Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Brithani
Haeba u phela moo ho ’nileng ha boleloa litaba tse molemo ka lilemo tse ngata, ke monyetla ofe o teng kajeno oa ho ba le tšebeletso e nang le morero? Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela Brithani ka lilemo tse 118. Leha ho le joalo, menyetla e mengata e ntse e bulehela Lipaki tsa Brithani tse etelletsang ho etsa thato ea Jehova pele. Ho ka ithutoa ho hongata ka moea oo li o bontšang.
Czech Republic
Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe ka lilemo tse 46 ho seo hona joale se tsejoang ka hore ke Czech Republic. Liteko tsa botšepehi tseo ba ileng ba tobana le tsona li ruta ho hongata ho ka tsoelang Mokreste e mong le e mong oa ’nete molemo. Lilemong tseo tsa khatello, Jehova o ile a tsoela pele ho tšehetsa batho ba hae moeeng. Lintho tseo a ileng a fana ka tsona le litsela tseo a entseng sena ka tsona ka sebele lia babatseha.
Madagascar
Limela tse ngata le liphoofolo tse ngata tseo ho seng moo li fumanoang teng lefatšeng lia atleha Madagascar. Empa ntho ea bohlokoa haholo ho Lipaki tsa Jehova ke batho ba bontšang ho thahasella ’Mōpi oa lintho tsena. Sehlekehlekeng sena se Sefubelu se Seholo, ba bileng teng Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Kreste ba ile ba eketseha ho tloha ho ba 7 ka 1956 ho ea ho ba 46 392 ka 1999.