Tlaleho ea Lefaše ka Bophara
Afrika
Lefatšeng ka bophara, ho bokelloa ha batho ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ho ntse ho tsoela pele ka sekhahla se seholo. (Lik. 13:48) Libakeng tse ngata Afrika, tšubuhlellano ea batho ba batlang ho tsamaea tseleng ea Jehova ea bophelo ke e khōlō ka ho ikhethang. E le ho thusa tabeng ena, selemong sa tšebeletso se fetileng, New World Translation of the Holy Scriptures e ile ea lokolloa ka Seyoruba (se buuoang ke batho ba limilione tse 23), le Mangolo a Segerike a Bakreste ka Setsonga (se buuoang ke batho ba limilione tse 4).
Lilemong tse hlano tse fetileng, Angola le Uganda li ile tsa tlaleha keketseho ea karolo e fetang 70 lekholong ea barorisi ba Jehova ba phatlalatsa. Equatorial Guinea, Gambia, Mozambique le Rwanda naha ka ’ngoe ea tsona e bile le keketseho e fetang hōle karolo ea 100 lekholong. Guinea-Bissau e bontša khōlo ea karolo ea 300 lekholong. Kamehla Nigeria e ba le karolelano ea bahoeletsi ba fetang 200 000. Ka bobeli Democratic Republic of Congo le Zambia, ho na le baboleli ba ’Muso ba fetang 100 000 ba fanang ka bopaki bo botle, hangata ba tobana le mathata a tšabehang.
Burkina Faso ke tšimo eo ho eona ba bangata ba labalabelang ho ithuta seo Bibele e se fupereng. Ka nako ea likhoeli tse tharo selemong, bo-pula-maliboho ba bane ba khethehileng ba ile ba bolela metseng e 169 ka hare ho sebaka sa lik’hilomithara tse 140 sa motse-moholo, Ouagadougou. Libakeng tse ling, ha ho na litsela ho hang, ’me ha ba ntse ba e-ea ka motse le motse, bo-pula-maliboho bana ba chesehang ba ne ba ee ba tsamaee lik’hilomithara tse 15 kapa ho feta ka letsatsi har’a mocheso o fihlang ho likhato tse 45 tsa Celsius moriting. Ba ile ba bua le batho ba neng ba e-s’o ka ba utloa letho ka Jehova kapa ho kopana le Lipaki leha e le life tsa hae. Lilemong tsa morao tjena ba boholong ba ile ba etsa boiteko ba ho ruta batho ba moo ho bala le ho ngola ka Semooré, e leng puo ea batho bana. Empa ho na le boitsebiso bo fokolang haholo boo ba ka bo balang. E le ho koala sekheo seo, Mokhatlo o ’nile oa hlahisa lingoliloeng tse ngata ka puo ea bona. Bo-pula-maliboho bao baa tlaleha: “Tsela eo baahi ba arabelang ka eona ke e amang maikutlo haholo, ’me hoo hoa re khothatsa. . . . Re bona thabo ea bona ea hore ebe qetellong ba na le lingoliloeng ka puo ea bona, haholo-holo tse buang ka litaba tse molemo tsa Molimo.” Ka likhoeli tse tharo ba le sebakeng sena, bo-pula-maliboho ba ile ba aba libuka tse 3 615, libukana tse 22 228 le limakasine tse 368.
Motseng o mong Nigeria, bahoeletsi ba ne ba le mothating oa ho ea paka sebakeng seo ho sona tsitsipano e neng e ntse e hōla ka mokhoa o kotsi nakong ea qhoebeshano ea merabe. E le ho mamela keletso eo ba e filoeng, ba ile ba kena tseleng ba leba hae. Empa letšoele la bacha ba tletseng khalefo le ile la emisa koloi ea bahoeletsi bao ’me la batla peterole eo le tla chesa matlo ka eona. Barab’abo rōna ba ile ba hlalosa boemo ba bona ba ho se nke lehlakore, empa bacha ha baa ka ba mamela. (Joh. 17:16; Baroma 12:18) Eaba bahoeletsi bao ba fa e mong le e mong letšoeleng leo kopi ea Kingdom News No. 35, e neng e botsa potso ena, “Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” Bacha bao ba ile ba hlolloa ke pampitšana eo, ba thoholetsa barab’abo rōna, ’me ba ba tlohella hore ba ee hae ka khotso.
Ha e ntse e sebetsa tšimo e ka thōko Rwanda selemong se fetileng, Paki e ’ngoe e ile ea kopana le monna ea neng a thabile haholo hore ebe o fumane buka ea Tsebo le ho ba le thuto ea Bibele. Ho tloha qalong feela, monna eo o ile a bontša kananelo bakeng sa liboka tsa phutheho. (Baheb. 10:24, 25) Le hoja a se na leoto le leng ho tloha lengoleng, o ne a tšela letša ka seketsoana se sokoang ebe o tsamaea lihora tse ’nè ho ea fihla moo ho kopaneloang teng. O ile a ba teng kamehla, a ngolisa Sekolong sa Boboleli sa Puso ea Molimo, le ho thusa bana ba hae ho ithuta ka ’Mōpi oa bona. O ile a thaba hakaakang ka tšepo ea hore haufinyane o tla khona ho tsamaea hape ka maoto a mabeli!—Esa. 35:6.
Monna e mong ea bitsoang Jackson o ile a ithuta le Lipaki Monrovia, Liberia, empa ntoa e ile ea mo qobella ho balehela motseng o mong Bopolu, seterekeng sa ha habo. Ka mor’a nako lekala le ile la fumana lengolo le tsoang ho eena a kōpa thuso e potlakileng ea ho haha Holo ea ’Muso le ho hlophisa batho ba thahasellang. Hobane’ng? O ile a hlalosa: “Ka Sontaha se seng le se seng ho tloha ka 6:30 hoseng, ke tšoarahane le lithuto tsa Bibele ho fihlela ka hora ea borobong bosiu . . . Ha ke sa khona ho sebetsana le palo ea batho ba hlokang lithuto tsa Bibele, kahoo ke abetse lithuto tsa ka tse ’nè tsa Bibele hore li nthuse ka ho khanna palo e itseng ea lithuto tsa Bibele ka botsona. . . . Bothata bo boholohali boo ke talimaneng le bona ha hajoale ke hore na ke hlokomela phutheho ena e hōlang joang. ’Na ka bonna ke sa le ngoana moeeng ’me ke hloka lebese la moea; nka fepa ba bang joang?” Molebeli oa potoloho ea ileng a etela Bopolu o ile a tlaleha hore Jackson o ne a khanna lithuto tsa Bibele le batho ba 37 le hore ho na le ba eketsehileng ba batlang ho ithuta. Molebeli oa potoloho o ile a eletsa hore ho hlokahala pula-maliboho ea khethehileng ka potlako Bopolu. Qetellong, Jackson ka boeena o ile a tšoanelehela ho sebeletsa e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Mozambique ho tšoaroa litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola tse 372 liphuthehong tsa rōna tse 637. Hona joale, liithuti tse ka bang 5 800 li ba teng litlelaseng tsena, ’me tse 1 525 li ithutile ho bala selemong se fetileng. Ke ntho e tšoanelang ho boleloa hore har’a Lipaki tsa Jehova Mozambique, karolo ea batho ba tsebang ho bala le ho ngola hona joale e etsa 72 lekholong. Litlelase tsena tsa ho ithuta ho bala le ho ngola li sebelitse haholo ho thusa batho mona hore ba be le tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele.—1 Tim. 2:3, 4.
