Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb01 maq. 6-30
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano Tsa Baphethi ba Lentsoe la Molimo
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Maemo a Thata
  • Ho Finyella Batho ba Eketsehileng ka Litaba Tse Molemo
  • “Ho Bua ka Sebete” Bakeng sa ho Hlōla Mashano
  • ‘Ho Theha ka Molao Litaba Tse Molemo’
  • Ho Finyella Tlhoko e Potlakileng ea Liholo Tsa ’Muso
  • Mehaho e Mecha le e Atolositsoeng ea Makala
  • Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1997 ea Lipaki Tsa Jehova
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2002
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
yb01 maq. 6-30

Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng

SELEMONG sa 2000, lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li ne li manehile lengolo lena ka ho hlaheletseng Liholong tsa tsona tsa ’Muso: “Ha re mofuta o ikhulang . . . empa re mofuta o nang le tumelo.” (Baheb. 10:39) Se boletsoeng temaneng ena se senola moea oo li o bontšitseng lefatšeng lohle ha li ntse li ntšetsa pele tšebeletso ea tsona. Ke ’nete hore tse ling li thatafalloa ke ho bua le basele; maemo a itseng aa li tšosa. Leha ho le joalo, kaha li na le tumelo ho Jehova, li tsoela pele ho mamela litaelo tsa hae.

Tlaleho ea lefatšeng lohle e leqepheng la 31 e fana ka lintlha tse seng kae tsa sehlooho ka seo li se finyeletseng ka tlhohonolofatso ea Jehova selemong sa tšebeletso se felileng ka la 31 August. Makolopetso a eketsehileng a fumanoa chateng e leqepheng la 32-9. Ho phaella moo, re lokela ho bua ka ho khethehileng ka likopano tse ileng tsa tšoaroa.

Likopano Tsa Baphethi ba Lentsoe la Molimo

Ka December 1999 Lipaki tsohle tsa Jehova, hammoho le batho ba bang ba thahasellang, li ile tsa memeloa ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo.” Kopano ea pele ho tsona e ile ea tšoareloa Long Beach, California, U.S.A., ho tloha ka la 19 ho fihlela ka la 21 May, 2000. Pele letoto lena la likopano le phethoa mathoasong a 2001, tse ling tse makholo li tla be li tšoeroe lefatšeng ka bophara.

Lenaneo le ile la lebisa tlhokomelo ho Jehova, Moetsi oa lintho tse hlollang. Re ile ra khothalletsoa hore re se ke ra lebala liketso tsohle tsa hae empa re mo rorise ka lipelo tsohle. (Pes. 9:1; 103:2) Ho ile ha fanoa ka keletso e sebetsang mabapi le bophelo ba lelapa le kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho kateng le meutloa nameng. Re ile ra phehelloa hore re sebetse ka thata ho hlaolela bomoea, re se ke ra ba bautloi ba lebalang empa re mamele lentsoe la Molimo, ’me re ’ne re bolelle ba bang mesebetsi e hlollang ea Jehova. Liphihlelo le lipuisano ka lipotso, hammoho le lipuo, li ile tsa hatisa bohlokoa bo sebetsang ba seo ho buisanoang ka sona ’me li ile tsa ama lipelo haholo. Tšoantšiso e susumetsang ea Bibele, “Mehlala e Lemosang Mehleng ea Rōna,” e ile ea re matlafatsa khahlanong le boitšoaro bo ka senyang kamano ea motho le Jehova. Hape re ile ra hahoa ke lipuisano tse tšohlang ka ho teba boprofeta bo libukeng tsa Bibele tsa Esaia le Sofonia.

Lebala la lipapali le leholo ka ho fetisisa Hungary la Népstadion, le bile har’a libaka tseo kopano e neng e tšoaretsoe ho tsona. Ho ne ho le teng ba fetang 22 000 letsatsing la pele. Ba ileng ba ela hloko khothatso ea hore ba be teng ho tloha qalong feela ba ke ke ikoahlaea le ka mohla. Ha lenaneo la hoseng le phethoa, ho ile ha e-ba le puo e khethehileng ka Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, ’me puong ena ho ile ha lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sehungary. Hona khoeling eo likopanong tse ling, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea boela ea lokolloa ka Seromania le Sealbania.

Le hoja hamorao khoeling eo ho ne ho tla ba le likopano tse eketsehileng libakeng tse sa tšoaneng Albania, Lipaki tse tsoang Albania eohle, esita le Kosovo, li ile tsa amohela memo ea hore li be teng lenaneong le qalang Tiranë. Li ile tsa thaba hakaakang ha ho lokolloa Bibele ea Sealbania! Mora e mong oabo rōna e monyenyane o ile a re: “Ho bala phetolelo ena ha hoa etsa feela hore Bibele e ntlhakele haholoanyane ’me ke e utloisise haholoanyane empa ho entse le hore ke rate Bibele ka ho eketsehileng!” Morali’abo rōna eo e leng pula-maliboho oa kamehla ea lilemong tsa bo-60, eo pele e neng e le setho sa Lekomonisi sa paramente, o ile a ngola: “Ho hlolla hakaakang! Ke feela ka mor’a ho ithuta phetolelo ena ke khonneng ho utloisisa kamoo Bibele e babatsehang kateng, ka litlaleho tsa eona tse ngotsoeng ka mokhabo-puo, ka boroki le tse phollatsi. U ka inahanela ketsahalo eo eohle e amang maikutlo ka ho hlakileng. Ha ke bala kamoo Jesu a ileng a etsa mehlolo kateng ’me a khalemeloa ka matla a ba a songoa, ke utloa ke e-ba le maikutlo a tebileng ao ke e-s’o be le ’ona le ka mohla!”

Likopanong tsa Czech Republic, ho phaella linthong tse ling tse molemo tse ileng tsa fanoa likopanong tse ileng tsa tšoaroa linaheng tse ngata, ba tlileng kopanong ba ile ba thabela ho amohela Khatiso ea Litšupiso ea New World Translation, e nang le litšupiso tse ngata tse bohareng ba leqephe le mengolo e botlaaseng ba leqephe, e le thuso e eketsehileng ho ithuteng ha bona ka hloko Lentsoe la Molimo. Ha ho phatlalatsoa tokollo ena, batho ba bangata ba tlileng kopanong Prague le Ostrava ba ile ba ema ka maoto ’me ba opa liatla ka nako e telele.

Ka ho hlakileng, karolong e qalang ea selemo sa tšebeletso, likopano tsa setereke tse nang le sehlooho se reng “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” li ile tsa tsoela pele ho tšoaroa likarolong tse ling tsa lefatše. Ho ile ha etsoa boiteko bo tiileng ba ho finyella batho ba bangata le lipuo tse ngata ka hohle kamoo ho ka khonehang ka boitsebiso bona ba bohlokoa. Ka mohlala, ho ile ha tšoaroa Likopano tsa Setereke tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” tse 190 Mexico, ’me kakaretso ea bohle ba bileng teng e bile 1 073 667. Lenaneo le ile la nehelanoa ka ho toba ka Sepanishe, Senyesemane, Semaya le Puo ea Matsoho ea Mexico ’me la fetoleloa ka Semazateco, Semixe le Setzotzil. Mekoallo ea puo e ile ea tlosoa ha batho ba mefuta eohle ba rua molemo temohisisong eo re e fuoang ke Bibele mabapi le lintho tse hlollang tseo Molimo a li boloketseng moloko oa batho.

Ho Sebetsana ka Katleho le Maemo a Thata

Hape selemong se fetileng sa tšebeletso, ho ile ha fanoa ka bopaki bo hlaheletseng malebana le Jehova Molimo le ’Muso oa hae oa Bomesia. Bahoeletsi ba etsang tlhōrō ea ba 6 035 564 ba ile ba kopanela mosebetsing ona. Ka karolelano selemong seo, ba 805 205 ba ile ba kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho. Ka April kakaretso ea bo-pula-maliboho e ile ea nyolohela ho 1 418 062! Le selemong sena ho ile ha nehelanoa ka lihora tse fetang bilione bakeng sa ho fana ka bopaki ba phatlalatsa. Ba bangata ba ileng ba kopanela mosebetsing ona ba entse joalo ho sa tsotellehe maemo a neng a beha tumelo ea bona litekong tse matla. Leha ho le joalo, maemong a sa tšoaneng Lipaki tsa Jehova li fane ka bopaki ba hore hase “mofuta o ikhulang.”

Ka mohlala, Democratic Republic of Congo e ’nile ea tsekolloa ke ntoa ka likhoeli tse ngata. Karolong e ka bochabela ea naha, e sa khoneng ho buisana ka ho toba le Kinshasa moo ofisi ea lekala e leng hona teng, ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 30 000. Libakeng tse ling, khafetsa masole a emisa baahi, ho kopanyelletsa le Lipaki tsa Jehova, a ba hloma lipotso ’me ka linako tse ling aa ba shapa. Leha ho le joalo, Lipaki ha li khaotse ho bolela. Ho na le batho ba ka bang limilione tse 50 naheng ena. Le bona ba hloka monyetla oa ho utloa litaba tse molemo. Ka karolelano, bahoeletsi moo ba ne ba nehelana ka lihora tse ka bang 13 tšebeletsong ea tšimo khoeli ka ’ngoe ka selemo.

Bara le barali babo rōna Liberia le bona ba bontša tumelo e hlaheletseng. Liphephetso tsa letsatsi ka leng tseo ba tobanang le tsona ha li kopanyelletse feela ho sebetsana ka katleho le bothata ba moruo empa li kopanyelletsa le ho loantšana le liphello tse fokolisang tsa maloetse a kang malaria le typhoid. Hoo e batlang e le e mong le e mong, e monyenyane kapa e moholo, o amehile. Kahoo karabelo ea memo e reng, “Na re ka Etsa Hore April e be Khoeli e Molemohali ho Feta Tsohle ho Rōna?” e ile ea e-ba bopaki bo matla ba tumelo ea barab’abo rōna, cheseho ea bona ho Jehova le matla a moea oa Jehova bophelong ba bona. Ho ile ha e-ba le tlhōrō e phahameng ho feta tsohle ea bahoeletsi ba 3 193. Kakaretso e kopaneng ea bo-pula-maliboho ba thusang le ba kamehla e ile ea etsa karolo ea 32 lekholong ho bahoeletsi bohle ba tlalehang. Ka lebaka la mosebetsi ona oohle, palo ea ba 16 875 ba bileng teng Sehopotsong e ile ea feta seo e mong le e mong a neng a se lebeletse, ’me ka May tlaleho e ile ea bontša hore ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 10 164.

Ntoa ea lehae e nkileng lilemo tse 19 Sri Lanka e ile ea tsoela pele ka matla. Khoeling ea April 2000, ntoa e matla Jaffna Peninsula e ka leboea e ile ea fella ka hore batho ba mashome a likete ba qobelloe ho tloha mahaeng a bona. Liphutheho tse hlano, ho kopanyelletsa le bahoeletsi ba 600 le batho ba thahasellang, ba ile ba ameha. Bahoeletsi ba ile ba fumana ho hlokahala hore ba lule setšeng sa Holo ea ’Muso le matlong a siiloeng feela a leng haufi. Ho phela har’a maemo a joalo ho joang? Moholo oa moo o ile a ngola: “Hohle ho bonahala bofutsana le khaello ea phepo e nepahetseng. . . . Barab’abo rōna ba lahlehetsoe ke mahae a bona le thepa ea bona. Ho jetsoe liqhomane tsa fatše hohle. Barab’abo rōna ha ba na mesebetsi; bana ha ba khone ho ea sekolong. Bophelo bo hlomola pelo. Empa ka moea oa Jehova le thuso ea moea, barab’abo rōna baa mamella. . . . Re bona letsoho la Jehova, ’me rea mo leboha.” Bara bana babo rōna ba ile ba tsoela pele ba tšoara liboka, ba bile ba fumana le libaka tse sireletsehileng bakeng sa ho tšoarela kopano ea potoloho, le hoja e le ka lihlopha tse nyenyane ho feta tse tloaelehileng. Ho e-na le ho fokotsa boiteko ba bona tšimong, ba ile ba eketsa seo ba se etsang ho isa litaba tse molemo ho baahelani ba bona.

Boemo ba moruo Ukraine bo etsa hore ho be thata haholo ho tsamaea libakeng tse ling. Leha ho le joalo, ka lilemo tse itseng, morali’abo rōna ea lilemong tsa bo-80 ea nkang tokelo ea ho sebeletsa Jehova e le letlotlo, o ’nile a tsamaea lihora tse ’nè ho ea feela, bakeng sa ho ea tšimong eo a bolelang ho eona. Hape o tsamaea lik’hilomithara tse 10 lithabeng ho ea libokeng.

Lipaki tsa Jehova Romania li sebeletsa tlas’a khanyetso e matla ea baruti ba Kereke ea Orthodox. E le ha ba lebeletse ketelo ea Willy Gournon e le molebeli oa libaka, barab’abo rōna ba ile ba hira lebala la bolo ea maoto Bucharest bakeng sa puo e khethehileng. Empa ka lebaka la khatello e tsoang ho baruti ba Orthodox, tumellano e ile ea hlakoloa. Leha ho le joalo, matsatsi a seng makae pele ho ketelo e reriloeng, motho e mong ea nang le tšusumetso o ile a kenella ’me a thusa barab’abo rōna ho hira Sala Palatului e ntle (Holo ea Ntlo ea Borena), moo bamameli ba 2 184 ba ileng ba mamela puo e nang le sehlooho se nakong se reng “Le ’ne le Inonye Hore na le Tumelong.” Ka tumelo e lekiloeng, bahoeletsi ba fetang 38 000 Romania ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ba sa khaotse. Har’a bona, karolelano ea ba 3 569 ke bo-pula-maliboho, le hoja bongata ba bona bo fumana ho hlokahala hore bo be le mesebetsi ea boipheliso ea nako e tletseng.

Ethiopia ’muso o tšehetsa tiiso ea molao-motheo ea tokoloho ea bolumeli, empa baruti ba hlohlelletsa litho tsa likereke tsa bona khahlanong le Lipaki. Letsatsi le letsatsi tšebeletsong ea tšimo, ho ka etsahala hore Paki ea sebakeng sena e rohakoe hampe. Empa khanyetso ha e felle moo. Beng ba matlo ba chesehang ka ho feteletseng ba boetse ba shapa bahoeletsi ka lithupa ’me ba ba betsa ka majoe. Leha ho le joalo, ka tumelo e tiileng, Lipaki tsa Jehova tse 6 166 li tsoela pele ho isa litaba tse molemo tsa khotso ho batho ba limilione tse 62 ba karolong eo e ka leboea-bochabela ea Afrika.

Ha Bejoma, ea lilemo li 61, a ithuta ’nete, o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola. A lapetse ’nete, o ile a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele letsatsi le leng le le leng. O ile a boela a ikitlaelletsa ho ithuta ho bala le ho ngola e le hore a ka ruta batho ba motse oa habo oa Madagascar. Ha e ntse e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, o ile a khutlela motseng oa habo ’me a qala ho tšoara liboka. O ile a kolobetsoa selemong se hlahlamang. Lilemo tse tharo hamorao o ile a ngolisa e le pula-maliboho. Empa ho paka motseng oa habo ha hoa ka ha e-ba bonolo. Batho ba thahasellang ba ’nile ba hatelloa haholo. Ka lekhetlo le leng motse oohle o ile oa bokana ka sepheo sa ho etsa hore ba fetole maikutlo. Litho tsa lelapa li retelehetse tšebelisanong le meea ha li sebetsana le bona. Beng ka batho ba itseng ba thahasellang ba soketse Mor’abo rōna Bejoma ka hore ba tla mo thunya haeba a e-ea lapeng la batho bao ba thahasellang, kahoo thuto ea bona ea Bibele e tšoareloa lapeng la mor’abo rōna. Ho sa tsotellehe khanyetso ena eohle, mosebetsi oa boboleli le liboka ha lia ka tsa khaotsa. Ha tlaleho ena e ngoloa, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba bane. Ba ka bang 40 ba ne ba e-ba teng libokeng.

Baitseki ba feteletseng ba Bajuda Iseraele ba ile ba tsoela pele ho etsa lipontšo tse lerata tsa nyatso ba ipelaetsa ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Ba ile ba sala bahoeletsi morao mosebetsing oa bona oa bopaki ba ntlo le ntlo le serapeng sa boikhathollo, ba baka moferefere e le hore ba sitise ha ho tšoeroe lipuisano le batho ba thahasellang. Libakeng tse hlaheletseng bahanyetsi ba ile ba boela ba fanyeha litšoantšo tse khōlō tsa bahoeletsi bakeng sa ho lemosa sechaba hore se se ke sa buisana le Lipaki. Hape selemong sena se fetileng ba ile ba sokela bahiri ka hore ba tla hana lihlahisoa tsa bona le litšebeletso tsa bona haeba ba sa leleke basebetsi bao e leng Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka la sena, thelevisheneng le likoranteng, ho ’nile ha phatlalatsoa Lipaki tsa Jehova le litumelo tsa tsona haholo. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, palo ea ba mo sebeletsang Iseraele e eketsehile ka karolo e ’ngoe ea 7 lekholong selemong sena se fetileng.

Ka lebaka la lintoa pakeng tsa lihlopha tse hlometseng Colombia, ho ile ha hlokahala hore ka tataiso ea Sehlopha se Busang, ho etsoe pampitšana e khethehileng e nang le sehlooho se reng “You Are the Light of the World.” Ho ile ha abuoa lipampitšana tse ka bang limilione tse leshome. Pampitšana ena e ile ea hlakisa boemo ba Lipaki tsa Jehova ba ho se nke lehlakore lintoeng. E ile ea hlalosa se etsoang ke Lipaki tsa Jehova ho ruta batho melao-motheo ea bohlokoa ea boitšoaro, ho rupela ba chankaneng, ho thusa litholo, ho thusa bahlaseluoa ba likoluoa tsa tlhaho le ho fa batho tšepo ka bokamoso. Colombia, Lipaki tsa Jehova tse fetang 107 613 li tšoarehile ka ho tsebahatsa “litaba tse molemo tsa khotso.” (Baef. 6:14, 15) Kabo ea pampitšana ena e ile ea etsoa tšimong ea phutheho le libakeng tse ka thōko. Bo-pula-maliboho ba babeli Profinseng ea Cauca ba ile ba rapella monyetla oa ho pakela sehlopha se hlometseng se neng se sebetsa sebakeng seo. Lithapelo tsa bona li ile tsa arabeloa ka letsatsi le leng ha ba fihla toropong ’me ba fumana karolo e khōlō ea sehlopha seo e le teng. Bo-pula-maliboho ba ile ba khona ho aba lipampitšana tse ngata sebakeng seo. Ka mor’a ho bala pampitšana ena, ramotse oa toropo ea Profinse ea Chocó o ile a kōpa tumello ea ho bapala livideo tsohle tsa Mokhatlo seteisheneng sa moo sa thelevishene.

Linaheng tse ngata, ho hlokahala mamello e khōlō ho fumana mangolo a tumello ea ho haha Holo ea ’Muso, moo batho ba ka bokanang teng ho ithuta Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, Kassándra, karolong e ka leboea Greece, ho fumana tumello Lefapheng la Morero oa Toropo bakeng sa ho haha sebaka sa borapeli e ne e le qalo feela ea mathata. Litšokelo khahlanong le konteraka e hahang, ba epang, lik’hamphani tse fanang ka konkreite e tsoakiloeng le thepa e ’ngoe ea kaho li ile tsa ba tšosa hoo ba ileng ba ikhula morerong ona kapa ba hana ho sebeletsa barab’abo rōna. Ba ile ba haneloa ka metsi le motlakase oa ’masepala bakeng sa morero ona. Ha mosebetsi o ntse o tsoela pele setšeng sa kaho ka la 21 October, 1999, litšepe tsa kereke li ile tsa lla. Mokhopi o eteletsoeng pele ke ramotse oa sebaka sena le baprista o ile oa hlasela setša sa kaho, o ikemiselitse ho senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha le tsebisoa ka boemo bona, letona la taolo ea sechaba Athene le ile la tiisetsa Lipaki hore ho tla fanoa ka tšehetso e feletseng ea sepolesa. Ha morero ona o ntse o tsoela pele, mapolesa a fetang 300 a tsoang metseng e sa tšoaneng karolong eohle e ka leboea ea Greece a ile a ameha. Ka la 30 October, Holo e ntle ea ’Muso e ne e loketse ho sebelisoa. Ruri barab’abo rōna ba ile ba fana ka bopaki ba hore hase “mofuta o ikhulang.” Re tšepa hore phello ea taba ena e tla susumetsa hamolemo kaho ea matlo a borapeli likarolong tse ling tsa Greece.

Joalokaha ho tsebahala, lilemo tsa tsitsipano pakeng tsa Maalbania le Maserb a lulang Kosovo li ile tsa etsa hore machaba a namole ka 1999. Batho ba makholo a likete ba ile ba balehela linaheng tsa boahelani bakeng sa tšireletseho. Ha ba bangata ba se ba khutlile, Lipaki tsa Albania, ’me hamorao tsa Austria, li ile tsa etela barab’abo rōna Kosovo. Li ile tsa fumana eng? Li ile tsa fumana ho e-na le tšenyo hohle. Nakong ea mariha, motlakase, metsi le parafine li ne li haella haholo. Hangata ho ne ho bata haholo libakeng tseo ba kopanelang ho tsona, empa liboka li ne li sa tloheloe. Bara le barali babo rōna ba ne ba fana ka litlhaloso le lipuo ba khantšitse kerese, ’me ho ne ho bata hoo ba neng ba tsoa mosi ka hanong ha ba binela Jehova lithoriso. Matlo a mabeli a Lipaki a ile a senngoa, empa ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle ha bara le barali babo rōna ba tsoang Albania le Italy ba thusa ho a tsosolosa. Ka lebaka la lehloeo la morabe le fehluoeng ho ba potoloha, ho hlokahala kelo-hloko e khōlō ha bahoeletsi ba kopanela tšebeletsong, empa ka mafolofolo ba sebelisa menyetla ea ho paka—’marakeng, posong, seterateng le motseng oa habo bona.

Bohareng ba December 1999, profinse e lebōpong la leoatle ea Vargas, Venezuela, e ile ea hlaseloa ke koluoa ea tlhaho e mpe ka ho fetisisa historing ea naha ena. Ka mor’a pula ea sekhohola, thaba e ile ea helehela holim’a sebaka se nang le baahi ba bangata se lebōpong la leoatle, ea bolaea batho bao ho hakanngoang hore ba 50 000 ’me ea siea ba 400 000 ba se na mahae. Har’a ba ileng ba tšoanela ho baleha malapeng a bona ke Lipaki tse fetang 1 200. Ho sa tsotellehe koluoa ee, ke eng seo liphutheho tse 11 tse setseng sebakeng sa Vargas li ileng tsa se etsa ha ho batloa bo-pula-maliboho ba thusang ka April? Tlaleho e bontša hore ho ile ha ngolisa ba 112—karolelano ea ba leshome phuthehong ka ’ngoe—’me ba ikopanya le bo-pula-maliboho ba kamehla ba 77 ba seng ba ntse ba sebeletsa moo.

Suriname, barab’abo rōna ba babeli ba sa khoneng ho tsamaea ba palama libaesekele tse mabili a mararo tseo ba li soaelang ka matsoho. Ka bobeli ke bo-pula-maliboho. E mong o ne a lemale maoto a mabeli; e mong eena o ne a khaoloe maoto ka bobeli. Nakong ea lipula, ho ka etsahala hore ba qaoe seretseng, empa kamehla ba fihla Liholong tsa bona tsa ’Muso ba bososela.

Le hoja liboka tsohle tsa phutheho li le molemo, Sehopotso se molemo ka ho khethehileng. Ka la 19 April, 2000, sebokeng se Awaso, Papua, ho ne ho e-na le batho ba thahasellang ba 11 ba neng ba tsamaile ka sekepe se senyenyane ka lihora tse 17 leoatleng le befileng e le hore ba be teng. Ka mor’a mokete oa Sehopotso, bamameli ba ile ba sitoa ho thiba meokho ha ba utloa ka cheseho e bontšitsoeng ke batho bana ba thahasellang le ka lerato la bona bakeng sa mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho. Ba ile ba re: “Re ne re batla ho keteka Sehopotso sa Kreste le barapeli-’moho le rōna ba Jehova; kahoo leeto lena le ne le tšoaneleha.”

Ho Finyella Batho ba Eketsehileng ka Litaba Tse Molemo

Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale le ho ba se nang kelello.” (Bar. 1:14) A sebelisa thekollo, Jehova o nolofalelitse batho ba mefuta eohle hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Tsebo ea sena e ile ea behoa tlhokomelong ea Pauluse, ’me Kreste o ile a mo fa thōmo ea hore e be moapostola ho batho ba lichaba. Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a tlameha ho etsa sohle se matleng a hae ho abela ba bang litaba tse molemo. O ile a etsa sena ka cheseho. Ka ho tšoanang, mehleng ea rōna, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le nka ka botebo thōmo ea ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki. (Mat. 24:14, 45-47) Ho hlakile hore bakeng sa hore batho lefatšeng lohle ba utloisise ka ho hlakileng bohlokoa ba litaba tse molemo, ho hlokahala hore ba li utloe kapa ba li bale ka lipuo tsa bona. Sena se hloka mosebetsi o moholo oa phetolelo.

Selemong se fetileng, ka lekhetlo la pele Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlahisa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse 22 ho phaella ho tse sebelisitsoeng nakong e fetileng. Lipuo tsena tse eketsehileng li buuoa ke batho ba fetang limilione tse 31. Ntle ho bana, batho ba buang Sequechua ba Bolivia le Peru ba sa tsebeng ho bala ha baa ka ba hlokomolohuoa; ba ile ba fuoa buka ea Tsebo e le k’haseteng. Hona joale Lipaki tsa Jehova li hlahisa boitsebiso ba Bibele ka lipuo tse 360.

Molula-Qhooa le Tsoha! ke likhatiso tse peli tse hlaheletseng tse sebelisoang ho phatlalatsa ’nete ea Bibele. Ho lokisetsa limakasine tse fapaneng tse ’nè ka Senyesemane khoeli ka ’ngoe ke mosebetsi o mongata. Empa ho hlahisa limakasine hanngoe ka khoeli, habeli ka khoeli, kapa hane ka selemo ka lipuo tse ngata ke mosebetsi o fetang oo. Selemong sena se fetileng hoo ho ile ha akarelletsa ho lokisetsa litokollo tse fapaneng tse 4 078. Hona joale lekala la Russia feela ha le fetolele Molula-Qhooa ka Serussia feela empa le ka lipuo tse ling tse supileng, tse buuoang ke batho ba limilione tse 36 linaheng tse 13.

Buka ea Selemo e fetoleloa kamehla ka lipuo tse 31 ’me Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla e fetoleloa ka lipuo tse 114. Ho phaella moo, selemong sena se fetileng ho ile ha fetoleloa libuka tse ling tse 119, libukana tse 265 tse lekanang le makasine, libukana tse 34 le lipampitšana tse 273 bakeng sa ho phatlalatsa ’nete ea Bibele. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea hlahisoa ka lipuo tse ling tse ’nè (Sealbania, Sehungary, Seromania le Seshona) selemong sena, ’me Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletseng e ile ea lokolloa ka Sexhosa. Hape, ho ile ha etsoa lik’hasete tsa video tse 24. Ho phaella ho tsena, hona joale Mokhatlo o hlahisa lingoliloeng tsa Braille ka lipuo tse 11. ’Me selemong sena se fetileng tšoantšiso ea kopano e ile ea hlahisoa ka k’hasete ea video ka puo ea matsoho ea Amerika, ea Brazil, ea Japane le ea Korea. Sena sohle se etsoa bakeng sa hore molaetsa o fanang ka bophelo oa Lentsoe la Molimo o fihle ho batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng.

Ho abela batho ba buang Secreole ’nete ea Bibele ke phephetso. Secreole ke puo e entsoeng ka ho kopanya lipuo tse peli kapa ho feta eaba ea nolofatsoa. Se fetohile puo ea motheo ea sechaba se itseng ’me se bonahatsa setso sa sona. Leha ho le joalo, hangata batho ba buang Secreole ha ba khone ho se bala. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ke matichere, kahoo Mauritius le Réunion, li ithuta ho bala le ho ngola Secreole sa libakeng tsena e le hore li khone ho balla batho ka puo ea bona ’me li ba rute ho etsa se tšoanang. Kaha ho ne ho se na tekanyetso ea ho ngola lipuo tsa Secreole tsa Mauritius le Réunion, Mokhatlo o ile oa qapa mokhoa oa ho ngoloa ha puo ena oo e tlang ho ba o loketseng. Likhatiso tsa Secreole tsa bukana ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola le ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? li ile tsa hatisoa e le lithulusi tsa tšebeletso. Ka mor’a ho qala ho li sebelisa, morali e mong oabo rōna o ile a tlaleha hore o qalile lithuto tse hlano tse ncha tsa Bibele. Mor’abo rōna o ile a re: “Haesale re sebelisa lithulusi tsena tse ncha, re fumana hore batho ba ithutang le rōna ba utloisisa hamolemo likhopolo tse Lentsoeng la Molimo. Le hoja ba sa bale Secreole habonolo, ha re ba balla sona, ba utloisisa ntlha ka ho hlakileng.”

Tšobotsi e ’ngoe ea ho finyella batho ba eketsehileng ka litaba tse molemo e bile tokisetso ea kabo e nolofalitsoeng ea lingoliloeng. Jehova o hlohonolofalitse tumelo e bontšitsoeng ke bahlanka ba hae tabeng ena. Batho ba hlalosetsoa tokisetso ea monehelo oa boithaopo, empa lingoliloeng ha li lefelloe. Ho tloha ka January 2000, tokisetso ena e ile ea atolosetsoa linaheng tsohle tseo e neng e e-s’o sebelisoe ho tsona. Lekala la Central African Republic le ile la ngola: “Sena se bolela hore mang kapa mang, ho sa tsotellehe boemo ba hae ba lichelete, a ka ba le boitsebiso bo hlokahalang bo hatisitsoeng bakeng sa hore e be morutuoa oa Kreste. Tokisetso ena e ananetsoe haholo ke bahoeletsi le batho bohle.” Indonesia e ile ea re: “Ka ho loketseng, barab’abo rōna ba ile ba batla ba thahasellang ho bala lingoliloeng tsa rōna ho feta ba ka khonang ho lefella litšenyehelo tsa khatiso.” Lekala la Afrika Boroa lea tlaleha: “Tlhahiso ea limakasine e imenne ka makhetlo a fetang a mabeli, ’me ka lipuo tse ling e imenne ka makhetlo a fetang a mane! . . . Sena sohle se bontša hore hona joale ‘peō’ e eketsehileng ea ’nete e jaloa ho feta leha e le neng pele.—Mat. 13:3-8.”

Tšobotsi e ’ngoe ea mosebetsi oa selemo e ne e ama ho isa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana libakeng tse itseng ka nako e lekanyelitsoeng. Sena se ile sa nolofalletsa batho ba neng ba e-s’o fumane bopaki hore ba rue molemo. Côte d’Ivoire e ile ea tlaleha liphello tse ntle. Ba itseng ba boholong motseng ba ile ba amohela bo-pula-maliboho ’me ba ne ba le leqe ho ba tlohella hore ba tsamaee. Sipilou, ka mosa motlatsi oa ramotse o ile a fana ka marobalo ntle ho tefello ’me a ba a ba lumella hore ba sebelise jarete ea hae bakeng sa liboka. Ha baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba abetsoeng Tiemelekro ba il’o re ramotse a sale hantle, o ile a re: “Che! Le ke ke la tsamaea kapele hakana. . . . Ke lumela hore le entse barutuoa likhoeling tsena tse fetileng tse tharo. Ke ka lebaka leo le ileng la tla ho ’na ho tla batla setša bakeng sa ho haha kereke ea lōna. Hona joale ke loketse ho le fa setša seo. Kahoo ka kōpo mpolelleng hore na ke mang ea tla nka sebaka sa lōna!”

Lipaki tse ngata li ile tsa sebelisa menyetla ea ho arolelana ’nete ea Bibele le batho bao kantle ho moo ba ka beng ba sa finyelloa. Ha morali’abo rōna oa Marshall Islands a amohela mosebetsi oa ho ba tichere sehlekehlekeng se potolohileng letangoana sa Jaluit, o ile a fumana hore ke eena feela Paki sehlekehlekeng seo. Ka cheseho o ile a qala ho bolela ho baahelani ba hae, a khanna lithuto tse robong tsa Bibele ’me a etella sehlopha pele sebokeng sa beke le beke. Ha mohlanka ea sebeletsang oa Majuro a fihla sebakeng sena ka la 19 April ho tla fana ka puo ea Sehopotso sa lefu la Kreste, ho ne ho le teng ba 175. Morali’abo rōna eo ea ka thōko o ne a memetse ba bangata ka hohle kamoo a ka khonang ketsahalong eo ea bohlokoa. Bakeng sa ho thusa batho bana hore ba hōle moeeng, hona joale mor’abo rōna le mosali oa hae ba rerile ho fallela Jaluit ho ea sebetsa le morali’abo rōna ea seng a ntse a le moo.

“Ho Bua ka Sebete” Bakeng sa ho Hlōla Mashano

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tloaetse ho hanyetsoa. Ka mohlala, Ikoniamo, ha letšoele le leholo le amohela lithuto tsa Bokreste, bahanyetsi ba ile “ba hlohlelletsa le ho susumetsa ka mokhoa o fosahetseng meea ea batho ba lichaba khahlanong le barab’abo rōna.” Ho e-na le ho khaotsa, Pauluse le Barnabase ba ile “ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova.”—Lik. 14:1-7.

Kajeno bahanyetsi ba tsoela pele ho hlohlelletsa maikutlo a sechaba khahlanong le Lipaki tsa Jehova, ka linako tse ling ba sebelisa mecha ea litaba kapa mecha e meng ea sechaba ho ntšetsa pele sepheo sa bona. E le ha e arabela, Ofisi ea Litaba Sechabeng e Brooklyn le Mafapha a Litaba Sechabeng liofising tse ngata tsa makala tsa Mokhatlo li qeta nako e ngata li fana ka boitsebiso bo sebelisoang ka sebete ho tsebisa bahlophisi, baqolotsi ba litaba le ba bang ’nete.

Ka May 2000 Mokhatlo o ile oa lokisetsa hore video e ncha, Transfusion-Alternative Strategies—Simple, Safe, Effective, e bontšoe kopanong ea bongaka Geneva, Switzerland. Video ena e kopanyelletsa lipuisano ka lipotso le lingaka tse buoang tse hlaheletseng lefatšeng hammoho le lipontšo tsa mekhoa e sebelisoang ha ho buuoa ntle ho mali. E ile ea tsebisa lingaka tsa Europe litsela tsa ho phekola Lipaki tsa Jehova le ba bang ntle le ho sebelisa mali a motho e mong. Lingaka tse neng li le teng kapele-pele li ile tsa kenya liodara bakeng sa likopi tse ka bang 300 tsa video ena.

Belgium, ho ile ha hlophisoa pontšo ea liketsahalo tsa histori mabapi le tšebeliso ea lebitso la Jehova liphetolelong tsa Bibele. Pontšo eo e ile ea totobatsa mosebetsi oa bafetoleli ba pele le bahatisi, ba kang William Tyndale, le litšitiso tseo ba ileng ba tobana le tsona ha ba etsa hore Bibele e fumanoe ke sechaba. Baeti ba ne ba kopanyelletsa liithuti tse tsoang likolong tse 13.

Batho ba fetang 70 000 ba ile ba etela Pontšo e tsamaeang sebakeng se seng ho ea ho se seng ea Purple Triangles, Brazil selemong se fetileng. Lipaki tsa Jehova li tšepa hore, joaloka Ikoniamo ea boholo-holo, batho ba bangata ba ke ke ba itumella ho foufatsoa mehopolo ke ba sothang linnete empa ba tla mamela ka kananelo ha ba bolelloa linnete tsa Bibele.

‘Ho Theha ka Molao Litaba Tse Molemo’

Tumellanong le mohlala o behiloeng ke moapostola Pauluse oa ho ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo,’ selemong se fetileng Lipaki tsa Jehova linaheng tse sa tšoaneng li ile tsa ela hloko litaba tsa molao. (Bafil. 1:7) Libakeng tse kang Azerbaijan, Benin, Romania le Sweden, ho ile ha e-ba bonolo hore Lipaki tsa Jehova li lumelloe ka molao, eseng feela e le mokhatlo, empa e le bolumeli, kahoo li ile tsa fumana tšireletseho e eketsehileng tlas’a melao e tiisang tokoloho ea bolumeli.

Leha ho le joalo, Republic of Georgia, e moeling oa Leoatle le Letšo, bahanyetsi ba ile ba leka ho etsa hore ho ngolisoa ka molao ha Lipaki tsa Jehova ho hlakoloe. Nyeoeng e amang e mong oa Lipaki tsa Jehova, majela-thōko a sebelisanang le Kereke ea Orthodox a ile a tlala monyako oa lekhotla ’me ka likhoka a thibela leha e le mang ea hanang ho suna sefapano sa lehong ho kena. Litšoantšo tsa bolumeli le lifapano tsa lehong li ne li tšoaretsoe holimo ha nyeoe e ntse e kene, ’me ho ile ha hotetsoa likerese tsa kano ka khotla ha lekhotla le entse khefu. Pefo e ile ea qhoma ka khotla ha majela-thōko a hlasela babuelli ba molao, baqolotsi ba litaba le Lipaki tsa Jehova. Barab’abo rōna ba Georgia ba entse boipiletso qetong e sa thabiseng ea Lekhotla le ka Holimo-limo la Georgia, moo ba tšepileng hore tšebeliso e loketseng ea kelello le ’nete e tla hlōla. Ho sa le joalo, bahoeletsi ba Georgia ba 14 855 ba nehetse lihora tse 2 887 835 selemong se fetileng ba ruta batho linnete tse lokollang tsa Lentsoe la Molimo.

Nyeoe ea Moscow, Russia, e neng e reretsoe ho felisa boemeli ba molao ba Lipaki tsa Jehova motseng oo ha e e-s’o fele. Ho sa le joalo, barab’abo rōna Moscow ha baa lumelloa ho haha Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang haholo. Leha ho le joalo, ka la 23 November, 1999, Lekhotla la Molao-motheo la Russia le ile la etsa qeto e ba emelang. E ile ea etsoa ka lebaka la nyeoe ea Phutheho ea Yaroslavl. Kaha phutheho e ne e se na bopaki ba hore e ne e le teng ka lilemo tse 15 tse batloang ke molao oa 1997 ho malumeli, ba boholong sebakeng sena ba ile ba laela hore phutheho e khaotse ho kenya lingoliloeng tsa bolumeli ka har’a naha le ho li aba le hore mor’abo rōna ea tsoang Jeremane a khaotse mosebetsi oa hae motseng oo. Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore tlhokahalo ea lilemo tse 15 e ke ke ea sebelisoa ho liphutheho tseo e leng karolo ea “mokhatlo o moholo oa bolumeli” o seng o ntse o ngolisitsoe ka molao sechabeng sohle, joaloka Lipaki tsa Jehova. Ho ngolisoa ha Lipaki tsa Jehova hape ke Lekala la Toka la Russia ho ile ha amoheloa ka la 29 April, 1999. Ha litaba tse joalo tsa molao li ntse li sebetsoa ke Lefapha la Molao, bahoeletsi ba Russia ba ile ba nehelana ka lihora tse eketsehileng tse 24 782 467 tšebeletsong ea bona ea phatlalatsa selemong se fetileng. Ba ile ba e-ba le keketseho e ’ngoe ea karolo ea 7 lekholong ’me ba finyella tlhōrō ea bahoeletsi ba 114 284.

Barab’abo rōna ba Fora le bona ba tsoela pele ho sebetsana le boemo bo thata. Ka lilemo tse fetileng tse ’nè, ba fumane liqeto tse 921 tse ba emelang makhotleng a molao le tse 65 makhotleng a maipiletso tabeng ea hore Liholo tsa ’Muso li lokolloe lekhethong la thepa. Ka lebaka la leano la Lefapha la Lekhetho la ho ipiletsa ka matla khahlanong le liqeto tse joalo, taba e ile ea isoa ho French Conseil d’État, lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la tsamaiso Fora. Ka la 23 June, 2000, lekhotla leo le ile la etsa qeto ea hore Lipaki tsa Jehova lia tšoaneleha e le bolumeli tlas’a molao oa Fora le hore ka lebaka leo Liholo tsa tsona tsa ’Muso li tšoanela ho lokolloa lekhethong la thepa. Habohlokoa ka ho fetisisa, lekhotla le ile la bolela hore mesebetsi e etsoang ka har’a Liholo tseo tsa ’Muso “ha e ame leano la sechaba hampe.” Leha ho le joalo, matsatsi a 11 feela hamorao, nyeoeng e ’ngoe, e neng e reretsoe ho tšehetsa ketso ea Lefapha la Lekhetho ea ho laela hore ho ntšoe lekhetho la karolo ea 60 lekholong ea menehelo e etsoang mesebetsing ea bolumeli ea Lipaki tsa Jehova Fora, lekhotla la molao Nanterre le ile la ntša qeto e ngotsoeng e bolelang hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa batla tokoloho lekhethong hobane ha li nkoe e le bolumeli Fora. Barab’abo rōna ba lokisetsa ho etsa boipiletso Lekhotleng la Maipiletso Versailles. Ho sa le joalo, Seboka sa Sechaba sa Fora se fane ka molao oa pele tokomaneng e reretsoeng ho etsa hore ho felisoe sehlopha leha e le sefe sa bokhelohi haeba sehlopha se joalo kapa batsamaisi ba sona ba kile ba isoa khotla habeli. Ha lira li ‘rera khathatso ka molao-taelo,’ Lipaki tsa Jehova li tšepile Moahloli e Moholo eo batho bohle ba tla ikarabella ho eena.—Pes. 94:20; Bar. 14:10.

Ho Finyella Tlhoko e Potlakileng ea Liholo Tsa ’Muso

Ha palo ea batho ba ratang Jehova le ba mo sebeletsang e ntse e hōla, ho na le tlhokahalo e khōlō ea Liholo tsa ’Muso tseo ba ka kopanelang ho tsona bakeng sa borapeli. Ho sebetsana le tlhoko ena, hona joale ho na le Liofisi tsa Liholo tsa ’Muso tsa Libaka tse sebetsang liofising tsa Mokhatlo tsa makala Australia, Brazil, Jeremane, Mexico le Afrika Boroa. Ho tloha libakeng tsena, barab’abo rōna ba tšoanelehang ba etela makala a mang ho a thusa ho etsa litokisetso tsa tlhophiso tse lekanang le litlhoko tsa ’ona. Hona joale, linaha tse 72 li fuoa thuso Asia/Oceania, Europe Bochabela, Afrika Bochabela le Bophirimela, Amerika Bohareng le Boroa le lihlekehlekeng tsa Caribbean.

Bahlanka ba machaba ba fetang 100 ba tšoarehile ka ho koetlisa barab’abo rōna ba libakeng tsena e le hore ba ka sebelisana ’moho linaheng tsa habo bona e le Lihlopha tsa Kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ka tokisetso ena, linaheng tse 30, ho se ho phethiloe Liholo tsa ’Muso tse 453 ho fihlela joale, ’me mehaho e meng e 727 e ntse e hahuoa. Ho ’nile ha hatisoa taba ea ho etsa lipolane tse tšoanang tsa Liholo tsa ’Muso naheng ka ’ngoe tse sebelisang thepa ea kaho le mekhoa ea kaho ea sebaka seo. Kenya ho sebelisoa majoe; Togo ho tloaelehile hore ho sebelisoe setene; Cameroon ho tloaelehile litene tsa konkreiti tseo hamorao li liloang. Ka tsela ena, barab’abo rōna ba sebaka ka seng ka potlako ba fumana mahlale a hlokahalang bakeng sa ho phetha likarolo tsa bohlokoa lenaneong la naha ka ’ngoe.

Ha barab’abo rōna linaheng tse sa tšoaneng ba tsebile ka se etsoang, ba bangata ba bontšitse takatso e matla ea ho nka karolo. Bara le barali babo rōna ba makholo libakeng tsena ba ithaopile. Linaheng tse itseng, moo maemo a sebaka a ba thatafalletsang ho nka karolo, ho etsoa litokisetso tsa ho fana ka lijo le bolulo bakeng sa batho ba tšoanelehang ba entseng likōpo e le hore ba ka lebisa tlhokomelo eohle ea bona mosebetsing ona o potlakileng oa kaho le tsosoloso ea Liholo tsa ’Muso naheng ea habo bona.

Kaho ea Liholo tsee tsa ’Muso e bile le phello efe mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova motseng? Tlaleho ena e tsoa Benin, Afrika Bophirimela: “Le tla thabela ho tseba hore Holo ea ’Muso e Krake e ile ea neheloa maobane. Phutheho ena ea bahoeletsi ba 34 e ba le karolelano ea ba 73 ba bang teng ka Sontaha, empa ba 651 ba ne ba le teng bakeng sa nehelo. Ho ile ha hlokahala hore barab’abo rōna ba mamelle lehloeo le litšomo toropong ena nakong e fetileng hobane Holo ea pele ea ’Muso e ne e le ea khale haholo ha e bapisoa le likereke tse ling. Hona joale Holo e ncha ea ’Muso ke o mong oa mehaho e metle ka ho fetisisa toropong ena. Ba bangata ba neng ba le teng ke batho ba motse bao hona joale ba fetotseng maikutlo ka mor’a ho iponela ka mahlo se entsoeng ke barab’abo rōna ka libeke tse ’maloa feela.” Phutheho ea Nafisi ea Malawi e re: “Kaha joale re na le Holo e ntle ea ’Muso, e fana ka bopaki bo botle. Ka lebaka la sena, ho bonolo ho qala lithuto tsa Bibele ha re bolela. Hohle batho ba maketse.”

Ka keketseho e bileng teng lilemong tsa morao tjena, Liholo tsa ’Muso li ’nile tsa hlokahala haholo Liberia. Leha ho le joalo, ho ne ho se kamoo barab’abo rōna ba ka khonang ho haha. Ba ne ba thatafalloa ho lefella rente ea libaka tse nyenyane tseo ba lulang ho tsona. Libakeng tse ngata ba ne ba kopanela matlong a barab’abo rōna, ’me ho e-na le batho ba bangata ba tsoelang seterateng. Ho seng joalo, ba ne ba kopanela mohahong oa nakoana. Ho ne ho bonahala ho se tharollo bothateng bona ho fihlela ho fihla litaba tse buang ka tokisetso e hlollang ea kaho ea Liholo tsa ’Muso linaheng tse futsanehileng. Lichelete tse nehetsoeng ke barab’abo rōna linaheng tse ling li ne li tla sebelisetsoa ho haha liholo moo ho nang le tlhokahalo ea sebele. Ho se ho hahuoe liholo tse hlano tse ncha likhoeling tse fetileng tse tšeletseng. Barab’abo rōna ba bontšitse “ho itokisa” ho sa tsotellehe ‘seo ba se nang sona’ (mabapi le lichelete) ka boikemisetso ba bona bo boholo ba ho sebelisa matla a bona mosebetsing. (2 Bakor. 8:12) Ka mohlala, Phutheho ea New Georgia, e ile ea etsa litene tsa samente tse 1 000 ka matsoho ka letsatsi le le leng!

Mehaho e Mecha le e Atolositsoeng ea Makala

Bakeng sa ho hlokomela palo e hōlang ea Lipaki tsa Jehova le ho li hlomella tšebeletsong ea tsona, ho boetse ha hlokahala hore ho etsoe mehaho e loketseng ea makala. E mengata ea eona e nehetsoe selemong se fetileng. Lefatšeng ka bophara mehaho ena e na le basebeletsi ba khethiloeng bao kakaretso ea bona e leng 19 587, bao kaofela ha bona e leng litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Khethehileng ba Nako e Tletseng.

AFRIKA BOROA: Mehaho ea lekala Krugersdorp e ne e bonahala e le meholo ka ho lekaneng ha e ne e phethoa ka 1987. Ke hobane’ng ha lilemo tse 12 feela hamorao ba ne ba nehela katoloso ea mohaho oa ofisi, mehaho e mecha ea bolulo e meraro, karache ea literaka le mohaho o mocha o moholo oa polokelo ea thepa e eang ka ntle ho naha?

Lebaka le leng ke tokoloho e eketsehileng e thabeloang ke batho ba Jehova ka lebaka la ho fela ha Ntoa ea Mantsoe. Ho ile ha tlosoa lithibelo ho Lipaki tsa Jehova linaheng tse kang Rwanda, Malawi, Mozambique le Angola. Ho tloha ha mehaho ea lekala e phethoa ka 1987, linaha tse leshome tseo Afrika Boroa e romellang thepa ho tsona li bile le kakaretso ea keketseho ea bahoeletsi e etsang karolo ea 148 lekholong! (Mozambique feela e bile le keketseho e etsang karolo ea 523 lekholong ka lilemo tseo tse 12.)

Ho feta moo, ’muso o mocha oa Afrika Boroa le ho felisoa ha apareteite li tlisitse tokoloho e khōloanyane ea ho kena kapa ho tsoa linaheng tse ling tsa Afrika. Kahoo lekala la Afrika Boroa le khonne ho romella thepa e eketsehileng makaleng a boahelani. Ho phaella ho hatiseng limakasine, libukana le boitsebiso bo bong, lekala lena le boloka lingoliloeng ’me le sebetsana le liodara tsa liphutheho bakeng sa linaha tse ngata tse haufi. Ha kaho ea Liholo tsa Kopano le Liholo tsa ’Muso e hōla ka matla Afrika, makala a mangata a fumana thepa ea kaho Afrika Boroa.

Litaba tse ling: Tšimo ea lekala la Afrika Boroa e thabetse keketseho ea karolo ea 62 lekholong ea bahoeletsi ba ’Muso ho tloha ka 1987. Lilemong tse seng kae tse fetileng, Lefapha la Phetolelo le ile la lokela ho atolosoa bakeng sa ho sebetsana le mosebetsi o eketsehileng oa ho fetolela Bibele ka lipuo tsa sebaka sena tse supileng—Seafrikanse, Sepedi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Kahoo, ha ho makatse ha libaka tsa bohlokoa lekaleng la Afrika Boroa li ile tsa tlameha ho atolosoa.

Kahoo, ka la 23 October, 1999, mehaho e atolositsoeng ea lekala e ile ea neheloa Afrika Boroa. Ea neng a tlile bakeng sa ketsahalo ena e ne e le Daniel Sydlik, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, ea ileng a fana ka puo e susumetsang e nang le sehlooho se reng, “Linehelo Tse Bontšang Khanya ea Molimo.”

JAPANE: Libeke tse seng kae hamorao, ka la 13 November, mehaho e atolositsoeng ea lekala e ile ea neheloa Ebina, Japane. Katoloso e ne e kopanyelletsa mehaho e ’meli ea bolulo e mekato e 12 le mohaho oa tšebeletso o mekato e mene. Bahlanka ba machaba le baithaopi ba machaba ba fetang 70 ba litsebi ba sebetsang hammoho le basebetsi ba ka bang 2 000 ba nako e telele kapa ba nakoana ba ile ba phetha mohaho ka lilemo tse tharo le halofo.

Lenaneo lena la nehelo le bile teng lilemo tse 50 ka mor’a hore baromuoa ba pele ba Watch Tower ba fihle Japane ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Ba bang ba baromuoa bana, ba ntseng ba sebeletsa Japane, ba ne ba le teng ketsahalong ena, hammoho le balebeli bohle ba tsamaeang Japane, bahlanka ba bang ba Jehova ba nako e telele, le baemeli ba 344 ba tsoang linaheng tse ling tse 37.

Ha baromuoa ba pele ba fihla Tokyo ’me ba tsosolosa mesebetsi ea boboleli ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho ne ho ka fumanoa barapeli ba fokolang ba Jehova ba tšepahalang Japane. Hona joale ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba chesehang ba fetang 221 000 ba phatlalatsang litaba tse molemo likhutlong tsohle tsa naha ena. Ho phaella moo, lingoliloeng tsa Bibele tse hatisoang Japane ka lipuo tse 27 li romeloa linaheng tse ling, ’me ka tataiso ea Sehlopha se Busang, lekala le fana ka thuso e tobileng mesebetsing ea tšimo linaheng tse ling tsa Asia.

Sebokeng se khethehileng letsatsi ka mor’a nehelo, Theodore Jaracz, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a bua le bamameli ba 61 323 Lebaleng la Lipapali la Machaba la Yokohama. Ka kakaretso, kaha ho ne ho kopantsoe libaka tse 41 ho pholletsa le naha, ba bileng teng ba ne ba etsa kakaretso ea ba 269 376. Lenaneo le neng le kopanyelletsa litlaleho tsa baemeli ba tsoang linaheng lisele le puo ea Mor’abo rōna Jaracz sehloohong se reng, “Ho Rutoa ke Jehova—Ho Molemo Kajeno le ka ho sa Feleng,” le ile la khothatsa bohle ba leng teng ka matla hore ba ’ne ba hatele pele moeeng.

BENIN: Naha ena ea Afrika Bophirimela e ipaka ho ba tšimo e behang litholoana kotulong ea moea. Ho na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 6 343, ’me ba fetang hōle halofo ea bana ba kolobelitsoe lilemong tsa bo-1990.

E le ho sebeletsa sehlopha sena se hōlang sa barapeli ba ’nete hammoho le ba leng Niger, ho ile ha neheloa mehaho e mecha ea lekala, Holo e ncha ea Kopano le lehae la baromuoa Abomey-Calavi, Benin, ka la 1 January, 2000. Gerrit Lösch, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a sebelisa ketsahalo ena ho hatisa lintlha tse peli tsa bohlokoa: (1) Lebaka la sehlooho leo re sebeletsang Jehova ka lona hase hobane re e-na le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng, empa ke hobane re mo rata. (2) Bala Lentsoe la Molimo, Bibele, letsatsi le leng le le leng. E bile likhopotso tse molemo hakaakang!

MYANMAR: Libeke tse seng kae ka mor’a nehelo ea Benin, mehaho e mecha ea lekala e ile ea neheloa Myanmar. Ofisi ea lekala e ile ea thehoa moo ka 1947. Ka 1977 Mokhatlo o ile oa fumana setša seo o ka hahang mehaho e loketseng ho sona. Empa ho ne ho tlameha ho hlōloe litšitiso tse ngata hakaakang! Ho ne ho sa ka ha e-ba bonolo hore Lipaki tsa Jehova li ngolisoe ka molao, kahoo ke joang li neng li ka fumana tumello ea ho haha? Ho ne ho tla hlokahala hore thepa ea kaho e tsoang linaheng tse ling e kenngoe ka hare ho naha, empa seo se ne se tla etsoa joang, kaha ho ne ho se mohla mokhatlo leha e le ofe o neng o fuoa mangolo a joalo a tumello? Hape ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala hore ho tlisoe barab’abo rōna ba tsoang linaheng lisele ho tla thusa ka kaho, kaha livisa bakeng sa mosebetsi o joalo li ne li fanoa feela bakeng sa merero e tšehetsoang ke ’muso. Ho feta moo, mosali e mong o ile a ea lekhotleng a bolela hore setša seo Mokhatlo o bileng le sona ka lilemo tse fetang 20 ha e le hantle ke sa hae. Leha ho le joalo, ka potlako mathata ao a ile a nyamela. Leano la ’muso le ile la fetoha tabeng e ’ngoe le e ’ngoe eo e neng e le tšitiso. ’Me ha kaho e qala, lekhotla le ile la qhelela thōko se neng se boleloa ke mosali ea batlang ho nka setša.

Boholo ba thepa ea kaho bo ne bo romeletsoe e le mpho ke barab’abo rōna ba Australia; e eketsehileng e ne e tsoa Malaysia, Singapore le Thailand. Barab’abo rōna ba ne ba tsoa Australia, Brithani, Fiji, Greece, Jeremane, New Zealand le United States ho tla thusa ka mosebetsi, ’me Lipaki tsa sebaka sena li ile tsa thusa. Ha mehaho e phethiloeng e neheloa ka la 22 January, 2000, nakong ea ketelo ea John E. Barr, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, ba neng ba le teng ba ile ba susumelletseha ho re: “Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho rōna. Re thabile.”—Pes. 126:3.

Sena se hlalosa hantle kamoo Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ikutloang kateng ha li ikhopotsa liketsahalo tsa selemong se fetileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

“Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho” e lokolloa ke Samuel Herd

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Tšoantšiso ea Bibele “Mehlala e Lemosang Mehleng ea Rōna”

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ba tlileng kopanong ea Hungary ba thabetse Bibele e ncha

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Lipaki tse thabileng li kopane hammoho sebokeng karacheng Kosovo

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Holo ea ’Muso e Krake, Benin—pele le hamorao

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

(1) Myanmar, (2) Benin, (3) Afrika Boroa, (4) Japane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela