Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb00 maq. 66-147
  • Brithani

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Brithani
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
  • Lihloohoana
  • Sechaba se Nang le Merabe e Mengata le Litumelo Tse Ngata
  • Ho Arolelana le ba Bang
  • Ofisi ea Pele ea Lekala
  • Bohato ba Machaba
  • Ba Matla ba Thusa K’honthinenteng
  • Kopano ea Lipuo Tse Peli Engelane
  • Ho ba Tsebisa Lelapa la Jehova le Lerato
  • Liboka ka Puo ea Habo Bona
  • “Sehlopha sa Batho ba Molemo”
  • Liholo Tsa Rōna Tsa Likopano
  • Ho Haha Liholo Tse Ncha Tsa Likopano
  • “Kamehla ke ne ke Batla ho Etsa ho Eketsehileng”
  • Ho Itlhahisa ka ho Rata
  • Koetliso e Khethehileng Bakeng sa Barab’abo Rōna ba Tšoanelehang
  • Ho Fallela Masimong a Boromuoa
  • Ho Lokisetsa Liholo Tsa ’Muso Tse Loketseng
  • Ea Pele Europe
  • Ho Fana ka Lichelete le Thuso ea ba Nang le Phihlelo
  • Hase Feela Pale e Monate
  • ‘Ho Atoloha’
  • Ho Ithuta Puo e Ncha
  • Ha Moea oa Boromuoa o Ntse o Tsoela Pele
  • Mehaho e Lekaneng Bakeng sa Mosebetsi
  • Mosebetsi o Moholohali
  • Seboka se sa Lebaleheng
  • Sebaka se Molemo Bakeng sa Khatiso
  • Thuso ea Machaba
  • Ho Atolosetsa Thuso Lihlekehlekeng
  • Hoja Feela e ne e le ka Semalta
  • Ba Koetliselitsoe ho Lebela ka Lerato
  • Ba Iketsa ba Fumanehang
  • Ho ea Sebetsa Ntlo-Khōlō ea Lefatše
  • Liphetoho Bolebeling ba Lekala
  • Thabo ea Likopano Tsa Machaba
  • Ba Tsoang Limelong Tse sa Tšoaneng
  • Ba Ntse ba Tsoela Pele ho Fana ka Bopaki
  • Ho Thabela “Tlhohonolofatso ea Jehova”
  • Ho Buella “Tsela ea Molimo ea Bophelo”
  • Bopaki bo Fanoeng
  • Lefatše le Tletseng Tsebo ea Jehova
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
yb00 maq. 66-147

Brithani

Ha ’Muso oa Brithani o ne o le tlhōrōng ea oona, o ile oa aparela lefatše kaofela. Mehleng ea Mofumahali Victoria (1837-1901), ho ne ho thoe “ha ho mohla letsatsi le likelang” pusong ea oona. Leha ho le joalo, lekholong la bo20 la lilemo, ’muso oo o moholo o ile oa nkeloa sebaka ke Lichaba tsa Linaha tsa Selekane.

Linaha tsee tsa Selekane li pharaletse hakae? Li akaretsa hoo e ka bang kotara ea lefatše ’me li akarelletsa hoo e ka bang karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea baahi ba lona. Le hoja li ipusa lipolotiking, litho tse 53 tsa Linaha tsa Selekane li nka Mofumahali oa Brithani e le eena hlooho ea kamano ea tsona ea setso le moruo.

Lilemong tse 50 tse fetileng, bajaki ba tsoang linaheng tsena le tse ling ba fetotse Brithani ka boeona. E fetohile naha ea baahi ba mefuta eohle ba limilione tse 58.

Sechaba se Nang le Merabe e Mengata le Litumelo Tse Ngata

Ka la 22 June, 1984, Empire Windrush, sekepe sa masole se sebelisetsoang merero e meng, se ile sa emisa Tilbury, haufi le London, ’me ho ile ha tsoa Majamaica a 492—e le bajaki ba pele ho ba 250 000 ba tsoang Caribbean. Maindia ana a Bophirimela a thabileng, a sehlahlo, a ne a e-na le tlhompho e tebileng ea Bibele. Empa a ile a tšoha ha a fumana hore Manyesemane a mangata ha a sa bontša tumelo e tebileng ho Molimo. Ho ile ha senyeha hokae? Batho ba ne ba khobohetsoe ka lebaka la ho itšunya-tšunya ha bolumeli polaong e sehlōhō lintoeng tse peli tsa lefatše. Ho phaella moo, tumelo Bibeleng e ne e fokolisitsoe haholo ke ba tlhahlobisiso e phahameng ba neng ba bolela hore saense le bolumeli ha li nyallane.

Ho tloha ka bo-1960, Maindia, Mapakistane le batho ba tsoang Bangladesh morao tjena, ba tšolohetse mabōpong a Brithani. Ka bo-1970 ho bile le tšubuhlellano ea ba bangata ba tsoang Asia ba batlang setšabelo mona ba neng ba ’nile ba phela Afrika Bochabela. Kantle ho ba tsoang Linaheng tsa Selekane, ho ile ha fihla baahi ba Cyprase ba Bagerike le ba Maturkey, hape ha fihla Mapolishe le Maukraine. Ka mor’a phetohelo ea ’muso ea 1956 Hungary, baphaphathehi ba 20 000 ba tsoang moo ba ile ba balehela Brithani. Morao tjena, Mavietnamo, Makurd, Machaena, Maeritrea, Mairaq, Mairan, Mabrazil le Macolombia, ke ba bang ba fumaneng bolulo mona. Bohareng ba bo-1990, ba 6 ho baahi ba bang le ba bang ba 100 ba Brithani e ne e le ba merabe e menyenyane.

Sena se totobetse haholo London, motse-moholo oa Brithani. Baeti ba tsamaeang literateng, ba tsamaeang ka libese tse nang le mekato e ’meli, kapa ba palamang literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše, ba hlokomela ka pele hore baahi ba motse oo ke batho ba merabe e mengata e tsoakaneng. Ka sebele, hoo e ka bang kotara ea baahi ba London e tsoa mose ho maoatle. Ha li bonahatsa ho se tšoane hona, hona joale likolo li fa bana thuto e lumellang se ratoang ke malumeli a sa tšoaneng—har’a ’ona, ke Bakreste, Mamosleme le Mahindu. Hona ha ho bolele hore Brithani e rata bolumeli haholo. Ho fapana le hoo, mehleng ena, boholo ba baahi ba Brithani bo sekametse haholo tseleng ea bophelo ea lefatše, ea ho rata lintho tse bonahalang.

Ha ho bapisoa, ho na le Lipaki tsa Jehova tse fetang 126 000 Brithani. Le tsona li tsoa limelong tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, li lumela ka tieo ho Molimo—eseng molimo ea se nang lebitso, empa Jehova, eo ka mofuthu a memang batho ba limelo tsa lichaba tsohle hore ba tsamaee ka litsela tsa hae ’me ba ithuele molemo ka ho sebelisa keletso ea hae e lerato. (Ex. 34:6; Esa. 48:17, 18; Lik. 10:34, 35; Tšen. 7:9, 10) Lipaki tsa Jehova li nka Bibele e le Lentsoe le bululetsoeng la Molimo. Li na le tumelo e tebileng tokisetsong ea Molimo ea ho pholoha ka Jesu Kreste. Tšepo ea tsona ka bokamoso e thehiloe ’Musong oa Molimo le thutong ea Bibele ea hore morero oa Molimo ke hore lefatše le fetohe Paradeise. (Gen. 1:28; 2:8, 9; Mat. 6:10; Luka 23:43) Ka cheseho li bolela litaba tsena tse molemo ho ba bang. Takatso ea tsona e tiileng ke ho “etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo” e le hore li ka li arolela ba bang.—1 Bakor. 9:23; Mat. 24:14.

Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa qala joang karolong ee ea lefatše?

Ho Arolelana le ba Bang

Lilemong tse qetellang tse mashome a mabeli tsa lekholo la bo19 la lilemo, Brithani e ne e tšoarahane ka thata le ho theha metse ea litoropo. Batho ba tsoang metseng ea mahaeng ea Engelane, Scotland le Wales, ba ne ba phuthehela ka bongata litoropong le metseng e meholo. Basebetsi ba bangata ba se nang tsebo le ba nang le tsebo e fokolang ba ile ba ikopanya le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho ea khale. Ka mor’a 1870, thuto ea sekolo e tlamang e ile ea qala mehla eo ho eona batho ba eketsehileng ba neng ba tla fumana tsebo habonolo.

Ka 1881, J. C. Sunderlin le J. J. Bender—metsoalle e haufi-ufi ea Charles T. Russell, eo ka nako eo a neng a etella pele mosebetsi oa Mokhatlo oa Watch Tower—ba ile ba fihla ba e-tsoa United States of America. Ba ile ba tlisa molaetsa o ntlafalitseng bophelo ba ba likete Brithani. E mong o ile a qala Scotland, ha e mong a qalile Engelane, ba ile ba aba sengoliloeng se susumetsang pelo se reng Food for Thinking Christians. Molaoli e mong oa seporo sa literene London, Tom Hart, o ile a amohela sengoliloeng sena ha a le tseleng a leba hae a e-tsoa mosebetsing hoseng ho hong. Seo a ileng a se bala se ile sa tsosa thahasello ea hae ’me se ile sa lebisa lipuisanong tse ngata ka ho khutla ha Kreste. A susumelitsoe ke seo a ithutileng sona, ka cheseho Tom o ile a arolela mosali oa hae le basebetsi-’moho le eena tsebo ea hae eo a e fumaneng bocha. Kapelenyana sehlotšoana sena, se ileng sa tsejoa e le Liithuti tsa Bibele, se ile sa qala ho abela batho ba fetang ka tsela tikolohong ea habo bona lipampitšana. Lihlopha tse tšoanang li ile tsa hlaha metseng e meng ho pholletsa le Brithani. Bana kaofela ba ne ba labalabela ho hasa linnete tsa Bibele.

Ka 1891, ha C. T. Russell ka boeena a ne a etetse Brithani ka lekhetlo la pele, molaetsa oa Bibele o ile oa susumetsa batho ba ka bang 150 London le palo e lekanang le eo Liverpool hore ba be teng puong e neng e e-na le sehlooho se reng, “Tsoang ho Eena, Batho ba Ka”—ke hore ba tsoe malumeling a nang le letšoao la Babylona ea boholo-holo. (Tšen. 18:4, King James Version) Mor’abo rōna Russell o ile a tlaleha: “Engelane, Ireland le Scotland ke masimo a loketseng ho kotuloa.” Mosebetsi oa ho arolela ba bang litaba tse molemo o bonahetse o beha litholoana, ’me mathoasong a lekholo le lecha la lilemo, ho ne ho se ho thehiloe liphutheho tse nyenyane tse leshome tsa Bokreste. Ho etsa hore ba fumane lijo tsa moea habonolo ka lingoliloeng tsa Bibele, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa theha ofisi London.

Ofisi ea Pele ea Lekala

Ka 1900, E. C. Henninges, motsoalle e mong e moholo oa C. T. Russell, o ile a fihlela koung ea Liverpool, ka leboea-bophirimela ho Engelane, ’me a leba London a batla mehaho e ka hiroang e neng e ka sebelisoa bakeng sa depo ea lingoliloeng. Ka la 23 April o ile a fumana sebaka 131 Gipsy Lane, Forest Gate, ka bochabela ho London. Mono ofisi ea pele ea lekala la Watch Tower Bible and Tract Society e ile ea qala ho sebetsa. Hona joale, lilemo tse lekholo hamorao, ho na le liofisi tse joalo tsa makala tse fetang 100 tse libakeng tsa bohlokoa ho pholletsa le lefatše.

Ka la 30 June, 1914, kofuto e ncha ea molao bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova Brithani, e ile ea thehoa ka molao London e le Mokhatlo oa Machaba oa Liithuti tsa Bibele. Ka nako eo lekala la Brithani le ne le hlokomela mosebetsi oa ’Muso ho pholletsa le Lihlekehleke Tse Nyenyane tsa Brithani, ho akarelletsa le Ireland. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1966, Ireland eohle e ’nile ea tsamaisoa ke lekala le ikemetseng le neng le le Dublin pele ’me hona joale le ka boroa ho eona.

Bohato ba Machaba

Thahasello ea barab’abo rōna Brithani e ne e sa lekanyetsoa feela tšimong ea Brithani. Ba ne ba tseba hore Jesu Kreste o ne a ile a bolela esale pele hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) Ka bo-1920 le mathoasong a bo-1930, barab’abo rōna ba bangata ba Brithani ba ile ba batla ho atolosa tšimo ea bona ea ho bolela ka ho etsa mosebetsi oa boromuoa linaheng tse ling. E ne e le bohato ba bohlokoa, ’me Jehova o ile a hlohonolofatsa moea oa bona oa boitelo.

Ka 1926, Edwin Skinner o ile a tloha Sheffield, karolong e ka leboea ea Engelane, ho ea sebeletsa India. Boikokobetso ba hae bo ile ba mo thusa ho mamella kabelong eo ka lilemo tse 64, ho fihlela lefung la hae ka 1990. William Dey ea sa lebaleheng le ea lerato oa Scotland, e ne e le mohlahlobi oa lekhetho hape e le monna ea hlileng a ruileng, o ile a tela boemo ba hae le penshene ea hae hore e be mookameli oa lekala oa Ofisi e ncha ea Mokhatlo ea Europe e ka Leboea, e neng e le Copenhagen, Denmark. Kapele ka mor’a moo, Fred Gabler o ile a amohela memo ea Mor’abo rōna Dey ’me a ea Lithuania, ha a le moo o ile a tla fumanoa ke Percy Dunham, eo hamorao a ileng a ea sebeletsa Latvia. Wallace Baxter o ile a hlokomela mosebetsi Estonia. Claude Goodman, Ron Tippin, Randall Hopley, Gerald Garrard, Clarence Taylor le ba bang ba bangata ba Brithani ba ile ba etella mosebetsi pele Asia. E mong ea tsoang Scotland, George Phillips, o ile a sebeletsa Afrika Boroa ka lilemo tse ngata. Robert le George Nisbet, bao le bona ba neng ba tsoa Scotland, ba ile ba bula maliboho ka Bochabela le ka Boroa ho Afrika.

Ba Matla ba Thusa K’honthinenteng

Ka bo-1930, bo-pula-maliboho ba bangata ba Brithani ba ile ba arabela pitso ea ho ea thusa ho phatlalatsa litaba tse molemo Belgium, Fora, Spain le Portugal. John le Eric Cooke ba ne ba le har’a bana.

Arthur le Annie Cregeen ba hopola tšebetso ea bona moo ho neng ho se na liphutheho ka boroa ho Fora. Ba ile ba kopana le barab’abo rōna ba Poland ba ileng ba bonahatsa cheseho e khōlō le ho amohela baeti. Annie o hopola nako eo ba ileng ba memela bara bana babo rōna moo ba lulang Le Grand Hôtel de l’Europe, toropong ea Albi. Hamorao o ile a ngola, “E ka ’na eaba mohaho oo o ne o boheha mehleng ea Napoleon” empa khanya ea oona e ne e felile. O ile a tsoela pele: “Sehlopha seo se ile sa fihla ka Sontaha thapama, ’me re ile ra ba le thuto ea Molula-Qhooa e hlollang. Re ne re le lichaba tse hlano, se seng le se seng se e-na le makasine ka puo ea sona, ’me mokhoa o tloaelehileng oa puisano e ne e le ‘Sefora se tsoakantsoeng le lipuo tse ling.’ Re ne re bala serapa limakasineng tsa rōna ka ho fapanyetsana ebe re hlalosa seo re se balileng ka Sefora sa rōna se sothehileng. Empa kaofela re bile le nako e thabisang hakaakang!”

Ka masoabi, linako tse joalo tse thabisang tšebeletsong ea linaha lisele e ne e e-ba tsa nakoana. John Cooke, eo ka nako eo a neng a le Fora e ka boroa, o ile a lula moo nako e telele kamoo a ka khonang. Qetellong o ile a tsoa ka baesekele ’me a fuoa tsela hore a ee Engelane pejana feela ho hore litanka tsa Jeremane li fihle. Ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše, ka la 1 September, 1939, ho ne ho lebisitse khohlanong pakeng tsa Brithani le Jeremane, ka liphello tse tebileng ho Lipaki tsa Jehova Brithani le libakeng tse ling.

Ha lichaba li futuhelana ntoeng e mahlo-mafubelu, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ema li tiile e le Bakreste ba sa jeleng paate. Li ile tsa utloisisa ka ho hlakileng hore ho utloa Molimo ho lokela ho tla pele bophelong ba motho. (Lik. 5:29) Kaha li ne li rapella ho tla ha ’Muso oa Molimo ka tieo ’me li ne li boetse li tseba hore na Jesu Kreste o itse ’musi oa lefatše ke mang, li ne li lumela ka tieo hore e ne e tla ba ho fosahetseng hore li jele paate ntoeng e pakeng tsa lihlopha tsa lefatše lena. (Mat. 6:10; Joh. 14:30; 17:14) Lipaki tsa Jehova ka botsona li ile tsa mamela seo Bibele e se buang ka ‘ho se hlole li ithuta ho loana.’ (Esa. 2:2-4) Qalong, Brithani tse ling tsa tsona li ile tsa lokolloa e le tse sa keneng ntoeng ka lebaka la letsoalo. Leha ho le joalo, hamorao, baahloli le mecha ea litaba ba ile ba bolela hore batho e ba Lipaki e le hore ba ka qoba ho kena mabothong a hlometseng. Ka lebaka leo, tse ka bang 4 300 li ile tsa kenngoa teronkong. Palo ena e ne e akarelletsa baralib’abo rōna ba bangata ba neng ba hana ho sebetsa mesebetsi e tšehetsang boiteko ba ntoa. Leha ho le joalo, ka mor’a ntoa, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho bonahatsa hore se li susumelitseng e ne e le takatso ea ho thabisa Molimo le ho phatlalatsa ’Muso oa hae e le oona feela tšepo bakeng sa batho. (Boitsebiso bo eketsehileng ka tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Brithani mehleng eo ea pele bo ka fumanoa ho Buka ea Selemo ea 1973 [ea Senyesemane.])

Kopano ea Lipuo Tse Peli Engelane

Ho theosa le lilemo, likopano e ’nile ea e-ba ntho e ka sehloohong bophelong ba batho ba Jehova. Ketsahalong e ’ngoe, lipuo tsa sehlooho kopanong, tse ileng tsa fanoa ke mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, li ile tsa fetisoa ka seea-le-moea ho ea linaheng tse ngata ho tloha kopanong e neng e le London. Baeti ba tsoang linaheng tse fetang 50 ba bile teng likopanong tse neng li le London ka bo-1950 le ka bo-1960. Empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe lenaneong e ne e le ka Senyesemane. Seo se ile sa fetoha ka 1971.

Litokisetso li ne li ntse li tsoela pele bakeng sa Kopano ea Setereke ea “Lebitso la Molimo” e neng e lokela ho tšoareloa Twickenham, London, selemong seo. Europe Lipaki li ne li ntse li tsoela pele ho lokisetsa ho ba teng likopanong tse nang le sehlooho se tšoanang. Le hoja mosebetsi oa ’Muso o ne o ntse o thibetsoe Portugal, ba likete ba ne ba itokiselitse ho ea feta le Spain ho leba Toulouse, Fora. Ba ne ba le moeeng. Joale ho ile ha hlaha litaba tsa ho qhoma ha k’holera Spain. E ne e le ba entetsoeng k’holera feela ba neng ba ka feta le naheng eo. Leha ho le joalo, ho ne ho se na ente e lekaneng bakeng sa bohle ba tsoang Portugal ba neng ba batla ho ea ba teng kopanong. Ha ho belaelloa hore ho fumanoe k’holera Toulouse ka boeona, ba boholong ba ile ba ntša taelo e tiileng ea ho thibela batho ho kena Fora. Barab’abo rōna ba Mapotoketsi joale ba ne ba tla etsa joang? Mora e mong oabo rōna o ile a re: “London e tla lula e butse menyako kamehla.”

W. J. (Bill) Bull, molebeli oa kopano Twickenham, mor’abo rōna ea tsebahalang ka bonolo, le boikutlo bo nang le botsoalle, o hopola se ileng sa etsahala. “Ba ka bang 800 ho ea ho 900 ba ile ba leba Brithani, ba 112 ba ile ba fihla ka sefofane ’me ba bang ka libese. Re ne re saletsoe ke nako e ka tlaase ho beke ho lokisetsa tšubuhlellano ena. Barab’abo rōna ba ile ba ea Dover ho ea khahlametsa baeti ba Mapotoketsi ba fihlang ka sekepe, bao boholo ba bona ba neng ba tseba Senyesemane hanyenyane kapa ba sa se tsebe ho hang.” Ba ile ba fumaneloa marobalo kaofela, boholo e le malapeng a barab’abo rōna ba London. E ’ngoe ea litente tse khōlō tsa ho jela e ile ea fetoloa sebaka se loketseng bakeng sa mananeo a Sepotoketsi, ’me ka thabo Mapotoketsi a ile a kopanela le barab’abo bona ba Manyesemane ho shebella litšoantšiso tsa kopano tse kang Jehova o Hlohonolofatsa ba Tšepahalang le Etsa Morero oa Jehova Tsela ea Hao ea Bophelo le ho mamela likarolo tse ling tsa lenaneo. Ka la 13 August, 1971, koranta ea sebakeng seo e bitsoang Middlesex Chronicle, e ile ea tlaleha sena: “Ho fihla ha bona ho ile ha etsa hore kopano ena e be ea pele ea lipuo tse peli ea Lipaki e tšoareloang naheng ena.”

Barab’abo rōna ba Mapotoketsi ba ile ba fana ka tlaleho e thabisang ka tsoelo-pele ea mosebetsi oa ’Muso naheng ea habo bona, ka mor’a moo mor’abo rōna ea hlokometseng mosebetsi Portugal o ile a bua kopanong eo a leboha barab’abo rōna ba Brithani ka kamohelo ea bona e mofuthu ea baeti. O ile a re: “Le re file ho hoholo, nako ea lōna, mahae a lōna, tlhokomelo ea lōna, mosa oa lōna le paballo ea lōna, motseng ona o moholohali, ’me ka holim’a tsohle la re fa lerato la lōna. Barab’abo rōna, kholisehang hore kamehla London e tla ’ne e re hopotse litaba tse monate tse fetileng.” Ha barab’abo rōna ba Mapotoketsi ba leboha ka pina, meokho e ne e keleketla hoo e ka bang ho e mong le e mong har’a bamameli, bohle ba neng ba le teng ba ile ba ameha maikutlo ke liteboho tse tlohang botebong ba pelo.

Ho ba Tsebisa Lelapa la Jehova le Lerato

Batho bao Senyesemane e neng e se puo ea bona ba ne ba sa hloke tlhokomelo nakong ea kopano feela. Baahi ba fallelang Brithani ba ne ba ntse ba eketseha. Sena se ile sa hlahisa phephetso mabapi le ho bolela litaba tse molemo. Ho ne ho ka etsoa eng?

Bahoeletsi ba buang Senyesemane ba ne ba labalabela ho thusa ba neng ba e-tsoa lichabeng tse ling ’me ba bua lipuo tse ling. Moo ho khonehang, Paki e ne e ee e leke ho fa mong’a ntlo ho hong hoo a ka ho balang ka puo ea habo. Empa ho buisana e ne e le bothata. Leha ho le joalo, har’a ba neng ba tsoa mose ho maoatle e ne e le ba bang ba Lipaki tsa Jehova, ’me sena se ile sa thusa ho koala sekheo sena.

Ka bo-1960, Lipaki tse buang Segerike tse neng li e-tsoa Cyprase li ne li tšoarehile li arolelana ’nete le ba bang ba buang Segerike ba Engelane. Lipaki tsa Mataliana li ne li arolela batho ba habo tsona ’nete ea Bibele ba neng ba falletse London.

Paki e nyenyane ea Lejeremane e bitsoang Franziska e ile ea fihla Engelane nakong ea selemo ka 1968 ho ea sebetsa e le ngoanana ea sebeletsang bolulo le monyetla oa ho ithuta puo ea lelapa leo a le sebeletsang. Ka mor’a ho ba Kopanong ea Setereke ea “Litaba tse Molemo Bakeng sa Lichaba Tsohle” selemong seo, ka cheseho o ile a atolosa ho kopanela ha hae tšebeletsong ea tšimo ’me a nehelana ka buka e sa tsoa lokolloa ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ho banana ba bang ba sebeletsang bolulo joaloka eena ba lulang haufinyane. Ka lebaka leo, o ile a qala lithuto tsa Bibele tse ’nè. E mong oa liithuti tsena e ne e le ngoanana oa Switzerland eo Franziska a neng a ithuta le eena ka Sejeremane. Ha ngoanana eo a qala ho ea libokeng tsa phutheho, o ile a iponela ka boeena lerato le ka tlung ea Jehova. (Joh. 13:35) Selemong se latelang, ngoanana enoa ea thahasellang o ne a se a tsoetse pele hantle hoo a ileng a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa. Hamorao e ile ea e-ba pula-maliboho hape o bile a thusa le ’mè oa hae hore a amohele ’nete. Empa bona e ne e le qalo feela ea boiteko ba Franziska ba ho pakela banana ba sebeletsang bolulo le ho ithuta puo ea lelapa leo ba le sebeletsang.

Franziska o pheta ka cheseho: “Neng le neng ha ke e-ea ka ntlo le ntlo ’me ke kopana le e mong oa banana bana, ke ’molella hore le ’na nkile ka sebetsa mosebetsi o tšoanang le oa hae. Kapelenyana, re na le ntho e re tlamahanyang eo re tšoanang ka eona. Seo ke se hatisang kamehla ke hore ha ke ne ke fihla Engelane, ho ne ho se na motho eo ke mo tsebang ntle le morali e mong oabo rōna. Leha ho le joalo, ke ile ka etsoa hore ke ikutloe ke amoheleha phuthehong. Kahoo kamehla ke leka hore kapele ba tsoaka-tsoakane le phutheho e le hore ba ka bona hore re lelapa le le leng le leholo.”

Ka 1974, Franziska o ile a nyaloa ke Philip Harris, ’me hona joale ba sebeletsa Bethele ea London ’me ba kopanela le Phutheho ea Northwood. Franziska o ’nile a etela ntlo e ’ngoe tšimong eo ka lilemo tse fetang 13. Oa hlalosa: “Bethele e ile ea amohela lengolo le tsoang ho ngoanana e mong oa Mofora ea sebeletsang bolulo le ho ithuta puo ea kōpang hore Paki e mo etele. Paki ea Fora e ne e ile ea mo fa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ’me o ne a batla ho tseba ho eketsehileng. Le hoja a ne a ntse a e-s’o tsebe Senyesemane hantle, ke ne ke bona hore Nathalie o ne a nyoretsoe ’nete. O ile a tsoela pele hantle ’me kapelenyana a ea libokeng.” Pele a khutlela Fora, Nathalie e ile ea e-ba mohoeletsi oa ’Muso, ’me hona joale eena le monna oa hae ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho tšimong ea Maarabo mono.

Lelapa le neng le hira banana bana ba sebeletsang bolulo le ho ithuta puo le ne le e-na le tsela eo le e latelang. Pele ngoanana e mong a tsamaea, ho ne ho fihla e mong. Ka matsatsi a seng makae, ngoanana oa pele o ne a ruta enoa e mocha mesebetsi e etsoang lelapeng leo. Ha Nathalie a le haufi le ho tsamaea, Franziska o ile a eletsa: “Pele u khutlela Fora, bolella ngoanana ea latelang kamoo thuto ea Bibele e u thusitseng kateng ’me u bone hore na ha a thahaselle.” Ngoanana ea latelang e ne e le Isabelle, le eena a tsoa Fora, ’me kannete le eena o ne a thahasella. Le eena Franziska o ile a ithuta le eena. Isabelle o ile a lateloa ke Nathalie oa bobeli, eo kapelenyana a ileng a qala ho ea libokeng. Ha a khutlela Fora, le eena o ile a kolobetsoa.

Ngoanana e mong, Gabriela, o ne a tsoa Poland. Ha ho mohla a neng a kile a kopana hantle le Lipaki tsa Jehova, ’me o ile a bolella Franziska hore o ne a sa rate Majeremane ka lebaka la botumo bo bobe boo a nang le bona Poland. Franziska o ile a hlalosa hore Lipaki tsa Jehova ha ho mohla li kileng tsa kena ntoeng. O ile a beha mabaka ka tsela ena: “Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, u ne u ke ke ua fumana e mong oa Lipaki tsa Jehova sesoleng. Na u ne u tseba hore re ile ra hlorisoa? Re ne re le likampong tsa mahloriso hobane re ile ra hana ho tlotlisa Hitler le ho tšehetsa puso ea Manazi.” Gabriela o ile a makala, ’me maikutlo a hae a ho ba khahlanong le Majeremane a ile a fela kapele. Ka mor’a thuto ea kamehla ea Bibele le Franziska, Gabriela e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me hamorao o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova kopanong ea Twickenham. Ho theosa le lilemo, Franziska o ile a khanna lithuto tsa Bibele le banana ba sebeletsang bolulo le ho ithuta puo ba 25 ba tsoang linaheng tse leshome le ho thabela ho ba tsebisa lelapa la Jehova le lerato.

Liboka ka Puo ea Habo Bona

Ke ’nete hore hase e mong le e mong ea neng a ka tsoela pele ka potlako ’neteng ka ho ithuta Bibele ka Senyesemane kapa ka ho ba teng libokeng tseo ho eena li neng li le ka puo esele. Ho ne ho ka etsoa eng?

Ha Lipaki tse buang Segerike tsa Cyprase li qala ho fumana thahasello har’a batho ba habo tsona Engelane, ho ile ha etsoa litokisetso London hore ho tšoaroe liboka tse ling ka Segerike. Ka 1966 ba ile ba qala ho rua molemo Thutong ea Buka ea Phutheho ea kamehla ka puo ea bona; hamorao ho ile ha eketsoa ka puo ea phatlalatsa khoeli le khoeli. Ka 1967 phutheho ea pele ea Segerike e ile ea thehoa London, ’me sehlopha se seng sa Segerike se ile sa qala ho tšoara liboka Birmingham.

Mataliana a ile a qala ka puo ea phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa Holong ea ’Muso ea Islington London ka 1967. Sena se ile sa lateloa ke liboka tse eketsehileng tsa Setaliana libakeng tse ling. Mohlala oa se etsahetseng ke ona: Vera (Vee) Young o ile a qala ho ithuta Bibele le mosali e mong oa Motaliana Enfield, ka leboea ho London. Ha kananelo ea hae e ntse e hōla, o ile a hlalosa: “Ke ntho e utloisang bohloko hore ebe ha ho na letho ka Setaliana bakeng sa metsoalle e meng ea ka.” Sena se ile sa susumelletsa monna oa Vee, Geoff, hore a bue le molebeli oa potoloho. Ba le hammoho ba ile ba fumana mor’abo rōna ea buang Segerike ea neng a ile a sebetsa e le pula-maliboho Italy. Geoff oa pheta: “Ke ile ka fana ka puo ka Senyesemane, ’me mor’abo rōna oa Mogerike o ile a e fetolella Setalianeng.” Ho ile ha e-ba teng batho ba ka bang 30, ’me ba bang ba bona ba ile ba tsoela pele hantle moeeng. Ka mor’a nako Lipaki tse buang Setaliana li ne li loketse ho theha phutheho. Ho tloha ka nako eo, ka karolelano, ho ’nile ha thehoa phutheho e ncha ea Setaliana ka lilemo tse ling le tse ling tse hlano.

Khōlo e ile ea tsoela pele tšimong ea Segerike. Ka 1975, ba ile ba etsetsoa litokisetso tsa ho thabela kopano. Ka nako eo Geoff le Vee Young e ne e le bo-pula-maliboho ba habileng ho ba lilemo li 50. Bana ba bona ba babeli ba ne ba hōlile, ’me ka bobeli ba ne ba se ba le lenyalong “Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Kaha Geoff le Vee ba ne ba se ba se na batsoali ba hōlileng bao ba ba hlokomelang, ba ne ba le boemong ba ho amohela litokelo tse ling tsa tšebeletso. Ho makaleng ha Geoff, o ile a fumana kabelo ea ho hlophisa kopano bakeng sa barab’abo rōna bohle ba buang Segerike Brithani. Geoff oa hopola: “Ke ne ke sa tsebe hore na ke lebelle eng. Ha ke fihla setšeng sa kopano, ka pono ea ka e se nang phihlelo, ka nahana hore ke kopane le pel’a li falla!” Mohlomong e ne e mpa e le feela pono ea Monyesemane ea phelang Senyesemane a shebelletse Magerike a nyakalletseng. Barab’abo rōna ba Magerike ba ne ba mpa ba hlalosetsana hore na ba ka etsa mosebetsi hamolemo joang. Ba bileng teng kopanong eo ba ne ba feta 400.

Ho ile ha boela ha hlaha lihlopha tsa lipuo tse ling. Ka 1975 phutheho ea Sepanishe e ile ea qala ho sebetsa. London, puo ea pele ea phatlalatsa ka Segujarati e ile ea fanoa ka 1977. Lilemo tse peli hamorao, ho ile ha tšoaroa kopano e nyenyane ea Segujarati. Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, ho ile ha tšoaroa kopano ea potoloho ea Sepunjabi, ha e-ba teng ba ka bang 250.

“Sehlopha sa Batho ba Molemo”

Lilemong tse qalang, likopano tse khōloanyane hangata li ne li tšoareloa London. Ka bo-1960, likopano tsa selemo le selemo li ne li tšoareloa metseng ea boholo bo sa tšoaneng ho pholletsa le naha. Ka linako tse ling, li ne li ba ’nè feela; lilemong tse ling, ho ne ho sebelisoa mehaho e menyenyane, ’me palo ea likopano e ne e eketseha ho fihla ho 17. Mabala a lipapali, liholo tse khōlō le mabala a ho thelelisa leqhoeng a ne a hiroa. Ka 1975, ho ile ha etsoa boiteko ba ho tšoara kopano Cardiff Arms Park, Wales.

Le hoja botumo bo botle ba Lipaki tsa Jehova bo tsebahala likarolong tse ngata tsa Brithani, ba ikarabellang mabaleng a lipapali ’me ba e-so ho iponele lipokano tse khōlō joalo tsa Lipaki qalong ba ka ’na ba e-ba leqe ho li hirisetsa mehaho ea bona. Ho bile joalo ka Cardiff Arms Park. Lipuisano li ile tsa qala ka Mokhatlo oa Boto ea Rugby oa Wales. Mohlomphehi Wakefield, eo ka nako eo e neng e le molula-setulo oa Mokhatlo oa Rugby oa Bolo ea Maoto bakeng sa Brithani kaofela, ka mosa o ne a ile a bolella barab’abo rōna hore ha ba tobana le mathata leha e le afe lipuisanong tsa seboka sa boto eo Cardiff, ba kōpe litho tsa boto eo hore li mo letsetse. Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang hore ba be le thuso e joalo! Ha lipuisano li le mosenekeng, thelefono e eang ho Mohlomphehi Wakefield e ile ea atleha ho bula tsela. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoarela likopano Twickenham, London, ho tloha ka 1955, ’me Mohlomphehi Wakefield o ile a hlalosetsa metsoalle ea hae ea Wales kamoo eena le boto ea hae ba ’nileng ba ananela hore Lipaki li sebelise mehaho ea Twickenham lehlabula le leng le le leng. O ile a ba tiisetsa hore ha baa lokela ho khathatseha ka letho, a phaella: “Lipaki ke sehlopha sa batho ba molemo hakaakang!” Kapelenyana ho ile ha fihleloa qeto ea tšebelisano, ’me ka lilemo tse ngata Lipaki li ’nile tsa sebelisa Cardiff Arms Park e le sebaka seo ho tšoareloang likopano ho sona kamehla Wales.

Liholo Tsa Rōna Tsa Likopano

Ho phaella likopanong tsa selemo le selemo, re boetse re tšoara likopano tse nyenyane har’a selemo. Ka 1969 palo ea baboleli ba ’Muso Brithani e ne e le 55 876, empa ka lilemo tse ’nè ba arolelang ba bang litaba tse molemo ba ne ba eketsehile ho ba ba 65 348. Ho tla fihlela ka nako eo, ho ’nile ha hiroa liholo hore likopano tsa rōna tsa potoloho li tšoareloe teng, empa ho ne ho ntse ho thatafala haholoanyane ho fumana libaka tse loketseng ka tefello e itekanetseng.

Ka bo-1970, ho ne ho totobetse hore re hloka liholo tsa rōna tsa likopano. Ho ile ha tšoaroa liboka tsa barab’abo rōna ba ikarabellang, ’me ho batloa ha litša tse loketseng ho ile ha qala. Qalong ba ne ba rerile ho nchafatsa mehaho e seng e ntse e le teng. Mathoasong a 1975 ba ile ba lumellana ka mor’a ho buisana ka ho reka mohaho oa libaesekopo o neng o sa sebetse Manchester, ka leboea Engelane. Ka mor’a likhoeli tse ngata tsa ho nchafatsa, ho ile ha neheloa Holo ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova ea pele Engelane ka la 31 August. E ile ea loka ka nako bakeng sa lenaneo le lecha la likopano tsa potoloho le neng le qala ka September.

Lilemo tse peli pele ho mona, karolong e ka boroa-bochabela ho naha ena, balebeli ba likopano ba ne ba ile ba kopana ho tla hlahloba kamoo ba ka fumanang holo London. Denis Cave, setho sa komiti e abetsoeng ho fumana moaho o loketseng, o hopola kamoo a ileng a tšoha kateng ha barab’abo rōna ba bokaneng ba e-ba ntsoe-leng hore ba se ke ba batla holo e le ’ngoe feela empa ba batle tse peli—e ’ngoe ka leboea ho Nōka ea Thames ’me e ’ngoe ka boroa ho nōka eo—’me sena ba se etsa ho sa tsotellehe theko e phahameng ea litša sebakeng seo!

Cinema e neng e se e sa sebelisoe toropong ea Dorking, lik’hilomithara tse 30 ka boroa ho London, e ile ea bonahala e le eona e ka rekoang. Empa ba hakanyetsang boleng ba litša ba ile ba kenella ’me ba phahamisa chelete ea theko ea mohaho oo. Le hoja Denis a ne a nyahame pele, o ile a makala ha mookameli e moholo oa toropo a mo letsetsa ’me a kōpa hore eena le Paki e ’ngoe ba be teng sebokeng se itseng. Ho phaella ho tloseng lithibelo tsa meralo e le hore mohaho oo o ka sebelisetsoa borapeli, ba boholong ba ile ba lumela ho reka cinema eo ebe bona ba e hirisetsa barab’abo rōna ka tumellano e sa beheloang nako e nchafatsoang ka mora lilemo tse ling le tse ling tse tharo.

Holo eo e ile ea sebelisoa hamolemo ka lilemo tse fetang leshome, ho fihlela ha toropo e etsa qeto ea ho sebelisetsa mohaho oo ho hong hosele. Ho o nkela sebaka, barab’abo rōna ba ile ba fumana setša sa lihekthara tse 11 haufinyane le Boema-fofane ba Gatwick ba London. Se ne se akarelletsa mehaho e ka kopanyelletsoang mohahong o motle oa Holo ea Kopano. Ho ile ha tsoha khang sebakeng seo ka tsela ea ho kena mohahong o mocha ka litselana tsa mahaeng tse tšesaane. Ka ho utloahalang, baahi ba haufinyane ba ne ba lakatsa ho sireletsa boinotši ba bona ’me ba lule ba sa tšoengoe ke letho ka hohle kamoo ho ka khonehang. Na Lipaki li ne li tla hlompha litaelo tsa hore li latele ka hloko litsela tse behiloeng le lebelo ha li e-ea Holong ea Kopano? Tlaleho ea litaba ea seboka sa Komiti ea Merero ea sebaka seo e ile ea bolela: “Maemong a tloaelehileng, kamoo komiti e ileng ea ikutloa kateng, ho ne ho ke ke ha etsahala hore ho kenngoe maemo a joalo tšebetsong. Empa ho Lipaki tsa Jehova ho ne ho fapane.” Molula-setulo oa Komiti o ile a phaella: “Lihlopha tse ling tse ngata kapa mekhatlo li ne li ka rata hore li re litho tsa tsona li tla lumellana le tsela ena. Empa mokhatlo ona oona ke tsela eo o sebetsang ka eona.” Holo ena e ncha ea Kopano ea Surrey e Hays Bridge e ile ea buloa ka kopano ea potoloho ka la 17 le la 18 May, 1986, selemo hantle ka mor’a hore ho fumanoe setša seo.

Ka nako eo ho neng ho ntse ho etsoa mosebetsi Holong ea Kopano ea Dorking ka 1975, Lipaki ka leboea ho London li ne li nchafatsa seo e kileng ea e-ba Cinema ea Ritz e New Southgate. Mohaho ona oa bohareng ba bo-1930 o ile oa koaloa hore e se ke ea hlola e e-ba cinema nakong ea selemo ka 1974. O ne o ile oa fetoloa synagoge ka nakoana. Ho ea ka Roger Dixon, setsebi sa meralo ea ho haha, ha Lipaki li o fumana, mohaho oo o ne o “sohlokehile.” Oa hopola: “Mohaho ka booona o ne o ntse o batla o tiile empa o nela. E le ho pata ho sohlokeha ha oona, bokahare ba holo bo ne bo pentiloe ka botšo!” Mosebetsi oa ho o nchafatsa e ne e le o nyahamisang qalong. Leha ho le joalo, baithaopi ba ka bang 2 000 ba nang le boiphihlelo le ba se nang boiphihlelo bo bokaalo ba ile ba phetha mosebetsi ka likhoeli tse ’nè le halofo feela.

Ka nako e tšoanang, mosebetsi o ne o ntse o tsoela pele Holong ea Kopano e Midlands Bophirimela. Ka 1974 barab’abo rōna ba ile ba khona ho reka mohaho o mong oo e neng e le oa libaesekopo Dudley. Ho nchafatsoa ha mohaho ona ho ile ha nka nako e telele, empa ka September 1976 le oona o ne o loketse ho sebelisoa.

Ho Haha Liholo Tse Ncha Tsa Likopano

Keketseho ea bahoeletsi ba ’Muso e ile ea tsoela pele, ho tloha ho ba 71 944 ka 1974 ho ea ho ba 92 616 ka 1984. Ba bangata ba ne ba le sebakeng se nang le baahi ba bangata haholo sa liindasteri karolong e ka leboea Engelane. Ho ile ha etsoa lipolane tsa ho haha holo e ’ngoe South Yorkshire.

Kaho e ile ea qala ka September 1985 ho seo hamorao se ileng sa tla tsejoa e le Holo ea Kopano ea East Pennine. Ke mohaho o entsoeng ka litšepe oo ho ka lulang batho ba 1 642, o na le Holo ea ’Muso e nang le litulo tse 350 bakeng sa phutheho ea moo. Mohaho ona o ne o entsoe ka marulelo a arohaneng ka limithara tse 42, a o etsang hore o be motle haholo. Makasine ea The Structural Engineer e ile ea reneketsa polane ena e sa tloaelehang ka hore ke “motsoako oa mahlakore a robeli.” Lekhotla la Rotherham Borough le ile la fa Holo ea Kopano moputso oa eona oa polane ea boemo bo ka holimo-limo.

Noble Bower, setho sa komiti ea morero ona oa ho haha, o ile a sebetsa setšeng seo ho tloha qalong ’me hamorao a sebeletsa e le molebeli oa pele oa holo eo. Boitšoaro ba hae ba ho se je mosha empa e le motho ea lerato bo ile ba khothatsa bara le barali babo rōna ba fetang 12 500 ba ileng ba thusa nakong ea kaho ea likhoeli tse 14. E le hore mosebetsi o tsoele-pele le har’a moholi o batang poo! har’a lirame le mahloa, barab’abo rōna ba ile ba phahamisa li-scaffold ho pota-pota sebaka seo ho tšehetsa polasitiki e khōlō e sireletsang. Lihithara tse khōlōhali li ne li bululela moea o chesang ka har’a eona. Ha ho letho le ileng la thibela mosebetsi morerong ona oa bohlokoa. Barab’abo rōna ba tsoang libakeng tse hōle ba ile ba tla ho tla khothatsa basebetsi ba baithaopi.

Ho Noble le mosali oa hae, Louie, letsatsi le sa lebaleheng haholo e ne e le ha ho neheloa Holo ea Kopano ho Jehova ka la 15 November, 1986, nakong ea ketelo ea Theodore Jaracz, setho sa Sehlopha se Busang.

Kaha ho ne ho e-na le Liholo tsa Kopano ka leboea ho Engelane, Midlands le ka boroa-bochabela, ho ne ho ka lokisetsoa eng bakeng sa barab’abo rōna ba karolong e ka bophirimela ho Engelane le Wales? Ka October 1987 ho ile ha fumanoa setša se setle Almondsbury, ka leboea ho motse oa Bristol. Empa ho ne ho se bonolo ho fumana mangolo a tumello a hlokahalang a ho arola sebaka seo. Ho ile ha hlokahala boiteko ka makhetlo a mangata ho fihlela ho fumanoa tumello qetellong ka February 1993.

Joale kaho e ile ea tsoela pele ka mafolofolo. Ebile thabo e kaakang ha, ka la 5 August, 1995, nako e fihla ea hore ho neheloe Holo ee ea botšelela ea Kopano Engelane! John Barr oa Sehlopha se Busang o ile a bua ka sehlooho se reng “Ho Tlatsa Lefatše ka Tsebo ea Jehova.” Bohle ba neng ba le teng ba ile ba ananela khopotso ea hae e mosa: “Le ka mohla le se ke la lebala hore tšimo ea lōna e etsa karolo e nyenyane feela ea bonamelo ba maoto a Jehova. O thahasella karolo ea lōna ea lefatše joalokaha a thahasella karolo leha e le efe e ’ngoe, kahoo hopolang hore mosebetsi oa ’Muso ke oa lefatše ka bophara.”

Bekeng e latelang feela, Mor’abo rōna Barr o ile a bua nehelanong ea mohaho o mocha oa Holo ea ’Muso Edgware, ka leboea London. Mona barab’abo rōna ba ne ba hahile mohaho o motle o nang le Liholo tsa ’Muso tse tharo tse nang le mabota a li arolang a ka phuthoang hore a bule sebaka seo kaofela hore e be Holo ea Kopano e ka sebelisoang ke liphutheho tse buang lipuo lisele. Nakong ena karabelo tšimong ea lipuo lisele e ne e ekelitse tšobotsi ea bohlokoa boboleling ba ’Muso Brithani.

“Kamehla ke ne ke Batla ho Etsa ho Eketsehileng”

Ho Lipaki tse ling, ho arolela ba bang litaba tse molemo ho akarelletsa ho sheba litsela tsa ho atolosa tšebeletso ea tsona. Ho babatsehang ke hore bara le barali babo rōna ba bangata ba Brithani ba nkile mehato ea ho hahamalla ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Joalokaha e ne e le ’nete ka bo-pula-maliboho ba bangata ba chesehang ka bo-1920 le bo-1930, sena hangata se ne se bolela ho fallela naheng e ’ngoe. Ho fallela linaheng tse ling ho nolofallelitse bara le barali bana babo rōna hore ba hlahise litholoana tsa ’Muso mahaeng a bona a macha ’me ka nako e tšoanang ba khothatse bara ba bang babo rōna sebakeng seo. Ho pholletsa le bo-1970 le bo-1980, malapa a mangata a Brithani a ile a fallela Amerika Bohareng le Boroa, Afrika le Asia.

Ha a le lilemo li 57, Vera Bull, eo barali ba hae ba babeli ba neng ba se ba hōlile ’me ba nyetsoe, o ile a rekisa ntlo ea hae Sehlekehlekeng se Senyenyane sa Wight ’me a ea Colombia le sehlopha se seng sa bo-pula-maliboho ba banyenyane ba tsoang Phuthehong ea Ealing London. O ile a ithuta Sepanishe kapele ’me ka mor’a nakoana o ne a se a khanna lithuto tsa Bibele tse 18. Lilemo tse ka bang 30 hamorao, o ntse a sebeletsa moo, a pota-potiloe ke bana ba bangata ba moea.

Tom le Ann Cooke, hammoho le barali ba bona Sara le Rachel, ba ne ba se ba sebelelitse Uganda ka lilemo tse ngata ha maemo a moo a ne a etsa hore ba khutlele Engelane ka 1974. Selemong se latelang ba ne ba le tseleng hape—lekhetlong lena ba leba Papua New Guinea. Ha ba le moo Sara o ile a nyaloa ke pula-maliboho ea khethehileng. Hamorao lelapa le ile la fallela Australia, moo Rachel a ileng a nyaloa ke Paki ’moho le eena. Ka 1991, Tom le Ann ba ile ba amohela kabelo e ncha Solomon Islands, moo Tom a sebeletsang e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala.

Ho ba bang, ho fallela ha bona linaheng tsa mose e bile ha nakoana. Leha ho le joalo, phihlelo leha e le efe eo ba e fumaneng bophelong ba bona ha ba le mose ho maoatle e bile ea bohlokoahali ho bona. Barry le Jeanette Rushby ke ba babeli ba bana.

Barry o itse: “Ha esale ke le ’neteng, kamehla ke ne ke batla ho etsa ho eketsehileng.” Ha a nyala Jeanette, morali’abo rōna oa pula-maliboho, bobeli ba bona ba ile ba arabela boipiletsong ba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso bakeng sa barab’abo rōna ba ratang ho ea sebeletsa Papua New Guinea. Ka bobeli ba ile ba lumela: “E ne e le karabo ea lithapelo tsa rōna.” Barab’abo rōna lekaleng Port Moresby ba ne ba batla hore ba sebeletse Goroka, bohareng ba naha eo, empa lengolo la tumello ea mosebetsi la Barry le ne le loketse feela sehlekehlekeng sa Bougainville. Ho fihleng ha bona Papua New Guinea, ba ile ba thaba hakaakang ha ba tseba hore ba boholong ba fetotse lengolo la tumello ea mosebetsi la Barry ’me ba mo abetse Goroka!

Barry o ile a amohela mosebetsi e le tichere ea sekolo, ’me Jeanette o ile a bula maliboho a sebetsa le phutheho ea bahoeletsi ba 18. Barry oa hopola: “E ’ngoe ea lintho tseo ke ithutileng tsona e bile hore ha e ne e le nako ea ho ba teng libokeng tsa phutheho, ho ne ho se letho le sitisang barab’abo rōna, esita le maemo a feteletseng a boemo ba leholimo nakong ea lipula. Ba ne ba se na likoloi, ’me hangata ba ne ba tsamaea hora kapa tse peli ho ea libokeng, ba kene Holong ea ’Muso ba re tee! Empa ba ne ba e-ba teng kamehla.”

Ka mor’a hore Barry le Jeanette ba qete lilemo tse thabisang tse tšeletseng ba sebeletsa Papua New Guinea, lintho li ile tsa fetohela batho ba tsoang linaheng lisele. Barry o ile a etsa qeto ea hore e ne e tla ba bohlale hore ba khutlele Brithani. Leha ho le joalo, ka liphihlelo tsa bona mose ho maoatle, ba ne ba ikemiselitse hore joale ka bobeli ba ne ba tla ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Empa hokae? Ba ne ba batla ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khethehileng. Ka mor’a hore ba iteanye le Mokhatlo le molebeli oa bona oa potoloho, ba ile ba fallela Boston, Lincolnshire. Ba ile ba fumana sebaka seo ba lulang ho sona kapele, empa Barry o ne a sitoa ho fumana mosebetsi oa nakoana o neng o tla mo lumella ho bula maliboho le Jeanette. Leha ho le joalo, ka tumelo tšepisong ea thuso ea Jehova haeba ba beha ’Muso pele, ba ile ba etsa qeto ea ho qala ho bula maliboho ka la 1 September—e bang Barry o fumane mosebetsi kapa che! Ka la 1 September, ba ne ba se ba apere lijase tsa bona ba le makhatheng a ho tsoa ho ea tšebeletsong ea tšimo ha thelefono e lla. Raposo o ile a botsa: “Na u ka rata mosebetsi oa nakoana?” Barry o ile a arabela: “Hantle haholo! U ka rata hore ke qale neng?” Monna eo o ile a araba: “Hosasa ho ka ba joang?” Jehova o ne a hlohonolofalitse boiteko ba bona ba ho etelletsa pele tšebeletso ea hae. (Mat. 6:33) Lilemo tse ’nè hamorao, mohala o mong o sa lebelloang o ile oa tlela Barry le Jeanette—kabelo ea ho ea ba mohlokomeli oa Holo ea Kopano ea East Pennine.

Ho Itlhahisa ka ho Rata

Moea oa ho rata ho sebeletsa ke tšobotsi ea batho ba Jehova. Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a binela Jehova: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. . . . U na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.” (Pes. 110:3, NW) Moea oo oa ho rata o ile oa bonahatsoa ke ba bangata Brithani ba ikemiselitseng ho jara boikarabelo ba ho kopanela ka botlalo ho phahamiseng thahasello ea borapeli ba ’nete.

Bohle ba neng ba inehela tšebeletsong ea nako e tletseng, ba banyenyane le ba baholo, ba ile ba khothatsoa haholo ke tsebiso e ileng ea etsoa Likopanong tsa Setereke tsa “Basebetsi ba Thabileng,” ka 1977. Libakeng tse supileng tsa kopano ho pholletsa le Engelane, Scotland le Wales, batho ba 110 000 ka kakaretso ba ile ba hlaba litlatse ka thabo ha sebui se tsebisa ka litokisetso tsa Sekolo sa Tšebeletso ea Bopula-maliboho, se fanang ka thupelo ea libeke tse peli ea thuto ea Bibele e nang le menyetla ea ho sebelisoa tšebeletsong ea tšimo. E fana ka koetliso e tsoetseng pele ho bao bonyane ba seng ba e-na le phihlelo ea selemo tšebeletsong ea bo-pula-maliboho. Ka mor’a ho fumana koetliso ena, ba bang ba bo-pula-maliboho bana ba khona ho thusa ho bula masimo moo ho e-song ho ka ho fanoa ka bopaki kapa ho fanoeng ka bo fokolang.

Ho ile ha thakholoa sekolo Brithani ka March 1978 motseng o ka leboea oa Leeds. Ann Hardy, e mong oa bo-pula-maliboho ba bileng teng sehlopheng seo sa pele, o hopola kamoo e neng e le nako e thabisang kateng. Oa hopola: “Re ne re hahiloe haholo moeeng. Ka sebele sekolo seo se ile sa re bula kelello ka tlhokahalo ea hore re thahaselle batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo e le kannete.” Eena le monna oa hae, hona joale ba sebeletsa e le litho tsa lelapa la Bethele. Andrea Biggs, ’mè oa bana ba bane ea ileng a ba teng sekolong seo Pontypridd, Wales, o re: “Haeba hoo ke ho latsoa lintho tseo e leng hona li tlang, efela Jehova o re boloketse ntho e se kaa-ka-letho, ’me hona joale ke labalabela tsamaiso eo e ncha ho feta leha e le neng pele!” Ho tla fihlela joale ho se ho tšoeroe lihlopha tse ka bang 740, ’me bo-pula-maliboho ba 20 000 ba bileng teng ho tsona ba lumellana le maikutlo ao. Ba bangata ka mor’a hore ba be sekolong seo, ba ikemisetsa ho etsa tšebeletso ea bopula-maliboho mosebetsi oa bona.

Ka mor’a ho fumana phihlelo tšebeletsong ea bo-pula-maliboho, ba makholo ba ile ba ithaopela ho ea sebeletsa lekaleng la Brithani e le litho tsa lelapa la Bethele. Hona joale ho na le ba 393 lelapeng lena la Bethele, ba 38 ho bana ba ’nile ba sebeletsa Bethele ka lilemo tse 20 kapa ho feta.

Christopher Hill ke e mong oa ba sebeletsang Bethele. Ke hobane’ng ha a ile a etsa kōpo bakeng sa tšebeletso ee? Oa araba: “Ke qalile ho bula maliboho ka 1989. Empa ke ne ke batla ho kholiseha le ho kholisa Jehova hore ke ne ke le tšebeletsong ea nako e tletseng hobane ke ne ke mo rata eseng feela hobane ’Mè le Ntate e ne e le bo-pula-maliboho. Ke ne ke batla hore ’nete e be bophelo bohle ba ka, eseng karolo ea bona feela. Ke ne ke tseba hore tšebeletso ea Bethele, le hoja e le phephetso, e tla ’nolofalletsa ho etsa seo.”

Geraint Watkin le eena ke setho sa lelapa la Bethele. Mathoasong a bo-1980, o ile a hana ho amohela thuto ea univesithi ka lebaka la tšebeletso ea bopula-maliboho. O ne a iphelisa ka mosebetsi oa nakoana polasing ea ntate oa hae. O ne a thabela mosebetsi oa bopula-maliboho ’me a tšepile hore ka le leng la matsatsi e ka ’na ea e-ba moromuoa. Joale ke hobane’ng ha a ile a etsa kōpo bakeng sa tšebeletso ea Bethele? O ile a susumetsoa ka ho tebileng ke sehlooho se seng sa Molula-Qhooa oa 1989. Mono o ile a bala pale ea bophelo ba Max Larson, setho sa lelapa la Bethele la United States. Mor’abo rōna Larson o itse: “Ke lumela ka tieo hore Bethele ke sebaka se molemohali lefatšeng ka mosou ona ho Paradeise e tlang ea lefatšeng.” Geraint o ile a hlokomela hore, ka mor’a hore a kōpe foromo ea kōpo ea tšebeletso ea Bethele, Mor’abo rōna Larson o ne a ile a lula a behile taba ena ka pel’a Jehova ka thapelo. Geraint o ile a latela mohlala oo hang-hang. Matsatsi a ka bang leshome hamorao, o ile a amohela mohala o mo memelang ho ba setho sa lelapa la Bethele la Brithani. Tšebeletsong ea Bethele, o sebelisa phihlelo eo a e fumaneng polasing ea ntate oa hae ho hlokomela polasi e fanang ka lijo bakeng sa lelapa la Bethele le London. Ka lekhetlo le leng ho sebetsa polasing e ne e mpa e le mokhoa oa ho iphelisa mosebetsing oa bopula-maliboho. Hona joale o talima ho sebetsa polasing hoo a ho etsang e le “kabelo ea hae ea Bethele e tsoang ho Jehova.”

Merero ea kaho ea puso ea Molimo e ile ea hohela Lipaki tse ling. Ha Denise (Teddy) McNeil a ne a bula maliboho, monna oa hae, Gary, o ne a sebeletsa ho phelisa lelapa. Joale ka 1987 ka bobeli ba ile ba ithaopela ho ea thusa kahong ea Bethele London. Le hoja ba sa ka ba fumana memo ka nako eo, ka 1989 ba ile ba memeloa ho ba litho tsa lelapa la Bethele. Ba ntse ba hopola keletso ea molebeli oa potoloho ea hore “le ka mohla ba se ke ba hana kabelo e tsoang ho Jehova,” ba ile ba amohela memo. Tsebo ea Gary ea elektronike le phihlelo ea Teddy e le mooki oa meno li ile tsa ipaka e le tsa bohlokoa haholo. Ba boetse ba bile le seabo ho hlaoleleng thahasello tšimong ea ba buang Sepolishe le Sebengali sebakeng sa London.

Willie le Betty Stewart, hammoho le ba bang, ba ile ba ithaopela ho thusa ka kaho e le baithaopi ba machaba. Willie, ea sebetsanang le lipeipi tsa metsi ebile e le enjiniere ea phehlo ea mocheso, o ile a ea pensheneng kapele a le lilemo li 55. Ba ha Stewart ba ile ba kopanela mererong ea kaho Greece, ’me hamorao Spain, Zimbabwe le Malta. Betty o ile a thusa ka mosebetsi oa ka tlung, moo ho hlatsuoang liaparo, esita le ka ho sebetsa lipeiping tsa metsi. Ba ile ba sebetsa ka thata, ’me ba ikutloa ba putsitsoe haholo moeeng. Willie o re: “Re entse metsoalle hohle lefatšeng le lihlopheng tsa lilemo tsohle.”

Koetliso e Khethehileng Bakeng sa Barab’abo Rōna ba Tšoanelehang

Monyako o mong o lebisang menyetleng e eketsehileng ea tšebeletso o ile oa buleha ka 1990 ha ho qaloa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Brithani. Ona e ne e le monyetla o eketsehileng bakeng sa barab’abo rōna ba masoha ba neng ba sebeletsa e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang hore ba fumane thupelo e khethehileng, ka pono ea ho ea sebeletsa kae kapa kae moo ba ka hlokahalang teng tšimong ea lefatše. Thupelo ea sekolo ea libeke tse robeli ka ho loketseng e sebelisa nako e lekanang pakeng tsa lithuto tsa Bibele le litaba tsa tlhophiso. Sehlopha sa pele Brithani se ne se tšoaretsoe Holong ea Kopano ea East Pennine. Balebeli ba setereke ba babeli ba tsoang United States, James Hinderer le Randall Davis, ba ile ba sebetsa e le barupeli. Balebeli ba potoloho ba bararo ba nang le phihlelo ba Brithani—Peter Nicholls, Ray Pople le Michael Spurr—le bona ba ne ba le teng sehlopheng seo, ho ea fumana koetliso bakeng sa ho ruta lihlopha tse tlang. Ha a bua le sehlopha se qetileng thupelo ea sona ka la 17 June, 1990, Albert D. Schroeder, oa Sehlopha se Busang, o ile a re ho liithuti tse neng li abetsoe ho ea sebeletsa Brithani: “Lōna bahlankana ba batle lea hlokahala hore le ntšetse mosebetsi pele mona. Ka sebele ena e tla ba tšusumetso tšimong ea Brithani.”

Bharat Ram, ea tsoang lelapeng la Bohindu, ke e mong oa ba fumaneng mangolo a Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Hona joale o nyetse ’me o sebeletsa le mosali oa hae ka leboea bophirimela ho Engelane, moo ba nang le batho ba bangata ba buang Segujarati bao ba ba thusang. John Williams, oa Wales, o ile a makala ha a abeloa ho ea sebetsa lekaleng la Zambia, moo tsebo eo a neng a e-na le eona e neng e hlokahala teng, hamorao o ile a abeloa tšebeletsong ea boromuoa Kitwe, Zambia.

Gordon Sarkodie, ea hlahetseng Ghana, o ile a fallela Engelane le lelapa labo ha a le lilemo li 12. Ha e sa ntse e le mocha, ho thahasella ha hae ’nete ea Bibele ho ile ha tsosoa ke Paki e neng e tlisetsa ntat’a Gordon Molula-Qhooa le Tsoha! Thuto ea Bibele e ile ea lebisa ho kolobetsoeng ha hae ka 1985. Joaloka pula-maliboho ea thusang, o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse ngata haholo hoo metsoalle ea hae ea bo-pula-maliboho e ileng ea etsa tlhahiso ea hore a ngolise hore e be pula-maliboho ea kamehla. Ha a le Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho qetellong ea selemo sa hae sa pele sa tšebeletso ea nako e tletseng, molebeli oa potoloho o ile a mo khothalletsa ho etsa kōpo ea ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. A susumelitsoe ke takatso ea hore a tle a khone ho thusa bacha phuthehong, Gordon o ile a etsa kōpo. O ile a ba sehlopheng sa bosupa sa sekolo seo Brithani. Ka mor’a hore a fumane lengolo o ile a sebeletsa London ka lilemo tse peli. Eaba o abeloa ho ea ba moromuoa Zambia. O ne a ikemiselitse ho iketsa ea fumanehang bakeng sa ho sebelisoa ka tsela leha e le efe ke Jehova, kahoo koetliso ea Gordon e tsoelang pele e ile ea lebisa litokelong tse eketsehileng. Ka mor’a libeke tse 12 tsa ho ithuta Cibemba, e ’ngoe ea lipuo tsa sebaka seo, Gordon o ile a khethoa ho ba molebeli oa potoloho Profensing ea Copperbelt. O boetse a ba le tokelo ea ho koetlisetsa ba bang mosebetsi oa potoloho.

Richard Frudd ea hlahetseng Brithani o ile a hōlisoa ke batsoali ba Lipaki. Hoba a nehele bophelo ba hae ho Jehova, o ile a ikutloa hore ha a boemong ba ho ipehela meeli boinehelong ba hae. A iketsa ea fumanehang. Ka 1982 o ile a ngolisa e le pula-maliboho. O ile a etsa kōpo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ’me a fumana lengolo ka 1990. Le eena o ile a abeloa ho ea Zambia. Ka mor’a ho ithuta Cibemba le ho fumana phihlelo kabelong ea hae e ncha, o ile a khethoa ho ba molebeli oa potoloho, hape o sebelelitse e le morupeli Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se tšoareloang lekaleng la Zambia.

Ho tla fihlela joale, liithuti tse 433 li fumane mangolo lihlopheng tse 19 tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Brithani. Palong ena, hona joale ba 79 ba sebeletsa mose ho maoatle, ba 4 ba sebeletsa e le balebeli ba potoloho, ba 12 e le Mabethele, ’me ba 308 ba arolela ba bang melemo ea koetliso ea bona ka ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho Brithani.

Ho Fallela Masimong a Boromuoa

Har’a bo-pula-maliboho ba Brithani, ba makholo ba ithaopetse ho ea sebeletsa hohle moo ba ka hlokoang teng tšimong ea lefatše. Ba bangata ba bana ba koetlisitsoe Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, New York. Kaofela, ba 524 ba Brithani ba fumane mangolo Gileade. Ba sebelelitse linaha tse 64 likarolong tsohle tsa lefatše.

Bo-pula-maliboho ba bang ba Brithani ba ne ba se ba ile ba ba tšebeletsong linaheng lisele pele ba memeloa Gileade. E bile ’nete ka John le Eric Cooke, ba neng ba ile ba sebeletsa Fora le Spain. Ka mor’a hore a ee Gileade, Eric o ile a romeloa Afrika, ’me John eena o ile a sebeletsa Spain le Portugal pele, a ntoo romeloa Afrika. E bile ’nete le ka Robert le George Nisbet, ba ileng ba sebeletsa Afrika Boroa ka lilemo tse 15 kapa ho feta pele ba e-ea Gileade ’me ka mor’a moo ba sebeletsa Mauritius eba hamorao ba khutlela k’hontinenteng ea Afrika. Claude Goodman o ne a se a sebelelitse India, Ceylon (hona joale ke Sri Lanka), Burma (hona joale ke Myanmar), Thailand le Malaya (hona joale e akarelletsa Malaysia) ka lilemo tse 20 pele a ea Gileade; ka mor’a moo o ile a romeloa Pakistan. Edwin Skinner o ne a ile a bula maliboho India ka lilemo tse 20 pele a e-ea Gileade, eaba o tsoela pele ho sebeletsa India ka lilemo tse ling tse 43 ho fihlela a qeta tsela ea hae ea lefatšeng ka 1990.

Ba bang ba ile ba latsoa tšebeletso ea linaha lisele pele ka ho kopanela e le baithaopi ba machaba mererong ea kaho. Hoo e bile ’nete ka Richard le Lusia Palmer, ba sebelelitseng Greece, Tahiti, Spain le Sri Lanka ka linako tse sa tšoaneng pakeng tsa 1989 le 1994 ’me ba ne ba ile ba lula Sri Lanka ba bula maliboho ka lilemo tse fetang tse tharo ho fihlela ba memeloa Gileade.

Ba etsang kōpo ea ho ea Gileade ba ’nile ba khothalletsoa hore ba talime tšebeletso ea boromuoa e le mosebetsi oa bona oa bophelo bohle. Boholo ba bona bo nka likabelo tseo ka pono eo, ’me ba bang ba behile mehlala e metle tabeng ena. Bonyane ba 45 ba tsoileng Brithani ’me ba ntse ba le likabelong tsa boromuoa ba bile moo ka lilemo tse 20 kapa ho feta. Ho bana, ba 9 ba Amerika Bohareng le Boroa, ba 11 ba linaheng tsa Asia, ba bang ba 11 ba Afrika, ba 4 ba Europe ’me ba bang ba 10 ba lihlekehlekeng tse fapa-fapaneng.

Ba akarelletsoang har’a baromuoa ba khale ke Anthony Attwood, ea sebelelitseng Nigeria ka lilemo tse 49. O ile a tlisoa Bethele ea London ka 1997 ka lebaka la melao e itseng ea tjako, empa pelo ea hae e ntse e le Nigeria. O re: “Ho sebeletsa Nigeria e ne e le tokelo e babatsehang. Tseo e bile lilemo tse sebelisitsoeng hamolemo. Ke khothalletsa batho bohle ba bacha ba hlohonolofalitsoeng ka ’nete hore ba sebelise tokelo e ’ngoe le e ’ngoe e behoang ka pel’a bona. Le ka mohla Jehova a ke ke a le phoqa. Kea tseba ho latela phihlelo ea ka.” Olive Springate, o ile a romeloa Brazil ka 1951 e le moromuoa, ngoan’abo Sonia, o ile a ea ba le eena ka 1959. Denton Hopkinson le Raymond Leach ba ile ba fihla Philippines e le baromuoa mathoasong a bo-1950, ’me ba ntse ba lula moo le hona joale. Malcolm Vigo, ea ileng a qala tšebeletso ea hae ea boromuoa Malawi ’me a lula moo ka lilemo tse leshome ho fihlela a lelekoa naheng eo, hona joale o sebeletsa Nigeria le mosali oa hae. Ho ka boleloa ba bang ba bangata, ’me e mong le e mong o bile le bophelo bo enneng ka mahlohonolo a tsoang ho Jehova.

Ba bang ba nkang tšebeletso ea boromuoa ba ’nile ba tlameha ho betana le mathata a tebileng e le hore ba ka tsoela pele. Ka mor’a lilemo tse ’maloa ba le tšebeletsong ea boromuoa Brazil, Eric le Chris Britten ba ile ba qobelleha ho khutlela Engelane ka nakoana ka lebaka la bokuli. Hamorao hona selemong seo, ba ile ba amohela kabelo Portugal, moo mosebetsi o neng o thibetsoe. Ha ba lelekoa Portugal ka mor’a lilemo tse supileng ka lebaka la mosebetsi oa bona oa thuto ea Bibele, ba ile ba tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng Engelane. Empa joale ba ile ba ngolla Mokhatlo, ba botsa hore na ho na le monyetla o mong oa kabelo ea boromuoa. Ka mor’a nakoana ba ne ba khutletse Brazil, moo ba ileng ba tšoareha ka mosebetsi oa boromuoa le oa potoloho. Ba sebelelitse hammoho ka botšepehi Brazil ho fihlela Eric a e-shoa ka August 1999; Chris o ntse a tsoela pele ho sebeletsa moo.

Ka mor’a lilemo tse itseng, boikarabelo ba Mangolo ka litho tsa lelapa bo ka ’na ba hloka hore motho a etse liphetoho tšebetsong ea hae. E bile ’nete ka Mike le Barbara Pottage, ba ileng a sebeletsa Zaire ka lilemo tse 26 eaba ba khutlela Engelane ka 1991 e le hore ba ka thusa motsoali ea tsofetseng ea neng a phela tlas’a maemo a sithabetsang. Empa lipelo tsa bona li ne li le tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me ba ile ba khona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ha ba ntse ba hlokomela boikarabelo ba lelapa. Ka 1996 ba ile ba khona ho khutlela tšimong ea boromuoa ka lilemo tse ling tse tharo ho seo hona joale e leng Democratic Republic of Congo, ’me hona joale ke litho tsa lelapa la Bethele Brithani. Ho tloha ha ba qala ho sebeletsa Zaire, ba ’nile ba bona palo ea baboleli ba ’Muso oa Molimo karolong eo ea lefatše e hōla ho tloha ho ba 4 243 ho ea ho ba fetang 108 000. Ba sa ntsane ba hopola linako tseo hantle haholo, hoo e ka bang selemo ba fihlile, ha Lipaki tsa Jehova li ne li amoheloa ka molao naheng eo. ’Me kopano ea pele selemong se latelang, e neng e tšoaretsoe Kinshasa, le hoja ba neng ba le teng ba ne ba le 3 817 feela, e ntse e le ntho e ka sehloohong ho bona. E bile thabo e kaakang, ha ka 1998, ho sa tsotellehe maemo a sa tsitsang naheng eo, ba 534 000 ba ileng ba rua molemo thutong ea bomolimo ba ne ba bokane ho ea keteka Sejo sa Morena sa Shoalane!

Ho Lokisetsa Liholo Tsa ’Muso Tse Loketseng

Ha palo ea liphutheho e ntse e tsoela pele ho eketseha Brithani, ho lokisetsa Liholo tsa ’Muso tse loketseng e ile ea e-ba phephetso e tsoelang pele. Liphutheho tse ling li ne li kopanela liholong tse hiriloeng le libakeng tse ling, tseo boholo ba tsona li neng li sa lokela bakeng sa lihlopha tsa Bakreste ba bokanang hammoho ho tla rapela Molimo oa rōna ea babatsehang, Jehova. Libaka tsa liboka tse loketseng li ne li hlokahala haholo.

Kamehla ha hoa ba bonolo ho fumana litša tse ka sebelisetsoang Liholo tsa ’Muso. Ka linako tse ling khanyetso e hlile e ba matla haholo, haholo-holo moo ho nang le leeme la bolumeli. Leha ho le joalo, ho itšetleha ka Jehova le ho mamella ha barab’abo rōna ba ikarabellang ho tlisitse katleho, e leng ho makatsang bahanyetsi haholo.

Mathoasong a bo-1970, e ’ngoe ea liphutheho tse Swansea, Wales, e ile ea ithaopela ho reka ntlo ea thapelo e seng e sa sebelisoe hore e sebelisetsoe ho ba Holo ea ’Muso. Modiakone oa kereke eo mohaho oo e neng e le oa eona o ile a re a ka mpa a shoa ho e-na le hore a bone o rekisetsoa Lipaki. Ka lebaka leo, ntlo eo ea thapelo e ile ea rekisetsoa Poso bakeng sa ho sebelisoa e le setsi sa nakoana sa lithelefono. Leha ho le joalo, ka 1980, ha ba se ba sa hloke mohaho oo, Poso e ile ea o fantisa. E mong oa baholo ba phutheho o ile a utloela ka sena ’me a buisana le baholo ba bang hore na ba ka ipehela theko ea bokae. Mohlahlobi oa mehaho o ile a hakanya hore mohaho oo hammoho le setša se ho oona e ne e ka ba £20,000 (R198 000). Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ha ba atleha ho e reka ka £15,000 (R149 000)! Ka mor’a ho o nchafatsa ka ho loketseng, mohaho oo o ile oa neheloa ho Jehova.

Ha keketseho ka hare ho phutheho toropong ea Exmouth lebōpong la leoatle ka boroa-bophirimela e lebisa hore ho thehoe phutheho e ’ngoe, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea hore ho hlokahala sebaka se secha bakeng sa Holo ea ’Muso e khōloanyane. Ba ile ba fumana hore lekhotla la setereke le na le setša se seng se ntse se tšoaetsoe merero ea bolumeli. Lipaki li ile tsa buisana le bona ka ho se reka. Eaba lekhotla le etsa tumellano e sa tloaelehang ea hore konteraka ea ho rekisa setša e ne e ke ke ea phethoa ho fihlela mohaho o qetiloe. Kaho e ile ea fela ka 1997. Ka thabo, lekhotla le ile la boloka tumellano. Liphutheho tse sebelisang holo eo li e talima e le bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba tsona ba ho phahamisa keketseho ea borapeli ba ’nete sebakeng sa tsona.

Ea Pele Europe

Esita leha ho ne ho ka fumanoa setša, ho hahuoa ha Holo ea ’Muso e ncha hangata ho ne ho nka lilemo. Leha ho le joalo, ka nako ea lilemo tse leshome tse felileng ka 1982, palo ea liphutheho Brithani e ne e eketsehile ho tloha ho tse 943 ho ea ho tse 1 147. Ho ne ho hlokahala hore ho etsoe ho hong e le hore mosebetsi oa ho haha o ka lumellana le khōlo.

Ka September 1983 sehlopha sa barab’abo rōna ba tsoang United States le Canada ba neng ba e-na le phihlelo mosebetsing oa kaho ba ile ba fihla Northampton, lik’hilomithara tse 101 ka leboea ho London. Ba ne ba sebetsane le hore na ho hlokahala eng bakeng sa kaho e potlakileng ’me ba ne ba tlile ho tla arolela barab’abo rōna ba mona litharollo tse sebetsang tse qapiloeng. Ba ile ba sebetsa hammoho le bona ho ba thusa ho haha Holo ea ’Muso e ncha ka paballo ea chelete le ka potlako. Makasine ea Building Design e ile ea tlaleha tjena khoeling e latelang: “Sehlopha sa Lipaki tsa Jehova se sa tsoa finyella ka matsatsi a mane seo konteraka e tloaelehileng e neng e tla se etsa ka likhoeli tse tšeletseng, ’me se se entse ka kotara ea litšenyehelo.” Jehova o ile a hlohonolofatsa kaho ea Holo ena ea ’Muso e hahiloeng ka potlako, ea pele ea mofuta oa eona Europe.

Selemong se latelang, baithaopi ba fetang 1 000 ba ile ba thusa ho haha Holo ea ’Muso motseng oa Mawelsh oa Dolgellau. Lekhetlong lena morero oo o ile oa phethoa ka matsatsi a mabeli ho e-na le a mane. Lipaki tsa moo tse 33 li ile tsa thusoa ke tse ling tse tsoang Wales, Engelane le United States. Barab’abo rōna ba tsoang Fora le Netherlands le bona ba ne ba le teng ho tla bona hore na ho etsoa joang, ’me ha ba khutlela hae, ba ile ba qala ho ruta ba bang hore na ba latele mekhoa e tšoanang joang.

Ho thusoa ke barab’abo rōna ba tsoang linaheng lisele ho ile ha tsoela Lipaki tsa Jehova tse Brithani molemo, ’me le tsona li ile tsa ithaopela ho thusa ba bang. Liphutheho tse peli King’s Lynn le Norfolk, li ile tsa etsa sena ka tsela e sa tloaelehang. Ka 1986 liphutheho tseo li ne li tšoarehile li itokisetsa ho haha Holo ea ’Muso e ncha ho nkela mohaho oa mapolanka oo li neng li ntse li o sebelisa sebaka. Ha li utloa hore Phutheho ea Cobh, Ireland, e ne e tšoarela liboka ka karacheng moo ho bang teng batho ba 45 ho isa ho ba 50, li ile tsa etsa qeto ea ho thusa. Li ile tsa fa Lipaki tsa Cobh mohaho oa tsona oa khale le sohle se ka hare, ho akarelletsa le litulo le thepa ea libuela-hōle. Ha li fumana hore ho hlokahala liforeime tse ling tsa lifensetere, barab’abo rōna sebakeng seo ba ile ba ntša monehelo ho koahela litšenyehelo tseo. Liphutheho tse haufinyane le moo li ile tsa ntša monehelo bakeng sa maballo a macha. Ka holim’a tsohle, barab’abo rōna ba Norfolk ba ile ba lefella litšenyehelo tsohle tsa ho li romella ka sekepe.

Peter Rose, molebeli ea okamelang oa King’s Lynn, oa hopola: “Ho qhaqha holo eo e bile mosebetsi o moholohali. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea tlameha ho tlosoa e sa senyeha, e e-na le nomoro, ebe e kopanngoa hape ka likotoana.” Ka May 1986, ha ba qetile ho qhaqha, ba ile ba paka likaroloana tsohle ka k’hontheinareng ’me ba e romela ka mose ho Leoatle la Ireland, Cobh. Barab’abo rōna ba Cobh ba ne ba rerile ho emisa holo e ncha mafelong a beke a la 7 le la 8 June—ka nako e tšoanang le eo barab’abo rōna ba King’s Lynn ba neng ba tlameha ho haha Holo ea ’Muso ea bona e ncha. Liholo tseo tsa ’Muso li ile tsa phethoa bofelong ba beke eo.

Ho Fana ka Lichelete le Thuso ea ba Nang le Phihlelo

Khatiso ea Brithani ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1987 e ne e e-na le kenyelletso e ileng ea lebisa tlhokomelo ho thehoeng ha Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso bakeng sa “ho fana ka lichelete tse lekaneng tsa litšenyehelo tse tlaase” bakeng sa mehaho e mecha, e rekoang le e nchafatsoang. Ka tsela ena ho ile ha etsoa hore ho khonehe hore matlotlo a leka-lekane. (2 Bakor. 8:14) Sehlooho seo se ile sa qetella ka ho re: “Le hoja re hlokomela mosebetsi o moholo o teng re bile re ananela menehelo eo liphutheho li e entseng ka seatla se bulehileng (le eo li ntseng li e etsa) bakeng sa Liholo tsa Kopano tse ncha, re tlameha ho tšepa Jehova ka ho feletseng hore a re thuse ho khahlametsa tlhokahalo e teng ea Liholo tsa ’Muso.—Liprov. 3:5, 6.”

Selemong se latelang, Sehlopha se Busang, ka ofisi ea lekala, se ile sa lokisetsa hore likomiti tsa barab’abo rōna li be teng likarolong tse sa tšoaneng tsa naha hore li kopanele phihlelo ea tsona ea botsebi le ho thusa ho hlophisa kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ka 1998, ho ne ho khethiloe Likomiti Tsa Kaho tsa Libaka tse 16. Likomiti tsena li se li thusitse ka ho haha le ho nchafatsa Liholo tsa ’Muso tse fetang 700 Brithani.

Boholo ba barab’abo rōna ba sebeletsang likomiting tsena ba na le malapa ao ba a hlokomelang. Ba bang ba khonne ho nehelana ka nako e eketsehileng mosebetsing ona; ba bang e fokolang. Michael Harvey, ntate oa bana ba bahlano, ka tšebelisano le mosali oa hae, Jean, o ile a khetha ho beha kaho ea Holo ea ’Muso ka pele ho lintho tse ling. Monna le mosali bobeli ba ithutile bohlokoa ba keletso ea Jesu ea ho beha ’Muso pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Michael o re: “Mantsoe a Jesu a na le moelelo o mocha ka ho feletseng ho rōna. Ha ho mohla Jehova a kileng a re phoqa.” Jean oa lumela: “Ha Rachel, e mong oa barali ba rōna, a ne a le lilemo li robong, o ne a hōla kapele a feta liaparo tsa hae. Ke ne ke se na chelete e lekaneng hore nka mo rekela letho le lecha, kahoo re ne re leka ho tsoella ka ho lokisa liphahlo le ho li fokotsa kapa ho li eketsa hore li ba lekane. Joale, letsatsi pele ho kopano ea rōna ea potoloho, khaitseli ea Michael e ile ea re romella liaparo tse ncha tse peli tseo e neng e li rekile linyehlisetsong. Li ile tsa lekana Rachel hantle—’me e ne e le ka nako e loketseng hantle bakeng sa kopano!” Ha bara ba bona ba babeli ba kopanela mosebetsing oa kaho, Jean le banana ba hlokomela ntlo le ho hlokomela mosebetsi o mong o amanang le merero ea kaho. Michael oa hlalosa: “Mosebetsi oa rōna kahong oa re momahanya. Ka sebele ke morero oa lelapa.”

Bakeng sa Liholo tse ling tsa ’Muso tse hahiloeng ka bo-1980, ba ileng ba ithaopela ho etsa mosebetsi ba ne ba baloa ka makholo, esita le ka likete. E le ka morero oa ho nolofatsa mosebetsi, Mor’abo rōna Harvey o ile a leba Denmark ho ea kopana le barab’abo rōna ba neng ba sebetsa Liholong tsa ’Muso moo. Thuso e eketsehileng e ile ea fihla ha Mokhatlo o tsebisa liphutheho hore ha ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tse ncha, Mokhatlo o ka fana ka khetho ea lipolane tse seng li ntse li lokisitsoe. Ka lebaka leo, ho hlokahala baithaopi ba fokolang, boholo ba mosebetsi bo fokolitsoe haholo, ’me Liholo tsa ’Muso tse itekanetseng empa e le tse loketseng li hahiloe ho pholletsa le Brithani.

Hase Feela Pale e Monate

Boiteko bo kopaneng ba ho haha Holo ea ’Muso le lebelo leo e hahiloeng ka lona li fella ka bopaki bo botle sechabeng. Hangata likoranta li tlaleha se entsoeng. Ka 1990, Victor Lagden, monki oa lifoto tsa likoranta oa Evening Echo, koranta ea moo, o ile a tlaleha kaho eo ea matsatsi a mararo ea holo e ncha Sehlekehlekeng sa Canvey, ka lehlakoreng le ka leboea la Thames Estuary. Ha a fihla setšeng sa kaho ka Labohlano hoseng, o ile a fumana e le thepa ea mohaho feela. Lemating la tereilara e ’ngoe ho ne ho manamisitsoe tlhokomeliso e neng e baleha tjena, “Ofisi ea Litaba.” Victor oa hopola: “E ne e le eona feela ntho e emeng ka nako eo. Empa se ileng sa nkhahla e ne e le basebetsi ba kaho—banna le basali, ba banyenyane le ba hōlileng ba sebetsang hammoho.” Victor o ile a nka setšoantšo sa setša ’me a tsamaea. Eaba o kōpa mohlophisi oa koranta ea hae hore na a ka khutlela setšeng ka linako tse sa tšoaneng bofelong ba beke ho ea bona hore na boipolelo ba Lipaki ba hore li tla haha holo ka matsatsi a mararo e tla ba ’nete. Eena le batlalehi ba bang ba bararo ba ile ba tlaleha tsoelo-pele ea mosebetsi.

Ka Sontaha, Victor o ile a ba teng sebokeng sa pele se ileng sa tšoareloa holong e ncha. Ka lebaka leo, maqephe a mabeli a shebaneng a ile a khabisa koranta ea hae tlas’a sehlooho se reng “Jehova o Moholo!” Hamorao, e mong oa baholo sebakeng seo o ile a etela Victor. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena. Victor oa pheta: “Ka libeke tse tharo, ke ile ka ithuta lebitso la Molimo, ’me ho e-na le hore ke kōpe feela lithapelong tsa ka, joale ke ne ke leboha—ke leboha Jehova.” Hona joale Victor ke Paki e kolobelitsoeng ea Jehova.

‘Ho Atoloha’

Ka bo-1970 le bo-1980, ho ile ha fanoa ka bopaki haholo har’a baahi ba jakileng Brithani—boholo ke Lipaki tseo e leng bajaki ka botsona ’me li bua lipuo tse sa tšoaneng. Empa ho ne ho hlokahala thuso e eketsehileng.

Ka 1993 batho ba limilione tse peli ba semelo sa Asia ba ne ba phela Brithani, e leng a le mong ho ba 28 ba baahi ba moo. Ba bangata ba ne ba tsoa India e batlileng e lekana le k’honthinente; ba bang, ba tsoa Afrika Bochabela. Ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba buang Sepunjabi ba ka bang 500 le ba buang Segujarati ba 150 ba kopanelang liphuthehong tsa Senyesemane, ’me ba ne ba khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 500 ka lipuo tseo. Empa ho hang bajaki bana kaofela ba ne ba sa fuoe monyetla oa ho rua molemo litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Ha e hlokomela hore motho ea buang Senyesemane feela a ka ikutloa a sa tšoanelehe ha a leka ho pakela batho ba lipuo tse ling le semelo sesele, ofisi ea lekala e ile ea khothalletsa Lipaki tsa moo ho qala ho ba le lerato le bulehetseng batho ba merabe eohle le ho bontša moea o kang oa Kreste ka ho hlokomela boiketlo ba ba bang. Li ile tsa khothalletsoa hore li “atolohe.” (2 Bakor. 6:11-13; Bafil. 2:1-4) Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e ile ea hlalosa: “Re batla hore ho rōna batho ba tšimong ea rōna ba utloe mofuthu le thahasello tseo Jesu Kreste a li bontšitseng tšebeletsong ea hae.” Lipaki tsa Brithani li ile tsa bolelloa hore: “Ha e le hantle tšimo e khōlō ea boromuoa e tlile ho rōna!”

Ka ho bontša ho ameha ka ba buang lipuo lisele, Lipaki tsohle tsa Brithani li ile tsa khothalletsoa hore ha li kopana le basele tšimong ea habo tsona li ba lebise liphuthehong tse buang lipuo tseo. Kahoo ebang Lipaki ka bomong li bua puo e ’ngoe kapa che, kaofela li ka kopanela ho hlokomeleng tšimo ena ea boromuoa e khōlōhali e falletseng Engelane. Ha e le hantle, masimo a liphutheho tse buang lipuo lisele a etsoa haholo ka bao bahoeletsi ba ileng ba lebisoa ho bona.

Ka lebaka leo, ka 1996, Grace Li o ile a etela ha mofumahali e mong ea tsoang Vietnam ea lulang Newcastle upon Tyne, ka leboea-bochabela ho Engelane. Mosali eo o bua Sechaena. Grace o ile a amoheloa ka mofuthu ’me kapele a memeloa hore a kene ka tlung. O ile a fumana hore mosali eo e ne e le mophaphathehi ea ileng a hlokofatsoa haholo ntoeng ea Vietnam. O ne a phetse Engelane ka lilemo tse ka bang leshome empa o ne a ntse a sa khone ho bua Senyesemane hantle. O ile a hlalosetsa Grace hore o ’nile a ba makhatheng a ho tepella hangata ’me ho ne ho se na eo a ka kōpang thuso ho eena.

O ile a boela a bolella Grace hore lilemo tse ’nè pele ho moo o ne a ile a amohela buka e nang le litšoantšo tse ntle empa o ne a sa e utloisise hobane a sa tsebe ho bala Senyesemane. Leha ho le joalo, neng le neng ha a ne a ikutloa a tepeletse, o ne a sheba litšoantšo tseo, kaha sena se ne se mo thusa ho mo imolla ho tepelleng ’me se mo tlatsa tšepo. O ile a ntša buka eo shelefong ea libuka, a e fa Grace, ’me a mo kōpa hore na a ka ’malla eona e le hore a ka fumana hore na e bua ka eng. E ne e le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng! Grace o ile a arabela ka hore a ka etsa ho molemo haholo ho feta ho ’malla buka ea Senyesemane. Grace o ile a kenya letsoho ka mokotlaneng oa hae ’me a ntša buka e tšoanang ka Sechaena. Mofumahali eo o ile a sitoa ho kholoa seo a se bonang. Qetellong, o ne a ka ithuta molaetsa oa Bibele! O ile a lumela ho ithuta Bibele hang hang.

E le karolo ea ‘ho atoloha,’ ofisi ea lekala e ile ea lebisa tlhokomelo e khethehileng ho thuseng lihlopha tsa merabe hore li hōle moeeng le tlhophisong. Colin Seymour le mosali oa hae, Olive, ba ne ba se ba sebelelitse ka lilemo tse 20 ba etela liphutheho ho pholletsa le Brithani. Ka bobeli ba ile ba bontša thahasello ea ’nete ho bao ba neng ba ba sebeletsa, ’me sena se ile sa totobala ka ho khethehileng ha ba ne ba etetse liphutheho tse lihlekehlekeng tsa Malta le Gozo, Leoatleng la Mediterranean. Ba bile ba leka le ho fana ka tlhaloso ka Semaltese libokeng tsa phutheho, ba iketsa ba ratehang ho barab’abo rōna ba moo.

Ka September 1994, Colin o ile a khethoa ho ba molebeli oa potoloho bakeng sa lihlopha tse sa bueng Senyesemane le tse ling tsa liphutheho tse buang lipuo lisele ho pholletsa le Engelane. O ile a hlahloba tsoelo-pele ea sehlopha ka seng ka hloko mabapi le hore na e ka ba phutheho le ho matlafatsa liphutheho tse neng li se li ntse li sebetsa. Le hoja qalong potoloho ena e ne e le e nyenyane ka ho fetisisa—e na le liphutheho tse 12 feela tse nang le bahoeletsi ba 750—ka lilemo tse tharo e ile ea hōla ho ba potoloho e khōlōhali, e nang le bahoeletsi ba 1 968, eo ho eona ho nang le ba 388 ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho. Esale ho tloha ka nako eo palo ea lipotoloho tse buang lipuo lisele e eketsehile ho ba tse tharo.

Ho Ithuta Puo e Ncha

E le hore li ka arolelana linnete tsa Bibele tse fanang ka bophelo le bajaki ba buang lipuo tse ling, Lipaki tse ling tsa Brithani li bontšitse tšekamelo ea botho ea ho ithuta puo e ’ngoe. E mong oa bana ke Elisabeth Emmott, ea butseng maliboho likarolong tse sa tšoaneng tsa Engelane. O qalile ka ho leka ho ithuta Sepunjabi hore a thuse batho tikolohong ea habo. Joale ka 1976, kabelong e ncha, a qala ho ithuta Seurdu. E hlahlamang e bile Segujarati. E le ho thusa ba thahasellang, o ne a ee a batle bahoeletsi ba Maindia le ba Mapakistane likopanong. Tabeng ea Clifton le Amanda Banks, ho ea kopanong Russia ka 1993 ho ile ha etsa hore ba qalise. Ha ba khutlela hae, ba ile ba fumana thupelo ea puo ea Serussia laebraring ea moo, ba fallela sebakeng seo batho ba teng ba buang Serussia, ’me ba qala ho bula maliboho phuthehong ea Serussia moo. Empa ho fumana nako ea ho ithuta puo motho a ntse a hlokomela boikarabelo ba ho iphelisa le lelapa, hammoho le lenaneo le shoetseng la tšebeletso phuthehong le tšebeletsong ea tšimo, ha ho bonolo.

Ka lebaka la tlhokahalo e khethehileng Engelane, bo-pula-maliboho ba neng ba batla ho atolosa tšebeletso ea bona ka tsela ena ba ile ba khothatsoa. Ba sa tlohele tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho, ba ne ba ithuta melao-motheo ea puo leha e le efe. E le hore ba ka fumana taeo e hlokahalang, bo-pula-maliboho ba bang ba ne ba e-ba le thupelo e khutšoanyane metheong ea puo ea bona e ncha—ka liphello tse thahasellisang.

Christine Flynn, eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse 21, hammoho le bo-pula-maliboho ba bang ba supileng ba ile ba etsa qeto ea ho rua molemo thupelong ea puo ea Segujarati ka 1996/97. Matichere ao e ne e le banyalani ba Maindia, ba neng ba maketse haholo ha Manyesemane a mangata hakaalo a kopanela thupelong ea ’ona. Christine oa pheta: “A ile a fetola lihlopha tse ngata hore a re thuse. A ile a nthusa ho lokisetsa seo ke neng ke tla bua ka sona tšebeletsong ea tšimo ’me a bile a e-ba teng ho tse ling tsa liboka tsa rōna.”

Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, Christine o ile a qala mosebetsi o mocha oa boipheliso. Mosebetsing oa hae, o ile a kopana le mosali e mong e monyenyane ea buang Segujarati. Ha Christine a mo lumelisa ka Segujarati, mosali eo e mocha o ile a makala ’me a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha a ithuta puo eo. Christine o ile a hlalosa ’me a fana ka bopaki bo botle, boo mosali enoa e mocha a ileng a arabela tjena ho bona: ‘Ha ho bolumeli bo bong bo ka khothalletsang litho tsa bona ho ithuta puo e thata hakana. E tlameha ebe le na le ho hong habohlokoa hoo le ho buang.’

Pauline Duncan, le eena ke pula-maliboho ea ileng a ikitlaetsa ho ithuta Sebengali ka 1994. Ha a qala o ile a ho fumana ho le thata haholo. Oa lumela: “Ka makhetlo a mangata, ke ile ka kōpa Jehova ka meokho, ke mo bolella kamoo puo ena e leng thata kateng le hore ke utloa ho re ke tlohele. Empa ka moea o halalelang oa Jehova, hammoho le ka boikemisetso le boiteko ba ka, ke fetile boemo bo thata ’me kea thaba hore ebe ha kea ka ka tela hobane hona joale ke ba le liphello tse babatsehang.” Beverley Crook, pula-maliboho e mong, o bua tjena mabapi le phello eo ho ithuta ha hae Sebengali ho bileng le eona ho batho bao a ba etelang: “Kaha ke ithutile puo, ho bile le phetoho e feletseng tšebeletsong ea ka. Batho ba Bengal baa tseba hore e tlameha ebe rea ba rata hobane re iphile nako ea ho ithuta puo ea bona.”

Jennifer Charles, pula-maliboho ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Sefora moo ho nang le baphaphathehi ba bangata ba tsoang Democratic Republic of Congo, o re: “Ho ithuta puo e ncha ho nthusitse ho utloisisa kamoo batho ba tšimong ea heso ba ikutloang kateng ha ba fihla naheng eo ba sa khoneng ho bua puo ea eona.”

Ka lilemo tse ngata, bo-pula-maliboho ba bangata, ho akarelletsa le baralib’abo rōna ba masoha ba khonang ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane, ba ’nile ba khothalletsoa ho bua le molebeli oa bona oa potoloho ka ho fallela liphuthehong tse haufinyane moo ho nang le tlhokahalo. Ba bang ba khethile ho ithuta puo e ncha e le hore ba ka thusa tšimong ea puo esele. Sebakeng sa Motse-moholo London, baralib’abo rōna ba fetang 100 ba bo-pula-maliboho ba entse sena. Tšebeletso ea bona har’a ba buang lipuo tse ling kantle ho Senyesemane e bile e atlehileng. Ka thuso ea bona batho ba bangata ba ithutile Bibele ’me ba bile teng libokeng tsa Bokreste.

Ha Moea oa Boromuoa o Ntse o Tsoela Pele

Ka mabaka a sa tšoaneng, ba bang bao e neng e le baromuoa ba ho fumane ho hlokahala ho khutlela Brithani. Ba bangata ho bana ba ’nile ba tsoela pele ho etsa mosebetsi o motle.

Ka mor’a ho ba tšebeletsong ea boromuoa ka lilemo tse 14, Wilfred le Gwen Gooch ba ile ba tloha Nigeria ho ea lekaleng le London ka 1964. Sena e ne e se hobane ba ne ba sa khotsofala ka tšebeletso Nigeria; ba ne ba e rata. Ho e-na le hoo, Wilfred o ne a abetsoe ho ea hlokomela lekala la Brithani. Leha ho le joalo, ka lebaka la boikutlo ba bona bo nepahetseng, ba ile ba khona ho khothatsa bo-pula-maliboho ba bangata Engelane hore ba iketse ba fumanehang bakeng sa ho sebeletsa ka tsela leha e le efe eo Jehova a ka e laelang ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Wilfred o ne a atisa ho re: “U tla ithuta ho eketsehileng ka selemo se le seng u le moromuoa ho feta ka lilemo tse 30 u le pula-maliboho.” Seo a neng a se bolela e ne e se hore u tla ithuta ho eketsehileng ka Mangolo, empa o ne a bolela hore u tla ithuta ho eketsehileng ka bouena le ka bophelo le hore na u tsoela pele joang le bara le barali beno.

John le Pat Barker, liithuti tsa sehlopha sa bo45 sa Gileade, ba ile ba khutlela Engelane ha ba le mothating oa ho ba batsoali. Empa ba ne ba sebelitse ka thata ho ithuta Semandarine e le hore ba ka pakela Machaena a Taiwan. Ha ba khutletse Engelane, ba ne ba lutse ba butse mahlo ho batla batho ba Machaena bao ba ka ba arolelang litaba tse molemo. Ka mor’a hore bana ba hōle ’me ba kene lenyalong, bobeli ba ile ba ngolisa hore e be bo-pula-maliboho ’me hona joale ba thabela tšebeletso e behang litholoana le phutheho e akarelletsang sehlopha sa ba buang Semandarine motseng oa Midlands oa Birmingham. Ba ’maloa bao ba ithutileng le bona ba khutletse Chaena ba e-na le tsebo e ntle ea ’nete.

David Shepherd, eo e kileng ea e-ba moromuoa Ghana, hona joale o na le mosali le bana ba bararo. Empa David o ntse a tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke eng se tlatselitseng ho see? Oa hlalosa: “Ho bona kamoo barab’abo rōna ba kollang ntsi hanong kateng Ghana, ho nthusitse hore ke leke ho boloka bophelo ba ka bo le bonolo ka hohle kamoo nka khonang.”

Mehaho e Lekaneng Bakeng sa Mosebetsi

Libuka tse hatisitsoeng tsa Bibele li phethile karolo ea bohlokoa ho haseng litaba tse molemo tsa ’Muso. Mathoasong a bo-1970, lekala le London le ile la phethahatsa karolo ea bohlokoa ho faneng ka lijo tseo tsa moea tse fanang ka bophelo linaheng tse ling tse ngata. Boholo ba tsona bo ile ba ea linaheng tse Afrika; tse ling, ho ea fihla Australia.

Butle-butle, makala a mang a hatisang a ile a nka boikarabelo ba ho hlahisa limakasine, ha sebaka sa khatiso London se ne se lebisitse tlhokomelo Senyesemaneng, Sedacheng le Seswahiling. Leha ho le joalo, mechine e ’meli ea MAN e Engelane e ne e e-na le kemiso e feletseng. E le ho e khahlametsa, ka 1977, o mong oa mechine eo o ile oa sebetsa bosiu le motšehare beke e ’ngoe le e ’ngoe ea boraro.

E ne e le nako ea ho atolosa mehaho ea Mokhatlo London. Ho ne ho se ho se sebaka se lekaneng bakeng sa ho hlokomela mosebetsi oa khatiso oo lekala le neng le o etsa Watch Tower House e Mill Hill e ’nileng ea sebelisoa ho tloha bofelong ba bo-1950. Litšitiso tsa lefapha la meralo li ile tsa thibela ho ntlafatsoa ha sebaka se eketsehileng sa fektheri Watch Tower House, kahoo Sehlopha se Busang se ile sa lumela ho isa fektheri sebakeng se seng, ka nako e tšoanang sa ba sa lumela le ho atolosa lehae la Bethele le neng le le teng hore le nke palo e hōlang ea barab’abo rōna ba neng ba hlokahala bakeng sa mosebetsi.

Qetellong, sebaka sa fektheri sa boholo ba lisekoere-mithara tse 3 000 se ile sa fumanoa Wembley, lik’hilomithara tse ka bang 13 ho tloha moo. Mohaho o mekato e ’meli o ile oa fana ka sebaka se lekaneng bakeng sa fektheri e atolositsoeng hammoho le sebaka sa bolulo, kichene, sebaka sa ho jela le mehaho eo ho amohelloang baeti ho eona. Mesebetsi ea fektheri e ile ea fallisetsoa sebakeng sena ka 1980, thepa e ntseng e le teng e ile ea tlatselletsoa ka mochine o mocha oa khatiso o likarolo li hlano oa offset oa Harris ’me ka lilemo tse peli tlhahiso ea limakasine ea selemo le selemo e ile ea fihla ho tse 38 328 000.

Ho sa le joalo, mosebetsi o ile oa tsoela pele lehlakoreng le lecha la Watch Tower House e Mill Hill, ho lokisetsa likamore tse eketsehileng tse 41 bakeng sa lelapa la Bethele, hammoho le kamore ea ho jela le kichene tse atolositsoeng. John Andrews, molebeli oa setereke ea neng a e-na le tsebo ea meralo ea mehaho, o ile a bitsetsoa Bethele ho tla sebetsa le sehlopha se sebetsang morerong oo. Lipaki tse tsoang likarolong tse ngata tsa naha li ile tsa ithaopela ho tla sebetsa mafelong a beke. Ho sa tsotellehe lehloa le lengata le serame se feteletseng nakong ea mariha a 1981/82, mosebetsi o ile oa tsoela pele o sa khaotse. Ho ile ha hiroa basebetsi ba seng bakae bao e seng Lipaki e le bo-ralikonteraka tse nyenyane ’me ba sebetsa hammoho le barab’abo rōna. Ka lilemo tse fetang tse peli feela, lehlakore le lecha la mohaho le ne le loketse ho sebelisoa. Ketsahalo ena e ne e le ka nako e batlang e tšoana le e ’ngoe e ikhethang.

Mosebetsi o Moholohali

Ka June 1982 Sehlopha se Busang se ile sa amohela memo ea Komiti ea Lekala ea hore seboka sa selemo le selemo sa 1983 sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania se tšoareloe Brithani. Ketsahalo ena e ne e lokela ho ba ea bohlokoa haholo hobane lekala le ne le rerile ho nehela katoloso e ncha ea Bethele ea London hona bofelong boo ba beke eo ba tla beng ba tšoere seboka sa selemo le selemo ka eona.

Dennis Loft oa hopola: “Hoo e ka bang ka hora ea borobeli hoseng ho hong, ke ile ka fumana mohala o tsoang ho Peter Ellis ea neng a le Bethele. O ile a nkōpa hore ke hle ke beheletse Holo ea De Montfort bakeng sa la 1 October.” Sena e ne e le sebaka se hopolehang sa kopano ea la 2-10 September, 1941, ha ho ne ho lokolloa buka ea Children. Ka nako eo, bohareng ba Ntoa ea II ea Lefatše nakong eo barab’abo rōna ba neng ba nkile bohato bo sebete ba ho se sekisetse Bokreste, Albert D. Schroeder, eo hona joale e leng setho sa Sehlopha se Busang, e ne e le mohlanka oa lekala Brithani. Seboka see sa selemo le selemo se ne se lokela ho ba ketsahalo e babatsehang hakaakang ho mehoke e neng e ntse e phela hore e nchafatse sekhotsi sa eona le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba khale!

Seboka sa selemo le selemo sa 1983 e ne e le seboka sa pele se joalo sa hore se tšoareloe ka ntle ho Amerika Leboea. Litokisetso li ile tsa tsoela pele ka hore ho hokahanngoe lenaneo le Leicester le la Holo ea Kopano ea Dudley e Midlands ka mehala. Ka tsela ena barab’abo rōna ba eketsehileng ba ne ba ka thabela ketsahalo ena. Ba ileng ba mengoa pele ke ba neng ba sebelelitse Jehova ka lilemo tse 40 kapa ho feta. Memo e ile ea ea makaleng ho pholletsa le Europe, ho mengoa litho tsa malapa a Bethele bakeng sa mafelo-beke ao. Ho ile ha hlokomeloa kapele hore ho ke ke ha e-ba le sebaka se lekaneng Bethele ea London ho amohela baeti bohle ba tsoang Europe. Ka hona ho ile ha etsoa litokisetso tsa lefapha la marobalo e le hore ho ka amoheloa baeti bohle.

Ho sa le joalo, Mor’abo rōna Loft o ne a ile a iteanya le Lekhotla la Motse la Leicester, ’me a tsebisoa hore e ’ngoe ea lik’hamphani tse khōlōhali tsa motse e tla be e tšoere mokete oa tantši oa selemo le selemo hona mafelo-bekeng ao re neng re batla ho sebelisa holo ka ’ona. Ha a batlisisa ho ea pele, Dennis o ile a fumana hore ha e le hantle ketsahalo eo e tla ba ka la 30 September empa ka lebaka la hore kamehla ho ba le mosebetsi o mongata haholo oa ho hloekisa, holo eo e ne e tla sebelisoa le letsatsing le hlahlamang. Dennis o ile a botsa: “Haeba re nka boikarabelo ba ho hloekisa sebaka seo, na re ka e sebelisa ka la 1 October?” Mohlokomeli o ile a lumela, ’me Dennis a ba a re nk’hu! le hoja ka nako eo a ne a sa hlokomele hore na mosebetsi oo o moholo hakae.

Har’a mp’a bosiu ka la 30 September, barab’abo rōna ba 400, e le lihlopha tlas’a baeta pele, ba ile ba kena mosebetsing oa ho hloekisa lithōle tsa tantši eo. Ba ile ba boela ba tlosa litafole ’me ba li nkela sebaka ka litulo tse 3 000 bakeng sa seboka. E ne e le mosebetsi o moholohali o lokelang ho phethoa ka lihora tse robeli feela. Dennis oa hopola: “Tšobotsi e ikhethang e ne e le hore ba ’maloa feela ba bara bana babo rōna ba ne ba memetsoe seboka sena sa selemo le selemo, ’me leha ho le joalo, hore feela ba bile le karolo, leha e se e le eona ea ho lokisetsa feela, ke ntho eo ba ntseng ba bua ka eona ho tla fihlela kajeno.” Barab’abo rōna ba ile ba ala k’hapete sethaleng ’me ba se pota-potisa lipalesa. Ka hora ea borobeli hoseng holo eo e ne e hloekile e re pee! Basebeletsi ba holo eo ba ne ba eme le monna oa mateneng. Barab’abo rōna ba ne ba hlokomela hore seboka sena se ne se lokela hore e be ntho e ’ngoe e khethehileng haholo. Ha baa ka ba soetseha.

Seboka se sa Lebaleheng

Har’a ba 3 671 ba neng ba le teng moketeng ona oa lijo tsa moea o neng o le Leicester, e ne e le baeti ba 693 ba tsoang makaleng a 37. Boholo ba ba neng ba le teng e ne e le bara le barali babo rōna ba tlotsitsoeng. Reg Kellond, oa Telford le Emma Burnell, oa Paignton, bobeli ba le lilemo li 99, e ne e le baeti ba tsofetseng ho feta bohle ba tsoang Brithani. Janet Tait, oa Glasgow, hammoho le Mary Grant, Edith Guiver le Robert Warden, e mong le e mong a le lilemong tsa bo-80 kapa bo-90, ba ne ba ithutile ’nete pele ho Ntoa ea I ea Lefatše. Ke phihlelo e kaakang ea bophelo eo e mong le e mong a neng a bile le eona tšebeletsong ea Jehova! Ba ile ba kopanela mosebetsing oa ho paka ha palo ea barorisi ba Jehova Brithani e ntse e eketseha ho tloha ho ba likete tse seng kae ho ea fihla ho ba 92 320. Ba ne ba letetse ka cheseho khothatso eo litho tsa Sehlopha se Busang li neng li tla fana ka eona.

Albert D. Schroeder o ile a bua ka sehlooho se reng “Lula U Tšepile Jehova, e le Hore U se ke Ua Khathala,” se thehiloeng ho Esaia 40:31. O bile a buisana le barab’abo rōna ba bang ba tšepahalang: Robert Warden le Harold Rabson ka bobeli ba tsoa Glasgow ’me ba kolobelitsoe ka 1913 le 1914 ka ho latellana; Robert Anderson, eo e neng e bile pula-maliboho ka lilemo tse 51; le Ernie Beavor, eo e neng e bile molebeli oa potoloho ka lilemo tse 17 le eo bana ba hae ba bararo ba neng ba bile tšebeletsong ea boromuoa. Kaofela ha bona ba ile ba bua ka cheseho ka lilemo tsa bona tse ngata tšebeletsong ea Jehova. Daniel Sydlik, setho se seng sa Sehlopha se Busang, o ile a bua ka sehlooho se reng “Likhōlō li sa Tla.” Ke puo eo barab’abo rōna ba ntseng ba e hopola ho fihlela kajeno.

Mora e mong oabo rōna o ile a ngola, “Ha re fumana memo ea rōna, re ile ra hopola haholo kopano e neng e tšoaretsoe Holong ea De Montfort ka 1941 ha ntoa e ntse e kupa. Ka sebele, kopano eo, e ileng ea tšoaroa joalokaha eka ke ka mohlolo bohareng ba Brithani e harasantsoeng ke ntoa, e ne e le e molemo ka ho fetisisa eo re kileng ra ba ho eona—empa ‘likhōlō e ne e le hona li tlang.’ Re tlohile sebokeng seo lipelo tsa rōna li phophoma ke teboho ho Jehova, re ikemiselitse ho tsoela pele re tšepahala ho ’Mōpi oa rōna; ho Morena oa hae, Kreste Jesu; le ho mokhatlo oo ka ho hlakileng A o sebelisang.”

Ka mor’a ketsahalo ena baeti ba bangata ba ile ba ea London ho ea thabela lenaneo la ho neheloa ha katoloso ea Bethele. Holo ea Kopano e ka Leboea ho London e ne e hokahantsoe ka mohala hore e fumane mananeo, ho lumella ba eketsehileng hore ba be le monyetla oa ho mamela puo ea nehelo e neng e fanoa ke Frederick Franz, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo ka nako eo.

Sebaka se Molemo Bakeng sa Khatiso

Mehaho ea lekala e ne e ntse e se sebakeng se setle. Watch Tower House e ne e le Mill Hill, empa fektheri e le bohōle ba lik’hilomithara tse 13, Wembley. Barab’abo rōna ba Bethele ba 25 ho ea ho ba 30 ba ne ba tsamaea kamehla ho ea mosebetsing moo.

Lilemo pejana, N. H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo ka nako eo, o ne a ile a hlokomela hore mohaho o mong oo e neng e le oa k’hamphani ea U.K. Optical ’me o le ka mose ho tsela ho tloha Watch Tower House e ne e ka ba sebaka se setle bakeng sa khatiso. Leha ho le joalo, ka nako eo o ne o sa fumanehe. Empa ka September 1986 sebokeng se neng se hlophisitsoe ke ba Poso, Philip Harris, molebeli oa Lefapha la rōna la Thomello, o ile a utloela hore k’hamphani ea U.K. Optical e tla tsoa mehahong eo e Bittacy Hill. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho fumana setša sena sa lihekthere tse peli hang hang. Likhoeli tse peli hamorao thekisetsano eo e ne e phethiloe, ’me ka nako e tšoanang, litumellano tsa ho rekisa fektheri ea Wembley li ile tsa phethoa ka katleho. Kahoo, kaho ea fektheri e ncha e ile ea qala ka mafolofolo.

Karolo ea pele, mehaho ea khale e ka morao setšeng sa Bittacy Hill e ile ea heletsoa ho hlekela fektheri e ncha. Ha ho cheka ho ntse ho tsoela pele, barab’abo rōna ba ile ba fumana hore sebaka sena se ne se sebelisoa e le moo ho qhalloang likhoerekhoere tsa liindasteri teng. Nakong eo ho seng ho tlositsoe lithōle tsohle, ho ne ho totobetse hore ho ne ho ka eketsoa ka mokato o ka tlaase o moholo lipolaneng tsa mohaho. Baithaopi ba fetang 5 000, ba tsoang Brithani le mose ho maoatle, ba qetile lihora tse fetang halofo ea milione morerong ona. Phello e bile fektheri e ntle le karache tse ka sebelisoang ka lilemo tse ngata tse tlang.

Karolo ea bobeli ea kaho e ne e amana le ho heletsoa ha ofisi ea khale ea U.K. Optical le mohaho oa fektheri ho hlekela mohaho o mocha oa ofisi. E le ho boloka ponahalo e tšoanang le ea mehaho e meng tikolohong eo, ba boholong sebakeng seo ba etsang lipolane ba ile ba tsitlallela hore mohaho o mocha oa ofisi o hahuoe ka litene. Sena se ile sa finyelloa ka hore ho sebelisoe litene tse hafotsoeng ’me tsa manehoa leboteng la konkreite. IBSA House e ile ea e-ba le sebōpeho kapele ha mabota a eona a entsoeng ka litene a 157 a emisoa sebakeng sa oona. Mookameli oa k’hamphani e ’ngoe ea ileng a etela setša seo kapele ka mor’a moo o ile a botsa hore na ho hiriloe batho ba bakae ba behang setene. O ile a hakanya: “Ka sebele bonyane ba 50.” O ile a sisinya hlooho a sa kholoe ha a utloa hore ke basali ba tšeletseng le banna ba babeli feela ba entseng mosebetsi oo kaofela!

Ka 1993 mohaho ona o mocha oa ofisi le fektheri o holimo Bittacy Hill o ne o loketse ho sebelisoa. O ile oa neheloa nakong ea leeto la Albert D. Schroeder oa Sehlopa se Busang. Ka nako eo ba 127 395 ba ne ba kopanela tšebeletsong ea tšimo ho pholletsa le naha—seo e ne e le sesosa sa thabo ruri!

Thuso ea Machaba

Lekala la Mokhatlo la Jeremane le ile la kenella ka ho thusa ho hatisa limakasine tsa Senyesemane nakong eo mechine ea rōna ea khatiso e neng e fetisetsoa Wembley sebakeng se secha IBSA House. Leha ho le joalo, kapelenyana mesebetsi ea ho hatisa e ile ea qala hape London, ’me limakasine tse limilione tse mashome-shome tse tšoereng linnete tse phelisang li ne li tsoa li phalla mechineng ea khatiso fekthering ea rōna e ncha.

Le hoja e le hōle le Afrika Bochabela, khatiso ea London ke khale e fepela karolo eo ea lefatše ka limakasine. Likhatiso tsa limakasine tsa Senyesemane le Seswahili li romeloa moo kamehla. Ho joalo le ka lihlekehleke tsa Caribbean, le tsona li amohela phepelo e tsoang Brithani. Ka lilemo tse ngata likepe tse nkileng libanana li ’nile tsa nka thepa e tlohang West Indies ho e isa lebōpong le ka bophirimela la Brithani. Li khutla le thepa ea lihlekehleke tsena, ’me kamehla thepa ena e akarelletsa thomello ea limakasine tse tsamaisoang ntle ho tefo ka lebaka la boemo ba Mokhatlo ba ho thusa bahloki.

Ha Lefapha la Thomello le lokisetsa lik’hontheinara tse tsamaeang, ho sebelisoa sebaka se se nang letho ho romella thepa e hlokahalang ho barab’abo rōna libakeng tseo mathata a moruo a leng boima haholo ho tsona. Litulo tse likete tse mashome tse tlōtseng lenane ha ho rekoa, tse tsoang Liholong tsa ’Muso ho pholletsa le naha, li ’nile tsa isoa linaheng tse kang Liberia, Mozambique, Senegal, Tanzania le Zambia. Libakeng tsena li sebelisoa ke liphutheho tse penyaneng ka batho ba thahasellang ba labalabelang ho ithuta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Ka 1994 ha maemo a ntoa a Bosnia a etsa hore ho hlokahale liphallelo bakeng sa barab’abo rōna moo, lekala le Austria le ile la thabela ho fana ka lijo, liaparo le lintho tse ling. Empa ha ba boholong Bosnia ba fana ka taelo ea hore lintho tse romelloang nakong e tlang li tlameha ho romeloa mokhatlong o ngolisitsoeng ka molao, lekala le Brithani le ile la kōptjoa ho thusa. Lipampiri tsa molao li ile tsa ngoloa ka Senyesemane le ka Secroatia, tsa tiisoa ke mohlapantši, ’me tsa romeloa ka lenģosa. Mokoloko oa liphallelo o ne o se o tlohile Vienna ha lipampiri li fihla. Barab’abo rōna ba tsamaeang ka koloi ba ile ba fumana mokoloko oo moeling ’me ba fana ka lipampiri tseo tsa molao, ’me e le ka nako e loketseng hore liphallelo tseo li fete!

Ka August 1998 ha ho ntse ho etsoa litokisetso tsa ho fallisa mechine ea khatiso ho tloha Fora ho ea Engelane, litho tse 50 tsa lelapa la Bethele le Louviers li ile tsa fetisetsoa Bethele ea London ho ea thusa ka mosebetsi o eketsehileng. Ka mor’a lipuisano tse kenelletseng, ho ile ha boela ha khoneha hore ka 1999 ho fallisoe mochine o moholo oa web-offset le thepa e ’ngoe ea khatiso e tsoang Louviers ho ea London. Ha Mabethele a Mafora a ntse a loanela ho ithuta Senyesemane le Mabethele a Manyesemane a leka ho sebelisa lipolelo tsa Sefora, kaofela ba ne ba kopantsoe ke ho bua ‘puo e hloekileng’ ea ’nete ea Bibele ’me kahoo ba ile ba khona ho sebetsa ba kopane ho finyella mesebetsi e tlotlisang Jehova.—Sof. 3:9, NW.

Ho Atolosetsa Thuso Lihlekehlekeng

Ka lilemo tse ngata, lekala la Brithani le ’nile la hlokomela mosebetsi oa boboleli lihlekehlekeng tse ’maloa tse libakeng tse sa tšoaneng. Tse ling tsa tsona li akarelletsoa Lihlekehlekeng Tse Nyenyane tsa Brithani. Sehlekehleke se Senyenyane sa Wight, se thōkoana le lebōpo le ka boroa, se na le liphutheho tse hōlang tse supileng. Sehlekehleke se Senyenyane sa Man, se Leoatleng la Ireland, se na le phutheho e atlehang ea bahoeletsi ba 190. Hebrides, e lebōpong le ka bophirimela la Scotland, ke ha habo bahoeletsi ba fetang 60, ba atisang ho paka metsaneng e hōle ea mahaeng. Lihlekehleke tsa Orkney le Shetland, tse thōkoana le tlhōrō e ka leboea-bochabela ho Scotland, ka bobeli li na le liphutheho tse hōlang tse fanang ka bopaki bo batsi ho ba arohileng ba lulang moo e seng sehlekehlekeng. Ka sebele, bo-pula-maliboho ba Lihlekehlekeng tsa Shetland ba atoloselitse tšimo ea bona Leoatleng le ka Leboea ka ho ’na ba etela likepe tsa ho tšoasa litlhapi le ho bolella basesisi ba ho tsona.

Liphutheho tse peli tse Guernsey, se seng sa Lihlekehleke tsa Channel, li hlokomela ho paka lihlekehlekeng tse nyenyane tsa Alderney le Sark. Sena se ile sa hloka boiteko bo boholo. Mohlala ke ona, ho ’nile ha fanoa ka bopaki kamehla ho baahi ba Sark—hona joale ba 575—ho tloha mathoasong a bo-1980. Pula-maliboho e mong oa Guernsey ea ileng a bolela Sark o ile a kopana le mohlankana e mong eo ’mè oa hae e neng e le Paki kae-kae Lihlekehlekeng Tse Nyenyane tsa Brithani. Lekhetlong la pele mohlankana eo ha aa ka a bontša thahasello, empa ka mor’a lipuisano tse telele, banyalani ba Lipaki ba ile ba qala thuto le eena le kharebe ea hae—thuto eo boholo ba eona e neng e khannoa ka poso. Liphutheho tseo bobeli, ea Guernsey le Jersey li ne li arolelana litšenyehelo tsa ho romela pula-maliboho Sark le Alderney hang ka khoeli. Ka ho thusoa ka tsela eo le ho ithuta ka poso, mohlankana eo le kharebe ea hae ba ile ba tsoela pele moeeng butle-butle. E le ho thusa ka ho eketsehileng, moholo e mong o ile a khanna thuto ka thelefono, a sebelisa buka ea Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete. Ka April 1994 mohlankana eo le kharebe eo, eo joale e leng mosali oa hae, ba ne ba loketse kolobetso. Hona joale ba rua molemo libokeng tsa phutheho le ho kopanela ho tsona ka ho hokahanngoa ka thelefono ha maemo a leholimo a sa ba lumelle hore ba tšele leoatle ho ea Guernsey. Ka sebele, ho etsoa boiteko bo tiileng ho thusa e mong le e mong ho rua molemo litabeng tse molemo.

Sehlekehlekeng se haufinyane sa Jersey ho na le liphutheho tse tharo tse hōlang. Liphutheho tsena li fapanyetsana le tse Guernsey ka ho ba le kopano ea setereke ea selemo le selemo moo ho bang teng Lipaki tsa moo tse ka bang 500 le baeti ba ka bang 1 000 ba tsoang likarolong tse ling tsa Brithani. Ho phaella moo, kaha basebetsi ba bangata ba buang Sepotoketsi ba sebetsang ka linako tse itseng tsa selemo ba tla sehlekehlekeng sena, bahoeletsi ba bang ba moo ba ithutile Sepotoketsi e le hore ba ka khona ho arolelana molaetsa oa ’Muso le bona ka tsela e atlehang.

Tse hojana haholo ke Lihlekehleke tsa Falkland. Ba bangata ba baahi ba 2 200 ba sehlekehleke sena, baholo-holo ba bona ba tsoa Sehlekehlekeng sa Shetland le likarolong tse ling tsa Scotland. Arthur Nutter le mosali oa hae, hammoho le bana ba bona, ba ile ba fallela Lihlekehlekeng tsa Falkland ba tsoa Engelane ka 1980 ho ea kopanela ho faneng ka bopaki. Lilemo tse peli hamorao, ka lebaka la liphetoho litabeng tsa lefatše, ho ile ha bonahala e le bohlale hore lekala la Brithani le fane ka tataiso e akaretsang mosebetsing oa boboleli mono. Le hoja Lihlekehleke tsa Falkland li le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 13 000 ho tloha London, ho bile le maeto a etsoang ho ea sebeletsa phutheho eo e nyenyane. Tokisetso eo ea tsamaiso e tsoang Brithani e ile ea tsoela pele ka lilemo tse 15.

Joalokaha le entse boholo ba lilemo tse fetileng tse 50, lekala la Brithani le boetse le hlokomela tšebetso ea batho ba Jehova Malta, khubung ea Leoatle la Mediterranean. Mono Malta moapostola Pauluse o ile a robeheloa ke sekepe a le tseleng e eang Roma hoo e ka bang ka 58 C.E. (Lik. 28:1) Se haufinyane ke Gozo, e leng sehlekehleke se senyenyane le se itšetlehileng ka Malta. Kajeno, ho tsona ka bobeli ho na le liphutheho tse hōlang tsa batho ba Jehova.

Le hoja ho ’nile ha tlalehoa ka ho paka ho itseng Malta ho tloha ka 1936, ha e eaba ho fihlela ka bo-1970 moo mosebetsi oa ’Muso o ileng oa thehoa hantle har’a baahi ba Malta. Ho ile ha etsoa boiteko khafetsa ba ho arolela batho ba moo litaba tse molemo, empa Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e laola ka matla ’muso le bophelo ba batho.

Gesualda Lima e ne e le ngoanana ea lilemo li 13 ha a qala ho utloa ’mè oa hae a hlalosetsa lelapa seo moahelani eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo boleletseng sona. E ne e le ka 1970. Gesualda oa hopola: “Ha ke utloa lebitso Jehova, ho ’na e ne e le ntho e khethehileng.” (Pes. 83:18) Hamorao batsoali ba hae ba ile ba hanyetsa ho thahasella ha hae molaetsa oa Bibele. A sa nyahama, o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele, a qala ho ea libokeng, a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa. Ka 1981 o ile a nyaloa ke Ignazio, Motaliana ea sehlahlo ea nang le cheseho e sa timeng. Ba le hammoho ba filoe tokelo ea ho ea sebeletsa e le basebeletsi ba nako e tletseng Malta, ’me ba thusitse ba bang ba ka bang 100 ho ithuta ’nete. Boholo ba bona ke batho ba Malta.

Joe Axiak, eo mosebetsi oa hae e leng ho teha lioache, ke monna ea nang le kutloelo-bohloko, ea mosa oa Malta ea ileng a utloa ’nete ka lekhetlo la pele lelapeng la malom’ae. Empa kaha ka nako eo a ne a itaola, Joe o ile a tloha hae ’me a leba Australia. Ha Joe a qala ho kopanela le Lipaki tsa Jehova moo, e mong oa baholoane ba hae o ile a mo lemosa: “Ha ’Mè a ka utloa hore u tla ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, o tla shoa, ’me ke tla chesa holo ena haeba u ka ea moo hape.” Leha ho le joalo, Joe o ile a phehella, ’me o ile a atleha. Hona joale eena le bara le barali babo ba supileng, ho akarelletsa le mor’abo ea neng a mo sokela, ba sebeletsa Jehova.

Ka mor’a hore Joe a khutlele Malta, o ile a nyala, ’me eena le mosali oa hae, Jane, ba ile ba etsa qeto ea ho lebisa tlhokomelo e khethehileng tšimong e sehlekehlekeng sa Gozo. Mafelong a beke e ’ngoe le ’ngoe ba ea moo ka seketsoana. Empa ka mor’a hore mora oa bona David a hlahe, ho tsamaea ho ne ho se ho le boima haholo, kahoo ba ile ba etsa qeto ea ho lula Gozo. E bile thabo e kaakang ho bona ha ho ne ho thehoa phutheho ka 1984! Hona joale ho na le bahoeletsi ba 27 Gozo. Ba kopanela Holong ea bona ea ’Muso ’me kamehla ba bolella ba bang litaba tse molemo.

Hoja Feela e ne e le ka Semalta

Ho bolela linnete tsa Bibele ka puo ea habo bona, ka Semalta, ho thusitse ba bangata ba batho bana ba sehlekehlekeng hore ba tsoele pele ho rua tsebo e nepahetseng ea Jehova le litsela tsa hae.—Bakol. 1:9, 10.

Helen Massa, e mong oa liithuti tsa Bibele tsa Gesualda Lima, o hopola ha liboka tsohle li ne li tšoaroa ka Senyesemane. Le hoja ka linako tse ling e ne e le bothata ho utloisisa se buuoang, Helen o hopola ka kananelo taeo e ntle e neng e fanoa. Hangata o bua ka ho ruta ka mamello ha mor’abo rōna e mong oa Monyesemane, Norman Rutherford, ea neng a sebeletsa Malta bofelong ba bo-1960 le mathoasong a bo-1970. Norman le mosali oa hae, Isabel, ba bileng sehlopheng sa bo11 sa Gileade, kamehla ba ne ba le seli kaha e ne e le ba tsoang naheng esele. Takatso ea bona e ne e le ho lula le ho tšehetsa bara le barali babo rōna sebakeng seo, ba ileng ba ema ka sebete khahlanong le khanyetso ea bolumeli le ea lelapa.

Mathoasong a bo-1970, Joe Micallef, moqolotsi oa litaba ea neng a bua Senyesemane ha phollatsi, o ile a thaba ha Norman Rutherford a lumela ho ithuta Bibele le eena. Oa hopola: “Ke ne ke ee ke botse potso, ’me ke ne ke tla thabela e kapa che.” Empa Norman o ile a hlokomela hore ho ruta hase ho arabela lipotso feela. “O ne a ee a qaqise, a hlalose hore na ke hobane’ng ha e le e, kapa e le che.” Sena se ile sa matlafatsa tumelo ea Joe.

Le hoja liboka tsa pele tseo Joe a bileng ho tsona e ne e le tsa Senyesemane, ka mor’a nakoana bamameli ba bang ba ile ba abeloa ho akaretsa lintlha tsa sehlooho tsa lirapa tsa Molula-Qhooa ka Semalta. Ho ne ho se bonolo kamehla ho ho etsa. Moena oa Joe, Ray, o ile a etsa qeto ea ho ngola ka bokhutšoanyane seo a tla se bua empa a fumana ho le bonolo ho fetolela serapa kaofela. Joe o tsoela pele: “Ha Peter Ellis, ea ileng a etela Malta e le molebeli ea tsamaeang, a bona se etsahalang, o ile a etsa tlhahiso ea hore re reke mochine o etsang likopi.” Kahoo, ka 1977 ho ile ha hlaha kopi ea pele ea Molula-Qhooa oa Semalta e ngotsoeng ka mochine o thaepang. Ha barab’abo rōna ba ne ba hloka thuso ka ho etsa kapa ho lokisa listensele tseo ba li thaepileng, ke mang ea neng a ka ba thusa hamolemo ho feta motho ea neng a ameha khoebong ea ho hatisa—moqolotsi oa litaba Joe! Joe o ile a re: “Bonang, e mong o lokela ho jara boikarabelo ba ho bona hore mosebetsi ona oa etsoa!” Barab’abo rōna ba ile ba arabela: “Joale, u etsa tlhahiso ea hore e be mang?” eaba Joe o araba ka ho re: “Ha ke tsebe, empa nka leka.” Ke ka tsela eo Joe a ileng a qala ho ameha ho fetoleleng lingoliloeng tsa Semalta. Ke ’nete hore litokisetso tsa kajeno tsa ho fetolela lingoliloeng li etsoa ka Komiti e Ngolang ’me ha li etsoe ke motho ka boithatelo.

Ka 1979 ho ile ha hlaha tokollo ea pele e hatisitsoeng ka Semalta ea Molula-Qhooa. Sehlopha sa bafetoleli butle-butle se ile sa etsa mosebetsi oo, ’me hona joale Molula-Qhooa o hlaha habeli ka khoeli ’me Tsoha! e hatisoa hang ka khoeli ka Semalta. Ho ile ha e-ba le tsoelo-pele e khōlō ka January 1998 nakong ea ketelo ea molebeli oa libaka, Douglas Guest, ha ho ne ho neheloa liofisi tse ncha tsa phetolelo, lehae la baromuoa le Holo ea ’Muso I.B.S.A. House motseng oa Mosta. Letsatsing le hlahlamang ba 631 ba ile ba bokana ho tla utloa litlaleho tsa tsoelo-pele ea mosebetsi oa ’Muso Malta.

Ba Koetliselitsoe ho Lebela ka Lerato

Ka ho bontša ho ameha ka lerato ka batho ba hae, Jehova o ile a bolela esale pele ka moprofeta Jeremia hore: “Ke tla li nea balisa ba li alosang.” (Jer. 23:4) E le ho finyella seo, Jehova ha aa fana ka baholo feela har’a batho ba hae empa o boetse o ba file taeo le ho ba koetlisa e le hore ba ka khona ho fana ka bolebeli bo lerato boo a bo batlelang linku tsa hae.

Ho tloha ka 1960, barab’abo rōna ba tšoanelehang Brithani, joaloka linaheng tse ling, ba ruile molemo koetlisong eo ba e fumaneng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Tokisetso ena e qalile e le thupelo ea libeke tse ’nè, eo hamorao e ileng ea fokotsoa ho ba libeke tse peli. Ho ile ha mengoa balebeli ba tsamaeang hammoho le ba lebetseng liphuthehong. Litlelase tseo li ile tsa tšoareloa Bethele ea London. Joale, e le ho etsa hore taeo ena e fumanehe habonolo haholoanyane, sekolo sena se ile sa leba libakeng tse ling, mananeo a litlelase tseo a tšoareloa likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Liphutheho li ile tsa rua molemo ’me qetellong ea e-ba mokhatlo o hlophisitsoeng kaofela o ruang molemo.

Ka 1977 ho ile ha boela ha tšoareloa baholo bohle thupelo ea lihora tse 15. Mananeo a tšoanang a fapaneng ka bolelele a ’nile a tšoaroa ho tloha ka nako eo. Ho ’nile ha lebisoa tlhokomelo lihloohong tse joaloka mokhoa oa ho etsisa Jehova joaloka balisa ba lerato ba mohlape, mokhoa oa ho ruta libokeng tsa phutheho, mokhoa oa ho phethahatsa mosebetsi oa boevangeli phuthehong ka ’ngoe le mokhoa oa ho tšehetsa litekanyetso tse lokileng tsa Jehova. Bakeng sa mananeo a Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso Brithani ka 1997, ho ile ha mengoa baholo ba 11 453 le bahlanka ba sebeletsang ba 10 106.

Ba Iketsa ba Fumanehang

Kantle ho baholo ba sebeletsang liphuthehong, banna ba bang ba tšoanelehang ba sebeletsa e le balebeli ba tsamaeang, ba hlokomela lihlopha tsa liphutheho tse bōpang potoloho le lihlopha tsa lipotoloho tse bōpang setereke. Hona joale ho na le balebeli ba joalo ba tsamaeang ba 77 ba hlokomelang liphutheho tse 1 455 le lipotoloho tse 70 ho pholletsa le Brithani. Bana ke banna bao, ntle le hore baa tšoaneleha moeeng, ba entseng liphetoho bophelong ba bona e le hore ba ka fumaneha bakeng sa tšebeletso e joalo.

Morao koana mathoasong a bo-1970, molebeli e mong ea tsamaeang o ile a khothatsa David Hudson hore a phehelle mosebetsi oa puso ea Molimo. Empa ka nako eo, David o ne a ikimelitse haholo ka mosebetsi oa hae oa boipheliso e le mookameli oa karolo e itseng k’hamphaning ea ho etsa likopi tsa ntho e ngotsoeng. Joale ka tšohanyetso k’hamphani eo e ile ea etsa qeto ea hore ha e sa hloka mosebetsi oa hae. Joale o ile a ananela tlhaloso ea Lyman Swingle, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, sebokeng se neng se le Cardiff, Wales, ka 1984. Mor’abo rōna Swingle o ne a ile a bapisa mesebetsi lefatšeng lena le ‘ho bentša brase sekepeng se tebang.’ David le mosali oa hae, Eileen, ba ile ba qala ho lokisa litaba tsa bona e le hore ba ka bula maliboho. Ba ile ba tela lehae la bona le mabothobotho le nang le litala le lipere, ’me ba haha bophelo ba bona ho likoloha haholoanyane kamanong ea bona le Jehova. Ho tloha ka 1994, David, a tsamaea le mosali oa hae, o ’nile a ba le boikarabelo e le molebeli oa potoloho. Bobeli ba bona ba lumela hore thabo ea ho sebeletsa Jehova e feta hōle ntho leha e le efe ea lintho tse bonahalang eo ba e tetseng.

Ha Ray Baldwin a ne a ithuta ’nete bohareng ba bo-1970, o ile a kholiseha ka ho tiileng hore ho bolela litaba tse molemo ho lokeloa ke nako eohle eo a ka fanang ka eona. Ka lebaka leo, le pele a kolobetsoa, eitse ha a ne a tšepisoa ho phahamisoa mosebetsing oa hae oa boipheliso haeba feela a ne a lumela ho fallela motseng o mong, o ile a hana ’me ho e-na le hoo a kōpa hore ba mo fe mosebetsi oa nakoana. Ka mor’a hore a kolobetsoe, kapelenyana o ile a ngolisa e le pula-maliboho ea thusang. Nakoana ka mor’a hore a nyale, eena le mosali oa hae, Linda, ba ile ba etsa litokisetso tsa ho kena tšebeletsong ea bopula-maliboho ba kamehla. E le hore a ka iketsa ea fumanehang haholoanyane bakeng sa tšebeletso ea puso ea Molimo, Ray o ile a tlohela mosebetsi oa hae suphamaketeng ’me a sebetsa oa ho hlatsoa lifensetere. Ho tloha ka September 1997 le eena o ’nile a sebeletsa e le molebeli oa potoloho.

Bara ba bang babo rōna ba ’nile ba lakatsa ho ba le boikarabelo bo mabapi le Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele, tse fanang ka tšehetso e lerato ho Lipaki tse tobaneng le maemo a tšohanyetso a meriana. Sena se akarellelitse nako ea ho koetlisa—’me seo ke qalo feela. Ka October 1990 baemeli ba bararo ba tsoang Brooklyn ba Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele ba ile ba fihla ho tla tšoara lithupelo Birmingham, Engelane. Barab’abo rōna ba 152 ba tsoang Belgium, Brithani, Ireland, Iseraele, Malta le Netherlands ba ile ba fumana thuto e ntle mabapi le hore na ba ka thusa ba boholong joang lefapheng la bongaka ho utloisisa boemo ba rōna ka tseko ea mali. Baeti ba tsoang Brooklyn ba ile ba kopanela koetlisong ea baemeli bana hore ba hlahise mabaka a boemo ba rōna ho ba boholong lipetleleng tsa London le litsing tse ling tse khōlō.

Ka mor’a thupelo ea bobeli, Nottingham ka February 1991, Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele li ile tsa kena tšebetsong ho pholletsa le naha. Selemong se latelang ho ile ha khethoa likomiti tse ling tse 16, ’me bara bana babo rōna ba ile ba koetlisoa thupelong e neng e le Stoke-on-Trent. E le ho atolosa tšebelisano pakeng tsa Lipaki le ba boholong, ho ile ha boela ha e-ba le thupelo e ’ngoe, e ileng ea tšoareloa Holong ea Kopano ea Surrey ka June 1994, e fana ka koetliso ea ho atamela baahloli, basebeletsi ba sechaba le lingaka tsa bana. Sena se ile sa rala motheo oa tšebelisano e khōloanyane le litsebi tsa bongaka. Ka mor’a hore ho ikopanngoe le batho ka bomong, ho ile ha e-ba bonolo ho thathamisa lingaka tse fetang 3 690 Brithani tse bontšitseng hore li utloisisa ho hlompha pono ea Lipaki ka mali le phekolo ea meriana.

Molula-setulo oa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele sebakeng sa Luton, ka leboea ho London, o lumela habonolo hore ha a qala ho sebetsa komiting ena, o ne a sa hlokomele sohle se neng se tla hlokoa ho eena nameng le maikutlong. O motlotlo ka tšehetso e lerato ea mosali oa hae eo le eena a ratang Jehova ka ho tebileng le bara le barali babo ba Bakreste. Butle-butle, o ile a haha kamano e ntle ea ho sebetsa le lingaka le batsamaisi sepetleleng se seng se seholohali se sebakeng sa habo. Oa hlokomela: “Ha barab’abo rōna ba tobana le maemo a tšohanyetso a bongaka, re lokela ho lula re itokiselitse ho ba tšehetsa kamehla.” Moea oo tšebeletso ena e etsoang ka oona o butse tsela ea ho fana ka bopaki liketsahalong tse ngata.

Ho ea Sebetsa Ntlo-Khōlō ea Lefatše

Har’a barab’abo rōna bao mesebetsi ea bona ea puso ea Molimo e qalileng Brithani, ba bang ba ’nile ba memeloa ho ea sebeletsa Brooklyn, New York, ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova.

John E. Barr, ea hlahetseng Scotland ka 1913, o ithutile ’nete ho batsoali ba hae. Le hoja ho ba lihlong lilemong tsa hae tsa bocha ho ne ho mo thatafalletsa hore a buisane le batho malapeng a bona mosebetsing oa ntlo le ntlo, ka thuso ea Jehova o ile a hlōla tšitiso eo. Ka 1939 o ile a amohela memo ea ho ea sebeletsa Bethele ea London. Nakong e thata ea Ntoa ea II ea Lefatše, o ile a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse ’maloa, ho fihlela a kōptjoa ho khutlela Bethele ea London ka 1946. Lilemo tse 21 ka mor’a hore e be setho sa lelapa la Bethele ka lekhetlo la pele, o ile a nyala Mildred Willett, morali’abo rōna ea chesehang eo e neng e le seithuti sa sehlopha sa bo11 sa Sekolo sa Gileade eo joale a ileng a ikopanya le eena tšebeletsong ea Bethele. Ka 1977 o ile a memeloa ho ea ba setho sa Sehlopha se Busang. Ha a bolella Mildred, pele Mildred o ile a nahana hore e tlameha ebe oa soasoa, empa o ne a sa soasoe. Kahoo, selemong se latelang, bobeli ba bona ba ile ba fallela ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York. Ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa moo ka thabo.

Ba bang le bona ba ile ba memeloa ho ea ba litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlō. E mong oa bona e ne e le Allan Boyle, ea hlahetseng Liverpool ’me a ne a sebetsa Bethele ea London. E le ho sebelisa tsebo ea hae ka ho feletseng e le moetsi oa litšoantšo, Mokhatlo o ile oa mo memela ho fallela Brooklyn ka 1979. Eric Beveridge o ne a lula Birmingham ha a ne a kolobetsoa ka 1949. Ka mor’a lilemo tse 21 tsa tšebeletso ea boromuoa Portugal le Spain, eena le mosali oa hae Hazel, e ile ea e-ba litho tsa lelapa la Bethele ea Brooklyn ka 1981. Robert Pevy, ea hlahetseng Sandwich, Kent, ka boroa ho Engelane, o ne a sebelelitse Ireland ka lilemo tse robong ’me joale a bile tšebeletsong ea boromuoa le mosali oa hae, Patricia, Philippines ka lilemo tse ling hape tse robong ha le bona ba amohela tšebeletso ntlo-khōlō ea lefatše ka 1981.

Liphetoho Bolebeling ba Lekala

Ka lilemo tse ngata banna ba ’maloa ba tšoanelehang moeeng ba ’nile ba etella pele ho jara boikarabelo lekaleng la Brithani. Ka mor’a hore Albert D. Schroeder a qobellehe ho tloha Engelane nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, A. Pryce Hughes o ile a khetheloa ho ba molebeli oa lekala—’me e le nakong eo a ntseng a sebeletsa nako eo a neng a e ahloletsoe teronkong ka lebaka la ho se jele paate ha hae ha Bokreste! Ho khomarela ha Mor’abo rōna Hughes melao-motheong ea ho se jele paate ha Bokreste ho ne ho lekiloe ka ho feletseng. O ne a ile a kenngoa teronkong ka tseko ena Ntoeng ea I ea Lefatše le habeli nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ka kananelo ea sebele bakeng sa tataiso ea Jehova ea mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng, Mor’abo rōna Hughes o ile a tsoela pele a amehile ka bolebeli ba lekala ka lilemo tse fetang 20. Ba ileng ba sebetsa le eena ba ntse ba hopola mokhoa oa hae o mosa hammoho le hore ho sa tsotellehe boikarabelo boo a bo jereng, lerato la hae bakeng sa tšebeletso ea tšimo le ile la lula le le matla.

Ka 1976 ha ho ne ho qaloa tokisetso ea ho ba le komiti e tsamaisang mosebetsi lekaleng ka leng ho e-na le hore o tsamaisoe ke motho a le mong, Wilfred Gooch o ile a khethoa e le mohokahanyi, ’me o ne a e-na le John Barr, Pryce Hughes, Philip Rees le John Wynn. Ba ’maloa ba sehlopha seo sa pele ba shoele. Bara ba bang babo rōna ba ekelitsoe Komiting ea Lekala, eo hona joale e akarelletsang John Andrews, Jack Dowson, Ron Drage, Dennis Dutton, Peter Ellis, Stephen Hardy, Bevan Vigo le John Wynn.

Thabo ea Likopano Tsa Machaba

Lipaki tsa Jehova ke bara ba motho lefatšeng lohle. Kahoo, ha ho khoneha hore ba kopane hammoho ka bolokolohi linaheng tse Europe Bochabela, ka mor’a mashome a lilemo a khatello e sehlōhō, ho ile ha e-ba le thabo e khōlō har’a Lipaki lefatšeng ka bophara. E ile ea e-ba nako e loketseng hakaakang ea ho tšoara likopano tsa machaba linaheng tseo ka nako e telele ho neng ho se bonolo ho etsa joalo! Hona ho ne ho tla fella ka ho matlafatsoa moeeng hammoho le bopaki bo botle ba phatlalatsa. Lipaki tsa Jehova tsa Brithani li ’nile tsa thabela ho kopanela ho tsona.

Ka 1989, ha ho ne ho lokisetsoa Likopano tse khōlō tse tharo tsa “Boinehelo ba Bomolimo” Poland, baeti ba tsoang bonyane linaheng tse 37 ba ile ba bokana hammoho bakeng sa liketsahalo tseo tsa bohlokoa. Ho ne ho akarelletsoa le ba 721 ba tsoang Brithani. Mabapi le moea o ileng oa bontšoa kopanong ea Poznan, Poland, David le Lynne Sibrey baa hopola: “E ne e le ntho e sa tloaelehang!” Baa phaella: “Le ka mohla re ne re e-s’o utloe moea o tšoanang le oona. E ile ea e-ba thabo e kaakang ho tsoakana ka bolokolohi le barab’abo rōna ba likete ba tsoang Russia le Europe Bochabela bao pele ba neng ba kopana feela ka lihlopha tse nyenyane! Re ile ra utloela le hore ba bang ba bile teng ka ho beha bophelo ba bona kotsing. E ne e le ntho e hlollang ho bona—le ho rōna!” Selemong se latelang, ka mor’a hore lithibelo tsa meeling li tlosoe pakeng tsa Jeremane Bochabela le Jeremane Bophirimela, ba 584 ba tsoang Brithani ba ne ba le har’a bamameli ba chesehang Berlin kopanong eo kannete e neng e le ho ketekela tlhōlo. Ka 1991, ha ba 74 587 ba ne ba khobokane Lebaleng la Lipapali la Strahov Prague, ho seo hona joale e leng Czech Republic, ba 299 ba tsoang Brithani ba ile ba thabela ho ba moo. Hona selemong seo, Brithani e ne e boetse e emetsoe hantle har’a Lipaki tse tsoang linaheng tse 35 tse neng li bokane Budapest, Hungary. Ka 1993 ho ne ho e-na le baeti ba 770 ba tsoang Brithani kopanong ea Moscow, Russia, ’me ba 283 ba ile ba ba teng Kiev, Ukraine. Tseo kaofela e ne e le liketsahalo tsa bohlokoa historing, tse ke keng tsa lebaloa le ka mohla.

Likopano tse ling tsa machaba tseo baeti ba Brithani ba bileng teng ho tsona ke tse neng li tšoaretsoe Afrika, Latin America, Amerika Leboea le Linaheng tsa Bochabela. Ha Lipaki li thabela botsoalle bo haufi-ufi liketsahalong tse joalo, litlamo tsa lerato la Bokreste lia matlafala. Bona ke bopaki bo bonahalang ba hore joalokaha ho boletsoe Lentsoeng la Molimo, li tsoa “lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.”—Tšen. 7:9, 10.

Ba Tsoang Limelong Tse sa Tšoaneng

Ba arabetseng molaetseng oa Bibele ’me ea e-ba Lipaki tsa Jehova Lihlekehlekeng Tse Nyenyane tsa Brithani ba tsoa limelong tse sa tšoaneng. Ka lebaka la lerato la bona ho Jehova, ba bangata ba entse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona e le hore ba ka mo sebeletsa ka botlalo.

Donald Davies, setsebi sa meropa ea jazz se hlahetseng Jamaica, o ile a tla Engelane ka 1960. Le hoja a ile a fumana libuka tse ling tsa Bibele ka 1969, e bile ka mor’a lilemo tse 13, ha Lipaki tse peli li ne li bua le eena ka bohlokoa ba lebitso la Molimo, moo a hlileng a ba le thahasello ea sebele Bibeleng. (Ezek. 38:23; Joele 2:32) Hamorao hona selemong seo eena le motsoalle oa hae oa sebini ba ile ba e-ba teng kopanong ea setereke e haufi. Kapelenyana o ile a qala ho sebelisa seo a neng a ithuta sona. A sa bue le motho, Donald o ile a hlokomela hore o ne a tla thatafalloa ke ho tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ’mino le ho sebeletsa Jehova ka nako e tšoanang. Kahoo o ile a rekisa liletsa tsa hae tsa ’mino ’me a qala ho bula-maliboho ka 1984, e leng tokelo eo a ntseng a e thabela.

Tony Langmead e ne e le ofisiri Lebothong la Moeeng la Borena ha mosali oa hae a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Boitšoaro ba hae ka ho ba Mokreste bo ile ba mo hapa “ka ntle ho lentsoe.” (1 Pet. 3:1, 2) O ile a tlohela lebotho la moeeng e le hore a ka phehella bophelo ba khotso e le mohlanka oa Jehova.—Esa. 2:3, 4.

Frank Cowell o ne a hōliselitsoe tumelong ea Chache, empa ka mor’a nako o ile a qala ho batla ’nete ’ng’a e ’ngoe. Ho etela Holong ea ’Muso ho ile ha lebisa thutong ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Hona joale o sebetsa e le profesa ea moruo London, empa ha likemiso tsa lithupelo tsa koleche ea hae li le mantsiboeeng ao liboka tsa phutheho li tšoaroang ka oona, liqeto tsa hae li bontša hore, pele ho tsohle, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Susannah e ne e le setho sa Royal Ballet ha ho kopana ha hae ka tšohanyetso le ngoanana eo a kileng a kena sekolo le eena ho lebisa thutong ea Bibele le eena. Joaloka Paki e kolobelitsoeng, o ile a etsa qeto ea ho fokotsa lipontšo tsa hae tsa ballet ’me ea e-ba morupeli oa tantši e le hore a ka khona ho fumana nako bakeng sa mosebetsi oa hae o mocha e le pula-maliboho, kahoo a haha bophelo ba hae tšebeletsong ea hae. Hona joale o nyetsoe, ’me eena le monna oa hae, Kevin Gow, ba ithuta Semandarine e le hore ba ka kopanela litaba tse molemo le palo e hōlang ea Machaena Liverpool.

Ngoan’abo Rene, Christina, e ne e le Paki, empa Rene o ne a nahana hore bolumeli ha bo na kelello, kahoo o ile a hana ho mamela. Leha ho le joalo, hamorao, ha a ntse a sebetsa London, o ne a atisa ho etela Musiamong oa Brithani. Leetong le leng o ile a hlolloa ke tlhaloso e ileng ea fanoa ke motho ea bontšang libaka mabapi le kamano pakeng tsa Bibele le lipontšuoa tse sa tšoaneng tsa musiamo. O ile a hopola tse ling tsa lintho tseo ngoan’abo a neng a ntse a leka ho mo bolella tsona. Ka mor’a nakoana Rene Deerfield le eena e ile ea e-ba Paki.

Andrew Meredith o ne a hoehla teronkong ha a qala ho ithuta Bibele. Sena se ile sa lebisa liphetohong tse khōlō tseleng ea hae ea bophelo. Ka mor’a hore a lokolloe, o ile a nyala Paki ea Mopunjab, ’me hammoho ba tsoela pele tšebeletsong ea bona har’a batho ba buang Sepunjabi ka bochabela ho London.

Daksha Patel o hlahetse Kenya batsoali ba hae e le Mahindu, ’me eena ka boeena e ne e le Mohindu ea inehetseng. Empa ha a ithuta Bibele le Lipaki Wolverhampton, Engelane, o ile a hlokomela hore o ithuta ’nete. Ha a hōlile ka ho lekaneng hore a ka iketsetsa liqeto bophelong, o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba pula-maliboho. Eena le monna oa hae, Ashok, hona joale ba sebeletsa e le litho tsa lelapa la Bethele ea London. Mabapi le tšebeletso eo, ba ile ba ea India, Nepal le Pakistan ho ea thusa ka phetolelo ea libuka tsa Bibele.

Ba Ntse ba Tsoela Pele ho Fana ka Bopaki

Lipaki tsa Jehova lia thaba ha li bona ba bangata ba amohela borapeli ba Jehova selemo se seng le se seng. Ho tloha ka 1972, palo ea Lipaki tse mafolofolo Brithani e imenne ka makhetlo a ka bang mabeli, hona joale li 126 535 ka kakaretso.

Na hona joale ba bontšang thahasello molaetseng oa Bibele ke batho bao ho seng mohla ba kileng ba kopana le Lipaki tsa Jehova? Ho joalo ka ba seng bakae, ’me baa fumanoa ha Lipaki li ntse li eketsa mosebetsi oa tsona libakeng tsa khoebo le literateng. Paki e ’ngoe, e neng e tšoarehile ka ho paka likhoebong ka lekhetlo la pele, e ile ea kopana le motho ea amohelang baeti k’hamphaning e ’ngoe ea ileng a bontša thahasello e khōlō. Leeto la ho boela matsatsi a mabeli hamorao, kapelenyana le ile la lebisa thutong ea Bibele, e leng ho ileng ha mo fa monyetla oa ho etsa qeto ea hore na o tla tsamaea tseleng ea Jehova kapa che. Mosali eo ho ne ho se mohla a kileng a kopana le Lipaki tsa Jehova hobane o ne a sebetsa beke kaofela ’me hangata o ne a ba sieo ha hae bofelong ba beke.

Hangata haholo, ba mamelang ke batho bao maemo a bona bophelong a fetohileng—mohlomong ka lebaka la ho kena lenyalong, ho ba le bana, ho tsofala, kapa ho kula ka tšohanyetso. Joale ba labalabela likarabo lipotsong tseo nakong e fetileng li neng li behelloa ka thōko feela.

Kahoo, ka August 1995 mosali e mong ea lilemo li 85 ea hōlisitsoeng e le Mobaptiste ka ho ithatela o ile a amohela bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Ka makhetlo a mangata o ne a ile a botsa potso eo empa a sa fumane karabo e khotsofatsang. O ile a lumela ho ithuta Bibele. Ha a ntse a ithuta seo Molimo a se hlokang ’me a khahloa ke tlhokomelo ea hae e lerato, o ile a hlokomela hore ho hlokahala hore a etse liphetoho bophelong ba hae. O ile a tlohela ho tsuba—hoo e neng e le tloaelo ea lilemo tse ka bang 60. O ile a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho sebakeng seo, ’me ka September 1997, Catherine May o ne a loketse kolobetso ea Bokreste. Ha a le mothating oa ho kena metsing kopanong ea potoloho, o ile a hlokomela e mong ea eang kolobetsong, leqhekoana le joaloka eena. E bile ntho e makatsang hakaakang! E ne e le ngoan’abo oa letsoele, Evelyn, ea neng a lula motseng o mong. Ha ho ea neng a tseba hore e mong oa ithuta. Meokho ea thabo e ile ea tšoloha ha baratuoa bana ba hōlileng, ba kopantsoeng ke ho inehela ho Jehova, joale e e-ba barali ba motho ba moea.

Ba bang ba amohelang Lipaki ke ba tšoentsoeng haholo ke liphetoho tse etsahalang likerekeng tsa bona. Maurice Haskins o ne a ile a amohela libuka tsa Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele ka 1939. Empa e ne e le motšehetsi ea matla oa Kereke ea Chache ’me hape e le setho sa lekhotla la moo la kereke. Lilemo tse ka bang 56 hamorao, Paki e ’ngoe e eang ka ntlo le ntlo e ile ea bua le mosali oa moholoane oa Maurice. O ile a kōpa hore Paki e khutle ho tla bona Maurice, eo, ho ea ka eena, a neng a e-na le lipotso tsa Bibele. Ha a etetsoe, hang-hang Maurice o ile a botsa Paki eo hore e mo bontše mangolo a hlalosang pono ea Bibele ka bosodoma le ho khethoa ha basali e le baruti. Hamorao o ile a lumela ho ithuta Bibele ho sebelisoa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Liphetoho ha lia ka tsa tla kapele. Empa hamorao, sebokeng se seng le mobishopo, seo a neng a ithutile sona se ile sa mo susumelletsa ho ema a tiile tabeng ea ho khethoa ha mosali e le moprista. (1 Tim. 2:12) Ka mor’a nako e khutšoanyane o ile a tsoa Kerekeng ea Chache, a qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso ’me, ha a le lilemo li 84, o ne a loketse ho kolobetsoa.

Batho ba bang ba thusoa ke Lipaki tse bontšang masene le ho phehella. Ha mosali e mong a itsebahatsa e le “ea sa lumeleng ho Molimo le hore ke seithuti sa libōpeho tsa batho,” Jacqueline Gamble ka bonolo o ile a botsa hore na mosali eo o lumela’ng. Karabelo e bile hore: “Ho batho le bophelo.” Mosali eo o ne a tšoarehile, kahoo morali’abo rōna o ile a siea pampitšana ’me a tšepisa hore o tla khutla. A tsamaea le monna oa hae, Martyn, Jacqueline o ile a etela lelapa leo hape ’me a bua hape ka tlhaloso ea “batho le bophelo.” Ha ba fumana hore Gus, e leng monna oa mong’a ntlo, o na le maikutlo a tšoanang ’me e ne e le mosebeletsi oa sechaba, ba ile ba etsa litokisetso tsa ho kopana le eena. Mosali, e leng Christine, o ile a qala ho ithuta Bibele ’me o ile a tsoela pele ho fihlela a kolobetsoa. Empa Gus o ile a hana ho etela Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela hore esale Christine a qala ho ithuta le Lipaki, bana ba hae ba ne ba fetoha ho ba bana ba hlomphang haholo, ka tsela e neng e sa tšoane le ea bacha ba bang ba bangata.

Phetoho e khōlō ho Gus e tlile ka 1978. Nakong ea kopano ea machaba e neng e le Edinburgh, Scotland, mosali oa hae ka kamohelo e mofuthu ea baeti o ile a fa sehlopha sa bahoeletsi ba neng ba paka sebakeng sa habo kofi. Har’a bona ho ne ho e-na le litho tse ling tsa Sehlopha se Busang. Pele ba tsamaea, ba ile ba hlatsoa lijana tseo ba neng ba li sebelisitse. Ha Gus a khutlela hae mantsiboeeng ao, Christine ka thabo o ile a mo phetela ka baeti ba hae ba neng ba sa lebelloa. “Ha ke nahane mok’hadinale a ka re etela ’me a hlatsoa lijana!” ho ile ha rialo Gus. Hamoraonyana, ha a le phomolong Fora, Gus o ile a ea le lelapa la hae Holong ea ’Muso. O ile a hlolloa ke kamohelo e mofuthu eo ba ileng ba e fumana le lerato leo ba ileng ba le bontšoa. O ile a hlokomela kapelenyana hore o ne a tla fumana lerato le joalo feela har’a barutuoa ba ’nete ba Kreste Jesu. (Joh. 13:35) Ha ba khutlela Edinburgh, kapelenyana o ile a qala ho ithuta, a fumana likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse neng li mo khathalitse, ’me a nehela bophelo ba hae ho Jehova.

Ke ’nete hore tšimo eo ho eona batho ba bontšang thahasello e fokolang kapa ba sa e bontšeng, ho hloka mamello le boikutlo bo nepahetseng ho Lipaki tsa Jehova hore li ’ne li ba etele. Ho ne ho tla ba bonolo ho nyahama ka mor’a lihora u ntse u lelekoa u bile u sa thahaselloe. Lipaki li sebetsana le see joang? Eric Hickling oa Louth, Lincolnshire, oa lumela: “Ho se thahaselle ke bothata bo boima le bo phephetsang.” Ho thuisa ka mehlala e fetileng ho mo thusa ho mamella. “Ke rapela ka tieo le hona hangata. Ke nahana ka Moshe, Jeremia, Pauluse le Jesu ka boeena.”

Ho mamella ka botšepehi le tlhohonolofatso ea Jehova ke lintlha tse peli tsa bohlokoahali tse tlatsetsang keketsehong e ’nileng ea e-ba teng. Lilemong tse 39 tse fetileng, Frank le Rose Macgregor ba ile ba amohela kabelo motseng oo batho ba neng ba rata bolumeli haholo ’me ba sa amohele Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba talima kabelo eo joang? Frank oa hopola: “Ke ne ke le lihlong haholo ’me ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho hang. Empa ’na le mosali oa ka re ile ra e talima e le kabelo e tsoang ho Jehova.” Sena se ile sa ba thusa ho boloka boikutlo bo nepahetseng. “Re ne re rapella hore eka batho ba moo ba ka amohela ’nete.” Ka lebaka la tšebeletso e joalo e tšepahalang, hona joale ho na le phutheho ea bahoeletsi ba 74, bao karolo ea bobeli borarong ea bona e ithutetseng ’nete hona motseng oo. Ba ha Macgregor ha ba ithorise ka sena; ba mpa ba le motlotlo hore ebe ba ka sebelisoa ke Jehova.—2 Bakor. 4:7.

Geoff Young, Paki ea khale e ntseng e tsoela pele ho ba le karolo e itseng ea ho etela liphutheho, oa hlalosa: “Hangata ke botsa barab’abo rōna hore na ba hlotse joang tšebeletsong ea bona letsatsing leo.” Haeba ba bang ba arabela ka tsela e seng ntle, o ba kōpa hore ba nahane ka lintho tse ngata tse ntle tseo ba li finyeletseng. Oa ba hopotsa: “Re bile ka lehlakoreng la Jehova. Re pheletse boinehelo ba rōna. Re sebelisane le ‘lengeloi le fofang bohareng ba leholimo.’ Re kopanetse ho khothatseng ba bang hore ba tsebe Jehova. Re fane ka bopaki e le temoso.” Ebe o fana ka mabaka a hore haeba ba finyeletse sena sohle, joale ba ka re ba bile le nako e mpe joang? Geoff o tsoela pele: “Batho ba itšoara ho latela maemo a bona le se ka lipelong tsa bona. Hoo e leng habohlokoa ke ho tšepahala ha rōna ho faneng ka bopaki le ho boleleng litaba tse molemo.”—Tšen. 14:6; 1 Bakor. 4:2.

Ho Thabela “Tlhohonolofatso ea Jehova”

Ba bangata Brithani e ’nile ea e-ba Lipaki tsa Jehova tse mafolofolo ka lilemo tse 20, 40, 50 kapa ho feta. Ba ikutloa joang ka seo ba se etsang? Ho Liproverbia 10:22 (NW), Bibele e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e ruisang, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” Lipaki tsa Jehova tse mashome a likete Brithani li ka paka bonnete ba polelo eo.

“Ke tokelo e khōlōhali eo re e filoeng re le batho.” Ke kamoo Cornelius Hope oa Basingstoke, eo hona joale a leng bohareng ba lilemo tsa bo70, a hlalosang tšebeletso ea Bokreste ka mor’a ho kopanela ho eona ka lilemo tse 50. Anne Gillam, ea kolobelitsoeng lilemo tse ka bang 50 tse fetileng ’me monna oa hae e le molebeli oa potoloho, o bua ka tšebeletso ea hae e le ‘tsela ea hae ea ho bonahatsa lerato ho Jehova le ho Mora oa hae.’

Dennis Matthews, ea kolobelitsoeng ka 1942, oa hlalosa: “Ke fumana tšebeletso e tšoana le lijo—e matlafatsa moeeng. Ho etsa thato ea Molimo hoa khotsofatsa, ebang batho baa mamela kapa che.” Mosali oa hae, Mavis, oa phaella: “Kaha ke sebelelitse Jehova ho tloha bocheng ba ka ho ea pele, ke ikutloa hore ha ho na bophelo bo molemo ho feta bona.”

Lipaki tsa khale li ikutloa joang ka batho le kamoo ba arabelang kateng? Ka mor’a lilemo tse fetang 40 tšebeletsong ea Jehova, Muriel Tavener o re: “Batho ba re hloka ho feta leha e le neng pele hobane ha ba fumane thuso ea ’nete ea moea mohloling leha e le ofe o mong.” ’Me ho etsahala’ng ha ba amohela thuso eo? Monna oa hae, Anthony, o e beha ka tsela ena: “Ho bona batho ba amohela ’nete ’me ba etsa liphetoho bophelong ba bona ke ho shebella mohlolo ha moea oa Jehova o hulela batho hore ba mo rapele.”

Ho na le khotsofalo ho arolelaneng le ba bang tšepo eo e leng Lentsoe la Molimo feela le fanang ka eona. Ha Fred James, molebeli oa motse oa Plymouth, Devon, le mosali oa hae ba hetla morao lilemong tsa bona tsa tšebeletso, ba bala batho ba fetang 100 bao ba ba thusitseng hore ba tsoele pele ho fihlela ba kolobetsoa. Boholo ba bana hona joale ba sebeletsa e le baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho. Kaofela bara ba bona ba bararo ba ile ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho ha ba qeta sekolong ’me hona joale ba sebeletsa e le baholo. E mong oa bona, David, seithuti sa Gileade, o sebeletsa e le moromuoa hape e le setho sa Komiti ea Lekala ea Pakistan. Ke bophelo bo putsang ka ho enneng hakaakang boo Mor’a le Morali oabo rōna James ba bileng le bona!

Lilemo tse ngata tšebeletsong e tšepahalang li entse hore Lipaki tse ngata Brithani li bone liphello tse molemo tse tsoang tšebeletsong ea tsona. Richard le Hazel Jessop ba ’nile ba sebeletsa Jehova ka lilemo tse 50 kapa ho feta, boholo ba tsona e le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ba thusitse ba bangata hore ba bone molemo oa ho inehela ho Jehova, ’me kaofela ha bona ke ba bohlokoa ho ba ha Jessop. Leha ho le joalo, ho ithuta ha bona le Jack le Lyn Dowson ho ntse ho tsoela pele e le habohlokoa ka ho khethehileng. Ho qalile e le leeto la botsoalle pakeng tsa batho ba semelo se tšoanang. (Hazel le Jack ba tsoa ka leboea-bochabela ho Engelane.) Le ile la fetoha thuto ea Bibele kapelenyana. Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng Jack o ile a re ba tlameha ho khaotsa thuto ka nakoana. Richard o ile a arabela: “Che, le ke ke la etsa joalo. Le tlameha ho qeta buka pele, ’me ka mor’a moo le ka khaotsa haeba le lakatsa ho etsa joalo.” Ha e le hantle ha baa ka ba “khaotsa.” Ho e-na le hoo, ba ile ba inehela ho Jehova, ba kena mosebetsing oa bopula-maliboho, ’me ea e-ba litho tsa lelapa la Bethele. Hona joale Jack o sebeletsa Komiting ea Lekala.

Tsela eo bacha ba bang ba arabetseng ka eona ’neteng ea Bibele e thabisitse ba bang ka ho khethehileng. Robina Owler le monna oa hae, Sydney, bao e leng bo-pula-maliboho sebakeng sa Dundee sa Scotland, ba thabisitsoe ka ho khethehileng ke tsoelo-pele e entsoeng ke Paul Kearns, ea ileng a qala ho tla ha bona bakeng sa thuto ea Bibele ha a le lilemo li 12. Kapelenyana ’nete e ile ea mela ka metso pelong ea hae, empa kaha ntate oa hae o ile a thibela thuto e tsoelang pele, Paul o ile a ema ho fihlela a hōlile ’me a le kolecheng Aberdeen pele a tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele. O ile a tsoela pele ka potlako. Hoba a kolobetsoe, o ile a ipehela pakane ea ho bula maliboho. Ka 1992 o ile a ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Ha a ntse a sebeletsa e le moholo Sheffield, o ile a ikitlaetsa hore a ithute Sepanishe, ’me ka 1998 o ile a abeloa tšebeletso ea boromuoa Panama.

Ba fetang 10 000 Brithani ba tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ba nka litlhohonolofatso tse tsamaeang le tšebeletso ena e le letlotlo. Ka mohlala, Bill le June Thompstone ba ne ba bile lenyalong ka lilemo tse fetang robeli ’me ba ne ba bula maliboho ha ngoana oa bona oa letsibolo a hlaha. Qetellong, ba ile ba ba le banana ba bararo. Ba ile ba leka ho boloka tšebeletso ea bopula-maliboho e hlahelletse bophelong ba lelapa la bona. Kemiso e ne e tletse, empa ho etsa lintho hammoho joaloka lelapa ho ba thusitse hore ba atlehe. Bill oa hlalosa: “Ka mehla re ne re etsa hore re be le nako ea banana bana. Ha ba le lilemong tsa bocha, ha hoa ka ha fetoha. Ha ba ne ba batla ho ea thelelisa leqhoeng, ho ea bapala bowling, ho ea sesa, kapa ho ea bapala lipapali tsa bolo, le rōna re ne re e-ea.” Hona joale banana bao ba bararo ba nyetsoe ’me ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Kaofela ba thabela seo Bill a se bitsang “tsela e molemohali ea bophelo.”

Kajeno, barab’abo rōna ba 77 (bao boholo ba bona ba leng lenyalong) ba sebeletsa e le balebeli ba tsamaeang Brithani. Bona ke bophelo bo amang kemiso e kenelletseng, beke le beke, selemo le selemo. Geoff Young o ile a kopanela tšebeletsong ena ho fihlela lilemo tsa botsofali le mathata a bophelo ’meleng li etsa hore a etse phetoho. Eena le mosali oa hae, Vee, ba ne ba lula ba le tseleng ’me ba lula malapeng a sa tšoaneng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Vee o ikutloa joang ka bophelo ba mofuta oo? Oa araba: “Bo ne bo se thata hakaalo, hobane lekhetlo le leng le le leng ha re ne re etela phutheho re ne re eketsa lelapa labo rōna la Bokreste. Re ne re utloa mofuthu oa bara ba motho hohle moo re neng re e-ea teng. Kabelo leha e le efe eo Jehova a re fang eona seo e ka se etsang ke ho entša bophelo ba rōna feela.” Ha ba ntse ba thabela bophelo ba hona joale, ba lebeletse ka cheseho se tlisoang ke bokamoso. Geoff oa hlalosa: “Hona joale tsamaiso ena e felile. Ho tšoana leha e felile. Ka mor’a moo re tla ba le tebello e babatsehang ea ho kopanela ho tsosolosetseng lefatše lena maemong a paradeise. Lithuto tsa Bibele tseo re tlang ho li khanna moo hang ha tsoho e qala—e tla ba mosebetsi o moholo hakaakang o lokelang ho phethoa!” Mosali oa hae oa phaella: “Ke boikutlo bo babatsehang ho tseba hore ha ho letho le tlang ho hanyetsa Jehova ka katleho.”

Ho Buella “Tsela ea Molimo ea Bophelo”

E ne e le ketsahalo e thabisang, ka July ea 1998, ha likopano tsa machaba tse robong tse nang le sehlooho se reng “Tsela ea Molimo ea Bophelo” li ne li tšoeroe ka nako e le ’ngoe Brithani—Edinburgh, Leeds, Manchester, Wolverhampton, Dudley, Norwich, London, Bristol le Plymouth. Ho ne ho le teng baeti ba tsoang linaheng tse fetang 60. Lenaneo le feletseng ha lea ka la fanoa ka Senyesemane feela empa le ile la fanoa le ka Sefora, Sepanishe le Sepunjabi. Bofelong ba beke e latelang kopano e ile ea tšoaroa ka Segerike.

Litho tse ’nè tsa Sehlopha se Busang—John Barr, Theodore Jaracz, Albert D. Schroeder le Daniel Sydlik—li ne li le teng likopanong tsa Brithani, ’me ha li ne li fana ka puo, litša tsa kopano li ne li hokahanngoa ka mohala kaofela. Nyakallo e ile ea eketsoa ke ho ba teng ha baromuoa ba neng ba sebeletsa linaheng tse ling ka nako eo. Ho ba makholo ba tsoang Brithani ba rometsoeng tšebeletsong ea boromuoa, ba 110 ba ne ba le teng likopanong tsena. Cheseho ea bona le moea oa boitelo li ne li susumetsa bohle ba ileng ba ba utloa ha ho buisanoa le bona ka lipotso lenaneong.

Se bonoeng le se utloiloeng likopanong tsena se ile sa ama lipelo tsa ba neng ba le teng, esita le ba banyenyane. Qeto e ileng ea amoheloa nakong ea lenaneo la ho qetela la kopano e ile ea totobatsa ka ho hlakileng tsela ea bomolimo ea bophelo eo bohle ba neng ba ikemiselitse ho tsamaea ka eona. Ka mor’a lenaneo, mora ea lilemo li ’nè oa banyalani ba Lipaki ba tsoang Darlington o ile a re: “’Mè, ka sebele ke rata Jehova. Uena le Ntate ke le rata haholo, empa ke rata Jehova ho feta.” Ha a botsoa hore na hobane’ng, o ile a hlalosa hore Jehova o re file tšepo ea Paradeise ’me o ile a romela Mora oa hae ho tla re shoela, “kahoo ho hlokahala ke mo rate ho feta.”

Qetellong ea lenaneo Edinburgh le London, baeti ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng ba ile ba tsokelana lisakatuku eaba ba opa mahofi nako e telele. Esita leha lenaneo le se le felile, ba bangata ba ile ba tsoela pele ho bina lipina tsa ’Muso, kahoo ba binela Jehova lithoriso tse tlohang botebong ba pelo.

Bopaki bo Fanoeng

Ho fanoe ka bopaki bo batsi Brithani. Bo ile ba qala ka 1881 ha ho ne ho ajoa lipampitšana tsa Bibele tse makholo a likete metseng e meholo ka libeke tse seng kae feela. E ’ngoe ea peō e lenngoeng e ile ea qala ho beha litholoana. Ka nako ea likhoeli tse tšeletseng ka 1914, ho ile ha bontšoa “Photo-Drama of Creation” metseng e meholo e 98 ho bamameli ba 1 226 650 ka kakaretso. Ha Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, ho ne ho e-na le liphutheho tse 182 Brithani. Ka bo-1920 le bo-1930, bopaki bo ile ba matlafatsoa ha palo e eketsehileng ea ba kopanelang le liphutheho tsena e ne e kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo, e fana ka bopaki ho beng ba matlo. Ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše, lihora tse eketsehileng tse 650 746 716 li nehetsoe tšebeletsong Brithani, ho entsoe maeto a ho boela a 297 294 732 ho batho ba thahasellang, ’me ha tsamaisetsoa batho libuka le libukana tse 74 105 130 ho phaella limakasineng tse 567 471 431. Ka karolelano, Lipaki tsa Jehova Brithani li etela batho malapeng a bona makhetlo a mabeli kapa a mararo ka selemo.

Lipaki tsa Jehova li tsebahala haholo ka boevangeli ba tsona ba ntlo le ntlo hoo beng ba matlo ba bangata hang-hang ha ba bula mamati a bona ’me ba bona batho ba apereng hantle, ba botsang: “Le Lipaki tsa Jehova?”

Lefatše le Tletseng Tsebo ea Jehova

Ka 1891 ha C. T. Russell a talima tšimo ea Brithani, o ile a e bona e le e “butsoitseng le e letetseng ho kotuloa.” Ho hlakile hore kotulo e etsoang nakong ena ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho e haufi le ho fela. ’Me ke kotulo e babatsehang hakaakang! Selemong sa 1900, ho ne ho e-na le Liithuti tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsebahala kateng ka nako eo), tse 138 feela Brithani, boholo e le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Hona joale palo eo e batla e imena ka makhetlo a 910. Ka nako eo kofuto ea molao e neng e sebelisoa ke Liithuti tsa Bibele e ne e bula ofisi ea eona ea pele ea lekala ka ntle ho United States. Hona joale ho na le makala a 109 lefatšeng ho pota. Linaheng tsa Amerika, ho na le a 24. A mang a 25 a Europe. K’honthinenteng ea Afrika ho na le a 19. Asia le lihlekehlekeng tse likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, ho na le makala a mang a 41. Ka ho sebelisana le ’ona, Lipaki tse limilione tse 5,9 li kopanela ho hōliseng lebitso la Jehova le ho tsebahatseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae o matsohong a Jesu Kreste. ’Me li ikemiselitse ho ’na li fana ka bopaki ho fihlela Molimo a re ho lekane.

Metsi a fanang ka bophelo a se a ntse a phalla ka bongata a e-tsoa teroneng ea leholimo ea Jehova Molimo le ea Mora oa hae, Jesu Kreste. Memo e etsoa ka matla a maholo: “Mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:1, 17) Nakong ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo tse Sekete ha bafu ba tsosoa, ha ho pelaelo hore ba bang hape ba limilione tse likete ba tla ba le monyetla oa ho iketsa ba fumanehang bakeng sa tokisetso ena e lerato, e ka etsang hore ba be mocheng oa bophelo bo sa feleng. Lenaneo la thuto ea bomolimo le phethahalitsoeng ho tla fihlela joale ke qalo feela. Ka pele ho rōna, tsamaisong e ncha ea Molimo ea lintho, ho larile nako eo ka eona ka tekanyo e tletseng ‘lefatše le tlang ho tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.’—Esa. 11:9.

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 86, 87]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ENGELANE

Liholo tsa Kopano li libakeng tseo ho leng bonolo ho fihla ho tsona ho pholletsa le naha: (1) Manchester, (2) North London, (3) Dudley, (4) Surrey, (5) East Pennine, (6) Bristol, (7) Edgware

[Litšoantšo]

East Pennine

Edgware

Surrey

Manchester

Bristol

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]

[Litšoantšo tse leqepheng la 70]

Tom Hart

[Setšoantšo se leqepheng la 72]

Ofisi ea pele ea lekala ea Mokhatlo

[Litšoantšo tse leqepheng la 72]

Mehaho e sebelisoang hona joale

[Litšoantšo tse leqepheng la 74, 75]

Ba ile ba fallela ho ea sebeletsa linaheng lisele: (1) Claude Goodman, (2) Robert Nisbet, (3) Edwin Skinner, (4) John Cooke, (5) Eric Cooke, (6) George Phillips, (7) George Nisbet. Ka morao: Barekisi ba libuka tsa bolumeli ba ea Afrika Bochabela

[Setšoantšo se leqepheng la 79]

Franziska Harris o bontša thahasello e khethehileng ho banana ba sebeletsang bolulo le puo ea lelapa leo ba le sebeletsang

[Setšoantšo se leqepheng la 90]

Vera Bull, a sebeletsa Colombia

[Setšoantšo se leqepheng la 90]

Barry le Jeanette Rushby—‘kamehla ba ne ba batla ho etsa ho eketsehileng’

[Setšoantšo se leqepheng la 92]

Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho Holong ea Kopano ea Dudley

[Setšoantšo se leqepheng la 95]

Lelapa la Bethele ea Brithani borapeling ba hoseng

[Setšoantšo se leqepheng la 96]

Kabo ea mangolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi sa pele Brithani

[Setšoantšo se leqepheng la 102]

Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng ka potlako Brithani (Weston Favell, Northampton)

[Setšoantšo se leqepheng la 107]

Michael le Jean Harvey

[Litšoantšo tse leqepheng la 108, 109]

Bo-pula-maliboho ba khethileng ho sebeletsa liphutheho tsa lipuo lisele

[Setšoantšo se leqepheng la 116, 117]

A. D. Schroeder a buisana le mehoke sebokeng sa selemo le selemo Leicester ka 1983

[Setšoantšo se leqepheng la 123]

Bo-pula-maliboho ba Shetland ba atamela sekepe sa ho tšoasa litlhapi tšimong ea bona ea lebōpong

[Setšoantšo se leqepheng la 131]

John le Mildred Barr

[Setšoantšo se leqepheng la 133]

Komiti ea Lekala (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona). Ba lutseng: Peter Ellis, John Wynn. Ba emeng: Bevan Vigo, Stephen Hardy, John Andrews, Ron Drage, Jack Dowson, Dennis Dutton

[Litšoantšo tse leqepheng la 138, 139]

Mosebetsi oa ho paka ha o e-s’o phethoe

[Litšoantšo tse leqepheng la 140, 141]

Ba bang ba hetlang morao lilemong tse ngata tsa tšebeletso e tšepahalang: (1) Sydney le Robina Owler, (2) Anthony le Muriel Tavener, (3) Richard le Anne Gillam, (4) Geoff le Vee Young, (5) Fred le Rose James, (6) Cornelius le Riky Hope, (7) Dennis le Mavis Matthews, (8) Richard le Hazel Jessop

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela