakeng tsa lekholo la lilemo la bo17 le la bo19, mebuso ea bokolone e ile ea loanela mona e se na mohau e tseka bophahamo Linaheng tsa Amerika le Caribbean. Saint Domingue (Haiti), Guadeloupe, Martinique le lihlekehleke tse ling tsa West Indies li bile le beng ba tsona ba sa tšoaneng ho ea ka phello ea lintoa.
Ka mashome a mangata a lilemo, Martinique, le hoja e le sehlekehleke se senyenyane, e ne e le setsi sa khoebo ea makhoba Caribbean. Motho a ke ke a bua ka baahi ba Martinique a sa bue ka liketane tsa bokhoba tse bōpang pale ea eona e fetileng le tse hlalosang haholoanyane ka maemo a teng hona joale a batho.
Re bua ka batho ba motlotlo hore ebe ba lokolohile, ka mor’a ho ba bokhobeng nako e telele. Bana ke batho ba khetholloang ka lipolelo tse makatsang tse bonahalang li ikhanyetsa. Ba boulela ho lokoloha ha bona ’me ba batla ho etsa hore sena se tsebahale. Ka nako e tšoanang, ba lumellana le setso sa Mafora, se ileng sa tlisoa ke bokolone—setso seo litekanyetso tsa sona le leruo la sona li ananeloang ke ba bangata mabakeng a mangata. Batho ba bolela hore Roma e K’hatholike, eo ba e susutlelletsoeng ke babusi ba hatellang, ke bolumeli ba bona. Ho tsamaisanang le hona ke ’nete ea hore ba rutiloe ho rapela Molimo eo ba sa tsebeng letho ka eena. O hlahisitsoe ho bona e le Molimo ea buellang bokhoba ba Batho ba Batšo hobane ho boleloa hore o ile a rohaka moloko oa bona. Ho boleloa hore O na le litšoaneleho tsa lerato le toka, empa litšoaneleho tsena ho bonahala li pupelitsoe ka tsela e makatsang. Bolumeli ba bona bo thehiloe haholo-holo litšebeletsong le lineanong tseo ho tsona litumelo tse tobileng le ho sekasekoa ha thuto ea bolumeli e leng lintho tseo e seng tsa bohlokoa ho hang. (Ka tsela e tšoanang, ho ka hlokomeloa hore sehlekehleke sa boahisani sa Barbados se bolela hore bolumeli ba Chache ke ba sona hobane e ne e le kolone ea Brithani.)
Ha lekholo lena la lilemo le le haufi le ho fela, boholo ba batho ba Martinique, le hoja ba rata ho italima e le ba lokolohileng, ba sebetsa tlas’a liketane tsa bokhoba ba marena a mabeli a batlang ho fetang se lebeletsoeng. Ka lehlakoreng le leng, ba belesitsoe ka tsamaiso ea bolumeli ea litšebeletso le lineano tse hlōlehang ho khotsofatsa tlala ea sebele ea moea. Ha ka lehlakoreng le leng, ba sebeletsa lelea ho khotsofatsa litakatso tse sa feleng tse hlahileng ka lebaka la tšusumetso e khōlō ea tsela ea bophelo ea ho rata lintho tse bonahalang ea tsoelo-pele ea Bophirimela.—Moek. 5:10.
Molaetsa oa Tokoloho ea Bohlokoahali
Ke sehlekehlekeng sena sa libaka tse chesang tse mongobo moo molaetsa oa tokoloho o ’nileng oa tsebahatsoa ka matla a ntseng a eketseha lilemong tse 50 tse fetileng. Ena ke tokoloho eo Jesu Kreste a neng a bua ka eona ha a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Joh. 8:32) Ena ke tokoloho bokhobeng ba bohata, tokoloho litlamong tsa tsamaiso ea moruo e tlatlapang batho ka sehlōhō le tokoloho sebeng le lefung.
Peō ea ’nete ena e ile ea qala ho jaloa ka 1946 ha Georges Moustache, ea tsoang Guadeloupe, a qeta libeke tse peli a paka Fort-de-France le Saint Pierre. Lilemo tse tharo hamorao, ka la 9 August, 1949, baromuoa ba bane (banyalani le baralib’abo rōna ba babeli ba bacha), ba tsoang Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ba ile ba fihla sehlekehlekeng seo. E ne e le David le Celia Homer, Mary Lolos le Frances Bailey. Ba ne ba tsoa United States ’me ba ne ba bua Sefora, le hoja e se hantle haholo. Leha ho le joalo, nakong ea selemo le halofo, ba ile ba khona ho tsamaisa libuka tse 631 le libukana tse fetang 200 tse hlalosang Bibele, ’me ba ile ba qala lithuto tse 32 tsa Bibele le batho ka bomong le lihlopha tsa malapa. Empa baruti ba K’hatholike, ba ntse ba e-na le tšusumetso e khōlō ka nako eo ’me ho hang ba sa utloisise hore matla a bona a ho laela a belaelloe, ba ile ba sebelisa tšusumetso ea bona ho etsa hore baromuoa ba lelekoe sehlekehlekeng seo ka January 1951. Ka lilemo tse fetang tse tharo, boboleli bohle ba litaba tse molemo Martinique bo ile ba khaotsa.
Ho Qalisa Mosebetsi Hape
Ka la 10 July, 1954, Xavier le Sara Noll ba ile ba fihla ba tsoa Marseilles, Fora. Ka bobeli e ne e le basebeletsi ba nako e tletseng, ’me Xavier o ne a ile a sebeletsa e le molebeli oa phutheho Marseilles.
Ba ntse ba ka hopola ho fihla ha bona sehlekehlekeng sena ho seo ho bona se neng se bonahala eka ke pheletsong ea lefatše, lik’hilomithara tse 7000 ho tloha ha habo bona. Ha ba e-s’o lebale maikutlo a bona a pele ka mocheso le mongobo, leha e le hore ba lebetse botsoalle, kamohelo e mofuthu le mokhoa o motle oa batho ba moo.
Ho tloha matsatsing a pele feela, ba ile ba ithuta ho phela ka thepa e fokolang. Ka mor’a ho lula matsatsi a seng makae le monna ea neng a le mosa ho Lipaki tsa Jehova, ba ile ba fumana ntlo e ncha ea lehong, empa seo se ne se mpa se bolela hore ke mohaho o hahiloeng ka lehong maboteng le fatše. E ne e ruletsoe ka masenke. Ho ne ho se na siling, hape ho ne ho se na matloana. Ha shoalane e tšoara e ne e le mosebetsi oa Mor’abo rōna Noll ho ntša “lebakete” ho ea le qhalla khohlong. Leeto la hae la pele a nkile lebakete leo le ne le le ka la 14 July, letsatsi la phomolo la sechaba sa Mafora. O ile a tlameha ho feta le lebaleng la sechaba le bitsoang Stalingrad, le neng le phethesela ka litšebeletso tse amanang le letsatsi leo la phomolo. Ha a ntse a tsamaea lebaleng leo, ’me lebakete la hae le bonoa ke lihlopha tsa batho ba qabohileng ba tlileng ho tla phomola le ho tla hema moea o pholileng, ba ile ba hulana fatše ke litšeho. E ne e le mohlolo! Ho ne ho se mohla ba kileng ba bona lekhooa le etsa mosebetsi o joalo!
Kamohelo e Makatsang
Pejana letsatsing leo Mor’abo rōna Noll o ne a qetile lihora a hlophisa libuka le libukana tseo baromuoa ba ileng ba li siea ha ba lelekoa. Tse ngata tsa tsona li ne li sentsoe ke likokoanyana, empa ho ne ho e-na le tse lekaneng tse boemong bo loketseng hore ba ha Noll ba ka li sebelisa bopaking ba bona ba phatlalatsa ha ba qala hoseng ho latelang.
Tse ling tsa lintho tse seng kae tseo Mor’abo rōna Noll a li hopolang letsatsing leo la pele tšebeletsong ke tsena: “E le lekhetlo la pele re e-ea mosebetsing oa ho bolela mona, ’na le mosali oa ka re ne re labalabela ho kopana le batho, ho ba tseba, ho tseba hore na re tla fumana kamohelo ea mofuta ofe. Seo re se fumaneng se ne se feta seo re se lebeletseng. Re ile ra qala ho paka bohareng ba toropo, eo ka nako eo e neng e e-na le baahi ba 60 000. Hoseng hoo, ’na le mosali oa ka re ile ra kopana habeli ha re ne re khutlela hae re il’o tlatsa mekotlana ea rōna ea ho paka bocha ka libuka tsa ‘’Nete E Tla Le Lokolla’ le ‘The Kingdom Is at Hand’ hammoho le libukana tse kang ‘The Prince of Peace.’”
Beng ba matlo hangata ba ne ba re: “Ke tla nka buka ea hao e le sehopotso sa hore u fetile mona,” kapa, “Haeba e bua ka Molimo, ke tla e nka.” Libekeng tsa pele tse peli, hoo e ka bang libuka tse 200 le libukana tse makholo-kholo li ile tsa tsamaisoa. Ho ne ho le bonolo ho qala moqoqo hobane batho ba ne ba le bohelehele ebile ba ikemiselitse ho amohela baeti. E bile khothatso e kaakang ho amoheloa ka mofuthu hakaalo!
Mora le Morali oabo rōna Noll ba ile ba ipotsa hore na ba ne ba tla khona ho ithuta le batho ba bangata hakaalo! Empa ba ile ba ithuta kapele hore ba tlameha ho khetholla pakeng tsa bao ka tlhaho ba bontšang kamohelo e mofuthu ea baeti le ba nang le takatso ea sebele ea ho batla ho tseba le ho sebelisa ’nete e tsoang ho Molimo. Ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba batla ho ithuta. Mor’abo rōna Noll oa hopola: “Motho ea ileng a kopana le rōna ha re fihla Martinique o ile a re tsebisa basebetsi ba bang le ba ithutang mosebetsi moo a sebeletsang teng a etsa thepa ea ka tlung ea mapolanka. Re ile ra qala thuto hona bosiung boo le tse ling tse peli bekeng ea pele.”
E ’ngoe ea lithuto tseo e ne e khanneloa banyalani ba bacha, Paul le Nicole Jacquelin. Ba ne ba ithuta hararo ka beke ’me ba tsoela pele hantle. Kapelenyana ba ne ba kopanela le ba ha Noll ho pakeng ka ntlo le ntlo. Ka bahoeletsi bana ba bacha, mosebetsi oa boboleli o ile oa qala ho etsoa ke ba letsopa la sebaka seo.
“To-To-To”
Ha motho a fihla ntlong e ’ngoe, o tlameha ho hoeletsa, “To-to-to, na ho na le motho ea teng lapeng?” Hangata ho tla hlaha lentsoe ka hare le araba: “U tlile ka life?” Ka mor’a hore mohoeletsi a hoeletse hape ha a itsebahatsa, mong’a ntlo o tla arabela, “Kena ’me u lule fatše.” Ebe ho qaleha moqoqo o thahasellisang.
Boholo ba nako, batho ba ne ba rata ho qoqa. Khatello ea kelello e ne e se ntho e tsejoang Martinique matsatsing ao. Ke ka seoelo batho ba neng ba bua seo re se utloang kamehla kajeno: “Ha ke na nako.” Leha ho le joalo, hangata qetello e ne e le ho re: “Ke utloisisa sohle seo u se buang, empa nke ke ka tlohela bolumeli ba batsoali ba ka le ba bo-nkhono le bo-ntate-moholo.” Esita le moo ho neng ho bonahala eka ho na le thahasello, hoo bahoeletsi ba neng ba botsa, “Na re ka u bona hape kapele?” hangata karabo e ne e-ba: “Haeba ke thato ea Molimo.”
Ka kakaretso, batho ba ne ba bontša tlhompho e khōlō bakeng sa Bibele. Empa ke ba fokolang haholo ba neng ba e-na le eona. Baruti ba K’hatholike ba ile ba leka ka thata ho thibela batho hore ba se ke ba kopana ho hang le Bibele. Leha ho le joalo, batho ba fokolang ba ile ba khona ho fumana phetolelo ea Sefora ea Maprostanta ea Louis Segond. Ba bang ba ne ba e fumane ho barekisi, ba bang ho baahelani bao e neng e le Masabatha, ha ba bang bona, ba fokolang haholo ba e fumane ho ma-Evangelical.
Baruti ba Bontša ho Tšoha
Likhoeli tse hlano ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova li qale tšebetso ea tsona ea ho bolela hape Fort-de-France, koranta e ’ngoe e ileng ea hatisoa ke Kereke e K’hatholike e ne e e-na le potso ena, “Lipaki Tsa Jehova ke Bo-mang?” E ile ea pheta puisano e pakeng tsa moprista le setho sa pharishe: “Fatere, na u tseba Jehova?” “Eu! Joale u s’o bua Seheberu?” ’Me joale ha latela letoto le lelelele la liketselletso khahlanong le Lipaki tsa Jehova le ho emela ka lonya lithuto tsa tsona. Setšoantšo sa Morali’abo rōna Noll se sothehileng libōpeho se bile sa hlaha pampitšaneng ea kereke.
Nakoana ka morao ho moo, le hoja ho ne ho e-na le Lipaki tse fokolang sehlekehlekeng seo, moprista eo ka ho hlakileng a neng a tšoentsoe ke cheseho ea baboleli bana ba ’Muso, o ile a re: “Likete tsa batho ba lokileng li mothating oa ho ba Lipaki tsa Jehova hobane li sa tloaelana hantle le bolumeli ba tsona.” Ho bile joalokaha Jesu Kreste a ile a bontša setšoantšong sa hae sa morui le Lazaro. Batho ba tloaelehileng ba ne ba labalabela makumane a moea a oang tafoleng ea baruti ba atlehileng.—Bona le Luka 16:19-31.
Ketelo ea Notre Dame du Grand Retour
Lilemo tse seng kae pejana, ka 1948, tumelo ea Mak’hatholike a mangata e ne e ile ea sisinyeha. Ofisi ea mobishopo e ne e ile ea hlophisa mokete o moholohali oa qhekello. Seemahale sa Maria se ile sa tlisoa se e-tsoa Fora ka mokete oa semetletsahali. Se ile sa tsamaisoa ho pholletsa le Martinique ’me se ile sa tlotlisoa ke baahi ba moo ka tsela eo ho seng e lekanang le eona ho tla fihlela kajeno. Setšoantšo sa “Mofereko” se ile sa kenngoa ka seketsoaneng se nang le mabili, ’me sa tsamaisoa literateng. Ha se le tseleng, batho ba ile ba tlatsa seketsoana seo ka chelete le mabenyane bakeng sa “Maria Mofereko.” Ka nako eo batho ba Martinique, ebang ba ruile kapa ba futsanehile, ba ne ba roala mabenyane a khauta feela. Ka lebaka leo, se ileng sa bokelloa se ne se emela chelete e ngata haholo.
Ho na le ba bangata ba sa ntseng ba hopola ka ho hlakileng se ileng sa etsahala. Marthe Laurent, eo hona joale e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, o hopola ho fihla ha “Maria Mofereko.” O re: “E ne e le Moqebelo mantsiboea mathoasong a March 1948, lebaleng le pota-potileng Savannah, Fort-de-France. Lebala leo le ne le tletse batho ha ka tšohanyetso re bona khanya e nyenyane e hlaha leoatleng, haufi le ntlha ea La Pointe des Nègres. Letšoele le leholo le ne le hlokoleha ke thabo; ‘Mofereko’ o ne a fihla ka sekepe!” Pierrette Hantoni o ile a boella khafetsa ho ea lahlela linyehelo tsa hae. Eena le monna oa hae ba ne ba khabisitse ntlo ea bona ka lipalesa ’me ba fanyehile boto e nang le mongolo ona Chez Nous Soyez Reine (E-ba Mofumahali Lapeng la Rōna). Moeeng o joalo, batho ba ile ba nkeha ’me ba ne ba le seatla se bulehileng, ba nahana hore “Mofereko” o tla etsa mehlolo. Ka mohlala, ho ne ho e-na le monna eo morali oa hae a neng a tšoeroe ke lefu la mesifa. A khasa ka mangole, o ile a latela seketsoana se tsamaeang ka mabili, a e-na le tšepo ea hore “Mofereko” o ne a tla phekola morali oa hae.
Ka mor’a nako ho ile ha tlalehoa hore seemahale seo se khutletse Fora, empa hoo e ne e le leshano. Ho ile ha fumanoa hamorao hore setšoantšo seo se ne se patiloe ntlong e ’ngoe ea polokelo ea thepa. Ho ea ka taba ea bo-ba-re ea sebaka seo, sefofane se ileng sa nyamella leoatleng hamorao se ne se tsamaisa chelete le thepa e ’ngoe e ileng ea bokelloa hammoho le bahlophisi ba mokete oo oa qhekello. Likelellong tsa ba bangata, seo e ne e le kotlo e tsoang ho Molimo. Le kajeno, ha batho ba bua ka ketsahalo ena, Lipaki tsa Jehova li ba le monyetla oa ho ba bontša seo Bibele e se buang ka borapeli ba litšoantšo.—Ex. 20:4, 5; Pes. 115:4-8; 1 Joh. 5:21.
Lenyalo, Eseng Feela ho Lula Hammoho
Meetlo e meng ea Seafrika e ne e ntse e sebelisoa le ka mor’a hore ba lokolloe bokhobeng ’me e ne e amoheloa Kerekeng ea K’hatholike hafeela ba kopanelang ba boetse ba etsa le litšebeletso tsa K’hatholike. Moeeng o tjena, ho lula hammoho ha batho ba sa nyalanang e ne e le ntho e tloaelehileng. Ha Morali’abo rōna Noll a kopanela tšebeletsong, batho ba ne ba ee ba mo botse: “Na u na le bana?” Ha a arabela ka ho re “Che,” ba ne ba ee ba botse, “Monna oa hao eena?” E ne e le ntho e tloaelehileng ho fumana banna ba nang le bana ka basali ba bang ka ntle ho basali ba bona ba molao. Ba neng ba batla ho ba Bakreste ba ’nete ba ile ba tlameha ho lahla mekhoa e joalo eo e seng ea Mangolo.—Baheb. 13:4.
Oa pele Martinique oa hore a tobane le boemo bona e bile mosali e mong ea neng a e-na le bana ba tšeletseng ka banna ba bararo ba fapaneng ’me o ne a phela le ntate oa ngoana oa hae oa ho fela ha a qala ho ithuta Bibele. Marguerite Lislet o ile a hlokomela ka potlako liphetoho tse khōlō tseo a neng a lokela ho li etsa hore e tle e be ea thabisang Jehova. (1 Bakor. 6:9-11) O ile a kōpa monna eo a lulang le eena hore a tsamaee, ’me ho sa tsotellehe mathata a hae a bophelo, ka sebete o ile a tobana le mathata a lichelete e le hore a hlokomele bana ba hae ba tšeletseng. O ile a kolobetsoa ka 1956. Hamorao, e ile ea e-ba eena pula-maliboho oa pele ea khethehileng oa Martinique.
Jeanne Maximin, ea ileng a tsoalla monna eo a neng a lula le eena bana, le eena o ile a batla ho kolobetsoa. Monna o ne a ile a mo tšepisa ka makhetlo a mangata hore ba tla tiisa kamano ea bona ka molao pele ho kopano e latelang, empa ha ho mohla a kileng a boloka tšepiso eo. Qetellong, ka 1959, ha kopano e ’ngoe e atamela, mosali o ile a sebelisa monyetla oa ha monna oa hae a le sieo eaba o tsoa ntlong eo. Ha a khutla, monna o ile a makala hakaakang ha a bona hore mosali o tsamaile ’me le boholo ba thepa ea ntlo ha bo eo! Baahelani ha baa ka ba qeaqea ho mo bolella moo a leng teng. O ile a tsitlallela hore a khutlele hae ’me a tšepisa hore ba tla nyalana ka mor’a libeke tse peli, e leng nako eo ka eona a tla beng a ntse a etsa litokisetso tse hlokahalang. Karabo ea mosali e ne e hlakile: “Letsatsing leo re nyalanang ka lona, ke mohla ke tla khutla, empa eseng pele ho moo.” Ho ile ha etsoa litokisetso tse hlokahalang, ’me ba ile ba nyalana ka molao nakong ea matsatsi a leshome. Baralib’abo rōna ba bangata ba fetile tlas’a liphihlelo tse tšoanang.
Lipaki tsa Jehova li fumane botumo ba hore li sebelisa bolumeli boo ho bona lenyalo le talingoang e le tokisetso ea bomolimo. Mohlanka e mong oa ’muso oa motseng oa Le Vauclin o ile a makatsoa ke ho bona hore ka nako e khutšoanyane, Jacques le Pierrette Nelson, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba moo, ba ile ba sebeletsa e le lipaki machatong a mabeli a batho ba ’nileng ba phela hammoho ka lilemo tse ngata ka ntle ho lenyalo. Mosebeletsi eo oa ’muso o ne a se a ntse a e-na le buka ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, empa joale o ile a tšepisa hore o tla e bala hape hobane o ne a le boemong bo tšoanang le ba batho bana bao a qetang ho ba nyalisa. Pele ba qeta puisano ea bona, o ile a re ka lentsoe le bonolo ho lipaki tsa bo rōna tse peli: “Jamais deux sans trois” (“Ha ho mohla ho bang le ba babeli ho se oa boraro”). Sena se ile sa ipaka e le ’nete tabeng ena, hobane ha ea ba nako e telele ka mor’a moo, ha bo-pula-maliboho bana e ne e boetse e le lipaki ka pel’a hae bakeng sa banyalani ba boraro bao ba ileng ba ithuta le bona.
Ho Lokoloha Tšebelisong e Mpe ea Joala
Martinique e tsebahala ka rum ea eona. Seno sena se tahang se etsoang ka ’moba se ka fumanoa hohle sehlekehlekeng sena. E thabeloa ke ba bangata, empa e ka ba kotsi haholo haeba e sebelisoa ka ho feteletseng. Ka bo-1950, motho o ne a ka ’na a ea bareng ’me a fumana khalase e phophomang ea rum ka li-centime tse 50 feela (hoo e ka bang lisente tse 10). Botlolo ea rum, botlolo ea lero la ’moba le lilae tse seng kae tsa lamune ea moo e tala li ne li behoa ka pel’a moreki, ’me o ne a lumelloa hore a ithitelle.
Na ’nete ea Bibele e ne e ka thusa batho bao kamehla ba inehelang ho noeng rum? E, ho fela ho le joalo! (1 Pet. 4:3) Oa pele e ne e le mosali ea neng a e-noa kamehla ho isa bohōleng boo ho neng ho sa thabise ho hang ho lula le shebane le eena le bua. Ho phaella moo, o ne a phela le monna eo ba neng ba sa nyalana le eena le eo e neng e le lekhoba la joala joaloka eena. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ka lebaka la seo a ithutileng sona thutong ea lehae ea Bibele, o ile a khaotsa ho noa ’me a siea monna eo a neng a lula le eena. Bohle ba neng ba mo tseba ba ile ba hlokomela liphetoho. Bophelo ba hae bo ile ba ntlafala. Bophelo ba hae tsebong ea mosebetsi bo ile ba ntlafala, ’me boemo ba hae e le mohlanka oa ’muso bo ile ba tiisoa hore e be mosebeletsi oa nako eohle. Ha a amohela chelete ea tefo eo a e kolotoang, o ile a e sebelisetsa ho ea Kopanong ea Machaba ea Thato ea Bomolimo ea Lipaki tsa Jehova New York ka 1958. Ho tla fihlela kajeno, le hoja Elisa Lafine a le lilemo li 90, o kopanela kamehla boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso. Hape ke mohlala oa boitšoaro bo botle ba Bokreste. Ka sebele Lentsoe la Molimo le ka lokolla motho bokhobeng ba joala.
Litholoana Tse Tsoang Khubung ea Naha
Ha u sheba ’mapa oa Martinique, ho bonahala sehlekehleke sena se ikhara ho potoloha kou ea Fort-de-France. Ka ntle ho pelaelo, ke hona mona moo e leng khubung ea tšimo ena. Ka lehlakoreng le ka leboea ho kou ena, ho na le litoropo tse tharo tsa boahisani—Fort-de-France, Schoelcher le Le Lamentin. Hoo e ka bang halofo ea baahi ba Martinique ba phela sebakeng sena. Ka ntle le temo, boholo ba mesebetsi ea sehlekehleke sena e bokellane mona. Ke sebakeng sena moo boboleli ba litaba tse molemo bo ileng ba qala teng, ’me ntle le ba seng bakae feela, bahoeletsi ba pele ba ne ba tsoa mona.
Khale koana ka 1955, Mora le Morali oabo rōna Noll ba ile ba qala ho nka maeto a ho tsoela ka ntle ho motse-moholo ho ea hasa molaetsa oa ’Muso. Ba ne ba ee ba qete letsatsi lohle ba bolela ’me ba khutlele hae mantsiboea. Hang ka beke, ka Labohlano, ba ne ba ee ba ee Le Lamentin. Bekeng e hlahlamang, e ne e e-ba motse oa Le François, haufi le lebōpo le ka bochabela. Butle-butle, batho ba ile ba qala ho amohela ’nete. Har’a ba pele Le Lamentin e ne e le Jeanne Marie-Annaïs, Suzanne Guiteaud, Liliane Néral le Paulette Jean-Louis. Le François ho ne ho e-na le lelapa la ha Godard le la ha Cadasse le Pierre Loiseau. Hamorao, ho ile ha romeloa bo-pula-maliboho ba khethehileng Le Lamentin. Har’a bana e bile Valentin Carel le Nicolas Rénel. (Hamorao Mor’abo rōna Carel e ile ea e-ba setho sa Komiti ea Lekala.) Hona joale ho na le liphutheho tse supileng metseng eo le e meng e haufi ka boroa.
Ba bang ba itseng ho bonahala ba ile ba qala hantle empa hamorao ba tlohela tsela e moqotetsane. Ba ile ba hlōloa ke matšoenyeho a bophelo, lintho tse bonahalang le boitšoaro bo bobe. Ba bang ba bangata ba ile ba amohela lentsoe la ’Muso ka lipelong tse ipakileng li tšoana le mobu o motle o neng o tla hlahisa litholoana ka lilemo tse ngata. (Mat. 13:18-23) Karolo e khōlō ea ba amohetseng borapeli ba ’nete mehleng ea pele e ntse e sebeletsa Jehova ka botšepehi. Har’a bana ke barab’abo rōna ba ileng ba kolobetsoa Martinique lilemong tse fetang 30 tse fetileng: Leon le Christian Bellay, Jules Nubul, Germain Bertholo, Vincent Muller, Roger Rosamond, Albert Nelson, Vincent Zébo le Philippe Dordonne. Kaofela ba ile ba bontša lerato le leholo ho Jehova ha ba sebelisa bocha ba bona tšebeletsong ea hae. Ha ba sa le bacha, empa kaofela ha bona ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa e le baholo liphuthehong. Ba bang ba shoele—har’a bona ke Toussaint Lada, ea hopoloang ke ba khale ka sebōpeho sa hae se bonolo le ho bososela ha hae ho mofuthu. Ho na le ba bang ba bangata ba ka phaelloang lethathamong la ba nang le phihlelo bao e neng e le mehlala e metle ea tumelo le cheseho le ba ntseng ba tsoela pele ba le joalo. Moloko o mocha o hata mehlaleng ea bona, ’me ho ba hōlileng, sena ke mohloli oa thabo e khōlō.
Ka Botšepehi Basali ba Bolela Litaba Tse Molemo
Mehleng eo ea pele, baralib’abo rōna ba ’maloa bao e neng e le matichere Lefapheng la Thuto ea Sechaba ba ne ba boetse ba etsa mosebetsi o babatsehang e le matichere a Lentsoe la Molimo. Har’a bona e ne e le Stella Nelzy. E bile eena oa pele sehlopheng seo hore a kolobetsoe, ’me o ile a tsoela pele a cheseha tšebeletsong esita leha a ne a hlokomela ’mè oa hae ea hōlileng lilemong, ea ileng a shoa a le lilemo li 102. Ho ne ho boetse ho e-na le Andrée Zozor, eo e neng e le mosuoetsana-hlooho le eo hape ka katleho a ileng a sireletsa ’nete ea Lentsoe la Molimo, le Morali’abo rōna Victor Fousse (hona joale ke Lasimant), ea ileng a lula a tiile ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea lelapa. Mohlala o motle oa Morali’abo rōna Fousse o bile le tšusumetso e ntle ho bana ba hae. Ka lebaka leo, e mong oa bara ba hae o ’nile a sebeletsa e le moholo ka lilemo tse ngata, ’me morali oa hae, Marlène, ke moromuoa Mali.
Ba bang ba qetile peiso ea bona ea Bokreste ka lebaka la lilemo kapa bokuli. Ho bile joalo le ka Léonide Popincourt, ea ileng a tlohela mosebetsi kapele ’me a bula maliboho ka lilemo tse 16. Le hoja Morali’abo rōna Popincourt a ile a shoa ka 1990, morali oa hae Jacqueline o sebeletsa e le moromuoa French Guiana. Emma Ursulet le eena o ile a beha mohlala o motle ka ho sireletsa ’nete ea Bibele, ’me ka ho khethehileng o ile a ikemisetsa ho thusa bana ba hae hore ba tsamaee litseleng tsa Jehova. Ba bararo ba barali ba hae ba ile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, ’me mora oa hae Henri o sebeletsa e le setho sa Komiti ea Lekala Martinique.
Sara Noll, ea ileng a tla Martinique e le pula-maliboho ea khethehileng lilemong tse 43 tse fetileng, o ntse a cheseha tšebeletsong ea nako e tletseng a le lilemo li 82. Le hoja tšimo eo e sebetsoa khafetsa, o tsoela pele ho ba le katleho e ikhethang mabapi le ho aba Molula-Qhooa le Tsoha! Ka ho sebelisa litlhahiso tsa Mokhatlo mabapi le ho sebetsa tšimo ea khoebo, o ile a khona ho kena liofising tse ngata tsa ’muso. O na le tselana ea makasine e akarelletsang mohaho oa liofisi tsa ’muso, ntlo-khōlō ea sepolesa, Lefapha la Mesebetsi ea sechaba le tse ling tse ngata. Likhoeling tse ling o ile a tsamaisa limakasine tse 500. Lilemong tseo a neng a le Martinique ka tsona, o tsamaisitse limakasine tse fetang 111 000.
Metsi A Hloa Lithaba
Martinique e na le lithaba tse ngata. Ho thoe ofisiri ea Lenyesemane e neng e batla ho fa Morena George II leseli la hore na naha eo e shebahala joang e ile ea nka pampiri, ea e sobokella ’me ea e lahlela tafoleng. E ile ea re: “Monghali, ena ke Martinique.” Ho na le maele a Secreole a reng, “D’lo pa ka monté morne” (“Metsi a ke ke a hloa lithaba”). Empa Martinique, ho na le metsi a hloang lithaba. Toropo ea khale ea Fort-de-France e bophahamong ba leoatle empa e maotong a maralla a mangata. Metsi a ’nete ea Bibele a hloele maralla ao.—Tšen. 22:17.
Ka 1956, le hoja ho ne ho e-na le bahoeletsi ba supileng feela le bo-pula-maliboho ba bararo sehlekehlekeng seo, ho ile ha tsamaisoa libuka tse 5000, limakasine tse fetang 9000 le libukana tse ngata. Boholo ba lingoliloeng tseo bo ile ba ajoa liemelong tsa libese, ho baeti ba fihlang le ba tlohang ba e-ea likarolong tsohle tsa sehlekehleke sena. Mora le Morali oabo rōna Noll ba ne ba ee ba boele ba ee ’marakeng oa tlhapi le oa meroho ho ea fana ka limakasine, ’me ba ne ba bolela libareng tse ngata tse haufi le libaka tseo tsa ’maraka. Ka tsela ena baahi ba metse eo ba ne ba khutlela malapeng a bona maralleng ao le ka nģ’ane ho ’ona ba e-na le lingoliloeng tsa bohlokoa tsa Bibele ka mekotlaneng ea bona.
‘Ho se Tlohele ho Bokana Hammoho’
Libeke tse seng kae feela ka mor’a hore ba fihle Martinique, Mora le Morali oabo rōna Noll ba ile ba qala ho khothalletsa ba neng ba ithuta ho ea libokeng. (Baheb. 10:23-25) Ka lebaka leo, ba seng bakae ba bona ba ile ba kopanela ka kamoreng eo ho luloang ho eona ea ntlo e itekanetseng ea lehong Morne Pichevin, Fort-de-France. Kamore eo e ne e ka nka batho ba ka bang leshome feela. Ha ba ha Noll ba kopanela tšebeletsong, hangata batho ba ne ba botsa hore na ba na le sebaka seo ba kopanelang ho sona seo ba ka eang ho sona. Baromuoa ba ne ba labalabela ho hong ho loketseng haholoanyane.
Joale mookameli oa hotele e Fort-de-France, ea neng a ntse a hopola baromuoa ba pele ba Lipaki (ba ileng ba lula hoteleng ea hae ka nakoana), o ile a fana ka holo ea ho jela ea ntlo ea hae ea lijo hore e sebelisoe ka Lisontaha motšehare oa mantsiboea, kaha ntlo eo ea lijo e ne e koaloa letsatsing leo. E ne e le Seterateng sa Schoelcher—se reheletsoeng ka ralipolotiki oa Lefora ea ileng a ngola molao-taelo oa la 27 April, 1848, o ileng oa hlalosa maemo a ho felisoa ha bokhoba. Cathedral e ne e le hona seterateng sona seo. Kaha joale li ne li e-na le sebaka se setle sa ho kopanela, Lipaki li ile tsa nahana hore batho ba bangata ba ne ba tla tla. Empa ka nakoana, ke ba 5 ho isa ho ba 10 feela ba neng ba bokana moo, ka holong e ka nkang batho ba fetang 100. Ha li mema ba bang hore ba tle, karabo ka tloaelo e ne e e-ba hore: “Ke tla tla, haeba ke thato ea Molimo.” Empa ka sebele e ne e le seoelo batho ba hlileng ba nahanang ka ho teba ka hore na Bibele e re thato ea Molimo ke efe tabeng ena.
Leha ho le joalo, Mofumahali Marceau, tichere e tlohetseng mosebetsi, o ne a e-ea litšebeletsong tsa kereke pele cathedral ’me ka mor’a moo kamehla o ne a e-tla ho tla mamela molaetsa oa Bibele. Alice Lassus, ea neng a hloekisa cathedral, le eena o ne a e-ba teng libokeng tsena. Ka bobeli e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang. Empa ha e le hantle Lipaki li ne li hloka sebaka sa ho kopanela se neng se loketse hantle bakeng sa boholo ba sehlopha seo.
Ka mor’a likhoeli tse seng kae, li ile tsa fallisetsa liboka tsa tsona Villa Ma Fleur de Mai (Villa My Mayflower), Clairière, Fort-de-France, eo ka nako eo e neng e sebelisoa e le lehae la baromuoa. Stella Nelzy, ea ileng a qala ho ea libokeng, o ile a makatsoa ke tlhaloso e ’ngoe e ileng ea etsoa moo ka nako e ’ngoe. Hamorao o ile a pheta: “Molula-setulo o ile a re: ‘Ena ke ntlo ea bohlokoahali ho feta ’ohle Martinique!’” Empa o ile a phaella: “Kapele ka mor’a moo ke ile ka utloisisa hore o ne a nepile. Ntlo eo e ne e shebahala e le ea boemo bo itekanetseng ’me e ne e kentsoe libenche tse entsoeng ka mapolanka a neng a se a kile a sebelisoa bakeng sa ho etsa mabokose a ho romella thepa, a neng a behiloe lik’hateboto holimo. Leha ho le joalo, ntlong eo motho o ne a ithuta ka morero o babatsehang, thato le botho bo ke keng ba bapisoa ba Jehova Molimo le ba Mora oa hae, Jesu Kreste. E, ka sebele e ne e le ntlo ea bohlokoahali!”
Ka 1960 palo ea bahoeletsi e ne e phahametse ho ba 47. Ho ne ho boetse ho hlokahala ho fumana sebaka se seng sa liboka se nang le sebaka se lekaneng. Adrienne Rudier o ile a re fa likamore tse peli mokatong o ka tlaase oa ntlo ea hae e Bellevue. Lilemo tse peli hamorao o ile a etsa tlhahiso ea hore re tlose lebota le setseng e le ho atolosa sebaka sa rōna sa liboka le hore eena a nyolohele mokatong o ka holimo. Palo ea bahoeletsi e ile ea imena habeli ka lilemo tse peli feela. Joale ba ne ba le 94 ’me ho khannoa lithuto tsa Bibele tsa mahae tse 177. Kaha ba bang ba bahoeletsi ba ne ba tsoa ka lehlakoreng le leng la Fort-de-France, ho ile ha bonahala e le bohlale ho theha sehlopha sa bobeli. Sena se seng se ile sa kopanela ha Inoër Puisy, Sainte Thérèse, motse o monyenyane karolong e ka boroa ea Fort-de-France.
Keketseho e ile ea tsoela pele. Ka 1964 ka karolelano re ne re e-na le bahoeletsi ba 157. E le hore e mong le e mong ea bang teng libokeng a ka ba le sebaka, ho ile ha rekoa ntlo sebakeng sa Bellevue Fort-de-France ’me e ile ea fetoloa Holo ea ’Muso. Lilemo tse hlano hamorao Holo ea ’Muso e ncha e ile ea hahuoa karolong e ’ngoe ea toropo. Cesaire le Elvíre Quasima ka mosa ba ile ba fana ka marulelo a konkreite a bataletseng a ntlo ea bona, ’me Holo ea ’Muso e ile ea hahuoa holim’a ’ona.
Ha Likopano li ne li le Nyenyane
Kopano ea pele e ile ea tšoaroa ka 1955. E ile ea tšoareloa ha Mora le Morali oabo rōna Noll. Ba 27 ba tsoang Guadeloupe ba ile ba nka leeto ho ea khothatsa Lipaki tse 5 Martinique. Kakaretso ea ba bileng teng ha ea ka ea fihla ho 40. Empa lenaneo la kopano le ile la fana ka lijo tse ngata tsa moea. E ne e le thabo e kaakang ho ba hammoho tikolohong ea moea le ea bara ba motho!
Mehleng eo ho ne ho le thata ho qala liboka ka nako. Ha batho ba fihla ka mor’a nako, ka linako tse ling ho ne ho hlaha maemo a qabolang. Nakong ea kopano ka 1956, pontšo e ne e bontša moprista, a apere ka mokhoa o tšoanang le oa baprista, a e-ea ha motho e mong ho ea mo nyahamisa hore a se ke a bala lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova. Mor’abo rōna eo ka tloaelo a neng a lula a e-na le litelu ka nako eo o ile a apara purapera ho ea bapala karolo ea moprista. Motho e mong ea thahasellang ea ileng a fihla ka mor’a nako ha aa ka a hlokomela hore e mpa e le pontšo. Ka mor’a seboka, o ile a bua tjena ka maikutlo: ‘Ha ke lumellane le seo moprista eo a se entseng. Lipaki tsa Jehova ha li ke li ea cathedral ho ea baka khathatso, ’me moprista ha aa lokela ho tla mona ho tla etsa joalo!’
Molaetsa oa Tokoloho Lebōpong le ka Leboea-bochabela
Ka mor’a nako, ho ne ho hlokahala hore tlhokomelo e eketsehileng e lebisoe likarolong tsa sehlekehleke seo tse hōle le motse-moholo. Lebōpo le ka bophirimela la Martinique le oaqatsoa ke Leoatle la Caribbean ’me lebōpo le ka bochabela la lona ke Leoatle la Atlantic. Ka lebaka leo, lebōpo le ka bochabela le otloa ka ho toba ke meea e fokang e sa khaotse, e bakang lipula tse matla le mongobo o mongata. Maralleng a nang le metsi a mangata le lithoteng tsa sebaka seo, ho mela ntho e ’ngoe le e ’ngoe—’moba, meroho e metala, libanana le litholoana tse ling. Metse e meholo, eo boholo ba eona e leng lebōpong la leoatle, le eona e itšetlehile ka ho tšoasa litlhapi.
Sena e boetse ke sebaka seo histori ea sona e hlalosang ka khoebo ea makhoba le ho lokolloa ha makhoba. Motseng oa Le Lorrain, mabitso a libaka tse ling tse itseng a re hopotsa ka nako eo, ka mohlala, Fond-Gens-Libre (Phula ea Batho ba Lokolotsoeng) le Fond-Massacre (Phula ea Polao e Sehlōhō). Ho sa tsotellehe ho felisoa ha bokhoba, ha Lipaki tsa Jehova li ne li isa molaetsa oa ’Muso oa Molimo sebakeng sena, li ile tsa fumana batho ba ntse ba hloka tokoloho. Batho ba ne ba hloka tokoloho bolumeling ba bohata le tumela-khoeleng, e leng se ka etsahalang feela ka ho amohela ’nete ea Bibele.
Litšoantšo li Ile Tsa Pshatloa ’me Tsa Lahleloa Seterateng
Leeto la pele la baromuoa la ho ea Basse Pointe, lebōpong le ka leboea, lik’hilomithara tse 50 ho tloha Fort-de-France, le ne le le ka la 1 November, 1954. Tsela e eang motseng ona oa ho tšoasa litlhapi le oa temo e ne e e-na le meepa le metheō. E ne e le mpe haholo, haholo-holo ka mor’a linako tsa lipula, ’me libakeng tse ling baromuoa ba ne ba tlameha ho theoha libaesekele tsa bona tse nyenyane tse kentsoeng lienjene ’me ba li suthumetse.
Ba ne ba tšepile hore ba tla etela mosuoetsana-hlooho oa sekolo se seng motseng oo. Pejana o ne a ile a kopana le Lipaki tsa Jehova Fora ’me o ne a e-na le peeletso ea Tsoha!, empa joale peeletso ea hae e ne e felile. Ketelo eo e ile ea ipaka e le molemo haholo. Mofumahali eo o ile a hlalosa hore, le hoja e ne e le mokatikista, o ne a khaolitse ho ea kerekeng ka mor’a hore moprista a bue ka ho hloka tlhompho ka tokisetso ea lenyalo. O ile a bontša thahasello ho seo Bibele e se buang ka moea le ka bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng. Kapele ka mor’a moo, o ile a khutlela Fora, ’me ha a le moo o ile a inehela ho Jehova ’me a kolobetsoa.
Ha a le Martinique, o ne a talingoa e le motho ea hlahelletseng motseng ’me o ne a tsejoa e le Mok’hatholike ea chesehang. Nahana hore na e ile ea e-ba moferefere o mokaakang, ka mor’a hore a khutlele Martinique, a pshatla litšoantšo tsohle tsa hae, tse nyenyane le tse khōlō ’me a akhela likotoana tsa tsona ka pel’a ntlo ea hae hore li thonakoe ke ba tšebeletso ea lithōle. (Bapisa le Deuteronoma 9:16, 21.) Moprista o ile a halefa hampe, kahoo a lokisetsa le ho fana ka lithero tse chesang a khalemela ka thata boitšoaro ba enoa eo e kileng ea e-ba Mok’hatholike. Ka lebaka leo, e mong le e mong o ne a bua ka seo ba neng ba se bitsa bolumeli ba Mofumahali Cressan. Hona joale ka lilemo tse 42, e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, Gabrielle Cressan, ea lilemo li 88, o ile a ikitlaetsa ka matla ho finyella takatso ea hae e matla ka ho fetisisa e pelong ea hae: “E se eka ho otla ho hong le ho hong ha pelo ea ka ho ka ba thorisong ea Jehova.”
Mosali e mong oa Mok’hatholike, moahelani ea ileng a utloa ha moprista a bua ka mokhoa oo o khopo khahlanong le Morali’abo rōna Cressan, o ile a etsa qeto ea ho mo botsa hore na molato ke eng. Enoa e ne e le Leónie Ducteil, ’mè oa bana ba 11 ebile e le mosali oa motho ea tsamaisang poso oa sebaka seo. A kholisehile hore seo a ithutang sona ho Morali’abo rōna Cressan ruri e ne e le ’nete, o ile a qala ho ithuta Bibele le bana ba hae. Lilemong tse latelang, eena hammoho le bana ba hae ba robong e ile ea e-ba Lipaki tse inehetseng le tse kolobelitsoeng. Lilemo tse ’maloa hamorao, e mong oa barali ba hae, Edgard, o ile a nyaloa ke Gérard Trivini, eo ka mor’a nako e ileng ea e-ba setho sa Komiti ea Lekala.
Lilemo tse leshome pele Leónie Ducteil a ithuta ’nete ka thuso ea Morali’abo rōna Cressan, e mong oa baahelani ba bona, Georgette Josephe, o ne a ile a utloa lebitso Jehova sefeleng, se neng se binoa nakong ea tšebeletso kerekeng ea Sabatha. Lebitso leo le ne le ile la hapa tlhokomelo ea hae, ’me joale moahelani, Mofumahali Ducteil, o ne a mo bolella hore mofumahali e mong o sa tsoa mo hlalosetsa Lentsoe la Jehova. Hang-hang o ile a batla ho tseba ho eketsehileng. Eena le barali ba hae ba robeli, ’me hamorao ea e-ba monna oa hae, kaofela e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova.
Malapa ao a seng makae a ile a bōpa khubu ea barapeli ba ’nete lebōpong le ka leboea lehlakoreng le ka Atlantic la sehlekehleke seo. Ho tloha Basse Pointe, lilemong tse latelang, peō ea ’nete e ile ea jaloa litoropong tsohle le metseng eohle e Lebōpong la Atlantic. E ile ea hōla ’me ea beha lipalesa Le Lorrain, Marigot, Sainte Marie, Trinité le Le Robert, hammoho le Ajoupa Bouillon, Vert Pré le Gros Morne ho kenella hare ho sehlekehleke.
Bo-pula-maliboho ba chesehang ba ile ba tlatsetsa ho jaleng ’nete ho ikhohla ka lebōpo le ka bochabela. Osman Léandre, eo e leng mohlolohali, o ile a fallela Sainte Marie ka 1965 ’me a bula lehae la hae bakeng sa liboka. Arcade Bellevue le Maryse Mansuéla, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Guadeloupe, ba ile ba fihla Le Robert ka December 1967 ’me ba ile ba mamella ho sa tsotellehe khanyetso e tsoang ho moprista oa moo oa K’hatholike. Ka 1970, Aline Adélaïde le Jacqueline Popincourt ba ile ba qala ho paka Le Lorrain, moo Aline a ileng a khona ho sebelisa Mangolo ho thusa eo a kileng a sebelisa boloi hore a lokolohe taolong ea bademona. Lilemo tse tharo hamorao ba bang ba bararo ba ile ba ikopanya le bona, e leng Michèle le Jeanne Ursulet le Josette Mérine. Bo-pula-maliboho bana ba Le Lorrain ba ne ba tlohetse mesebetsi ea ho ba matichere hore ba tl’o kopanela mosebetsi oa bohlokoahali oa thuto—ho ruta ’nete e isang bophelong bo sa feleng.
Ke Hobane’ng ha Moprista a Ile a Batla Buka ea ’Nete?
Jeanne Ursulet oa pheta: “Ka 1974 Mokhatlo o ile oa re romella lengolo le tsoang ho motho e mong ea lulang Le Lorrain. Monna eo o ile a bontša thahasello e khōlō ea ho amohela lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova empa haholo-holo buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, eo a ileng a e bona lapeng la motho e mong. Hoseng ho latelang, re ile ra tsoa ho ea batla motho eo. Lebitso la hae le ne le sa tloaeleha ho rōna, ’me re ile ra tlameha ho botsa motho ea tsamaisang poso hore na ke mang. Re ile ra makala hakaakang ho fumana hore lengolo leo le ne le rometsoe Mokhatlong ke moprista oa pharishe!
“Re ipotsa hore na re tla amoheloa joang, re ile ra ea ntlong ea moprista oa pharishe. Monna eo o ile a itsebisa rōna ’me a re bolella ka tsela e se nang botsoalle hore o ne a sa lakatse ho bua le rōna, hore o ne a thahasella lingoliloeng feela. Re ne re hloletsoe. Leha ho le joalo, nako e itseng ka mor’a ketelo eo, batho ba motse hangata ba ne ba re bolella hore moprista o ba hlaloselitse lintho tse itseng ka tsela e tšoanang le eo re hlalosang ka eona. Kahoo re ile ra etsa qeto ea hore ha ho pelaelo hore o sebelisa lingoliloeng tsa rōna ho lokisetsa lithero tsa hae.”
Ho Phopholetsa Molimo ’me ka Sebele le ho mo Fumana
Ka 1967, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bane ba eketsehileng—Octave Thélise, mosali oa hae Alvina, le Elie le Lucette Régalade—ba ile ba qala seo e ileng ea e-ba Phutheho ea Trinité. Letsatsi ka mor’a hore Elie Régalade a fihle, o ile a tsoela boboleling. O ile a qala hokae? O ile a hlokomoloha matlo a ka letsohong le letšehali le le letona, a tatamala feela ho ea monyakong oa Mofumahali Moutoussamy ’me a fihla a kokota teng. Ho ne ho se mohla a kileng a kopana le eena, ’me ho ne ho se ea mo fileng lebitso la hae. Empa e-re eena a phete pale ea hae:
“Ho tloha bonyenyaneng, ke ne ke khomaretse bolumeli ba ka ba K’hatholike haholo. Ke ile ka sebetsa lilemo tse ngata kerecheng e neng e tsamaisoa ke baprista. Empa ke ile ka nyahamisoa ke boikaketsi bo ka kerekeng. Ho e khomarela ha ka ho ile ha ’na ha fokotseha butle-butle. Ha nako e fihla ea hore ke ngolise bara ba ka ba babeli ba baholo bakeng sa thuto ea K’hatholike, ke ne ke arohane pakeng tsa ho tsitlalla ha ba bohali ba ka ba Mak’hatholike, khanyetso ea monna oa ka oa Lekomonisi le tšusumetso ea ngoan’eso oa Mosabatha. Ke ne ke sa tsebe seo ke lokelang ho se etsa. Ke ile ka qeta nako e ngata bosiu ke rapela Molimo hore a nthuse ke fumane tharollo. Hoseng ho latelang Mor’abo rōna Régalade o ile a kokota ha ka, a itsebisa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ne a tlile ka ho toba ha ka. Ke ’na motho oa pele eo a ileng a bua le eena Trinité.”
Lisette Moutoussamy, hammoho le monna oa hae eo e kileng ea e-ba Lekomonisi, ba ile ba kolobetsoa likhoeli tse robeli hamorao. Kajeno, lilemo tse fetang 30 hamorao, ba ntse ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova le lelapa la bona kaofela. Bara ba bona ba bararo ba sebeletsa e le baholo. Ka sebele, ha batho ba phopholetsa Molimo oa ’nete ka tieo ba tla mo fumana, feela joalokaha Bibele e bolela.—Lik. 17:26, 27.
Tšimo eo e ile ea ipaka e e-na le litholoana, ’me ho ile ha hlaha liphutheho. E le ’ngoe Trinité, ’me ho eona ha hlaha tse ling tse tšeletseng—tse peli Le Robert, e le ’ngoe Sainte Marie, e le ’ngoe Gros Morne le e le ’ngoe Vert Pré le e ’ngoe hape Trinité. Kaofela li tsoela pele ho hōla, li tlisa thoriso ho Jehova.
Baruti Baa Hlasela
Hohle Martinique, ho fokotseha ha taolo ea baruti ho baahi ba moo bao baruti ba ileng ba ba boloka ba hloka tsebo e bile sesosa sa khalefo ho bona. Moprista e mong oa pharishe o ile a bontša khalefo ea hae ha a ne a kopana le banana ba babeli ba banyenyane ba neng ba etetse beng ka moahelani ea hlokahetseng Basse Pointe, ka 1956. A hlokomela hore banana bao ba ne ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a qosa banana bao ka hore ke bakoenehi ’me a ba tšosa ka mollo oa lihele kahobane ba khaolitse ho ea ’Miseng. Ha e mong oa banana bao a arabela ka tieo, o ile a mo jabela ka matla a hae kaofela, a tuka ke bohale, a kena jiping ea hae ’me a tsamaea.
Le Robert, ka mor’a ho fihla ha baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ka 1967, moprista o ile a thibela litho tsa pharishe ea hae hore li ba bulele menyako ea tsona. Ka letsatsi le leng, a tuka ke bohale, o ile a batla a ba chaisa ka koloi ea hae. Lipampitšaneng tsa pharishe, litemoso tse hlabang le tse bontšang khalefo li ile tsa eketseha, le ha ba le sefalaneng, baprista ba ile ba nyelisa ka matla bao ba ba hlalosang e le ‘mahlahana a Satane a tlileng ho tla luka khotso ea Roma e K’hatholike.’
Lihlopha tse ling tsa bolumeli le tsona li ile tsa kopanela tlhaselong eo. Malumeli a Evangelical ka ho khetheha a ile a re qosa ka bohata ka hore ha re lumele ho Jesu Kreste. Masabatha a ile a re qosa ka hore ha re hlomphe Sabatha, ha boholo ba ’ona a ne a ho etsa ka molomo feela. Ka nako e itseng barab’abo rōna ba ile ba lumela ho huleloa lipuisanong tse sa feleng le baruti ba malumeli ao. Hangata lipuisano tseo li ne li fela bosiu haholo ’me ho ne ho se na katleho. Butle-butle, ka thuso ea lekhoba le tšepahalang le le masene re ile ra ithuta hore re sebelise nako ea rōna ho batla le ho fumana batho ba kang linku ba hlileng ba thabelang ho mamela lentsoe la Molisa ea Molemo.
Leha ho le joalo, lipuisano tse joalo li ile tsa bula mahlo a ba seng bakae ba kang linku. Ho bile joalo ka Jules Nubul, Fort-de-France. O ile a hlokomela hore moruti o ne a mpa a etsa eka o qotsa Bibele—empa ha e le hantle a iqapela litemana—ka boiteko ba ho tšehetsa thuto ea hore Bakreste ba tlameha ho boloka Sabatha. (Bapisa le Baroma 10:4; Bakolose 2:13-16.) Hona joale Mor’abo rōna Nubul ke moholo har’a Lipaki tsa Jehova. Gertrude Buval oa Trinité, eo e neng e le Mosabatha, o ile a bona ho hloka botšepehi ha moruti oa hae nakong ea puisano le Octave Thélise, ea neng a sebeletsa moo e le pula-maliboho ea khethehileng le mosali oa hae, Alvina. Lilemo hamorao, ho sa tsotellehe botsofali le ho hloka bophelo bo botle, Morali’abo rōna Buval ka botšepehi o lutse a khomaretse mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Batho ba Lulang Maotong a Thaba e Foqohang Seretse se Chesang—Na ba ne ba Tla Mamela?
Karolong e ka leboea-bophirimela ea sehlekehleke seo, litoropo tsa Saint Pierre, Le Prêcheur, Le Carbet le Le Morne Rouge kaofela ha tsona li pota-potile Thaba Pelée, eo ka masoabi e tummeng ka ho timetsa ha eona Saint Pierre le baahi ba eona ba 30-000 ka 1902.
Mabapi le ho phatloha hoo ka la 8 May selemong seo, batho ba hopola haholo-holo hore baahi ba Saint Pierre ba ile ba hlokomoloha litemoso ’me ba hana ho baleha. Ka nako ea khoeli, thaba eo e ne e ntse e foqoha mosi, molora le maqhetsoana a mafika. Saint Pierre e ile ea apareloa ke molora. Batho ba 25 ba ne ba bolailoe ke seretse se phallang. Batho ba ne ba tšohile, empa ho ntse ho le joalo ha baa ka ba baleha. Ka lehlakoreng le leng e ne e le ka lebaka la boikutlo ba bona ba hore ho shoa ho ke ke ha qojoa; ha ka lehlakoreng le leng e le ka lebaka la baeta-pele ba batho, ho akarelletsa le baruti, ba ileng ba ba khothalletsa ho lula. Tsona lintlha tseo li susumetsa boitšoaro ba ba bangata temosong e mabapi le letsatsi la Jehova le atamelang le tšosang.—Joele 2:31, 32.
Batho ba bangata ba Martinique ke ba lumelang hore lefu ha le qojoe, ’me ha ba tobane le mathata, ba sisinya mahetla a bona ’me ba re: “Ke thato ea Molimo.” Hangata re leka ho ba thusa ho ba le mabaka tabeng ena ka ho buisana ka se ileng sa etsahala nakong eo ka eona ho neng ho phatloha Thaba Pelée. Rea ba botsa: “Haeba liketsahalo tse joalo ke ‘thato ea Molimo,’ ke hobane’ng ha mopholohi a le mong feela oa koluoa eo e bile motho ea tloaetseng ho kenngoa teronkong ea neng a koaletsoe a le mong mokoting oa teronko o ka tlas’a lefatše, ha ‘Bakreste ba molemo’ kaofela le likereke le ‘bahalaleli’ ba tsona ba ile ba timela?”
Mathoasong a bo-1960, bahoeletsi ba tsoang Fort-de-France ba ile ba qala ho tsamaea hoo e batlang e le kamehla ho ea metseng e mathōkong a thaba eo e foqohang seretse se chesang ho e isetsa molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, batho ba ne ba susumelitsoe ka matla ke tšabo. Ba ile ba ipotsa, “Batho ba tla re’ng?” Ka lebaka la ho tšaba ho lahloa ke baahelani, ha ho ea neng a batla ho itsebahatsa le Lipaki tsa Jehova. Ka 1962 lelapa la ha Charpentier le tsoang Fora le ile la tla lula Le Morne Rouge, ka leboea-bochabela feela ho Saint Pierre. Mosali, Madeleine, e ne e le pula-maliboho ea khethehileng. Ka lilemo tse ngata eena le monna oa hae, René, ba ile ba jala peō ea ’nete ea ’Muso sebakeng sena.
Leha ho le joalo, tšusumetso ea kereke e ntse e le matla karolong e ka leboea ea sehlekehleke sena. Ho na le masimo a maholo a hlokomeloang ke beng ba ’ona ba ruileng, litloholo tsa bajaki ba pele, ’me ke mathe le leleme le baruti ba K’hatholike. Martinique eohle palo ea makhooa ana a moo a amohetseng ’nete e nyenyane haholo.
Ba Lokolohile Tšabong ea Batho
Le hoja baahi ka kakaretso ba ne ba le leqe ho itsebahatsa le Lipaki tsa Jehova, bohareng ba bo-1960 monna e mong le mosali oa hae, Yoland le Bernadette Hortance, ba ile ba qala ho susumetsoa ka ho teba ke ho rata Jehova le Lentsoe la hae. Ba ile ba tobana le liteko life tsa tumelo? Baa pheta: “Kaha e ne e le rōna ba pele ba ho amohela ‘bolumeli bo bocha,’ re ile ra iphumana re le ba qheleloang ka thōko sechabeng. Re fetile nakong ea liteko. Ka selemo se le seng feela, re ile ra hlokahalloa ke bana ba babeli ka kotsi, e leng ho ileng ha etsa hore batho ba re Molimo oa re otla ka lebaka la ho tlohela bolumeli ba K’hatholike. Empa seo re neng re se re ithutile sona ka Jehova se ile sa re thusa ho ema re tiile.”
Ka mor’a seo sohle, mohiri oa Yoland, béké (lekhooa la moo), a le tlas’a tšusumetso ea moprista, o ile a mo sokela ka hore o tla mo leleka haeba a sa khutlele kerekeng. Leha ho le joalo, Yoland o ile a ema a tiile, ’me mohiri oa hae ha aa ka a phethahatsa litšokelo tsa hae kahobane mor’abo rōna e ne e le mosebetsi ea hlokolosi. Le hoja ka bobeli ba fetile linakong tse thata, Mora le Morali oabo rōna Hortance ba ntse ba tsoela pele e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova.
Ka 1968 lelapa la ha Palvair le ile la falla Fort-de-France ho ea Le Morne Rouge. Butle-butle, ba bang ba ile ba amohela borapeli ba ’nete. Kajeno ho na le phutheho ea bahoeletsi ba 60 Le Morne Rouge.
Thuso e Eketsehileng Haufi le Thaba e Foqohang Seretse se Chesang
Ho qala ka 1972, baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba khethehileng, Anne-Marie Birba le Arlette Girondin, ba ile ba sebetsa ka sebete ho thusa batho ba Saint Pierre, Le Carbet le Le Prêcheur. Le hoja ba ne ba tlisa molaetsa oa khotso, ka linako tse ling batho ba ne ba ba betsa ka majoe ’me ba ba otla ka mafielo. Sebakeng seo basali ba bangata ba ileng ba amohela ’nete ba ile ba feta tlas’a khanyetso e matla e tsoang ho banna ba bona, empa ka lebaka la boitšoaro bo botle ba basali, hanyane ka hanyane, banna ka kakaretso ba ile ba batla ba nolofala haholoanyane.—1 Pet. 3:1, 2.
Paki e hōlileng lilemong, Jules Martinon, e ne e le mohlala oa mamello, a sebeletsa Saint Pierre ka lilemo tse fetang tse 20. Ka bo-1960 le bo-1970, liboka sebakeng sena li ne li tšoareloa mehahong e batlang e loketse. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba inehetseng ba kang John Chavigny, ’me hamorao, lelapa la ha Lemoine le la ha Papaya, ba ile ba thusa ho haha phutheho e ntle Saint Pierre. Holo ea ’Muso e ntle e ka nkang batho ba 200 ke bopaki ba hore Lipaki tsa Jehova li thehehile ka tieo maotong a thaba e foqohang seretse se chesang.
Ho Hlola Bosiu Sefateng Sa Mango
Molaetsa oa ’Muso o ne o ile oa fihla Le Lamentin mathoasong a 1955, empa liteko tse matla li ile tsa tsoela pele ho hlahela ba neng ba batla ho rapela Jehova Molimo. Kamehla e ne e se ka lebaka la baruti. Banna ba Martinique ka kakaretso ba motlotlo ka bonna ba bona, ’me ba bangata ba bona ba hatella basali ba bona haholo. Ha mosali a ne a batla ho rapela Jehova, hangata o ne a tlameha ho tobana le pefo e tsoang ho monna oa hae.
E mong oa baralib’abo rōna Le Lamentin oa pheta: “Ka 1972, ha molaetsa oa ’Muso o ne o tlisoa ha ka, e ne e le karabo ho sohle seo ke neng ke se labalabela. Empa monna oa ka o ile a nthibela ho ithuta. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ho ithuta ka sekhukhung. Ha a fumana, o ile a chesa Bibele ea ka le buka eo ke ithutang ka eona ’me a nkotla. O ile a etsa qeto ea hore re tlameha ho falla, a tšepile hore sena se ne se tla felisa thahasello ea ka Bibeleng.
“Ha ke qala ho ea libokeng, o ne a atisa ho ’notlella ka ntle. Hangata ke ne ke robala foranteng. Eaba o senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e ka sebelisoa ho ntšireletsa, esita le hoko ea likhoho. O ne a nkotla hangata, ’me ka makhetlo a mangata ke ile ka tlameha ho lula ke se na lijo. Ka lekhetlo le leng, o ile a ntelekisa har’a bosiu ka sabole! Hore ke mo balehe, ke ile ka tlameha ho matha har’a sekhoa ’me ke hloe sefate sa mango kapele kamoo nka khonang. Ke ile ka pholoha, empa lebaka feela e le hobane toche ea hae e ile ea tima. O ile a mpatla lihora-hora, a feta pel’a moo ke ipatileng, ke ikharile sefateng, ke rapela. Bosiu boo ke ile ka bo qeta ke le sefateng sa mango.” Leha ho le joalo, ka 1977 o ile a kolobetsoa. Hamorao, morali oa hae le eena o ile a emela Jehova.
Tokoloho Tumela-khoeleng le ho Quimbois
Ha batho ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me ba sebelisa seo ba ithutang sona, ba latsoa bolokolohi ka litsela tse sa tšoaneng. Litumelo tse ngata le meetlo e mengata ea batho ba Martinique li qalile litšebeletsong le litumela-khoeleng tse tlisitsoeng li e-tsoa Afrika ’me tseo hamorao li ileng tsa amoheloa ka liatla tse peli ke Bok’hatholike ba Roma. Ba ileng ba fetoha Lipaki tsa Jehova lilemong tse fetileng ba ntse ba hopola litumela-khoela tseo ba lokolotsoeng ho tsona.
Ba hopola hore ka Labohlano le Halalelang, pele motho a ka etsa eng kapa eng, o ne a lebeletsoe ho aka sefapano. Letsatsing leo ho ne ho thibetsoe ka ho feletseng ho sebelisa lipekere kapa lihamore, e le khopotso ea Kreste. Hape ho ne ho thibetsoe ho cheka mobu ka kharafu kapa fereko kahobane ho latela seo ba se rutiloeng, “lefatše le tla tsoa mali.” Letsatsing le hlahlamang, Moqebelo hoseng, ho lla ha litšepe tsa kereke ea K’hatholike ho ne ho utloisisoa hore ho fella ka tlhohonolofatso ho e mong le e mong. E le hore batho ba tle ba rue molemo ho eona, ka mor’a hore litšepe li lle, ba ne ba lebeletsoe ho itahlela metsing—nōkeng kapa leoatleng. Ba ne ba ee ba hlatsoe bana ba bona ba kulang, ba hlokohla ba neng ba tšoeroe ke lefu la masapo, ho etsa bonnete ba hore le bona ba ne ba tla rua molemo.
Ba bang ba hopola “tantši ea lepato” eo e neng e le tloaelo ho kopanela ho eona ha e mong a shoele. Ena e ne e le tebelo e lerata haholo, eo ho eona ho letsoang meropa, ho tantšoang le ho binoa, hammoho le ho phetoa ha litšōmo tsa Macreole. Batho ba ne ba lumela hore sena se tla thibela moea oa ea shoeleng hore o se ke oa lula le ho lelera ka tlung.
Le hoja batho ba ne ba bala Bibele ka seoelo, ba bangata ba ne ba e talima e le ntho e halalelang. Ba ne ba lula ba e phetlile pesalemeng e itseng ka ho khetheha ka tlung, ho behiloe sekere holim’a eona. Sena ho ne ho lebeletsoe hore se tla sireletsa ntlo eo meeeng e mebe.
Ha ba e-s’o lebale, le methokho e ritetsoeng ke bo-nkhekhe. Quimbois ke lentsoe la Secreole leo, ho ea ka ba bang, le tsoang polelong ea Sefora “Tiens, bois!” (“Noa, mona!”) Ho buuoa joalo hobane bo-nkhekhe hangata ba fa bakuli ba bona methokho hore ba e noe. Le hoja methokho eo e se na matla a mohlolo, bo-nkhekhe ba bangata e ba barui ka ho e rekisa. Ho amohela borapeli ba ’nete ho ile ha bolela ho lokoloha tumela-khoeleng eohle e joalo.
Ho Lebisoa Tlhokomelo ka Boroa ho Sehlekehleke
Ntlheng e ka boroa ea sehlekehleke sena ho na le metse e lebōpong la leoatle ea Le Marin, Sainte Anne le Le Vauclin, ’me sebaka se sekhutšoanyane ho kenella hare ho naha ke Rivière Pilote. Tsena ke libaka tse entseng hore baeti ba talime Martinique e le sehlekehleke se nang le mabōpo a nang le lehlabathe le lesoeu le maoatle a nang le lik’horale a boputsoa ba leholimo. Hape ke libaka tse hlahisitseng barorisi ba Jehova.
Motse oa pele ho ena o ileng oa fumana bopaki ke Rivière Pilote. Ho tlile joang? Ngaka Maguy Prudent o ne a sa tsoa qeta lithuto tsa hae tsa bongaka Fora. Pele a khutlela Martinique, Lipaki tsa Jehova li ile tsa bua le eena ka morero o lerato oa Molimo bakeng sa moloko oa batho. Kahoo, ha a fihla Martinique, o ile a ikopanya le Lipaki, ’me Sara Noll o ile a mo khannela thuto ea Bibele. O ile a kolobetsoa ka 1959. Mabapi le mosebetsi oa hae oa bongaka, Morali’abo rōna Prudent o ile a kopana le palo e khōlō ea batho, esita le ba tsoang metseng e potolohileng, ’me o ile a arolelana le bona linnete tseo a ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo.
Bahoeletsi ba tsoang Fort-de-France le bona ba ne ba ee ba tle sebakeng sena ho tla fana ka bopaki. Mehleng eo e ne e le Lipaki tse fokolang haholo tse nang le likoloi, kahoo ba ne ba atisa ho hira “moqomo” (bese e nyenyane), e neng e bitsoa joalo kahobane sebōpeho sa eona se ne se hopotsa motho moqomo oa oli. Ba ne ba qala maeto a bona a letsatsi lohle ka ho pakela batho motseng oo ebe ba ea matsoapong a maralla ao. Tšebetso ea letsatsi e ne e qetella ka Thuto ea Molula-Qhooa moriting oa sefate sa mango.
Hamorao, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba romeloa tšimong ena. Har’a bona e ne e le Marie Démas, ea neng a le lilemo li 70, ea tsoang ha habo Fora. Sebete sa hae le mokhoa oa hae oa ho qabola li ile tsa siela bacha mohlala o motle hore ba o latele. Ka 1963, Séphora Martinon le Georgette Charles, bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba ile ba tla thusa bahoeletsi ba seng bakae. Leha ho le joalo, ha ea ba ho fihlela ka 1970 moo bo-pula-maliboho ba khethehileng metseng ea boahelani ea Le Vauclin, Le Marin le Sainte Anne ba ileng ba qala ho khōla litholoana tse itseng tsa mosebetsi oa bona o thata, ’me e bile ka mor’a lilemo tse ngata ba jala le ho hlaolela. Har’a bo-pula-maliboho bao e ne e le Stéphanie Victor le Monique le Eugènie Coutinard ba neng ba le Le Vauclin. Ho hlokomelehang ke sebete se ileng sa bontšoa ke Eugènie, ea ileng a sala a holofetse ’meleng ka mor’a ho buuoa ho hoholo. O ne a tsamaea ka lithupa tsa likooa ’me a bua ka thata, empa o ile a tsoela pele ho sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.
Ka 1966, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba babeli ba ile ba romeloa Rivière Pilote—Anne-Marie Birba le Arlette Girondin—’me nakong ea lilemo tse peli ho ile ha thehoa phutheho. Ka 1970, ba bang ba babeli ba ile ba romeloa Le Marin—Hélène Pérasie le Thérèse Padra. Ho fihlela ka 1975 bara le barali babo rōna ba fokolang ba tsoang metseng e sebakeng sena ba ne ba tlameha ho leba koana Rivière Pilote ho ea ba teng libokeng. Ka hore Jehova a hlohonolofatse mosebetsi, ka mor’a moo ho ile ha thehoa liphutheho Le Marin ka 1979 le Le Vauclin ka 1984, Sainte Luce ka 1993, le Sainte Anne ka 1997. Barab’abo rōna metseng ena kaofela hona joale ba kopanela Liholong tse ntle tsa ’Muso, ’me liphutheho tse atlehang li hlokomela litlhoko tsa moea tsa batho libakeng tsena.
Libaka Tse Loketseng Bakeng sa Likopano Tse Khōloanyane
Kapelenyana ho ile ha hlokahala hore ho be le sebaka se loketseng haholoanyane bakeng sa likopano tsa potoloho le tsa setereke. Liholo tse khōlō tse neng li le teng nakong eo e ne e le liholo tsa tantši tse bitsoang li-paillote (matlo a joang) ka lebaka la hore li ne li pota-potiloe ke makala a lohiloeng a lik’hok’honate. Batho ba hōlileng ba hopola liholo tsa tantši tse Kerlys le tse Serge Rouch, moo likopano tsa rōna tsa setereke li ileng tsa tšoareloa teng ka lilemo tse ngata. Empa ka mor’a nako mofuta ona oa holo o ne o se o sa lekana.
Barab’abo rōna ba ile ba haha mohaho o nkehang oa tšepe, ’me ka oona ho ne ho le bonolo ho tšoarela likopano likhutlong tse ’nè tsa sehlekehleke sena. Motse o mong le o mong o na le lebala la oona la bolo. Kahoo ka lilemo tse ngata, nakong ea kopano ea potoloho, re ne re ee re hlome Holo ea rōna ea Kopano e nkehang mabaleng a lipapali a sa tšoaneng sehlekehlekeng seo. Ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle hakaakang! ’Me e ne e le ho khothatsang hakaakang ho Lipaki tseo likopano li neng li tšoareloa metseng ea habo tsona!
Bakeng sa likopano tsa setereke re ne re sebelisa mehaho ea lipapali tsa ka tlung ea Lebala la Lipapali la Louis Achille, Fort-de-France. Re ntse re ka hopola Kopano ea Machaba ea “Tumelo e Hlōlang” ea 1978, ha re ne re hlomphuoe ka ho ba le John C. Booth, setho sa Sehlopha se Busang e le sebui se ka sehloohong. Ho e ’ngoe ea lipuo tsa hae, Mor’abo rōna Booth o ile a phatlalatsa: “Ho hang ha re na lebaka la ho lahleheloa ke tumelo mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova,” ’me a phaella: “Tumelo ea rōna e sa sisinyeheng e tla putsoa ha re tla be re hlōla ka tlhōlo. Jehova le ka mohla a ke ke a soetsa bahlanka ba hae ba tšepahalang.” Batho ba 2886 ba neng ba le teng ba ile ba khothatsoa haholo ke lenaneo leo.
Litšoantšiso Tsa Bibele li Hapa Tlhokomelo
Tšoantšiso ea pele ea Bibele, e ileng ea bapaloa ka 1966, e ile ea hatiseha ka tsela e sa hlakoheng. Ho ne ho se na sebapala-lik’hasete se ka bapalang litheipi tsa tšoantšiso eo. Ba nang le karolo ba ne ba lokela ho tseba likarolo tsa bona ka hlooho ebe baa li bua. Tšoantšiso eo, e buang ka Jeremia, e ile ea nka lihora tse ka bang tse peli! Re ile ra tlameha ho lumellanya metsamao ea libapali tse sa tšoaneng ha li sebelisa li-microphone tse ngata moo li emisitsoeng teng ka ho fapana. Ho phaella moo, ka lebaka la palo e fokolang ea Lipaki Martinique ka nako eo, ba bang ba ne ba tlameha ho bapala likarolo tse sa tšoaneng, ba chencha liaparo lipakeng tsa lipono ho latela hore na ho emeloa sebapali sefe. E ne e le mosebetsi o mokaakang! Empa bamameli ba ile ba hlolloa haholo ka cheseho.
Joale ho ne ho e-na le melumo e kenellang. Ka mor’a sethala, mor’abo rōna o ne a otla lesenke ho tšoantšetsa letolo. Ka holim’a sethala, ha mabone a ka holong a tingoa, mor’abo rōna e mong o ne a sebelisa flashlight ea k’hamera ho lekisa lehalima. Sehlekehlekeng litaba li jaleha ka potlako. Ha sechaba se utloa ka litšoantšiso tsa Bibele tseo re neng re e-ba le tsona, setsi sa khaso ea thelevishene se ile sa romela baemeli ho ea tšoantšisa boikoetliso ba rōna. Ho hasa ha bona litšoantšiso tsena ho ile ha phatlalatsa likopano tsena hantle.
Ho Heletsa Empa le ho Haha
Ka ntle ho pelaelo, ’nete ea Lentsoe la Jehova e ile ea heletsa liqhobosheane tse ngata tsa mashano le tumela-khoela Martinique. Bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng, joaloka moprofeta Jeremia, ba romiloe ke Molimo “ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla,” hape le “ho haha le ho hloma.” (Jer. 1:10) Kahoo, ho phaella ho pepeseng seo Lentsoe la Molimo le se nyatsang, Lipaki tsa Jehova li sebelisa Lentsoe leo ho thusa ba ikokobelitseng hore ba “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.”—Baef. 4:24.
Ha palo ea batho ba ileng ba arabela ka kananelo Lentsoeng la Molimo e ntse e hōla, mosebetsi o mong oa kaho le oona o ne o hlokahala. Palo ea Lipaki tsa Jehova Martinique e ne e hōla—ho tloha ho tse 1000 ka 1975 ho ea ho tse 1500 ka 1984, ’me hape ho ea ho tse 2000 ka 1986. Palo ea ba bang teng libokeng tsa phutheho hangata e mena palo ea bahoeletsi habeli, le ho feta moo bakeng sa Sehopotso sa selemo le selemo. E le ho fana ka sebaka bakeng sa ba bang teng libokeng, ho ne ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng. Ho se ho hahiloe tse 20, ka ’ngoe e ka nka batho ba pakeng tsa 250 le 300. Mehaho e loketseng bakeng sa ofisi ea lekala le eona e ne e hlokahala.
Bohato ba Bohlokoa
Ka mor’a lilemo ba batla ka matla, barab’abo rōna ba ile ba fumana setša ho le leng la maralla a okametseng bohare ba toropo ea Fort-de-France ’me se fana ka pono e ntle ea kou ea leoatle. Phihlelo e sa tloaelehang e ne e qaleha bakeng sa Martinique.
Palo ea basebetsi ba tšoanelehang har’a barab’abo rōna sebakeng seo ba neng ba ka khona ho ba teng nako e tletseng e ne e fokola haholo. Kahoo Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea tokisetso ea hore Lipaki tse tšoanelehang tse tsoang mose ho maoatle li tl’o thusa. Ea ileng a fihla pele ka February 1982, e bile Robert Weinzaepflen, setsebi sa mehaho se tsoang Fora. Matsatsi a seng makae hamorao, Sylvain Théberge o ile a tla a tsoa Canada ho tla tsamaisa kaho setšeng. Sehlopha se ile sa fella libeke tse seng kae hamorao ka ho fihla ha bara le barali babo rōna ba eketsehileng ba 20 ba tsoang Canada le baithaopi ba bang ba Martinique. Barab’abo rōna ba moo ba ile ba tšehetsa morero ona oa kaho, eseng ka ho sebetsa ka boinehelo feela empa le ka menehelo ea bona ea ho fana ka seatla se bulehileng, ho ea ka matla a e mong le e mong, ba bang ba bile ba fana ka mabenyane a bona a khauta. Ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle hakaakang ka lebaka la cheseho eo, bonngoe le lerato tse bontšitsoeng mabapi le morero oo!
Na boiteko bohle bo neng bo lebisitsoe kahong bo ile ba sitisa boboleli ba phatlalatsa ba litaba tse molemo Martinique ka nako eo? Ho fapana le hoo, ho ile ha bonahala keketseho. Ka March 1982, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 1267 ba mafolofolo tšebeletsong ea tšimo, ba 19 ba bona e le bo-pula-maliboho ba kamehla, ’me ba eketsehileng ba 190 e le bo-pula-maliboho ba thusang. Ha morero oo o leba pheletsong ea oona, ka 1984, palo ea bahoeletsi e ne e nyolohetse ho 1635, ho e-na le bo-pula-maliboho ba thusang ba 491 ka April. Ho ne ho totobetse hore Jehova o ne a hlohonolofatsa boiteko ba rōna.
Empa tsoelo-pele e ne e sa khaotsa. Lenaneong la nehelo, ka la 22 August, 1984, John Barr, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a bua ka sehlooho se reng “Ho Tsoela Pele le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova.” O ile a hlalosa ofisi e ncha ea lekala e mekato e mene le Lehae la Bethele e le “thulusi ea bohlokoa bakeng sa ho tobana le keketseho le ho sebeletsa linku tsa Jehova hamolemo.” Har’a bamameli ba machaba ba neng ba le teng lenaneong leo e ne e le baromuoa ba bane ba ileng ba lelekoa lilemo tse ka bang tse 34 pele ’me ba thabetse bopaki ba hore Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae sehlekehlekeng sena se senyenyane sa Caribbean.
Thuso ea Bohlokoa e Tsoang ho Banna ba Moea
Ke ’nete hore thuso e ileng ea fanoa e ne e akarelletsa ho fetang mehaho. Tlhokomelo e lerato le eona e ile ea fanoa. Ka lilemo tse ngata, ho fihlela ka 1977, mosebetsi oa boboleli Martinique o ne o ntse o le tlas’a tsamaiso ea lekala la Guadeloupe. Nakong eo, balebeli ba tsamaeang, balisa ba moea, ba ne ba romeloa ba tsoa sehlekehlekeng seo sa habo sena. Bo-hlooho-putsoa ba hopola Pierre Jahnke le Nicolas Brisart. Joale, ho qala ka 1963, e ile ea e-ba Armand Faustini ea neng a etela liphutheho kamehla.
Ka mor’a bona, balebeli ba bang ba tsamaeang, ba nang le mekhoa e sa tšoaneng le botho bo sa tšoaneng, ba ile ba tlatsetsa ho matlafatsoeng ha moea ha liphutheho tseo. Xavier Noll o ile a kopanela tšebeletsong ena ka lilemo tse ngata. Ho boetse ho ne ho e-na le Jean-Pierre Wiecek le mosali oa hae, Jeanine. David Moreau le mosali oa hae, Marylène, le bona ba ile ba etela liphutheho mona hammoho le French Guiana, eo ka nako eo e neng e le tlas’a lekala la Martinique. Ha ho thehoa lekala French Guiana, Mor’abo rōna Moreau, ea ileng a koetlisoa lekaleng la Martinique, o ile a khetheloa ho ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala French Guiana. Claude Lavigne le mosali oa hae, Rose Marie, ba ne ba sebeletsa e le baromuoa Kourou, French Guiana ha a khetheloa ho etsa mosebetsi oa potoloho Martinique, ’me hona joale ba sebeletsa e le baromuoa Rephabliking ea Guinea. Ba bang le bona ba ile ba sebeletsa ka nako e khutšoanyane mosebetsing oa potoloho, empa bohle ba hopoloa ka thabo ka lebaka la mosebetsi oa bona o boima le moea oa botšepehi. Ho ba neng ba nyetse, basali ba bona e ne e le metsoalle ea bohlokoa ’me e ne e le mehlala e metle ho baralib’abo rōna ka liphuthehong. Hona joale, Alain Castelneau le Moïse Bellay, ba tsamaea le basali ba bona, ba etela liphutheho lipotolohong tse peli, liphuthehong tseo ka karolelano li nang le baholo ba ka bang bahlano le bahlanka ba sebeletsang ba supileng.
Le hoja Martinique e le sehlekehleke se senyenyane feela, tlhokomelo e lerato e lebisitsoe ho bahlanka ba Jehova mona ke litho tsa Sehlopha se Busang. Ewart C. Chitty, Daniel Sydlik, Karl Klein, William K. Jackson, Lloyd Barry le Milton Henschel, hammoho le balebeli ba bang ba libaka, ba ile ba tla. Bara le barali babo rōna ba 12 ba lulang le ho sebetsa Lehaeng la Bethele, hammoho le Lipaki tsa Jehova tse ling kaofela tse Martinique, ba ananela maeto ao haholo.
‘Jehova o Bona ba Ikokobelitseng’
Mopesaleme Davida o ile a ngola: “Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang.” (Pes. 138:6) ’Me morutuoa Jakobo o ile a phaella ka hore Molimo “o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.” (Jak. 4:6) Ho na le bopaki bo bongata ba seo har’a bao Jehova a ba huletseng ho eena Martinique.
Christian Bellay le mosali oa hae, Laurette, bao ka nako eo ba neng ba lula Fort-de-France, ba ile ba latsoa mosa o joalo o sa tšoanelang. Ba ile ba ferekanngoa ke boteng ba malumeli a sa tšoaneng Martinique. Ke bofe bo neng bo amoheloa ke Molimo? Ha Christian Bellay a bala Tšenolo 22:18, 19, o ile a ikutloa hore o ne a fumane senotlolo sa ho araba potso eo. Ke bolumeli bofe bo sa eketseng letho Lentsoeng la Molimo leha e le ho tlosa ho hong ho lona? Hoba a hlahlobe mabaka, o ile a kholiseha hore ke Lipaki tsa Jehova. O ile a boela a hlokomela hore o ne a tlameha ho sebelisa molao o tšoanang bophelong ba hae—a sa eketse letho Lentsoeng la Molimo leha e le ho tlosa, ho lahla kapa ho hana leha e le eng ho lona. Ho tla fihlela ka nako eo, o ne a ntse a lula le mosali ka ntle ho lenyalo la molao, empa ka 1956 o ile a ngolisa kamano ea hae le Laurette ka molao. Puo ea lechato e ileng ea fanoa ketsahalong eo e ne e le ea pele Martinique e ileng ea fanoa ke Paki. Selemong se latelang, ba ile ba kolobetsoa Nōkeng ea Madame, Fort-de-France. Moholoane oa hae Leon, ntate oa hae le ’mè oa hae, hape le khaitseli ea Laurette, Alexandre, kaofela ba ile ba amohela ’nete. Moïse Bellay, e mong oa bara ba Christian le Laurette, hona joale o sebeletsa e le molebeli oa potoloho. E bile mosa o sa tšoanelang o mongata hakaakang o tsoang ho Jehova oo lelapa leo le o latsoitseng!
Liketso tse mosa feela ho bahlanka ba Jehova li ka ’na tsa bula tsela bakeng sa hore ba pelo li mosa ba hlohonolofatsoe. (Mat. 10:42) Ho bile joalo ka Ernest Lassus, ea neng a e-na le lebenkele la mabenyane Fort-de-France. O ne a amohela makasine ea Tsoha! kamehla, eseng hobane a ne a thahasella ka boeena, empa haholo-holo e le pontšo ea ho ba mosa. Ka letsatsi le leng Paki e neng e mo tliselitse limakasine e ile ea hlalosa hore ke Jesu Kreste feela, Morena oa Khotso, ea tlang ho khona ho etsa hore toka e rene lefatšeng. Sena ke sona seo Ernest Lassus a neng a se batla. O ile a lumela hore Paki e mo etele ha hae. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. O re: “Joale, ke na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e lakatsa. Boholo ba bana ba ka ba ’neteng; e mong oa barali ba ka o mosebetsing oa bopula-maliboho, mora eo e leng pula-maliboho hape ke moholo, ’me mora e moholo ke setho sa lelapa la Bethele la Martinique.”
Ba Ikemiselitse ho Sebeletsa Jehova
Hoa khothatsa ho bona bana ba banyenyane ba retelehela ho Jehova le ho bonahatsa kananelo ea bona bakeng sa tataiso ea hae e lerato. Ba bangata ho bana ba ne ba tsielehile ka lebaka la ho haelloa ke tataiso e molemo lefatšeng. Empa Lentsoe la Molimo le ba thusa ho ithuta morero oa sebele oa bophelo. (Moek. 12:13) Ha ba ntse ba ithuta hore na Bibele e fupere eng, ba qala ho lemoha hore molemo oa sebele o hlahisoa ke ho mamela keletso e tlalehiloeng ho Esaia 30:21, e reng: “Litsebe tsa hao li tla utloa lentsoe ka mora’ hao le reng: Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona.”
E mong oa bana, ngoanana ea lilemo li leshome ea bitsoang Claudia, o ile a botsa Paki e neng e etela lelapa labo lipotso tse ’maloa. Ka lebaka la ho kula ha ntate oa hae, thuto ea ’m’ae e ne e se e sa tšoaroe kamehla, empa ngoanana eo o ile a tsoela pele a ithuta le ho sebelisa keletso ea Bibele eo a ithutileng eona. O ile a chesa katekisima ea hae le ’missale oa hae, hape a senya le litšoantšo tsa hae tsa bolumeli. Ka mor’a lefu la ntate oa hae, o ile a hana ho roala thapo ’me a pakela ba neng ba batla ho rapella moea oa ntate oa hae. A bontša moea o kang oa ngoanana oa Moiseraele eo e neng e le lekhabunyane la mosali oa Naamane, o ile a khothalletsa ’mè oa hae hore a ee libokeng tsa phutheho. (2 Mar. 5:2-4) Holong ea ’Muso, ngoanana eo o ile a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Kapele-pele o ne a kopanela tšebeletsong ea tšimo, ’me ka 1985, a le lilemo li 12, o ile a kolobetsoa, hammoho le ’mè oa hae. Ka bolokolohi ’mè oa lumela hore morali oa hae o tlatselitse haholo tsoelo-peleng ea hae ea moea.
Bacha ba bang ba sebelisa menyetla ea ho paka sekolong ka ntle ho tšabo. Tichere ea Lefora Le François e ile ea abela barutoana ba eona hore ba etse phuputso malumeling a sa tšoaneng a Martinique. Roselaine, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 18, le morutoana-’moho le eena ba ile ba ba le monyetla oa ho fana ka bopaki bo botle, ba sebelisa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. Ba ile ba tsamaisa libuka tse ka bang 20 ho barutoana le tichere ka ho tšoanang.
Le hoja litaba tseo ho buisanoang ka tsona sekolong li talingoa e le tse bakang khang haholo, Lipaki tse nyenyane mona Martinique li ’nile tsa bua ka bolokolohi, ho hlakisa litekanyetso tse phahameng tsa Lentsoe la Jehova. Mary-Suzon Monginy o pheta phihlelo ea hae: “Ka letsatsi le leng, ha e sebetsana le mathata a amanang le sepenya sa baahi, tichere e ile ea bolela mekhoa ea kajeno ea ho laola pelehi. Ho ile ha hlaha taba ea ho ntša mpa ’me kapele-pele e ile ea phahamisa khang e chesang. Ke ile ka kōpa tichere hore e ntumelle hore ke hlahise boitsebiso bo bong letsatsing le hlahlamang e le hore ke hlalose maikutlo a ka holim’a taba ena. E ile ea lumela, ’me hoo e ka bang ka lihora tse peli, re ile ra buisana le tlelase kaofela.” Boitsebiso bo ne bo nkiloe makasineng ea Tsoha!, ho akarelletsa le “Tlaleho ea Liketsahalo Tsa Letsatsi ka Leng ea Ngoana ea E-s’o Tsoaloe,” tokollong ea Sefora ea August 22, 1980. Phello e bile boikutlo bo ntlafetseng ka lehlakoreng la tlelase ka Lipaki tsa Jehova.
Martinique e na le baahi ba bacha lilemong. Bacha ka kakaretso ba hoheloa ke hore ba kenelle ka ho teba linthong tsa lefeela tsa tsamaiso ea moruo e hatisang ho ba le lintho tse bonahalang ka tsela e sa utloahaleng. Empa bacha ba Lipaki ba ananela litekanyetso tsa moea. Hoa thabisa ho bona Liholo tsa ’Muso Martinique li tletse ka batho ba bacha ba batlang ho tseba Jehova le litsela tsa hae.
Ho Lokoloha Bokhobeng ba Lithethefatsi
Joalokaha e le ’nete linaheng tse ling moo lerato la lintho tse bonahalang le hateletseng litekanyetso tsa moea, bacha ba bangata Martinique ba sentse bophelo ba bona le ho bo silafatsa ka ho sebelisa k’hok’heine le lithethefatsi tse ling tse lemalloang. Leha ho le joalo, Bokreste ba ’nete bo lokolotse ba bang mekhoeng ena e senyang. Paul-Henri le Daniel, ba Fort-de-France, e ne e kile ea e-ba karolo ea motse oa Marastafari, moo ho neng ho tsujoa matekoane ka bolokolohi. Marastafari a ne a e-na le tlhaloso ea ’ona ka seo Tšenolo e se buang ka ‘makhasi bakeng sa ho phekola lichaba.’ Empa a ne a sa leke le ho hlalosa boholo ba buka eo ea Bibele kaofela. Empa Paul-Henri le Daniel ba ne ba batla ho e utloisisa, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa ithaopela ho ba thusa.
Paul-Henri le Daniel ba re: “Re ne re batla re tsilatsila ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, re tšaba ho amoheloa ka tsela e se nang botsoalle ka lebaka la ponahalo ea rōna ea ’mele, e neng e batla e le e eisehang.” Empa ha ba qetella ba ile, ba ile ba makatsoa ke mosa, mofuthu le ho hloka boikaketsi har’a bao ba ileng ba kopana le bona Holong ea ’Muso. Bekeng e latelang, ba ile ba kuta moriri ’me ba qala ho apara ka mokhoa o batlang o hlaha hantle haholoanyane. Ka nako e khutšoanyane, ba ile ba khaotsa le ho tsuba. Kapele le bona ba ile ba arolelana litaba tse molemo le ba bang.
Paul-Henri oa phaella: “Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke paka seterateng, ofisiri e ’ngoe ea sepolesa, eo pele ke neng ke e-na le bothata le eona ka lebaka la ho sebelisa ha ka lithethefatsi, ka ho makala o ile a hoeletsa: ‘Empa ke Grosdésormaux eane!’ Ka mokotlaneng oa ka ke ile ka ntša Bibele ea ka le limakasine, eseng lithethefatsi, ’me o ile a li thabela, a mpabatsa le ho nkhothalletsa hore ke tsoele pele. Ke sona seo ke ileng ka se etsa. Ke ile ka kolobetsoa ka 1984 ’me ka kena lenaneng la bo-pula-maliboho ba kamehla ka 1985. Kajeno, ke nyetse ’me ke le hlooho ea lelapa, ke sebeletsa ke le moholo phuthehong ea sebaka sena. Motsoalle oa ka Daniel le eena o ile a tsoela pele ka ho tšoanang ’neteng.”
Hase bacha feela ba batlang likarabo mathateng a bophelo. Le batho ba baholo baa li batla. Ka morero oa ho thusa bohle bao lipelo tsa bona li bulehetseng ho ithuta, pakeng tsa April le May 1995, lekala le ile la hlahisa likopi tse 250 000 tsa Kingdom News e nang le sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale?” hore li ajoe. Kaha baahi ba sehlekehleke seo ba ne ba le 330 000 feela, hoo ho ne ho bolela hore motho e mong le e mong e moholo, le ba bangata ba bacha, ba ne ba tla rua molemo molaetseng oo oa bohlokoa. E ile ea bula tsela bakeng sa lipuisano tse ngata tse behang litholoana.
Molebeli e mong oa potoloho o ile a tlaleha hore mosali e mong ea tsoang mahaeng, ka mor’a hore a bale pampitšana eo, o ile a leka ka matla ho founela lekala la Mokhatlo. Ka lebaka la ho potlaka ha hae, o ile a letsetsa nomorong e fosahetseng, empa nomoro e ile ea ’na ea ipaka e le molemo. Thelefono eo e ile ea lla Holong ea ’Muso Fort-de-France. Ka eona nako eo, bahoeletsi ba ne ba itokisetsa ho tsoa ho ea tšebeletsong le molebeli oa potoloho. O ile a kōpa: “Ka kōpo, nthomelleng e mong oa Lipaki tsa Jehova kapele-pele kamoo ho ka khonehang. Ke batla ho ithuta Bibele.” Letsatsing le hlahlamang, o ne a se a ntse a fumana thuso eo a neng a e batla.
Holo ea Rōna ea Kopano Qetellong
Ho fumana libaka tse loketseng bakeng sa likopano tsa rōna ho ne ho fetoha bothata bo tebileng. Lenane la ba bang teng le ne le ntse le hōla. Ho feta moo, holo ea lipapali e lebaleng la lipapali eo re neng re ntse re e sebelisa bakeng sa likopano e ne e se e sa lokela. Ho ne ho ka etsoa eng?
Nakong ena moholo e mong ea tsoang Phuthehong ea Rivière Salée o ne a ntse a batla setša seo a ka hahang Holo ea ’Muso ho sona. Ho makatsang, o ile a fuoa setša se ka bang lihekthere tse tšeletseng—se neng se le seholo ho feta kamoo ho neng ho hlokahala kateng bakeng sa Holo ea ’Muso! Ka tataiso ea bomolimo, se ne se le bohareng ba sehlekehleke sena. Setšeng seo, ho ne ho e-na le lephephe la khale la tšepe, leo le hoja le ne le sohlokehile, le neng le ka sebelisoa e le mohaho oa nakoana oa kopano. Ka 1985 re ile ra tšoarela kopano ea rōna ea pele mono. Ba ileng ba e-ba teng e bile ba 4653, e leng ba 600 ho feta selemong se fetileng.
Mosebetsi o ile oa qala mohahong o mocha ka 1992. Bara le barali babo rōna ba seng bakae ba tsoang Italy ba ile ba tla ka litšenyehelo tsa bona ho tla thusa ka kaho. Lipaki tsa moo li ile tsa nehelana ka seatla se bulehileng ka nako ea tsona le ka lichelete. Hona joale morero oo o phethiloe. Holo ena e ntle ea Kopano e ka nka batho ba 5000. Ha e le hantle, ke holo e khōlōhali ho feta tsohle Martinique.
Ha ho sa hlokahala hore re chechise likopano tsa rōna—hangata e le ka motsotso oa ho qetela—ka lebaka la ho bolokeloa lipapali tsa tlhōlisano ea bolo ea maoto. Ho feta moo, mosebetsi o boima oa ho hloma, ho qhaqha, ho tsamaisa le ho boloka mehaho e nkehang ea tšepe le oona o ne o felile. Holo ea rōna ea Kopano, e sebakeng se pota-potiloeng ke lipalesa, lipalema tse telele le lifate tse nang le lipalesa tse ntle tsa moo ho chesang, e tlisa tlotla ho Jehova.
Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Rorisang Jehova
Jehova o ile a etsa bonnete ba hore ka lilemo tse fetileng tse 50, borapeli ba ’nete bo mela ka metso ’me boa ata Martinique. Ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, o lokiselitse koetliso bakeng sa ba neng ba tla tšepeloa bolebeli. Xavier Noll, hammoho le mosali oa hae, ba ile ba fumana koetliso ea boromuoa e le karolo ea sehlopha sa bo31 sa Gileade. Hamorao, Mor’abo rōna Noll o ile a koetlisoa ka ho eketsehileng thupelong ea Gileade ea likhoeli tse leshome ka 1964. Koetliso ena e ile ea ipaka e le molemo haholo ha Sehlopha se Busang se etsa qeto ea ho theha ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Martinique ka February 1977.
Litho tsa pele tsa Komiti ea Lekala e ne e le Xavier Noll, mohokahanyi, Valentin Carel le Gérard Trivini. Hamorao, Armand Faustini, ea qetileng lilemo tse ngata e le molebeli ea tsamaeang, o ile a khethoa. Ka mor’a hore Mor’abo rōna Trivini a shoe le Mor’abo rōna Carel a fallele Fora, ho ile ha khethoa Henri Ursulet ka September 1989, hore e be setho sa boraro sa Komiti ea Lekala. O hlahile ka 1954, selemo seo Xavier le Sara Noll ba fihlileng ka sona ba tsoa Fora ho tla inehela tšebeletsong Martinique. Ho tloha boseeng, Henri o ruile molemo mohlaleng oa ’m’ae oa tumelo, joalokaha e ne e le ’nete le ka Timothea, motsoalle oa moapostola Pauluse.—2 Tim. 1:5.
Ka 1975, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 1000 le kakaretso ea liphutheho tse 15 sehlekehlekeng seo. Ka 1997 ho ile ha fihleloa tlhōrō ea bahoeletsi ba fetang 4000. Bana kaofela ba sebeletsa ba kopane le liphutheho tse 46. Lilemong tse 20 tse fetileng, ka karolelano re finyeletse keketseho ea selemo le selemo ea karolo ea 7 lekholong.
Ho se ho e-na le Paki e le ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba 90 Martinique. Lithuto tsa Bibele tse likete-kete li khanneloa ba thahasellang. Mosebetsi oa Jehova oa tsejoa ho pholletsa le sehlekehleke seo. Lipaki tsa hae le tsona li tsebahala haholo. Ho ntse ho e-ba thata haholoanyane hore ba bang ba bue hampe ka Lipaki hobane kamehla ho na le motho e mong haufinyane bakeng sa ho khalemela baetselletsi bao. Bopaki bo etsoang literateng, mapatlelong, limmarakeng le moo ho pakoang makoloi lipetlele le litsing tse khōlō tsa mabenkele bo boloka molaetsa oa ’Muso o hlahelletse ho batho. ’Me ha batho ba le teng lapeng ba utloa motho a hoeletsa “To-to-to, il y a du monde?” (“Lumelang, na ho na le motho ea teng lapeng?”) kapelenyana baa tseba hore Lipaki tsa Jehova li tlile ho tla bua ka ’Muso oa Molimo.
Likarolong tse ling tsa sehlekehleke seo, ho tloaelehile hore masimo a sebetsoe beke e ’ngoe le e ’ngoe hona joale. Ha bahoeletsi ba e-tsoa ba e-ea tšebeletsong ea tšimo, ba ka ’na ba abeloa matlo a 10 kapa a 15 feela e le tšimo ea bona. Libakeng tse joalo, ba pakela batho ba utloileng molaetsa ka makhetlo-khetlo. Sena se hloka hore bahoeletsi ba etse hore likenyelletso tsa bona le lihlooho tseo ba buisanang ka tsona le beng ba matlo li se ke tsa tšoana. Ho hlokahala hore ba sebelise ka katleho mehloli eohle ea boitsebiso le litlhahiso tsohle tseo ba li filoeng ke lekhoba le tšepahalang le le masene. Ho fihlela morao tjena, bopaki ba seterateng bo ne bo sa etsoe haholo masimong a Sefora, empa hona joale e ba karolo e thahasellisang le e behang litholoana ea tšebeletso.
“Si Bon Dié Lé”
Kamehla batho ba Martinique ba phetha lipolelo tsa bona ka polelo “Si bon Dié lé” (“Ha Molimo a rata”). Ka ho hlakileng thato ea Molimo e boletsoe ka ho hlaka ka Bibeleng. Pesaleme ea 97:1 e re: “Jehova oa busa. Lefatše a le ke le thabe; lihleke-hleke tse ngata a li ke li nyakalle!” Pesaleme ea 148:13 ea phaella: “A ba ke ba rorise lebitso la Jehova.” ’Me ka moprofeta oa hae Esaia, Jehova o atolosa memo e ipiletsang: “Hafeela u ne u ka hla ua ela hloko litaelo tsa ka . . . khotso ea hao e ne e tla ba feela joaloka nōka.” (Esa. 48:18, NW) Ka lebaka la molemo oa hae, thato ea Molimo ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Thato ea Molimo hape ke ho lokolla pōpo ea hae, ho khaola mahlaahlela a eona, le ho etsa hore lefatše lohle e be paradeise e hahiloeng ke batho ba merabe eohle le ba mebala eohle ba kopaneng borapeling ba ’Mōpi oa bona. (Baroma 8:19-21) Monyetla oa ho rua molemo morerong oo o lerato o sa ntse o buletsoe batho ba Martinique.
Martinique e fetohile haholo lilemong tse leshome tse fetileng, joalokaha ho le joalo ka boholo ba polanete ena. Lithethefatsi, lerato la lintho tse bonahalang le ho hlepha ha boitšoaro li fetotse seo e neng e le paradeise e botle bo hlollang. Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele ka liphetoho boikutlong ba batho tse feletseng ka maemo ana. (2 Tim. 3:1-5) Empa maemo a joalo hase thato ea Molimo. Ho e-na le hoo, Jehova o tsoela pele ho ntša ba hlalosoang e le “tse lakatsehang” har’a batho le ho ba lokisetsa bophelo e le karolo ea mokhatlo oa lefatše lohle oa batho ba hae ba tlang ho aha Paradeiseng. (Hag. 2:7) Bana hase batho bao ka boiphapanyo ba sa nkeng bohato hobane ba lumela hore haeba ke thato ea Molimo ho tla etsahala ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng. Ho e-na le hoo, ke batho bao ka hloko ba hlahlobang Mangolo ho fumana hore na thato ea Molimo ke efe ebe joale, ba susumelitsoe ke lerato, ka cheseho ba etsa lintho tse tlang ho mo thabisa.—Lik. 17:11; Tite 2:13, 14.
[’Mapa o leqepheng la 192]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Liphutheho tse 46 li jalehile har’a libaka tse boletsoeng
FORT-DE-FRANCE (14)
BASSE POINTE
LE LAMENTIN (3)
RIVIÈRE PILOTE
LE MORNE ROUGE
TRINITÉ (2)
RIVIÈRE SALÉE
SAINTE MARIE
LE FRANÇOIS (2)
SAINT JOSEPH (2)
SAINT PIERRE
LE LORRAIN
LE MARIN
LES TROIS ÎLETS
LE ROBERT (2)
SAINT ESPRIT
SCHOELCHER (2)
LE VAUCLIN
GROS MORNE
CASE PILOTE
AJOUPA BOUILLON
MARIGOT
VERT PRÉ
DUCOS
SAINTE LUCE
SAINTE ANNE
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 162]
[Setšoantšo se leqepheng la 167]
Xavier le Sara Noll, selemong seo ba fihlileng Martinique ka sona
[Litšoantšo tse leqepheng la 175]
Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, ba nako e telele: (1) Leon Bellay, (2) Jules Nubul, (3) Germain Bertholo, (4) Philippe Dordonne, (5) Roger Rosamond, (6) Christian Bellay, (7) Albert Nelson, (8) Vincent Zébo, (9) Vincent Muller
[Litšoantšo tse leqepheng la 177]
Basali ba ileng ba beha mehlala e metle e le matichere a Lentsoe la Molimo: (1) Stella Nelzy, (2) Victor Fousse (hona joale ke Lasimant), (3) Léonide Popincourt, (4) Andrée Zozor, (5) Emma Ursulet
[Setšoantšo se leqepheng la 183]
Holo ea ’Muso ea pele eo e neng e le ea bona (Fort-de-France)
[Setšoantšo se leqepheng la 186]
Lelapa la ha Moutoussamy, leo kaofela le kopanelang le phutheho ea Bokreste
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
Thaba Pelée, le Saint Pierre pel’a metsi
[Setšoantšo se leqepheng la 199]
Lelapa la Bethele Martinique
[Litšoantšo tse leqepheng la 207]
Holo ea Kopano qetellong—Rivière Salée