Hoseng ho hong ha bashemane ba babeli, ba lilemo li ’nè le tse hlano, ba tsoang malapeng a mabeli ba theoha koloi sekolong Windhoek, Namibia, mosuoetsana eo e leng hlooho ea sekolo o ile a hlalosa hore tlelase eo e ne e tl’o ba le mokete oa letsatsi la tsoalo. O ne a ile a bala bukana ea Sekolo, kahoo o ile a botsa e mong oa batsoali hore na o lokela o etsa’ng. Morali’abo rōna o ile a hlalosa boemo ba rōna empa a re bashemane bao ba ka khona ho iketsetsa qeto.
Ha e mong oa barali’babo rōna a tl’o lata ngoana oa hae qetellong ea letsatsi leo, hlooho ea sekolo e ile ea mo bolella: “Le lokela ho ba motlotlo ka bashemane bana ba babeli! Ke ile ka re ba tsoe ka tlelaseng ha bana ba bina ‘happy birthday.’ Ha e le nako ea kuku, e monyenyane o ile a botsa hore na ke kuku ea ‘happy birthday.’ Ke ile ka mo bolella hore ke eona, eaba oa arabela, ‘Che, kea leboha.’ Le moshemane e mong o ile a bua joalo.” Hamorao, e mong oa bashemane bao o ile a botsa tichere hore na e tseba lebitso la Molimo eaba joale o e pakela ka Jehova. Moshemane e mong, ka boeena, o ile a mo tlisetsa video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Ka lebaka la mohlala oa bona o motle le ho paka ka sebete, o ile a tla Sehopotsong ha a mengoa. E mong oa batsoali o ile a qalisa thuto ea Bibele le eena, ’me o itse: “Joale ke itlametse ho etsa lintho ka tsela ea Molimo, ’me ke ikemiselitse hore ho se be letho le nkemang tseleng.”
Moholo e mong ea chesehang Zambia o sebelisa lingoliloeng tsa Mokhatlo tse lik’haseteng hamolemo bopaking ba seterateng. Joang? O paka koloi ea hae pel’a tsela ’me o letsa k’hasete ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ba fetang ka tsela ba memeloa ho tla mamela hore na ho baloa’ng, ’me kapelenyana baa botsa hore na ke eng. Mor’abo rōna oa hlalosa hore ba utloile karolo ea buka ea Thabo ea Lelapa. Ka lebaka leo, ka khoeli e le ’ngoe o ile a khona ho tsamaisa libuka tse 29 le ho qalisa lithuto tse peli tsa Bibele.
Linaha Tsa Amerika
Hona joale kotulo e khōloanyane linaheng tse ling ho feta tse ling, empa e ntse e paka ’nete ea hore ‘masimo a soeufaletse kotulo.’ (Joh. 4:35) Lilemong tse hlano tse fetileng, Brazil e bile le keketseho ea karolo ea 33 lekholong ea baboleli ba ’Muso; Mexico, karolo ea 36 lekholong; Cuba, karolo ea 64 lekholong; le Colombia karolo ea 65 lekholong. Ka nako e tšoanang, United States ba 209 249 ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ka kolobetso ea metsing, ’me tlhōrō e ncha ea ba 1 040 283 e ile ea kopanela tšebeletsong ea tšimo!
Pula-maliboho ea khethehileng ea sebeletsang karolong e ka boroa ho Honduras o ile a khanna thuto e neng e thabisa e le kannete. Nakong eo ba fihlang khaolong ea 12 ea buka ea Tsebo, seithuti seo e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ka likhoeli tse peli o ne a se a khanna lithuto tse peli tsa Bibele tse tsoelang pele ’me ka bobeli li e-ba teng libokeng. Ka mor’a likhoeli tse tharo le halofo, e mong oa liithuti tsena e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo. Likhoeli tse tharo hamorao seithuti sa bobeli se ile sa kopanela ho pakeng. Ha seithuti sa pele se ne se loketse ho kolobetsoa, le seithuti sa sona sa pele le sona se ne se loketse kolobetso. Se seng le sona se tsoela pele hantle. Ho latela’ng? Seithuti sa pele, seo joale e leng mor’abo rōna, se se se khanna thuto e ’ngoe ea Bibele le banyalani ba bang. Mosebetsi oa ho etsa barutuoa ke o thabisang hakaakang!
Ho etsoa boiteko bo tiileng ho fana ka bopaki bo feletseng sebakeng sa Nōka ea Amazon sa Brazil. Lekala le abetse bo-pula-maliboho ba 21 ho ea bolela sebakeng seo ba sebelisa likepe tse khōlō tse ’nè. Bo-pula-maliboho bana kaofela ba na le phihlelo ea ho tsamaisa likepe, ’me habohlokoa le ho feta, ke hore ba lula ba e-na le moea oa boithaopo le oa boitelo. Likepe tsena li sebetsa ho sika le nōka ea Madeira, ea Purus, ea Solimões le ea Tocantins hammoho le sebakeng se potolohileng Sehlekehleke sa Marajó. Linōka tsena li bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 9 700, ’me ho hakanngoa hore ke batho ba 370 000 ba phelang mabōpong a linoka tsena kapa haufi le ’ona. Karolo ea lengolo la morao tjena le tsoang ho bo-pula-maliboho ba sekepe se seng ho tsena, e baleha tjena: “Re qeteletse re fihlile motseng oa Chaves . . . Re ile ra tšoara seboka sa phatlalatsa ’me ra bontša video ea United by Divine Teaching. Ho bile teng batho ba 70. Monna e mong o ile a fumana buka ea Phela ka ho sa Feleng ’me a e bala kaofela bekeng eo re neng re le moo. O ile a re bolella: ‘Haeba le qala kereke mona, ke batla ho ba setho.’”
Ho ka ’na ha e-ba thata ho fihla ho ba bang, eseng hobane ba lula libakeng tse hōle, empa hobane ba e-ea libakeng tseo ha ba le nakong ea phomolo. Hoo e ka bang batho ba milione ba eang Alaska lehlabula le leng le leng ba ikemisetsa ho ea bona Thaba ea McKinley e bophahamo ba limithara tse 6 194! Na re ne re ka ba finyella moo ka ntho e ’ngoe e ka ba thusang ho nahana ka Molimo le morero oa hae? Lipaki tsa moo li ile tsa fumana lengolo la tumello le khethehileng la ho hloma tafole ea libuka Denali National Park. Ho ile ha khethoa lihlooho tse loketseng tsa Tsoha!, tse kang “Lithaba—Mosebetsi o Tsoileng Matsoho oa Pōpo” (October 8, 1994 [ea Senyesemane]), “Ke Mang ea Tla Sireletsa Liphoofolo Tsa Rōna?” (July 8, 1997), “Na Meru ea Rōna e Lulang e le Metala e Tla Pholoha?” (May 8, 1998) le “Tselana ea Iditarod—Esale e Sebetsa ka Lilemo Tse Sekete” (October 8, 1995 [ea Senyesemane]). Ka lebaka la boiteko bona ba ho ea moo batho ba leng teng, ba ile ba finyella batho ba tsoang Australia, Greece, Canada, Engelane, Jeremane, Italy, Scotland, Sweden, Switzerland, Taiwan le Chaena! Ba ile ba boela ba pakela ba bangata ba tsoang likarolong tse ling tsa United States.
Hona joale tšimo ea Mexico e sebetsoa khafetsa—beke e ’ngoe le e ’ngoe kapa tse peli metseng e mengata. Liahelong tsa Las Nubes, Seterekeng sa Chiapas, boholo ba baahi ba moo ke Lipaki tsa Jehova. Ho na le malapa a mararo feela ao e seng a Lipaki. San Antonio Buenavista, hona joale ho na le liphutheho tse robeli ’me ho na le malapa a 64 feela ao e seng a Lipaki a lokelang ho eteloa. Sebakeng seo, Lipaki li tsamaea lihora tse ngata ho ea fihla tšimong eo li lokelang ho paka ho eona le ho khanna lithuto tsa Bibele.
Ha seboka se fela Holong e ’ngoe ea ’Muso Nicaragua, Paki e ’ngoe e ile ea lumelisa basali ba babeli ba bacha. E ne e nahana hore ke Lipaki tse etileng li tsoa phuthehong e ’ngoe. Ha morali’abo rōna a hlokomela hore ha ho joalo le hore ba tlile feela ka bohelehele, o ile a buella thuto ea Bibele ho bona. Ba ile ba lumela. Ka bobeli e ne e le ba sehlopha se seng sa bolumeli se tsejoang ka hore ke Young Life, seo e neng e le baetapele ba sona tikolohong eo. E mong oa bona, Karelia, o ile a qala ho ruta sehlopha sa hae lintho tseo a neng a ithuta tsona thutong ea hae ea Bibele. O ile a qala ka lebitso la Molimo. Moruti oa kereke o ile a leka ho mo nyahamisa ho seo, a bolela hore ha e le hantle Jehova hase lebitso la Molimo. Karelia a arabela ka hore haeba ha ho joalo, moruti o ne a ke ke a tsoela pele ho sebelisa Bibele ea hae hobane e ne e e-na le lebitso leo Jehova. O ile a sala a ahlame. Ka morao ho moo, Karelia o ile a ruta sehlopha sa hae ’nete mabapi le Boraro-bo-bong le sefapano. Kapelenyana baruti ba ile ba mo amoha tokelo ea ho rapela libokeng tsa bona hobane o ne a rapela Jehova, a sebelisa lebitso la Jesu Kreste. Ha aa ka a memeloa sebokeng sa bona se latelang. Kahoo, ho se seng sa liboka tsa bona, o ile a etsa tsebiso ea hore oa tsoa sehlopheng seo ho ea ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a etsa qeto eo ka mor’a ho ithuta lihlooho tse ’nè feela tse qalang tsa buka ea Tsebo. Ka likhoeli tse ka tlaase ho tse supileng, o ile a kolobetsoa.
Asia
Linaha tsa Bochabela le tsona li arabela memong ena: “Bokang Jehova! . . . Tse phefumolohang kaofela a li ke li rorise Jehova!” (Pes. 150:1, 6) Naheng e ’ngoe le e ’ngoe Asia, Lipaki tsa Jehova li boletse litaba tse molemo, ’me ha batho ba e-ba le monyetla oa ho utloa litaba tse molemo, palo ea Lipaki ea eketseha. Linaheng tse ling, khōlo eo ke e potlakileng. Iseraele, Bangladesh le Macao kaofela li bile le keketseho e fetang karolo ea 100 lekholong lilemong tse hlano tse fetileng. Nepal, Georgia le Kazakstan li tlaleha khōlo e fetang hōle karolo ea 200 lekholong. Rephabliking ea Korea, ba ka bang 85 000 kamehla ba kopanela ho boleleng litaba tse molemo. Japane, ba fetang 222 000 ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.
E bile thabo e kaakang ka la 30 April, 1998, ha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o ngolisoa ka molao Kyrgyzstan! Molula-setulo oa komisi ea naha e ikarabellang bakeng sa ngoliso o ile a makala ha barab’abo rōna ba mo fa kopi ea buka ea Tsebo, e neng e se e hatisitsoe ’me e le teng bakeng sa hore e ajoe ka puo ea Sekirghiz.
Le hoja ba e-s’o kolobetsoe, bana ba banyenyane ka linako tse ling ba finyella ho hoholo mabapi le ho hohella batho borapeling ba ’nete. Moshanyana e mong ea lilemo li tharo le halofo oa lelapa la Lipaki India o ne a le botsoalle ho baahelani ba hae ’me a ba nka joalokaha eka ke moholoane oa hae le khaitseli ea hae. Kamehla moshemane enoa o ne a memela “moholoane” enoa hae oa moahelani hore ba ee le eena libokeng tsa phutheho ka Lisontaha. Empa moahelani o ne a e-ea libaesekopong mafelong a beke. Leha ho le joalo, qetellong o ile a inehela ’me a lumela ho ea sebokeng. Eaba moshemane eo o phehella hore moahelani o lokela ho apara hantle ha a e-ea Holong ea ’Muso. Ha a leka ho ipehela mabaka, moshemane eo o ile a mo tšoara ka letsoho, a mo isa kamoreng ea hae, ’me a mo bontša hore na ke liaparo life tse loketseng tseo a ka li aparang. Ha a le sebokeng, mohlankana eo o ile a makatsoa ke ho fumana hore o rata seo a se utloang. Ho tloha ka nako eo ho ea pele eena le khaitseli ea hae ha ho mohla ba kileng ba fosoa ke liboka. Hamorao, ha a fumana hore moshemane e monyenyane o ne a utloa batsoali ba hae ebang ba teng kapa che—hobane “Jehova a shebile”—ka sebele mohlankana eo o ne a hloletsoe. Eena le khaitseli ea hae hona joale ba lebeletse ho ba Lipaki tse kolobelitsoeng.
Mohoeletsi e mong Kagoshima, Japane, o sebelisa livideo tsa Mokhatlo hamolemo. A kholisehile hore tsena ke likofuto tse atlehang ka ho feletseng bakeng sa ho finyella lipelo tsa batho, o ile a etsa qeto ea ho li shebella kaofela ha tsona le monna oa hae ea sa lumelang. Ha ba qala, ba ile ba shebella Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Ka lebaka leo, monna oa hae o ile a lumela ho ba le thuto ea kamehla ea Bibele. Joale video ea United by Divine Teaching e ile ea mo khahla ka bonnete ba mokhatlo oa lefatše ka bophara oa bara ba motho ’me ea mo susumelletsa hore a lakatse ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Empa, ka lebaka la mosebetsi oa hae le khatello e tsoang ho beng ka eena, o ile a ikutloa hore sena se ke ke sa etsahala. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a shebelle livideo tsa The Bible—A Book of Fact and Prophecy, Volume 1 le 2, o ile a qala ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba hae. Ka mor’a nakoana o ile a ea tšebeletsong ea tšimo e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Qetellong, video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault e ile ea hatisa ho eena hore Jehova o matlafatsa batho ba hae. Joale o ne a itokiselitse ho kolobetsoa, ’me o ile a kolobetsoa ka October 1997.
Valkim, mosali e mong ea chesehelang bolumeli haholo oa Myanmar, o ile a kena Kereke ea Methodiste. Ha moruti oa hae a tsoa kerekeng eo ’me e e-ba moruti oa kereke e ’ngoe, o ile a mo latela hobane o ne a sa fumane thabo ea sebele moo a neng a le teng. Hamorao moruti eo o ile a tloha hape, a ikopanya le Kereke ea Evangeli, ’me ea e-ba moruti le moo. Le mona Valkim o ile a mo latela. Leha ho le joalo, ka mor’a nako o ile a ikutloa a ferekane haholo ka bolumeli bohle kahobane tlhoko ea hae ea moea e ne e sa khotsofatsoe. Nakoana ka mor’a moo, bana ba hae ba bararo ba ile ba shoa ka nako ea lilemo tse tharo. O ne a tsielehile. Metsoalle ea hae e ile ea etsa tlhahiso ea hore a shebelle livideo le ho bala libuka tsa lipale e le hore a imolohe. Ho tepella maikutlo ha hoa ka ha fela. Joale ka letsatsi le leng Valkim o ile a etela mong ka eena eo e neng e se e le Paki ea Jehova. Nakong ea ketelo eo ea hae, moholo o ne a le teng lapeng leo, ’me moholo o ile a bolelloa ka tsietsi ea mosali eo. O ile a mo memela ho tla libokeng Holong ea ’Muso ’me a bolela hore ka mor’a liboka a ka botsa lipotso leha e le life tseo a nang le tsona. O ile a amohela memo eo. Hoba a fumane likarabo tsa Mangolo linthong tse neng li mo tsielitse, qetellong o ile a khotsofala. Ntle le ho tsilatsila, o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele. O ile a tsoela pele ka potlako, ’me hona joale ke mohoeletsi ea kolobelitsoeng.
Hangata ho hlokahala mamello ho fetela ka nģ’ane ho mekoallo ea leeme la bolumeli ho arolelana litaba tse molemo le ba bang. Empa ba bang ba mamela ka thabo ’me ba bontša kananelo ea bona ka ho etsa boiteko bo tiileng ba ho ba teng libokeng tsa phutheho kamehla. Nataliya, ea ka bang lilemo li 60, o lula lithabeng tsa Kazakstan. O lokela ho palama libese tse peli ho ea fihla libokeng Holong ea ’Muso, lik’hilomithara tse 30 ho tloha hae. Bese ea pele e mo tsamaisa lik’hilomithara tse 12 ho theosa le phula, ’me ea bobeli lik’hilomithara tse ling tse 18 ho ea Holong ea ’Muso. Nakong ea mariha, kaha leqhoa le lehloa li etsa hore ho be kotsi, hangata bese ha e ee lithabeng. Empa ha ho kotsi haholo ho Nataliya hore a tsamaee ka maoto ho theoha phuleng eo ho ea tšoara bese ea bobeli. O re: “Ke tlameha ho ea lapeng,” ke hore Holong ea ’Muso. Oa hlalosa: “Ke na le malapa a mabeli. Lelapa le leng ke moo ke robalang teng, ’me lelapa le leng la ka ke Holo ea ’Muso.”
Baahi ba Iseraele ke motsoako oa merabe, lipuo le malumeli. Lipaki tsa Iseraele hangata li memeloa ho kena ka tlung hore li hlalose lebaka la ketelo ea tsona. Ba bangata ba bontša kananelo e tiileng bakeng sa molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, ka har’a sechaba sa Bajuda se tloaelehileng se feteletseng, ho na le ba seng bakae ba tšoenngoang ke karabelo e ntseng e eketseha molaetseng oa ’Muso. Ka December 1997 pontšo ea boipelaetso eo ho bileng teng ba 300 e ile ea hlophisoa ka ntle ho kopano ea setereke Jaffa, haufi le Tel Aviv. Boholo ba baipelaetsi bo ne bo tlisitsoe ka libese ho tsoa likarolong tse ling tsa naha ’me ba ne ba sa tsebe hore na ba ipelaetsa khahlanong le bo-mang.
Pefo e hlophisitsoeng e lebisitse liketsahalong tseo ho tsona baralib’abo rōna ba ileng ba otloa hampe ke mokhupi hape barab’abo rōna ba ’nile ba khaoletsoa ha ba e-ea maetong a ho boela. Bahanyetsi ba leka ho fehla lehloeo khahlanong le barab’abo rōna ka ho hoeletsa mapetjo a re bitsang Manazi le hore re lefa batho hore ba sokolohele bolumeling ba rōna. Le hoja bahlophisi ba phutuho ena ea lehloeo le khahlanong le rōna ba tseba hore hona hase ’nete, batho ba bangata ba khelositsoeng ba lumela mashano ana ’me ba itokiselitse ho etsa ntho leha e le efe eo ba e bolelloang.
Khanyetso ha ea khina barab’abo rōna, leha e le hore e thibetse batho ba thahasellang hore ba se ke ba fumana ’nete. Boholo ba Baiseraele bo halefisoa ke boitšoaro bo joalo boo e seng ba molao. Ba bangata ba fetang ka tsela ba bonang bahanyetsi ba bolumeli ba etsa lipontšo tsa boipelaetso ka pel’a Bethele baa ema ’me ba botsa lipotso ’me ba thabela ho utloa likarabo tsa Bibele. Ka lebaka la ho hoheloa ke lipontšo tseo tsa boipelaetso, ba bang ba bile ba qalile ho ithuta le Lipaki tsa Jehova le ho ea libokeng tsa tsona.
Lebanone, morali e mong oabo rōna ea tsotellang o ile a khona ho thusa ngoananyana ea hōtseng a tloaelane le batho ba Jehova. Ho fihlela a le lilemo li 15, o ne a e-ea libokeng ’me ho bonahala a tsoela pele hantle. Joale hang-hang a khaotsa ho kopanela le phutheho ’me o ne a sa batle ho bua ka ’nete ea Bibele. Ho ile ha feta hoo e ka bang selemo a ipolokile a le hōle le phutheho. Qetellong, ka mor’a hore a bonane le baholo le ho rapela, morali e mong oabo rōna o ile a founela ngoanana eo ho botsa hore na a ka thabela ho eteloa. Karabelo e ile ea e-ba: “Ke hobane’ng ha u batla ho nketela? Haeba u batla ho bua le ’na ka ’nete, ke kōpa hore u se ke ua tla.” Morali’abo rōna o ile a tiisetsa ngoanana eo hore o mo hlolohetsoe le hore o ne a batla ho tla mo phetela ka leeto la hae la haufinyane tjena Europe. O ile a mo tšepisa hore o tla hlompha takatso ea hae; leha ho le joalo, a phaella: “Feela, ke na le lipotso tse seng kae tseo ke batlang ho u botsa tsona, ’me likarabo tsa hao li ka ntsoela molemo hore ke thuse bacha ba kang uena.”
Ha ba kopana, morali’abo rōna o ile a bolella ngoanana eo ka leeto la ho ea Europe le kopano eo a ileng a ba ho eona. O ile a bolela thabo eo a bileng le eona ea ho ba har’a barab’abo rōna le ho bua ka lerato leo ba ileng ba le bontša. Ngoanana eo o ile a bonahala a thabetse ho utloa seo ’me a khahliloe. Eaba morali’abo rōna o mo botsa lipotso tse ling: “Selemong se fetileng, u phetse bophelo ba hao ntle le ho thibeloa letho ke ’nete. Joale, ak’u mpolelle: Na u ne u thabile ebile u khotsofetse? Ke eng e neng e haella ’neteng eo u e fumaneng tseleng ea lefatše ea bophelo? Ho thoe’ng ka bao u neng u tloaelane le bona selemong see se fetileng—na hona joale u ikutloa ba bile molemo ho feta bao u neng u tloaelane le bona pele?” O ile a kōpa ngoanana eo hore a nahane ka lipotso tseo ebe joale o mo fa likarabo hamorao.
Matsatsi a leshome hamorao ba ile ba kopana hape. Ha a araba lipotso tseo, har’a lintho tse ling, ngoanana eo o ile a re o ne a jeoa ke bolutu le hore o ne a leka ho fetisa nako ea hae ka ho sebetsa lapeng, ho mamela ’mino, le ho shebella TV le livideo empa o ne a sa thaba. Hape o ile a bolela hore o na le mohlankana ’me o lebeletse hore a mo nyale. Ka mamello, morali’abo rōna o ile a sebelisa mangolo a mang, lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” tse tsoang ho Tsoha!, le buka ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng ho mo thusa ho utloisisa hore na lerato la ’nete ke eng le kamoo moshemane ea hlileng a ratang ngoanana a tlang ho bontša lerato la hae kateng le thahasello ea hae ho eena. Nakong ea maeto a ’maloa, ha ba ntse ba buisana ka likhaolo tse hlano tse qalang tsa buka ea Bophelo ba Lelapa, ngoanana eo o ile a fihlela qeto ea hore mohlankana oa hae e ne e se monna eo a mo batlang.
Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena hape, ’me butle-butle tsoelo-pele e ile ea e-ba teng. Joale mohlankana e mong o ile bolela hore o na le thahasello ho eena le hore o thahasella ’nete. Le hoja a ne a ithuta, o ne a sa tsoele pele. Ngoanana o ile a khaola likamano tsohle le eena, kaha o ne a entse qeto ea hore o batla ho nyaloa ke motho ea neng a tla sebeletsa Jehova ka pelo eohle hammoho le eena. Selemo hamorao o ile a kolobetsoa. O ile a fumana mosebetsi oa nakoana eaba joale o ngolisa e le pula-maliboho. Ho e-na le ho jeoa ke bolutu, hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho ea thabileng. O boetse o khona ho thusa bacha ba bang ba nahanang hore lefatše le tla ba etsa ba thabileng, joalokaha a kile a nahana hore ho tla ba joalo.
Batho ba kang linku ba ka fumanoa joang har’a batho ba fetang 130 000 000 ba Pakistan? Barab’abo rōna ba ile ba phetha karolo ea bona selemong sena se fetileng ka hore ka cheseho ba abe lingoliloeng tse kang Kingdom News No. 35 ka Seurdu le Senyesemane. Leha ho le joalo, likhoeli hamorao likōpo tse batlang bukana ea Seo a se Hlokang le lithuto tsa Bibele li ne li ntse li kena, li e-tsoa le metseng eo ho se nang Lipaki. Ho totobetse hore lengeloi le fofang sebakeng, leo ho buuoang ka lona ho Tšenolo 14:6, le phetha karolo ea bohlokoa mosebetsing ona.
Europe
Lena ke “letsatsi la poloko” la Jehova. (2 Bakor. 6:2) Monyetla o sa ntse o bulehetse batho hore ba khethe bophelo. Europe Bochabela ke se seng sa libaka tseo ba bangata hona joale ba etsang qeto eo e bohlale. Ho tloha ka 1993 ho ’nile ha e-ba le keketseho ea karolo e fetang 100 lekholong Bosnia le Herzegovina, Bulgaria, Estonia, Lithuania, Moldova le Ukraine. Karolo e fetang 300 lekholong Latvia le Russia, ho sa tsotellehe khanyetso e hōlang e tsoang mehloling e sa tšoaneng. Karolo e fetang 500 lekholong Belarus. Albania, karolo e fetang e tloaelehileng ea 830 lekholong! Ho totobetse hore ho na le batho ba bangata ba eketsehileng bao e reng ha ba fumana khothatso e hlokahalang, ba lebohang monyetla oa ho khetha bophelo.
Paki e ’ngoe Austria e ile ea etela mofumahali e mong eo kamehla a neng a bolela hore ha a na nako. Ketelong ea hae e latelang, Paki e ile ea ntša pampitšana ea Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso, ’me le pele mofumahali eo a ka re “ha ke na nako,” Paki eo e ile ea mo fa pampitšana ebile e bua mantsoe a seng makae: “E ama bokamoso ba lelapa la hao.” Seo mofumahali eo a ileng a se bala se ile sa etsa hore a batle ho tseba ho eketsehileng. Ha Paki eo e khutla, mofumahali eo o ile a kōpa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, eo a ileng a e bona e bontšitsoe ka ntle Holong ea ’Muso. Ho sa le joalo lelapa leo le ile la fumana leqetšoana le tsebisang ka hore ho tla ba le tlelase ea Bibele e tšehelitsoeng ke kereke ea sebaka seo. Eena le monna oa hae ba ile ba ea. Empa ha ba botsa moprista lipotso, o ile a arabela ka hore nakong ea tlelase ena ho lokela ho be le ho nahanisisa feela, eseng puisano. Leha ho le joalo, lipotso tsa bona li ile tsa arabeloa ha Paki e khutlela ho bona hape, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Joalokaha ho ne ho lebeletsoe, khanyetso e ile ea tsoha. Monna e ne e le mosebeletsi oa kereke ebile e le setho sa lekhotla la pharishe. Ka lebaka la khatello, o ile a khaotsa thuto ka nakoana. Ho ile ha kopanoa le eena ka thelefono le ka ho mo isetsa limakasine. Ka mor’a likhoeli tse tharo thuto e ile ea boela ea qalisoa. Ha kananelo ea hae ka Jehova e hōla, o ile a ikhula lekhotleng la pharishe ’me a khaotsa ho ba mosebeletsi oa kereke. Eena le mosali oa hae hona joale ke Lipaki tse kolobelitsoeng, ’me bana ba bona ke bahoeletsi ba sa kolobetsoang.
Batho ba bangata ba Europe ba falletse United States ho ea fumana maruo. Sena ke seo Aleksander, monna oa Latvia, a se entseng. Empa ha aa ka a fumana bophelo bo le bonolo lefatšeng lena la tšepiso; o ile a hula ka falese licheleteng. Leha ho le joalo, o ile a fumana matlotlo a moea. Ka ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a hlokomela hore o fumane ’nete, ntho ea bohlokoa ho feta khauta. Kaha ke motho ea mafolofolo ka tlhaho, kapelenyana o ile a batla ho arolelana litumelo tsa hae tse ncha le ba bang. Pele a e-ea United States, o ne a hlalile mosali oa hae, Inara, a mo siea hore a sale a hlokomela mora oa bona Kim. Leha ho le joalo, ka lebaka la mangolo a mangata le lithelefono tse tsoang ho Aleksander, eo pele e neng e le monna oa hae, Inara o ile a qala ho ithuta le Lipaki Latvia. Qetellong Aleksander o ile a kolobetsoa New York, ’me Inara a kolobetsoa Lithuania. Ka mor’a ho ba sieo lilemo tse hlano, Aleksander o ile a khutlela Latvia ’me a boela a nyala eo e kileng ea e-ba mosali oa hae, e leng ho ileng ha thabisa Kim ea neng a le lilemo li robong ka nako eo haholo.
Jesu o re rutile hore re rate esita le lira tsa rōna. (Mat. 5:44, 45) Tse ling tsa tsona li fetola litsela tsa tsona e le hore le tsona li ka thabisa Jehova. Hona ho ile ha totobala ha moholo e mong oa Phutheho ea Taurage, Lithuania, a ne a hlahloba lipotso le motho ea neng a e-ea kolobetsong oa motseng oa Panevėz̆ys. Puisanong ea bona, motho ea neng a e-ea kolobetsong, mosali ea hōlileng lilemong, o ile a bolela hore o ne a thatafalloa ke ho ba le botho bo bonolo ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o etsa ka lilemo tse ngata. E ne e kile ea e-ba mohlokomeli oa teronko ea basali Panevėz̆ys. Moholo eo o ile a ba le thahasello ho seo. O ile a mo botsa hore na o ne a ile a sebetsa moo ka bo-1960. O ile a re, “E,” eaba oa botsa: “Na u ne u tseba basali leha e le bafe bao e neng e le Lipaki tsa Jehova ’me ba kentsoe teronkong ka lebaka la ’nete ka nako eo?” O ile a hopola ba babeli kapa ba bararo, ho akarelletsa le Petrute, morali’abo rōna ea neng a sa tsoa mo thusa ho ithuta ’nete. A boela a hopola morali e mong oabo rōna ea neng a kentsoe teronkong hammoho le lesea la hae la ngoananyana. Joale, ha moholo eo a utloa seo, ka thabo o ile a mo bolella hore o ne a bua ka ’mè oa hae, ea neng a ile a tšoareloa ho paka, le hore bana ba hae kaofela, ntle ho lesea leo, o ne a ba amohiloe ka taelo ea lekhotla ’me ba nehoa beng ka eena. Ka nako eo moholo eo o ne a le lilemo li tharo. Joale ke enoa o hlahloba lipotso tsa kolobetso le motho ea kileng a lebela ’mè oa hae teronkong. O ile a thaba hakaakang hore ebe mosali eo o ile a amohela ’nete!
Le hoja palo ea Lipaki Finland e ile ea eketseha hanyenyane feela selemong se fetileng, li ile tsa thabela ho ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 20 103. Ho ntse ho e-na le batho ba batlang ’nete naheng eo. Ka mohlala, banyalani ba bang ba Lipaki ba ne ba lokisetsa ho tloaelana hamolemo le lelapa le leng la boahisani. Leha ho le joalo, le pele ba ka phethahatsa morero oa bona, mofumahali eo oa moahelani o ile a tla ha bona. Ha ba ntse ba bua, puisano e ile ea leba litabeng tsa moea, ’me morali’abo rōna o ile a fa mosali eo buka ea Tsebo.
Ha a e-ea le buka eo lapeng, monna oa hae o ile a e bala ka matsatsi a seng makae feela, empa a e balla feela ho e tšoaea liphoso, kahobane o ne a e-na le leeme khahlanong le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, o ile a iphumana a batla ho tseba ho eketsehileng. Kapelenyana ba ile ba bolella Lipaki hore ke khale ba batla bolumeli bo nang le ’nete. Ba ne ba hlahlobile malumeli a ’maloa. Lipaki tsa Jehova li ne li beheletsoe ka thōko hobane e mong le e mong a li bua hampe. Ba ile ba nahana: “Lipaki li ke ke tsa e-ba le eona ha malumeli a mang a se na eona.”
Ho ile ha qalisoa thuto le lelapa leo hang-hang. Banyalani bao ba ile ba re: “Ha re ntse re ithuta, mangolo a mangata a tsebahalang a ile a qala ho ba le moelelo. Re ile ra ikutloa eka ho tlositsoe lesira le leholo, ha ’nete e ntse e senoleha butle-butle. Ha re bona setšoantšo sa Paradeise ho e ’ngoe ea libuka tsena, hang-hang re ile ra nahana: ‘Ke hona moo re batlang ho ba teng!’”
Kapele ba ile ba qala ho ea libokeng tsa phutheho. Mosali oa hopola: “Re ile ra lumelisoa ka mofuthu—ke ne ke sa kholoe!” Monna oa hae o ile a khahloa ke taolo le ho boloka nako. Mor’a bona, ea lilemo li 12, o ne a shebile ntho e ’ngoe: “Ka lebaka la ho ithuta, lapeng heso ke ile ka hlokomela hore Ntate le ’Mè ba ne ba le mosa haholoanyane ’me boemo e ile ea e-ba bo thabisang haholoanyane le bo phutholohileng.” Hona joale ka kananelo monna o re: “Jehova o ’nile a re mamella. O ne a sa batle hore re timetsoe, empa o re lebisitse pakong.” Ka nako e ka etsang likhoeli tse supileng, lelapa lohle le ile la kolobetsoa.—Baroma 2:4; 2 Pet. 3:9.
Monna e mong Switzerland o ile a ithuta ’nete nakong eo ka eona a neng a sebetsa e le mak’henik’hi ea ka sehloohong, holimo lithabeng. O ne a rata mosebetsi oo haholo, empa o ile a khutlela mosebetsing oa fektheri o nang le moputso o tlaase e le hore a ka khona ho ba teng libokeng tsa phutheho kamehla, tlaase phuleng. O ile a rapella thuso ea Jehova e le hore a ka hlokomela hantle mosebetsi oa bohlokoa o tlhokomelong ea hae a bile a tla lebisa tlhokomelo le boikarabellong ba hae bo bong.
Qetellong ea selemo, motsamaisi o ile a mo bitsetsa ofising ea hae ’me a mo bolella hore ba khotsofetse haholo ke mosebetsi oa hae le moea oo a o bontšang. O mpa a ipotsa hore na ke hobane’ng ha mor’abo rōna letsatsi le leng le le leng a tloha ka 4:00 mantsiboea mosebetsing. Ha mor’abo rōna a araba hore o na le likonteraka tse ling tse peli tseo a lokelang ho li phetha, mookameli o ile a shebahala a maketse ’me a botsa hore na o bolela’ng. Mor’abo rōna o ile a re: “Ha ke ne ke nyala, ke ile ka tšepisa mosali oa ka hore ke tla mo hlokomela le ho qeta nako le eena. Ho phaella mosebetsing oa ho fepa lelapa la ka, ho na le tšobotsi ea moea, kamano ea ka le Molimo, le eona e hloka nako. Kahoo mesebetsi ena e meraro e tlameha hore ka kutloano e fumane sebaka bophelong ba ka ba letsatsi le letsatsi.” O ile a phaella ka hore ha e le hantle mosebetsi oa boipheliso o nka karolo e khōloanyane ea letsatsi la hae—lihora tse robong tsa mosebetsi le nako ea ho ea le ho khutla fekthering. Motsamaisi o ile a utloisisa ’me a mo tiisetsa hore a ka tsoela pele a chaisa ka 4:00 mantsiboea. Kahoo o ile a khona ho pakela motsamaisi, hape o ile a sebelisa menyetla ea ho bua le basebetsi ba bang bao ba bang ba bona ho neng ho se mohla ba kileng ba finyelloa pele.
Ka lilemo tse ngata Fernando o ne a hloekisa lifensetere mohahong o mong Spain moo Carlos, e mong oa Lipaki tsa Jehova, a sebetsang teng. Ba ne ba e-ba le moqoqo o mokhutšoanyane, empa Fernando o ne a sa bontše thahasello e khethehileng ’neteng. Leha ho le joalo, ka mor’a ho etela ausi’a mosali oa hae, Barcelona, Fernando o ne a e-na le lipotso. O ile a fumana hore moahelani oa hae—eo pele e neng e le letahoa le mohlohlelletsi oa likhathatso ea neng a otla mosali oa hae kamehla—o ne a fetohile ka ho feletseng le hore joale e ne le monna ea molemo. O ile a bolelloa hore monna eo o fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Empa phetoho e joalo e ne e ka etsahala joang? Carlos o ile a hlalosetsa Fernando hore Lentsoe la Molimo le ka etsa liphetoho tse joalo bathong. (Baheb. 4:12) Joale Fernando o ile a thahasella. Ka nako e khutšoanyane, le eena o ile a etsa liphetoho bophelong ba hae, ’me hona joale ke mohoeletsi oa litaba tse molemo.
Lihlekehleke Tsa Lefatše
Ho na le lihlekehleke tse 84 le lihlopha tsa lihlekehleke moo Lipaki tsa Jehova li tšoarehileng teng li paka ka ’Muso oa Molimo. Lihlekehlekeng tse ling, ho bile le karabelo e ikhethang ’neteng ea Bibele. Polynesia ea Fora, ka Boroa ho Pacific, ho na le Paki e le ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba 114. Guadeloupe, e leng Caribbean, e na le baahi ba 410 000, empa ka lebaka la ho phehella ho bolela moo, ho na le Paki e le ’ngoe ho baahi ba 52. St. Helena, ka Boroa ho Atlantic, e na le e le ’ngoe ho ba 31.
La Digue, se seng sa lihlopha tsa Seychelles Leoatleng la Indian, ke sehlekehleke se senyenyane haholo. Ho na le baahi ba ka bang likete tse peli feela, ho bolelang hore ke malapa a ka bang 500. Empa ho na le liphihlelo tse khothatsang moo. Freddy, ea hlahetseng le ho hōlela sehlekehlekeng sa Mahé, o ile a ithuta lintho tse ileng tsa fetola bophelo ba hae haholo ka mor’a hore a fallele La Digue. O ne a hōlisitsoe e le Mok’hatholike, ’me ha a le lilemo li 18, o ile a kena sekolo sa ho koetlisetsoa ho ba moruti. O ne a nahana hore o tla ithuta Bibele moo, ’me o ile a phehella hore a fuoe kopi, empa ho e-na le hoo, o ile a bolelloa hore a ithute lineano tsa kereke. A nyahame ka ho feletseng, o ile a tsoa sekolong seo ka mor’a libeke tse seng kae ho ea ipatlela Molimo ka boeena. O ile a iphumanela Bibele, ’me o ne a buisana ka eona le mang kapa mang ea ratang ho bua. Leha ho le joalo, tsela ea hae ea bophelo e ne e sa otloloha joaloka boikemisetso ba hae. O ile a kenella boitšoarong bo bobe, tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, ho noa haholo le mekhoa ea ho itšireletsa ka ho loana ntle le ho sebelisa libetsa.
Hamorao, ha a se a lula La Digue, o ile a kopana le baromuoa bao e neng e le Lipaki tsa Jehova. Kapelenyana o ile a khanneloa thuto ea Bibele, ka linako tse ling e ba habeli kapa hararo ka beke. Ha a ithuta lebitso la Molimo, o ile a ameha maikutlo haholo, ’me letsatsing le hlahlamang a re: “Ke ntho e ntle hakaakang ho tseba hore na motho o rapela mang le ho se hlole motho a bua le motho eo a sa mo tsebeng. Ke ile ka rapela bosiu bohle ke sebelisa lebitso la hae, ’me ke lekhetlo la pele ke ileng ka hla ka ikutloa hore Molimo o ’mametse.”
Ka letsatsi le leng o ile a re: “Ho na le mohlankana e mong ea thahasellang haholo. Kea tseba hore ha le na nako ea ho ithuta le eena. Mohlomong nka ithuta le eena kaha ke se ke ithutile ho hongata.” Moromuoa o ile a mo khothalletsa hore a nahane pele ka boemo ba hae ka pel’a Molimo. Matsatsi a mabeli hamorao Freddy o ile a re: “Kea utloisisa hore ho ba Paki ea Jehova hase feela ho tseba keletso empa ke ho e sebelisa bophelong ba ka. Kea hlokomela hore ha ke boemong ba ho emela Jehova. Nka bolella ba bang joang ha bophelo ba lelapa la ka e se bo loketseng?” Kahoo o ile a arohana le nyatsi ea hae ho fihlela ba ka tiisa lenyalo la bona. Khoeling e latelang, ba ile ba nyalana. Ha ho se ho entsoe liphetoho tse tsoelang pele, Freddy o ile a thabela hore qetellong a be le tokelo ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ho tloha nakong eo, o ile a kolobetsoa.
Elsie, mosali e mong oa Mauritius, motseng oa habo o ne a tsebahala e le Gros Mama, mosali oa moloi. E mong le e mong o ne a mo tšaba. O ne a etsa mesebetsi ea lefifi mabitleng ’me a tsebahala ka hore o phekola ka moea le hore o na le matla a maholo. Ho ile ha tla joang hore a ithute linnete Bibeleng? Ka thahasello ea botho e nang le mamello e khōlō le ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova. Ka mor’a hore morali oa Elsie a qale ho ithuta, Paki e ile ea etela le ’mè oa hae ka ho tšoanang. Paki e ile ea fumana hore ’mè eo ha aa kenella ka ho teba feela tšebelisanong le meea empa o ne a sa tsebe ho bala, a e-na le mathata a tebileng a lelapa, hape e ne e le setsubihali. Leha ho le joalo, ho ile ha qalisoa lipuisano tsa Bibele, ho sebelisoa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Paki e ne e mo etela hararo ka beke, e sa khaotse ho mo khothatsa le ho mo susumetsa ka ho re: “Beha tšepo ea hao ho Jehova.”
Liphetoho ha lia ka tsa tla habonolo. Ntoeng ea hae ea ho khaotsa ho tsuba, o ile a tlameha ho ithuta hore Jehova o bona tsohle tseo re li etsang le hore re ke ke ra mo patela letho. (Baheb. 4:13) O ne a ile a bona setšoantšo bukeng ea Phela ka ho sa Feleng se bontšang Bakreste ba pele ba chesa libuka tsa bona tsa boloi, le seo ho se bolelang ho ne ho se ho tšohliloe le eena, empa ha aa ka a khaotsa litšebeletso tsa hae tsa bodemona hang-hang. (Lik. 19:19) Leha ho le joalo, ka mor’a phihlelo e tšosang, o ile a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a kileng a e sebelisa borapeling ba bohata ’me a e lahlela ka nōkeng.
Joale, ha batho ba ne ba e-tla ho eena bakeng sa litšebeletso tsa sephiring, o ne a ee a ba hlalosetse hore seo a neng a se etsa se ne se sa thabise Molimo. O ile a ba khothalletsa ho ithuta Bibele. O ile a ba bolella hore ke Jehova feela ea neng a ka ba sireletsa bobeng, ’me a ba khothalletsa hore ba Mo tšepe. Le hoja Elsie a ile a shoa haufinyane tjena, ba bang ba batho bao a neng a ba sebetsa hona joale ke bahlanka ba Jehova.
Tšebeletso ea ho ea ka ntlo le ntlo ha ea lumelloa metseng eohle e lihlekehlekeng tsa Wallis le Futuna, ka Boroa ho Pacific, empa ho bonolo ho etela beng ka motho le ho paka ka tsela e sa reroang. Seithuti se seng sa Bibele moo se ile sa fa metsoalle ea sona kopi ea Kingdom News No. 35, monna ea neng a tsebahala ka hore ke letahoa, ea neng a le moriri o molelele le litelu tse sa hlokomeloang. Khafetsa o ne a otla mosali oa hae le bana. Ka mor’a lipuisano tse ’maloa, monna eo o ile a lumela ho ea Thutong ea Buka ea Phutheho. O ile a ananela seo a ileng a ithuta sona hoo a ileng a kōpa ho ea Holong ea ’Muso ’me a ea le mosali oa hae teng. Puo ea phatlalatsa bekeng eo e ne e re “Batho ba Hloekileng ba Hlompha Jehova.” Ba ile ba khahloa haholo. Ba ile ba kōpa thuto ea Bibele. Seithuti sa Bibele se neng se memile banyalani bana se ile sa lokisetsa hore ba ee ha sona le ho ea kopana le Lipaki tse peli moo. Ha banyalani bao ba thahasellang ba fihla, monna eo o ne a sa tsebahale hore na ke mang. O ne a kutile litelu, a kutile moriri oa hae o molelele o likhokoloana, ’me o ne a apere liaparo tse hloekileng. Esita le tsela eo a buang ka eona e ne e fapane. E ne eka ke motho e mong e mocha. Esale ho tloha ka nako eo, ba ’nile ba e-ba teng libokeng tsohle tsa phutheho kamehla. Ho totobetse hore mosebetsi oa rōna hase ho ahlola ba bang, empa ho e-na le hoo, ke ho arolelana le bona ’nete ea Bibele. Haeba lipelo tsa bona e le tse lokileng, moea oa Jehova o tla ba thusa hore ba etse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba bona.
Ba bangata Taiwan ba lokela ho tobana le liteko tsa sebele tsa tumelo mabapi le mapato, borapeli ba balimo le litaba tse amanang le tseo. Meihua, morali e mong oabo rōna ea sa tsoa kolobetsoa, ka lerato o ile a etela ntate oa monna oa hae ea neng a le makhatheng a lefu sepetlele ka likhoeli. Ha a e-shoa, matsal’ae o ile a tsitlallela hore haeba ngoetsi e sa mo rapele, moea oa hae o ke ke oa e-ba le khotso ’me o ne o tla khutla o tl’o tšoenya ba lelapa. Ho sa tsotellehe likhatello tseo tsohle, Meihua o ile a ema a tiile. Matsal’ae o ne a batla ho mo qobella ho tloha lapeng ’me a khutlele ho batsoali ba hae. Le hoja a sa lumellane le ho kopanela borapeling ba balimo, Meihua o ile a etsa qeto ea ho kōpa hore ba mo lumelle ho bontša tlhompho ea hae ka tsela ea hae. Ho makatsang ke hore ba ile ba lumela! O ile a lokisetsa thapelo e loketseng. Ha nako e fihla, ka pel’a lelapa lohle ’me meokho e keleketla marameng a hae, o ile a etsa thapelo e tiileng a kōpa Jehova hore a thuse lelapa lohle hore le utloisise hore ntate oa monna oa hae ha a sa le bohlokong empa o khotsong. O ile a bua ka tsoho le kamoo ntat’a monna oa hae a neng a ka rua molemo kateng. (Lik. 24:15) Phello e bile e makatsang. Matsal’ae, monna oa hae ea sa lumelang, le lelapa lohle hona joale ba mo hlompha e le mosali ea molemo le ea sebete. O ntse a tsoela pele ho bontša kananelo ea hae ho Jehova ka ho kopanela ka cheseho tšebeletsong.