Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Jeremane
Jesu Kreste o ile a bolella balateli ba hae: “Kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . ka lebaka lena lefatše lea le hloea.” (Joh. 15:19) Ipalle hore na seo se ile sa bolela eng ho Lipaki tsa Jehova Jeremane. Ha u ntse u bala, u tla bona kamoo li ileng tsa khona ho etsa mosebetsi o ruisitseng batho molemo haholo linaheng tse ngata, ho sa tsotellehe lehloeo.
Malawi
Malawi ke naha e ntle haholo ka tlhaho, e karolong e ka boroa-bochabela ho Afrika. Batho ba eona ka kakaretso ba na le botsoalle ’me ba labalabela ho thusa. Empa ho bile le nako, eseng khale haholo, eo ka eona Lipaki tsa Jehova Malawi li neng li tšoeroe ka tsela e ileng ea sisimosa lefatše. Tlaleho ea ho mamella ha tsona ka botšepehi e fana ka mohlala o tsotehang oa botšepehi tlas’a mahlomola.
Uruguay
Boholo ba batho ba Uruguay ha bo talime bolumeli e le ntho e khōlō eo ho ka amehoang ka eona bophelong. Leha ho le joalo, ka lilemo tse 75 Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ba bolella ka cheseho ka monyetla oa ho ba bafo ba molemo ba ’Muso oa Molimo. Ba fetang 10 000 ba amohetse memo eo. Lilemong tse 20 feela tse fetileng, palo ea ba fanang ka bopaki bona ba bohlokoa Uruguay e imenne ka makhetlo a fetang a mabeli.