Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb98 maq. 210-252
  • Paraguay

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Paraguay
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
  • Lihloohoana
  • Ho Fihla ha ’Nete ea ’Muso
  • Khanyetso e Bohale e Tsoang ho Baruti
  • Ho Khutlela Asunción
  • Litholoana Tsa Pele Tsa Paraguay
  • Liteko Tsa Tumelo Bakeng sa Sehlopha se Senyenyane
  • Baromuoa ba Ithuta ka Litsela Tsa Sebaka Seo
  • Ho Haha Mokhatlo o Hlophisitsoeng
  • Har’a Phetohelo ea Puso
  • Ho Se Hlōlehe Ho Bokana Hammoho
  • Sepolesa se Ile sa Beha Mokhopi Leihlo
  • Baromuoa ba ne ba Tobane le ho Ntšoa ka Har’a Naha
  • Letsatsi le Thata Libakeng Tse ka Thōko
  • Ka Mor’a Phetoho ’Musong
  • Khanyetso ea Bolumeli e Tsoela Pele
  • Ho Hlokomeloa ka Molao
  • Filimi ea Bona ea Pele
  • Baromuoa ba Ile ba Itela ka Bolokolohi
  • Ho Haha Libaka Tsa Bona Tsa Liboka
  • Ho Fana ka Mehaho e Loketseng ea Lekala
  • Tokisetso e Ncha ea Botsamaisi
  • Leqhubu le Leng la Khanyetso ea ba Boholong
  • Thibelo—Seo e Neng e se Bolela
  • Ho Butsoela Malakabe A Mahloriso
  • Ho Tsoela Pele ho Bolela Litaba Tse Molemo
  • Khatello E-ea Kokobela
  • Ho Hlokomeloa ka Molao Hape
  • Ho Tsoela Pele ka Mosebetsi!
  • Basebetsi ba Chesehang ba Kopanela Kotulong
  • Ba Nyoriloeng a ba “Nke Metsi a Bophelo Ntle ho Tefo”
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
yb98 maq. 210-252

Paraguay

BOHARENG ba Amerika Boroa ho na le naha e teetsoeng hare ke linaha tse ling ea Paraguay. Lebitso leo le bolela’ng? Maikutlo aa fapana, empa maikutlo a tloaelehileng sebakeng seo ke hore le bolela “nōka e qalang leoatleng.” Maindia a sebakeng seo a ne a lumela hore matangoana a itseng mekhoabong ea Brazil, moo Nōka ea Paraguay e qalang teng, a ne a le maholo joaloka leoatle. Nōka ea Paraguay, e parolang naha ho tloha leboea ho ea boroa, e arola naha ka lehare. Ho ea ka bochabela ho nōka eo ho na le maralla a hehlemelang, masimo a nonneng a nang le mobu o mofubelu le meru e teteaneng. Ka bophirimela ke Chaco, e nang le baahi ba qalikaneng sebakeng sa joang bo hlaha, moru oa leoka le mekhoabo e meholo eo ho eona ho hahileng boieane ba likokoanyana le linonyana tse mebala-bala tsa mefuta e sa tšoaneng tsa libaka tse chesang.

Paraguay ke naha eo ho eona theknoloji ea kajeno e fapanang le tsela e bonolo ea bophelo ea ba sebetsang masimong. Lifofane tsa lijete le lisathalaete tsa lipuisano li buletse tsebo ea lefatše monyako. Mehaho e melelele ka ho hlakileng e seha meeli ea moo Asunción, motse-moholo, e fellang teng holimo sebakeng. Ho elella moeling o ka bochabela oa naha eo, Nōkeng ea Paraná, ke Itaipu, sebaka seo ho fehloang motlakase ho sona se hlahisang matla ao ho seng setsi leha e le sefe lefatšeng se hlahisang a lekanang le a sona.

U ka ’na ua nahana hore naha eo ke ea Sepanishe, empa ha hoa tloha ho le joalo, leha e le hore ho joalo kajeno. Baahi ba pele e ne e le Maindia a Guarani. Hoo e ka bang ka 1520, lihloela tsa Mapotoketsi tlas’a boeta-pele ba Alejo García e ne e le tsona makhooa a pele a ho kena naheng eo. Lilemong tse leshome tse latelang, Masepanishe a ile a qala ho itsetsepela sebakeng seo hona joale e leng Asunción. Naha eo e ile ea lula e le tlas’a Spain ho fihlela ka 1811, empa puo ea Seguarani ha ho mohla e kileng ea nkeloa sebaka ke ea Masepanishe ao. Ka lebaka leo Seguarani, puo e monate e nang le meloli, ke puo e buuoang ke boholo ba batho ba Paraguay ea kajeno eo ba e nyantseng letsoeleng, ’me e nkuoa e le puo ea molao moo hammoho le Sepanishe.

Lilemo tse mashome a seng makae ka mor’a ho fihla ha lihloela tsa Europe, Bajesuite ba ile ba tla ho tla sokolla Maguarani ho a isa Bok’hatholikeng ba Roma. Ka nako eo Maguarani a ne a se na litšoantšo kapa litempele. Empa Bajesuite ba ile ba bokella Maindia sebakeng se le seng moo ba ileng ba a ruta litšebeletso tsa K’hatholike le lifela ha ka nako e tšoanang ba a ruta mesebetsi le tsebo ea mesebetsi. Bajesuite ba ile ba sebelisa e ’ngoe ea chelete e tsoang mosebetsing oa Maindia ho a fa lintho tse hlokahalang bophelong, empa ba ile ba boela ba sebelisa tokisetso eo ho fumana leruo, le matla. Beng ba litša ba bangata ba Masepanishe ba ile ba honohela sena. Ba ile ba ipelaetsa ho morena oa Masepanishe, Charles III, ka matla a hōlang a Bajesuite. Pelaelo ena, e sa tsoeng ho Maguarani, empa ho bo-ralikolone ba Mak’hatholike e ne e le ntlha e ka sehloohong e ileng ea etsa hore Spain e leleke Bajesuite pusong eo ka 1767. Empa Bok’hatholike boo ba bo rutileng bo ile ba lula bo e-na le tšusumetso bophelong ba batho. Ba ile ba bonahala ba amohela mekhoa ea Bok’hatholike ha, mabakeng a mangata, ba ne ba ntse ba khomaretse litumelo tse ling tseo ba tsoaletsoeng ho tsona. Sena se ile sa khothalletsa moea oo ho oona tumela-khoela e neng e ka atleha. Ka ho amohela ha bona Bok’hatholike ho ile ha boetse ha e-ba le tšusumetso e matla ea baruti ba K’hatholike bophelong ba bona.

Lefa leo la bolumeli ha lea ka la tlisa khotso naheng eo. Ntoa e amme histori ea Paraguay haholo, e siile maoma a tebileng bophelong ba batho. Ho tloha ka 1864 ho fihlela ka 1870, tlas’a Francisco Solano López, Paraguay e ile ea loantša Brazil, Argentina le Uruguay. Liphello e bile tse tšabehang. Ho ea ka litlaleho tse teng, baahi ba naha eo qalong ea ntoa mohlomong ba ne ba le milione kapa ho feta. Ha e lala ho boleloa hore ba ne ba ka ba 220 000, bonyane ba 190 000 ho bona e ne e le basali le bana. Lintoa tse ling li ile tsa latela; e ’ngoe e ne e ama qhoebeshano le Bolivia mabapi le hore na Chaco ke ea mang, ’me tse ling e ne e le ka lebaka la ho se tsitse ha lipolotiki. Kahoo, mohlomong ha hoa lokela ho re makatsa hore Paraguay ba neng ba batla ho busa ba bang hangata ba ne ba retelehela tšebelisong ea likhoka ho finyella lipakane tsa bona.

Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova li ile tsa tlisoa lefatšeng lena, pele e le ka lipampitšana tsa Bibele tse ileng tsa romeloa ka poso pele ho 1914, ’me hamorao li isoa ke motho ka seqo ka 1925 le ka morao ho moo. Kahoo metsi a tsoang nōkeng e ’ngoe, eseng Nōkeng ea Paraguay kapa Paraná empa ‘nōkeng ea metsi a bophelo,’ a ile a qala ho fumaneha mona joalokaha a fumaneha ho pholletsa le lefatše.—Tšen. 22:1.

Ho Fihla ha ’Nete ea ’Muso

Juan Muñiz o ile a kōptjoa ke J. F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, hore a falle Spain a ee Argentina ho ea hlophisa le ho atolosa ho boleloa ha litaba tse molemo karolong eo ea lefatše. O ile a fihla Buenos Aires ka la 12 September, 1924, ’me nakoana ka mor’a moo, eena ka boeena o ile a ea Uruguay le ho kena Paraguay ho ea hasa molaetsa oa ’Muso. Ho ile ha jaloa peō ea ’nete ea Bibele, empa ho ile ha e-ba le tsoelo-pele e fokolang.

Ka 1932, Paraguay e ile ea kenella ntoeng e ’ngoe, lekhetlong lena le Bolivia. Ho ile ha boela ha bolaoa karolo e khōlō ea masole sechabeng. Ho ile ha e-ba le liphello tse mpe moruong oa naha eo le ho sireletseheng ha ba neng ba ka tla ba tsoa linaheng tse ling ba tlisa litaba tse molemo tsa ’Muso. Leha ho le joalo, ha ntoa e ntse e kupa, ka 1934 lekala la Argentina le ile la romela Lipaki tsa Jehova tse tharo Paraguay ho ea mema ba lipelo li tšepahalang hore ba noe “metsi a bophelo” ka bolokolohi. Bana e ne e le Barab’abo rōna Martonfi, Koros le Rebacz.—Tšen. 22:17.

Khanyetso e Bohale e Tsoang ho Baruti

Mor’abo rōna Rebacz o ile a ngola: “Ka October selemong seo, re ne re se re loketse ho kenella ka hare ho naha. Re ne re e-na le mabokose a mabeli a libuka le sutuk’heise e mong le e mong. Re ile ra tsamaea ho tloha Asunción ho ea Paraguarí ka terene ’me ho tloha moo, ka lebaka la ho haella ha lipalangoang, re ile ra tsamaea ka maoto ho ea fihla moo re lebileng teng pele, Carapeguá, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 30. Bosiung boo re ile ra robala fatše, re samme libuka. Ha re qala ho paka letsatsing le hlahlamang, moprista oa motseng oo o ile a etela batho a ba bolella hore ba se ke ba re mamela. Joale eena le motsoalle oa hae ba ile ba palama lipere ho ea motseng oa boahisani ho ea bolella batho hore ba se ke ba re mamela le hore ba re leleke motseng oo, e leng seo ba bang ba bona ba ileng ba leka ho se etsa.”

Ka lebaka la khatello ena e tsoang ho moprista, ho ile ha tsamaisoa libuka tsa Bibele tse fokolang, esita le tse ling tse tsamaisitsoeng li ile tsa khutlisoa. Ho tloha Carapeguá Lipaki li ile tsa tsamaea ho tloha toropong e ’ngoe kapa motseng o mong ho ea ho o hlahlamang—ho ea Quiindy, Caapucú, Villa Florida le San Miguel. Hore li e’o fihla San Juan Bautista, li ile tsa tsamaea letsatsi lohle, tsa ’na tsa tsamaea ho fihlela ka khitla, tsa robala masimong, ’me tsa tsoela pele tseleng ea tsona esale ka matjeke hoseng ka le latelang. Ha li fihla toropong eo, li ile tsa ea sepoleseng ho ea hlalosa hore na li ne li etsa eng. Banna bana ba ile ba amohela Lipaki ka tlhompho. Joale barab’abo rōna ba ile ba qeta letsatsi lohle ba le tšebeletsong ea phatlalatsa.

Leha ho le joalo, letsatsing le hlahlamang ha Mor’abo rōna Martonfi a tsoela ka ntle ho ntlo eo ba neng ba e hirile, o ile a makala. A bitsa Mor’abo rōna Rebacz, ea neng a ntse a le ka tlung: “Kajeno re na le ho hong ho hocha.” Libuka tseo ba neng ba li tsamaisitse ka la maobane li ne li tabotsoe likotoana ’me li jaliloe ho pota-pota ntlo ea bona. Ho tse ling tsa likotoana tseo, ho ne ho ngotsoe mahlapa le lipolelo tse litšila, hammoho le litšokelo tsa hore ba ke ke ba tsoa toropong eo ba ntse ba phela.

Ha ba ntse ba e-ja lijo tsa hoseng, mapolesa a ile a fihla ’me a ba tšoara. Phetoho e ne e tlisitsoe ke eng? Hamorao Mor’abo rōna Rebacz o ile a tlaleha: “Ha re botsa lebaka, a ile a re bontša koranta eo ho eona re neng re qosoa ka hore re lihloela tsa Bolivia tse ikhakantseng e le baboleli ba evangeli. Motsamaisi oa koranta eo e ne e le moprista ea ka sehloohong seterekeng seo.”

Ho Khutlela Asunción

Lipaki tseo tse peli li ile tsa romeloa Asunción e le batšoaruoa. E ne e le leeto le lelelele ka maoto. Ha li tsamaea li tloha motebong o mong oa sepolesa ho ea ho o mong, kamehla li ne li felehetsoa ke molebeli ea hlometseng. Ha li le tseleng batho ba bang ba ne ba li rohaka le ho li betsa ka makumane a majoe. Empa mapolesa a ne a tšoara barab’abo rōna ka tlhompho, a bile a re qoso ea hore ke lihloela ke e se nang kelello. Ka linako tse ling mapolesa a palameng a ne a nkela barab’abo rōna thoto ea bona. Le leng la ’ona le bile la re Mor’abo rōna Martonfi a palame pere ea lona, ha le ntse le tsamaea ’me le mametse seo Mor’abo rōna Rebacz a neng a le bolella sona ka ’Muso oa Molimo.

Leha ho le joalo, Quiindy, ha barab’abo rōna ba neheloa sesoleng, tšoaro e ile ea e-ba thata. Ka matsatsi a 14 ba ile ba bolokoa teronkong ea sesole, ba laeloa ho lula holim’a litulo tsa mapolanka tse otlolohileng, ba thibetsoe ho robala kapa ho ema, ba rohakoa, ’me ba shapuoa ka phafa ea lipere. Hamorao, Paraguarí, ba ile ba isoa seteisheneng sa terene ba fasitsoe ka lihanaboi ba lebetsoe ke masole a 12 a nkileng lithipa tse hlongoang lithunyeng. Mono ba ile ba nehoa sepolesa hape bakeng sa karolo e setseng ea leeto la ho ea Asunción.

Maemo ao ba neng ba kentsoe teronkong tlas’a ’ona le ’ona a ne a le thata motse-moholo, empa ba ile ba sebelisa Bibele eo ba neng ba ntse ba e-na le eona ’me ba pakela batšoaruoa ba bang. Ka mor’a hore ba be litlamong beke motse-moholo, ba ile ba qetella ba isitsoe ofising ea mookameli oa sepolesa. Letona la tsa ka hare, Mokoronele Rivarola, le eena o ne a le teng. (Hamorao ho ile ha fumanoa hore ha Mokoronele Rivarola a ne a bolelloa ka liqoso tse entsoeng khahlanong le barab’abo rōna koranteng San Juan Bautista, o ile a romela thelekramo ho lihlooho tsa sesole ea hore li etse bonnete ba hore barab’abo rōna ba khutlela motse-moholo ba ntse ba phela.) Mor’abo rōna Rebacz o ile a re: “Banna bao ka bobeli ba ile ba bontša ho soabela se etsahetseng. Ba ile ba bolela hore, le hoja naha ena e le ea K’hatholike, ho ne ho e-na le bolokolohi ba bolumeli le hore re fuoe tokelo ea ho tsoela pele re bolela ka ntlo le ntlo joalokaha re ne re ile ra etsa, empa bakeng sa tšireletseho ea rōna, ha rea lokela ho tsoa motse-moholo.”

Ha Mor’abo rōna Muñiz oa Buenos Aires a utloela ka phihlelo eo, o ile a romela litaelo tsa hore barab’abo rōna ba khutlele Argentina ho fihlela ntoa e lala. Seo se ile sa etsahala selemong se latelang. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Koros, ea neng a le sieo ha bao ba babeli ba tšoaroa, o ile a sala Asunción.

Litholoana Tsa Pele Tsa Paraguay

Hoo e ka bang nakong ena, e mong oa bo-pula-maliboho o ile a kopana le monna ea ileng a mo kōpa libuka tsa Searabia bakeng sa ntat’a mosali oa hae, e leng mojaki ea tsoang Lebanon. Ka tsela ena, Julián Hadad o ile a fumana buka eo a ileng a e nka e le letlotlo. A kholisehile hore o fumane ’nete, o ile a qala ho e ruta bana ba hae. O ile a boela a ngolla Mokhatlo a kōpa libuka tseo a ka li abelang baahelani ba hae. Lilemo tse seng kae hamorao, pula-maliboho e mong o ile a fumana Julián a le San Juan Nepomuceno ’me a mo fa thuso e tsoelang pele ea moea. Ka 1940, ba ha Hadad ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba bahoeletsi ba moo ba pele ba kolobelitsoeng Paraguay. Esale ho tloha ka nako eo Julián, mora ea mong, le litloholo tse ’maloa ba bile le thabo ea ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho, Julián a tsoela pele ho etsa joalo ho fihlela pejana ho lefu la hae, a le lilemo li 77.

Ho sa le joalo, Ntoa ea Chaco e ile ea etsa hore Juan José Brizuela a nahane ka ho teba ka bophelo. E ne e le lehlatsipa ’me a hapiloe ke batho ba Bolivia. E le motšoaruoa oa ntoa, o ne a ile a bona bahlolohali ba llela bana ba bona ba entsoeng likhutsana, ’me a bone ha baprista ba K’hatholike ba hlohonolofatsa masole a Bolivia. O ile a hopola hore, joaloka masole a Paraguay, eena le ba bang ba ne ba ile ba fumana tlhohonolofatso e tšoanang. O ile a nahana: “E tlameha ebe ho na le ho phoso. Haeba Molimo a le teng, ho ke ke ha e-ba ka tsela ena. Empa haeba Molimo a le teng, ke tla mo batla ho fihlela ke mo fumana.”

Ka mor’a ntoa, Julián Hadad o ile a kopana le Juan José ba le Carmen del Paraná. Ka Bibele, Julián o ile a mo thusa ho fumana likarabelo tse khotsofatsang lipotsong tsa hae. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse khale-khale, Molimo o nolofalelitse batho hore ba ‘mo phopholetse’ hore ‘ka sebele ba mo fumane.’ (Lik. 17:27) Kapelenyana Juan José o ile a hlokomela hore o fumane Molimo oa ’nete, Jehova. (Deut. 4:35; Pes. 83:18) O ile a kolobetsoa ka 1945; ’me mosali oa hae, Jóvita, ka 1946.

Ho sa le joalo, linnete tsa Bibele li ne li ntse li tšohloa le karolong ea meroho ’marakeng San Lorenzo. E ne e se e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a bolela moo empa e ne e le mosali e mong feela ea neng a ile a bontša thahasello ho seo li se rutang. Sebastiana Vazquez, le hoja a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, o ile a mamela ka thahasello. E le hore a tle a tsoele pele moeeng, o ile a ithuta ho bala, ’me ka 1942 o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Liteko Tsa Tumelo Bakeng sa Sehlopha se Senyenyane

Phutheho ea pele, kapa sehlopha kamoo e neng e tsejoa kateng ka nako eo, e ile ea hlophisoa Paraguay ka 1939. Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba babeli feela, empa e ne e le baevangeli ba chesehang. Ba ile ba tlaleha kakaretso ea lihora tse 847 tsa tšebeletso ea tšimo ’me ba tsamaisa libuka le libukana tse 1740 selemong seo sa tšebeletso. Ba ne ba tšoarela liboka lelapeng la motho le neng le le moo hona joale ho bitsoang Gaspar Rodríguez de Francia Avenue (eo pele e neng e bitsoa Amambay) pakeng tsa seterata sa Antequera le sa Tacuarí, Asunción. Ke batho ba bahlano kapa ba tšeletseng feela ba neng ba e-tla libokeng tseo tse tšoareloang kamoreng e ka bang limithara tse ’nè bolelele le tse ’nè bophara. Sebaka sena se ne se khotsofatsa ho fihlela ka 1944.

Selemong se latelang barab’abo rōna ba ile ba qala ho sebelisa mechine e ’meli ea motlakase ea khaso ho hasa lirekoto tsa lipuo tse khutšoanyane tse buang ka lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele. Baruti ba ile ba halefa hoo ba ileng ba kōpa ’muso ho thibela tšebetso eohle e etsoang ke Lipaki tsa Jehova. Empa Lipaki li ile tsa tsoela pele. Ho totobetse hore lipuo tse hlakileng, tsa Mangolo tse lirekotong tseo li ne li sebetsa. Nakong ea lilemo tse seng kae tse latelang, lirekoto tseo li ile tsa sebelisoa haholo ka lipuo tse sa tšoaneng ho finyella metse ea bajaki ba Mapolishe, Marussia, Majeremane le Maukraine ba neng ba lula karolong e ka boroa ea naha.

Lelapa la Golasik, le neng le phela har’a batho ba Poland le Ukraine haufi le Encarnación, le bile har’a a pele a tsoang sebakeng sena a ileng a amohela ’nete. Kapelenyana Roberto Golasik, a hlometse ka keramafono le libuka, o ne a palama pere a e-ea metseng e sa tšoaneng ho ea paka. Ka lekhetlo la pele, liboka li ne li tšoaroa hang ka khoeli, hamorao ea e-ba habeli ka khoeli, ’me hamorao hape ea e-ba hang ka beke. Ka linako tse ling batho ba tsoang lihlopheng tsa lipuo tse hlano tse sa tšoaneng ba ne ba e-ba teng, empa kaofela butle-butle ba ne ba tseba puo e hloekileng ea ’nete ea Bibele.—Sof. 3:9.

Ka masoabi, hase bohle ba bileng le karolo ho faneng ka bopaki ka nako eo ba ileng ba tsoela pele tseleng e patisaneng e isang bophelong. Molebeli oa depo ea libuka ea Mokhatlo Asunción o ile a qala ho buella lipono tsa botho. Ha a furalla mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ba bang le bona ba ile ba tlohela tšebeletso ea Jehova. Palo ea baboleli ba ’Muso e ile ea theoha ho tloha ho ba 33 ka 1943 ho ea ho ba 8 ka 1944. Joale ho ne ho tla etsahala’ng? Jehova o ile a hlohonolofatsa ba ileng ba iponahatsa e le Lipaki tse tšepahalang, ’me mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa qala ho hōla hape.—Pes. 37:28.

Baromuoa ba Ithuta ka Litsela Tsa Sebaka Seo

Ka kameho e lerato bakeng sa boiketlo ba mohlape Paraguay, ofisi ea lekala e Argentina e ile ea romela Gwaenydd Hughes ho ea hlokomela mosebetsi. Ha a memeloa ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ka 1945, ho ile ha lokisetsoa hore ho romeloe Ieuan Davies, le mosali oa hae, Delia. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho lieha ho ba fumanela lipampiri tse hlokahalang tsa ho tsamaea, Hollis Smith, ea fetileng Sekolong sa Gileade, o ile a fihla pele ’me o ne a le teng bakeng sa ho amohela Mora le Morali oabo rōna Davies ha ba fihla Asunción ka seketsoana sa nōkeng bofelong ba 1945. Matsatsi a seng makae hamorao, Albert le Angeline Lang, le bona ba tsoa Gileade, ba ile ba fihla ka sefofane. Ba eketsehileng ba ile ba latela. Ho ile ha hiroa ntlo e ’ngoe bakeng sa bolulo ba baromuoa le ho fana ka sebaka seo phutheho ea moo e ka kopanelang ho sona. Kaofela baromuoa ba ne ba labalabela ho sebeletsa, empa ha e le hantle, ho ne ho hlokahala hore ba tloaelane le tsela ea bophelo ea batho bao.

Ba ile ba fumana hore batho ba rata bolumeli haholo, le hoja ba ne ba haelloa ke tsebo ea Bibele. Motse o mong le o mong o ne o e-na le “mohalaleli” oa oona ea o sireletsang, hangata a khetholloa e le “Maria Mofereko.”

Eitse hoba ba tsebe meetlo ea batho bana, ba ile ba fumana e mengata ea eona e ipiletsa. ’Marakeng ho ne ho e-na le litholoana tse ngata le meroho, ho e-na le basali ba roetseng meroalo e boima ka libaskete tse sephara ba itlohelletse. Mabenkeleng ho ne ho e-na le leisi e entsoeng ka matsoho e tsejoang e le nanduti, e hlokang tlhokomelo le e tšesaane hoo e tšoanang le tepo ea sekho. Hape ba ile ba potlakela ho hlokomela hore batho ba ne ba qala mosebetsi oa bona esale hoseng le hore motšehare o moholo ho koaloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa phomolo nakong e chesang haholo ea letsatsi. Ha baromuoa ba etela batho malapeng a bona ho tla arolelana le bona molaetsa oa ’Muso, ba ile ba ithuta ho ema keiting ’me ba ope liatla le ho kena ka jareteng feela ha ho thoe ba kene. Ba ile ba latsoa botsoalle, bonolo le mofuthu oa batho bao. Empa hape ho ne ho hlokahala hore ba ithute ho buisana le bona ka puo ea bona—eseng feela ka Sepanishe empa le ka Seguarani.

Ka April 1946, nakoana ka mor’a hore baromuoa ba fihle, Mora le Morali oabo rōna Davies ba ile ba boela ba abeloa Argentina. Pablo Ozorio Reyes, ea neng a bile teng libokeng ka likhoeli tse seng kae feela, o ile a khetheloa ho khanna Thuto ea Molula-Qhooa le hoja a ne a e-s’o kolobetsoe. Hobane’ng kapele hakaalo? Hobane o ne a khona ho bua puo eo ’me a entse tsoelo-pele e ntle ea moea. Empa o ne a tobane le liphephetso. Hamorao, Mor’abo rōna Ozorio o ile a ngola: “Nakoana ka mor’a hore ke khetheloe ho ba mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa, ke ile ka tlameha ho lokisa tlhaloso e fosahetseng e fanoeng. Ea neng a fana ka tlhaloso eo o ile a tuka ke bohale ’me a batla hore ke loane hona hoo. Leha ho le joalo, ke ile ka hana ’me moromuoa e mong o ile a nthusa ho kokobetsa boemo. Ha ho letho le molemo ho feta ho ba le boikarabelo le tla thusa motho hore a hōle kapele tsebong.” Ka masoabi, eloa oa sefela-peloana hamorao o ile a tlohela tšebeletso ea Jehova.

Ho Haha Mokhatlo o Hlophisitsoeng

Pele selemo sa 1946 se fela, ho ne ho hlokahala mehaho e meholoanyane bakeng sa ho sebelisoa e le setsi sa tšebeletso ea puso ea Molimo. Baromuoa ba bang ba tšeletseng ba ne ba fihlile—William le Fern Schillinger, le ba bang ba bane. Ho ile ha hiroa ntlo e ’ngoe e nang le jarete e khōlō Mariscal López Avenue. Mohaho oo o ne o tobane hantle le Lefapha la Tšireletso. Letšoao le leholo la “Holo ea ’Muso” le ne le behiloe moo le bonahalang keiting e ka pele e le hore e mong le e mong ea nang le tšebelisano le karolo eo ea sesole sa ’muso a ka le bona.

Ka la 1 September selemong seo, Mokhatlo o ile oa theha lekala Paraguay, ’me mohaho o sa tsoa hiroa o ile oa fana ka sebaka sa ofisi ea lekala. Kaha tlhophiso e ne e ntlafetse, cheseho ea ho paka e ile a eketseha, empa ho ile ha e-ba joalo le ka khanyetso. Ho bonahala baruti ba ne ba sebelisa maipolelo ho fumana boitsebiso le ho kenya tšabo e le hore ba ka thibela bo-raposo ba Mak’hatholike hore ba se ke ba tsamaisa libuka tsa Watch Tower.

Ka November, Mor’abo rōna Hughes o ne a tsoa Argentina a tlile ho tla etela le ho haha liphutheho tse nyenyane tse ’nè tse neng li sebetsa ka nako eo. O ne a bile Sekolong sa Gileade ’me o ne a bile Kopanong ea Puso ea Molimo ea Lichaba tse Thabileng ea machaba e Cleveland, Ohio, U.S.A., moo mananeo a ileng a tšoaroa ka lipuo tse 20 le moo batho ba 80 000 ba ileng ba tlala lebala la lipapali letsatsing la ho qetela ho tla utloa lipuo. Kahoo o ne a e-na le ho hongata hoo a ka ho arolelang barab’abo rōna. Ba ne ba hloka ho hahuoa ho joalo e le hore ba ka tsoela pele ho sebeletsa ha ba tobane le mahlomola.

Har’a Phetohelo ea Puso

Mathoasong a 1947, ho ile ha e-ba le phetohelo ea puso. Mabotho a ’muso a ile a hloma lithunya tsa merathatha tselaneng ea maoto ka pel’a lehae la baromuoa. Ka mor’a letsatsi ho loanoa, ho ile ha e-ba le botsitso bo itseng. Joale ka la 7 March, boemo bo ile ba boela ba mpefala. Ntoa e ne e loanela literateng. Ho ile ha phatlalatsoa molao oa puso ea sesole. Ntlo-khōlō ea sepolesa ka toropong Asunción e ile ea ruthuthoa ke marabele.

A lebeletse hore ntlo-khōlō ea sesole e ka sehloohong le eona e ka ’na ea hlaseloa, molaoli oa mabotho ea ikarabellang o ile a laela hore lehae la baromuoa le sebelisoe ke sesole ’me a fa barab’abo rōna matsatsi a mararo hore ba tsoe moo. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba ipiletse, nako ena e ile ea atolosetsoa matsatsing a leshome. Bohareng ba phetohelo eo le nakong ea ho haella ho hoholo ha matlo, barab’abo rōna ba ile ba iphumana ba le phutuhong ea bona: Letšolo la ho Batla Ntlo. Ho bonahala eka Jehova o ne a batla hore ba boholong Paraguay ba ’ne ba hlokomele boteng ba Lipaki tsa hae. Ntlo feela e loketseng e neng e fumaneha e ne e le haufi le ntlo ea bopresidente, seterateng seo ho sona ho nang le matlo a bonģosa a mangata.

Mabapi le phetohelo eo ea puso, lengolong la la 26 March, 1947, mohlanka oa lekala o ile a ngola: “Mona boemo bo mpefala letsatsi le letsatsi. Ha re ngola tjena ho na le sefofane se ntseng se fofa lik’hilomithara tse seng kae ho tloha mona, ke lumela hore se ntse se ruthutha boema-fofane ka libomo. Se hlaseloa ka lithunya tsa lifofane. Ho na le masole a makholo-kholo ho pota-pota lehae la bopresidente, ’me lerata le tsoang lithunyeng tsa ’ona lea tšabeha. Moea o moputsoa ke mosi oa lithunya, ’me monko oa oona ke o nyokholosang. Mabotho a phetohelo a atamela haufi haholo le motse; re ka utloa molumo o sa khaotseng oa lithunya le libomo . . . Boemo ba lijo bo ntse bo mpefala letsatsi le letsatsi.”

Mabotho a phetohelo a ile a fihla bohōle ba mehaho e leshome ho tloha lehaeng la baromuoa pele mabotho a ’muso a qala ho a chechisa. Nakong ena eohle, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho paka ka hohle kamoo ba ka khonang. Phetohelo eo e ile ea tsoela pele hoo e ka bang ka likhoeli tse tšeletseng, ’me e ile ea ipaka e le teko ea sebele, haholo-holo ho barab’abo rōna ba sebakeng seo. Ba boholong ba ne ba ba tšoere ka thata hobane ba ne ba bolokile ho se nke lehlakore ha Bokreste.

Ho Se Hlōlehe Ho Bokana Hammoho

Ha phetohelo ea puso e felile, naha e ile ea qala ho khutlela setloaeling, ’me ba bang ba neng ba balehetse Argentina ba khutla. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho tšoara kopano, ea pele Paraguay, ka la 4-6 June, 1948. Empa Diabolose o ne a tšoarehile a baka moferefere. Ka la 3 June, sesole se ile sa liha ’muso. Mopresidente le kabinete ea hae ba ile ba tšoaroa. Ho ne ho e-na le pherekano e khōlō motse-moholo. Ho thoe’ng ka kopano?

Liteko tsa ho hira holo e loketseng li ne li hlōlehile, empa Jehova o ne a entse tokisetso e ’ngoe. Lehae leo e kileng ea e-ba la baromuoa le shebaneng le ntlo-khōlō ea sesole le ne le le feela. Mong’a lona o ne a lumetse ho le hirisetsa barab’abo rōna bakeng sa kopano ea bona. Le ne le le hōle le bohare ba motse, moo moferefere o neng o le hona teng. Lebala le ne le ka sebelisetsoa mananeo a kopano, ’me mohaho oo o ne o ka sebelisetsoa hore baeti ba tsoang ka ntle ho motse ba robale teng. Ba ileng ba tla ba ile ba lumelisana ka ho tšoarana ka matsoho e mong le e mong, ka mokhoa oa Paraguay. Ho ne ho le teng ba fetang lekholo ho tla mamela puo e reng “Nyakallo e Tlang ea Moloko Oohle oa Batho.” E bile puo e nakong hakaakang bakeng sa batho ba Paraguay!

Sepolesa se Ile sa Beha Mokhopi Leihlo

Ho tloha ha Lipaki tsa Jehova li qala ho ntšetsa pele mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele Paraguay, khafetsa ho ’nile ha e-ba le khanyetso ea baruti ba bolumeli. Ka 1948, torotsoaneng ea Yuty, karolong e ka boroa ea naha eo, molebeli oa potoloho o ne a itokiselitse ho ea fana ka puo ea phatlalatsa serapeng se senyenyane sa boikhathollo bohareng ba toropo eo. Se ne se le ka mose feela ho kereke ea K’hatholike. Moprista oa moo o ile a khothalletsa batho hore ba emise puo eo, a phatlalatsa hore Lipaki li tla tla arola kereke ’me li ba amohe bolumeli ba bona. Pele puo eo e qala, mokhopi o moholo o ile oa phuthehela ka pel’a kereke. Ha o bona Lipaki tsa Jehova—tse robeli tsa tsona—li le serapeng sa boikhathollo ka nģ’ane ho seterata, oa qala ho hoeletsa: “Tsamaeang Maprostanta! Tsamaeang Maprostanta!” Ho sa le joalo batho ba bangata ba ne ba letetse ho utloa puo empa ba ne ba tšaba ho kena ka serapeng sa boikhathollo ka lebaka la mokhopi oo.

Mapolesa a ile a hloma sethunya sa morathatha ka pel’a mokhopi ’me a re haeba mang kapa mang a ka tšela moeli, a tla thunya. Mokhopi o ne o behiloe leihlo ho fihlela barab’abo rōna ba khona ho tloha ba sireletsehile sebakeng seo. Leha ho le joalo, esale ba phatlalatsa puo eo beke kaofela ’me ba ne ba ikemiselitse ho fa batho ba thahasellang monyetla oa ho e utloa. Paki ea moo e ile ea re ho sebelisoe lehae la eona. Ka mor’a hore puo e fanoe, sehlopha se seng se ile sa fihla ’me le sona sa re se ne se batla ho e utloa; kahoo molebeli oa potoloho o ile a fana ka eona habeli letsatsing leo. Mono Yuty, litholoana tse sa tšoaneng tsa mefuta e ’meli ea borapeli li ne li totobala ka ho hlakileng.

Baromuoa ba ne ba Tobane le ho Ntšoa ka Har’a Naha

Pusong ea eona, ka kakaretso Paraguay e ’nile ea boloka histori ea ho lumella malumeli a mang, le hoja, ho fihlela ka 1992, bolumeli bo neng bo amoheloa ke ’muso e ne e le ba Roma e K’hatholike. Bothata bo ’nileng ba e-ba teng hangata bo ne bo le libakeng tsa mahaeng le hona e le ka tlhohlelletso ea baprista ba moo le balateli ba bona ba nang le cheseho e feteletseng. Leha ho le joalo, mathoasong a 1950, ho bile le teko ea ’muso ea ho leleka baromuoa ba Watch Tower naheng eo.

Molao o mocha o ne o hloka hore bajaki bohle ba ngolise lefapheng la tsa ka hare le hore ba fane ka bopaki ba hore na ba sebetsa eng. Leha ho le joalo, ha baromuoa ba leka ho ngolisa, ba ile ba bolelloa hore ba ke ke ba ngolisa hobane ha e le hantle ba kene ka har’a naha ka ntle ho molao ’me kahoo ba lokela ho tšoaroa. Ho bonahala hore ho ne ho fanoe ka litlaleho tse fosahetseng ho ba boholong mabapi le hore na mosebetsi oa bona ke oa mofuta ofe.

Ba bang ba bahlanka ba ’muso ba ne ba e-na le kutloelo-bohloko, empa boiteko ba bona le ba ntlo ea bonģosa ba Amerika ho ne ho bonahala bo thula thaba ka phatla. Latin America hangata hase taba ea hore na u mang empa ke taba ea hore na u tseba mang ho hlahisang litholoana. Tabeng ena barab’abo rōna ba ne ba tseba motho e mong ea neng a le ka lehlakoreng la bona le eo ho ileng ha etsahala hore ebe o sebetsa ofising ea mopresidente. Ka eena, ba ile ba memela mongoli oa mopresidente lijong tsa mantsiboea lehaeng la baromuoa. Memo eo e ile ea amoheloa ka mofuthu.

Sena se ile sa fana ka monyetla oa ho buisana ka sebōpeho sa sebele sa mosebetsi oa sebele oa baromuoa le melemo ea oona naheng eo. Ho ile ha buisanoa hape ka bothata ba ngoliso, ’me mongoli oa mopresidente o ne a thahasella haholo. Ka lebaka leo, ka la 15 June, 1950, oa pele ho baromuoa bao o ile a khona ho ngolisa e le mojaki ea nang le tokelo ea molao ea ho lula naheng eo ho ntšetsa pele mosebetsi oa thuto ea Bibele.

Letsatsi le Thata Libakeng Tse ka Thōko

Mehleng eo mosebetsi oa molebeli oa potoloho o ne o hlahisa liphephetso tse khethehileng. Tsena li ne li akarelletsa ho tsamaea lihora tse ngata ’me mabakeng a mang, ho mamella khanyetso e mabifi. Lloyd Gummeson, ea fetileng Sekolong sa Gileade, o ile a qala ho sebeletsa e le molebeli oa potoloho ka nako e tletseng ka 1952. Hoba a qete nako le phutheho e ’ngoe ka leboea ho Yuty, o ile a tlaleha se ileng sa etsahala. Tšimo e haufi e ne e sa tsoa sebetsoa, kahoo ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ea sebetsa toropong e hōjana. Sehlopha seo, sa barab’abo rōna ba tšeletseng le baralib’abo rōna ba bane, se ile sa tloha ka 4:00 hoseng. Kaofela ha bona ba ne ba tsamaea ka maoto kantle ho morali e mong oabo rōna ea neng a e-na le ngoana ea nang le selemo. Ka 11:00 hoseng, ba fihla tšimong ea bona, ba aroloa lihlopha tse peli, ’me ba kena mosebetsing.

Mor’abo rōna Gummeson o ile a re: ‘Re ne re sebelitse hora e le ’ngoe feela ’me ka 12:00 motšehare o moholo re ne re lutse ka tlung e ruletsoeng ka joang re pakela lelapa le thahasellang, ha mookameli oa sepolesa le lesole le lilemo li 16 ba kena ba re supile ka lithunya. O ile a bolella lelapa leo ka tieo hore le khutlisetse libuka tseo ho rōna ’me eaba o re laela hore re ee le bona sepoleseng. Ha re fihla, bahoeletsi ba bang ba ne ba se ba le sepoleseng. Ke ile ka leka ho behelana mabaka le mookameli eo oa sepolesa empa ka fumana hore o tseba Seguarani feela eseng Sepanishe. Mahlo a hae a le mafubelu ke bohale, o ile a re laela hore kaofela ha rōna re tsoe toropong eo ’me a re bolella hore re se hlole re khutla.

‘Hoba re tsamaee hoo e ka bang k’hilomithara, re ile ra lula fatše tlas’a sefate hore re je lijo tsa motšehare. Ka tšohanyetso sehlopha se ile sa ema ’me sa qala ho baleha. Ka qamaka, ’me ka bona mookameli oa sepolesa le lesole le leng ba e-tla ba palame lipere ba nkile liphafa tse telele. Ke ile ka nahana hore ho ne ho tla ba molemo ha ke e-ba sehlopheng ’me kahoo le ’na ka tloselletsa ka lebelo. Eitse ha ke qothoma molatsoana, likhalase tsa ka li ile tsa oa. Eitse ha ke re kea inama kea li nka, ho ile ha e-ba le ho qhoakhatsa ha phafa ha e nkotla ka mahetleng. Eaba mookameli oa sepolesa o leka ho ntlhoesa pere holimo; empa ka ho tseba ho hong ka lipere, ke ile ka tsokotsa mokotlana oa ka oa ho paka ka pel’a pere, ’me e ne e ke ke ea nkatamela.

‘Ho sa le joalo mookameli oa sepolesa o ne a se a shapile barab’abo rōna ba bang ba bararo ka makhetlo ka phafa eo, ’me a leka ho hloesa morali’abo rōna oa pula-maliboho ea lilemo li 70 pere ea hae. Qetellong bobeli ba bona ba ile ba khutlela toropong, ’me ra tsoela pele le leeto la rōna. Ho ne ho se ea tsoileng likotsi tse mpe, le hoja ba bang ba ne ba e-na le metoa e mefubeli ka mekokotlong ke phafa. Empa ho ne ho se ea utloang bohloko ba letho. Re ile ra fihla lapeng ka 8:00 mantsiboea—ka mor’a hore re tsamaee lihora tse 16.’

Ho sa tsotellehe liketsahalo tse joalo litorotsoaneng tse ling le metseng e meng, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o ile oa ’na oa tsoela pele ho atleha.

Ka Mor’a Phetoho ’Musong

Selemo sa 1954 se ile sa ipaka e le se mahlonoko bophelong ba lipolotiki ba naha eo. ’Muso oa Don Federico Chávez o ile oa ketoloa. Ka la 11 July, Molaoli oa Mabotho Alfredo Stroessner o ile a khetheloa bopresidenteng. Sena se ile sa hlahisa puso ea sesole e ileng ea nka lilemo tse fetang 34. E ile ea ama tšebetso ea Lipaki tsa Jehova joang?

Ho ile ha lokisetsoa kopano ea matsatsi a mane ka la 25-28 November hona selemong seo. Paraguay e ne e le ka tlas’a molao oa puso ea sesole, kahoo ho ne ho hlokahala tumello ea sepolesa hore re tle re be le seboka sa mofuta ofe kapa ofe. Na see se ne se tla hlahisa bothata? Barab’abo rōna ba ne ba se ba lokiselitse ho hira holo e khōlō. Empa ha ba il’o lata tumello ea sepolesa bakeng sa kopano, ba ile ba bolelloa hore ba ke ke ba tšoara kopano. Hobane’ng? Ofisiri e ’ngoe e ile ea lumela hore baprista ba ne ba ba hatella. Ka mor’a maeto a mangata le ho behelana mabaka, qetellong barab’abo rōna ba ile ba bolelloa hore le hoja ba ke ke ba fuoa tumello, mapolesa a ke ke a kenakenana le bona nakong ea kopano. Ka bohlale, barab’abo rōna ha baa ka ba phatlalatsa kopano eo ka limemo kapa ka likoranta. Limemo tsohle li ne li etsoa ka molomo. Kopano e ile ea tsoela pele kantle ho tšitiso ea letho.

Khanyetso ea Bolumeli e Tsoela Pele

Baruti ba K’hatholike ba ne ba sa bontše ho tela boitekong ba bona ba ho thibela Lipaki tsa Jehova. Ho ea qetellong ea 1955, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa hore kopano e nyenyane ea potoloho e tšoareloe Piribebuy, lik’hilomithara tse 72 ka bochabela ho motse-moholo. Ka mor’a shoalane bosiung ba pele ba kopano, moprista oa pharishe o ile a etella pele mokhopi o hlometseng ka melamu le lithipa ho ea qhala seboka seo. Tichere ea moo ea sekolo e ile ea kenella, ’me mokhopi oa tsoela seterateng. Ha o le moo o ile oa qeta phirimana eo o hoeletsa le ho betsa ka majoe le ka li-firecracker.

Khanyetso ea bolumeli e ile ea boela ea utluoa ka la 1 March, 1957, toropong ea Itá, ka boroa-bochabela ho motse-moholo. Nako e telele pele ho letsatsi lena, barab’abo rōna ba ne ba entse litokisetso tsa molao tsa ho tšoarela kopano ea bona ea potoloho toropong ena. Tumello ea molao ea ho tšoara kopano e ne e fumanoe ho ba boholong motseng oa Itá le sepoleseng motse-moholong oo. Leha ho le joalo, ha barab’abo rōna ba qala ho fihla Itá bakeng sa kopano, ba ne ba ka bona hore ho na le ho hong ho phoso. Motse oo o ne o shebahala eka ke lithako. Ho ne ho se na batho literateng; lifensetere le mamati li ne li koetsoe li bile li sirelelitsoe. Hobane’ng?

Moprista oa pharishe o ne a ikanne hore kopano ena e ke ke ea tšoaroa ’me o ne a entse sohle seo a ka se khonang ho phethahatsa kano ea hae. O ne a bile a ile a lokisetsa le hore sefofane se e’o hasanya lipampitšana tse likete libakeng tse ka thōko. Li ne li e-na le molaetsa ona: “Labohlano, la 1 March, 1957, ka 5:30 mantsiboea ka pel’a kereke ho tla ba le tšubuhlellano e khōlō ea Bakreste bohle ba K’hatholike ba tsoang motseng le literekeng. . . . Ka 6:30, pontšo e khōlōhali ea Mak’hatholike ea hore a nyatsa ‘Lipaki (tsa bohata) tsa Jehova.’ Bakhelohi ba Maprostanta ha ba na tokelo ea ho ba le kopano leha e le efe kae kapa kae mona Itá.”

Ha barab’abo rōna ba tsebisoa ka merero ea moprista Ayala, ho ile ha nahanoa hore ho tla ba molemo ho tlosa kopano sebakeng se batlang se bulehile se neng se hiriloe ho e isa lehaeng la e mong oa barab’abo rōna. Lehae le ne le tla fana ka tšireletso e molemonyana haeba ho hlaseloa.

U ka inahanela boemo boo. Lehaeng la mor’abo rōna, Bakreste ba ka bang 60 ba ratang khotso ba ne ba bokane ho tla hlahloba Lentsoe la Molimo. Mehaho e ’meli ho tloha moo letšoele la batho ba fetang sekete, le ntseng le eketseha butle-butle, le ne le mametse puo e hlabang ea moprista le ho le susumelletsa ha hae pefong.

Hase bohle letšoeleng leo ba neng ba lumellana le liketso tsa moprista. Solano Gamarra, molefothenente ea tlaase oa Sesole sa Moeeng sa Paraguay, o ile a leka ho kokobetsa moprista. O ile a boela a bua le baprista ba bang, empa ho se katleho. E mong oa baprista-’moho le Ayala o ne a halefile hoo a ileng a otla molefothenente ka setebele ’me a mo tabola molomo. Ha le bona sena, letšoele le joaloka liphiri le ile la fetohela molefothenente, la mo otla ’me la mo ntša maqeba a ahlameng hloohong. Litho tsa mokhopi oo li ile tsa mo tabolela hempe ’me tsa e hloma thupeng ’me tsa e chesa. Gamarra a baleha ho pholosa bophelo ba hae.

O nyoretsoe mali, joale mokhopi oo o ile oa leba kopanong, o hoeletsa: “Jehova ha a theohe!” “Jehova ha a shoe!” Ha o ntse o atamela lehae leo ho tšoaretsoeng kopano ho lona, mapolesa a seng makae a tšireletso a ile a nyamela. Barab’abo rōna ba ile ba koala monyako oa ntlo ka thata ba le ka hare. Ba bang ba mokhopi oo ba ile ba leka ho kena le ka foranta e ka morao ba kena le jareteng ea moahelani, empa moahelani o ile a ema a tiile ’me a se ke a ba lumella hore ba fete. O ne a e-s’o lebale hore ha a ne a kula, Paki eo hona joale ntlo ea eona e hlaseloang e ne e bile mosa haholo ho eena. Ho sa le joalo, barab’abo rōna, ba tšepile Jehova, ba ile ba tsoela pele ka seboka sa bona ka hohle kamoo ba ka khonang. Bakeng sa tšireletso, kaofela ba ile ba robaletsa ntlong eo. Letsatsing le hlahlamang, tlhokomeliso e tsoang ntlo-khōlō ea sepolesa Asunción e ile ea hlakola tumello ea kopano e le ho sireletsa Lipaki le hobane sepolesa sa moo se ne se sa khona ho sebetsana ka katleho le mokhopi oo. Ho ile ha hiroa bese ’me baeti ba thabileng ba binang ba ile ba tloha ho ea lehaeng la baromuoa le kopaneng le lekala Asunción ho ea qetela kopano ea bona. Ba ne ba kopane le teko ea tumelo ’me ba ne ba le matla haholoanyane.

Ho Hlokomeloa ka Molao

Ka mor’a ketso eo ea mokhopi Itá, ofisi ea lekala, e etsisa tsela e ileng ea nkuoa ke moapostola Pauluse, e ile ea nka bohato ba ‘ho theha ka molao litaba tse molemo’ Paraguay. (Bafil. 1:7; Lik. 16:35-39) Ho ile ha hlaha liphello tse molemo ho sena. Ka mor’a hore ho khahlametsoe litlhoko tsohle tsa molao tsa moo, ka la 14 October, 1957, Watch Tower Bible and Tract Society e ile ea hlokomeloa e le mokhatlo oa molao, o filoeng tokelo ea ho emela Lipaki tsa Jehova naheng ena. Ho tsebisoa ha taba ena ho ile ha hatisoa e le taelo ea mopresidente likoranteng. Hona ho ipakile e le ntho e molemo haholo ha ho rekoa setša se hlokahalang, ’me ho entse hore ho be bonolo ho fumanela baromuoa tumello ea bolulo e sa feleng.

Filimi ea Bona ea Pele

Ho tloha ka 1954 ho ea ho 1961, ho sebelisoa ha lifilimi ho ile ha finyella ho hoholo mabapi le ho tloaelanya sechaba le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho bontša lifilimi tsa Mokhatlo ho pholletsa le boholo ba karolo e ka bochabela ea naha. Ka nako ea lilemo tse hlano ho ntse ho baloa ba bang teng, batho ba fetang 70 000 ba ile ba e-ba teng bakeng sa lipontšo tsena.

Ho ipakile e le ho ipeha kotsing ho nka jenereitara hammoho le thepa e ’ngoe kaofela e hlokahalang ho ea bontša filimi sebakeng se ka thōko. Hangata ho ne ho khethoa lebala la bolo le feela. Ho ne ho hlongoa thepa pele shoalane e tšoara. Joale ho ne ho etsoa tsebiso ka sebuela-hōle ho mema sechaba. Ka linako tse ling lisenyi li ne li betsa ka majoe. Palo ea ba bang teng e ne e fapana. General Artigas, moo ho neng ho e-na le phutheho ea bahoeletsi ba ka tlaase ho 20 ba neng ba kopanela lik’hilomithara tse robeli ho tloha toropong eo, batho ba ka bang 1300 ba ile ba bona filimi eo ka bosiu bo bong! E ne e le ntho e tloaelehileng ho utloa batho ba keketeha ha pono e fetoha nakong ea metsotso e qalang ea filimi. Ho phaella moo, libakeng tse ka thōko hangata e ne e le lekhetlo la pele ba bona filimi.

Lifilimi tseo li ile tsa fa Lipaki tsa moo le sechaba leseli le molemo la hore na mosebetsi o etsoang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara o moholo hakae.

Baromuoa ba Ile ba Itela ka Bolokolohi

Ha bahoeletsi ba ntse ba eketseha ka palo, baromuoa ba ile ba etsa boiteko bo tiileng ba hore ba ba thuse ho tsoela pele ho hōla tsebong. Liphello tse molemo li ile tsa bonahala ha baromuoa ba e-ba le tokelo ea ho ba teng Kopanong ea Mokhatlo oa Lefatše le Lecha New York City ka 1953. Ha ba ntse ba le sieo, ho ile ha hlokahala hore barab’abo rōna ba moo ba hlokomele boikarabelo ba bolebeli Phuthehong ea Asunción. Ho ile ha fihleloa litlhōrō tse ncha mesebetsing ea tšebeletso ea tšimo. Barab’abo rōna ba moo ba ile ba ipabola hoo, ha baromuoa ba khutla, ba ileng ba kōptjoa hore ba tsoele pele ho hlokomela likabelo tseo. Hona ho ile ha lokolla baromuoa hore ba sebeletse libakeng tse ling.

Ho ne ho e-na le ho hongata hoo ba ka ho etsang. Ka mor’a hore Werner Appenzeller a be naheng eo likhoeli tse ka bang tse ’nè ’me a khona ho bua bonyane Sepanishe se itseng, o ile a abeloa ho ea hlokomela potoloho e tikolohong ea Encarnación. Boholo ba litsela bo ne bo e-s’o tšeloe sekontiri. Hangata ho ne ho tsamauoa ka maoto kapa ka pere. Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 100 feela potolohong eo kaofela, empa khothatso le koetliso li ne li tla tlatsetsa tsoelo-peleng ea bona ea moea. Lilemo tse seng kae hamorao, Ladislao Golasik, eo e neng e le mora oa Robert Golasik ’me a e-tsoa sebakeng sena, o ile a abeloa mosebetsi oa potoloho.

Qetellong ea 1961, baromuoa ba ileng ba koetlisoa Sekolong sa Gileade ba ne ba bile mafolofolo Paraguay ka lilemo tse 15. Ka nako eo ho ne ho e-na le Lipaki tse 411 naheng eo, li hlophisitsoe ka liphutheho tse 22. Lihora tse fetang 594 000 li ne li se li sebeliselitsoe ho bolela litaba tse molemo naheng ena. Ka nako eo baromuoa ba ne ba sebeletsa ba le mahaeng a mahlano a boromuoa. A ne a le Asunción, Encarnación, Villarrica, Coronel Oviedo le Pedro Juan Caballero. Ba le litsing tsena tsa baahi, baromuoa ba ile ba boela ba tsamaea ho ea bolela libakeng tse li potolohileng. Ho fihlela ka 1961, baromuoa ba 50 ba ile ba kopanela mosebetsing Paraguay. Ka lebaka la ho kula kapa ka mabaka a mang, ba 29 ba ile ba ho fumana ho hlokahala ho khutlela linaheng tsa habo bona. Empa kaofela ha bona ba ile ba tlatsetsa ka litsela tse sa tšoaneng ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso Paraguay. Ka December 1961, Elmer le Mary Pysh, liithuti tsa pele tsa thupelo ea likhoeli tse leshome ea Gileade, ba ile ba fihla Paraguay.

Ho Haha Libaka Tsa Bona Tsa Liboka

Hoo e ka bang ka nako ena, barab’abo rōna Asunción ba ile ba haha le ho nehela Holo ea ’Muso, ea pele Paraguay eo e neng e le ea bona. E ne e le mohaho o motle oa setene le samente, o nang le sebaka seo ho sona ho ka lulang batho ba fetang 200. E ile ea e-ba bopaki bo bokaakang motseng oo, ha banna, basali le bana ba kopanela hammoho ho chekeng, ho kopanyeng konkreite, ho hlakoleng litene, ho penteng le ho hloekiseng! Ho ne ho totobetse ho ba shebeletseng hore bana ke basebetsi ba mafolofolo.

Sehlopha se senyenyane sa Lipaki, seo e e-song ho be phutheho, se ne se e-na le ba bangata ba neng ba e-tla libokeng tsa sona Vacay, e leng sebaka se ka thōko ka boroa ho naha eo, hoo se ileng sa etsa qeto ea hore le sona se hloka Holo ea ’Muso. Empa se ne se se na chelete. Se ne se ka etsa’ng? Se ile sa etsa tumellano le mokhanni oa mochine o remang lifate ka hore se hleke sebaka se seng e le phapanyetsano bakeng sa thepa ea ho haha le chelete e itseng. Ha holo e felile, malapa a mane a thahasellang a neng a lula hōle a ile a rekisa mapolasi a ’ona ’me a fallela haufi le Holo ea ’Muso e le hore a se ke a fosoa ke liboka.

Hamorao, ho ile ha hahuoa mehaho ea likopano tse khōlō le tse nyenyane. Ka linako tse sa tšoaneng barab’abo rōna ba ne ba ile ba sebelisa Club Martín Pescador, le sebaka sa marobalo se Univesithing ea Sechaba le American School. Joale mathoasong a bo-1970, ba ile ba fuoa setša moo ba neng ba ka haha Setsi sa bona sa Kopano, ’me se ile sa hahuoa butle-butle ka lilemo tse ngata.

Ho Fana ka Mehaho e Loketseng ea Lekala

Ka lebaka la ho eketseha ha tšebeletso le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova, ho ne ho boetse ho hlokahala ho fana ka mehaho e loketseng haholoanyane ea lekala. Ho ’nile ha hiroa matlo a sa tšoaneng ka lilemo bakeng sa morero oo. Empa ka 1962, Nathan Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a fana ka taelo ea hore ho rekoe setša ho se seng sa libaka tsa bolulo tse ntle motseng oo, ka morero oa ho haha lehae la baromuoa le kopaneng le lekala le neng le tla boetse le akarelletsa le Holo ea ’Muso. Ho ile ha fumanoa setša ho e ’ngoe ea litsela tse khōlō tsa motse-moholo, mehaho e ’meli ho tloha lebaleng le leholo la lipapali Paraguay. Ka mor’a hore ho etsoe lipolane ’me li amoheloe ke ba boholong motseng oo, kaho e ile ea qala ka January 1965, ’me ka nako ea likhoeli tse leshome morero oo o ile oa phethoa. Mathoasong a 1966 e bile thabo ho barab’abo rōna ho ba le Mor’abo rōna Knorr bakeng sa nehelano ea mehaho e mecha, ho le leng la maeto a hae a libaka.

Ka lebaka la sebaka seo mohaho o leng ho sona, batho ba likete tse ngata Asunción ba ne ba hlokomelisoa letsatsi le letsatsi ka boteng ba Lipaki tsa Jehova har’a bona. ’Me ha ba feta ba le tseleng ea bona e eang liketsahalong tsa lipapali, ba likete-kete ba eketsehileng ba ne ba hopotsoa hore Jehova o na le Lipaki tsa hae Paraguay.

Tokisetso e Ncha ea Botsamaisi

Joalokaha e bile ’nete le liofising tsa makala a Mokhatlo ho pota lefatše, ka la 1 February, 1976, Komiti ea Lekala e ile ea qala ho sebetsa, e nkela sebaka tokisetso ea ho ba le molebeli a le mong oa lekala. Lilemong tse ka pele tse 30, Albert Lang, William Schillinger, Max Lloyd, Lloyd Gummeson, Harry Kays le Elmer Pysh ba ne ba sebelelitse ka nako e sa tšoaneng ka bolelele e le balebeli ba lekala. Kaofela ba ne ba tlatselitse hantle mosebetsing oa ’Muso. Joale ho ne ho kena tokisetso e ncha eo ho eona komiti ea banna ba hōlileng tsebong e neng e tla ba ho arolelana bolebeli bakeng sa tšebetso ea Lipaki tsa Jehova ho pholletsa le naha.

Elmer Pysh o ile a khetheloa ho ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, ’me Charles Miller le Isaac Gavilán ba ile ba abeloa ho ba litho tse ling. Barab’abo rōna Pysh le Miller ka bobeli e ne e le liithuti tsa Gileade. Mor’abo rōna Gavilán, oa Paraguay, o ne a bile tšebeletsong ea nako e tletseng Paraguay ka lilemo tse 13.

Leqhubu le Leng la Khanyetso ea ba Boholong

Joalokaha e le ’nete le lefatšeng lohle, Lipaki tsa Jehova ha li jele paate litabeng tsa lipolotiki. Li nka polelo ea Jesu ho balateli ba hae ka ho teba: “Ha le karolo ea lefatše.” (Joh. 15:19) Li hopola keletso ea Bibele e reng, “Le itebele litšoantšong tse rapeloang,” li boetse li ithiba ho kopaneleng litšebeletsong tsa bochaba tseo li li talimang e le borapeli ba litšoantšo. (1 Joh. 5:21) Ba boholong ’musong, bao bophelo ba bona bo amehang ka ho teba tsamaisong ea lipolotiki le ba talimang bochaba e le mokhoa oa ho kopanya batho ba bona, pele ba ka ’na ba ho fumana ho le thata ho utloisisa boemo ba Lipaki tsa Jehova. Baa tseba hore lihlopha tse ling tsa bolumeli, esita le baruti, ha li qeaqee ho kopanela lipolotiking le litšebeletsong tsa bochaba. Hangata baruti ba sebelisa boemo bona ho jala lipelaelo har’a ba boholong ’musong mabapi le Lipaki tsa Jehova.

Lengolong la la 31 October, 1974, motsamaisi-kakaretso oa bolumeli Dr. Manfredo Ramirez Russo, o ile a kōpa boitsebiso ka litumelo le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova. Ka la 25 February, 1976, ’muso o ile oa ntša taelo e hlokang “tšebeletso ea letsatsi le letsatsi ea ho phahamisa folakha le ho bina Pina ea Sechaba” “litsing tsohle tsa thuto.” Ka bongoli bo tsosang maikutlo, khatiso ea la 3-17 September ea sengoliloeng sa bolumeli El Sendero (Tsela) e ne e e-na le sehlooho se nyelisang se tletseng leqephe se reng “Lipaki tsa Jehova.” Patria, koranta ea ’muso ea phathi e busang ea lipolotiki, e ile ea latela ka sehlooho se tšoanang se nyelisang se reng “Cheseho e Feteletseng,” ka la 14 March, 1977.

Ho sa le joalo, baemeli ba tsoang liofising tsa lekala tsa Lipaki tsa Jehova ba ile ba bitsetsoa ho tla buisana le motsamaisi-kakaretso oa bolumeli. Kakaretso ea lithuto tsa Lipaki tsa Jehova e ile ea etsoa ka mor’a seboka seo. Ka ho khetheha e ile ea tsepama holim’a boemo ba tsona mabapi le folakha, pina ea sechaba le tšebeletso ea sesole. Matsatsi a seng makae hamorao, ofisiri e ’ngoe ea sepolesa, Obdulio Argüello Britez, e ile ea tla ofising ea Mokhatlo Asunción ’me ea kōpa boitsebiso ka kopano eo Lipaki tsa Jehova li neng li e tšoere ka la 6 ho ea ho la 9 January. Nakoana ka mor’a moo, ’muelli-kakaretso oa naha Dr. Clotilde Jiménez Benítez, o ile a buisana ka lipotso le baemeli ba Mokhatlo ka litaba tse tšoanang tseo ho ileng ha buisanoa ka tsona pele Ofising ea Tsamaiso ea Bolumeli.

Ka mor’a letoto lena la liketsahalo, ka 1978, bana ba Lipaki tsa Jehova ba neng ba hana ho bina pina ea sechaba ba ile ba qala ho lelekoa sekolong, ho se monyetla oa hore ba ngolisoe hape sekolong se seng. Empa hoo e ne e se qetello ea mathata.

Thibelo—Seo e Neng e se Bolela

Ka la 3 January, 1979, “seso” se ile sa qetella se phunyehile. Ho ile ha phatlalatsoa taelo ea hore boemo ba molao ba Mokhatlo oa Watch Tower bo hlakotsoe, e leng o neng o emela Lipaki tsa Jehova.

Lihlooho tsa likoranta tse tsebisang ka taelo ena li ile tsa tšosa Lipaki le bao e seng Lipaki ka ho tšoana. Hoo e ka bang mecha eohle ea litaba e ile ea thahasella taba ena. Ba bang ba ne ba rata bohato boo; ba bang ba bo nyatsa. Koranta ea ABC e ile ea phatlalatsa hore taelo eo e ne e le “ho hatakela tokelo ea mantlha ea botho, e lumeletsoeng ke Temana ea 18 ea Universal Declaration of Human Rights [Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho].”

Hang-hang hoba e tsebisoe ka thibelo eo, Komiti ea Lekala, e sa tsebe meeli ea thibelo eo, e ile ea hlophisa lintho e le hore mosebetsi oa lekala o ka hlokomeloa libakeng tse ling. Dr. Raul Peña, letona la thuto le bolumeli, o ile a phatlalatsa: “Le ka mohla ha re e-s’o ka re nahana hore sena ke mahloriso a bolumeli.” Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlameha ho tšoara liboka tsa tsona ka lihlotšoana malapeng a batho. Tšebeletso ea tsona ea ho bolela e ne e thibetsoe, le hoja cheseho le sebete sa boholo ba barab’abo rōna li ne li sa ameha. E le hore li rue molemo likopanong tsa Bokreste, ka nakoana li ile tsa tlameha ho lokisetsa ho ba teng likopanong tse joalo linaheng tse ling.

Letoto lee la liketsahalo le ile la qaleha joang? Na Dr. Manfredo Ramirez Russo o ile a nka bohato bo joalo ka matla a ’muso feela? Ho thahasellisang ke hore, ka la 25 August, 1981, Ultima Hora, koranta ea Asunción, e ile ea hlahisa setšoantšo sa Manfredo Ramirez Russo le “Mosinatoro” José Mees ka mofuthu ba eme ba shebane. Tlas’a setšoantšo seo ho ne ho e-na le mongolo o reng: “Khau ea tlōtlo ea ‘Mohalaleli Gregory e Moholo’ e ile ea fuoa Manfredo Ramirez Russo, motsamaisi oa Bolumeli Lefapheng la Thuto, ke Moemeli ea ka Sehloohong oa Mopapa oa Boapostola oa Mohalaleli, Mosinatoro José Mees, ka ho hlokomela litšebeletso tse etselitsoeng Kereke e K’hatholike.”

Ka mor’a hore thibelo e etsoe, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoaroa libakeng tse ngata. Li ne li isoa litlamong ha li fumanoa li tšoere liboka tse nyenyane malapeng a batho, ha li e-ea malapeng ho ea arolelana molaetsa oa tšepo oa Bibele le ba bang, le ha li khannela batho ba thahasellang lithuto tsa Bibele malapeng a bona.

Pakeng tsa la 8 le la 11 October, 1981, barab’abo rōna ba robong Encarnación ba ile ba kenngoa teronkong. Ha Antonio Pereira, moholo sebakeng seo ea neng a e-s’o tšoaroe, a kōpa ho bua le mookameli oa sepolesa, Julio Antonio Martínez, e le hore a ka fumana hore na barab’abo rōna ba phela joang teronkong, mookameli oa sepolesa o ile a laela hore a tšoaroe ’me a kenngoe seleng e nang le tšireletso e phahameng ka ho fetisisa. Ho sa le joalo, Joseph Zillner, ea tsoang phuthehong e haufi, o ile a ea lapeng la ’mè oa mor’abo rōna oa pele ho ba ileng ba kenngoa teronkong ho ea bona hore na ho etsahala’ng. E tlameha ebe ho na le ea ileng a tsebisa sepolesa, ka nako ea metsotso e leshome o ne a qhojoa ke mapolesa a le tseleng e eang teronkong ea Encarnación!

Ho Butsoela Malakabe A Mahloriso

Lilemo tse seng kae ka mor’a hore thibelo e sebetse, ho tšoaroa ho ile ha khaotsa. Butle-butle barab’abo rōna ba ile ba qala ho sebelisa Liholo tsa bona tsa ’Muso le ho tšoara likopano tse nyenyane. Leha ho le joalo, sena kaofela se ile sa emisoa ka tšohanyetso ka 1984 ha koranta ea moo e tsebisa hore barutoana ba bane bao e leng Lipaki tsa Jehova ba lelekiloe Sekolong sa Mosebetsi oa Bothekniki Asunción hobane ba ne ba hana ho bina pina ea sechaba. Hoo ho ile ha hotetsa malakabe a phutuho e khōloanyane le ho feta khahlanong le Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka la seo, hoo e ka bang bana bohle ba lilemong tsa ho kena sekolo ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba lelekoa. Ba bangata ba bana bana ho ne ho se mohla ba tla ke ba khone ho khutlela sekolong.

Selemong seo, ho tloha ka la 2 ho ea ho la 5 May, koranta ea Hoy (Kajeno) e ile ea phatlalatsa letoto la lihlooho tse nyelisang tse ngotsoeng ke Antonio Colón, moprista oa K’hatholike. Hamorao selemong seo, letona le lecha la thuto le bolumeli le ile la hlapantšoa, empa le ile la ntšetsa pele leano la eo le mo hlahlamang. Ka mor’a hore le etse phatlalatso e matla ea bochaba, boholo ba bana ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba hanoa ha ba ngolisa sekolong bakeng sa selemo se latelang. Molemong oa sehlopha sa barutoana ba leshome, bao ba tšeletseng ba bona ba ileng ba lelekoa ’me ba bane ho bona e le bao ho hannoeng ha ba ngolisa, ho ile ha ipiletsoa makhotleng bakeng sa tokelo ea Lipaki tsa Jehova ea ho ruta bana ba tsona tsamaisong ea sekolo ka ntle le hore ba tlohele tumelo ea bona kapa ho hatella matsoalo a bona. Lekhotla le ile la ahlolela Lipaki hantle. Empa Lefapha la Thuto le Bolumeli le ile la ipiletsa Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa.

Selemong sohle sa 1985 khang ena e ile ea tsoela pele e le e hlaheletseng. Bangoli ba bang ba likoranta ba ile ba sireletsa boemo ba Lipaki tsa Jehova, ha ba boholong ’musong ba tsoela pele ho li hlasela. Ka la 23 July, 1985, ha khang e sa ntse e tsoela pele, lengolo le tsoang ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova le ile la romeloa ho mopresidente oa Paraguay.

Ka lebaka la ho ahloleloa hantle lekhotleng le tlaase nyeoeng ea bana ba lilemong tsa ho kena sekolo, ofisi ea lekala e ile ea khothalletsa liphutheho ho qala ho sebelisa Liholo tsa tsona tsa ’Muso phatlalatsa haholoanyane. Sena se ne se tla qobella ba boholong hore ba nke bohato bo tiileng haholoanyane—ebang ke bo khahlanong le rōna kapa ke bo re fang bolokolohi bo boholoanyane.

Ka la 21 March, 1986, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala o ile a bitsetsoa ntlo-khōlō ea sepolesa. Ho ile ha fanoa ka temoso ena: “Le boetse le sebelisa libaka tsa lōna tsa liboka empa ha lea lumelloa ho etsa joalo.” Mor’abo rōna Gavilán o ile a arabela: “Ntumelle ke u hopotse hore taelo e neng e hlakola ho hlokomeloa ha rōna ka molao e isitsoe ka lekhotleng mabapi le hore na e lumellana le molao-motheo. Nyeoe eo e ntse e nahaneloa ke Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa ka ona motsotso; Lekhotla ha le e-s’o ntše qeto. Joalokaha bohato boo ba ho se lumellane le molao-motheo bo etsa hore taelo eo e fanyehoe, ho ea ka molao re na le tokelo ea ho tšoara liboka tsa rōna hafeela qeto ea ho qetela ea Lekhotla e le hona e tlang.” Ofisiri ea araba: “Ha ke ’muelli oa molao, kahoo nke ke ka u phehisa khang ka seo. Ha ho le joalo ntlisetse lethathamo la libaka tsa liboka tsa lōna ’me re tla bona hore na ho etsahala’ng.” Puisano ea fella moo. Boitsebiso bo batliloeng bo ile ba tlisoa, hammoho le tokomane ea molao e tsamaeang le bona. Liholo tsa ’Muso ha lia ka tsa koaloa hape.

Leha ho le joalo, ka la 26 February, 1987, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa tlas’a Moahloli e Moholo Dr. Luis María Argaña le ile la fana ka kahlolo khahlanong le Lipaki tsa Jehova nyeoeng ea bana ba sekolo. Har’a litsebi tse ngata, sena se ile sa talingoa e le qeto ea lipolotiki, ’me ba bangata ba ile ba e nyatsa. See sohle se ile sa e-ba le phello efe mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova?

Ho Tsoela Pele ho Bolela Litaba Tse Molemo

Mosebetsi oa ho boleloa ha ’Muso ha oa ka oa khaotsa lilemong tseo tse thata. Ka January 1984, ofisi ea lekala e ile ea qala phutuho ea ho sebetsa tšimo e ka thōko ka bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana. Ba 30 ba ile ba kopanela lenaneong lena selemong sa pele. Ho ile ha eteloa litoropo tse sa tšoaneng tse 75. Ho tse 14, ba boholong sebakeng seo ha baa ka ba lumella barab’abo rōna ho bolela ho tsona. Empa libakeng tse ling, ha ba boholong ba hlalosetsoa bohlokoa ba mosebetsi ona oa moea, ba ile ba sireletsa barab’abo rōna ’me, mabakeng a mang, ba fuoa sebaka sa ho robala setsing sa sepolesa ka bosona!

Ka lebaka la tšebetso ena, ho ile ha fumanoa batho ba bangata ba thahasellang. Mosali e mong ea lulang lik’hilomithara tse ka bang 200 ho tloha Asunción, hoba a amohele buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ho bo-pula-maliboho, o ile a ngolla ofisi ea lekala ho kōpa thuso e eketsehileng. Ha banyalani ba Lipaki ba fihla e le karabo kōpong ea hae, mosali eo o ile a lelaletsa mahlo a hae leholimong ’me, a sekile meokho ka mahlong, a leboha Jehova. Ho sa tsotellehe khanyetso ea seng, e ile ea e-ba mohlanka ea tšepahalang oa Jehova, a pakela baahelani le bao a tloaelaneng le bona.

Lihlopha tse ncha tsa bahoeletsi le liphutheho tse ncha li ile tsa hlophisa masimo ana ao pele e neng e le a ka thōko. Phutuho ea bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana e ile ea etsoa tokisetso ea selemo le selemo ’me e tsoela pele ho fihlela hona joale, ka liphello tse babatsehang.

Khatello E-ea Kokobela

Lipaki tsa Jehova le tšebetso ea tsona li ne li tsebahala haholoanyane ho ba boholong. Boiteko ba ho thusa ba boholong hore ba utloisise haholoanyane mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova bo ile ba tsoela pele ho fihlela ho fanoe ka tumello ea molomo bakeng sa ho tšoara kopano ea batho bohle ka la 21 le la 22 March, 1987, Setsing sa Kopano sa Lipaki tsa Jehova.

E bile letsatsi le thabisang hakaakang ho barab’abo rōna! Ba tletse meokho ka mahlong, bara le barali babo rōna ba ile ba hakana. Ka mor’a lilemo tse robong tsa khatello, tsitsipano, ho hloka botsitso le mahloriso a tobileng, lena e ne e le lekhetlo la pele ba khona ho ba hammoho ho rapela ka bolokolohi Paraguay. Ba neng ba le teng e ne e le baeti ba tsoang Argentina, Brazil le Uruguay ba neng ba memetsoe ketsahalong ena e khethehileng. Eo e ile ea e-ba ketsahalo ea makhaola-khang tšusumetsong ea thibelo.

Ho Hlokomeloa ka Molao Hape

Paraguay e ne e tobane le mehla ea liphetoho. Tsitsipano ea lipolotiki e ne e ntse e hōla. Qetellong, bosiung ba la 2 February, 1989, ho ile ha utluoa molumo oa lithunya tse khōlō Asunción. Ho ne ho qhomme phetohelo ea puso! ’Muso oa sesole oa Alfredo Stroessner o ile oa oa letsatsing le hlahlamang.

Hang-hang ho ile ha qaloa boiteko ba hore re hlokomeloe ka molao hape. Qetellong, kōpo eo e ile ea amoheloa ka la 8 August, 1991. E bile letsatsi le thabisang hakaakang ho batho ba Jehova Paraguay!

Ka la 20 June, 1992, molao-motheo o mocha o ile oa qala ho sebetsa. Ho ne ho kopanyellelitsoe litemana tsa bohlokoa tse neng li sebetsana le litokelo tsa botho, tse kang bolokolohi ba ho bokana, bolokolohi ba ho hana ntho ka lebaka la letsoalo, bolokolohi ba bolumeli le likhopolo, le ho tlosoa ha bolumeli ba Naha. Tsena le lintlafatso tse ling li ile tsa fana ka topollo e amohelehang.

Ho Tsoela Pele ka Mosebetsi!

Ho ne ho ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa oa ho bolela litaba tse molemo Paraguay. Ka 1979, ha thibelo e ne e qala ho sebetsa, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 1541 Paraguay. Selemong seo re ileng ra boela ra hlokomeloa ka molao ka sona, ho ile ha tlaleha ba 3760. Hona joale ho na le ba fetang 6200. Empa karo-karolelano ea bahoeletsi ho baahi e ntse e le a le mong ho ba 817. Ho ka etsoa eng e eketsehileng ho finyella batho bao?

Selemo le selemo, bo-pula-maliboho ba khethehileng kamehla ba romeloa ho ea paka litoropong tseo ho se nang liphutheho ho tsona. Empa karolo ea 49 lekholong ea baahi e phela libakeng tse ka thōko. Ka 1987 lekala le ile la hlomella teraka ka lintho tse hlokahalang tsa motheo bakeng sa ho etsa hore e be e tšoanelehang e le lehae le tsamaeang bakeng sa bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka lilemo tse leshome ho fihlela joale, e ’nile ea sebelisoa ho finyella tšimo e ka thōko e sa koaheloeng ke liphutheho kapa ke bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana. Ka tsela ena metsi a bophelo a ntse a tšèloa ho pholletsa le libaka tse khōlō tsa naha eo.

Ho boetse ho entsoe boiteko bo khethehileng ba ho pakela batho ba phelang pel’a linōka. Hangata, tsela feela ea hore ba kopane le batho ba bang ke ka seketsoana. Kahoo ka 1992 Mokhatlo o ile oa haha sekepe se nang le sebaka se lekanang batho ba bane. Ba ile ba qala phutuho e phethahetseng ea ho batla batho ba kang linku mabōpong a linōka tsena. Ka ho loketseng seketsoana seo se bitsoa Pula-maliboho.

Mor’abo rōna ea ikarabellang sehlopheng seo oa ngola: “Hoba re tšele Nōka ea Paraguay, re ile ra fihla Puerto Fonciere lik’hilomithara tse 483 ho tloha Asunción, ’me ra qala ho bolela ka ntlo le ntlo. Moqoqong oa rōna le mosali-moholo e mong, re ile ra bolela hore Molimo o itse o tla felisa bokhopo bohle, ’me joaloka Lipaki tsa Jehova, re tsebisa batho hore Molimo o tla etsa sena ka ’Muso oa hae. Ha a kena moqoqo ka lehare, mosali eo o ile a retelehela ho setloholoana sa hae ’me a se bolella hore se e’o bitsa ntat’a sona moholo ’me se mo bolelle hore ‘batho ba hae’ ba fihlile. Ka mor’a nakoana ntate-moholo, monna ea lilemong tsa hae tsa bo-70, a fihla. O ne a fufuletsoe, kaha o ne a ntse a sebetsa polasing ea hae. O ile a re lumelisa ka mofuthu, ’me ka mahlo a tletseng likhapha, o ile a leboha Molimo hore ebe re ile ra qetella re fihlile. O ile a bolela hore esale a letetse ketelo ea rōna ka nako e telele. Re batla re maketse, re ile ra kōpa tlhaloso. O ile a arabela ka hore molaoli e mong oa sesole ea tsoang sehlekehlekeng sa Peña Hermosa o ne a ile a mo fa Bibele le buka ea ‘Ntho Tseo Molimo O Nong O Ke Ke Oa Etsa Leshano Ho Tsona.’ Molaoli eo o ne a tšoaile litemana tse ’maloa tsa Bibele, tse kang Pesaleme ea 37:10, 11 le Pesaleme ea 83:18, ’me o ne a ile a mo bolella hore ka letsatsi le leng Lipaki tsa Jehova li tla fihla lapeng ha hae ho tla mo bolella ka ho eketsehileng ka merero ea Jehova. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele hang-hang.”

Ho tla fihlela hona joale seketsoana seo se se se koahetse bonyane habeli, tšimo eohle e mabōpong a Nōka ea Paraguay ho tloha moeling oa Bolivia ka leboea ho ea moeling oa Argentina ka boroa, kakaretso ea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 1260.

Basebetsi ba Chesehang ba Kopanela Kotulong

Ha Jesu a ne a laela barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo, o ile a ba bolella: “Le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:38) Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li nka hoo ka ho teba, ’me Monghali enoa ka sebele o rometse basebetsi ba bangata ba chesehang tšimong ho ea kopanela kotulong ea moea Paraguay.

Ho tloha ka 1945 ho tla fihlela hona joale, ho sebelelitse baromuoa ba 191 Paraguay. Ho bana, ba 60 ba bile ka har’a naha lilemo tse leshome kapa ho feta (ho akarelletsa le ba 22 ba sebeletsang e le baromuoa empa ba sa feta Gileade), ’me hona joale baromuoa ba 84 ba sebeletsa mona. Libakeng tseo ba ileng ba tsepamisa tšebeletso ea bona ho tsona ho pholletsa le karolo e ka bochabela ea Paraguay, hona joale ho na le liphutheho tse tsoelang pele tse 61.

E le ho thusa ho fana ka bopaki naheng ena moo karo-karolelano ea baahi ho Lipaki e ntseng e le ba 817 ho e le ’ngoe, makala a boahisani a abetse bo-pula-maliboho ba bang ba khethehileng ho tla sebeletsa mona. Lipaki tse ling le tsona li falletse Paraguay li tsoa linaheng tse ngata. Li tsoa libakeng tse joaloka Argentina, Austria, Bolivia, Brazil, Canada, Chile, Denmark, Engelane, Finland, Fora, Italy, Jeremane, Luxembourg, Spain, Sweden, Switzerland, United States le Uruguay. Li sebelisitse lichelete tsa tsona le matla a tsona ka litsela tse ngata ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. Tse ling li sebelelitse tšimong ea metse e meholo; tse ling li ntšetsa pele tšebeletso ea tsona litoropong le metsaneng moo maemo a bophelo e batlang e le a khale. Boholo ba tsona ke bo-pula-maliboho. Tse ling li thusitse ka kaho ea Liholo tsa ’Muso le mehaho ea lekala.

Ka lilemo, Paraguay e ile ea amohela bajaki ba tsoang lichabeng tse sa tšoaneng. Bajaki ba Majeremane, Mapolishe, Marussia, Maukraine, Majapane le Makorea ba tsitsitse likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Bana le bona ba fumana bopaki ho baromuoa le ho Lipaki tse ling tse falletseng Paraguay.

Empa ho thoe’ng ka batho ba buang Seguarani? Bana ba etsa karolo ea 90 lekholong ea baahi. Ho latela phuputso ea morao-rao tjena, karolo ea 37 lekholong ea batho ba Paraguay e bua Seguarani feela. Lipaki tsa moo li etsa boholo ba mosebetsi har’a batho bana, ’me li thabela ho ba le libukana ka Seguarani tse li thusang ho finyella sena.

Har’a Lipaki tsa moo ho na le tse ling tse qetileng lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng. Nakong ea lilemo tse 36 e le pula-maliboho ea khethehileng, Edulfina de Yinde o thusitse batho ba 78 hore ba inehele le ho kolobetsoa. Eena le monna oa hae ba thabela hore ebe ho na le liphutheho tse hlano tse hōlang moo ba kileng ba sebeletsa teng. María Chavez le eena o ile a thusa ba bangata nakong ea lilemo tse 39 a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng.

Ba bang ba likete bao e seng bo-pula-maliboho ba ntse ba cheseha ho sebeletseng Jehova. Ba bangata ba bona ba tsamaea libaka tse telele ho ea libokeng le ho ea fana ka bopaki bo tsoileng matsoho tšimong ea bona ea libakeng tse ka thōko. Hangata ba tloha malapeng ho ea tšimong ea bona pele letsatsi le chaba, hangata ba nkile “sopho ea Paraguay” (lijo tse omisitsoeng) e lekaneng kapa mohlomong e le liphaphatha le lihoete tsa yucca. Ka hoo e ka bang ka hora ea bosupa, ba loketse ho qala ho paka, ’me ba tsoela pele ho fihlela letsatsi le le haufi le ho likela. Ha ba fihla hae, ba khathetse empa ba thabile hore ebe ba iteletse ho ea bolella ba bang ka Jehova le morero oa hae o babatsehang.

Ba Nyoriloeng a ba “Nke Metsi a Bophelo Ntle ho Tefo”

Joalokaha ho boletsoe esale pele ka Mangolong, memo e atolosetsoa ho mang kapa mang ea lakatsang hore a “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17) Ba likete ba amohetseng memo eo ba fumanoa Paraguay.

Har’a bona ke Herenia. O hōlisitsoe e le Moroma oa K’hatholike ’me e ne e le molumeli ea tiileng lineanong tsa Kereke le litumela-khoeleng tsa bolumeli. O ne a tšaba bafu le mollo oa lihele haholo. O ne a lumela lipontšong tsa nako e tlang ’me o ne a tlala tšabo ha a bona kapa a utloa hore seo a neng a se utloisisa e ne e le pontšo ea bobe. O ile a phela tšabong e joalo ka lilemo tse 20. Joale ka 1985 o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ha thuto e ntse e tsoela pele, metsi a ’nete a ile a mo khatholla haholo ’me a mo susumelletsa ho batla ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng e boletsoeng esale pele Lentsoeng la Molimo.

Ka 1996, mosali e mong ea bitsoang Isabel toropong ea Carapeguá, le eena o ile a latsoa metsi a bophelo. Leha ho le joalo, seo a ileng a se bona bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ha sea ka sa lumellana le litumelo tsa hae, kahoo o ile a kōpa Lipaki hore li se hlole li mo etela. Empa o ile a ipalla buka eo ka boeena, a bua le baahelani ba hae ka eona, ’me ha a boetse a bona Paki eo, ho ne ho se ho e-na le batho malapeng a mane ba neng ba thahasella ho ithuta ho eketsehileng. Boholo ba bona ba ile ba fola ha ba le tlas’a khatello ea moruti oa Pentecostal, empa ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle, ’me mosali oa pele hammoho le moahelani e mong ba ntse ba tsoela pele ho rua molemo linneteng tse fanang ka bophelo.

Ha metsi a ’nete a ne a fuoa Dionisio le Ana ka lekhetlo la pele, joaloka batho ba bang ba bangata, ba ne ba itulela hammoho ba sa nyalana, ’me e ne e le ka lilemo tse 20. Dionisio le morali oa hae oa letsibolo ba ile ba qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova ka 1986; Ana le barali ba bang ba babeli ba ile ba hanyetsa. O ile a kōpa Paki eo ka tieo hore e khaotse ho bua le Dionisio, a etsa tšoso ea hore o tla bolaea Paki eo, a re o tla bitsa mapolesa, ’me a bonana le moitlami oa K’hatholike. Eaba Ana o ipiletsa lekhotleng la bana ba litlokotsebe motheong oa hore thuto ea Bibele e tla ntša morali oa hae e moholo kotsi. Ka mor’a hore moahloli a tsebe hore ha e le hantle, Dionisio, o ne a hlokomela ba ntlo ea hae hantle, o ile a khothalletsa hore Ana a fuputse Bibele le Dionisio. Ana o ile a ipelaetsa ka hore motsoalle oa hae oa moitlami o ne a ile a mo lemosa ka hore Lipaki li etsa lintho tsa boitšoaro bo bobe libokeng tsa tsona. Moahloli, eo e leng mosali, o ile a mo tiisetsa eaba o re: “Rōna Mak’hatholike re re re tseba Bibele, empa ha e le hantle ha re tsebe letho. Lipaki tsa Jehova li ithuta Bibele. Ke etsa tlhahiso ea hore u fuputse Bibele le uena.” Eaba moahloli o khothalletsa hore Ana a nyalane le Dionisio ka molao.

Ka ho makala, Ana o ile a etela moitlami eane hape ’me a mo kōpa hore a ithute Bibele le bona. Moitlami eo a arabela ka hore ha ho hlokahale. Ho feta moo, a khothalletsa Ana hore a se ke a nyalana le Dionisio ka molao, le hoja nakong e fetileng, ha Dionisio a ne a sa batle ho utloa letho ka hona, moitlami eo hangata a ne a bolella Ana hore ba lokela ho nyalana ka molao. Ha e-ea ba nako e telele ka mor’a sena, ntate oa Ana o ile a kulela lefu. Lipaki tsa moo li ile tsa thusa lelapa leo haholo. Hoo ho ile ha ipaka e le moo Ana a fetohang teng. O ile a qala ho ithuta, ’me a nyalana le Dionisio. Hona joale, hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao, Dionisio ke moholo, ’me lelapa lohle la hae le sebeletsa Jehova ka cheseho.

Ho phehella ka lerato ho finyeletse lipelo tsa ba bangata Paraguay. Sebakeng sa San Lorenzo, ka mohlala, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela ka 1982. Ho sa tsotellehe thibelo, bahoeletsi ba bangata ba ile ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho; ka lebaka leo, tšimo ea phutheho eo, e neng e akarelletsa le metse e haufi, e ile ea qala ho sebetsoa kamehla. Jehova o ile a hlohonolofatsa cheseho ea bona. Hona joale ho na le liphutheho tse robong sebakeng seo. Werner Appenzeller le mosali oa hae, Alice, ba na le boikutlo ba hore khōlo eo ba ileng ba e bona ha ba ntse ba sebeletsa sebakeng seo e bile thabo e khōlōhali ea bona lilemong tse 40 tsa tšebeletso Paraguay.

Khōlo e joalo e tsoela pele, eseng feela sebakeng se le seng, empa ho pholletsa le naha. Ka 1996, mehaho e metle e mecha ea lekala e ile ea neheloa sebakeng se ka bang lik’hilomithara tse leshome ho tloha Asunción. Ho na le Liholo tsa ’Muso likarolong tse ngata tsa naha, ’me ho tšoareloa liboka tsa thuto ea Bibele ho tsona kamehla. Lipaki tsa Jehova li ntse li tsoela pele ho etela batho malapeng a bona le ho bua le bona literateng. Ka cheseho li atolosetsa memo ho batho ba mefuta eohle ea hore ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 210]

[Setšoantšo se leqepheng la 213]

Juan Muñiz o bile le seabo ho hlahiseng molaetsa oa ’Muso Paraguay

[Setšoantšo se leqepheng la 217]

Julián Hadad, e mong oa ba pele oa ho amohela ’nete ea Bibele Paraguay

[Setšoantšo se leqepheng la 218]

Jóvita Brizuela, ea ileng a kolobetsoa ka 1946, e ntse e le pula-maliboho ea khethehileng

[Setšoantšo se leqepheng la 218]

Sebastiana Vazquez, ea sebelelitseng Jehova ho tloha ka 1942

[Setšoantšo se leqepheng la 222]

William Schillinger o ile a sebeletsa Paraguay e le moromuoa ka lilemo tse 40, ho fihlela lefung la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 230]

Werner Appenzeller le mosali oa hae, Alice, baromuoa Paraguay ka lilemo tse 40

[Setšoantšo se leqepheng la 233]

Ba le motlotlo ka Holo ea bona ea ’Muso (Asunción)—ea pele e hahiloeng ke Lipaki Paraguay ebile e le ea tsona

[Litšoantšo tse leqepheng la 235]

Setsi sa Kopano sa Lipaki tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 237]

Ho pakela mokotuli oa ’moba Villarrica

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Holo ea ’Muso ea Fernando de la Mora (Norte)

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Holo ea ’Muso ea Vista Alegre (Norte), Asunción

[Litšoantšo tse leqepheng la 244 245]

Basebetsi ba chesehang ba tsoang linaheng tse ngata ba tlile Paraguay ho tla kopanela ho faneng ka bopaki: (1) Canada, (2) Austria, (3) Fora, (4) Brazil, (5) Korea, (6) U.S.A., (7) Belgium, (8) Japane, (9) Jeremane

[Setšoantšo se leqepheng la 246]

Seketsoana “El Pionero” Nōkeng ea Paraguay

[Litšoantšo tse leqepheng la 251]

Ofisi ea lekala ea Paraguay le Lehae la Bethele, haufi le Asunción, le ba sebeletsang moo

[Litšoantšo tse leqepheng la 252]

Komiti ea Lekala (ho tloha holimo ho ea tlaase): Charles Miller, Wilhelm Kasten, Isaac Gavilán

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela