Guyana
“Naha ea Metsi a Mangata”—polelo ena e bolela “Guyana,” naha e Amerika Boroa eo moeli oa eona o ka boroa o leng lik’hilomithara tse 130 feela ka holim’a “equator.” Lebitso leo le loketse hakaakang, kaha linōka tse fetang 40 le linōkana tse ngata-ngata li fumana metsi merung e nang le pula e ngata le likhoeng tse etsang karolo e khōlō ea sebaka sa Guyana se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 215 000! Tse ling tsa linōka tsena ke meeli pakeng tsa Guyana le linaha tse ahelaneng le eona—e leng Brazil, Suriname le Venezuela. Hape linōka tsena li tlisa mokhoa oa boipheliso ka har’a naha, moo ho nang le metse le lipolasi tse qalikaneng mabōpong a tsona. Ha e le hantle, khoebo ea Guyana le histori ea eona—ho kopanyelletsa le ea batho ba Jehova—e amana haholo le linōka tsa eona.
Ho tloha bophirimela ho ea bochabela, linōka tse khōlō tse ’nè ke Essequibo, Demerara, Berbice le Courantyne. Nōka e telele ka ho fetisisa e leng Nōka ea Essequibo, e bolelele ba lik’hilomithara tse 1 000 le bophara ba lik’hilomithara tse 30 moo e kenang leoatleng teng ’me e na le lihlekehleke tse 365. Se seng sa tsona, e leng Sehlekehleke sa Fort, e ne e le setsi sa ’muso nakong ea puso ea bokolone ea Madache. Ha linōka tsena tse khōlō li tloha mohloling oa tsona lithabeng tse ka har’a naha, tse ho elella ka boroa, li phallela ka leboea pele li qetella li tsoelipana ho ea fihla thoteng e moqotetsane e lebōpong ebe li kena Leoatleng la Atlantic. Ha metsi a tsona a ntse a phalla joalo, a phorosela ho tse ling tsa liphororo tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng, joaloka Phororo ea Kaieteur, moo Nōka ea Potaro e bophara ba limithara tse 120 e etsang phororo e bophahamo ba limithara tse 226 ho tloha holimo ebe e phallela Nōkeng ea Essequibo.
Kaha Guyana e na le libaka tse ngata tse tletseng botle ba tlhaho, ke paradeise ho batho ba ratang lintho tsa tlhaho. Metsing ho na le liqibi tse khōlōhali tsa nōkeng, mofuta oa koena e ntšo, le tlhapi e bitsoang Arapaima, e leng e ’ngoe ea litlhapi tse khōlō ka ho fetisisa tse sibolotsoeng tse fumanoang metsing a hloekileng. Litlhapi tsena tsa litonanahali tse hlahellang ka holim’a metsi ho phefumoloha moea o hloekileng, tse jang nama, li ka hōla ho fihlela li e-ba bolelele ba limithara tse tharo ’me li ka ba boima ba lik’hilograma tse 220. Mangau a nanara ka lenyele merung e lefifi, ’me litšoene tse hlabang moolo li hoeletsa li le holimo lifateng moo li lulang teng le mefuta e fetang 700 ea linonyana, ho kopanyelletsa lintsu le lipapakhaie tse mebala e metle le linonyana tse bitsoang li-toucan.
Baahi ba Guyana ba ka ba 700 000. Palo ena e kopanyelletsa batho ba East Indies, bao baholo-holo ba bona ba neng ba tlohe India ba tla sebakeng sena e le basebetsi ba nakoana feela; batho ba batšo, ba tsoang ho makhoba a Afrika, Maindia a Amerika (Maarawak, Macaribbean, Mawapisiana le Mawarrau); le batho ba merabe e tsoakaneng. Le hoja naheng eohle ho buuoa sefanakaloko, puo ea molao ke Senyesemane, e leng se etsang hore Guyana e be eona feela naha e buang Senyesemane Amerika Boroa.
Metsi a ’Nete a Fihla Guyana
Hoo e ka bang ka selemo sa 1900, “metsi” a fanang ka bophelo a nyorollang batho moeeng a ile a qala ho phalla butle-butle Guyana. (Joh. 4:14) Monna ea bitsoang Peter Johassen, ea neng a sebetsa moo ho rengoang meru Nōkeng ea Courantyne, o ile a iphumanela Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. O ile a phetela motho e mong ea bitsoang Monghali Elgin seo a se balileng, ’me eena a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower a kōpa lingoliloeng tse eketsehileng tsa Bibele, tse kopanyelletsang le buka ea The Divine Plan of the Ages. Le hoja Elgin a sa ka a khomarela linnete tseo a ithutileng tsona, o ile a etsa hore ba bang ba li thahaselle. Sena se ile sa etsa hore ho thehoe sehlopha se senyenyane New Amsterdam, e sebakeng seo Nōka ea Berbice e fihlang e kena leoatleng ho sona.
Khabareng, Edward Phillips ea neng a le Georgetown, motse-moholo oa Guyana, o ile a iphumanela lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Phillips o ne a labalabela ho bolella ba bang seo a ithutang sona, ’me o ile a bokella beng ka eena le metsoalle lapeng la hae hore kamehla ba buisane ka Bibele ka mokhoa o sa reroang. Ka 1908 o ile a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower, a kōpa hore ho be le motho ea romeloang Guyana, e neng e bitsoa British Guiana ka nako eo.a Lilemo tse ’nè hamorao, Evander J. Coward o ile a fihla ’me a fana ka lipuo tsa Bibele har’a batho ba makholo-kholo ba neng ba bokane liholong tsa sechaba Georgetown le New Amsterdam.
Mora oa Phillips, e leng Frederick, o sa hopola ketelo ea Coward. O ngola sena: “Ka nako e khutšoanyane feela, Mor’abo rōna Coward o ile a tsebahala haholo Georgetown, ’me ka lebaka la molaetsa oo a neng a o bolela, batho ba thahasellang ba ile ba qala ho ikopanya le sehlopha sa rōna sa Liithuti Tsa Bibele. Matsatsing ao, re ne re tšohla buka ea The Divine Plan of the Ages, buka ea The New Creation le libuka tse ling. Ka mor’a nako e khutšoanyane ntlo ea rōna e ile ea tlala, kahoo, ka 1913 re ile ra hira kamore e ka holimo Somerset House, Georgetown. Liboka li ile tsa tšoareloa mona ho fihlela ka 1958.” Ka 1914, Edward Phillips o ile a boela a bula lehae la hae, ’me lekhetlong lena e le ka morero oa hore le sebelisoe e le ofisi ea pele ea lekala Guyana. O ile a etsoa molebeli oa ofisi ’me o ile a etsa mosebetsi ona ho fihlela lefung la hae ka 1924.
Ka 1916, mosebetsi oa boboleli o ile oa matlafatsoa ke ho bontša “Photo-Drama of Creation,” e leng li-slide tse nang le litšoantšo tse tsamaeang. Frederick oa ngola: “Nakong eo, re ne re le khotsong le naleng e khōlō ea moea. Likoranta tsa mona li bile tsa hatisa letoto la lipuo tsa Charles T. Russell, eo e neng e le Seithuti sa Bibele se hlahelletseng.”
Ka 1917 lintho li ne li se li fetohile Guyana. Naha ena e ne e aparetsoe ke moea oa ntoa, ’me moruti ea hlahelletseng sebakeng sena o ne a khothalletsa sechaba hore se rapelle Brithani le linaha tse entseng selekane le eona. Lengolong leo Coward a le ngoletseng bo-ralitaba, o ile a hlalosa boemo ba lefatše ho latela boprofeta ba Bibele. Hape o ile a fana ka puo e matla Holong ea Sechaba Georgetown, eo sehlooho sa eona se neng se re, “Ho Heletsa Marako a Babylona.”
Tlaleho ea Molula-Qhooa oa May 1, 1984, e re: “Baruti ba ile ba khopeha hoo ba ileng ba khanna babusi kamorao hore ba leleke Moena Coward le ho thibeloa lingoloa tse ’maloa tsa rōna, thibelo e ileng ea tšoarella ho fihlela ka 1922.” Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ne ba hlompha Coward ka lebaka la ho fana ka bopaki ka sebete. Ha e le hantle, ha a tsamaea, ba ile ba koloka boema-kepe ba hoeletsa ba re: “Ke eena feela motho ea neng a ruta ’nete.” Basebetsi ba boema-kepe ba bile ba soka ka hore ba tla teraeka e le ho ipelaetsa ka lebaka la ho lelekoa ha Coward, empa barab’abo rōna ba ile ba ba eletsa hore ba se ke ba etsa joalo.
Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa tobana le teko e batlang e poteletse haholoanyane eo ka nakoana e ileng ea sitisa ho hasoa ha ’nete ea ’Muso. Motho e mong eo e neng e kile ea e-ba mor’abo rōna, hape e kile ea e-ba setho sa ntlo-khōlō Brooklyn empa e se e le mokoenehi, o ile a etela Guyana ka makhetlo a ’maloa ka sepheo sa ho etsa hore Liithuti Tsa Bibele moo li furalle mokhatlo o hlophisitsoeng.
Molula-Qhooa o seng o boletsoe o re: “Ka nakoana Liithuti tsa Bibele ka har’a naha tsa aroha likoto tse tharo, se seng e le se tšepahalang ho Mokhatlo, se seng e le sehlopha se hanyetsang ’me se seng sa boraro ho se moo se emeng. Leha ho le joalo, mahlohonolo a Jehova a ne a le holim’a sehlopha se tšepahalang feela ’me qetellong se ile sa atleha.” Ba bang ba ba tšepahalang e ne e le Malcolm Hall ea kolobelitsoeng ka 1915 le Felix Powlett ea kolobelitsoeng ka 1916. Ka bobeli ba ile ba lula e le bahlanka ba Jehova ba chesehang ho fihlela ba le ka holimo ho lilemo tse 90.
E le ho khothatsa barab’abo rōna ba tšepahalang ka ho eketsehileng, George Young oa ntlo-khōlō ea lefatše o ile a tla Guyana ka 1922 ’me a lula teng likhoeli tse ka bang tharo. Felix Powlett o ile a re: “E ne e le mosebetsi ea mokoka.” Tsebo ea Young ea Mangolo, lentsoe la hae le letenya, mahlahahlaha a hae ha a bontša seo a se bolelang, le ho sebelisa lintho tseo batho ba li bonang, li ile tsa susumelletsa ba bangata hore ba hlahlobe Lentsoe la Molimo haholoanyane. Motheong oa litlaleho tsa Young, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa January 1, 1923 o ile oa bolela hore ho na le “thahasello e eketsehileng haholo ’neteng karolong eo ea lefatše, hore ho na le palo e khōloanyane ea batho ba tlang libokeng tsohle tsa phatlalatsa, ba tlatsa matlo, le hore baena ba na le cheseho e eketsehileng le boinehelo bo eketsehileng ka ho tšoanang.” Ka mohlala, Somerset House, ka karolelano batho ba 100 ba ne ba tla libokeng, le hoja ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 25 feela ka nako eo.
Ka 1923 barab’abo rōna ba ne ba etsa boiteko ba ho finyella batho ba lulang ka hare-hare ho naha. Hangata, ba ne ba tsamaea ba nkile liphate tsa bona tse fanyehoang makaleng a sefate, le lingoliloeng, ’me ba ne ba tšepa hore batho ba ratang baeti ba tla ba fa se eang ka maleng. Haeba motho a ba fa marobalo, ba ne ba robaletsa moo. Ho seng joalo ba ne ba fanyeha liphate tsa bona tlas’a lekala la sefate ’me ba robala teng, hangata ba hlaseloa ke menoang e mengata. Ha ba tsoha hoseng ba ne ba hlahloba temana ea Bibele ho Daily Heavenly Manna, e leng buka e neng e hatisitsoe ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ka mor’a moo ba ne ba leba motseng o mong ka maoto kapa ba kōpa lefti sekepeng se lebang teng.
Boiteko ba ho finyella batho ba libakeng tse hōle haholo bo ile ba tsoela pele ho fihlela Ntoeng ea II ea Lefatše ha peterole e kepeloa, e leng se ileng sa fokotsa maeto. Khabareng, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa amohela lebitso la Lipaki Tsa Jehova ka 1931. Lihlopha tse nyenyane tsa Liithuti Tsa Bibele tse neng li qhalakane pel’a lebōpo la leoatle li ile tsa amohela lebitso le lecha ka mafolofolo ’me tsa bontša cheseho ka ho eketsa tšebeletso ea tsona. Hamorao lilemong tsa bo-1930, bahoeletsi ba ile ba qala ho sebelisa likeramafono tse rekotileng lipuo tsa Bibele tšebeletsong. Frederick Phillips, eo e neng e le mohlokomeli oa lekala ka nako eo, o ngola sena: “Metseng ho ne ho se na liea-le-moea mehleng eo, ’me ntho ea pele e neng e bontša hore re teng motseng e ne e le ’mino o hlahang libuela-hōleng tsa rōna, o neng o utloahala moeeng o khutsitseng, oa naha e chesang e mongobo. ’Mino o ne o lateloa ke lipuo tse rekotiloeng. Hoo e batlang e le batho bohle motseng ba ne ba re bokanela, ba bang ba ntse ba apere lipijama.”
Hape liteishene tsa liea-le-moea li ile tsa sebelisetsoa ho phatlalatsa litaba tse molemo. Seteishene se seng sa seea-le-moea Guyana se ne se hasa molaetsa oa ’Muso ka Sontaha se seng le se seng le ka Laboraro. Ho hlakile hore Satane o ile a bona mosebetsi ona oohle, ’me a sebelisa moea oa bochaba hore a kena-kenane le mosebetsi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše.
Ntoa ea II ea Lefatše le Mosebetsi oa ka Mor’a Ntoa
Ka 1941, ha ntoa ea bobeli ea lefatše e ntse e kupa, ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 52 ba mafolofolo Guyana. Hona selemong seo, Molula-Qhooa le Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!) li ile tsa thibeloa. Ka 1944 thibelo ena e ile ea akarelletsa le lingoliloeng tsohle tse hatisitsoeng ke batho ba Jehova. Tlaleho e Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa July 1, 1946 e re: “Esita le Libibele Tse Halalelang tse se nang lihlomathiso tsa Watch Tower ka hare empa e le feela likhatiso tse hatisitsoeng ke mekhatlo e meng ea Bibele li ne li thibetsoe, ka mantsoe a mang, lipaki tsa Jehova li ne li sa lumelloa ho ba le tsona.”
Ka April 1946, Nathan Knorr ea tsoang ntlo-khōlō o ile a etela Guyana. O ne a tsamaea le William Tracy, ea neng a sa tsoa fumana lengolo Gileade. Pakane ea bona e ne e le ho khothatsa barab’abo rōna le ho ipiletsa ’musong hore o tlose thibelo. Sebokeng sa Georgetown, Mor’abo rōna Knorr o ile a hlalosetsa barab’abo rōna le batho ba thahasellang ba 180 ba neng ba phuthehile hore barutuoa ba Jesu ba pele ba ne ba se na Libibele le libuka tse ba thusang tšebeletsong ea bona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka khōlo e babatsehang. Hobane’ng? Hobane ba ile ba tsoela pele ba bolela. Joale, na Molimo a ke ke a etsetsa bahlanka ba hae ba kajeno se tšoanang ha ba tsoela pele ka mosebetsi ba sa khaotse? Ka sebele o tla ba hlohonolofatsa!
Khabareng, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ba batla litsela tsa molao tsa hore thibelo eo e tlosoe. Ka mohlala, nako e ka tlaase ho selemo ka mor’a hore ntoa e lale, ba ile ba fumana batho ba 31 370 ba ileng ba tekenela kōpo ea ho ipelaetsa ka thibelo eo. Ka mor’a moo, kōpo eo e ile ea isoa ’musong. Ho phaella moo, e le ho beha batho ba Guyana leseling, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa hatisa pampitšana e hlalosang linnete. Sehlooho sa eona se ne se re: “BIBELE E HALALELANG EA THIBELOA BRITISH GUIANA—BATHO BA 31 000 BA TEKENELA KŌPO EA HO IPELAETSA E EANG HO ’MUSISI e le hore baahi bohle ba kolone ena ba boele ba be le tokoloho ea borapeli, ho sa tsotellehe tumelo ea bona.”
Hape, Mor’abo rōna Knorr o ile a kopana le mongoli oa kolone, e leng W. L. Heape, ka sepheo sa ho kōpa hore thibelo e tlosoe. Ha puisano eo ea metsotso e 30 e le haufi le ho fela, Mor’abo rōna Knorr o ile a fa Monghali Heape buka ea “’Nete E Tla Le Lokolla” ’me a kōpa hore a e bale ka hloko. Monghali Heape o ile a re o tla e bala. Ho feta moo, o ile a tsebisa Mor’abo rōna Knorr hore ha e le hantle, ka oona motsotso oo, thibelo ea lingoliloeng tsa rōna e ne e ntse e hlahlojoa bocha ke litho tse robong tsa komiti ea tsamaiso! Sena e ne e le ’nete hobane ka June 1946, ’musisi o ile a ntša phatlalatso e neng e tlosa thibelo eo.
Kapele ka mor’a moo, barab’abo rōna ba ile ba lokolleloa mabokose a 130 a tletseng lerōle a tšetseng libuka le libukana tse 11 798. Kaha baboleli ba ’Muso, bao ka nako eo ba neng ba le 70, ba ne ba thabetse hore ebe ba ne ba ka khona ho tsamaisa lingoliloeng hape, ka libeke tse leshome feela ba ile ba tsamaisa libuka tsohle tse rometsoeng. Hape ka August, barab’abo rōna ba ile ba qala ho paka seterateng, ’me ha e-ba le liphello tse babatsehang. Lekala le re: “Ho ne ho bonahala eka limakasine li ne li tsamaisoa ka potlako ka tsela e tšoanang le kamoo likoranta li neng li rekisoa kateng.”
Esita le nakong ea thibelo, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ba fumana lijo tsa bohlokoa tsa moea, ’me e ’ngoe ea lintho tse ileng tsa nolofatsa sena ke thuso ea mor’abo rōna ea neng a sebetsa posong e khōlō ea Georgetown. O ngola sena: “Ke ne ke ikutloa ke tlameha ho tiisa hore Melula-Qhooa e fihla lekaleng. Ka thuso ea baralib’abo rōna, ho ne ho thaepuoa lihlooho tse ithutoang kapa li kopitsoa li le ngata ebe li abeloa malapa hore a li sebelise libokeng tsa phutheho.”
Baromuoa ba Bacha ba Potlakisa Mosebetsi
Ha koloi e mathang ka lebelo e chencha likere, e matha le ho feta. Guyana, ho ile ha “chenchoa likere” mosebetsing oa boboleli ha baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba fihla bohareng ba lilemo tsa bo-1940. E mong oa bona e ne e le William Tracy, ea fumaneng lengolo sehlopheng sa boraro, le John le Daisy Hemmaway le Ruth le Alice Miller, ba fumaneng mangolo sehlopheng sa bohlano. Lipaki tsena tse chesehang li ile tsa bolella barab’abo tsona ba moo lintho tsa bohlokoa tseo li ithutileng tsona Gileade, ’me li ile tsa beha mohlala o motle tšimong.
Mor’abo rōna Tracy o ne a amehile ka ba lulang libakeng tse ka thōko. O ile a ngola sena: “Ke ile ka lekola naha, ka nyolosa ke theosa lebōpong la leoatle le linōkeng ke buisana le batho ba thahasellang ba sebakeng se thōko ke bile ke batla ba bacha ba thahasellang. Ke ne ke tsamaea ka terene e tsamaeang haufi le lebōpo la leoatle, ke tsamaea ka libese, baesekele, likepe tse khōlō tse tsamaeang nōkeng, liketsoana esita le liketsoana tse tsamaisoang ka masokoana.”
Hape baromuoa ba ile ba thusa bo-pula-maliboho ba mona hore ba hlophisehe e le hore ba ka sebetsa tšimo ka mokhoa o phethahetseng ’me haeba maemo a bona a ba lumella, ba ikitlaetse ’me ba sebetse le masimong a e-s’o sebetsoe. Ha rea lokela ho lebala hore ka 1946, Guyana e ne e e-na le liphutheho tse hlano feela le tlhōrō ea baboleli ba ’Muso ba 91. Empa ha ho mosebetsi o ka sitang batho ba matlafatsoang ke moea oa Molimo.—Zak. 4:6.
Qalong, bo-pula-maliboho ba bangata ba neng ba sebetsa le baromuoa ba ne ba hōlile. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe lilemo tsa bona, ba ne ba bontša boikutlo bo botle ka mosebetsi. Ba bang ba bona e ne e le Isaac Graves, George Headley, Leslie Mayers, Rockliffe Pollard le George Yearwood. Har’a baralib’abo rōna ho ne ho e-na le Margaret Dooknie, Ivy Hinds, Frances Jordan, Florence Thom, Atalanta Williams le Princess Williams (ha a amane le Atalanta). Ba ile ba ea hōle ka molaetsa oa ’Muso ba hlometse ka libuka, libukana le limakasine.
Ivy Hinds (eo joale e leng oa ha Wyatt) le Florence Thom (eo hona joale e leng oa ha Brissett) ba ile ba abeloa ho ea motseng oa Bartica o Nōkeng ea Essequibo, lik’hilomithara tse ka bang 80 ka hare ho naha. Motse ona o tseleng e eang libakeng tse nang le khauta le daemane ka har’a naha. Ho ne ho e-na le mor’abo rōna ea mong to! ea neng a lula moo. John Ponting, eo ka nako eo e neng e le molebeli oa lekala ebile e le molebeli oa potoloho, o ngola sena: “Pele likhoeli tse peli li fela batho ba 20 ba ne ba e-ba teng libokeng, ’me ba 50 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong.” E mong oa ba ileng ba amohela ’nete ke monna ea neng a bitsoa Jerome Flavius. E ne e le sefofu. John o re: “Ka mor’a nako e khutšoanyane o ne a khona ho fana ka lipuo a sa thusoe ke motho ka mor’a hore Ivy Hinds a mo balle boitsebiso boo ka makhetlo-khetlo.”
Le hoja baralib’abo rōna ba bo-pula-maliboho, e leng Esther Richmond le Frances Jordan ba ne ba habile lilemo tse 70, ba ile ba ithuta ho palama baesekele e le hore ba ka sebetsa tšimo e eketsehileng. Mor’abo rōna Ponting o re: “Margaret Dooknie, ea neng a se a sa tsebe hore na e bile pula-maliboho ka lilemo tse kae, o ne a tsamaea ho fihlela a khathetse hoo ka linako tse ling re neng re mo fumana a ile le sephume sa boroko bencheng e serapeng sa boikhathollo. Le ka mohla re ke ke ra lebala batho ba joalo.”
Bacha ba bangata ba ile ba susumetsoa ke mohlala oa baromuoa le bo-pula-maliboho ba hōlileng, kahoo, ba ile ba qala ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ka lebaka la mosebetsi ona oohle, batho ba eketsehileng ba ile ba kena ’neteng, ’me likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha ha thehoa lihlopha le liphutheho. Ka 1948 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 220 Guyana. Ka 1954 palo eo e ile ea eketseha ho ba 434. Khabareng, sehlopha sa barab’abo rōna ba tsoang Kitty-Newtown se neng se kopanela Somerset House se ile sa hōla hoo se bileng sa khona ho ba phutheho e ikemetseng—e bitsoang Phutheho ea Newtown—e le phutheho ea bobeli motse-moholo. Kajeno ho na le liphutheho tse robong Georgetown.
Likoloeana Tse Nang le Libuela-hōle, Bapalami ba Libaesekele le Litonki
Mathoasong a bo-1950, ka tataiso ea ofisi ea lekala, barab’abo rōna ba ne ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa libakeng tse bulehileng Georgetown eohle, hangata ka Moqebelo mantsiboea le ka Sontaha thapama. Ba ne ba sebelisa koloeana e nang le libuela-hōle eo ba neng ba iketselitse eona. E ne e e-na le sehōlisa-molumo se seholo, lipikara tse peli tse khōlō, moo lipikara li behoang teng, le mehala. Albert Small, ea ileng a kolobetsoa ka 1949, o re: “Motšehare, ho ne ho behoa boto e ngotsoeng, sebakeng seo seboka se neng se tla tšoareloa ho sona. Boto eo e ne e re, ‘Lipotso Tsa Hao Tsa Bibele Lia Arabeloa’ ’me e ne e bolela nako ea seboka. Ba bangata ba ile ba e-ba teng lipuong tseo, ’me ba bang hamorao ba ile ba amohela ’nete.”
E le ha ba bontša hore ho ka ’na ha e-ba le khōlo e eketsehileng, Nathan Knorr le mongoli oa hae, Milton Henschel, ba ile ba fana ka lipuo Globe Cinema, Georgetown, mathoasong a 1954. John Ponting o ne a le teng. O re: “Litulo tsohle tse 1 400 li ne li tletse, ’me ba 700 ba ile ba mamela ka lipikara tse behiloeng ka ntle ho fihlela pula ea sekhohola e qobella ba bangata hore ba kene ka hare. Re ile ra tsebahatsa lenaneo ka ho tsamaea ka libaesekele re entse mokoloko re fasitse liplakate. Ha ho se ho phirimile, re ile ra le tsebahatsa ka letšoao le leholo le bonesitsoeng le huloang ke tonki ’me mor’abo rōna a ntse a etsa litsebiso ka sehōlisa-molumo.”
Maeto a Eketsehileng a Eang ka Har’a Naha
Ha William Tracy e ntse e le molebeli oa lekala, o ile a khothatsa barab’abo rōna ba bangata hore ba finyelle batho ba lulang libakeng tse ka thōko. Eena ka ho toba o ile a etela libaka tse haufi le Nōka ea Essequibo le Nōka ea Berbice ’me a lokisetsa hore ho tšoaroe likopano tsa potoloho bakeng sa lihlopha tse nyenyane le liphutheho tse libakeng tseo. Hangata likopano li ne li tšoareloa sebakeng seo ho shebelloang libaesekopo ho sona le likolong tsa sechaba, ’me hangata sebaka seo ho shebelloang libaesekopo ho sona e ne e le sona sebaka se seholo ka ho lekaneng. Ka 1949 kopanong e neng e tšoaretsoe sebakeng seo ho shebelloang libaesekopo ho sona Suddie, haufi le moo Essequibo e kenang leoatleng teng, puo ea phatlalatsa e reng, “Ho Sebelisoa Lihele ho Tšosa Batho” e ile ea khahla batho haholo. Ba bang ba ile ba qala ho re Lipaki Tsa Jehova ke kereke e reng lihele ha li eo.
Ka 1950, William Tracy, ea neng a sa tsoa nyala, o ile a abeloa ho ea United States. John Ponting o ile a mo nkela sebaka ’me ea e-ba eena molebeli oa lekala ea ba ea e-ba molebeli ea tsamaeang. John o ile a boela a thusa ka ho sebetsa tšimo e ’ngoe e haufi le nōka. Barab’abo rōna ba ne ba palama likepe tse tloaelehileng tsa baeti. Ha baahi ba motse ba tlisa mangolo ka liketsoana tsa bona sekepeng sena sa baeti seo e neng e bile e le ofisi ea poso, barab’abo rōna ba ne ba ba kōpa hore ba ba palamise ho ea lebōpong la leoatle, ba tšepile hore ho na le ea tla ba fa lijo le bolulo. Ba ne ba fana ka bopaki motseng ebe bosiu ba amoheloa ka mofuthu lelapeng le leng. Letsatsing le hlahlamang motho e mong o ne a ba palamisa seketsoana ho theosa le nōka e le hore ba ka fana ka bopaki motseng o latelang. Thapameng e ’ngoe ba ile ba etela moo ho etsoang mapolanka teng. Mookameli o ile a emisa mosebetsi, a bokella banna ba hae, ’me a lumella barab’abo rōna hore ba ba fe puo ea metsotso e 15. Bohle ba ile ba nka lingoliloeng.
Thomas Markevich, ea fumaneng lengolo sehlopheng sa bo19 sa Gileade, o ile a abeloa ho ea Guyana ka July 1952. Le eena o ile a ea libakeng tseo ho neng ho e-s’o fanoe ka bopaki ho tsona. Tom o re: “U ba le thabo e khethehileng ha u bolella motho eo ho seng mohla a kileng a pakeloa molaetsa oa ’Muso. Empa ka linako tse ling ho etsahala seo u sa se lebellang, joalokaha ho bile joalo ho ’na. Ke ile ka ea Demerara ka seketsoana se tsamaeang nōkeng eaba ke tsamaea ka maoto ho kenella hare-hare sekhoeng, ’me ke ile ka bona ntlo e nyenyane. Mong’a ntlo o ile a ntumelisa, a re ke kene ka tlung, a mpha setulo ’me a mamela seo ke mo bolellang sona. Ha ke re mahlo tloha! ke ile ka bona hore mabota a ntlo eo a manamisitsoe maqephe a limakasine tsa Molula-Qhooa, ’me kaofela e ne e le tsa lilemong tsa bo-1940! Ho hlakile hore mong’a ntlo o kile a fumana molaetsa oa ’Muso, mohlomong ha a palame seketsoana se tsamaeang nōkeng kapa ha a le Georgetown kapa Mackenzie.”
Moromuoa ea bitsoang Donald Bolinger ke eena oa pele ea ileng a nka leeto le boima le eang Liphororong Tsa Kaieteur. Ha a ntse a pakela Maindia a Amerika, o ile a kopana le ofisiri ea ’muso e neng e sebetsa le ’ona. Qetellong monna enoa o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a hlokomela sehlopha se ileng sa thehoa moo hamorao. Ka lebaka la mosebetsi oa boipheliso, bahoeletsi ba bang ba ile ba fallela libakeng tse ka thōko, tse kang moo ho nang le merafo ea daemane le khauta. Ho sa tsotellehe ho ba thōko joalo, hangata ba ne ba fumanoa ba paka ka ntlo le ntlo likampong tseo. Ke eng e ileng ea ba thusa hore ba lule ba tiile moeeng? Ba ne ba lula ba e-na le kemiso e ntle ea ho ithuta le ho bolela.
Tšebeletso ‘e Monate le e Khotsofatsang’
John le Daisy Hemmaway bao e leng baromuoa, ba ile ba sebeletsa Guyana ho tloha ka 1946 ho fihlela ka 1961. Ka linako tse ling nakong ea bona ea phomolo ba ne ba qeta libeke tse peli ba le seterekeng se ka leboea-bophirimela, haufi le Venezuela, moo ho neng ho e-na le Macaribbean, Maarawak le merabe e meng ea sebaka seo. Ka lekhetlo le leng ba ile ba tsamaisetsa batho ba Maarawak lingoliloeng tse ngata. Sena ha sea ka sa thabisa masistere a K’hatholike a neng a tsamaisa sekolo sa moo. Ha e le hantle, masistere ao a ile a botsa bana hore na batsoali ba bona ba ne ba amohetse lingoliloeng kapa che. Ha batsoali ba utloa ka seo, ba ile ba halefa ’me ba tsebisa moprista hore ba tla ikhethela seo ba se balang. Moprista o ile a etsa eka ha hoa etsahala letho ’me tšebeletsong ea Sontaha, o ile a seolla bukana ea Can You Live Forever in Happiness on Earth? eo ba bangata ba neng ba e amohetse. Empa leqheka lena la hae ha lea ka la e-ba le liphello tseo a li batlang, hobane ka letsatsi leo ba ha Hemmaway ba tsamaeang ka lona, baahi ba bangata ba motse ba ile ba kōpa hore ba ba fe eona bukana eo.
John le Daisy ba ne ba tsamaea ka seketsoana, terene le teraka hore ba fihle sebakeng sena se lik’hilomithara tse ka bang 300 ho kenella ka hare ho naha. Ba ne ba nka mefaho hammoho le lingoliloeng le baesekele eo ba neng ba e hloka ha ba tsamaea litseleng tsa mokurutlane ba leba litselaneng tsa Maindia. John oa hlalosa: “Litselana tsena li leba hohle, ’me haeba motho a batla ho khutla a sireletsehile, o lokela ho hopola lintho hantle kapa a pome makala a manyenyane a etse matšoao moo litsela li kopanang teng. Ha motho a kopana le phoofolo leha e le efe e kang lengau kapa tau tselaneng eo, ntho e tloaelehileng ke hore a eme tsi! a e kenye mahlo. Qetellong, phoofolo eo e itsamaela ka lenyele. Litšoene li tsamaea holimo tsullung ea lifate, li hoelelitse li ipelaetsa ka batho ba kena-kenanang le tsona, ’me phoofotsoana e bitsoang sloth eona e leketla makaleng a lifate e qethohile, e sheba motho ka monyebe ha a feta. Mona le mane, moo ho se nang lifate, motho a ka bona linonyana tse mebala-bala tse bitsoang li-toucan tse jang tholoana ea sefate sa papaya.”
Ka mor’a hore Mor’abo rōna Hemmaway a qete lilemo tse 15 e le moromuoa Guyana, o ile a akaretsa maikutlo a hae ka ho re: “Ka sebele ho bile monate! E, hape ho tlisitse khotsofalo e kaakang! Ho iphara fatše ka har’a ntlo e entsoeng ka makala a lipalema le ho bua le Maindia a Amerika ka ’Muso oa Molimo, ho a ruta mokhoa o mocha oa bophelo, ho tlisa khotsofalo e ke keng ea lekanngoa. Ho bona batho bao ba ikokobelitseng ba amohela thuto ea Bibele ’me ba nehela bophelo ba bona ho Molimo ke phihlelo eo re ke keng ra e lebala.”
Bo-pula-maliboho ba Guyana ba ea Gileade
Bo-pula-maliboho ba ’maloa ba Guyana le bona ba ile ba thabela tokelo ea ho ea Sekolong sa Gileade, ’me ba bang ba ile ba abeloa ho khutlela Guyana. Ba bang ba bona ke Florence Thom (eo hona joale e leng oa ha Brissett), ea neng a le sehlopheng sa bo21 ka 1953; Albert le Sheila Small, ba neng ba le sehlopheng sa bo31 ka 1958; le Frederick McAlman, ea neng a le sehlopheng sa bo48 ka 1970.
Florence Brissett o re: “Ke ne ke tšepile hore ke tla abeloa ho ea naheng e ’ngoe, empa hore ebe ke ile ka abeloa ho ea Skeldon, Guyana, e bile tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. Ba bangata ho bao ke neng ke kena sekolo le bona, matichere, metsoalle le batho bao ke ba tsebang ba ile ba lumela ha ke kōpa ho ithuta Bibele le bona hobane ba ne ba ntseba. Ha e le hantle, ba bang ba ne ba bile ba tla ho ’na ho tla kōpa thuto! E mong oa bona ke Edward King, eo ke neng ke se ke ntse ke ithuta le mosali oa hae. Moprista oa Chache o ile a utloela hore mosali oa Edward o ithuta Bibele. Kahoo, o ile a bitsa Edward, a mo laela hore a emise thuto eo. Empa ho e-na le ho etsa seo a se bolelloang, Edward ka boeena o ile a qala ho ithuta.”
Ha ba ha Small ba khutla Gileade, Albert e ile ea e-ba setho sa Komiti ea Lekala hape ea e-ba molebeli oa potoloho ka lilemo tse ngata. Hajoale, ho sa tsotellehe bophelo bo seng botle, eena le Sheila ba tsoela pele ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng phuthehong e ’ngoe sebakeng sena, ’me Mor’abo rōna Small ke moholo. Ho hlakile hore hase bohle ba tsoang Guyana ba ileng ba abeloa ho khutlela teng. Ka mohlala, Lynette Peters, ea fumaneng lengolo sehlopheng sa bo48, o ile a abeloa ho ea Sierra Leone. O ntse a sebeletsa ka botšepehi kabelong ea hae naheng e ’ngoe.
Filimi e Tsosa Thahasello
Filimi e ileng ea sebelisoa haholo ke Lipaki Tsa Jehova lilemong tsa bo-1950 e ne e e-na le sehlooho se reng, The New World Society in Action. E ne e bontša ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn le kopano e khōlō e ileng ea tšoaroa Yankee Stadium, New York City ka 1953. Filimi eo e ile ea thusa bohle—Lipaki le ba bang—hore ba utloisise mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova haholoanyane le hore na o pharaletse hakae. Ruri filimi eo e ile ea ama batho ba neng ba lula hare morung o nang le pula e ngata, bao ba bangata ba bona ba neng ba qala ho bona filimi!
Hangata filimi e ne e bontšoa ka ntle jareteng e khōlō. Batho ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse ngata ho tla e bona. U ka ’na ua ipotsa, ‘Empa, barab’abo rōna ba ne ba khona ho bontša filimi ee joang libakeng tse se nang motlakase?’ Alan Johnstone, ea fumaneng lengolo Gileade o ile a fihla ka 1957 ’me ea e-ba molebeli oa potoloho, ’me o ile a bontša filimi ena ka makhetlo a mangata. O ngola sena: “Moo ho neng ho se na motlakase, re ne re sebelisa lijenereithara tseo re neng re li alingoa ka mosa ke batho ba sebaka seo ba neng ba li sebelisetsa ho khantša mabenkeleng a bona bosiu. Lakane e khōlō e tšoeu e ne a faselletsoa ka thata pakeng tsa lifate tse peli ebe ho bontšoa filimi ho eona.”
Ka lekhetlo le leng ha filimi e qeta ho bapaloa, John le Daisy Hemmaway ba ne ba palame sekepe ba leba hae. Ba bangata ka har’a sekepe ba ne ba utloetse ka filimi eo ’me ba batla ho e bona. Kahoo, ka tumello ea motsamaisi oa sekepe, ba ha Hemmaway ba ile ba beha ntho eo ba bontšang filimi ho eona mokatong oo oa sekepe ’me ba beha mochine o bapalang lifilimi ka kamoreng ea sekepe e neng e e-na le fensetere e sebakeng se setle. John oa ngola: “Baprista ba K’hatholike le ba Chache ba ne ba palame sekepe seo. Le hoja ba ne ba sa ka ba itheola boemong ka ho shebella filimi eo ha e bapaloa motseng, joale ba ile ba e shebella ka lekhonono ka har’a sekepe. Ha e le hantle, re ne re bapala filimi re le ka kamoreng ea bona. Hamorao bapalami ba ile ba ba emella ka lipotso tse neng li ka arajoa ke Lipaki Tsa Jehova feela.”
Ha John Ponting a bua ka matla a filimi eo, oa ngola: “Ho bapala filimi lilemong tseo ho ne ho atleha ka ho khethehileng moo Lipaki li neng li fokola li bile li sa nkeloe hloohong. Batho ba tletseng lipelaelo ba ile ba e-ba le monyetla oa ho bona mokhatlo o hlophisitsoeng o moholo oa lefatše lohle, oa merabe e mengata, ’me ba ile ba re hlompha haholo. Ba bangata ba ile ba fetola maikutlo ’me ba amohela thuto ea Bibele. Hamorao ba bang ba bona e ile ea e-ba baholo. Ka nako ea libeke tse peli feela, molebeli oa potoloho o ile a bontša filimi ena ka makhetlo a 17, hangata e le ka ntle, ho e-na le batho ba 5 000.
“Boiteko ba molebeli oa potoloho bo ile ba putsoa haholo leetong le leng leo a ileng a le nka, le neng le akarelletsa ho qeta matsatsi a mabeli a le nōkeng e nang le liphororo a bile a tsamaea tseleng e kenang har’a sekhoa, ha Maindia a Amerika a mangata a thabela filimi—e le eona filimi ea pele eo a kileng a e bona. Letsatsing le hlahlamang, baahi ba bangata ba motse, bao ba bangata ba bona e neng e le Mapresbitheri, ba ile ba amohela limakasine tsa rōna. Ka lebaka la ketelo ena, tsela eo baahi bohle ba motse ba neng ba ikutloa ka eona ka batho ba Jehova e ile ea ntlafala haholo.”
Ho tloha ka 1953 ho fihlela ka 1966, ho ile ha e-ba le moferefere oa lipolotiki le oa merabe Guyana. Selemo sa 1961 ho ea ho sa 1964 e bile lilemo tse mahlonoko ka ho fetisisa ’me ho ne ho le morusu, ho utsuoa, ho bolaeanoa ho bile ho e-na le seteraeke se akaretsang. Lipalangoang tsa sechaba li ile tsa emisoa, ’me ho ne ho tletse tšabo. Barab’abo rōna ha baa ka ba hlorisoa ka ho tobileng, empa ba bang ba ile ba utloisoa bohloko ke maemo a neng a le teng. Ka mohlala, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba otloa, ’me ba bang ba babeli ba akarelletsang Albert Small, ba ile ba thunngoa ’me ba lokela ho ea sepetlele ho ea ntšoa likulo. Boemo bo ile ba mpefala hoo mabotho a Brithani a bileng a namola.
E bile ho loketseng hakaakang hore ebe nakong eo ea pherekano, The New World Society in Action e ile ea bontša hore ho na le batho ba tsoang lichabeng tsohle ba bontšang khotso ea ’nete le bonngoe! Ho feta moo, barab’abo rōna ha baa ka ba lumella hore bosieo ba lipalangoang tsa sechaba bo ba thibele ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong. Ho e-na le hoo, ba ne ba tsamaea ka maoto haleletsana ho feta kamoo ho tloaelehileng kateng, kapa ba palama libaesekele. Ka holim’a tsohle, ba ile ba bontšana lerato la ’nete la Bokreste. Albert Small o re: “Ba ile ba hlokomelana ’me ba arolelana lintho.”
Baralib’abo Rōna ba Etella Pele Mosebetsing
Baralib’abo rōna ba ile ba bolela molaetsa oa ’Muso libakeng tse hōle. Ka mohlala, Ivy Hinds le Florence Thom, ba ile ba khethoa hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng Bartica, moo sekhoa se fellang teng. Mahadeo, eo e leng mohoeletsi ea sebakeng se ka thōko, o ne a lula sebakeng seo le mosali oa hae, Jamela. Joaloka banana ba bangata ba East Indies mehleng eo, Jamela o ne a sa ea sekolong ’me o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo, o ne a batla ho ipalla Bibele le ho ruta bara ba bona ba banyenyane ba babeli. Florence o ile a re: “Ka tlhohonolofatso ea Jehova le ka thuso ea ka, ka potlako o ile a ithuta ho bala, ho ngola le ho pakela ba bang.”
Likhoeli tse peli li ile tsa feta Florence le Ivy ba ntse ba e-s’o fumane sebaka se loketseng seo ba ka lulang ho sona. Ba ne ba boetse ba hloka sebaka seo ba tla tšoarela liboka ho sona, kaha ba ne ba se ba ntse ba khanna lithuto tse fetang leshome tsa Bibele. Ba ile ba thatafalloa le ho feta ha ba tsebisoa hore ba tla eteloa ke molebeli oa potoloho. Ho feta moo, ketelo eo e ne e tla ba bekeng eo ka eona basebetsi ba tsoang karolong e ka hare ea naha le matekatse a mangata a tsoang Georgetown ba neng ba tla subuhlellana Bartica, ’me ba eketse palo ea baahi ba moo ka makhetlo a mararo!
Empa letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane. Florence o sa hopola: “Ha ho setse letsatsi feela pele molebeli oa potoloho a fihla, le hona e se e le motšehare oa mantsiboea, re ile ra teana le motho ea hirisang matlo ea ileng a lumela ho re hirisetsa ntlo e nyenyane e nang le likamore tse peli e ka har’a toropo. Re ile ra sebetsa hona hoo! ra hlatsoa mabota ra a penta ’me ka mor’a moo ra tlotsa fatše ka pholishe. Re ile ra fanyeha likharetene, ’me ra kenya thepa ea ka tlung, eaba re qeta hoseng ka meso. Re ne re utloile ke mosebetsi bosiung boo! John Ponting, molebeli oa potoloho, o ne a sa kholoe ha re mo phetela se etsahetseng. Bosiung ba pele ba ketelo ea hae, batho ba 22 ba ile ba tla libokeng, ’me ra ba le tšepo ea hore ho tla thehoa Phutheho ea Bartica.”
Ho Tsamaea Linōkeng ka Likepe Tsa Kingdom Proclaimers
Lilemong tse qalang, barab’abo rōna ba ne ba sebelisa likepe le liketsoana leha e le life tse neng li le teng hore ba fihle libakeng tse haufi le linōka. Hamorao, ba ile ba ba le likepe tsa bona tse bitsoang Kingdom Proclaimer I, Kingdom Proclaimer II, joalo-joalo ho fihlela ho Kingdom Proclaimer V. (Tse peli tsa pele ha li sa sebetsa.)
Frederick McAlman o re: “Re ne re soka seketsoana nakong ea ha metsi a phalla ka matla ’me re ne re paka lebōpong le ka bochabela la Nōka ea Pomeroon ho fihlela re fihla Hackney, e lik’hilomithara tse 11 ho tloha moo nōka eo e kenang leoatleng teng. Ha re le moo, re ne re robala hamonate lapeng la Morali’abo rōna DeCambra, eo ka nako eo e neng e le ’melehisi sebakeng seo. Esale ka matjeke letsatsing le hlahlamang, re ne re tsoela pele ho leba moo nōka e kenang leoatleng teng pele re tšelela lebōpong le ka bophirimela. Joale re ne re khutlela morao lik’hilomithara tse 34 re leba Charity.” Ka lilemo tse hlano, barab’abo rōna ba ne ba soka sekepe ka masokoana ha ba nyolosa ba theosa le Nōka ea Pomeroon pele ba fumana sekepe se kileng sa sebelisoa, se tsamaeang ka enjene e nang le matla a li-kilowatt tse 4,2.
Hangata ho tsamaea metsing ho ne ho se kotsi, empa ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba be seli, kaha ho ne ho e-na le likepe tse ling tse tsamaeang moo. Kingdom Proclaimer I le II li ne li tsamaisoa ka masokoana, kahoo li ne li se lebelo. Frederick o re: “Ha ke le tseleng e eang hae ke tsoa fana ka bopaki Nōkeng ea Pomeroon thapameng e ’ngoe ea Moqebelo, sekepe sa ka se ile sa thuloa ke sekepe se seng se seholo sa thepa se mathang ka lebelo le leholo. Motsamaisi oa sona le basebetsi-’moho le eena ha baa ka ba hlokomela kaha ba ne ba ipolaisitse joala. Ha li thulana, sekepe sa Kingdom Proclaimer I se ile sa mpetsetsa ka nōkeng, ka ba ka chobela ka tlas’a sekepe sa bona. Ke ne ke teba, ke loanela ho pholosa bophelo ba ka lefifing, nako le nako ke thula bokatlaase ba sekepe seo ka hlooho, lisenthimithara tse seng kae feela ho tloha lebiling le fehlang moea ka matla le tsamaisang sekepe. Ha mohlankana e mong ea ka sekepeng seo a bona hore ke maqakabetsing, o ile a itahlela ka nōkeng ’me a mpholosa. Ke ile ka qeta libeke tse ’maloa ke opeloa ka lebaka la kotsi eo, empa ka leboha hore ebe ke ntse ke phela!”
Kotsi eo ha ea ka ea nyahamisa Frederick. Oa hlalosa: “Ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ka lebaka la thahasello eo batho ba haufi le nōka ba neng ba e-na le eona Bibeleng. Ba ne ba tšoarela Thuto ea Buka ea Phutheho motseng oa Sirikie, o bohōle ba lik’hilomithara tse 11 ho tloha Charity, ’me ba ne ba itšetlehile ka ’na.”
Ho Qeta Beke le Molebeli oa Potoloho
Ho ba molebeli ea tsamaeang mahaeng Guyana ho hloka hore motho a be le mokoka. Ntle le hore ho ne ho hlokahala hore balebeli ba potoloho le basali ba bona ba tsamaee ka sekepe linōkeng, ba tsamaee litseleng tse mokurutlane le litseleng tse fetang likhoeng, ka linako tse ling ba ne ba lokela ho tobana le menoang le likokoanyana tse ling, liphoofolo tse kang lengau kapa tau, pula e ngata, ’me maemong a mang ba lokela ho tobana le masholu. Ba ne ba boetse ba le kotsing ea ho tšoaroa ke malaria, feberu ea mala kapa boloetse bo bong bo ka tšoarang batho libakeng tse chesang tse mongobo.
Molebeli e mong ea tsamaeang o hlalosa ha a etela bahoeletsi ba bang ba ka thōko ba haufi le Nōka ea Demerara. O re ha a ngola: “Ka mor’a ho etela Phutheho ea Mackenzie, ka Mantaha re ile ra tsamaea ka seketsoana se nang le enjene ra etela mor’abo rōna ea motseng oa Yaruni, o haufi le Nōka ea Demerara, e leng lik’hilomithara tse ka bang 40 ho tloha Mackenzie. Ha re le moo, re ile ra paka mahlakoreng a mabeli a nōka ka seketsoana se sokoang, re theosa le metsi ho leba Mackenzie.
“Batho ba moo ba ne ba rata baeti haholo ’me ba ile ba re fa litholoana ba ba ba re mema hore re je le bona. Ka Labohlano, re ile ra tsamaea nōkeng ka seketsoana re il’o palama seketsoana se tsamaisoang ke mouoane o chesang. Ha re le Soesdyke, re ile ra tsoa seketsoaneng se tsamaisoang ke mouoane ra palama seketsoana se tsamaisoang ka masokoana eaba re leba lebōpong. Re ile ra khahlametsoa ke mor’abo rōna eaba re leba ha hae ka mose ho Nōka ea Demerara, motseng oa Georgia. Hona mantsiboeeng ao, re ile ra ba le seboka le lelapa leo.
“Letsatsing le hlahlamang, kaofela re ile ra tšela Nōka ea Demerara ra leba Soesdyke, ra sebetsa tšimo ea moo esita le sebaka se nang le baahi ba bangata haufi le Boema-fofane ba Timehri. Hape re ile ra ea litutulung tsa lehlabathe, moo batho ba neng ba laela lehlabathe literakeng ba le isa Georgetown. Bosiung ba Moqebelo, re ile ra tšoara seboka se seng le lelapa le Georgia. Letsatsing le hlahlamang, kaofela re ile ra boela ra tšela nōka ra leba Soesdyke moo re ileng ra sebetsa tšimo hoseng ’me ra ba le puo ea phatlalatsa thapama foranteng ea ofising ea poso. Beke ea rōna e ile ea fella joalo.” Mosebetsi o boima oa balebeli ba potoloho ba inehetseng hakaalo hammoho le basali ba bona o ile oa putsoa hobane hona joale ho na le phutheho e atlehileng haholo Soesdyke. Barab’abo rōna ba na le Holo ea ’Muso, e ileng ea phethoa ka 1997.
Balebeli ba potoloho le bona ba ne ba hlaheloa ke mathata. Jerry le Delma Murray ba ne ba tsamaea ka sethuthuthu ’me ba ile ba fihla forong e khōlō ea metsi e nang le borokho bo entsoeng ka mapolanka a ’maloa a kopantsoeng. Delma o ile a leta ha Jerry a tšela borokho ka sethuthuthu. Empa lintho ha lia ka tsa tsamaea hantle hobane Jerry o ile a sulubana ’me a re tlōle! liretseng ka tlas’a borokho hammoho le sethuthuthu le sutuk’heisi. Delma o ile a bokolla, ’me baahi ba motse ba phalla ho tla thusa. Ho ea ka se ngotsoeng ke mora e mong oabo rōna, nakoana ka mor’a moo lefu-leholo e ile ea e-ba litšeho ha “lekhooa lena le qhefetsa ho ea lebōpong le koahetsoe ke bolèlè ’me lieta tsa lona li tletse liretse.”
Maindia a Amerika a Amohela Litaba Tse Molemo
Mathoasong a lilemo tsa bo-1970, ha Frederick McAlman a ntse a paka ’marakeng oa Charity, o ile a fa mosali e mong oa Leindia la Amerika ea bitsoang Monica Fitzallen, makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! (Bona lebokose le leqepheng la 176.) Monica, ea neng a lula sebakeng sa Maindia a Amerika, o ile a nka limakasine tseo a ea hae le tsona. Ka le leng ha a kula o ile a li bala ’me a hlokomela hore seo a se balang ke ’nete. Ka mor’a nakoana, e ile ea e-ba eena feela mohoeletsi oa litaba tse molemo sebakeng sena seo Maindia a Amerika a lulang ho sona—’me a kolobetsoa ka 1974.
Monica o re: “Ke ile ka kopanela ka matla ho pakeng ka ntlo le ntlo, ke thabela ho bolella batho ba heso seo ke sa tsoa ithuta sona. Leha ho le joalo, ke ne ke lokela ho soka sekepe linōkeng le melatsoaneng hore ke fihle malapeng a bona. Ha palo ea batho ba thahasellang e ntse e eketseha, ke ile ka qala ho ba tšoarela liboka, re bala le ho tšohla buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng e thusang batho ho ithuta Bibele.”
Na ho sebetsa ha Monica ka thata ho ile ha hlahisa litholoana? Ka sebele ho hlahisitse litholoana, kaha hona joale o thabela ho ba e mong oa bahoeletsi ba 13, ba akarelletsang monna oa hae, mora le ngoetsi le setloholo. Nakong e fetileng sehlopha sena se senyenyane se ne se lokela ho tsamaea lihora tse 12 ka seketsoana ho ea Charity, moo phutheho e haufi e neng e le hona teng. Leha ho le joalo, hona joale ba tšoara liboka motseng oa habo bona, ’me ba bang teng libokeng ba feta palo ea bahoeletsi ka makhetlo a mararo!
Khabareng, phutheho e Charity le eona e hōlile. E se e e-na le bahoeletsi ba 50, bao ba bangata ba bona ba tšelang Nōka ea Pomeroon ha ba e-ea libokeng. Ka kakaretso batho ba bang teng libokeng ba feta 60, ’me Sehopotsong sa 2004 ho bile teng ba 301. Phutheho ea Charity le eona e na le Holo ea ’Muso e ncha.
Keketseho e Hlollang Baramita
Sebaka se seng Guyana moo matsoalloa a mangata a teng a amohetseng molaetsa oa ’Muso ke Baramita. Baramita e ka leboea-bophirimela ho naha, ’me ke lehae la Maindia a Caribbean. Macaribbean ke ba bang ba baahi ba pele ba Caribbean, bao e reheletsoeng ka bona. Le puo ea ’ona e bitsoa Secaribbean.
Ruby Smith, eo e leng Lecaribbean, o ile a thahasella ’nete ka 1975 ha nkhono’ae a mo fa pampitšana. (Bona lebokose le leqepheng la 181.) Ruby o ne a le lilemo li 16 ka nako eo. O ile a tsoela pele moeeng a ba a kolobetsoa ka 1978 Kopanong ea “Tumelo e Hlōlang.” Nakoana ka mor’a moo, lelapa labo le ile la fallela Georgetown ka mabaka a mosebetsi. Ha a le moo o ile a nyaloa ke Eustace Smith. Eustace o ne a sa tsebe Secaribbean, leha ho le joalo, eena le Ruby ba ne ba ikemiselitse ho fallela Baramita ho ea bolella beng ka Ruby le ba bang molaetsa oa ’Muso. Ruby o re: “Jehova o ile a bona se ka lipelong tsa rōna ’me a araba lithapelo tsa rōna hobane ka 1992 re ile ra ea Baramita.”
Ruby o tsoela pele o re: “Ha re fihla, hang-hang ke ile ka qala ho pakela batho ba motseng oo. Re ne re tšoarela liboka ka tlas’a ntlo ea rōna e nyenyane, e neng e ka ba bophahamo ba limithara tse 1,5 ho tloha fatše. Ka mor’a nakoana, ho ile ha tla batho ba bangata haholo hoo ba neng ba sa lekane sebakeng sena, kahoo re ile ra alima litente. Ha batho ba ntse ba utloa ka liboka, ho ile ha tla ba bang ba eketsehileng hoo qetellong ho ileng ha tla batho ba 300! Kaha ke ne ke tseba Secaribbean hantle, ke ile ka abeloa ho toloka Molula-Qhooa. Ke’ng se neng se thusa hore batho ba utloe kaofela? Re ne re sebelisa sehōlisa-molumo sa theko e tlaase se hasang maqhubu, ’me ba bangata ba ne ba itlela le liea-le-moea ebe ba bulela leqhubu le nepahetseng.
“Ka nako eo, ’na le Eustace re ile ra nahana hore sehlopha seo se hloka Holo ea ’Muso e le kannete. Kahoo, ka mor’a ho bala litšenyehelo le ho buisana ka taba eo le ba bang, re ile ra qala mosebetsi. Moholoane oa ka, e leng Cecil Baird, o ile a nehelana ka boholo ba thepa ea kaho, ’me batho ba bang bona ba thusa ka matsoho. Mosebetsi o ile oa qala ka June 1992, ’me oa phethoa mathoasong a selemo se hlahlamang, hantle feela pele ho nako ea Sehopotso. Re ile ra makala ha ba 800 ba e-tla puong ea Sehopotso, e neng e fanoa ke Gordon Daniels, molebeli ea tsamaeang.
“Sehlopha sa Baramita se ile sa fetoha phutheho ka la 1 April, 1996, ’me Holo ea ’Muso e ile ea neheloa ka la 25 May. E ’nile ea atolosoa ho tloha nakong eo, ’me hona joale e khona ho lulisa batho ba fetang 500, e leng se nolofalelitseng barab’abo rōna hore ba e sebelisetse likopano tsa potoloho le matsatsi a kopano e khethehileng. Ha e le hantle, sehlopha seo se qalileng e le se senyenyane, hona joale ke phutheho e nang le bahoeletsi ba ka bang 100 ’me Sebokeng sa Phatlalatsa ho ba teng batho ba ka bang 300 ka karolelano. Ba ka bang 1 416 ba bile teng Sehopotsong!”
Lechato le Leholohali!
Seterekeng sa Baramita, batho ba bangata ba neng ba phela hammoho joaloka monna le mosali empa ba sa nyalana ba ile ba ngolisa manyalo a bona ka molao e le hore ba lumellane le melao ea Bibele. Leha ho le joalo, ho ne ho le thata hore ba bang ba fumane litokomane tse loketseng, tse kang mangolo a tsoalo. Empa batho bana ba ile ba khona ho nyalana ka mor’a hore ba etse boiteko bo bongata le ka mor’a hore barab’abo rōna ba ba thuse ho netefatsa matsatsi a bona a tsoalo le lintlha tse ling.
Ka lekhetlo le leng, ho ile ha nyalisoa batho ba 158 ka nako e le ’ngoe. Adin Sills, e leng setho sa Komiti ea Lekala, o ile a fana ka puo ea lenyalo. Matsatsi a mararo hamorao, batho ba 41, bao boholo ba bona ba neng ba sa tsoa nyalana, ba ile ba bolela hore ba lakatsa ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang.
Kahoo, ba bangata Baramita ba bontšitse thahasello Lentsoeng la Molimo hoo motse oohle o ntlafetseng haholo. Ha ho neheloa Holo ea ’Muso, moholo e mong o ile a re: “Baramita e se e le sebaka sa khotso le khutso. Sena se etsoa ke hobane ho baahi ba bang le ba bang ba lekholo motseng ona ba ka fetang 90 ba atisa ho ba teng libokeng kamehla.”
Ka 1995 ho ile ha e-ba le komello e khōlō seterekeng sa Baramita. Batho ba Jehova ba ile ba etsa’ng? Gillian Persaud, eo e neng e le tichere o ne a ruta Baramita ka nako eo. Ha a utloa sefofane se senyenyane se lula boema-fofane bo bonyenyane bo haufi le moo, o ile a matha haholo a emisa mokhanni oa sona pele a tloha. O ile a mo kholisa hore a mo ise Georgetown, ’me ha a fihla teng a toba ofising ea lekala ho ea tlaleha boemo bo sa jeseng litheohelang ba barab’abo rōna.
James Thompson, eo ka nako eo e neng e le setho sa Komiti ea Lekala, o re: “Sehlopha se Busang se ile sa re lumella hore re ise lijo le lintho tse ling Baramita ka sefofane. Hape re ile ra khona ho lokisetsa hore bahoeletsi ba 36 ba isoe Georgetown ka sefofane e le hore ba ka ea kopanong ea setereke moo. Ba bangata ba bona ba ne ba qala ho ea kopanong.”
Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi
Kaha Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (Ministerial Training School [MTS]) se qalile ka 1987, linaha tse ngata li ruile molemo mosebetsing oa baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha ba tsoang sekolong sena. Le Guyana ho bile joalo. Ka mor’a ho ea sekolong se neng se tšoaretsoe naheng e haufi ea Trinidad, barab’abo rōna ba bangata ba Guyana ba ile ba khona ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso ka matla sebakeng seo. Hona joale, ba bang ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla, bo-pula-maliboho ba khethehileng le baholo. Ba ileng ba khutlela liphuthehong tsa habo bona ba ntse ba etsa ho hongata ho hlokomela linku tsa Jehova.
Ba bangata ba fumaneng mangolo MTS ba amohetse boikarabelo bo eketsehileng. Ka mohlala, Floyd le Lawani Daniels, bao e leng bana ba motho, ba ile ba abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng liphuthehong tse hlokang baholo ka potlako. David Persaud o ile a fuoa tokelo ea ho sebeletsa e le molebeli oa potoloho. Seithuti-’moho le eena, e leng Edsel Hazel o ile a khetheloa ho ba Komiting ea Lekala ea Guyana. Ha molebeli oa potoloho a bua ka ba bang ba kileng ba ea sekolong seo, o ile a re: “Ke bone ha batho bana bohle ba hōla moeeng haholo-holo ka mor’a ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.”
Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
Bofelong ba lilemo tsa bo-1970, ho ne ho e-na le baahi ba ka bang 30 000 Lebōpong la Atlantic le ka bophirimela ho Nōka ea Essequibo, ’me ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 30 feela. Kahoo, nako le nako, lekala le ile la abela bo-pula-maliboho ba khethehileng hore ba sebetse likarolo tsa tšimo eo khoeli e le ’ngoe lekhetlo ka leng. Mor’abo rōna ea neng a hlokomela sehlopha se seng se pakang o ile a re: “Barab’abo rōna ba ile ba khona ho qeta tšimo le ho tsamaisa libuka tse 1 835, ’me ba ile ba etsa maeto a mangata a ho boela ba ba ba qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele.”
Mora e mong oabo rōna o ile a tlaleha: “Re ile ra soka seketsoana sa rōna ka lihora tse peli, ra tsamaea lik’hilomithara tse 27. Ka linako tse ling, re ne re lokela ho hula kapa ho sututsa seketsoana seretseng se fihlang mangoleng, empa boiteko ba rōna bo ne bo putsoa kaha beng ba matlo ba ne ba re amohela ka mofuthu. E mong oa bona, eo e neng e le tichere ea ’mino, o ne a sebelisa buka ea rōna ea lipina ha a ruta ’mino. O ile a re: ‘Ka sebele ke rata tsela eo ’mino ona o hlophisitsoeng ka eona.’ Ka mor’a moo o ile a re bapalla lipina tse peli ’me a amohela libuka tse tšeletseng.”
Bara le barali ba bang babo rōna ba ile ba itlhahisa hore ba thuse libakeng tse hlokang thuso haholoanyane. Nahana ka mohlala oa Sherlock le Juliet Pahalan. Sherlock oa ngola: “Ka 1970, ’na le Juliet re ile ra memeloa ho thusa Phutheho ea Eccles, e lik’hilomithara tse 13 ka boroa ho Georgetown, Nōkeng ea Demerara. Ho ne ho e-na le mathata a itseng ka phuthehong eo, ’me ho hlokahala hore batho ba itseng ba khaoloe. Sena se ile sa siea phutheho e e-na le bahoeletsi ba 12 feela ba mafolofolo le bana ba bona ba sa kolobetsoang. Ka nakoana, e ne e le ’na feela moholo. Ho phaella moo, phutheho e ne e hlokomela sehlopha se senyenyane se motseng o ka thōko oa Mocha. Ka Mantaha mantsiboea ke ne ke khanna Thuto ea Buka ea Phutheho motseng oa Mocha ’me ka mor’a moo ebe ke khanna e ’ngoe Eccles.
“Ke ne ke boetse ke lokela ho khanna Thuto ea Molula-Qhooa. Kaha ke ka seoelo re neng re e-ba le limakasine tse lekaneng bohle, re ne re qala ka ho bala serapa ebe re botsa potso, e leng tsela e fapaneng le e neng e sebelisoa ka nako eo. Re ne re e-ea libokeng ka likerese kaha motlakase o ne o atisa ho tima; nakong ea lipula, re ne re lokela ho mamella ho longoa ke menoang e mengata. Mehleng eo, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba tsamaea ka maoto kapa ba palama libaesekele ha ba ea libokeng le ha ba e-ea tšimong ho ea paka. Bahoeletsi ba Mocha ba ne ba tla Eccles ka maoto kapa ka libaesekele. Ha liboka li tsoa, ke ne ke palamisa batho ba bangata ka hohle ka moo nka khonang veneng ea ka e nyenyane ea Austin ke ba isa moo ba lulang teng Mocha.”
Na boiteko boo bohle bo ile ba hlahisa molemo oa letho? Ha Mor’abo rōna Pahalan a hopola mehleng eo, oa ngola: “Ha ’na le mosali oa ka re ntse re le Eccles, ke ile ka ithuta Bibele le batho ba bangata, bao ba bangata ba bona hammoho le malapa a bona ba ntseng ba le ’neteng. Hona joale ba bang ba banna bao ba sebeletsa e le baholo ka phuthehong. Ha ho letho le ka bapisoang le tlhohonolofatso e joalo!”
Ho Sebeletsa ‘Sebakeng se Ratoang ke Bo-pula-maliboho’!
Lilemong tse seng kae tse fetileng, bara le barali babo rōna ba ka bang 50—bongata ba bona e le bo-pula-maliboho—ba tsoang Brithani, Canada, Fora, Ireland le United States ba tlile Naheng ea Metsi a Mangata hore le bona ba phatlalatse memo e reng: “Tloo! . . . Mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 22:17) Ba bang ba khonne ho lula likhoeli tse seng kae; ba bang lilemo. Ha ba felloa ke chelete, ba bangata ba khutlela linaheng tsa habo bona, ba sebetse ho se hokae, ba ntan’o khutla. Ba bangata ba bona ba ikutloa ba matlafalitsoe ke ho sebeletsa ha bona Guyana. Ba ananela ka ho khetheha hore ebe ba khonne ho buisana ka litaba tsa moea le batho bao ka tloaelo ba hlomphang Bibele. Esita le ba bangata ba sa ipitseng Bakreste ba thabela ho buisana le Lipaki Tsa Jehova. Ho feta moo, ka linako tse ling beng ba matlo ba ngoathela barab’abo rōna lijo. Ricardo Hinds, eo e leng mohokahanyi oa Komiti ea Lekala hona joale o re: “Ka hona ha re feteletse taba ha re re Guyana ke sebaka se ratoang ke bo-pula-maliboho.”
Arlene Hazel, eo hona joale a sebeletsang lekaleng le monna oa hae, Edsel, o re o hopola tse ling tsa liphihlelo tseo a bileng le tsona libakeng tsa mahaeng Guyana: “Ka 1997, ka mor’a ho buisana le lekala, re ile ra amohela kabelo ea ho ea sebeletsa Lethem, motse o hōle o haufi le moeli oa Brazil. Re ile ra sebeletsa sebakeng sena le Macanada a habo rōna e leng Robert le Joanna Welch le morali’abo rōna oa Leamerika, Sarah Dionne, ea neng a fihlile moo Lethem likhoeli tse seng kae pejana. Mora e mong oabo rōna ea kolobelitsoeng—e leng Richard Achee, eo e neng e le ngaka ea liphoofolo—o ne a lula tšimong eo ka nako eo. Lekala le ile la re fa lethathamo la batho ba ka bang 20 ba kileng ba ithuta, empa re ile ra fumana hore boholo ba bona ba ne ba hlile ba sa thahaselle. Leha ho le joalo, ba babeli ba ne ba batla ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang.
“Re ile ra tšoarela seboka sa rōna sa pele tlas’a sefate sa mango, ’me ho ne ho e-na le batho ba 12 ho kopanyelletsa le rōna bo-pula-maliboho ba 6. Likhoeli tse ’maloa hamorao, batho ba 60 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa rōna sa pele. Empa joale re ne re setse re le bararo feela sehlopheng sa rōna sa bo-pula-maliboho. Leha ho le joalo, re ne re leka ho hlokomela lithuto tsa Bibele tse 40! Ha molebeli oa potoloho a tla, o ile a re eletsa hore re khaotse ho ithuta le motho leha e le ofe ea sa tleng libokeng. Keletso ena e bile molemo kaha lithuto tseo re ileng ra sala le tsona li ile tsa hatela pele hantle.”
Ha e le hantle, lilemo tse ’nè hamorao, Lethem e ile ea fetoha phutheho e nang le bahoeletsi ba 14. Batho ba bang teng matsatsing a kopano e khethehileng Lethem ba se ba nyolohetse ho ba 100. Mathata leha e le afe ao ho ka etsahalang hore bahlanka ba Jehova ba a mamelle hase letho ha a bapisoa le bopaki bo hlakileng joalo ba tlhohonolofatso ea hae boitekong ba bona.
Liholo Tse Hiriloeng le “Matlo a ka Tlaase”
Ho tloha ha mosebetsi o qala Guyana, ho ’nile ha e-ba thata ho fumana libaka tse loketseng tsa borapeli. Morao koana ka 1913, barab’abo rōna ba fokolang ka palo Georgetown ba ile ba hira kamore Somerset House, e ileng ea ba thusa haholo ka lilemo tse 45. Ka 1970, ke liphutheho tse peli feela tse neng li e-na le Holo ea ’Muso—e leng Phutheho ea Charlestown e Georgetown le Phutheho ea Palmyra e Berbice. Leha ho le joalo, lilemo tse tharo pele ho moo, Guyana e ile ea feta palo ea bahoeletsi ba 1 000! Kahoo, liphutheho tse ngata li ne li kopanela libakeng tse hiriloeng, tseo hangata li neng li sa khahlise.
Ka mohlala, ho elella lilemong tsa bo-1960, Phutheho ea Wismar, e Nōkeng ea Demerara, e ile ea hōla hoo barab’abo rōna ba ileng ba tlameha ho fumana holo e loketseng. Ba ile ba fuoa sebaka se bitsoang Islander Hall hore ba se sebelise. Ba ne ba tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso har’a beke ’me ka Sontaha mantsiboea ba tšoara Seboka sa Phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa. Empa ho lokisa sebaka seo hore liboka li tšoareloe ho sona e ne e le mosebetsi. Pele, barab’abo rōna ba ne ba tloha Mackenzie ba tšela Nōka ea Demerara ka seketsoana ba ea Wismar. Mora e mong oabo rōna o ne a nka lebokose la limakasine, e mong a nka lebokose la libuka ha oa boraro eena a ne a nka liforomo tse fapa-fapaneng le mabokose a monehelo. Ho hlakile hore lintho tsena tsohle li ne li lokela ho hlophisoa pele liboka li qala. Ka mor’a liboka, re ne re phutha lintho tsohle re li kenya ka mabokoseng ebe re khutla le tsona.
Liboka li ne li boetse li tšoareloa moo ho thoeng ke matlo a ka tlaase—e leng sebaka se ka tlas’a ntlo. Ka lebaka la meroallo e ka ’nang ea e-ba teng, matlo a mangata a Guyana a atisa ho hahoa holim’a lehong kapa litšiea tsa konkreite kapa lipalo ho a phahamisa. Sena se etsa hore ho be le sebaka se ka tlas’a mohaho se ka sebelisetsoang merero e meng, e kang liboka tsa phutheho. Leha ho le joalo, batho ba bangata Guyana ba lumela hore haeba bolumeli bo sitoa ho ba le sebaka se hlomphehang sa liboka, ha boa hlohonolofatsoa ke Molimo.
Ho feta moo, ka linako tse ling ho ne ho e-ba le litšitiso ha liboka tse tšoareloang matlong a ka tlaase li ntse li tsoela pele, e leng se neng se li tlosa seriti. Ka mohlala, ka letsatsi le leng khoho e tšositsoeng ke ntja e ile ea fofela ka sebokeng ’me ea fihla ea lula holim’a ngoananyana ea lilemo li tšeletseng. O ile a bokolla habohloko hoo bohle ba ileng ba tšoha. Ka mor’a seboka, ke ’nete hore ho ile ha tšehuoa empa ketsahalo ena e ile ea bontša hore ho hlokahala sebaka se seng se tšoanelehang sa borapeli. Ho feta moo, batho ba thahasellang ba ne ba tsoafa ho tla libokeng tse tšoareloang Liholong Tsa ’Muso tse matlong a ka tlaase.
Kaho ea Liholo Tsa ’Muso
Frederick McAlman o re: “Lilemong tse 32 tseo ke li qetileng ke le Phuthehong ea Charity, re ile ra hira matlo a mahlano a ka tlaase. Kaha re ne re le ka tlas’a ntlo, re ne re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra thula maballo ka hlooho. Morali e mong oabo rōna o ile a thulisa ngoana ka hlooho a mo pepile, a sa hlokomele hore leballo ha le ea phahama hakaalo. Ka mor’a moo, o ile a bolella ntate oa hae, eo e neng e se e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Batsoali ba hae ba ile ba etsa qeto ea hore ho hlokahala hore phutheho e be le sebaka sa eona sa borapeli. Ha e le hantle, ’mè oa hae o ile a ithaopela ho fa phutheho setša, ’me ntate oa hae o ile a re o tla tšehetsa kaho ea Holo ea ’Muso ka chelete. Ba ile ba fela ba etsa joalo. Le kajeno, Holo eo ea pele ea ’Muso e ntse e le setsi sa borapeli ba ’nete motseng oo, le hoja e nchafalitsoe ka makhetlo a ’maloa. E boetse e sebeletsa e le Holo e nyenyane ea Kopano bakeng sa potoloho ea moo.”
Mehleng ea pele, Liholo Tsa ’Muso li ne li hahoa ka likhoeli-khoeli. Ho bile joalo le ka holo ea Eccles. Sherlock Pahalan, ea neng a sebeletsa e le moholo Eccles ka nako eo, o re: “Liboka tsa rōna li ne li tšoareloa sekolong. Re ne re tseba hore ho tla ba le keketseho e khōlō haeba re e-na le Holo ea rōna ea ’Muso. Empa bahoeletsi ba fokolang ka palo ba Eccles ba ne ba futsanehile. Leha ho le joalo, ba ile ba etsa qeto ea hore ba tla haha holo. Ke ile ka batla setša se loketseng sebakeng seo, empa ka se hloka.
“Khabareng, barab’abo rōna ba Georgetown ba ile ba re alima liforomo tse peli ba ba ba re ruta ho etsa litene tsa konkreite. Qalong re ne re nka lihora tse ngata ho etsa litene tse 12 feela, empa ha re ntse re tloaela mosebetsi re ile ra fumana phihlelo, haholo-holo baralib’abo rōna. Bothata bo bong e ne e le ho fumana samente hobane e ne e fumaneloa thateng ka nako eo. Ke ile ka lokela ho kōpa tumello ea hore ke fuoe e seng kae. Joale, e le ho etsa bonnete ba hore re fumana karolo ea rōna, ke ne ke e-ea boema-kepe esale hoseng ebe ke ema moleng. Ka mor’a moo ke ne ke lokela ho fumana teraka e eang Eccles le e nang le sebaka se lekaneng seo re ka behang samente ho sona. Ka linako tsohle Jehova o ne a re thusa. Leha ho le joalo, re ne re ntse re e-s’o fumane setša.”
Sherlock o tsoela pele o re: “Ka 1972, ’na le Juliet re ile ra ea phomolong Canada ’me ra etela motsoala, eo e seng Paki. O ile a re o na le litša tse peli Eccles empa beng ka eena ba neng ba li hlokometse ba ne ba sa li boloka li le boemong bo botle. Kahoo o ile a kōpa hore ke mo thuse. Ke ile ka mo bolella hore ke tla thabela ho mo thusa, ka ba ka eketsa ka ho re ke ntse ke batla setša sa Holo ea ’Muso Eccles. Ha aa ka a tsilatsila ho re re khethe setša se seng ho tseo tse peli.
“Re ile ra bona bopaki bo eketsehileng ba hore Molimo o ne a re tšehelitse nakong ea kaho. Le hoja lisebelisoa tse ling tse ngata tsa kaho ntle ho samente li ne li fumaneha ka thata, re ile ra sebelisa tse ling ra ba ra iqapela tse ling, kahoo ra ’na ra khona ho phetha mosebetsi. Ho feta moo, ke barab’abo rōna ba seng bakae ba neng ba e-na le tsebo e hlokahalang ea mesebetsi, ’me ho ne ho hlokahala tlhophiso e ntle hore ho be le baithaopi setšeng. Ha e le hantle, vene ea ka e nyenyane e ile ea tsamaea lik’hilomithara tse makholo e tsamaisa barab’abo rōna. Qetellong, Holo ea rōna ea ’Muso e ile ea phethoa. Re ne re bile re e-na le setho sa Sehlopha se Busang, e leng Karl Klein, se ileng sa fana ka puo ea rōna ea nehelo. Hoo e bile ho thabisang hakaakang!”
Liholo Tse Hahoang ka Potlako
Morao tjena ka 1995, liphutheho tse fetang halofo ea tsohle tse Guyana li ne li ntse li kopanela libakeng tse hiriloeng, ho kopanyelletsa le matlong a ka tlaase. Kahoo, lekala le ile la hlophisa hore komiti ea kaho ea naha e rarolle bothata boo. Ka October selemong sona seo, barab’abo rōna ba ile ba haha Holo ea bona ea ’Muso ea pele e hahiloeng ka potlako Mahaicony, e lik’hilomithara tse ka bang 50 ka bochabela ho Georgetown Nōkeng ea Mahaicony. Ha moahelani e mong a bolelloa hore Lipaki Tsa Jehova li ne li tlil’o haha Holo ea ’Muso ka mafelo-beke a mane, o ile a re: “Haeba le bua ka ho haha serobe sa likhoho, nka utloisisa, empa ha e le ho haha mohaho o tiileng—hoo hona ho ke ke ha etsahala.” Empa ’nete ke hore ka mor’a nakoana monna eo o ile a fetola maikutlo.
Naheng eo ho eona ka linako tse ling ho bang le liqabang pakeng tsa merabe, kaho ea Liholo Tsa ’Muso e bontšitse bohle hore ho sa tsotellehe morabe kapa bochaba, Lipaki Tsa Jehova li sebetsa hammoho bonngoeng ba ’nete ba Bokreste. Ha e le hantle, mosali e mong ea seng a hōlile ea ileng a shebella ha ho hahoa Mahaicony o ile a re ho molebeli oa potoloho: “Ke bone merabe e tšeletseng e sa tšoaneng e sebetsa hammoho setšeng!”
Kaho ea Lekala
Ka 1914, ofisi ea pele ea lekala Guyana e ne e le lapeng la ba ha Phillips, ’me e ile ea e-ba moo ho fihlela ka 1946. Selemong seo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 91. Ka 1959, ba ne ba se ba nyolohetse ho 685, ’me mosebetsi o tsoela pele ho eketseha. Kahoo, ka June 1960, barab’abo rōna ba ile ba fumana setša se nang le mohaho 50 Brickdam, Georgetown. Mohaho oo o ileng oa fetoloa mona le mane o sebeletsa e le ofisi ea lekala le lehae la baromuoa. Empa ka 1986, mohaho ona o ne o se o haella. Kahoo, ka tumello ea Sehlopha se Busang, ho ile ha hahoa lekala le lecha hona setšeng seo. Bahlanka ba machaba ba ile ba qeta mosebetsi ka 1987, ba thusoa ke barab’abo rōna ba Guyana.
Joaloka barali ba Shalume, ba ileng ba thusa ntat’a bona ho tsosolosa karolo ea marako a Jerusalema, baralib’abo rōna ba ile ba thusa haholo kahong ea lekala. (Neh. 3:12) Ka mohlala, baralib’abo rōna ba 120, ba ile ba aroloa lihlopha tse ka bang leshome, ’me ba ile ba etsa litene tsa konkreite tse 12 000 tse neng li hlokahala bakeng sa kaho. Ba sebelisa liforomo tse 16, ba ile ba phetha mosebetsi oo ka matsatsi a 55. Oo e ne e se mosebetsi o bonolo! Ho ne ho hlokahala hore ho tsoakoe konkreite hantle—e be metsi ka tsela e tla lumella samente hore e ome hantle empa le teng e se ke ea e-ba metsi hoo litene li neng li tla senyeha ha li ntšoa foromong.
Barab’abo rōna sebakeng sena ba ne ba kata bosiu, hangata ba ne ba toba setšeng ha ba tsoa mesebetsing ea bona ea boipheliso. Ba bang ba ne ba sebetsa le bahlanka ba machaba, ba neng ba ba ruta mesebetsi ea bohlokoa. E mong oa bara bana babo rōna ba bacha, e leng Harrinarine (Indaal) Persaud, o re: “Mosebetsi oa ka e ne e le ho kenya mekhabiso setupung se senyenyane sa fensetere—e leng ntho eo ke neng ke qala ho e etsa. Ke ile ka sokola ho e kenya, ka ba ka atleha. Ha molebeli a qeta ho e hlahloba, o ile a bonahala a khotsofalitsoe ke mosebetsi oa ka ’me a re, “Joale u ka kenya mekhabiso ea lekala lohle.” Kajeno, mora enoa oabo rōna e mocha o ruta ba bang mosebetsi ona ha ho hahoa Liholo Tsa ’Muso.
Kaha ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba fumane thepa e ’ngoe linaheng tse ling, ho ne ho hlokahala hore ba sebelisane le ba boholong pusong. Kahoo, liofisiri tse ngata li ile tsa tla setšeng, ho akarelletsa le Mopresidente Forbes L. Burnham le moifo oa hae. Bohle ho akarelletsa le ’metli oa mapolanka sebakeng seo, ba ile ba khahloa ke mosebetsi o tsoileng matsoho. ’Metli eo oa mapolanka o ile a re: “Le etsa mosebetsi oa boleng bo phahameng ka ho fetisisa mohahong oa lōna.” Moemeli ea tsoang Brooklyn, e leng Don Adams ea neng a sebeletsa e le molebeli ea etelang makala, o ile a fana ka puo ea nehelo ka la 14 January, 1988.
Ka la 12 February, 2001, ho ile ha boela ha lokisetsoa kaho—lekhetlong lena e le setšeng se secha. Le mona ho ile ha sebetsa bahlanka ba machaba ba thusoa ke barab’abo rōna ba sebakeng seo. Lekala le lecha le ile la neheloa ka Moqebelo oa la 15 February, 2003. Richard Kelsey ea neng a tsoa lekaleng la Jeremane o ile a fana ka puo ea nehelo ho bamameli ba 332 ba neng ba le teng.
Ba bangata ba baromuoa ba nakong e fetileng ba ile ba khutlela Guyana e le hore ba be teng lenaneong leo, ’me ba bang ba ne ba qala ho tla ka mor’a lilemo tse mashome! Ka Sontaha, batho ba 4 752 ba tsoang linaheng tse 12—e leng palo e menang habeli palo ea bahoeletsi ba Guyana—ba ile ba e-ba teng sebokeng se khethehileng.
Ho Hlokahala Masene Likopanong
Hangata barab’abo rōna ba hira mehaho e sebelisoang bakeng sa likopano tsa potoloho le matsatsi a kopano e khethehileng. Libakeng tse ka thōko, ba ka ’na ba hloma sebaka seo ho tla kopaneloa ho sona. Thomas Markevich, ea sebelelitseng Guyana ho tloha ka 1952 ho fihlela ka 1956 o re: “Re ne re tšoaretse kopano ea rōna Nōkeng ea Demerara, lik’hilomithara tse ka bang 60 ho tloha Georgetown. Lipaki tsa motse-moholo tse ka bang makholo a mabeli li ne li batla ho ba teng ho tla tšehetsa barab’abo rōna ba sebakeng seo. Kahoo, re ile ra etsa qeto ea ho haha Holo ea Kopano ea nakoana re sebelisa thepa e fumanehang sebakeng seo—e leng bamboo ho etsa mapolanka le litulo ’me re rulela ka makhasi a banana.
“Re ile ra bokella thepa ena, ra e laela lekarecheng le lenyenyane, ’me ra le tsamaisa motheōng. Empa ka bomalimabe le ile la chophoha ha le fihla mothinyeng, la phethoha, eaba le lahlela thepa eohle ka nōkeng. Leha ho le joalo, masoabi a ile a fetoha thabo hobane thepa eo e ile ea phaphamala ho fihlela e fihla moo ho ntseng ho hahoa teng! Ha kopano e qala, barab’abo rōna ba etileng ba ile ba thaba ha baahi ba motse ba makholo a ’maloa ba ikopanya le bona lenaneong la matsatsi a mararo.”
Thomas o phaella ka ho re: “Ha kopano e fela, kaofela re ile ra sebetsa tšimong e sa abuoang e haufi le moo. Motseng o mong, re ile ra fana ka puo ea phatlalatsa, ’me motse oohle oa tla—ho akarelletsa le tšoene e ruuoeng. E ile ea mamela ho se hokae eaba e etsa qeto ea hore e batla ho sheba lintho e le moo e bonang hantle. Kahoo ea qhoma-qhoma ea fihla ea lula lehetleng la ka. Ea sheba-sheba ho se hokae ea ntan’o qhoma ea khutlela ho mong’a eona ho fihlela puo e fela, ka ba ka utloa ho re kokololo!”
Likopano
Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, lipokano tse khōlō li ne li atisa ho tšoaroa ha ho etile baemeli ba khethehileng ba tsoang ntlo-khōlō, ba kang Mor’abo rōna Coward le Mor’abo rōna Young. Ka 1954, Nathan Knorr le Milton Henschel ba ile ba tla Guyana Kopanong ea Mokhatlo oa Lefatše le Lecha, eo ho eona ho bileng le batho ba 2 737.
Lilemo tse mashome hamorao, ka 1999, baemeli ba fetang 7 100 ba ile ba tla likopanong tse peli Guyana. E ’ngoe e ne e tšoaretsoe Georgetown, ha e ’ngoe e ne e tšoaretsoe Berbice. Kopanong ea Georgetown ho ile ha hlokahala hore ho etsoe liphetoho tse khōlō motsotsong oa ho qetela, e leng se ileng sa bakela barab’abo rōna bothata. Lekala lea ngola: “Ho ile ha fihla khalala e tummeng ea libaesekopo le moifo oo e tantšang le oona ba tsoa India, ’me Komisi ea Serapa sa Sechaba sa Boikhathollo ea re e ke ke ea fa khalala eo ea libaesekopo letsatsi le leng, le hoja re ne re beelelitse sebaka seo pele.
“Ka potlako re ile ra lokisetsa sebaka se seng—e leng lebala la krikete—eaba re tsebisa liphutheho hang-hang. Kopano e ne e saletsoe ke matsatsi a robeli feela! Empa tseo e ne e sa le linyane. Linaheng tsa Caribbean, krikete e nkeloa holimo haholo, ’me lebala la krikete le nkoa le halalela. Kahoo, batsamaisi ba ne ba sa je litheohelang ke taba ea hore re tlil’o tsamaea mohloeng. Empa joale re ne re tla bapala tšoantšiso joang? Hona re ne re tla beha sethala hokae?
“Leha ho le joalo, re ile ra tsoela pele ka litokisetso tsa rōna, re kholisehile hore Jehova o tla re thusa. O ile a fela a re thusa! Re ile ra lumelloa ho sebelisa sebaka se nang le mohloa hafeela eba re tla etsa sethala le tselana e eang teng holim’a mohloa. E le hore ho etsoe mosebetsi ona, bohle ba ile ba sebetsa ka matla bosiu bohle. Boemo ba leholimo le bona bo ile ba re hlokela mosa hobane pula e ne e tšoloha boholo ba nako. Ho sa tsotellehe mathata ao ’ohle, lenaneo le ile la qala hoo e batlang e le ka nako.
“Kopano e ile ea itsamaela hantle, ’me pula e ile ea emisa ho fihlela letsatsing la ho qetela, ka Sontaha. Ha re tsoha, e ne e tšoloha. Ka mor’a nakoana, lebala la krikete le ne le tletse metsi, ’me metsi a ne a etsa botebo ba lisenthimithara tse hlano ka tlas’a tselana le sethala. Pula e ile ea emisa pejana feela lenaneo le qala. Ka lehlohonolo, mehala ea motlakase e ne e sa tsamaisoa fatše empa e ne e manamisitsoe ka tlas’a mapolanka. Kahoo, ha e le hantle e ile ea e-ba tlhohonolofatso eo re neng re sa e lebella hore ebe re ne re hahile sethala se phahameng le tselana holim’a mohloa!”
Ha tšoantšiso e qala, bohle ba 6 088 ba neng ba le teng ba ile ba e thabela letsatsi le chabile hamonate. Libeke tse peli hamorao, ba 1 038 ba ile ba ea kopanong ea bobeli, e neng e tšoaretsoe Berbice. Ka kakaretso ho ile ha e-ba teng batho ba 7 126 e leng palo e holimo ka ho fetisisa eo Guyana e neng e kile ea e tlaleha. Morao tjena, ho ile ha e-ba teng batho ba ka bang 10 000.
Tebello e Khanyang Bakeng sa Nako e Tlang
Boprofeteng ba hae, Ezekiele o ile a bona tempele ea Jehova e tsosolositsoeng e khanyang. Ho ne ho e-na le molapo o tsoang ho eona, ’me o ne o ntse o atoloha ebile o teba le ho feta ha o ntse o phalla ho fihlela o fetoha “molapo o phoroselang o iphetang habeli ka boholo,” o tlisa bophelo esita le Leoatleng le Shoeleng leo ho seng letho le phelang ho lona, le tletseng letsoai.—Ezek. 47:1-12.
Ha borapeli ba ’nete bo ntse bo tsoela pele ho tloha ka 1919, batho ba Molimo ba bone ho phethahala ha boprofeta boo. Kajeno, lenyora la moea la batho ba limilione lefatšeng ka bophara le tingoa ke nōka ea sebele ea litokisetso tsa moea—e leng Libibele, lingoliloeng tse thusang batho ho ithuta Bibele, liboka, likopano tse khōlō le tse nyenyane.
Lipaki Tsa Jehova Guyana li motlotlo ho kopanela phethahatsong ea boprofeta bona. Ho feta moo, li tla ’ne li sebelise linōka tsa sebele ho tsamaisa lijo tsa moea tse fanang ka bophelo ho bohle ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,’ ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae Naheng ena ea Metsi a Mangata.—Lik. 13:48.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha British Guiana e fumana boipuso ka May 1966, lebitso la naha ena le ile la fetoha Guyana. Re tla sebelisa lebitso lena, ntle le haeba ho hlokahala hore re sebelise lebitso le fapaneng ka lebaka la seo ho buuoang ka sona.
[Lebokose le leqepheng la 140]
Tlhaloso e Khutšoanyane ea Guyana
Naha: Sebaka se lebōpong la leoatle, seo karolo e khōlō ea sona e leng ka tlaase ho bophahamo ba leoatle se bileng se sirelelitsoeng ke mangope a ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 230, se tletse mobu o hohotsoeng ke linōka. Karolo ea 80 lekholong ea naha ena e koahetsoe ke meru, ho kopanyelletsa le lihlaba tse ka hare ho naha, e leng oona mohloli oa linōka tse ngata tsa Guyana.
Batho: Hoo e ka bang halofo ea bona ke litloholo tsa batho ba East Indies, ’me ba fetang karolo ea 40 lekholong ke litloholo tsa Maafrika kapa tsa merabe e tsoakaneng, ’me hoo e ka bang karolo ea 5 lekholong ke Maindia a Amerika. Ba ka etsang karolo ea 40 lekholong ba bolela hore ke Bakreste; ba etsang karolo ea 34 lekholong ba bolela hore ke Mahindu; ’me ba etsang karolo ea 9 lekholong ba bolela hore ke Mamosleme.
Puo: Senyesemane ke puo ea molao, empa sefanakaloko le sona sea buuoa naheng eohle.
Mokhoa oa boipheliso: Basebetsi ba ka etsang karolo ea 30 lekholong ba hiriloe mesebetsing e amanang le temo. Liindasteri tse ling li akarelletsa ho tšoasa litlhapi, tlhokomelo ea meru, le merafo.
Lijo: Lijalo tse khōlō li akarelletsa raese, linaoa tsa cocoa, litholoana tsa mofuta oa lamunu, likokonate, kofi, poone, cassava, tsoekere le litholoana tse ling tsa naheng e chesang e mongobo le meroho. Liphoofolo tse rueloang nama li kopanyelletsa likhomo, likolobe, likhoho le linku. Lijo tse khōlō tse tšoasoang leoatleng ke tlhapi le shrimp.
Boemo ba mohatsela le mocheso: Guyana ke naha e chesang e mongobo eo boemo ba eona ba leholimo bo sa fetoheng hakaalo ha linako tsa selemo li fetoha. Sebaka se haufi le lebōpo la leoatle se fumana pula ea lisenthimithara tse 150 ho ea ho tse 200 ka selemo. Le hoja Guyana e le haufi le equator, e na le mocheso o itekanetseng ka lebaka la meea e lulang e foka e tsoang Leoatleng la Atlantic.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 143-145]
Ho ne ho se Motho ea ka mo “Koalang Molomo”
Malcolm Hall
O hlahile ka: 1890
O kolobelitsoe ka: 1915
Pale ea bophelo ba hae: Ke letsoalloa la sehlekehlekeng sa Leguan, ’me ke e mong oa batho ba pele ba ileng ba bolela litaba tse molemo sebakeng seo a ba a hlokomela sehlopha se ileng sa thehoa moo.
Joalokaha ho tlaleha setloholo sa moholoane oa hae, se bitsoang Yvonne Hall.
Ka letsatsi le leng ofisiri ea likhetho e ile ea re ho Ntate-moholo: “Na ke ’nete hore ha u voute? Haeba ke ’nete, re tla u koalla teronkong re be re u amohe le Bibele ea hao.” Ntate-moholo o ile a mo sheba ka har’a thaka tsa mahlo, ’me a re: “Empa molomo oa ka oona le tla o etsa’ng? Na le ka nkoala molomo hore ke se ke ka bua ’nete eo baruti ba lōna ba le patetseng eona ka nako e telele hakaale?” Ofisiri eo e ile ea khona ho re feela: “Ke tla khutlela ho uena.”
Ntate-moholo o kolobelitsoe ka 1915, ’me e ne e le e mong oa baboleli ba ’Muso ba pele-pele Guyana. Mora e mong oabo rōna o ile a re “o ne a loanela ’nete ka hohle-hohle.” Ntate-moholo o ile a tseba ’nete ea ’Muso ha a ntse a lula Georgetown moo a neng a sebetsa teng. Ka mor’a ho mamela puo e le ’ngoe feela ea phatlalatsa Somerset House, o ile a hlokomela ’nete. Ha e le hantle, o ile a ea hae ’me a hlahloba mangolo ’ohle Bibeleng ea hae.
Ka mor’a moo, o ile a khutlela ha habo Leguan ’me hang-hang a qala ho pakela ba bang. Likhaitseli tsa hae li bile har’a batho ba pele ba ileng ba amohela molaetsa oa ’Muso hammoho le bana ba bang ba moholoane oa hae. Ba ile ba theha sehlopha se neng se kopanela ha Ntate-moholo.
Mehleng ea pele, baahi ba sehlekehleke ba ne ba tšaba baruti, ’me e bile ntoa hore batho ba amohele litaba tse molemo. Baruti ba ne ba tloaetse ho re Ntate-moholo “oa hlanya, o hlantšoa ke Bibele.” Empa seo ha sea ka sa mo qeta matla. Ka mohlala, hoseng ka Sontaha o ne a bulela keramafono ea hae foranteng ebe o letsa lipuo tsa Bibele. Hangata batho ba ne ba ema ka ntle tseleng ba mamele.
Hamorao, ba bang ba ile ba ananela molaetsa. Sena se ile sa totobala ka ho khetheha bosiung ba Sehopotso, ha sebaka sohle sa mokato o ka holimo ntlong ea Ntate-moholo se ne se tlala batho. E ne e e-ba molula-setulo, sebui, e bile e le eena feela ea jang litšoantšetso. E mong oa batho bao a neng a ithuta Bibele le bona, e leng Leroy Denbow, o ile a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho a ba a sebeletsa e le molebeli oa potoloho ka nako e itseng.
Ka mor’a hore Ntate-moholo a tlohele mosebetsi oa boipheliso moo e neng e le mohlokomeli oa lichelete le baeti sekepeng se tsameang Nōkeng ea Essequibo, o ile a qala ho bula maliboho, a sebetsa sehlekehlekeng sa Leguan le sehlekehlekeng se haufi le sona sa Wakenaam. O ne a qala mesebetsi ka 4:30 hoseng, ha a hama likhomo tsa hae a bile a hlokomela likolobe tsa hae. Hoo e ka bang ka 7:30 hoseng, o ne a itlhatsoa a be a apare, a bale temana ea letsatsi le litemana tse itseng Bibeleng, a je lijo tsa hoseng ebe o itokisetsa ho ea tšebeletsong. Ekare kea mo bona ha a pompa mabili a baesekele ea hae pele a tsamaea. Letsatsi le letsatsi, o ne a tsamaea bonyane lik’hilomithara tse 20.
Bophelo ba Ntate-moholo mona lefatšeng bo ile ba fela ka la 2 November, 1985, a sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ka bang 70. Nakong eo eohle, ho ne ho se motho ea ka mo “koalang molomo.” Hona joale Sehlekehleke sa Leguan se na le phutheho le Sehlekehleke sa Wakenaam se na le phutheho.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 155-158]
Likarabo Tsa Lipotso Tseo ke Neng ke Ipotsa Tsona Bongoaneng li Ile Tsa Fetola Bophelo ba Ka
Albert Small
O hlahile ka: 1921
O kolobelitsoe ka: 1949
Tlaleho ea bophelo ba hae: O qalile ho bula maliboho ka 1953. Eena le mosali oa hae, Sheila, ba ile ba ea Gileade ka 1958 ’me ba abeloa ho khutlela Guyana.
Ha ke sa le moshanyana, nako le nako ho ne ho thoe ho ’na: “U entsoe ke Molimo.” Kahoo, ha ’Mè a mpolella hore baneng ba hae ba bane ke ’na ea thibaneng litsebe ka ho fetisisa, ke ile ka nka hore lapeng Molimo ke eena ea entseng bana ba bararo ba batle le a le mong ea fosahetseng.
Ha ke le lilemo li ka bang leshome, ke ile ka botsa tichere ea ka ea sekolo sa Sontaha, ka re: “Molimo o entsoe ke mang?” Ha kea ka ka fumana karabo. Leha ho le joalo, joaloka batho ba bangata mehleng eo, ha ke hōlile ke ile ka kena kereke—Kereke ea Presbitheri. Leha ho le joalo, bongata ba lipotso tsa ka ha boa ka ba arabeloa. Ka mohlala, kerekeng re ne re bina sefela se nang le mantsoe a reng: “Morui ntlong ea hae e mahalihali, mofutsana hekeng ea morui. Molimo o entse e mong a phahame ’me e mong a le tlaase; o laetse hore boemo ba bona bo be joalo.” Ke ne ke ipotsa, ‘Na Molimo o ne a hlile a “laetse hore boemo ba bona bo be joalo”?’ Ka lekhetlo le leng ke ile ka botsa moruti, “Haeba Molimo o entse Adama le Eva, merabe e sa tšoaneng e tsoa hokae?” O ile a nkaraba ka bokhutšoanyane a re tlaleho ea Genese ke tšōmo.
Joale, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, re ile ra khothalletsoa hore re rapelle masole a Brithani. Sena ke sona se ileng sa qetella se nkholisitse hore kereke ea ka e ne e ruta lintho tse khahlanong le tseo ke li balileng ka Bibeleng. Leha ho le joalo, ke ile ka ipotsa, ‘Ke tla ea hokae?’ Kahoo, ha kea ka ka tlohela kereke ea ka. Ha ke le lilemo li 24, ke ile ka nyala Sheila.
Ka letsatsi le leng ke ne ke qeta ho fihla lapeng ke tsoa kerekeng ha e mong oa Lipaki Tsa Jehova a fihla. Re ne re tloaetse ho re Lipaki ke kereke e reng lihele ha li eo, ’me ho ne ho se na moo ke li behang teng. Li ne li tšoarela liboka tsa tsona malapeng ’me li sa apare liaparo tsa baruti. Ho feta moo, lintho tse ling tse neng li etsahetse bophelong ba ka, ho kopanyelletsa le hore ebe ke ne ke nyetse mosali ea khabane, li ne li nkholisitse hore Molimo oa ntlhokomela.
Ha Paki—e bitsoang Nesib Robinson—e itsebisa ’na, ke ne ke ntse ke pecha lebili la baesekele ea ka. Ke ile ka re: “Lebili lena le panchile. Haeba u Mokreste, nthuse re le peche.” Eaba ke leba ka tlung hang-hang. Bekeng e latelang, ha ke tsoa monyako ke leba kerekeng ke tšoere Bibele ka letsoho, Nesib o ne a e-tla a nyoloha ka litepisi. Ke ile ka re: “Ha ke thahaselle bolumeli ba hao. Mosali oa ka o teng ka tlung. Bua le eena.” Eaba ke ikela kerekeng.
Ke ile ka itelela hore ebe ke ne ke buile joalo, hobane ha ke le kerekeng, ho e-na le ho mamela moruti, ke ne ke ntse ke re ka pelong, ‘Haeba Monghali Robinson a ka qoqa le mosali oa ka, a ka ’na a hloka nako ea ho pheha sopho ea rōna e lutlisang mathe ea Sontaha.’ Empa ke ne ke tšoenyehile ka ntle ho mabaka hobane ha ke fihla hae, ke ile ka fumana sopho e butsoitse. Kaha ke ne ke rata ho tseba hore na ho etsahetse’ng, ke ile ka botsa Sheila: “Na u buile le lethaka lela leo ho thoeng ke Robinson?” O ile a re, “E. O ile a lula fatše a nthuta litaba tse molemo ha ke ntse ke pheha.”
Nakoana ka mor’a moo, Sheila o ile a amohela thuto ea Bibele. Hape o ile a ba le ngoana oa rōna oa matsibolo, empa o ile a hlaha a khathetse. Ke ile ka botsa Monghali Robinson hore na lintho tse joalo li ne li bakoa ke eng. O ile a re hase molato oa Molimo empa li bakiloe ke ho se mamele ha Adama le Eva le ho se phethahale hoo re ho futsitseng ho bona. Karabo ena e ile ea nkhotsofatsa.
Hangata Nesib o ne a nketela ha ke ntse ke le ka moo ke etsetsang thepa ea ka tlung ka teng. Moqoqong oa rōna re ne re bua ka mosebetsi oa ka, empa ka tsela e itseng o ne a kenyelletsa ntlha e tsoang ka Bibeleng pele a tsamaea. Ha nako e ntse e feta, ha rea ka ra hlola re bua hakaalo ka thepa ea ka tlung empa re ne re bua haholo ka Lentsoe la Molimo. Ka letsatsi le leng ke ile ka etsa qeto ea ho mo botsa potso e le ’ngoe kapa tse peli lipotsong tseo esaleng li ntšoenya bophelo bohle ba ka, ke nahana hore le eena li tla mo tsietsa—etsoe, li ne li hlōtse baruti “ba sebele.”
Ke ile ka tsitlella hore Nesib a mphe likarabo tse thehiloeng Mangolong, eaba ke mo botsa potso ea ka ea pele, “Molimo o entsoe ke mang?” Nesib o ile a bala Pesaleme ea 90:2 Bibeleng ea King James Version, e reng: “Lithaba li e-s’o ka li hlaha, kapa u bōpa lefatše, ho tloha mehleng e se nang qalo ho isa mehleng e sa feleng, ke uena Molimo.” O ile a ncheba, eaba o re: “Ua utloa hore na e re’ng? Ha ho ea entseng Molimo, esale a le teng.” Karabo ena e hlakileng, e utloahalang, e ile ea ’makatsa. Hape e ile ea mpulela monyetla oa ho botsa lipotso tsohle tseo esaleng li mpipetsa ka lilemo. Likarabo tsa Nesib tsa Mangolo, haholo-holo tse mabapi le morero oa Molimo oa ho etsa lefatše paradeise, li ile tsa tlatsa pelo ea ka thabo eo ho seng mohla nkileng ka e tseba.
Ketelo ea ka ea pele Holong ea ’Muso e ile ea nkama ka tsela e ikhethang. Joang? Hobane ke ne ke makalitsoe ke ho bona bamameli ba ba le karolo sebokeng—e leng ntho eo ke neng ke e-s’o ka ke e bona kerekeng. Mosali oa ka, ea neng a e-s’o ee libokeng, o ne a le sieo ka nako eo. Ha ke mo bolella seo ke se boneng, o ile a re: “A re tsamaee hammoho.” ’Me re ntse re e-ea ho fihlela lilemong tsena tse 55 ka mor’a moo!
’Na le Sheila re ile ra kolobetsoa Leoatleng la Atlantic ka 1949. Ka 1953, ke ile ka qala ho bula maliboho. Lilemo tse peli hamorao, Sheila le eena o ile a qala ho bula maliboho ’me re se re e-na le lilemo tse 50 tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka 1958 re ile ra memeloa ho ea sehlopheng sa bo31 sa Gileade ’me ra abeloa ho khutlela Guyana. Re ile ra sebeletsa mosebetsing oa ho tsamaea ka lilemo tse 23 ra ntan’o ba bo-pula-maliboho ba khethehileng, e leng tokelo ea tšebeletso eo re ntseng re e thabela le kajeno. E, ke leboha Jehova eseng feela ha a fane ka likarabo tsa lipotso tseo ke neng ke ipotsa tsona bongoaneng empa hape le ha a lumeletse hore ’na le mosali oa ka re mo sebeletse.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 163-166]
“Ke ’na Enoa! Roma ’Na”
Joycelyn Ramalho (e ne e le oa ha Roach)
O hlahile ka: 1927
O kolobelitsoe ka: 1944
Pale ea bophelo ba hae: Hona joale ke mohlolohali, o qetile lilemo tse 54 tšebeletsong ea nako e tletseng, ho akarelletsa le tseo a li qetileng a e-na le monna oa hae mosebetsing oa ho tsamaea.
Ke hlahetse sehlekehlekeng sa Nevis se Leoatleng la Caribbean. ’Mè oa ka e ne e le motsoali ea se nang molekane, e le Momethodist, ebile e le mooki. O ile a nthuta hore ke lumele ho Molimo. Re ile ra fallela motsaneng o mong sehlekehlekeng seo ka lebaka la mosebetsi oa hae. Sontaheng se latelang, re ile ra ea kerekeng ea Methodist eaba re lula setulong se seng ka kerekeng. Leha ho le joalo, ka mor’a metsotso e seng mekae, re ile ra bolelloa hore “beng” ba setulo seo ba fihlile ’me re lokela ho batla tjako sebakeng se seng. Esita le hoja ka mosa setho se seng sa kereke se ile sa re lumella ho lula setulong “sa sona,” ’Mè o ile a etsa qeto ea hore re ke ke ra hlola re khutlela kerekeng eo. Re ile ra kena Kereke ea Chache.
Mathoasong a lilemo tsa bo-1940, ha ’Mè a etetse motsoalle oa hae, o ile a kopana le Paki ea St. Kitts e ileng ea mo fa lingoliloeng. Kaha ’Mè e ne e le sebali se hloahloa, o ile a bala lingoliloeng tseo ’me a hlokomela ’nete. Nakoana ka mor’a moo, o ile a nyaloa eaba kaofela re fallela Trinidad. Ka nako eo lingoliloeng tsa rōna li ne li thibetsoe sebakeng seo, empa re ne re khona ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ’Mè o ile a khaola maqhama le Kereke ea Chache ’me a qala ho sebeletsa Jehova, hammoho le ntate oa ka e mocha, James Hanley.
Ha re le Trinidad, ke ile ka kopana le morali’abo rōna e monyenyane ea bitsoang Rose Cuffie. Ke ne ke sa tsebe hore lilemo tse 11 hamorao, Rose e tla ba e mong oa basebetsi-’moho le ’na mosebetsing oa boromuoa. Khabareng, takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova e ile ea hōla. Ke sa ntsane ke hopola ha ke paka ke le mong ka lekhetlo la pele. Ntlong ea pele, mong’a ntlo o ile a tsoa, ’me ha re tšo! ho ’na. Ke ile ka thethebala moo, ha ke tsebe hore na ka nako e kae, pele ke bula Bibele ’me ke bala Daniele 2:44, ke bile ke tsamaea ka potlako!
Ke qalile ho bula maliboho ka 1950, ’me lilemong tse ka bang peli hamorao, ke ile ka thabela ho amohela memo ea hore ke be sehlopheng sa bo21 sa Gileade. Ba bararo sehlopheng sa rōna ba ile ba abeloa ho ea Guyana: E ne e le ’na; Florence Thom oa Guyana; le Lindor Loreilhe, eo ke neng ke lula le eena. Re ile ra fihla ka November 1953 ’me ra abeloa ho ea Skeldon, motse o ka bang lik’hilomithara tse 180 ho tloha Georgetown, haufi le moo Nōka ea Courantyne e kenang leoatleng teng. Sehlopha sa moo se ka thōko se ne se re emetse ka thahasello e khōlō.
Batho ba bangata sebakeng sa Skeldon e ne e le litloholo tsa baahi ba East Indies ’me e ne e le Mahindu kapa Mamosleme. Ba bangata ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola, kahoo, ha re ba pakela, hangata ba ne ba re: “Bruck am up, Sista,” ho bolelang hore, “Bua ka ho hlaka, Ausi.” Qalong, batho ba pakeng tsa 20 le 30 ba ne ba e-tla libokeng, empa palo eo e ile ea fokotseha ha ba neng ba hlile ba sa thahaselle ba khaotsa ho tla.
Mosali e mong o ile a hatela pele ho fihlela a se a batla ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Empa ha ke fihla ha hae ka nako eo re lumellaneng ka eona, ke ile ka fumana mora oa hae ea lilemo li 14 a apere hantle ’me a itokiselitse ho tsamaea le ’na. ’Mè oa hae o ile a re: “Mofumahatsana Roach, ke kōpa hore u mpe u tsamaee le Frederick.” Hamorao re ile ra fumana hore ntat’a mosali eo, eo e neng e le Mochache oa popota, o ile a mo hanyetsa haholo. Leha ho le joalo, mora oa hae, Frederick McAlman, o ile a hatela pele hantle moeeng ’me hamorao a ea sekolong sa Gileade.—Bona lebokose le leqepheng la 170.
Hamorao ke ile ka boela ka abeloa ho ea toropong ea Henrietta, moo ho neng ho e-na le mohoeletsi a le mong ea ka thōko, ’me e le mor’abo rōna. Sebaka seo se ne se hlokomeloa ke Phutheho ea Charity. Mosebetsi-’moho le ’na e mocha mosebetsing oa bopula-maliboho e ne e le Rose Cuffie, eo ke buileng ka eena pejana. Re ne re qeta matsatsi a mane ka beke le Rose toropong ea Henrietta, ’me Labohlano le leng le le leng re ne re tloha hoseng ka libaesekele, re tsamaea lik’hilomithara tse fetang 30 litseleng tse lerōle re leba libokeng Charity. Re ne re nka korosari, lilakane, likobo le linete tsa menoang.
Re ne re tsamaea re ntse re paka ’me re ne re emisa hore re khothatse bahoeletsi ba itseng ba ka thōko le morali’abo rōna ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong. Hangata re ne re ithuta Molula-Qhooa le bona. Ka Sontaha, ha re khutletse Henrietta, re ne re khannela liithuti tsa rōna tsa Bibele Thuto ea Molula-Qhooa e le sehlopha. Ha ho mohla re kileng ra hlaheloa ke kotsi e tebileng haese hore ka linako tse ling lebili le ne le pancha kapa re koloba haholo ha pula e re tšoara tseleng.
Ha ho mohla thabo ea rōna e kileng ea fela. Ha e le hantle, ka tsatsi le leng mosali e mong o ile a re ho rōna: “Le lula le thabile, ho bonahala ho se letho le le tšoenyang.” Jehova o ile a re fa tšebeletso e behang litholoana, ’me sena se ile sa tlatsetsa thabong ea rōna. Esita le morali’abo rōna ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong o ile a qalella ho sebeletsa Jehova. Hona joale, lilemo tse ka bang 50 hamorao, o ntse a tšepahala.
Ka la 10 November, 1959, ke ile ka nyaloa ke Immanuel Ramalho, oa pula-maliboho. Re ile ra sebeletsa hammoho toropong ea Suddie, e lik’hilomithara tse 23 ka boroa ho Henrietta. Ha re le mona ke ile ka ima empa ka senyeheloa ke mpa. Leha ho le joalo, ho tšoareha tšebeletsong ho ile ha nthusa hore ke tobane le boemo boo. Hamorao re ile ra ba le bana ba babeli. Leha ho le joalo, re ile ra khona ho tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho.
Ka 1995, Immanuel o ile a robala lefung. Ka bobeli re ne re sebelelitse Jehova libakeng tse ngata tse sa tšoaneng. Re ne re bone ha lihlopha tse nyenyane li fetoha liphutheho tse atlehileng tse nang le baholo, bahlanka ba sebeletsang, esita le Liholo tsa tsona tsa ’Muso! Hape re ile ra qeta lilemo tse leshome mosebetsing oa ho tsamaea. Le hoja ke hloloheloa Immanuel haholo, tšehetso ea Jehova e lerato le ea phutheho e ntse e ntšelisa haholo.
Moprofeta Esaia o ile a arabela memo ea Jehova ea hore a kene tšebeletsong ka mantsoe a reng: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esa. 6:8) ’Na le monna oa ka ea seng a hlokahetse re ne re leka ka matla ho etsisa boikutlo bo botle ba moprofeta eo. Ke ’nete hore joaloka Esaia, re ile ra mamella linako tse thata, esita le tse nyahamisang. Empa ka sebele thabo eo re bileng le eona e li feta hōle.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 170-173]
Ha ke Tsoa Gileade ke Ile ka Abeloa ho Sebeletsa Naheng ea Heso
Frederick McAlman
O Hlahile ka: 1942
O Kolobelitsoe ka: 1958
Pale ea Bophelo ba hae: Ha a tsoa Gileade, o ile a abeloa hore a khutlele Guyana. Hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla hammoho le mosali oa hae, Marshalind.
Moromuoa e mong ea bitsoang Joycelyn Roach (eo hona joale e seng e le Ramalho) o ile a qala ho ithuta Bibele le ’Mè ha ke le lilemo li 12. Ke ne ke kenella puisanong ea bona. ’Mè o ile a khaotsa ho ithuta, empa ’na ka tsoela pele ho ithuta ’me ka qala ho ba teng libokeng tsohle. Ha ke le lilemo li 14, Morali’abo rōna Roach le baromuoa-’moho le eena, e leng Rose Cuffie le Lindor Loreilhe ba ne ba tsamaea le ’na ka libaesekele tsa bona ha ba il’o paka. Ke ile ka susumetsoa ke moea oa bona oa boromuoa le hoja ke ne ke sa hlokomele seo ka nako eo.
Ha ke qala ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova, ke ne ke ntse ke itokisetsa ho tiiselletsoa Kerekeng ea Chache. Ka lekhetlo le leng, moruti o ile a leka ho hlalosa Boraro-bo-bong bo “halalelang.” Ke ile ka mamela ho se hokae, ka ntan’o tsoa molomo, ka bolela hore ha ke lumele hore thuto eo e teng ka Bibeleng. O ile a kharuma a re: “Kea tseba hore ho na le libuka tse itseng tseo u li balang, ’me libuka tseo li kotsi. U se ke ua li bala. U lokela ho lumela Boraro-bo-bong.” Ho tloha mohlang oo, e ile eaba ha ke sa khutlela kerekeng ea Chache empa ka tsoela pele ho ithuta le Lipaki. Ke ile ka kolobetsoa ka 1958.
Ke ile ka fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala ka September 1963, le ’memelang ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng. Ke ile ka amohela memo eo. Kabelo ea ka e ncha e ile ea nkisa Phuthehong ea Fyrish, e Nōkeng ea Courantyne, ’me ka abeloa moo le Walter McBean. Re ile ra qeta selemo re sebetsa hammoho, re sebetsa tšimo eo ho theosa le ho nyolosa le nōka. Seo se ile sa re lokisetsa kabelo ea rōna e latelang—e leng ho ea Phuthehong ea Paradise, e neng e e-na le bahoeletsi ba leshome ha re fihla ka 1964. Re ile ra bula maliboho moo ’me ka nako e ka holimo ho lilemo tse ’nè ra bona bahoeletsi ba phutheho eo ba eketseha ho fihlela ho ba 25.
Ka 1969, ke ile ka memeloa ho ba sehlopheng sa bo48 sa Gileade. Hona selemong seo ke ile ka thabela ho ba moeti lelapeng la Bethele le Brooklyn e le hore ke be teng Kopanong ea Machaba ea 1969 ea “Khotso Lefatšeng.” E ile ea e-ba ho khathollang hakaakang moeeng ho kopana le bara le barali babo rōna ba bangata joalo ba tšepahalang! Ha ke sa tla lebala ha Frederick W. Franz, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang, a re memela kamoreng ea hae. E ne e tletse libuka hoo ke ileng ka ipotsa hore na bethe ea hae e lula hokae! Seithuti se seng se neng se le hloahloa sa Lentsoe la Molimo ke Ulysses Glass, eo e neng e le e mong oa barupeli ba rōna Gileade. Ke hopola ha a re: “Melao-motheo ea hore motho a ngole a be a rute hantle ke hore a nepe taba, a e behe ka bokhutšoaane le ka ho hlaka.”
Ho bua ’nete ke ile ka soetseha ha ke utloa hore ke abetsoe ho ea Guyana. Ke ne ke nka Guyana e le lapeng, e se kabelo naheng e ’ngoe. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Glass o ile a bua le ’na ka thōko ’me ka mosa a nthusa hore ke talime lintho ka leihlo le leng. O ile a nkhopotsa hore ho ea Gileade ka bohona ke tokelo e khōlō le hore mohlomong ke tlil’o isoa sebakeng se fapaneng hōle le seo ke se tloaetseng Guyana. Ho ile ha fela ha e-ba joalo, kaha ke ile ka isoa Phuthehong ea Charity e Nōkeng ea Pomeroon. Ka nako eo, Phutheho ea Charity e ne e e-na le bahoeletsi ba bahlano feela.
’Na le Albert Talbot, eo e neng e le mosebetsi-’moho le ’na, re ne re se na tsebo e kaalo ka ho tsamaea nōkeng, kahoo re ile ra tlameha ho ithuta ho soka seketsoana sa rōna. Seo se ka ’na sa utloahala eka se bonolo, empa ha e le hantle ha ho joalo. Haeba u sa ele hloko moo metsi a phallelang teng le moo moea o fokelang teng, u tla lulela ho pota-pota nģa e le ’ngoe feela. Ka lehlohonolo, re ile ra fumana thuso e babatsehang, e mong oa bakoetlisi ba rōna ba ikhethang e ne e le morali’abo rōna oa sebakeng seo.
Re ile ra qeta lilemo tse leshome, re sebelisa matla a lipotongoane ho soka. Eaba moahi e mong oa moo o ithaopela ho rekisetsa phutheho enjene ea seketsoana, empa re ne re se na chelete e lekaneng ho e lefella. Kahoo u ka inahanela thabo eo re ileng ra e thaba ha re amohela cheke eo ofisi ea lekala e e rometseng bakeng sa morero oo. Kamoo ho bonahalang kateng liphutheho tse ’maloa li ne li utloetse ka seo re se hlokang ’me li lakatsa ho thusa. Ha nako e ntse e ea, re ile ra reka likepe tse ling, tseo kaofela ha tsona li ileng tsa rehoa Kingdom Proclaimer ebe ho latela nomoro e khethollang sekepe ka seng.
Ka mor’a ho sebetsa le bo-pula-maliboho ba ’maloa ba sa tšoaneng, ke ile ka kopana le eo e ileng ea e-ba mohats’a ka, e leng Marshalind Johnson, pula-maliboho ea khethehileng Phuthehong ea Mackenzie. Ntate oa hae ea seng a hlokahetse, e leng Eustace Johnson, o ne a tsebahala haholo Guyana, kaha o ne a qetile lilemo tse ka bang leshome e le molebeli oa potoloho pele a hlokahala. Hona joale ’na le Marshalind re bo-pula-maliboho ba kamehla ’me ka bobeli re qetile lilemo tse 72 re le tšebeletsong ea nako e tletseng, ho akarelletsa tse 55 tseo re li qetileng re le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka lilemo tseo re hōlisitse bana ba tšeletseng.
Jehova o boetse o hlohonolofalitse boiteko ba rōna tšebeletsong. Ka mohlala, mathoasong a lilemo tsa bo-1970, ha re ntse re paka haufi le Pomeroon, re ile ra kopana le monna e mong e mocha oa serōki ea ileng a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. E ile ea e-ba seithuti se hloahloa. Re ile ra mo khothalletsa hore a ithute mabitso a libuka tsa Bibele. O ile a nka beke feela ho ithuta ’ona kaofela ka hlooho le ho tseba maqephe ao a hlahang ho ’ona! O ile a amohela ’nete hammoho le mosali oa hae le bana ba bona ba supileng ho ba robong, ’me ’na le eena re sebeletsa re le baholo Phuthehong ea Charity. Mohlomong nka be ke sa thabela litlhohonolofatso tse kang tsena hoja e ne e se ka mohlala o motle oa baromuoa bao ba pele ba chesehang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 176, 177]
Ke Ile ka Ithuta Lentsoe la Molimo ka Ngollano
Monica Fitzallen
O Hlahile ka: 1931
O Kolobelitsoe ka: 1974
Pale ea Bophelo ba Hae: Kaha o ne a le sebakeng se ka thōko, o ile a ithuta Lentsoe la Molimo ka lilemo tse peli ka ngollano ’me a pakela Maindia a habo a Amerika ka ho pharaletseng. Hona joale o foufetse, ’me o tšoara mangolo ka hlooho bakeng sa ha a le tšebeletsong.
Ke lula sebakeng seo Maindia a Amerika a lulang ho sona se bitsoang Waramuri, se Nōkeng ea Moruka, seterekeng sa Guyana se ka leboea-bophirimela. Mathoasong a lilemo tsa bo-1970, ha ke qala ho ithuta ’nete, phutheho e haufi e ne e le ea Charity, Nōkeng ea Pomeroon. E ne e le bohōle ba lihora tse 12 ha motho a tsamaea ka seketsoana se entsoeng ka sefate.
Ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova ha ke le mabenkeleng Charity. Frederick McAlman o ile a mpha Molula-Qhooa le Tsoha! Ke ile ka li amohela, ka ea le tsona hae eaba ke li beha ka lekaseng moo li ileng tsa lula teng ka lilemo tse peli. Joale ke ile ka kula, ke sa khone ho tsoha liphateng ka nakoana e itseng, ’me ka tetebela maikutlo haholo. Ke ile ka hopola limakasine tseo ka eona nako eo. Ke ile ka li bala ’me hang-hang ka hlokomela hore seo ke se balang ke ’nete.
Hoo e ka bang nakong eona eo, monna oa ka, Eugene, o ile a qala ho batla mosebetsi ’me a etsa qeto ea ho theosa le nōka ho leba Charity. Ke ne ke se ke le betere, kahoo, ke ile ka tsamaea le eena. Leha ho le joalo, lebaka le leholo leo ke neng ke tsamaea ka lona ke hore ke ne ke batla ho fumana Lipaki Tsa Jehova. Ha kea ka ka li batlela hōle; mofumahali e mong oa Paki o ile a tla lapeng leo re neng re lula ho lona. Ke ile ka mo botsa ka re, “Na u e mong oa batho ba tsamaisang Molula-Qhooa?” Ha a lumela, ke ile ka mo botsa ka monna eo ke kopaneng le eena ’marakeng lilemong tse peli tse fetileng. Hang-hang o ile a ea batla Frederick McAlman, ea neng a e-na le sehlopha sa bahoeletsi ba neng ba sebetsa tšimo e haufi le moo.
Ha ba khutla, Mor’abo rōna McAlman o ile a mpontša hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang a sebelisa buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ke ile ka lumela ho khanneloa thuto. Kaha ’na le Eugene re ne re lokela ho khutlela hae, ke ile ka ithuta ka ngollano. Ke ile ka ithuta libuka tse peli ka mokhoa oo—buka ea ’Nete le buka ea “Ntho Tseo Molimo O Nong O Ke Ke Oa Etsa Leshano ho Tsona.” Ha ke ntse ke ithuta buka ea ’Nete, ke ile ka itokolla ka molao Kerekeng ea Chache ’me ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Moruti o ile a ’ngolla, a re: “U se ke ua mamela Lipaki Tsa Jehova. Kutloisiso ea tsona ea Bibele ea fokola. Ke tla tla buisana le uena ka taba ena.” Empa ha aa ka a tla ho fihlela lena le holimo.
Kaha e ne e le ’na feela mohoeletsi ea lulang sebakeng sena sa Maindia a Amerika, ke ile ka bolella baahelani ba ka seo ke sa tsoa ithuta sona. Hape ke ile ka pakela monna oa ka, eo ke leng motlotlo ho bolela hore o kolobelitsoe selemo ka mor’a hore ke kolobetsoe. Kajeno, Eugene ke e mong oa bahoeletsi ba 14 phuthehong ea heso.
Lilemong tsa morao tjena, ke se ke foufetse ka lebaka la glaucoma le ho fifala ha lera la mahlo, kahoo ke tšoara mangolo ka hlooho bakeng sa ha ke le tšebeletsong. Leha ho le joalo, ke leboha Jehova hore ebe ke ntse ke khona ho mo sebeletsa.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 181-183]
Jehova o Mphile ‘Tseo Pelo ea ka e li Kōpang’
Ruby Smith
O Hlahile ka: 1959
O Kolobelitsoe ka: 1978
Pale ea Bophelo ba Hae: Ke letsoalloa la Caribbean, o phethile karolo ea bohlokoa boboleling ba litaba tse molemo Baramita, e leng sebaka se boloketsoeng Maindia a Amerika se keneletseng hare Guyana.
Ke qalile ho kopana le Lipaki Tsa Jehova ka 1975. Ke ne ke le lilemo li 16. Nkhono o ne a fuoe pampitšana ke mora oa Ntate-moholo ka mosali oa pele ’me o ne a nkōpile hore ke e fetolele, kaha o ne a sa tsebe ho bala Senyesemane. Ke ile ka makatsoa ke litšepiso tsa Bibele tse hlalosoang pampitšaneng eo, eaba ke tlatsa setlankane ke se romela ofising ea lekala. Ha lingoliloeng tseo ke li kōpileng li fihla, ke ile ka ithuta tsona ’me ka qala ho buisana le ba bang ka linnete tsa Mangolo tseo ke ithutileng tsona. Ke ile ka qala ho buisana le Nkhono le ’Mangoane. Ka masoabi, Ntate o ne a sa rate seo ke se etsang.
Nkhono le ’Mangoane ba ile ba qala ho paka ka mor’a nakoana. Ha baahi ba bang ba motse ba bona seo ba ile ba tla heso ho tla ithuta ho eketsehileng ka Bibele. Ho sa le joalo, ha ke ntse ke ithuta ka ho eketsehileng ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho etsa liphetoho tse itseng bophelong ba ka e le hore ke khahlise Jehova. Sena se ne se akarelletsa ho bolella Ntate hore ho na le ntho eo ke e utsoitseng sebakeng seo a sebeletsang ho sona esita le ho bōpa khotso le moen’a ka e mong. Ke ile ka khona ho etsa lintho tseo ka bobeli, ka mor’a hore ke rapele ka matla.
Ho sa le joalo, ofisi ea lekala e ile ea lokisetsa hore pula-maliboho e mong ea khethehileng, e leng Sheik Bakhsh, a etele sebakeng sa rōna. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Bakhsh o ne a sa tl’o qeta nako e telele moo, kahoo eena le mora e mong oabo rōna, e leng Eustace Smith, eo e ileng ea e-ba monna oa ka hamorao, ba ile ba ithuta le ’na ka ngollano.
Ka 1978, ke ile ka ea Kopanong ea “Tumelo e Hlōlang,” Georgetown. Hang ha ke fihla moo motse-moholo, ke ile ka toba ofising ea lekala ho ea bolela hore ke lakatsa ho kolobetsoa. Ba ile ba lokisetsa hore Albert Small a ntlhahlobe ka lipotso tseo baholo ba li botsang ba batlang ho ea kolobetsong. Ke ile ka thaba e le ruri ha ke khutlela Baramita ke se ke le mohlanka oa Jehova ea kolobelitsoeng!
Ke ile ka ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli, ke tletse cheseho. Ba bangata ba ile ba bontša thahasello, kahoo ka kōpa ba bang ba bona hore ba hahe sebaka se itekanetseng feela sa borapeli. Sontaha se seng le se seng, ke ne ke toloka Molula-Qhooa oa Senyesemane ka Secaribbean, ha ke ntse ke le moo. Empa Ntate o ne a sa rate seo ke se etsang ’me a tsitlella hore ke lule hae ka Sontaha. Kahoo ke ne ke rekota lihlooho tse itseng ka sekhukhu theiping, ebe moholoane oa ka oa e bapala libokeng. Ka nako eo, batho ba ka bang 100 ba ne ba kopanela kamehla.
Nakoana ka mor’a moo, lelapa leso le ile la fallela Georgetown ka mabaka a mosebetsi, ’me Nkhono a fallela Matthews Ridge. ’Mangoane o ile a sala Baramita le hoja a ile a khaotsa ho bolella ba bang litaba tse molemo. Kahoo ka nakoana mosebetsi oa ’Muso o ile oa khaotsa moo.
Ha ke le Georgetown, ke ile ka kopana le Eustace Smith ka seqo, ’me nakoana ka mor’a moo, ra nyalana. Le hoja Eustace a ne a sa tsebe Secaribbean, re ne re batla ho ea Baramita ho ea hlaolela thahasello e teng moo. Takatso ea rōna e ile ea phethahala ka 1992. Hang feela ha re fihla, re ile ra kena tšebetsong ’me ra hlophisa liboka. Ka mor’a nakoana, palo ea ba tlang libokeng e ile ea nyolohela ho ba ka bang 300!
Re ile ra boela ra lokisetsa hore ho tšoaroe tlelase ea ho ithuta ho bala le ho ngola ka mor’a Thuto ea Molula-Qhooa. Ngoana oa rōna oa letsibolo, e leng Yolande, o ile a thusa ho fana ka thupelo. O qalile a le lilemo li 11 ’me e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Hona joale, eena le morali e mong oa rōna, e leng Melissa, ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla.
Ka 1993, Jehova o ile a hlohonolofatsa Baramita ka Holo ea ’Muso. O ile a boela a re fa “limpho tseo e leng banna” ba buang Secaribbean ba khonang ho etella phutheho pele. (Baef. 4:8) Re qalile ho ba Phutheho ea Baramita ka la 1 April, 1996. Ke thabela ho bolela hore ’Mè, Nkhono le hoo e batlang e le banab’eso bohle ke litho tsa phutheho eo. Ka sebele, Jehova o mphile ‘tseo pelo ea ka e li kōpang.’—Pes. 37:4.
[Setšoantšo]
’Na le Eustace kajeno
[Chate/Setšoantšo se leqepheng la 148, 149]
GUYANA—TATELLANO EA LIKETSAHALO
1900: Batho ba bang ba qala ho bala le ho tšohla Zion’s Watch Tower le lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng.
1910
1912: E. J. Coward o fana ka lipuo ho batho ba makholo-kholo Georgetown le New Amsterdam.
1913: Ho hiroa kamore eo ho tla tšoareloa liboka ho eona Somerset House. E sebelisoa ho fihlela ka 1958.
1914: Ho thehoa ofisi ea pele ea lekala Georgetown.
1917: ’Muso o susumetsoa ke baruti ’me o thibela lingoliloeng tse itseng.
1922: Thibelo ea tlosoa. George Young oa eta.
1940
1941: Molula-Qhooa le Consolation (eo hona joale e leng Tsoha!) lia thibeloa.
1944: Lingoliloeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova lia thibeloa.
1946: Ho tlosoa thibelo ka June. Ho fihla baromuoa ba pele ba Gileade.
Lilemo Tsa Bo-1950: Ho bontšoa filimi ea The New World Society in Action naheng eohle ea Guyana.
1960: Lekala le reka setša Georgetown. Mehaho e setšeng seo e sebeletsa e le lekala ebile e le lehae la baromuoa.
1967: Ho fetoa palo ea bahoeletsi ba 1 000.
1970
1988: Ho neheloa lekala le lecha, le hahiloeng setšeng se neng se se se ntse se le teng.
1995: Ho phethoa Holo ea ’Muso ea pele e hahiloeng ka potlako.
2000
2003: Ho neheloa lekala le teng hona joale, le hahiloeng setšeng se secha.
2004: Ho na le bahoeletsi ba 2 275 ba mafolofolo Guyana.
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
2 000
1 000
1910 1940 1970 2000
[Limmapa tse leqepheng la 141]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GUYANA
Baramita
Hackney
Charity
Henrietta
Suddie
GEORGETOWN
Mahaicony
Soesdyke
Bartica
Yaruni
New Amsterdam
Mackenzie
Wismar
Skeldon
Berbice
Orealla
Lethem
Essequibo
Demerara
Berbice
Courantyne
VENEZUELA
BRAZIL
SURINAME
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 134]
[Setšoantšo se leqepheng la 137]
Evander J. Coward
[Setšoantšo se leqepheng la 138]
Somerset House, Georgetown, Guyana, e ne e le moo ho tšoareloang liboka tsa phutheho teng ho tloha ka 1913 ho fihlela ka 1958
[Setšoantšo se leqepheng la 139]
George Young
[Setšoantšo se leqepheng la 146]
Frederick Phillips, Nathan Knorr le William Tracy, ka 1946
[Setšoantšo se leqepheng la 147]
Ka June 1946, ho ile ha ntšoa phatlalatso ena, eo ka molao e neng e tlosa thibelo e mabapi le lingoliloeng tsa rōna Guyana
[Setšoantšo se leqepheng la 152]
Nathan Knorr, Ruth Miller, Milton Henschel, Alice Tracy (eo pele e neng e le oa ha Miller) le Daisy le John Hemmaway, ka 1954
[Setšoantšo se leqepheng la 153]
John Ponting
[Setšoantšo se leqepheng la 154]
Geraldine le James Thompson ba ile ba sebeletsa Guyana ka lilemo tse 26
[Setšoantšo se leqepheng la 168]
Sehlopha se il’o paka ka seketsoana
[Setšoantšo se leqepheng la 169]
Ba etsa mosebetsi oa boboleli Nōkeng ea Moruka ba tsamaea ka “Kingdom Proclaimer III”
[Setšoantšo se leqepheng la 175]
Jerry le Delma Murray
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Frederick McAlman le Eugene le Monica Fitzallen ba buisana ka litaba tse molemo le monna oa Leindia la Amerika ea ntseng a lokisa seketsoana sa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 184]
Kopano ea potoloho Baramita, ka 2003
[Litšoantšo tse leqepheng la 185]
Ba bangata seterekeng sa Baramita ba amohetse ’nete ea Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 186]
Ho paka ka seketsoana se entsoeng ka sefate
[Setšoantšo se leqepheng la 188]
Sherlock le Juliet Pahalan
[Litšoantšo tse leqepheng la 191]
Guyana ke “sebaka se ratoang ke bo-pula-maliboho”
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Holo ea ’Muso Orealla, Guyana
[Setšoantšo se leqepheng la 197]
Moo e neng e le ofisi ea lekala 50 Brickdam, Georgetown, e phethiloeng ka 1987
[Setšoantšo se leqepheng la 199]
Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Edsel Hazel, Ricardo Hinds le Adin Sills
[Setšoantšo se leqepheng la 200, 201]
Lekala la Guyana le sa tsoa hahoa