Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb00 maq. 43-64
  • Tlaleho ea Lefatše ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho ea Lefatše ka Bophara
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
  • Lihloohoana
  • Ho Haha ka Morero oa Hore Bongata bo Boholo bo be le Sebaka
  • Ho Etsa Hore Liholo Tsa Kopano li be Teng
  • Setsi sa Thuto sa Watchtower
  • Mehaho e Hlokahalang ea Makala
  • Afrika
  • Linaha Tsa Amerika
  • Eurasia
  • Lihlekehleke Tsa Lefatše
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
yb00 maq. 43-64

Tlaleho ea Lefatše ka Bophara

Ho Haha ka Morero oa Hore Bongata bo Boholo bo be le Sebaka

Ka 1935, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ithuta ka Mangolo ka morero oa Molimo oa ho bokella bongata bo boholo hona joale, nakong ea tsamaiso ea hona joale ea lintho, ka tebello ea hore bo e’o sebeletsa Jehova ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšen. 7:9, 10) Hona selemong seo, ka lekhetlo la pele, se seng sa libaka tsa bona tsa liboka Hawaii se ile sa bitsoa Holo ea ’Muso. Hona joale Liholo tsa ’Muso tse joalo tse likete li tlala batho ba amohetseng litšepiso tse thabisang tsa Bibele le ba elelloang melao ea eona e lokileng.

Ba bang teng libokeng Holong ea ’Muso ba baloa ka limilione. Ka lebaka la batho ba makholo a likete ba kolobetsoang selemo le selemo, ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng ka potlako e khōlō. Phuputso e entsoeng ka 1998 e bontšitse hore Liholo tse ling tsa ’Muso tse 8 000 li hlokahala ka potlako linaheng tse tsoelang pele moruong tse 40. Selemong se fetileng ho ile ha finyelloa eng ka morero oa ho koala sekheo see?

Liofisi tsa Liholo tsa ’Muso tsa Libaka li ile tsa thehoa libakeng tse ka sehloohong tse kang Afrika Boroa, Australia le Jeremane. Ho tloha litsing tsena tsa tšebetso, balebeli ba merero ba qalile ho thusa ho hlophisa merero ea kaho ea Liholo tsa ’Muso Afrika Bochabela le Bophirimela, tikolohong ea Asia le Pacific, le Europe Bochabela, ka ho latellana. Ho fihlela joale, bahlanka ba machaba ba 77 ba thusa mosebetsing ona linaheng tse 21 tsa Afrika, tse 7 tsa Europe Bochabela le tse 4 tse tikolohong ea Asia le Pacific. Linaha tse peli tsa Latin America le tsona lia thusoa. Moo ho khonehang, ho ntse ho etsoa boiteko ba ho theha Lihlopha tsa kamehla tsa Kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ho fihlela moo ho khonehang, ho sebelisoa thepa le mekhoa ea ho haha ea sebaka ka seng, ’me barab’abo rōna ba sebaka ka seng ba khothalletsoa ho kopanela mosebetsing oa ho haha. Leha ho le joalo, qalong, mohlanka a le mong kapa ba babeli ba machaba ba ka ’na ba etella pele lihlopheng tsena e le hore ba fane ka thupelo e hlokahalang. Moo libaka tsa ho kopanela li hlokahalang ka potlako empa maemo a moruo a thatafalletsa barab’abo rōna ba sebaka seo hore ba reke thepa ea ho haha, mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara oa thusa le hona teng.

Ka mor’a hore barab’abo rōna ba Ghana ba thusoe hore ba nolofatse lenaneo la bona la kaho ea Liholo tsa ’Muso, ba ile ba tseba ho haha Liholo tsa ’Muso tse 13 selemong sena se fetileng, ho fapana le tse 4 tseo ba neng ba li haha ka karolelano lilemong tsa morao tjena. Burundi, ka thuso ea machaba, ho ile ha hahoa Liholo tsa ’Muso tse 11 ka likhoeli tse seng kae feela. Ho ile ha etsahala hore Holo ea ’Muso ea Gitega, Burundi, e be oona mohaho oa pele leralleng leo e leng ho lona. Tumellanong le tloaelo ea moo, baahi ba bangata ba sebakeng seo ba se ba bitsa leralla leo Thaba ea Jehova.

Liberia e ile ea ba le keketseho ea karolo ea 40 lekholong ea bahoeletsi ka 1998 le keketseho ea karolo ea 19 lekholong ka 1999. Ka mor’a lilemo tsa ntoa ea lehae naheng eo, liphutheho tse ngata li hloka Liholo tsa ’Muso. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bangata ba moo ba na le mathata a mangata a moruo, ho akarelletsa ho hloka mosebetsi. Ba ananela hakaakang thuso ea chelete eo barab’abo bona ba linaheng tse ling ba ba fang eona hore ba tsebe ho haha Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang! Ba boetse ba ananela thuso ea bahlanka ba machaba ba bahlano ba ileng ba tla ho tla thusa ho hlophisa mosebetsi oa ho haha.

Nigeria ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ka holimo ho 1 800. Abeokuta, Nigeria, bonngoe le ho khothala ha Lipaki tsa moo tse neng li tšoarehile mosebetsing oa ho haha li ile tsa susumelletsa moeta-pele oa kereke e ’ngoe e haufi hore le eena a ithaopele ho thusa. Hona joale o sebeletsa Jehova le phutheho eo a ileng a thusa ho haha Holo ea eona ea ’Muso. Motseng o mong oa Togo batho ba teng ba ne ba hanyetsa ka matla hore ho hahuoe Holo ea ’Muso hoo barab’abo rōna ba ileng ba ea e haha sebakeng se seng. Empa ka mor’a hore bahanyetsi ba bone hore na ho hahoa Holo ea ’Muso e ntle hakaakang, ba ile ba botsa hore na holo e ’ngoe e ka hahuoa setšeng se tsekoang.

Sri Lanka liphutheho li ’nile tsa kopanela malapeng, mehahong ea nakoana e ruletsoeng ka makhasi a sefate sa kokonate, le ka tlas’a maphephe a ka mor’a matlo. Li ananela hakaakang hore ebe li fumana libaka tsa borapeli tse tšoanelehang le tse hlomphehang haholoanyane! Hona joale ho ntse ho hahuoa Liholo tsa ’Muso tse 13 Sri Lanka, tse 20 ke hona ho ntseng ho etsoa lipolane tsa tsona, ’me ho ntse ho etsoa litokisetso tsa hore ho hahoe tse 50 lilemong tse hlano tse tlang.

Ha ho e-na le Holo ea ’Muso e tšoanelehang, batho ba bokana habonolo haholo hore ba rue molemo taeong eo Jehova a fanang ka eona. Kahoo, ha ho ne ho hahuoa Holo ea ’Muso e khōlō, e ncha motseng oa Lima, Peru, ba bang teng libokeng ba ile ba eketseha phuthehong ka ’ngoe e neng e sebelisa holo eo, ’me pele selemo se fela, bahoeletsi ba bacha ba 75 ba ile ba qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.

Metseng e meholo moo ho nang le liphutheho tse ngata, litša li sebelisoa hamolemo ka ho haha mehaho e nang le Liholo tsa ’Muso tse fetang e le ’ngoe. Mafelong a beke a la 29 le la 30 May, mehaho e meraro e joalo ea Liholo tsa ’Muso e ile ea neheloa Romania. O mong oa eona oa Cluj-Napoca o ne o e-na le Liholo tsa ’Muso tse ’nè; o mong o ne o e-na le tse peli. Ka letsatsi le hlahlamang Târgu-Mureş, mohaho o nang le Liholo tsa ’Muso tse supileng o ile oa neheloa.

Ho Etsa Hore Liholo Tsa Kopano li be Teng

Bakeng sa lipokano tse khōloanyane, ho hahoa Liholo tsa Kopano linaheng tse ngata. Har’a selemo Estonia ho ile ha neheloa mehaho e ’meli e kopantseng Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano mohahong o le mong. Mohaho ka mong o na le Liholo tsa ’Muso tse tharo tse arohaneng tse kopanngoang ha ho etsoa Holo e le ’ngoe e khōlō ea Kopano. Ketsahalo e hlahelletseng bakeng sa Poland selemong sena sa tšebeletso e ne e le ho neheloa ha Liholo tsa Kopano tse tharo ka mafelo-beke a le mang. Litho tse peli tsa Sehlopha se Busang, Theodore Jaracz le Daniel Sydlik, li ile tsa ba le karolo ketsahalong ena e khethehileng ’me tsa fana ka lipuo tse khothatsang holong ka ’ngoe. Lebala le nang le litulo tse 6 400 tse mothipoloheng le ile la ekelletsoa holong e khōlō ho tsona kaofela, motseng oa Sosnowiec, ’me mohaho ona o ile oa sebelisetsoa likopano tse hlano tsa setereke khoeling ea July.

United States, moo hona joale ho nang le bahoeletsi ba ’Muso ba 980 419, ho ile ha neheloa Liholo tse ling tse ’nè tsa Kopano selemong sena se fetileng, ho etsa kakaretso ea liholo tse 40. Brazil, moo ho nang le bahoeletsi ba 528 034, ho ile ha neheloa Holo ea teng ea Kopano ea bo17. Holo ena e na le likarolo tse peli tse nkang batho ba 10 000, moo e ka bang bohōle ba hora ho tloha São Paulo. Liholo tse ling tse peli tsa Kopano tse bulehileng mahlakoreng li ile tsa neheloa Nigeria selemong se fetileng—e ’ngoe Ota ’me e ’ngoe hape Ibadan, li e-na le litulo tse 10 000 le 5 000 ka ho latellana.

Ho ntse ho hahuoa mehaho e meng hore ho tšehetsoe mosebetsi oa lefatše lohle oa thuto ea Bibele.

Setsi sa Thuto sa Watchtower

Ka 1986 ho ile ha nkoa e meng ea mehato ea pele e hlokahalang ea molao ka morero oa hore ho hahoe seo hajoale e leng mehaho e 28 ea Setsi sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, United States. Qetellong, ho ile ha khoneha hore ho qaloe ho haha ka 1989. Ka 1994 liofisi tse sa tšoaneng tse amanang le mosebetsi oa thuto oa Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala ho sebelisa mehaho ena. Ka 1995, Sekolo sa Gileade se ile sa fallisetsoa mehahong ena. Likolo tsa litho tsa Likomiti tsa Makala le tsa balebeli ba tsamaeang le tsona li tšoareloa moo. Qetellong, ka 1999 ho ile ha tšoaroa lenaneo la nehelo. (Tlaleho e mabapi le sena e ile ea hatisoa ho Molula-Qhooa oa November 15, 1999.) Lipaki le batho ba thahasellang ba mashome a likete ba bona mehaho ena selemo le selemo, ’me ba thabela ho bona se finyeletsoeng ka menehelo ea bona ea boithatelo, le ho bona boiteko bo kopaneng ba bara le barali babo bona ba ikemiselitseng ’me, ka holim’a tsohle, ho bona tlhohonolofatso ea Jehova.

Mehaho e Hlokahalang ea Makala

Keketseho ea palo ea barorisi ba Jehova linaheng tse ngata le eona e entse hore ho hlokahale hore ho hahoe liofisi tse ncha tsa makala. Basebetsi liofising tse joalo tsa makala, hammoho le ntlo-khōlō ea lefatše, ke litho tsa lelapa la Bethele, tse akarelletsoang Sehlopheng sa Bahlanka ba Khethehileng ba Nako e Tletseng.

BOLIVIA: Keketseho e hlollang ea puso ea Molimo e entse hore ho neheloe mehaho e mecha ea lekala Santa Cruz, Bolivia, ka la 20 March, 1999. Ho tloha ho bahoeletsi ba 714 ha ho ne ho neheloa lekala la pele ka 1968, palo ea baboleli ba ’Muso Bolivia e eketsehile hore e be tlhōrō e phahametseng tsohle ea ba 15 388, ’me kakaretso ea ba bileng teng Sehopotsong ka 1999 e bile ba 53 312.

Ofisi e ncha ea lekala, e mabalane moo ho chesang le moo ho leng mongobo Bolivia, e hahiloe ka ho feletseng ke baahi ba teng—karolo e khōlō ea eona e hahiloe ke Lipaki tsa baithaopi—ka tšebeliso e khabane ea thepa ea teng. Phello ke mohaho o pholileng hamonate le o lumellanang hantle le setša se tletseng lifate oo ho oona ho sa fehloeng moea o batang. Ha ho ne ho etile Gerrit Lösch, oa Sehlopha se Busang, mehaho ena hammoho le Holo ea pele ea Kopano naheng ena, e ile ea neheloa ho Jehova. Ba neng ba le teng ketsahalong ena e thabisang e ne e le Lipaki tsa Bolivia tse likete hammoho le baeti ba tsoang linaheng tse ling tse 11, ho akarelletsa le bao e kileng ea e-ba baromuoa Bolivia historing ea lilemo tse 54 tsa mosebetsi oa boromuoa moo.

MOZAMBIQUE: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo.” (Pes. 48:1, NW) Polelo eo e ratoa haholo ke Lipaki tsa Jehova Mozambique, ’me e ile ea utloahala hangata ka la 19 December, 1998, ha mehaho e mecha ea lekala e ne e neheloa Maputo, haufi le Leoatle la Indian. Lilemong tse seng kae tse fetileng, sena se ne se ka bonahala e le se ke keng sa etsahala. Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe ke ’muso ka lilemo tse fetang 20, ho fihlela ka 1991. Ka selemo seo, palo ea tsona e ne e feta 6 000 hanyenyane. Bofelong ba 1998, ho ile ha tlalehoa tlhōrō ea bahoeletsi ba 29 514. Ho ne ho hlokahala mehaho e mecha ea lekala.

Lekala leo le ile la hahuoa joang, kaha boholo ba barab’abo rōna ba Mozambique ba ne ba se na phihlelo ea mosebetsi oo oa ho haha? Thuso e ile ea tsoa ho bahlanka le baithaopi ba bangata ba machaba, ’me ba ile ba koetlisa Lipaki tsa teng ha ho ntse ho etsoa mosebetsi. Baeti ba tsoang linaheng tse 15 ba ne ba le teng nehelong, ’me ka mafelo-beke ’ona ao, Matola, sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 26, ho ile ha neheloa le Holo ea pele ea Kopano ea Mozambique. Ka sebele, Jehova o moholo! Ha e ne e se ka lebaka la tlhokomelo ea hae e lerato, bahlanka ba hae ba Mozambique ba ne ba ke ke ba bona liketsahalo tsena tsa bohlokoa ka ho fetisisa.

NEW CALEDONIA: Ka la 24 October, 1998, ho ile ha neheloa ofisi ea lekala e ncha le Holo ea Kopano New Caledonia. Mehaho ena e batlile e mena lekala leo ka makhetlo a mararo. Lihlopha tse tharo tsa bafetoleli li sebeletsa litlhoko tsa New Caledonia le libaka tse tlas’a eona mona.

Nehelo ena e ne e le ketsahalo e thabisang le e thahasellisang. Lintlha tsa sehlooho tsa mosebetsi oa ho haha li ne li phetoa ebile li bontšoa ka thelevishene lenaneong. E ne e le thabo e khethehileng ho Lipaki tsa Jehova tsa New Caledonia hore ketsahalong eo li be le Lloyd Barry, oa Sehlopha se Busang, e le eena ea fanang ka puo ea nehelo.

SENEGAL: Esale Lipaki tsa Jehova tsa pele li fihla Senegal ka 1951, ho entsoe boiteko bo boholo ba ho finyella batho ba limilione ba phelang tšimong ea lekala lena. Ho bile le baromuoa ba 194 ba tsoang linaheng tse 18 ba sebelelitseng mona. Ba thusitse ba makholo hore ba kopanele ho sebeletseng Jehova tšimong ena eo ho eona karolo ea 90 lekholong ea baahi e seng Bakreste.

Ho hahuoa ha lekala le lecha Cape Almadies, mathōkong a Dakar, ho ne ho ama mekhoa e mecha ea ho haha ho batho ba moo. Ha nkholi e ne e phahamisa lebota le leng le le leng le hahetsoeng fatše pele le behoa sebakeng sa lona, bashebelli ba ne ba opa liatla le ho thoholetsa. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ema tsoe! ka mokhoa o lekaneng hantle. Qetellong ea lenaneo la nehelo ntlheng ena e ka bophirimela ka ho fetisisa ea k’honthinente ea Afrika, ka la 19 June, 1999, bohle ba neng ba le teng ba ile ba kopanela ka lipelo tsohle ha ho binoa, “Rea U Boka, Jehova”!

Afrika

Histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova Afrika e qalile morao koana mathoasong a bo-1880. Ka bo-1920 boboleli bo matla ba phatlalatsa bo ile ba tsoela pele k’honthinenteng ena. Selemong se fetileng palo e phahameng ka ho fetisisa ea Lipaki tse 830 000 Afrika kaofela e ile ea kopanela ho bolelleng baahisani ba eona le ba bang ka “lintho tse hlollang tsa Molimo.”—Lik. 2:11.

E bile khothatso e khōlō ho bona bacha ba bangata ba etsa hore sekolo e be tšimo eo ba pakang ho eona. Dorcas, morali’abo rōna e monyenyane oa Mozambique, o iketselitse pakane ea hore sekolong seo a kenang ho sona a pakele mosuoe-hlooho, mesuoe kaofela, hammoho le bana ba sehlopheng sa hae. Hona joale o khanna lithuto tsa Bibele tse robeli, ’me liithuti tsa hae tsa Bibele tse tšeletseng li ba teng libokeng kamehla. Tse ling tse tharo li ile tsa tsoela pele ho fihlela li kolobetsoa ’me ka mor’a moo tsa tšoanelehela ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Ka linako tse sa tšoaneng, mesuoe e mene ea Dorcas e ’nile ea lumela ha a e memela libokeng tsa phutheho. Hona joale ntat’a Dorcas o ithuta le e mong oa eona. Mosuoe e mong, eo Dorcas a qalileng ho mo pakela lilemong tse hlano tse fetileng ha a sa ntse a kena sekolo se seng, o qeteletse a arabetse mamellong ea Dorcas ’me o lumetse ho ithuta Bibele le eena ka morero oa hore a kopanele borapeling bo hloekileng.

Ho tloha ka 1995 tlhokomelo e eketsehileng e lebisitsoe ho lithōlō tseo ho hakanyetsoang hore li limilione tse hlano Nigeria. Ka mor’a ho bona hore lipuo li tolokeloa puong ea matsoho kopanong e ’ngoe ea setereke, bahoeletsi ba bangata ba utloang ba ile ba batla ho ithuta kamoo ba ka buang le batho ka puo ena. Ka mor’a nako e fetang selemo hanyenyane, bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba 216 ba liphutheho tse 61 ba ile ba ithuta puo ea matsoho ka ho lekaneng hore ba khanne lithuto tsa Bibele le hore ba hlalose libokeng. Liphutheho tse fetang 80 hona joale li na le liboka tse tolokoang molemong oa lithōlō.

Boroetsaneng ba hae ha a sa le Côte d’Ivoire, Florence o ne a entse qeto ea ho ba moitlami. Empa o ile a nyahamisoa ke lithuto tse neng li sa hlalosoe tseo ho neng ho boleloa hore ke sephiri, ’me o ile a tšosoa ke hore moprista e mong a phehelle ho batla ho kopanela boitšoarong bo bobe le eena. O ile a tloha sebakeng sa baitlami. Hamorao, ha a le Burkina Faso, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kopana le eena mosebetsing oa tsona oa ntlo le ntlo. Ho ithuta bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo ka potlako ho ile ha etsa hore e be mohlanka ea thabileng oa Jehova.

Ka makhetlo a mabeli selemong sena, Liholo tsa ’Muso le malapa Bangui, Central African Republic, li ile tsa buleloa Lipaki tse ileng tsa fumana ho hlokahala hore li balehele ka mose ho nōka li tloha sebakeng se tsekolotsoeng ke ntoa sa Democratic Republic of Congo. Ka July bara le barali babo rōna ba fetang 200 le malapa a bona hammoho le batho ba bang, ba ile ba tlameha ho tšelela Bangui. Ha boholo ba baphaphathehi bo ntse bo petetsane ka ntle moo ho emang likepe, barab’abo rōna ba ne ba hlokometsoe nameng le moeeng. Ba ile ba lokisetsoa liboka ka Selingala Liholong tsa ’Muso tse peli, ’me ho ne ho khannoa liboka tsohle tse hlano tsa beke le beke. E mong ea boholong moo ea ileng a shebella sena sohle o ile a re: “Seo le se entseng sea babatseha, ho bula holo ea lōna hore batšoenyehi bana ba lule ho eona. Le lokeloa ke thoriso ka lebaka la sena.” Monna e mong ea ileng a feta holong moo o ile a emisa moromuoa e mong eaba o re: “Le phelela seo le se bolelang. Ke le lakaletsa katleho. Molimo o tla le hlohonolofaletsa sena.”

Ha mohoeletsi e mong ea sa kolobetsoang oa Ghana a ntse a le sepetlele lilemong tse seng kae tse fetileng, le hoja a ne a kula haholo, o ile a paka sepetlele a e-ea le bethe le bethe. Ba bang ba ile ba utloisisa seo a neng a ba bolella sona; ba bang ba ile ba se hana; mosali e mong eena o ile a mamela empa ho sa bonahale a etsa letho. Lilemo hamorao, ha mohoeletsi eo, eo joale e neng e se e le pula-maliboho ea khethehileng, a le ho e ’ngoe ea Likopano tsa Setereke tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” Ghana, o ile a kopana le mosali e mong eo a ileng a mo tseba. Pula-maliboho enoa a botsa: “U behoa ke eng moo?” Mosali eo a re: “Jehova o moholo. Ke ne ke ipotsa kamehla hore na ho na le mohla ke tla u bona hape hore ke u lebohe ka ’nete ea ’Muso eo u ileng ua e jala pelong ea ka sepetlele. Ka nako eno ke ne ke kula haholo hore nka nka khato, empa ka linako tsohle ke ne ke nahana le ho thuisa ka seo u se buileng ka bophelo Paradeiseng tlas’a ’Muso oa Molimo, moo ho ‘seng moahi ea tla re: “Kea kula.”’ Eitse hang hoba ke tsoe sepetlele, ka batla Lipaki tsa Jehova, ’me tsa qala ho nthuta ho eketsehileng. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka falla. Moo ke neng ke falletse teng, ke ile ka batla Lipaki tsa Jehova eaba ke tsoela pele le thuto ea ka ea Bibele. Phello ke hore hosasane kea kolobetsoa kopanong ena.” Basali bana ba babeli ba ile ba hakana eaba ba tšolla meokho ea thabo. Ka sebele, bopaki boo ba sepetlele bo ne bo behile litholoana tse molemo!

Mosali e mong oa Mali ea neng a holofetse ka lilemo tse 13 ka lebaka la boloi o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova. O ne a tsamaea feela ka ho khasa. Ho ile ha qaloa thuto ea Bibele le eena. O ile a tsebisoa ka liboka tsa rōna tsa phutheho, empa ka lebaka la kholofalo ea hae, morali oabo rōna o ile a felloa ke tšepo ea hore o tla ke a fihle Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, ’nete e ne e fihlile pelong ea hae. Nahana hore na bara le barali babo rōna ba ile ba makala hakaakang ha ba bona mosali enoa ka pel’a Holo ea ’Muso, a letetse hore seboka se qale. Mor’abo rōna ea nang le koloi o ile a lokisetsa hore a mo ise hae ka mor’a seboka. Ha thuto ea hae e ntse e tsoela pele le tumelo ea hae ho Jehova e ntse e hōla, o ile a lokoloha litlamong tsa meea e khopo. Butle-butle, maoto a hae a ile a boela a qala ho sebetsa, ’me ka mor’a likhoeli tse tšeletseng o ne a boetse a tseba ho tsamaea! Hona joale ke mohlanka ea kolobelitsoeng oa Jehova.

Nakong ea phomolo ea lijo tsa motšehare letsatsing la bobeli a le mosebetsing o mocha, pula-maliboho e mong oa kamehla oa Uganda o ile a qala moqoqo le mosebetsi-’moho le eena ka tsela ena: “Lumela, ke fumana ho nthatafalla ho tseba mabitso a basebetsi-’moho le ’na.” Mosebetsi-’moho le eena a re: “U se ke ua tšoenyeha, e se khale u tla re tseba. ’Na ke William.” Pula-maliboho a arabela: “Ke leboha ha u ntsebisitse hore na u mang. Kannete ke ntho e ntle. Empa kea tseba hore bothata ba ho tseba mabitso a batho ke kobo-anela lefatšeng.” William a botsa: “U bolela’ng?” Pula-maliboho a tsoela pele: “Ka mohlala, haeba u ka botsoa lebitso la ’Mōpi oa bokahohle le lintho tsohle tse phelang, na u ka le bolela habonolo feela?” Ka lebaka la puisano ena e mabapi le lebitso la Molimo, thuto ea Bibele e ile ea qalisa ka letsatsi le hlahlamang. William o ile a memela pula-maliboho enoa ha hae ho ea bua le lelapa la hae. Hona joale litho tse hlano tsa lelapa leo ke Lipaki tse kolobelitsoeng. Pele ho Sehopotso pula-maliboho enoa o ile a tsamaea ofisi le ofisi a memela basebetsi-’moho le eena ketsahalong ena ea bohlokoa. Ebile thabo e kaakang ho bona ba 40 ba le teng!

Batho ba bangata ba Afrika ba bile mahlomoleng ka lebaka la lintoa tse loanoang linaheng tsa habo bona. Hangata ba ee ba tlamehe ho baleha mahaeng a bona. Empa haeba baphaphathehi e le Lipaki tsa Jehova, ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo. Bara le barali babo rōna ba bangata motse-moholo oa Guinea-Bissau, Afrika Bophirimela, ba ile ba balehela motseng oa Buba o bohōle ba lik’hilomithara tse 240. Mor’abo rōna le mosali oa hae ba lula moo, empa ho ne ho se na phutheho. Leha ho le joalo, kapele hoba Lipaki tse tsoang motse-moholo li fihle, ho ile ha hlophisoa liboka, ’me mosebetsi oa ho paka oa tsoela pele. Ho e-s’o fete nako e telele, batho ba 40 ba ne ba e-ba teng libokeng ’me ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 70.

Bahoeletsi ba 30 ba Phutheho ea Giteranyi Burundi ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 160 ho ea kopanong ea potoloho Kayanza. Leeto leo le ile la nka matsatsi a mararo. Ba nang le libaesekele ba ne ba palamisa ba bang sebaka se itseng, ba khutle ho ea lata ba setseng morao ba ntseng ba tsamaea ka maoto, ba ba ise sebakeng se pejana, joalo-joalo. Lelapa lohle la Nzeyimana Jean—mosali, mohoehali le bana ba supileng, ho akarelletsa e mong ea tšoeroeng ke pholio ea sebelisang lere—le ile la nka leeto leo. Ka thabo e khōlō, bohle ba ile ba fihla sebakeng sa kopano.

Linaha Tsa Amerika

Lekholong la bo18 la lilemo, Bibele e feletseng e ne e fumaneha ka Senyesemane, Sefora, Sepanishe le Sepotoketsi, tse ileng tsa fetoha lipuo tse sebelisoang haholo Linaheng tsa Amerika. Qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, Lipaki tsa Jehova, joalokaha li ile tsa tsejoa ka lebitso leo hamorao, li ile tsa kena mosebetsing oa ho ruta Bibele oo ka 1935 o neng o keneletse hoo e ka bang Linaheng tsohle tsa Amerika. Hona joale ho na le Lipaki tse chesehang tse 2 769 625 linaheng tsena.

Libakeng tse ling ho ee ho bate haholo, empa boboleli ba litaba tse molemo bo tsoela pele. Moholo e mong oa Phutheho ea North Pole ea Alaska o re tsebisa hore mosebetsi oa ntlo le ntlo o tsoela pele esita leha mohatsela o le tekanyong ea 37°C ka tlaase ho ntlha ea khoamo, ’me liboka li tšoaroa le haeba mohatsela o fihlile tekanyong ea 48°C ka tlaase ho ntlha ea khoamo. Ho sebetsa tlas’a maemo ana ho hloka mamello.

Masimong a metse e meng e meholo, ho na le mehaho e mengata eo ho eona, ka lebaka la ho tšaba tlōlo ea molao, e bang ka seoelo beng ba matlo ba fang bahoeletsi monyetla oa ho bua ba talimane mahlong le bona. Argentina ha mohoeletsi e mong a ne a paka mohahong o joalo, o ile a bua ka inthak’homo le mofumahali e mong ea ileng a mamela ka hloko. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore moqoqo ona o tla ntšetsoa pele ka lekhetlo le leng. Mohoeletsi o ile a khutlela teng ka makhetlo a mangata a ntse a bua a sa talimana mahlong le mong’a ntlo. Leha ho le joalo, ho ile ha tšoaroa lipuisano tse thahasellisang, ’me mangolo a ne a baloa ka inthak’homo. Qetellong, ka mor’a likhoeli tse ’nè, mofumahali enoa o ile a mema mohoeletsi hore a kene ka foleteng ea hae ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Ho se fele pelo ha mohoeletsi enoa ho ile ha putsoa.

Ho na le mahae a fetang 17 000 a batho ba hōlileng United States, moo ho lulang makholo a likete a baahi ba hōlileng. Litaba tse molemo li ka fihlisoa joang ho baahi baa ba hōlileng? Liphutheho tse ling li atlehile haholo ka ho buisana le motsamaisi oa liketsahalo oa lehae le joalo ebe li ithaopela ho thusa baahi ka litlhoko tsa bona tsa moea. Ketsahalong e ’ngoe ho ile ha hlalosoa hore baithaopi ba phutheho e ’ngoe ba tla thabela ho tšoara thuto ea Bibele e sa lefelloeng beke le beke le mang kapa mang ea thabelang ho ba teng. Thuso eo e ile ea amoheloa ka thabo. Hangata, thutong ena ho ne ho ee ho be teng basebetsi, litho tsa malapa le baeti ba bang le baithaopi. Motsamaisi oa liketsahalo o ile a ngola: “Sehlopha sena sa thuto se fana ka tšehetso ea moea ’me se tsoela pele ho ntlafatsa bophelo ba baahi ba rōna. Ba rata thuto ea Bibele ka ho feletseng.” O ile a thabela kamoo e hlasimollang likelello tsa bana ba hōlileng. Ho thabisang basebetsi ke hore mosali-moholo e mong eo ho neng ho se mohla a keng a bue esale a fihlile lehaeng lena la batho ba hōlileng, o ile a qala ho bua thutong ena. Monna-moholo e mong eo ho neng ho se mohla a kileng a tla liketsahalong tse ling tsa lehae lena, o ile a chesehela ho ba teng thutong ena ea Bibele.

Morali e mong oabo rōna oa Chile, ha a ntse a paka setšeng sa mabitla, o ile a bua le mosali ea neng a shoetsoe ke mora ea lilemo li 12 kotsing ea koloi. ’Mè enoa ea mahlomoleng o ne a etela lebitleng la mora oa hae habeli ka letsatsi. Paki e ile ea buisana le eena ka tšepo ea tsoho, ’me thuto ea Bibele e ile ea qaloa. Mosali enoa o ile a buisana le moahelani oa hae eo le eena a neng a shoetsoe ke mora e monyenyane ’me a etela lebitleng la mora oa hae letsatsi le leng le le leng. Le eena o ile a qala ho ithuta. Ha ’mè oa mosali enoa a etetse mabitleng, o ile a kōpa moprista oa hae hore a tšoarele setloholo sa hae se shoeleng tšebeletso. Ka lebaka la karabo e bohloko ea moprista, o ile a khaotsa ho ea kerekeng ’me a qala ho ithuta Bibele. Hona joale basali bana ba bararo ba buisana le batho ba bang litšeng tsa mabitla ka tumelo ea bona e ncha.

Na u ka lumella Jehova hore a u sebelise hore u thuse motho e mong ho ithuta ’nete le hoja u se na bokhoni bo bokaalo? Moromuoa e mong o ile a etsa joalo Costa Rica. O ne a sa ntse a sitoa ho bua hantle ka Sepanishe. Leha ho le joalo, o ile a qalisa thuto ea Bibele le Mok’hatholike e mong ea chesehang ea bitsoang Ana. Ho ile ha sebelisoa bukana e bitsoang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? hammoho le Bibele. Ana ha a bone hantle, kahoo, o ne a mamela feela ha ho baloa lirapa le mangolo; ebe joale oa hlalosa. Ka beke e ’ngoe Ana o ile a fana ka tlhaloso ena e khothatsang ho morali enoa oabo rōna oa moromuoa: “Ha ho ntšoenye hore ebe ha re utloane hantle ka puo. Lintho tse ngata tseo re buisaneng ka tsona li fapane le se rutoang ke Kereke e K’hatholike. Hoja ke ne ke fuoe litlhaloso tse telele, ka lipolelo tse phethahetseng, nka be ke sa ka ka lumela, empa u mpontša lintho tsena ka ho toba ka Bibeleng ntle ho mantsoe a mangata, kahoo kea bona hore ka sebele ke sona seo Bibele e se rutang.”

Nicaragua, Lipaki li entse boiteko bo khethehileng ba ho isetsa mesuoe ea sekolo litokollo tse itseng tsa Tsoha! Taba e neng e re “Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bacha ba Kajeno?” ke mohlala oa lihlooho tse khōlō. Molemo oa boitsebiso bo joalo o totobetse. Motseng o mong, le hoja e le mosuoe a le mong ea ileng a hana, motsamaisi oa sekolo se seng o ile a kōpa Lipaki hore li fane ka puo sehlopheng sohle sa liithuti. Ho ile ha fanoa ka puo e neheletsanoang ea hora le halofo, ’me liithuti tse ngata li ile tsa kōpa lingoliloeng. Ka mor’a moo, mosuoe ea neng a hanne ka lekhetlo la pele o ne a se a batla hore Lipaki li e’o pheta lipuo tsa tsona sekolong seo e neng e le motsamaisi ho sona. Ho ile ha etsoa joalo. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena, ’me hona joale o batla hore Lipaki li fane ka lipuo ho liithuti khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.

Eurasia

Eurasia ke lebitso la Europe le Asia ha e le k’honthinente e le ’ngoe. Ke hona moo Jehova a ileng a bolella Abrahama litaba tse molemo ka lekhetlo la pele. (Bagal. 3:8) Ke hona teng hape moo Jesu Kreste a ileng a rala motheo oa mosebetsi oa boevangeli o tsoetseng pele ho tla fihlela mehleng ea rōna. (Mat. 28:19, 20) Lipaki tsa Jehova li leka ho bolela litaba tse molemo ho batho ba linaheng tsohle tse ka bang 80 tse Eurasia. Ntle ho lipuo tse makholo tseo Mokhatlo oa Watch Tower o neng o se o ntse o hatisa lingoliloeng tsa Bibele ka tsona, ho tloha ka 1995 o ekelitse ka lipuo tse ling tse 36 tse reretsoeng ho finyella batho ba bang hape ba 170 000 000 karolong ena ea lefatše. Har’a lipuo tsena ke Sepunjabi (Senastaliq), Seuzbek, Sekazakh, Setajiki, Seazerbaijani le Semongolia.

Ka 1999, mathata a tebileng a ile a tota Kosovo. Batho ba morabe oa Albania ba tsoang Kosovo ba ka bang 800 000 ba ile ba fetoha baphaphathehi linaheng tsa boahisani. Ba ka bang 500 000 ho bona ba ile ba balehela Albania. Baphaphathehi bana ba ne ba akarelletsa Lipaki tsa Jehova tse 14 le bana ba tsona ba 8. Lipaki tsa Albania li ile tsa bula malapa a tsona ’me tsa thusa bara bana babo tsona nakong e thata haholo. Ha khohlano ea merabe e ntse e tota, ho ile ha hlaka hore na ke eng e tlang pele ho barab’abo rōna ba Kosovo. Ba ne ba batla ho tiisa hore barab’abo bona ba Maserbia ba sireletsehile. Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Maserbia li ile tsa etsa boiteko bo khethehileng ba ho kopana le barab’abo tsona ba morabe oa Albania ho tiisa hore ba sireletsehile. Leo e ne e le lerato le lekaakang ha le bapisoa le lehloeo la merabe le neng le ba pota-potile! Ka mor’a likhoeli tse ’nè barab’abo rōna ba Kosovo ba ne ba chesehela ho khutlela hae. Ba ne ba sa thahaselle ho nka lintho tse ngata tse bonahalang. Ho e-na le hoo, ba ile ba kōpa mabokose a lingoliloeng tseo ba neng ba tla li sebelisa ha ba isetsa ba bang molaetsa o tšelisang oa ’Muso oa Molimo.

Ha Paki e ’ngoe e ne e buisana le mosali e mong ka inthak’homo Belgium, mosali eo o ile a e bolella pepenene hore ka nako eo ha a moeeng oa ho bua ka lintho tse joalo. Morali’abo rōna o ile a tšepisa hore o tla buisana le eena hamorao ka thelefono. Mosali eo o ile a makala kannete ha a fumana founo eo ka mor’a matsatsi a seng makae. O ile a hlalosa hore o ile a tlameha ho falla le hore o ile a kōpa Ofisi ea Boiketlo ba Sechaba hore e mo thuse ho fumana folete e ’ngoe. Ka mor’a puisano e ’ngoe ka founo, ba ile ba lahlehelana, kahoo Paki ea etsa qeto ea hore e mo ngolle lengolo ’me e le romelle ka Ofisi ea Boiketlo ba Sechaba. Lengolo leo le ile la kenngoa faeleng ea mosali eo, ’me ba ile ba fumanana hape ha a fumana lengolo leo libeke tse seng kae hamorao. Sena se ile sa tobana hantle le nako eo ka eona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e neng e sa tsoa bolela: “Haeba kaofela re etsa boiteko bo kopanetsoeng ba ho qalisa lithuto, re bile re rapella tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba rōna, ka sebele re tla fumana lithuto tse ncha!” Ka mor’a ho rapela Jehova ka thapelo e tlohang pelong, morali’abo rōna o ile a letsetsa mosali eo ho mo bolella hore o chesehela ho ithuta Bibele le eena. Mosali eo o ile a lumela. Hona joale, eena le monna oa hae ba ba teng libokeng tsa phutheho, ’me o buisana le ba habo le metsoalle ka lintho tseo a ithutang tsona.

Ka letsatsi le leng leo pula e neng e na ka lona, pula-maliboho ea khethehileng oa nakoana le mphato oa hae ba ne ba buisana le bo-ramabenkele motseng o mong oa Malaysia moo bopaki bo neng bo sa ata. Seithuti se seng sa sekolo se bohareng, se neng se emisitse moo hore pula ea litloebelele e fete, se ile sa ba atamela eaba se kōpa lingoliloeng tseo ba neng ba fana ka tsona. Se ile sa hlalosetsoa ka tokisetso ea lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng, ’me bo-pula-maliboho ba supa moo ba lulang teng. Hoo e ka bang beke hamorao, o ile a founa. O ne a balile lingoliloeng tseo kaofela ’me a batla tse ling hape. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena. Ngoanana enoa o thabela ho bala haholo ’me o ne a kōpa lingoliloeng tse ling hoo e ka bang ka mor’a lekhetlo le leng le le leng leo a neng a eteloa ka lona. Ka linako tse ling o ne a founa bosiu a kōpa lingoliloeng tseo ho buuoang ka tsona libukeng tse ling. Kaha bo-pula-maliboho ba ne ba le moo ka nakoana feela, o ile a boela a khanneloa thuto moo a leng teng ka ho mo etela le ka ngollano. Ngoanana enoa o ile a qeta buka ea Tsebo pele ho fela likhoeli tse peli. O ne a bolela litaba tse molemo ho metsoalle le ho batho ba ka beseng. O tsoetse pele hantle ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ea chesehelang ho tšoanelehela kolobetso.

Paki e ’ngoe Italy e ile ea etsa setsoalle le moahisani e mocha. Moahisani eo o ne a khutletse Italy a tloha Jeremane hobane monna oa hae a ne a tšepisitsoe mosebetsi moo. Leha ho le joalo, tšepiso eo ea mosebetsi ha ea ka ea phethahala. Kahoo, monna oa hae o ile a siea lelapa Italy eaba o ea sebakeng se seng se hōle ho ea batla mosebetsi. Ha a ntse a le sieo, banyalani ba Lipaki ba ile ba thusa mosali enoa ho ea reka, ba isa mora oa hae sekolong, ka linako tse ling ba mo memela lijong le bana ba hae, le ho mo lōta kaha ke sona seo a neng a se hloka haholo. Mosali enoa o ile a botsa hore na ke hobane’ng ha ba etsa sena sohle. Karabo e bile efe? “Hobane joaloka Lipaki tsa Jehova, re rata baahelani ba rōna.” Mosali enoa o ile a bolela hore ho ne ho se mohla a kileng a ba le nako ea ho mamela Lipaki, empa joale o ne a e-na le tjantjello ea ho tseba seo li se lumelang. Ho ile ha tšoaroa thuto ea kamehla ea Bibele le eena; o ile a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho. Ho sa le joalo monna oa hae o ile a khutlela hae. Lipaki li ile tsa ithaopela ho ithuta Bibele le eena, empa o ile a hana hobane o ne a tšoenyehile kelellong. O ne a boetse a thatafalloa ke ho fumana mosebetsi. Ha lelapa le fallela karolong e ’ngoe ea Italy, Lipaki li ile tsa fumana aterese ea Holo ea ’Muso ea moo ’me tsa khothalletsa mosali eo hore a ee holong eo. Leha ho le joalo, o ne a le lihlong haholo ’me kahoo ha aa ka a ea. Ho ntse ho le joalo, morali’abo rōna o ile a mo founela beke le beke ’me a boloka thahasello ea hae ho Jehova e phela. Ka nako ea teng, ha mosali enoa a bona Lipaki tse peli tse pakang seterateng, o ile a li kōpa thuto ea Bibele. O ile a tsosolosa ho ea libokeng. Ho sa le joalo monna oa hae o ne a fumane mosebetsi. Le eena o ile a kōpa hore ho ithutoe le eena. Bobeli ba bona hona joale ke Bakreste ba inehetseng le ba kolobelitsoeng. Bana ba bona ba babeli ba baholo le bona ba kolobelitsoe, ’me ngoana oa boraro ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.

Pula-maliboho e mong oa Luxembourg o ne a thahasella haholo hore a finyelle motho e mong le e mong tšimong ea hae. Ntlong e ’ngoe, masira a lifensetere a ne a lula a koetsoe kamehla, ’me ho se motho lapeng leo. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng pula-maliboho enoa o ne a le tseleng ho ea lata ngoana oa hae sekolong, o ile a hlokomela hore ho na le koloi ka pel’a ntlo eo e se nang motho kamehla. Ho totobetse hore o ne a sa ikemisetsa ho ea tšimong ka nako eona eo, empa o ne a sa batle hore monyetla oo o mo phonyohe. O ile a letsa tšepe. Monna ea ileng a arabela o ile a bolela hore ha a na thahasello e kaalo Bibeleng, empa o batla ho tseba haholoanyane ka Jesu Kreste. O ile a mo siela buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ka mor’a hore eena le monna oa hae ba etse maeto a ho boela a mangata, ho ile ha qaloa thuto. Empa qalong, monna enoa o ile a lumela hore o tla ithuta hang feela ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse tharo hobane o na le mabaka a mangata. Leha ho le joalo, butle-butle maikutlo a hae ka bophelo a ile a qala ho fetoha. O ile a hlokomela hore ho hlokahala hore a eketse nako ea ho ithuta le ho etsa thato ea Molimo. O ile a tlohela lerato le matla la table tennis, eo a neng a e bapala ka masiu a mane ka beke. Ha a utloisisa ka botlalo hore Bakreste ha baa tšoanela ho jela paate, o ile a tlohela mosebetsi oa hae ’me a amohela o mo lefang ka tlaase ho halofo ea seo a neng a se fumana. O ile a ikutloa joang ka ho etsa phetoho e joalo? O itse: “Ke ile ka thabela ho e etsa. Ha e le hantle, ke ne ke batla hore bophelo ba ka bo lumellane le melao ea Bibele. Ke ile ka ’na ka tsoela pele ’neteng e le hore ho se ke ha e-ba letho le leng le emang tseleng ea hore ke be mohoeletsi ea sa kolobetsoang le hore likhoeli tse hlano hamorao, ke tšoantšetse boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing.” O leboha morali eo oabo rōna hakaakang ka hore ebe o ile a etsa mosebetsi oa hae ka mokhoa o phethahetseng joalo!

Lihlekehleke Tsa Lefatše

Jehova o mema lefatše lohle, ho akarelletsa ba ahileng lihlekehlekeng, hore le thabele borena ba hae. (Pes. 97:1) Ka Pentekonta ea 33 C.E. batala ba sehlekehleke sa Kreta ba ile ba e-ba har’a ba ileng ba amohela memo ena. Lekholong la bo20 la lilemo, ba mashome a likete ba phelang lihlekehlekeng tsa lefatše ba nkile khato ka memo ena. Philippines, ba 132 496 ba bolella ba bang ka khanya ea borena ba Jehova. Lihlekehlekeng tsa Japane, ba 222 857 ba kopanela mosebetsing ona o thabisang. Esita le tsona lihlekehleke tse nang le baahi ba ’maloa feela li fumana monyetla oa ho thabela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Mosa o ileng oa bontšoa ke mor’abo rōna e monyenyane oa pula-maliboho Samoa o ile oa thusa ho qhala leeme le neng le bontšoa ho Lipaki tsa Jehova. O ile a ea tleliniking ea sepetlele sa moo, a fuoa nomoro, ’me a bolelloa hore a emele nako ea hae ea hore a bone ngaka. Leha ho le joalo, ha nomoro ea hae e bitsoa, o ne a lutse pel’a mosali-moholo e mong ea neng a bonahala a kula ho feta ba bang ba bangata ba teng, kahoo ka mosa mora enoa oabo rōna o ile a botsa mooki hore na a ka fapanyetsana libaka le mosali eo. Mooki eo o ne a maketse empa o ile a lumela. Ha mor’abo rōna a bitsoa hape, e mong oa baeta-pele (matai) ba motse oa habo o ne a tlile ’me a lutse pel’a hae. Kaha monna enoa o ne a kula ho feta mor’abo rōna, mor’abo rōna o ile a boela a mo tella nako ea hae e le hore monna enoa a bone ngaka kapele. Hamorao, mora enoa oabo rōna o ile a teana le mosali-moholo eane hape, ka lekhetlo lena ba ne ba le ’marakeng. O ile a thabela ho mo bona haholo eaba oa mo botsa hore na ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha a lumela, mosali-moholo eo o ile a bolela hore pele o ne a sa amohele Lipaki ha li mo etela, empa joale oa tseba hore li rata baahelani ba tsona kannete. Ho ile ha nkoa aterese ea hae, ’me thuto ea kamehla ea Bibele ea qaloa. Ho thoe’ng ka moeta-pele oa motse? O ile a hlalosetsa ntat’a pula-maliboho hore ha pele a ne a sa hlomphe Lipaki, hona joale oa li amohela lapeng ha hae. O ile a tla Sehopotsong ’me a re: “Seo u qalang u sa se rate, u ka ’na ua qetella u se rata.”

Na ho leka ho qala lithuto tsa Bibele tšimong ea khoebo ho na le molemo? Ka linako tse ling o teng. Pula-maliboho e mong ea khethehileng Cyprase o ne a isetsa rakhoebo e mong limakasine kamehla. Ha monna eo a bolela hore o ananela seo a se balang, pula-maliboho o ile a mo bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang, a sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang. Thuto e khanneloa hona moo mosebetsing oa monna eo, empa ka ho nahanela maemo, pula-maliboho o lekanyetsa thuto metsotsong e 10 kapa e 15 feela nako le nako.

Guadeloupe ho ’nile ha ikitlaelletsoa bopaki ba seterateng. Kaha ka karolelano mohoeletsi a le mong o lokela ho buisana le baahi ba 55, na bopaki ba seterateng bo hlile boa hlokahala? Ho ntse ho ata hore ha batho ba le malapeng, ba tšoarehe ke ho shebella thelevishine ea liteishene tsa sathelaete kapa ea liteishene tse lefelloang ka ho khetheha. Ho bonolo haholoanyane ho ba emisa le ho etsa hore ba mamele litaba tse molemo ha ba se malapeng. Molebeli e mong oa potoloho o tlaleha hore sehlopha sa bahoeletsi ba 15 se neng se etsa bopaki ba seterateng St. Martin se ile sa aba limakasine tse 250, hammoho le lipampitšana, ka nako e ka etsang lihora tse peli. Ke ’nete hore ba bang ba amohelang lingoliloeng ka thabo ba ka ’na ba bolela hore ba phathahane haholo hore ba ka bua. Empa ha maemo a bophelo a tsosa thahasello ea motho ea lintho tsa moea, lintho tse tlang pele bophelong ba hae li ka ’na tsa fetoha. Kahoo, motseng oa Les Abymes, motho e mong ea joalo o ne a e-na le lipotso tse ngata ka mor’a lefu la ntat’ae. O ne a batla ho ithuta hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng—o ile a qala ka ho sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang ha ntoo latela buka ea Tsebo. O boetse o etsa lipatlisiso bukeng ea Ho Bea Mabaka ’me o ngola mangolo a sa qotsoang sekhechaneng sa pampiri. O re o ikutloa “joaloka morena oa Iseraeleng ea neng a iketsetsa kopi ea hae ea Mangolo.” O fihletse qeto ea hore mohlomong “malumeli ’ohle ao ho thoeng ke a Bokreste a na le Bibele, empa ke bo le bong feela bo e sebelisang—ke Lipaki tsa Jehova.”

Hatsuko ke motsoali ea se nang molekane Japane ea hōlisang bana ba babeli. Hore lelapa la hae le be le chelete ea ho phela, o sebetsa mesebetsi e ’meli. O na le nako efe ea ho pakela ba bang ka Jehova le morero oa hae o lerato bakeng sa moloko oa batho? Ho mo nka metsotso e ka bang 20 ka baesekele ho ea ho o mong le o mong mesebetsing ena ea hae. O ile a etsa qeto ea ho sebelisa nako eo letsatsi le leng le le leng hore a pake. O bua le batho bao a teanang le bona—ba fetang ka tsela, ba rekang mechineng e ntšang lintho ha motho a tšela chelete, batho ba tsamaisang thepa, basebetsi ba likonteraka, le ba bang. Ho ile ha mo hloka boiteko bo matla ha a qala hobane o lihlong. O ile a etsa qeto ea hore ho e-na le hore a bue haholo, ho tla ba molemo hore a tlohelle limakasine li ipuelle. Hape, ka ho rapela pele a e-ea ho batho, butle-butle o ile a ’na a nolofalloa ke ho bua le bona. O ’nile a paka ka tsela ena ka lilemo tse peli tse fetileng ’me hona joale o tsamaisa limakasine tse 200 ho isa ho tse 300 ka khoeli, ho akarelletsa le tseo a li tsamaisang litselaneng tsa hae tsa seterateng tsa limakasine.

Video e bitsoang Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name e bile kofuto e matla ho thuseng batho hore ba ananele mokhatlo o hlophisitsoeng oo Jehova a o sebelisang. Mosali e mong Australia o ne a amohetse limakasine tsa Mokhatlo le lingoliloeng tse ling ka lilemo tse hlano. Ka beke e ’ngoe, Lipaki li ile tsa mo siela video eo hore a e shebelle. Leetong le latelang, o ile a kōpa bahoeletsi hore ba kene ka tlung. Mosali enoa o ne a ile a shebella video eo ’me a lla. O ne a tšepa Lipaki tse neng li mo etela, empa joale o ne a ikutloa hore a ka tšepa le mokhatlo o hlophisitsoeng. Letsatsing leo, ho ile ha qalisoa thuto e hlophisitsoeng ka buka ea Tsebo, ’me bekeng e latelang o ile a ba teng libokeng Holong ea ’Muso.

Batho ba kōpa keletso ho bo-mang? Ka linako tse ling ba e kōpa ho bangoli ba likoranta kapa ba limakasine. Pula-maliboho e mong oa New Caledonia o ile a hlokomela hore potso e ’ngoe e joalo e neng e botsitsoe makasineng ea lefatše e ne e arabetsoe hantle haholo tokollong e ’ngoe ea Tsoha! O ile a ngolla ’motsi ’me a romella lengolo la hae ho bahatisi ba makasine eo a kōpa hore ba le fetise. O ile a bolela hore o na le boitsebiso ba bohlokoa bo buang ka taba eo, a bolela sehlooho, a thathamisa lihloohoana tse ling, a akarelletsa lintlha tsa bohlokoa tse qotsitsoeng ’me a ithaopela hore a ka mo fa boitsebiso boo. Karabo e ile ea fihla kapele, makasine ea Tsoha! e ile ea romeloa ’me sena se ile sa bula tsela ea ho fana ka thuso e eketsehileng ea moea.

Ireland bahoeletsi ba kopana le batho ba tsoang Afrika, Europe Bochabela le Linaheng tsa Bochabela, tšimong ea bona. Phutheho e ’ngoe ea Belfast e ile ea lokisetsa hore puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa li tšoaroe ka puo ea Sechaena sa Semandarine. Ho ne ho e-na le batho ba 22 ba thahasellang. Sena se etsahetse ka lebaka la mosebetsi o motle oo banyalani ba baromuoa ba o etsang har’a batho ba Machaena ba tlileng ka mosebetsi kapa ba tlileng kolecheng Belfast. Ho tloha ka 1993 baromuoa ba khannetse batho ba 75 lithuto tsa Bibele, ba tsoang liprofinseng tse 17 tsa Chaena le ba tsoang metseng e fapa-fapaneng ea Taiwan. Ba bangata ba thahasellang ba ntse ba eteloa ka mor’a hore ba khutlele Chaena. Ka lekhetlo le leng banyalani ba bang ba ne ba thabela thuto ea Bibele; eaba mosali o se a tlameha ho khutlela Chaena, a utloile bohloko kahobane a ne a nahana hore o tla sitoa ho tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele teng. Leha ho le joalo, libeke tse seng kae hamorao, ka thabo monna o ile a bolela hore o fumane molaetsa o tsoang ho mosali oa hae a bolela hore ka letsatsi le leng Lipaki li ile tsa fihla a le sieo a ile mosebetsing eaba li siea molaetsa o reng: “Metsoalle ea hao ea Ireland e itse re u etele. Re tla tla hape.” Li ile tsa fela tsa tla! Banyalani ba bang ba ile ba ngola ba le Chaena: “Re le hloloheloa haholo. Ho bile le lintho tse ngata tse lokelang ho hopoloa, empa ha ho pelaelo hore ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e bile ho ithuta Bibele le lōna. Hona joale ho bonahala hore Bibele ke eona motheo oa bophelo ba rōna.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 49]

(1) Mozambique, (2) Senegal, (3) New Caledonia, (4) Bolivia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela