Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb05 maq. 202-255
  • Iceland

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Iceland
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005
  • Lihloohoana
  • Litaba Tse Molemo li Fihla Iceland
  • Basebetsi ba Eketsehileng Bakeng sa Kotulo
  • Ho Raloa Motheo
  • Khanyetso ea Baruti
  • Bothata ba ho Hlophisa Likopano
  • Likopano Tsa Machaba li Tlisa Thabo
  • “Motho ea Tlisetsang Batho Lijo” Tsa Moea oa Eta
  • Ho Tsamaea ka Ntlo le Ntlo le Moruti oa Lutere
  • Re Thibelloa ke Qubu e Thetehang ea Lehloa
  • Ho Bolela Sekepeng se Tšoasang Litlhapi ka Letlooa
  • Ho Khanna Lithuto ka Thelefono
  • Ho Hlokahala Mahae a Baromuoa le Liholo Tsa ’Muso
  • “Lepolanka le Monate ka ho Fetisisa”
  • Ho Sebetsa le Lingaka le Mecha ea Phatlalatso
  • Liholo Tse Peli ka Matsatsi a Mane
  • Pontšo e Fana ka Bopaki bo Botle
  • Tsoelo-pele ea Mosebetsi oa ho Fetolela
  • Katoloso Bethele le Keketseho e ’Ngoe
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005
yb05 maq. 202-255

Iceland

Lebitso Iceland le ka ’na la etsa hore motho a nahane ka leqhoa, lehloa le matlo a hahiloeng ka lehloa. Re ka nahana hore ehlile sebaka sena sea bata ha re se sheba ’mapeng. Ke batho ba seng bakae ba lulang hōle ka leboea joaloka Iceland. Ha e le hantle, karolo e ka leboea ea naha ena eo e leng sehlekehleke e batla e saballa ho ea fihla Arctic Circle!

Leha ho le joalo, ’nete ke hore Iceland ha e bate joalokaha lebitso la eona (leo ka ho toba le bolelang “naha ea leqhoa”) le sebaka seo e leng ho sona li bontša. Metsi a futhumetseng a phallang leoatleng a tsoang ho elella ka leboea ho equator, a etsa hore ho se ke ha bata joalokaha ho lebeletsoe. Ha ho na matlo a hahiloeng ka lehloa. Baahi ba Iceland ke batho ba sejoale-joale, ’me ba lula matlong a hahiloeng hantle a futhumatsoang ke mocheso o tsoang ka mpeng ea lefatše.

Naheng ea Iceland ho etsahala lintho tse fapa-fapaneng haholo. Har’a mariha, letsatsi le bonahala ka lihora tse seng kae feela ka letsatsi hōle moo mahlo a fellang teng. Ho bonahala eka letsatsi ha le rate ho chaba mona le hoja hangata masiu a malelele a lefifi a mariha a bonesoa ke mafube a hlollang a leboea. Leha ho le joalo, nakong ea lehlabula sekheo sena se koaloa ke likhoeli tse ’maloa tseo ka tsona letsatsi le chabang le sa likele. Ka thōko-thōko ka leboea naheng ena, letsatsi le qeta libeke tse ’maloa le ntse le bonahala hōle moo mahlo a fellang teng. Moo u ka bona letsatsi har’a mp’a bosiu.

Iceland e bitsoa naha ea leqhoa le mollo, e leng mantsoe a e hlalosang hantle. Karolo e le ’ngoe ho tse leshome tsa naha ena e koahetsoe ke liqubu tsa leqhoa. Ho boetse ho na le mollo—Iceland e ratoa ke seretse se chesang se foqohang le mocheso o tsoang ka mpeng ea lefatše. Seretse se chesang se foqohile ka makhetlo-khetlo mona ’me makholong a morao tjena a lilemo ka karolelano se ’nile sa foqoha ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse hlano kapa tse tšeletseng. Liliba tse runyang metsi a chesang le tsona li ngata.

Naha ena eo baahi ba eona ba qalikaneng e tletse botle ba tlhaho ’me e na le liphoofolo tse ngata tse hlaha. Baeti ba bangata ba hoheloa ke moea o hloekileng, liphororo tse tsotehang, lithaba tse matsaranka le lefeella le sabaletseng. Ha nako ea selemo e qala, linonyana tse neng li faletse li khutlela moo li lulang teng hlabula lilomong tse lebōpong la leoatle le mekhoabong. E ’ngoe ea tsona ke lehaqasi la arctic, leo selemo le selemo le fallelang Antarctica e ntlheng e ’ngoe ea lefatše. Lilomong le lebōpong la leoatle ho bonahala linonyana tse bitsoang li-puffin, matata a bitsoang li-eider le matata a leoatle. Linku li fula naheng ’me lipere tsa Iceland tsa lipone tse nyenyane, tse matla, li solla lihlabeng. Mathoasong a lehlabula, litlhapi tse likete-kete tse bitsoang salmon li khutlela sebakeng sena li sesa li bile li qhoma-qhoma li nyolosa linōkeng le liphororong ho tla behela.

Baahi ba 290 570 ba Iceland ke litloholo tsa batho ba Scandinavia, ba ileng ba aha mona lilemong tse fetang 1 100 tse fetileng. Ba bangata ba bona ba ne ba tsoa Norway, ’me ba bua Senorse sa Khale seo Seiceland se nkiloeng ho sona. Puo ena e ntse e le teng ka lebaka la libuka tse ngata le bohōle ba naha ena. Kahoo, kajeno batho ba ka bala litlaleho tsa khale tseo boholo ba tsona li ngotsoeng lilemong tsa bo-1200. Baahi ba Iceland ba ikhantša ka puo ea bona, ’me ha ba batle hore mantsoe a melata a kenngoe puong ea bona.

Baahi ba bangata ba pele e ne e le “bahetene,” ’me e bile feela ho elella bofelong ba lilemo tsa bo-900 moo ho ileng ha etsoa boiteko ba ho sokolla baahi ba Iceland hore e be “Bakreste.” Nakoana pele ho lilemo tseo, baeta-pele ba itseng ba hlaheletseng ba Iceland ba ile ba sokoloha ’me ka selemo sa 1000, paramente ea Iceland, e bitsoang Althing, e ile ea kōpa hore e mong oa baeta-pele ba bolumeli ba ka pele-pele ba bahetene a khethe pakeng tsa malumeli a mabeli. Ho makatsang ke hore o ile a etsa qeto ea hore ho lokela ho be le bolumeli bo le bong feela ba “Bokreste.” Ho bonahala qeto ena e sa ka ea hanyetsoa hakaalo. Leha ho le joalo, molao-taelo oa hae o ne o lumella batho hore ba rapele melimo ea bohetene sephiring ’me ba tsoele pele ba etsa meetlo ea bohetene. Le hoja qeto ena e ne e le ea lipolotiki e se ea bolumeli, e ka ’na eaba e ile ea etsa hore baahi ba Iceland e be batho ba inahanelang ka bobona, ba amohelang likhopolo tse ncha tsa bolumeli.

Kajeno, ho baahi ba bang le ba bang ba lekholo, ba ka bang 90 ba kena Kereke ea Evangeli ea Lutere, e leng eona kereke ea molao. Le hoja e batla e le lelapa le leng le le leng le nang le Bibele, ke ba fokolang feela ba lumelang hore ke Lentsoe la Molimo.

Litaba Tse Molemo li Fihla Iceland

Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, baahi ba bangata ba ile ba falla Iceland ba ea Canada, ’me le leng la mabaka e ne e le ho baleha mathata a bakoang ke ho foqoha ha seretse se chesang le serame se matla. Ba bang ba ile ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka lekhetlo la pele moo. E mong oa bona ke Georg Fjölnir Lindal. Nakoana ka mor’a hore a nehele bophelo ba hae ho Jehova Molimo, e ile ea e-ba pula-maliboho. Mor’abo rōna Lindal o ne a bua Seiceland, kahoo ka 1929, ha a le lilemo li 40, o ile a etsa qeto ea ho fallela Iceland. O ile a fihla Reykjavík ka la 1 June selemong sona seo, ’me ke eena motho oa pele ea ileng a bolela litaba tse molemo Iceland.

Mor’abo rōna Lindal o ile a leta likhoeli tse tharo pele a fumana lingoliloeng tsa pele tse rometsoeng ho eena, empa hang feela ha li fihla, o ile a qala ho paka ka sepheo sa hore a finyelle e mong le e mong naheng ena. Ho elella bofelong ba October 1929, o ne a se a tsamaisitse libuka tse 800 tsa The Harp of God ka Seiceland. Ka nako eo o ile a ngola sena: “Ho tloha ha ke fihla mona, ke se ke sebelitse metseng e mengata eo baahi ba eona kaofela ba ka bang 11 000. Ka kakaretso, Iceland e na le baahi ba ka bang 100 000 kapa ba ka holimonyana ho moo, kahoo ho na le ba ka bang 90 000 bao ke ntseng ke lokela ho buisana le bona. Ho tla hlokahala nako e ngata hore motho a le mong a bolele tšimong eohle ea mona, kaha mokhoa oa ho tsamaea o thata haholo. Iceland ke naha e lithaba e nang le lebōpo le matsutla-tsutla, ha e na liporo tsa terene ’me litsela tsa likoloi lia fokola, kahoo ka nako e ngata ke ’nile ka tsamaea ka sekepe.”

Ha ho moo a bonahalang a tletleba teng mangolong a ’maloa a ngotsoeng ka letsoho a ka har’a faele e entsoeng ka pampiri ea khale ea manila e ngotsoeng “Iceland” ka stensele. Hona lengolong leo la 1929, Lindal o ile a re: “Ke motlotlo ho pheta phihlelo ena e khothatsang eo ke bileng le eona morao tjena. Ke bile le monyetla oa ho khutlela sebakeng se seng seo ke neng ke ile ka bolela ho sona pele. Ke ile ka kopana le batho ba bangata ba neng ba rekile libuka ho ’na ha ke le moo ka lekhetlo la pele. Monna e mong o ile a re: ‘Ke balile buka ea Harp habeli ’me ke ntse ke e bala ka lekhetlo la boraro. Ke buka ea bohlokoa. Rea u leboha ka ho tla ha hao.’ E mong o ile a re: ‘U khutlile hape! Buka eane e monate haholo. Ke hobane’ng ha le sa hatise libuka tsohle tsa Moahloli Rutherford ka Seiceland?’ Ke ile ka mo bolella hore tse ngata li teng ka Sedanishe. O ile a re: ‘Nthomelle libuka tsohle tseo u nang le tsona, e, le libuka tsa Moruti Russell, e le hore ke tle ke be le libuka tse lekaneng tseo ke tla ithuta tsona mariheng ana.’ Ba bang ba ile ba re ba ananela libuka tseo. Ke leboha Molimo ha a ntumeletse hore ke tlise molaetsa oa ’nete ho ba nang le tsebe e mamelang.”

Ho ne ho le boima hore motho a le mong a finyelle bohle sehlekehlekeng sena se fetang halofo ea Engelane ka boholo. Iceland e saballa lik’hilomithara tse ka bang 300 ho tloha ka leboea ho ea ka boroa le lik’hilomithara tse ka bang 500 ho tloha ka bochabela ho ea ka bophirimela. Lebōpo la leoatle, ho kopanyelletsa likou le mechophoro e kenang leoatleng, le ka ba bolelele ba lik’hilomithara tse 6 400. Leha ho le joalo, ka lilemo tse leshome Mor’abo rōna Lindal o ile a akaretsa sehlekehleke sohle, a bolela litaba tse molemo ’me a tsamaisa lingoliloeng. O ile a tsamaea haufi le lebōpo la leoatle ka sekepe, ’me ha a etela lipolasi tse hare ho naha, o ne a sebelisa lipere tse peli tsa lipone, e ’ngoe e le eo a e palamang ’me e ’ngoe e belesoa lingoliloeng tsa hae le thoto. Barab’abo rōna ba ileng ba fumana monyetla oa ho sebetsa le eena lilengoana pele a e-ea Iceland ba re Mor’abo rōna Lindal e ne e le motho ea chesehang, ea nkang lintho ka botebo, ea lihlong, ea thōtseng, ea sa li qamoteng. O ne a refohile—a le molelele—a feta hōle lipere tse nyenyane tsa lipone tsa Iceland tseo a neng a li palama. Ka linako tse ling ha pere ea pone e ne e le sieo, o ne a khona ho itjarela libuka tsa hae le thoto ea hae.

Ha Mor’abo rōna Lindal a qala mosebetsi oa hae Iceland ka 1929, o ne a sa lemohe kamoo ho neng ho tla ba thata kateng hore a hlōle litšitiso le kamoo ho neng ho tla hloka mamello le tiisetso kateng. Ka lilemo tse ka bang 18, Mor’abo rōna Lindal e ne e le eena feela Paki Iceland. Ho sa tsotellehe mosebetsi oa hae o thata, ha ho motho ea ileng a emela ’Muso ka nako eo. Ka 1936, o ile a ngola sena: “Ka nako eo ke e qetileng mona, ke se ke tsamaiselitse batho libuka tse pakeng tsa 26 000 le 27 000. Batho ba bangata ba li balile. Ho bonahala ba bang ba hlile ba ikemiselitse ho hanyetsa ’nete, ’me ba bangata ha ba na thahasello ho hang.”

Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba ananela molaetsa oo a ba tliselitseng oona. Ka mohlala, monna e mong ea hōlileng o ile a amohela buka ea The Harp of God. Ha Mor’abo rōna Lindal a khutla ka mor’a likhoeli tse ’maloa, o ile a kopana le morali oa monna eo, ’me o ile a mo bolella hore ntat’ae o ne a rata buka eo ’me o ile a e bala kaofela pele a hlokahala. Ho latela moetlo oa bohetene, o ne a bile a kōpile hore buka eo e tšeloe ka lekeseng la hae mohla a patoang, ’me ke sona se ileng sa etsoa.

Nako e telele eo Mor’abo rōna Lindal a e qetileng Iceland a le mong e ile ea fela ka la 25 March, 1947, ha ho fihla liithuti tse fumaneng mangolo Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. O ile a tsoela pele ka tšebeletso ea hae moo ho fihlela a khutlela Canada ka 1953. Lilemo tse 16 hamorao, Páll Heine Pedersen, eo ka nako eo e neng e le pula-maliboho ea khethehileng Iceland, o ile a etsa qeto ea ho ea Winnipeg, Canada, ho ea kopana le Mor’abo rōna Lindal le ho ikutloela ho eena ka ho toba ka mosebetsi oa hae Iceland hobane ka nako eo, baromuoa ba neng ba sebelitse le Mor’abo rōna Lindal Iceland ba ne ba se ba tlohile naheng eo. Ha Mor’abo rōna Pedersen a le phomolong United States, o ile a ea Winnipeg ka bese. Ha a fihla, o ile a fumana hore Mor’abo rōna Lindal o ne a qetile bophelo ba hae ba lefatšeng hona hoseng hoo. O ne a sebelelitse Jehova ka botšepehi ho fihlela lefung.

Basebetsi ba Eketsehileng Bakeng sa Kotulo

Ho ile ha qaleha nako e ncha ea ho bolela litaba tse molemo ka 1947 ha ho fihla baromuoa ba pele ba Gileade, bao ka bobeli ba neng ba tsoa Denmark. E mong oa bona e ne e le Leo Larsen. Ka December 1948 ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba babeli: Ingvard Jensen oa Denmark le Oliver Macdonald oa Engelane. Bakotuli bana ba bacha ba ile ba ntšetsa pele mosebetsi oa Mor’abo rōna Lindal ’me ba tsamaisa lingoliloeng tse ngata. Mariha, ba ne ba sebetsa Reykjavík le mathōkong a eona, ’me nakong e khutšoanyane ea lehlabula, ba ne ba bolela masimong a mahaeng pel’a lebōpo la leoatle. Ingvard Jensen o sa hopola ka ho khetheha ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala ha ba ntse ba bolela. O ile a ngola sena: “Lehlabuleng la pele ke le Iceland, ke ile ka tsamaea le moromuoa e mong ha a e-ea mahaeng. Ka tloaelo re ne re palama bese kapa sekepe ho ea tšimong e khethiloeng, re nkile libaesekele, litente, mekotla eo ho robaloang ka har’a eona, lingoliloeng le mofaho. Kahoo, mantsiboeeng a mang re ile ra leba motseng oa Stykkishólmur ka sekepe, lebōpong le ka bophirimela la leoatle, ’me ra fihla thapameng ea letsatsi le hlahlamang. Re ne re rerile ho etela malapa ’ohle motseng oo ebe re leba motseng oa Borgarnes ka libaesekele, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100. Ho ne ho e-na le seketsoana se tsamaisang baeti letsatsi le leng le le leng ho tloha moo ho ea Reykjavík. Leeto le ile la qala hantle. E ne e le bohareng ba June, ’me letsatsi le ne le chabile. Bosiung ba pele, re ile ra robala ka har’a mekotla ea ho robala ha re qeta ho sebetsa karolo e ’ngoe ea motse. Leha ho le joalo, re ile ra qetoa ke serame bosiu ka har’a mekotla eo, ’me ra tseba lebaka hoseng: Lehloa le botebo ba lisenthimithara tse leshome le ne le khethehile bosiu! Re ne re ke ke ra khona ho khutsufatsa nako eo re il’o e qeta moo, kaha likepe li ne li ke ke tsa e-ba teng beke kaofela. Kahoo, re ile ra lokela ho khomarela kemiso ea rōna, ra sebetsa motse, ’me ra palama libaesekele tseleng e tsamaeang thabeng ra leba motseng o latelang, re sebetsa lipolasing tse pel’a tsela.”

Ba ile ba fihla Borgarnes ka mor’a matsatsi a mane, ba palame libaesekele har’a tšeole, pula, le meea e fokang ka lebelo la lik’hilomithara tse fihlang ho tse 110 ka hora. Leha ho le joalo, ba ile ba khona ho mamella boemo bona bo bobe ba leholimo ka lebaka la hore ba ile ba amoheloa ka mofuthu o moholo ke bo-rapolasi ba haufi le tsela, bao kamehla ba neng ba ba memela hore ba kene ba tl’o noa kofi le ho fumana lijo. Mor’abo rōna Jensen o sa hopola hore ba ne ba ja ka makhetlo a robeli ho ea ho a leshome ka letsatsi! O re: “Ke ne ke nahana hore batho ba ne ba tla utloa bohloko haeba re sa amohele mpho ea bona e mosa, ’me sena se ile sa re fa monyetla oa ho ba pakela ka ho feletseng ka ’Muso oa Jehova o hlomiloeng.”

Lilemong tsa pele tse tharo baromuoa ba sebetsa Iceland, barab’abo rōna ba ile ba tsamaisa lingoliloeng tse fetang 16 000. Leha ho le joalo, maeto a ho boela le lithuto ha lia ka tsa eketseha ka tsela e tšoanang—batho ba ne ba se na bothata ba ho amohela lingoliloeng empa ba ne ba sa nke khato ka molaetsa. Ka mohlala, Mor’abo rōna Larsen le mosali oa hae, Missie—ea ileng a tloha Denmark ka 1950 ha a tlil’o nyaloa ke Leo—ba ile ba ea lebōpong le ka bochabela, moo ba ileng ba sebetsa metse ea Höfn, Eskifjördhur, Neskaupstadhur le Seydhisfjördhur. Leetong lena le boima, ba ile ba tsamaisa libuka tse 300 le libukana tse ka bang kaalo. Ka har’a libuka tsohle ho ne ho kentsoe pampiri e ngotsoeng molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele le aterese ea baromuoa ba Reykjavík. E mong le e mong ea neng a amohela lingoliloeng o ne a memeloa hore a ngole e le hore a fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ’nete—empa ha ho ea ileng a ngola.

Ka 1952 ho ile ha etsoa qeto ea hore tšimo e ka lebōpong la leoatle le ka leboea e lokela ho sebetsoa haholoanyane. Kahoo ka June hona selemong seo, Oliver Macdonald le mosali oa hae Sally, ea ileng a tloha Engelane ka 1949 ha a tlil’o nyaloa, ba ile ba abeloa ho ea Akureyri e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Moo ba ile ba hanyetsoa ka mabifi ke kereke ea Baena ba Plymouth ba neng ba eteletsoe pele ke lenģosa la Brithani motseng oo. Le ne le e-na le balateli ba bangata, ’me ba bang ba ile ba le sekehela tsebe ha le hlasela Lipaki lipuong tsa lona le likoranteng. Le hoja bo-pula-maliboho ba ne ba sa tloaela khanyetso e joalo Reykjavík, ba ile ba tobana le eona ka sebete, ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona ka mokhoa o tloaelehileng ’me ba sebelisa monyetla o mong le o mong ho araba liqoso tsa bohata. Likoranta tse ling li ile tsa hatisa likarabo tsa bona.

Ntle le ho sebetsa motseng, bo-pula-maliboho ba ne ba boetse ba e-ea libakeng tse ka thōko, ba tsamaisa lingoliloeng ’me ba amoheloa ka mofuthu ka tsela e tloaelehileng le hoja ba ne ba sa fumane thahasello ea sebele molaetseng oa ’Muso. Mora le Morali oabo rōna Macdonald ba ile ba khutlela Reykjavík ka July 1953, empa pele ba tloha Akureyri, ba ile ba jala peō ea ’nete, e ileng ea mela hamorao.

Ho Raloa Motheo

Ka mor’a lilemo tse 27 tsa ho jala le ho nosetsa, qetellong barab’abo rōna ba Iceland ba ile ba bona litholoana tsa mosebetsi oa bona. Mathoasong a 1956, ba supileng ba bacha ba ile ba emela ’Muso ’me ba nehela bophelo ba bona ho Jehova. Ho fihlela nakong eo, ba bangata ho ba neng ba bontšitse thahasello ’neteng ba ne ba sa ka ba tšoarella ho eona. Mokhelo e bile Iris Åberg, morali’abo rōna oa Lenyesemane ea ileng a qetella a tlohile naheng ena. Joale ba bang ba bacha ba supileng ba ile ba kolobetsoa, ’me ha raloa motheo o tiileng. Leha ho le joalo, ka 1957, baromuoa le bo-pula-maliboho ba neng ba sebelitse ka thata ho etsa hore ’nete e thehoe ka tieo ba ne ba se ba tlohile Iceland, haholo-holo ka mabaka a bophelo.

Ka hona, ka 1957 morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho ea khethehileng—Edith Marx, ea neng a fihlile selemong se ka pele ho seo a tsoa Denmark—o ile a sala le boikarabelo ba ho hlokomela phutheho e nyenyane. Ho ne ho hlokahala bakotuli ho thusa sehlopha sena seo ka tšohanyetso se ileng sa lahleheloa ke batho ba neng ba thusitse ba bacha ho ithuta ’nete le hore ba tiee ho eona. Leha ho le joalo, kapele ka mor’a moo bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba fihla ba tsoa Denmark, Sweden le Jeremane. Ho feta moo, bahoeletsi ba bangata le bo-pula-maliboho ba ile ba fallela Iceland ho ea kopanela boboleling ba ’Muso. Ho tloha ka nako eo, ho ile ha lula ho e-na le keketseho le hoja e ne e etsahala butle.

Keketseho e ile ea etsa hore ho be le lintho tse thabisang, joaloka ketelo ea kamehla ea molebeli oa potoloho le likopano tsa setereke selemo le selemo. Ho ne ho hlokahala lingoliloeng tse eketsehileng ka Seiceland. Molula-Qhooa oa pele oa Seiceland e ne e le oa January 1, 1960. O ile oa potlakisa mosebetsi. E bile thabo e kaakang ha barab’abo rōna ba khona ho tsamaisetsa baahi ba Iceland makasine eo ka puo ea bona! ’Me tumelo ea barab’abo rōna e ile ea matlafala hakaakang ha ba rua molemo lijong tsa bohlokoa tsa moea khoeli e ’ngoe le e ’ngoe! Ha ho phatlalatsoa kopanong ea potoloho e neng e le Reykjavík hore ho tla hatisoa Molula-Qhooa ka Seiceland, ho ile ha koaholloa setšoantšo se seholo sa makasine eo ka mor’a sebui. Barab’abo rōna ba ile ba opa liatla haholo ka mpho ena e ncha e tsoang ho Jehova.

Mor’abo rōna Pedersen o sa hopola hore ha a fihla Iceland ka October 1959, bukana ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso” e ne e le eona feela sengoliloeng sa Seiceland se neng se sebelisoa tšimong, ’me beng ba matlo ba bangata ba ne ba se ba e-na le eona. Bahoeletsi ba ne ba tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka Sedanishe, Sejeremane, Senyesemane kapa Seswedishe ho ba neng ba khona ho bala lipuo tsena. Le hoja ba bangata ba ne ba utloisisa e ’ngoe ea lipuo tsena, ho ne ho le molemo haholo ha ba bala Molula-Qhooa ka puo ea bona. Bukana ena ea Seiceland e ile ea e-ba le tšusumetso e khōlō mosebetsing oa boboleli. Selemong seo sa tšebeletso, bahoeletsi ba 41 le bo-pula-maliboho ba ile ba amohela lipeeletso tse 809 ’me ba tsamaisa limakasine tse 26 479. Hape palo ea lithuto tsa Bibele e ile ea eketseha.

Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa e bile ho thehoa ha ofisi ea lekala ka la 1 January, 1962. Iceland e ne e ’nile ea hlokomeloa ke lekala la United States ’me pele ho moo e ne e hlokomeloa ke lekala la Denmark. Joale ka 1969, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa amoheloa ka molao ’me tsa ngolisoa Lekaleng la Toka le la Litaba Tsa Bolumeli. Joale Lipaki tsa Iceland li ile tsa e-ba le litokelo tse tšoanang le tsa malumeli a mang ’ohle ’me tsa fuoa matla a ho ngolisa manyalo le ho tšoara litšebeletso tsa lepato.

Khanyetso ea Baruti

Khoeling eo lekala le thehiloeng ka eona, barab’abo rōna ba ile ba hanyetsoa ke baruti. Hoseng ho hong, sehlooho sa koranta e khōlō se ile sa bolela hore mobishopo oa kereke ea molao o lokolotse bukana e lemosang ka Lipaki Tsa Jehova, e eletsang batho hore ba se ke ba li mamela. Bukana eo e ne e bitsoa Vottar Jehóva—advörun (Lipaki Tsa Jehova—Temoso). Likoranta tse ling li ile tsa hatisa boitsebiso bo buang ka Lipaki. Koranta e tummeng ea thapama e bitsoang Vísir, e ile ea hatisa puisano le mor’abo rōna ea sebeletsang ofising ea lekala. Sehlooho seo se ile sa hlalosa maikutlo a rōna, ’me ka potlako likoranta tse ling le tsona li ile tsa bua ka rōna. Ka tsela ena, ho ile ha fanoa ka bopaki bo bongata ’me batho ba eketsehileng ba ile ba tseba ka mosebetsi oa rōna. Babali ba bang ba ile ba ngola mangolo a tšehetsang Lipaki, ’me a ile a hatisoa likoranteng. Mobishopo o ile a itoanela, a hatisa “karabo” e lebisitsoeng ho rōna. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlalosa mosebetsi oa tsona le litumelo tsa tsona ka ho feletseng sehloohong se ileng sa akaretsa leqephe lohle koranteng e khōlō ka ho fetisisa ea Morgunbladid.

Bukana ena ea temoso e ile ea abuoa naheng eohle. Sena se ile sa etsa hore Lipaki Tsa Jehova li tsebahale haholo, ’me liphello tsa sena mosebetsing oa rōna li ile tsa bonahala ka lilemo tse ngata tšimong. Ka lebaka la hore ho ne ho buuoa haholo ka Lipaki, koranta e ’ngoe e ile ea re: “Mobishopo ke eena ea ka sehloohong ea tsebahatsang Lipaki Tsa Jehova.” Batho ba Jehova ba ile ba tuma esita le libakeng tse ka thōko naheng ena moo Lipaki li neng li e-s’o bolele teng. Le hoja ho e-na le batho ba ileng ba mamela keletso ea mobishopo, ba bangata ba ne ba batla ho tseba ho eketsehileng. Leha ho le joalo, ka leboea, Akureyri, ho ne ho e-na le lehloeo. Ka linako tse ling, bacha ba ne ba betsa Heinrich le Katherine Karcher ka majoe, bao e neng e le bo-pula-maliboho sebakeng seo. Lilemo hamorao, bahanyetsi ba bang ba bolumeli Akureyri ba ile ba boela ba tsamaisa bukana ea mobishopo, ba e hatisa hape hona sebakeng seo. Mapentekonta le ’ona a ile a etsa joalo Reykjavík, a nahana hore a ka emisa kapa a sitisa boboleli ba rōna.

Bothata ba ho Hlophisa Likopano

Likopano tse nyenyane le tse khōlō e ’nile ea e-ba liketsahalo tse thabisang batho ba Molimo haholo Iceland. Esita leha bahoeletsi ba ne ba fokola, barab’abo rōna ba ne ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa ho hlophisa likopano. Kopano ea pele e ile ea tšoaroa ka July 1951, ha barab’abo rōna ba babeli—Percy Chapman oa Canada le Klaus Jensen oa Brooklyn—ba etetse Iceland ha ba e-ea likopanong tsa Europe lehlabuleng leo. Le hoja ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fokolang feela Iceland ka nako eo, tlhōrō ea ba bileng teng kopanong eo e ile ea e-ba ba 55. Kopano e latelang e ile ea tšoaroa lilemo tse supileng hamorao ka June 1958, nakong ea ketelo ea molebeli ea etelang makala, Filip Hoffmann, ’me ba 38 ba ile ba mamela puo ea phatlalatsa. Ho tloha ka nako eo, ho tšoaroa likopano tse khōlō le tse nyenyane selemo se seng le se seng.

Fridrik Gíslason ke e mong oa barab’abo rōna ba ’maloa ba neng ba fana ka lipuo mananeong a kopano lilemong tsa bo-1950. O re: “Ke sa hopola ha ke ne ke ikarabella Lefapheng la Lijo likopanong tsa pele. Ntle le hore ke ’na ea neng a etsa mosebetsi o mongata, ke ne ke boetse ke tloaetse ho fana ka lipuo tse tharo kapa tse ’nè ka letsatsi. Ke ne ke apara foreskoto ha ke sebetsa ka kichineng. Ha ke potlakela ka holong ho ea fana ka puo, ke ne ke apara baki le hoja ka linako tse ling barab’eso ba ne ba lokela ho nkhopotsa hore ke hlobole foreskoto. Hona joale likopanong ho ba le batho ba 400 ho ea ho ba 500, ’me ho na le baholo ba bangata ba molemo ba tšoanelehang hore ba fane ka lipuo lenaneong.”

Monate oa likopano tsa setereke o utloahala nakong ea litšoantšiso tsa Bibele tse thabisang le tse rutang. Leha ho le joalo, kahobane Iceland ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fokolang haholo, litšoantšiso li ne li mameloa feela ho se na batšoantšisi. Lekala la Denmark le ile la thusa ho phelisa litšoantšiso ka ho fana ka li-slide tse mebala-bala tse neng li ka khona ho tsamaisana le molumo. Leha ho le joalo, litšoantšiso tsena li ne li hloka hore ho etsoe litokisetso tse ngata. Pele li ne li lokela ho fetoleloa ka Seiceland. Ka mor’a moo, li ne li rekotoa ho sebelisoa mantsoe a barab’abo rōna ba neng ba bua puo ea moo. Ho feta moo, ho ne ho nkoa ’mino le molumo litheiping tsa Senyesemane. Ho ne ho hlokahala hore ba bang ba sebelisoe likarolong tse fapa-fapaneng, ba feto-fetole mantsoe a bona ho latela motho eo ba bapalang karolo ea hae tšoantšisong. Hamorao, litšoantšiso tse ling li ile tsa bapaloa ho aperoe moaparo oa boholo-holo.

Ea pele e ne e le tšoantšiso ea Mofumahali Esthere, ’me e ne e lokela ho bapaloa kopanong ea setereke ea 1970. Barab’abo rōna ba ile ba ikakhela ka setotsoana ’me ba itloaetsa tšoantšiso eo ka mafolofolo. Ho apara liaparo tse tšoanang le tsa mehleng ea Bibele le hore barab’abo rōna ba khomaretsoe litelu tsa maiketsetso e ne e le ntho e ncha. Taba ea hore ho ne ho tla bapaloa tšoantšiso kopanong e ile ea etsoa pinyane. E ile ea e-ba ntho e thabisang e neng e sa lebelloa. Likopanong tse nyenyane tsa setereke, moo bohle ba batlang ba tsebana le moo e mong le e mong a lulang haufi le sethala, ba bang ba leka ho fumana hore na ke mang ea bapalang karolo e itseng tšoantšisong. Ha morali e mong oabo rōna a qeta ho bona tšoantšiso, o ile a re, “Basali, ke tsebile mor’abo rōna a le mong feela tšoantšisong, e ne e le Morena Nebukadnezare!” O ile a bolela lebitso la mora eo oabo rōna ’me a makala ha a fumana hore hase eena. Ka sebele barab’abo rōna ba ananela mosebetsi o boima oo ba bangata ba o entseng ho phetha likabelo tsa bona lenaneong likopanong tsa setereke tsa batho ba fokolang ka palo le likopanong tse nyenyane. Bohle ba rua molemo thutong ea bohlokoa ea litšoantšiso tse bapaloang ka lipuo tsa bona.

Likopano Tsa Machaba li Tlisa Thabo

Ka lilemo tse ngata barab’abo rōna ba Iceland ba boetse ba thabetse ho ea likopanong linaheng tse ling. Baemeli ba bahlano ba tsoang Iceland ba ile ba e-ba le tokelo ea ho ea Kopanong ea Machaba ea Thato ea Molimo New York ka 1958. Ba bangata ba ile ba ea Europe Likopanong Tsa Barapeli ba Kopaneng ka 1961 le Likopanong Tsa “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng” ka 1963. Ba bang ba ile ba thabela botsoalle le barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ngata Likopanong Tsa Machaba Tsa “Tlhōlo ea Molimo” ka 1973. Bahoeletsi ba fetang lekholo ba tsoang Iceland ba ile ba ea Kopanong ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” Copenhagen, Denmark, ka la 5-10 August, 1969. Sena e bile sehlopha se seholo ka ho fetisisa se tsoang Iceland se ileng sa ea kopanong ea machaba naheng e ’ngoe. Lehlabuleng leo, ho bahoeletsi ba bang le ba bang ba 100 ba Iceland, ba 80 ba ile ba ea likopanong linaheng tse ling.

Ka lebaka la hore ba bangata Iceland ba ne ba rerile ho ea kopanong ea 1969, lekala la Denmark le ile la lokisetsa hore barab’abo rōna ba Iceland ba lule hammoho kopanong. Hoseng pele mananeo a qala, barab’abo rōna ba Iceland ba ne ba khobokana sebakeng sa bona moo ba neng ba mamela kakaretso ea lenaneo ka puo ea bona.

Har’a ba neng ba tlile kopanong ena e ne e le mohlankana ea bitsoang Bjarni Jónsson. E ne e le mora oa ramolao ea neng a e-na le mohaho oo barab’abo rōna ba neng ba o hirile e le lehae la baromuoa le ofisi ea lekala Reykjavík. Bjarni o ne a sa tsebe ’nete hakaalo, ’me sepheo sa hae ha a e-ea Copenhagen le barab’abo rōna e ne e se ho ea kopanong. Ho tlile joang?

Ho ne ho e-na le lintho tseo ho neng ho hlokahala hore Kjell Geelnard, eo ka nako eo e neng e le mohlanka oa lekala, a buisane ka tsona le ntate oa Bjarni. Kjell o ile a mo bolella ka kopano ea machaba Copenhagen le ka sehlopha sa barab’abo rōna ba neng ba rerile ho ea teng. Ha ramolao eo a utloa ka sena, o ile a botsa hore na ho ka etsahala hore mora oa hae e moholo a tsamaee le sona. O ile a bolella Mor’abo rōna Geelnard hore mora oa hae o sa tsoa qeta sekolong se bohareng, ’me a ka rata ho mo etsetsa litokisetso tsa hore a etele naheng esele, ’me Copenhagen e ka ba sebaka se loketseng. Kjell o ile a lumela ’me a bolella ramolao enoa hore haeba Bjarni a ka rata ho ea kopanong ho ea bona se etsoang moo, o tla lokisetsoa marobalo Copenhagen. Ramolao enoa o ile a thaba ha a utloa sena ’me a botsa mora oa hae hore na a ka rata ho tsamaea le sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova se eang kopanong. Mora o ile a lumela hang-hang.

Ho ile ha buisanoa le Lefapha la Marobalo ho fumanela Bjarni marobalo Copenhagen. Barab’abo rōna ba ile ba mo fumanela marobalo lapeng la Lipaki. Leamerika le neng le tlil’o robala ka kamoreng e le ’ngoe le mor’abo rōna oa Iceland ea bitsoang Jakob le ne le ke ke la hlola le khona ho tla kopanong, kahoo Bjarni o ile a nka sebaka sa lona. Leha ho le joalo, ka mabaka a itseng Jakob ha aa ka a fihla. Ke Bjarni feela ea ileng a ea moo a lokiselitsoeng marobalo teng. Kaha Lefapha la Marobalo le ne le sa bolella lelapa leo hore Bjarni o tla sebakeng sa mor’abo rōna oa Leamerika, lelapa leo le ile la nahana hore moeti enoa oa lona ke eena Jakob.

Joalokaha e le tloaelo, ha barab’abo rōna ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng ba kopana, ba pheta liphihlelo. Barab’abo rōna ba Denmark ba ile ba makala ha ba fumana hore “Jakob” ha a na liphihlelo. Bjarni le eena o ne a maketse ha nako le nako beng ba ntlo ba mo bitsa Jakob. O ile a nahana hore kaha Jakob ke lebitso le ka Bibeleng, mohlomong Lipaki Tsa Jehova li tloaetse ho bitsana ka mabitso a Bibele ha li qoqa. Ho se utloisisane hona ho ile ha fela ha e mong oa barab’abo rōna lelapeng leo Bjarni a neng a fihletse ho lona a kopana le mor’abo rōna oa Denmark ea neng a bula maliboho Iceland. O ile a botsa mora eo oabo rōna hore na “Jakob” o sa le mocha ’neteng kaha o bonahala a sa tsebe letho ka mosebetsi Iceland. Mor’abo rōna oa Denmark o ile a hlalosa hore ha e le hantle motho eo ba reng ke “Jakob” ke Bjarni, eo e leng seithuti se tsoang Iceland se tlileng Copenhagen le barab’abo rōna. Batho bao Bjarni a fihletseng ha bona ba ile ba mo amohela ka mofuthu ’me ba kōpa hore a lule le bona beke e ’ngoe hape ha a ntse a bona libaka tsa Denmark. Mosa ona o ile oa ama pelo ea Bjarni.

Ha e le hantle, Bjarni o ile a ea kopanong. ’Me esita le hoja a ne a sa tsebe ’nete, e leng se neng se tla etsa hore a khone ho utloisisa lenaneo ka botlalo, seo a ileng a se bona le seo a ileng a se utloa se ile sa mo khahla haholo. Hang ha a khutlela Iceland, eena le lelapa labo ba ile ba qala ho ithuta Bibele. Bjarni o ile a tsoela pele hantle ’neteng ’me a kolobetsoa ka 1971. E bile setho sa Komiti ea Lekala Iceland ho tloha ka 1979.

Svanberg Jakobsson e bile mofetoleli lekaleng la Iceland ka lilemo tse ngata ’me hona joale ke molebeli oa Lefapha la Phetolelo. Ha e sa ntsane e le mohoeletsi e mocha, o ile a ea Kopanong ea Machaba ea “Tlhōlo ea Molimo” London, Engelane, ka 1973. O re: “Ke sa hopola kamoo ke neng ke thabetse ho bona bara le barali babo rōna ba likete ha ba kena lebaleng la lipapali la kopano. Ke ne ke thabela ho bona bara le barali babo rōna ba bangata ba tsoang Afrika, kaofela ba apere liaparo tsa ha habo bona. Nke ke ka lebala monate oa ho ba ’moho le barab’abo rōna ba likete-kete, ho mamela lenaneo le bona, ho bina le bona, ho rapela le bona, ho ja le bona le ho ba har’a bona feela.”

Sólborg Sveinsdóttir, ea ileng a kolobetsoa ka 1958, o ile a nka leeto la matsatsi a tšeletseng le eang Denmark ka sekepe le bana ba hae ba bane ho ea kopanong ea Copenhagen ka 1961. Sólborg o ne a kopanela le sehlopha se senyenyane se ka thōko Keflavík. O ile a ikutloa joang ka ho ea kopanong e khōlō ea machaba? O re: “E bile ho hlollang ho utloa barab’abo rōna ba fetang 30 000 ba kopane ba bina lipina tsa ’Muso ka lipuo tse hlano—sena se ile sa nkama maikutlo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e hlophisehile hantle.”

Ho ea likopanong tsa machaba ho ne ho bitsa chelete e ngata, empa barab’abo rōna ba ne ba lumela hore ba ke ke ba ikoahlaela ho etsa joalo. Ho ba teng meketeng e joalo e babatsehang ea moea e lokiselitsoeng ke Jehova le ho ba har’a ba bang ba likete ba nang le tumelo e tšoanang le ea hao e ne e le tlhohonolofatso.

“Motho ea Tlisetsang Batho Lijo” Tsa Moea oa Eta

Ba bangata ba tlile Iceland ho tla sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ho bona kaofela, ho falla hona ho akarelelitse ntoa e telele le e thata ea ho ithuta puo e rarahaneng ea Seiceland. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho se utloisisane ka puo ho ka fetoha tlhohonolofatso. Ka mohlala, ka letsatsi le leng Heinrich Karcher o ne a sebetsa ka ntlo le ntlo a ntse a ipolela hore ke mosebeletsi kapa mohlanka. Ntlong e ’ngoe mosali e mong e mocha o ile a hlaha monyako, ’me hang ha a ipolela hore na ke mang, mosali eo o ile a re a kene. O ne a sa utloisisa hore na ke mang hobane ka Seiceland ho sebelisoa lentsoe le le leng bakeng sa “mohlanka” le “motho ea tlisetsang batho lijo.” O ne a nahana hore o sebetsa le monna oa hae, ea neng a tlisetsa batho lijo hoteleng e sebakeng seo. O ne a tseba hore monna oa hae o ne a tla tloha a fihla, kahoo o ile a nahana hore a hle a amohele motho enoa ea reng o sebetsa le eena hore a tle a mo fumane lapeng. Ho hlakile hore ba ile ba tšeha haholo ha ba hlokomela hore ho bile le ho se utloisisane.

Monna o ile a fihla, ’me “motho ea tlisetsang batho lijo” tsa moea o ile a fa banyalani bana ba bacha lijo tse hlabosang tsa moea, tseo ba ileng ba li thabela haholo. Ba bile ba kōpa hore Heinrich a tle hape le mosali oa hae. Ka potlako ho ile ha qaloa thuto ea Bibele ea kamehla, ’me banyalani bana ba thahasellang ba ile ba qala ho pakela ba bang. Esita le ha monna enoa e mocha ea tlisetsang batho lijo a le mosebetsing hoteleng ea moo, o ne a buisana le bohle ba neng ba ka mamela. Ka mor’a nako, banyalani bana ba ile ba kolobetsoa. Ba ne ba thabetse hore ebe “motho ea tlisetsang batho lijo” tsa moea o ile a ba etela le hore ha aa ka a tsoafa ho ba pakela ka puo eo e seng ea habo.

Ka lilemo tse ngata, ho bile le liketsahalo tse ngata tse qabolang ka lebaka la ho se utloisisane ho neng ho e-ba teng ha barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba ithuta puo. Ka mohlala, nakoana ka mor’a hore Sally Macdonald a fihle Iceland, o ile a lokisetsa ho itsebisa batho ka ho re: “Ke ntse ke etela baahi ba mona ho ba bolella litaba tse thabisang tse tsoang ka Bibeleng.” Empa ho e-na le ho sebelisa lentsoe le bolelang ho etela (heimsækja) o ile a sebelisa lentsoe le bolelang ho hlorisa (ofsækja) ’me a re a bososela: “Ke ntse ke hlorisa baahi ba mona.”

Ho Tsamaea ka Ntlo le Ntlo le Moruti oa Lutere

Ka lilemo tse ngata, Holger le Tove Frederiksen ba Denmark ba ile ba sebeletsa ka botšepehi Iceland e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me ka nakoana ba ile ba e-ba mosebetsing oa ho tsamaea. Esita le hoja ho ne ho le thata hore Tove a ithute Seiceland a be a se tsebe hantle, ka lebaka la cheseho ea hae le mafolofolo a hae o ile a thusa ba bangata hore ba tsebe ’nete.

Ka lekhetlo le leng ha Holger a ntse a potoloha, o ne a e-ea ka ntlo le ntlo motsaneng o mong le mohoeletsi e monyenyane. Ba ile ba makala ha moruti oa Lutere a se a tsamaea le bona. Ho tlile joang?

Nakoana pele ho moo, ba ne ba ile ba kena ha moruti eo. O ne a tletse botsoalle ’me o ile a ba memela ka ofising ea hae. Ha moruti a qeta ho habanya libuka tseo ba neng ba li tsamaisa, o ile a re, “Libuka tsena li tšoere lithuto tsa bohata!” Eaba o re rao! a otlolletse matsoho a mabeli holimo ’me a phatlalatsa hore Molimo o tla ba ahlola. O ile a hoeletsa a re: “Ke le thibela ho bolela mona pharisheng ea ka!” Holger o ile a bolella moruti hore ha a na tokelo ea ho ba thibela ho bolela le hore ba ne ba tla tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa boboleli. Ka mor’a moo moruti o ile a re, “Haeba le tsoela pele ho bolela mona pharisheng ea ka, ke tlil’o tsamaea le lōna.” Holger o ile a mo bolella hore ho lokile a ka tsamaea le bona.

Ka mor’a hore moruti a ba sale morao matlong a mabeli a haufi le ha hae, ba ile ba kopana le Tove le morali e mong oabo rōna, ba ileng ba makala ha ba bona hore na ke mang ea seng a kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo. Joale moruti o ile a ba mema kaofela hore ba ee lapeng la hae ba e’o noa kofi. Ba ile ba qoqa hamonate. Holger o ile a nahana hore sepheo sa moruti sa ho ba mema ka mofuthu ka tšohanyetso joalo e ne e le ho ba thibela ho bolella batho bohle litaba tse molemo tšimong eo. Kahoo, letsatsing le hlahlamang ba ile ba khutlela teng ’me ba sebetsa motse oohle, ba tsamaisa lingoliloeng tse ngata ’me ba kopana le batho ba bangata ba mamelang.

Re Thibelloa ke Qubu e Thetehang ea Lehloa

Hangata ho bolella batho ba lulang mahaeng litaba tse molemo ho akarelletsa ho tsamaea makhalong a lithaba litseleng tse leqhoa le tse koahetsoeng ke liqubu tsa lehloa likhoeling tsa mariha tse lefifi. Ka December 1974, ha Kjell le Iiris Geelnard ba ntse ba le mosebetsing oa ho tsamaea, ba ile ba chakela Akureyri, lebōpong la leoatle le ka leboea. Bekeng eo ba e qetileng ba sebetsa le phutheho ea moo, ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse fetang 80 ba ea motseng oa Húsavík. Ba ile ba tsamaea le Holger le Tove Frederiksen. Ka matsatsi a seng makae ka bone ba bona ba ile ba sebetsa tšimo e Húsavík le libakeng tse e potolohileng ’me ba phetha leeto la bona ka ho fana ka puo ea phatlalatsa le ho bontša li-slide sekolong. Ha seboka se qala, sefefo se ile sa fihla sebakeng seo, se tlisa meea e batang haholo, lehloa le tšeole. Ka mor’a seboka, ha batho ba ntse ba phutha lintho tsa bona hore ba ee malapeng, ho ile ha re tšo! motseng oohle ha motlakase o khaoha ka lebaka la sefefo se tsamaeang le lehloa. Barab’abo rōna ba ile ba tloha sekolong ka lefifi, empa bohle ba ne ba thabetse hore ebe sena se etsahetse ba se ba bone li-slide.

Ba ha Geelnard le ba ha Frederiksen ba ile ba lokela ho khutlela Akureyri. Ba ile ba botsa mapolesa le baqhobi ba bang ba libese le literaka hore na litsela li joang ’me ba ba bolella hore pejana ho moo ho ne ho se na bothata. Kahoo, ba ile ba etsa qeto ea ho tloha kapele kamoo ho ka khonehang, le hoja ba ile ba senyetsoa nako ke ho phutha lintho tsa bona ka khanya ea kerese. Ha ba il’o reka peterole ea koloi, mosebetsi o ile a lokela ho e pompa ka letsoho. Qetellong, ba ne ba loketse ho tloha hoo e ka bang ka hora ea borobong bosiu.

Ha Kjell a hlalosa leeto leo, o re: “Qalong tsohle li ile tsa tsamaea hantle, empa lehloa le ne le ntse le khetheha ka matla. Ka linako tse ling ho ne ho e-ba thata haholo ho bona tsela hoo Holger a neng a bile a lokela ho tsoa ka koloing e le hore a re tataise ka toche. Ka mor’a moo re ile ra qahoa qubung ea lehloa. Ka makhetlo a ’maloa re ile ra khona ho tsoa qubung ea lehloa ka ho sututsa koloi le ho tlosa lehloa ka kharafu, empa qetellong re ile ra emisoa ke hlaba e khōlō ea lehloa. Re ile ra tseba hamorao hore ke qubu ea lehloa le ileng la theteha thabeng e re okametseng. Maemong a tloaelehileng, ho nka lihora tse peli ho tloha Húsavík ho ea Akureyri, empa ka nako eo re ne re se re qetile lihora tse tšeletseng re le tseleng ’me e le hona re leng halofong ea leeto.

“E ne e le hora ea boraro hoseng—re kolobile, re khathetse re bile re hatsetse. U ka inahanela thabo eo re bileng le eona ha re bona ho khantšitsoe mabone polasing e haufi. Sena se ile sa re fa sebete sa hore re ee teng ’me re kokote monyako. Holger, ea hlomphang le ea nahanelang, o ile a kokota monyako o ka pele. Ha ho se motho ea arabang, o ile a bula eaba o nyolohela mokatong o ka holimo ’me a kokota monyako oa kamore ea ho robala. Le hoja rapolasi le mosali oa hae ba ne ba maketse, ha baa ka ba halefisoa ke ho itšohlometsa hoo ha rōna. Ba ile ba hlalosa hore ba ile ba robala ha motlakase o tima ’me ba lebala ho tima mabone!

“Joale re ile ra iponela kamoo baahi ba Iceland ba amohelang baeti ka tsela e mofuthu kateng. Rapolasi le mosali oa hae ba ile ba ntša bana ba bona ba robetseng ba ba isa kamoreng e ’ngoe e le hore ka bone ba rōna re ka robala likamoreng tse peli, ’me ka mor’a nakoana, re ile ra memeloa ho ea noa kofi e chesang le bohobe bo hlabosang ka kichineng. Hoseng ho latelang ka mor’a lijo tsa hoseng, rapolasi o ile a re phehella hore re emele lijo tsa motšehare. Ka mor’a ho ja lijo tsa motšehare le lelapa leo, re ile ra tsoela pele ka leeto la rōna ho ea Akureyri hobane ka nako eo likhofu tse peli tse khirilang lehloa li ne li tlositse lehloa tseleng. Ho rata baeti ha rapolasi le mosali oa hae ho ile ha re fa monyetla oa hore re buisane le bona ka ’nete ea Bibele.”

Ho Bolela Sekepeng se Tšoasang Litlhapi ka Letlooa

Lilemong tse fetileng, Kjell Geelnard o ile a kopana le mohlankana e mong tšebeletsong ea tšimo. Lebitso la hae e ne e le Fridrik. E ne e le eena mora e moholo habo ’me o ne a rata lintho tsa moea a bile a thabela ho qoqa ka Bibele. O ne a e-na le lipotso tse ngata ’me a e-na le thahasello e khōlō ea ho tseba Bibele. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo ho mo fumana hape, kaha e ne e le moenjiniere sekepeng se tšoasang litlhapi ka letlooa. O ne a qeta nako e ngata a le leoatleng, ’me o ne a e-ba teng lapeng ka matsatsi a seng makae feela ha a se leoatleng. Leha ho le joalo, ka ho hlahloba kemiso ea sekepe se tšoasang litlhapi le ka ho botsa ’mè oa Fridrik hore na o ne a tla tla neng lapeng, Kjell o ile a khona ho kopana le eena, ka linako tse ling ba kopana koung ea likepe ’me ka linako tse ling ba kopana lapeng. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba mo thusa hore a hatele pele moeeng.

Ho elella bofelong ba 1982, Fridrik o ile a memeloa ho ea kopanong Reykjavík. Ka nako eo tumelo ea hae ho Jehova e ne e qalile ho hōla, ’me o ile a rapella hore a fuoe monyetla oa ho ba teng. Ho ile ha etsahala hore monna e mong eo a sebetsang le eena ea neng a filoe nako ea phomolo ka mor’a leeto, ka tšohanyetso a etse qeto ea ho se ee phomolong. Sena se ile sa fa Fridrik monyetla oa hore a kōpe ho ba sieo mosebetsing a ee kopanong. Fridrik o ile a thabela lenaneo haholo, ’me ka nako ena o ne a kholisehile hore o batla ho sebeletsa Jehova.

Ha Fridrik a khutlela motseng oa habo, o ile a tsebisa ngoanana eo a neng a mo lebelelitse qeto eo a e entseng le liphello tseo e tla ba le tsona bophelong ba hae. O ile a mo bolella hore o batla ho mo nyala empa haeba a sa batle ho nyaloa ke Paki ea Jehova, o lokolohile hore a se lumele ho nyaloa ke eena. Hoseng ho latelang, ho ile ha utloahala motho ea kokotang lehaeng la baromuoa. E ne e le Fridrik le molebeletsuoa oa hae. Fridrik o ile a bua ka bokhutšoanyane a sa hlathe koana le koana a re: “Helga o batla thuto ea Bibele!” Kahoo baromuoa ba ile ba lokisetsa ho ithuta le Helga. Hamorao letsatsing leo, e mong oa baena ba Fridrik le eena o ile a kōpa thuto ea Bibele. Hona bekeng eo, Fridrik o ile a tlisa khaitseli ea hae ea ho fela libokeng ’me a re: “Unnur o batla thuto ea Bibele!”

Fridrik o ne a batla ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Leha ho le joalo, o ile a lokela ho qala ka ho eketsa tsebo ea hae ’me ka mor’a moo a hlahlobe lipotso tsa kolobetso. Bothata e ne e le hore o ne a lokela ho qeta nako e ngata leoatleng. Haeba Kjell a ne a ke ke a etela Fridrik lapeng, mohlomong o ne a ka mo etela mosebetsing. Tharollo ea see e bile efe? Fridrik o ile a hira Kjell hore a sebetse le eena kamoo enjine e lulang kateng sekepeng se tšoasang litlhapi. Mathoasong a 1983, Kjell a nkile Bibele le lingoliloeng tsa ho ithuta, o ile a palama sekepe sa Svalbakur.

Kjell o sa hopola: “Ho sebetsa ka har’a sekepe sa Svalbakur le ho etsa mosebetsi oa boboleli ka har’a sona e bile ketsahalo eo nke keng ka e lebala. Mosebetsi o ne o qala ka 6:30 hoseng ’me o fela ka 6:30 mantsiboea. Motšehare o moholo re ne re ja lijo tsa motšehare, ’me re ne re phomola re noa kofi hoseng le thapama. Ke ne ke sebelisa nako ea ka mor’a mosebetsi ho ithuta le Fridrik, ’me ho ne ho e-na le menyetla e mengata ea ho pakela basebetsi ba bang. Mantsiboea re ne re ithuta le ho tšohla litaba tsa moea. Ka linako tse ling re ne re robala ka mor’a khitla. Nakong ea lijo tsa motšehare, re ne re leka ho qeta nako e nyenyane ka kamoreng ea ho jela e le hore re ka buisana ka temana ea letsatsi ka kamoreng ea Fridrik.”

Ho hlakile hore banna ba bang le bona ba ile ba makatsoa ke hore moromuoa joale e ne e se e le e mong oa basebetsi ba sekepe. Ka matsatsi a pele a seng makae, banna bao ba ne ba qoaile Kjell, kaha ba ne ba sa tsebe seo a ka ’nang a se etsa. Leha ho le joalo, basebetsi ba bang ba ile ba mamela Kjell ka thahasello. E mong oa bona o ile a bontša thahasello e khōlō, ’me ha a fumana hore ba buisana ka temana ea letsatsi nakong ea lijo tsa motšehare, o ile a batla ho kopanela. Ka letsatsi le leng ha moqoqo o e-ba molelele kamoreng ea ho jela o ile a felloa ke mamello ’me ka pel’a bohle a botsa Kjell le Fridrik: “E se re tsamaeeng re il’o bala temana ea letsatsi?”

Mantsiboeeng a mang Kjell le Fridrik ba ile ba memela basebetsi kamoreng ea Fridrik ho ea tšohla boitsebiso bo makasineng ea Tsoha! e neng e bua ka bokhoba ba tahi. Basebetsi ba supileng ba ile ba tla sebokeng sena se ileng sa hopoloa ka nako e telele, ’me litaba tsa seboka sena li ile tsa fihla ho basebetsi ba likepe tse ling tse tšoasang litlhapi ka letlooa.

Kjell o re: “Ka mor’a ho bolela litaba tse molemo ka libeke tse ka bang peli le ho sebetsa sekepeng sa Svalbakur, re ile ra boela ra fihla koung. Ka nako eo ke ne ke se ke botsitse Fridrik lipotso tsa kolobetso, ntle le ho buisana le eena ka litaba tse ngata tsa Bibele, ho pakela basebetsi ba bang le ho ba tsamaisetsa limakasine le lingoliloeng.” Fridrik o ile a kolobetsoa nakong ea selemo ka 1983. Molebeletsuoa oa Fridrik, Helga; ’mè oa hae; le khaitseli ea hae, kaofela ba ile ba amohela ’nete.

Ho Khanna Lithuto ka Thelefono

Kamehla ho ’nile ha e-ba thata ho bolella batho ba lulang libakeng tse ka thōko sehlekehlekeng sena se seholo litaba tse molemo. Thelefono e bile sesebelisoa se atlehang ho finyella batho ba thahasellang le ho tsoela pele ho buisanoa le bona.

Ba bangata ba ruile molemo mokhoeng ona oa ho bolela litaba tse molemo. Lilemong tse itseng tse fetileng mosali ea bitsoang Oddný Helgadóttir o ile a etela mora oa hae le ngoetsi ea hae, ba neng ba ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Ha ba mo phetela seo ba ithutang sona, le eena o ile a batla ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, Oddný o ne a lula sebakeng se ka thōko lebōpong le ka leboea-bophirimela la Iceland, lik’hilomithara tse fetang 300 ho tloha phuthehong e haufi. Ha morali’abo rōna, Gudrún Ólafsdóttir, a ithaopela ho ithuta le eena ka thelefono, o ile a lumela ka thabo. Ka mor’a thapelo e bulang, Oddný o ne a araba lipotso tsa thuto tse bukeng a sa tsilatsile. Oddný o ne a lokisetsa thuto ka ho feletseng, ’me o ne a ngola mangolo ’ohle a bontšitsoeng e le hore a ka a bala hang feela ha ho buuoa ka ’ona. Kahoo, ho ne ho sa hlokahale hore a phetle mangolo ha ba ntse ba ithuta. Ka lekhetlo le leng, ba ile ba ithutela ha Gudrún ha Oddný a etetse sebakeng seo. Ka bobeli ba ne ba batla ba sa lokoloha, kaha e ne e le lekhetlo la pele ba ithuta ba shebane mahlong, kahoo ka ho soasoa, Gudrún o ile a etsa tlhahiso ea hore a ee ka kamoreng e ’ngoe moo ho neng ho e-na le thelefono e ’ngoe!

Ha Oddný a qala ho utloisisa ’nete, o ile a qala ho pakela monna oa hae, Jón. Ha a bontša thahasello, o ne a sa tsebe hore na ebe ho nepahetse hore a khannele monna oa hae thuto. O ile a fumana hore a ka khanna thuto empa o tla lokela ho roala hloohong ha a e khanna. Ntle le ho ithuta le monna oa hae, o ile a boela a pakela baahelani. Ka mor’a moo, o ile a bolela hore o batla ho kolobetsoa. Gudrún o ile a lokisetsa hore a botsoe lipotso tse bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna ka thelefono ke moholo, ho bona hore na ebe oa tšoaneleha kapa che. Ho ile ha hlaka hore oa tšoaneleha ntle ho ntho e le ’ngoe: O ne a e-s’o itokolle ka molao kerekeng.

Hoo e ka bang beke hamorao, Oddný o ile a letsetsa Gudrún ho mo bolella hore joale o se a itokolotse kerekeng. Monna oa hae le eena o ne a itokolotse. Ena e ne e bile qeto e thata bakeng sa monna oa hae hobane e ne e le molula-setulo oa lekhotla la pharishe sebakeng seo. Hamorao Oddný o ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho. O ile a thabela kopano haholo kaha pele ho moo o ne a kile a kopana le sehlopha se senyenyane sa Lipaki hanngoe feela. Puong e ’ngoe kopanong o ile a botsoa hore na ebe ho thata ho ba thōko joalo. O ile a re ha ho mohla a kileng a ikutloa a le mong, kaha o ne a tseba hore Jehova o teng le lebōpong la leoatle le ka leboea-bophirimela la Iceland. Joale o ile a eketsa ka ho bolela hore ka masoabi monna oa hae o sitiloe ho tla kopanong empa o ile a mo tiisetsa hore o tla tla ha a se a loketse ho kolobetsoa. O ile a phetha tšepiso ea hae! Ka mor’a nako e seng kae ba ile ba fallela sebakeng se nang le baahi ba bangatanyana e le hore ba ka ba teng kamehla libokeng.

Ho Hlokahala Mahae a Baromuoa le Liholo Tsa ’Muso

Ha Nathan H. Knorr ea hlahang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova a etela Iceland ka 1968, o ne a batla ho fumana mohaho o molemo haholoanyane bakeng sa ofisi ea lekala le lehae la baromuoa. Pele ho moo, ho ne ho hiriloe matlo a ’maloa. Joale barab’abo rōna ba ile ba qala ho batla setša seo ho sona ho ka hahoang mohaho o nang le Holo ea ’Muso, lehae la baromuoa le ofisi ea lekala. Ho sa le joalo, ho ile ha hiroa ntlo e loketseng Hrefnugata 5 Reykjavík, ’me ka la 1 October, 1968, baromuoa ba tšeletseng ba ile ba fallela ho eona. Mohaho ona e ile ea e-ba setsi sa mosebetsi Iceland ka lilemo tse ling tse hlano. Hamorao, barab’abo rōna ba ile ba fumana setša se setle Sogavegur 71, Reykjavík. Nakong ea selemo ka 1972, ho ile ha qaloa kaho ea mohaho o mocha oa lekala. Sena se ile sa e-ba boima haholo ho barab’abo rōna ba fokolang ba sebakeng sena, ba neng ba se na tsebo e kaalo ea boenjiniere le kaho. Ba ne ba se na lihahi le bo-’meselara, kahoo ho ile ha hlokahala hore ho hiroe bo-rakonteraka bao e seng Lipaki. Bo-rakonteraka bana ba ne ba ikemiselitse haholo ho sebelisana le barab’abo rōna ’me ba ile ba lumella barab’abo rōna hore ba sebetse le bona. Barab’abo rōna ba ile ba hira karolo ea ntlo ea khale haufi le setša seo e le moo ba jellang teng. Baralib’abo rōna ba ne ba fapanyetsana ka ho pheha lijo malapeng a bona le ho li isa moo ho ntseng ho hahoa bakeng sa ho fepa basebetsi.

Mosebetsi oa kaho o ile oa fana ka bopaki bo botle sebakeng sena. Bo-rakonteraka le ba boholong motseng ba ile ba fumana monyetla o motle oa ho tseba Lipaki Tsa Jehova. Ba bang ba ne ba ema setšeng ba shebella. Ha ho fihla nako ea ho lila mohaho ka hare, mor’abo rōna oa Denmark eo e neng e le ’meselara o ile a tla thusa. Le baralib’abo rōna ba ne ba etsa mosebetsi o mongata. Ha baokameli ba tsoang toropong ba tlile moo ho ntseng ho hahoa, ba ile ba bona hore baralib’abo rōna ba ne ba sebelisa mochine o kopanyang samente. E mong oa baokameli o ile a re: “Ke nahana hore basali ba kereke ea rōna ba ka ithuta ho hong ho sena. Ka sebele ho ka ba molemo haholo ho ikahela likereke ho e-na le ho ea holimo le tlaase ka mabokose a koleke, re qela chelete.” Mohaho oo o ile oa neheloa ka May 1975 ha Milton G. Henschel a etetse Iceland ’me o ile a fana ka puo ea nehelo. Mohaho ona o ile oa sebelisoa ka lilemo tse ngata e le lehae le ka sehloohong la baromuoa naheng ena ebile e le Holo ea ’Muso bakeng sa liphutheho tse Reykjavík. Hona joale ke ofisi ea lekala.

Ka 1987 ho ile ha hahoa Holo e ncha ea ’Muso le lehae la baromuoa motseng oa Akureyri. Bopaki ba hore batho ba Jehova ba kopane ebile ke mokhatlo oa bara ba motho oa machaba bo ile ba totobala ha bara le barali babo rōna ba fetang 60 ba Finland le Sweden ba tlil’o thusa barab’abo rōna ba Iceland ka mohaho oo.

“Lepolanka le Monate ka ho Fetisisa”

Ka lilemo tse ngata, baemeli ba Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ba ’nile ba etela Iceland, ’me kamehla maeto ana a ’nile a khothatsa barab’abo rōna haholo. Ketsahalo e thabisang ka ho fetisisa ka 1968 e bile ketelo ea Mor’abo rōna Knorr, e seng e boletsoe. O ile a fa barab’abo rōna puo e matla, a pheta liphihlelo ’me a bua ka khatelo-pele ea mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Iceland.

Mor’abo rōna Henschel o ile a etela Iceland ka lekhetlo la pele ka May 1970. O ile a amoheloa ke baromuoa ba tšoeroeng ke boroko. Lebaka la seo ke hore Mor’abo rōna Henschel o ne a fihlile hoseng haholo, ’me ho phaella ho seo, thaba e tsebahalang e foqohang seretse se chesang ea Hekla, e ne e qalile ho foqoha seretse se chesang ka la maobane, ’me baromuoa ba ne ba qetile bosiu bohle ba e shebeletse!

Ka ho khetheha Mor’abo rōna Henschel o ne a batla ho thusa baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Kaofela ha bona o ile a ba memela sebokeng se khethehileng ’me a ba phetela liphihlelo tsa ha a ne a bula maliboho nakong ea Ho oa ho Hoholo ha Moruo. O ile a bolela kamoo bo-pula-maliboho ba neng ba nehelana ka lingoliloeng ebe ba amohela likhoho, mahe, botoro, meroho, likhalase tsa mahlo esita le lelinyane la ntja! Ka tsela ena, mosebetsi o ile oa tsoela pele linakong tseo tse thata, ’me bo-pula-maliboho ha baa ka ba hloka lintho tse hlokahalang bophelong.

Batho ba etelang Iceland ba tla hlokomela kapele hore lijo tsa teng hase tseo ba li tloaetseng. Sejo se seng se ratoang haholo Iceland ke svid, e leng hlooho ea nku e arotsoeng ka lehare eaba ea phehoa. Ak’u nahane feela ha u sheba poleiting ’me u bona halofo ea hlooho ea nku e nang le meno le leihlo le le leng! Baeti ba bangata ba fumana ho le thata “ho shebana mahlong” le svid. Ho hlakile hore tlhapi e sa tsoa tšoasoa e lula e le teng. Sejo se seng se ratoang haholo Iceland ke hardfiskur: tlhapi e ntšitsoeng masapo eaba ea omisoa. E jeoa e le tala, e tšetsoe botoronyana. Tlhapi ena e thata ’me e lokela ho hlahlathoa hore e be bonolo. Kahoo, ka tjantjello e khōlō baromuoa ba ne ba letetse ho bona hore na Mor’abo rōna Henschel o tla etsa joang ha ba mo ngoathela tlhapi ena. Ha a qeta ho e latsoa, baromuoa ba ile ba mo botsa hore na e joang. O ile a thōla-thōla eaba o araba ka masene o re: “Lena ke lepolanka le monate ka ho fetisisa leo nkileng ka le ja.”

Maeto a mang a mangata a baemeli ba Sehlopha se Busang e bile a hopolehang le a khothatsang. Maeto ana a entse hore barab’abo rōna ba Iceland ba kholisehe hore ho sa tsotellehe hore na ba fokola hakae ka palo le ho ba thōko ha bona, ke karolo ea mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara, o kopantsoeng ke maqhama a lerato la Bokreste.

Ho Sebetsa le Lingaka le Mecha ea Phatlalatso

Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (Hospital Liaison Committee [HLC]) e entsoeng ka barab’abo rōna ba bane e ile ea qala ho sebetsa Iceland ka 1992. Barab’abo rōna ba babeli ba ile ba ea thupelong ea HLC Engelane, ’me ba bang ba babeli ba ile ba ea thupelong e neng e tšoaretsoe Denmark. Ha HLC ena e sa tsoa thehoa e se e hlophisitsoe, ho ile ha tšoaroa seboka le basebetsi ba sepetlele se seng se seholo sa univesithi. Sebokeng seo ho ile ha e-ba teng batho ba 130 ba akarelletsang lingaka, baoki, bo-ramolao le batsamaisi ba sepetlele. Kaha sena e ne e le seboka sa pele seo litho tsa HLC li ileng tsa se tšoara le basebetsi ba sepetlele, hoa utloahala hore ebe li ne li batla li tšohile. Leha ho le joalo, seboka seo se ile sa atleha ’me ka mor’a moo, li ile tsa hlophisa hore li kopane le lingaka tse seng kae hammoho le litsebi tse ling lipetleleng tse sa tšoaneng. Hape barab’abo rōna ba ile ba iketsetsa kamano e ntle le lingaka tse tummeng tse etsang liopereishene le tse robatsang ka lithethefatsi. Sena se thusitse ho qoba mathata a amanang le ho phekola ntle ho mali se bile se a rarolotse.

Ka 1997 ho ile ha fetisoa molao o mocha o mabapi le litokelo tsa mokuli. Molao oo o re ha ho mokuli ea lokelang ho phekoloa a sa fana ka tumello le hore haeba ho tsejoa thato ea mokuli ea akhehileng, e lokela ho hlomphuoa. Hape molao o bolela hore ka linako tsohle bana ba lilemo li 12 ho ea holimo ba lokela ho botsoa hore na ba ikutloa joang ka phekolo eo ba e fuoang. Gudmundur H. Gudmundsson, eo e leng molula-setulo oa HLC, o re: “Ka kakaretso, lingaka li na le moea oa tšebelisano-’moho, ’me mathata aa fokola. Esita le liopereishene tse thata li etsoa ntle ho mali.”

Ha ho ne ho hatisoa Tsoha! ea January 8, 2000, e buang ka ho phekola le ho buoa ntle ho mali, ofisi ea lekala e ile ea khothalletsa barab’abo rōna hore ba leke ka ho khethehileng ho tsamaisa makasine eo haholo kamoo ho ka khonehang. Lekala le ile la fana ka litlhahiso mabapi le kamoo ho ka tsamaisoang makasine eo kateng le kamoo ho ka arabeloang lipotso ka mali. Qalong ba bang ba ne ba le leqe ho tsamaisa makasine ena, empa ka potlako ba ile ba lemoha hore batho ba ne ba batla ho tseba ka taba ena. Ho ile ha nehelanoa ka limakasine tse fetang 12 000 ho batho ka kakaretso. Hoo ho bolela hore ho baahi ba bang le ba bang ba 22 naheng ena, a le mong o ile a fuoa makasine. Mora e mong oabo rōna o ile a re, “Ke ne ke sitoa ho qeta tšimo eohle ka lebaka la hore ke ne ke e-ba le puisano e monate le batho ba bangata haholo.” Morali e mong oabo rōna o ile a re, “Ke batho ba babeli feela ba hanneng ho nka limakasine tseo ke neng ke ba fa tsona!”

Mosali ea neng a tsamaisa lenaneo la beke le beke seea-le-moeeng sa sechaba o ile a amohela makasine ena ea ho phekola ntle ho mali. Lenaneong la hae o ile a bolela hore na o fumane makasine eo joang eaba o bua ka histori ea tšelo ea mali joalokaha e hlalositsoe ho Tsoha! O ile a phetha litaba tsa hae ka ho bolela hore mang kapa mang ea ka lakatsang ho tseba ho eketsehileng ka ho phekola ntle ho mali o lokela ho kōpa sengoliloeng se buang ka taba ena ho Lipaki.

Phutuho e khethehileng ea makasine ena ea Tsoha! e ile ea etsa hore ba bangata ba lemohe hore boemo ba rōna mabapi le mali boa utloahala. Ho feta moo, ba ile ba tseba hore Lipaki Tsa Jehova ha li batle ho shoa. Ho e-na le hoo, li batla phekolo e molemo ka ho fetisisa. Ka lebaka leo, ba bang bao nakong e fetileng ba neng ba sa fuoa boitsebiso bo nepahetseng ka boemo ba rōna ka mali ba ile ba mamela molaetsa oa ’Muso.

Liholo Tse Peli ka Matsatsi a Mane

Bakeng sa barab’abo rōna ba Iceland, ketsahalo e ikhethang selemong sa tšebeletso sa 1995 e bile kaho ea Liholo tse peli tsa ’Muso ka June, e ’ngoe Keflavík ’me e ’ngoe Selfoss. Ke tsona Liholo Tsa ’Muso tsa pele Iceland tse ileng tsa hahoa ho sebelisoa mokhoa oa ho haha ka potlako. Ho ile ha nka matsatsi a mane feela hore li hahoe ka bobeli ba tsona. Thuso e lerato ea barab’abo rōna ba Norway ke eona e ileng ea etsa hore mosebetsi ona o atlehe. Lekala la Norway le ile la romela boholo ba thepa, ’me bara le barali babo rōna ba fetang 120 ba Norway ba ile ba tla thusa kahong ena. Setšeng ho ne ho tloaelehile ho utloa motho a re: “Ha ke kholoe mahlo a ka.” Barab’abo rōna ba Iceland ba ne ba ’nile ba bala le ho utloa ka ho haha Liholo Tsa ’Muso ka potlako, empa joale ba ne ba iponela ka mahlo. Ho hlakile hore sena se ne se hlolla, ha re hopola hore palo ea Liholo Tsa ’Muso Iceland e ile ea imena habeli ka matsatsi a seng makae feela!

Ntle le ho ba le Liholo tse peli tsa ’Muso tse ncha, barab’abo rōna ba Iceland ba ile ba khothatsoa ke ho ba le botsoalle bo thabisang le bara le barali babo bona ba Norway ba itefeletseng litšenyehelo tsa ho tla moo le ba qetileng nako ea bona ea phomolo ba sebetsa liholong tseo. Boo e bile bopaki bo bokaakang ba hore re mokhatlo oa bara ba motho oa machaba! Barab’abo rōna ba Iceland le bona ba ile ba tlatsetsa mesebetsing ena ea kaho. Bahoeletsi ba fetang 150 ba mona ba ile ba kopanela mosebetsing, e leng hoo e ka bang halofo ea palo ea bahoeletsi bohle naheng ena.

Hape kaho ea Liholo tsena Tsa ’Muso e ile ea fana ka bopaki bo botle sechabeng. Liteishene tse peli tsa thelevishene ea sechaba li ile tsa tlaleha ketsahalo ena mananeong a tsona a litaba ’me tsa bontša litšoantšo tsa litša tsena ka bobeli. Ho ile ha boela ha fanoa ka tlaleho mabapi le mehaho ena liteisheneng tse ngata tsa seea-le-moea le likoranteng. Moruti oa kereke e Selfoss o ne a sa rate tsela eo Lipaki li neng li thahaselloa ka eona. Koranteng ea moo o ile a hatisa sehlooho se lemosang mabapi le seo a neng a re ke lithuto tse kotsi tsa Lipaki Tsa Jehova. O ile a bolela hore batho ba fokolang kelellong le ba nkehang maikutlo habonolo ke bona bao ka ho khetheha ba lokelang ho ba hlokolosi. O ile a pheta litemoso tsena ha ho buisanoa le eena seea-le-moeeng. Leha ho le joalo, mantsoe a moruti ha aa ka a e-ba le phello eo a neng a e lebeletse. Ho e-na le hoo, batho ba bangata ba ne ba thabisitsoe ke kaho ea Liholo Tsa ’Muso ’me ba bangata bao barab’abo rōna ba ileng ba kopana le bona mosebetsing oa boboleli ba ile ba bolela hore ba makalitsoe ke boitšoaro ba moruti.

Hoo e ka bang beke ka mor’a hore ho hatisoe temoso ea moruti, koranta eo e ile ea hatisa setšoantšo se qabolang. Ka pele setšoantšong ho na le kereke, ’me ka morao ho na le Holo ea ’Muso. Nōka e feta pakeng tsa mehaho ena e ’meli, ’me barab’abo rōna ba bososelang, ba apereng hantle ba tloha Holong ea ’Muso ba tšela borokho ba lebile kerekeng, ba nkile mekotla ea tšimo. Ka ntle ho kereke, mosali e mong o raroloha setulong sa likooa ke letsoalo. Monna ea kentsoeng samente leotong le monna e mong eo ho bonahalang e le sefofu, ba baleha ba ntse ba hoeletsa ba re: “Balehang, Lipaki ke tseo!” Litepising tsa kereke ho eme moruti ea shebahalang a maketse. Batho ba bangata ba ile ba rata setšoantšo sena se qabolang. Bahlophisi ba koranta ba ile ba re ke sona setšoantšo se qabolang ka ho fetisisa selemong seo, ’me ba se hōlisa eaba ba se beha leboteng la ofisi. Se ile sa lula moo ka lilemo tse ’maloa.

Pontšo e Fana ka Bopaki bo Botle

Selemong sa tšebeletso sa 2001, ho ile ha etsoa pontšo e mabapi le ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le nakong ea ha e ntse e kupa ha li ntse li mameletse mahloriso a Manazi. Pontšo ena e ile ea tšoareloa libakeng tse tharo ’me lenane lohle la ba bileng teng e ile ea e-ba 3 896. Mafelo-bekeng a ho qetela, holo ea lipontšo Reykjavík e ile ea tlala baeti ba fetang 700. Ho ile ha bapaloa video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault ka Seiceland nakong eohle ea pontšo libakeng tsohle tse tharo. Baeti ba bangata ba ile ba sebelisa monyetla oo ’me ba lula fatše le ho shebella video eohle.

Khato e tiileng ea Lipaki likampong tsa mahloriso e ile ea khahla baeti ba neng ba sa tsebe karolo ena ea histori ea rōna. Moprofesa e mong ea ileng a etela sebaka sa pontšo ka makhetlo a ’maloa o ile a bolela hore pontšo eo e ne e mo khahlile haholo ’me o fetotse boikutlo ba hae ka Lipaki Tsa Jehova. Haholo-holo o ne a susumelitsoe ke tumelo e matla ea Lipaki likampong tsa mahloriso. Ho fapana le batšoaruoa ba bang, li ka be li ile tsa lokolloa ka ho latola litumelo tsa tsona.

Pontšo ena e ile ea boela ea tlalehoa haholo thelevisheneng ea sechaba le thelevisheneng ea sebakeng seo le liea-le-moeeng. Ha pontšo e buloa, moruti oa Lutere o ile a tla le mosali oa hae le morali. Hamorao, mor’abo rōna o ile a mema moruti hore a etele Bethele ’me o ile a lumela. Matsatsi a seng makae ka mor’a ketelo eo, mosali e mong o ile a botsa moruti eo potso ka temana e itseng ea Bibele. Moruti o ile a mo khothalletsa hore a ikopanye le ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, kaha o ne a kholisehile hore li tla mo araba. Hamorao mor’abo rōna o ile a khannela moruti eo thuto ea Bibele.

Tsoelo-pele ea Mosebetsi oa ho Fetolela

Hangata ho ne ho le thata hore bahoeletsi ba seng bakae ba Iceland ba fetolele lijo tsohle tsa moea tse tsoang ho “lekhoba le tšepahalang le le masene” ka Seiceland. (Mat. 24:45) Lilemong tsa pele, Lipaki tsa Iceland tse neng li lula Canada li ne li etsa boholo ba mosebetsi oa phetolelo. Hamorao mosebetsi ona o ile oa etsetsoa Iceland. Ka mor’a hore baromuoa ba pele ba fihle ka 1947, ba ile ba tloaela seroki se hōlileng se neng se lula ntlong eo ba neng ba lula ho eona. Se ne se tseba Senyesemane ’me se ile sa thusa baromuoa ho ithuta puo ea moo. Hape se ile sa ithaopela ho ba etsetsa mosebetsi o itseng oa phetolelo, kahoo barab’abo rōna ba ile ba se hira hore se fetolele buka ea “’Nete e be ea Molimo” le bukana ea The Joy of All the People. Ka bomalimabe, se ile sa sebelisa mokhoa oa khale oa ho ngola oa liroki le mantsoe a mangata a khale le lipolelo tsa khale, ’me le hoja e mong oa baromuoa ba bacha le Mor’abo rōna Lindal ba ile ba hlahloba phetolelo eo le ho e ngola bocha, buka eo ha ea ka ea e-ba thuso e molemo ea ho ithuta joalokaha ho ne ho lebeletsoe. Leha ho le joalo, buka ena e ile ea tsamaisoa haholo ha e qeta ho hatisoa ka lekhetlo la pele, ’me ka kakaretso ho ile ha hatisoa libuka tse 14 568. Ka 1949 ho ile ha hatisoa libukana tse fetang 20 000. Hamorao barab’abo rōna ba ile ba hira mofetoleli e mong hore a fetolele buka ea What Has Religion Done for Mankind?

Lilemong tseo, sehlotšoana sa barab’abo rōna se ile sa fetolela libukana tse ’maloa. E ’ngoe e ne e le ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso,” e ileng ea lokolloa ka 1959. Bukana ena e ile ea thusa barab’abo rōna hore ba qalise lithuto tse ngata tsa Bibele. Ka mor’a moo ho ile ha fanoa ka tumello ea ho hatisa Molula-Qhooa ka Seiceland.

Libuka tse ngata tsa bohlokoa li ile tsa fetoleloa ’me tsa lokolloa lilemong tsa ka mor’a moo: “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng” e ile ea lokolloa ka 1950; Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape, ka 1966; ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, ka 1970; U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ka 1984 le Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, ka 1996. Tsoha! e hatisoang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse ’nè e ile ea e-ba se seng sa lingoliloeng tse tsoang ka Seiceland ka 1982.

Ka lilemo tse ngata, barab’abo rōna ba ne ba se na buka ea lipina ka Seiceland. Ka 1960, ho ile ha fetoleloa lipina tse ’nè ’me tsa kopitsoa bakeng sa kopano. Joale kopanong ea setereke ka November 1963, ho ile ha lokolloa bukana ea lipina ea Seiceland, e nang le lipina tse 30 tse khethiloeng, ’me barab’abo rōna ba ile ba e thabela haholo.

Pele ho moo, phuthehong ho ne ho binoa ka lipuo tse sa tšoaneng. Günther le Rut Haubitz ba ile ba fihla Iceland ka 1958 ba tsoa Jeremane e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Rut o sa ntsane a hopola hore barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba sebelisa libuka tsa bona tsa lipina tsa Sedanishe, Sefinishe, Sejeremane, Senorway, Senyesemane kapa Seswedishe. Baahi ba Iceland ba ne ba bina ka puo leha e le efe eo ba e tsebang. O re, “E ne e le k’hoaere e kopakaneng!” Butle-butle, ka mor’a lilemo tse ngata, ho ile ha fetoleloa lipina tse eketsehileng tsa ’Muso ’me qetellong ka 1999 ho ile ha e-ba le buka e feletseng ea lipina ka Seiceland e nang le lipina tsohle tse 225. Barab’abo rōna ba leboha tokisetso ee ea ho rorisa Jehova hakaakang!

Kopanong ea setereke e ileng ea tšoaroa ka August 1999 ho ile ha e-ba le ntho e sa tloaelehang Iceland. Buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! e ile ea lokolloa ka Seiceland ka nako e le ’ngoe le ea Senyesemane. Kopanong, ha sebui se tsebisa ka ho lokolloa ha buka eo ka Senyesemane, bamameli bohle ba ile ba opa liatla. Empa ho e-na le ho bolella barab’abo rōna hore buka ena e ne e tla lokolloa hamorao ka Seiceland, o ile a tsoela pele ho ba bontša buka ea Seiceland, ’me a bolela hore buka eo e ne e se e fetoletsoe ka Seiceland, e leng se ileng sa etsa hore bohle ba neng ba le moo ba nyakalle haholo! Ho tloha ka nako eo, buka ea Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho I le II le tsona li ile tsa lokolloa ka nako e le ’ngoe le tsa Senyesemane.

Katoloso Bethele le Keketseho e ’Ngoe

Mehaho ea lekala e ile ea nchafatsoa ka 1998. Ho ile ha rekoa lifolete tse peli haufi le moo bakeng sa bolulo ba basebetsi ba Bethele le hore ho be le sebaka se eketsehileng sa liofisi tsa Lefapha la Phetolelo. Lilemong tsa morao tjena, bafetoleli ba boetse ba ruile molemo ka ho eteloa ke barab’abo rōna ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše lohle New York. Bara bana babo rōna ba ba rutile ho sebelisa mananeo a k’homphieutha a qapiloeng ke Lipaki Tsa Jehova le a etselitsoeng mosebetsi oa phetolelo ka ho khetheha.

Morao tjena, baemeli ba tsoang ntlo-khōlō ba ile ba tšoara Thupelo ea Kutloisiso e Ntlafalitsoeng ea Senyesemane lekaleng lena. Thupelo ena e thusitse bafetoleli hore ba utloisise Senyesemane haholoanyane pele ba qala ho fetolela.

Lekala le ngotse sena: “Ha re nahana ka lilemo tse fetileng, re thabela hore ebe ba bang ba ile ba e-ba le sebete sa ho qala ho fetolela ka Seiceland, esita le tlas’a maemo a seng matle ba bile ba sa tsebe puo ena hantle. Le hoja boleng ba lingoliloeng tse fetoletsoeng mehleng ea pele bo sa tšoane le ba kajeno, ha re ‘nyelise letsatsi la lintho tse nyenyane.’ (Zak. 4:10) Re thabela ho bona hore lebitso la Jehova le ’Muso oa hae li tsebahalitsoe Iceland le hore batho ba bangata ba ithutile ’nete.”

Hajoale, ho na le basebetsi ba robong ba nako e tletseng ofising ea lekala. Ba bang ba ea ba khutla Bethele letsatsi le letsatsi ’me baa thusa le hoja ba sa sebetse nako eohle. E le ho nka sebaka sa Holo ea ’Muso e lekaleng, hona joale ho se ho hahiloe Holo ea ’Muso e ncha bakeng sa liphutheho tsa Reykjavík. Ka hona, ho ntse ho etsoa litokisetso tsa ho nchafatsa mohaho oa lekala e le hore basebetsi ba eketsehileng ba Bethele ba ka lula teng.

Ho ile ha hlokahala tiisetso, boitelo le lerato hore litaba tse molemo li boleloe ka Seiceland. Ka sebele ho ka boleloa hore mosebetsi o boima o entsoeng ke baboleli ba chesehang ba ’Muso Iceland lilemong tse fetileng tse 76 ha ea ba oa lefeela. Bara le barali babo rōna ba bangata ba tšepahalang ba kopanetse mosebetsing oa kotulo. Ba bangata ba bona ba ile ba tloha linaheng tse ling ho tla sebeletsa mona ka lilemo tse seng kae, ’me mosebetsi oa bona o tla hopoloa ka nako e telele. Ba bang bona ba ile ba lula mona ’me Iceland e se e le ha habo bona. Mamello ea bahoeletsi ba bangata ba chesehang bao e leng matsoalloa a Iceland le eona ea babatseha.

Karolelano ea palo ea bahoeletsi ba ’Muso e nyenyane, empa Lipaki Tsa Jehova li se li tsebahala haholo naheng ena. Hona joale baromuoa ba supileng ba sebeletsa libakeng tsa mahaeng le liphuthehong tse nyenyane sehlekehlekeng sena. Selemong se fetileng sa tšebeletso, batho ba 543 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste, ’me ho khannoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ka bang 180.

Mohlomong ka letsatsi le leng barab’abo rōna ba Iceland ba tla bona keketseho e kang e hlalositsoeng ho Esaia 60:22 e reng: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” Khabareng, Lipaki Tsa Jehova tsa Iceland li ikemiselitse ho phetha mosebetsi oo li o filoeng ke Morena, Jesu Kreste—oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Li kholisehile hore Molimo o tla etsa hore peō ea ’nete e hōle lipelong tse tla e amohela le tse nang le teboho!—Mat. 24:14; 1 Bakor. 3:6, 7; 2 Tim. 4:5.

[Lebokose le leqepheng la 205]

Moo Mabitso a Fetohang Lifane

Tumellanong le moetlo oa mona, baahi ba Iceland ha ba na lifane: Batho ba bitsana ka mabitso. Fane ea ngoana e etsoa ka ho kopanya lebitso la ntat’ae le mohatlana -son ha e le moshanyana le -dóttir ha e le ngoanana. Ka mohlala, fane ea mora oa monna ea bitsoang Haraldur e tla ba Haraldsson ’me ea morali oa hae e be Haraldsdóttir. Mosali ha a rehoe lebitso le lecha ha a nyaloa. Kaha batho ba bangata ba na le lifane tse tšoanang, libuka tsa thelefono ha li thathamise feela lebitso la motho, aterese le nomoro ea thelefono empa hape li bolela le mosebetsi oa hae. Litlaleho tsa leloko li nolofalletsa baahi ba Iceland hore ba tsebe baholo-holo ba bona ba lilemong tse ka holimo ho sekete tse fetileng.

[Lebokose le leqepheng la 208]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Iceland

Naha: Naha ena eo e leng sehlekehleke e lutse ka tlaasenyana ho Arctic Circle pakeng tsa Leoatle la Atlantic le ka Leboea, Leoatle la Greenland le Leoatle la Norwegian. Libaka tse foqohang seretse se chesang le liliba tse runyang metsi a chesang li ngata. Karolo ea 10 lekholong ea naha e koahetsoe ke qubu ea leqhoa.

Batho: Baahi ba mona ke litloholo tsa batho ba Scandinavia bao ba bangata ba bona ba neng ba tsoa Norway, ’me hangata baahi ba Iceland ke batho ba sebetsang ka thata, ba qapang lintho le ba mamellang maikutlo a batho ba bang. Batho ba bangata ba lula haufi le lebōpo la leoatle.

Puo: Le hoja Seiceland e le puo ea molao, baahi ba bangata ba Iceland ba boetse ba bua lipuo tse peli kapa tse fetang moo tse buuoang linaheng tse ling, haholo-holo Senyesemane, Sejeremane kapa puo e ’ngoe ea Scandinavia.

Mokhoa oa boipheliso: Ho tšoasa litlhapi ke hona ho ka sehloohong moruong oa Iceland. Likepe tse tšoasang litlhapi ka letlooa li tlisa litlhapi tse bitsoang capelin, cod, haddock le herring, tseo boholo ba tsona li lokisoang ebe li romeloa linaheng tse ling.

Lijo: Ho atile tlhapi le nama ea konyana. Sejo se ratoang haholo Iceland ke hlooho e phehiloeng ea nku.

Boemo ba mohatsela le mocheso: Kaha naha ena e futhumatsoa ke moea oa Atlantic, ho na le boemo bo itekanetseng ba mohatsela le mocheso. Mariha a itekanetse feela le hoja a tsamaea le moea. Lehlabula ho pholile.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 210]

La 6 September, 1942: “Ho sa ntsane ho e-na le pula-maliboho a le mong feela ea sebetsang naheng ena, kahoo ha ho letho le lekaalo le ka tlalehoang. Iceland e na le baahi ba ka bang 120 000, ’me ho na le mapolasi a ka bang 6 000. Mokhoa feela oa ho fihla mapolasing ana ke ho sebelisa lipere tsa lipone tse qhanehoang le tse bofshoang. Hore re fihle malapeng ana ’ohle, ho hlokahala hore re tsamaee lik’hilomithara tse ka bang 16 000, ’me re fete lithabeng tse ngata re be re tšele linōka tse ngata tse phallang ka matla lithabeng. Hajoale batho ha ba thahaselle molaetsa hakaalo.”

Mantsoe ana a Georg F. Lindal a ngotsoe ka mor’a hore a bule maliboho Iceland ka lilemo tse 13. E bile eena mohoeletsi a le mong Iceland ka lilemo tse ling hape tse hlano.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 213, 214]

Tlaleho ea Tšebeletso e Tšepahalang

Oliver Macdonald e ne e le e mong oa baromuoa ba pele ba ileng ba abeloa ho ea Iceland, ’me o ile a fumana lengolo sehlopheng sa bo11 sa Gileade. O ile a fihla ka December 1948 hammoho le Ingvard Jensen. Ba ile ba tla sebakeng sena ba tloha New York ka sekepe se tsamaisang thepa. Leeto le ile la nka matsatsi a 14, ’me Leoatle la Atlantic le ka Leboea le ne le halefile. Karolong e khōlō ea leeto, ka bobeli ba ile ba kulisoa ke ho tsamaea ka sekepe.

Ka March 1950, Mor’abo rōna Macdonald o ile a nyala Sally Wild oa Engelane, ea neng a ile a sebetsa Bethele ea Brithani. Mac, e leng lebitso leo Macdonald a neng a reneketsoa ka lona, le Sally ba ile ba etsa mosebetsi o mongata oa bohlokoa lilemong tseo tse qalang, ’me batho bao ba neng ba ithuta le bona ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Ka 1957, Mac le Sally ba ile ba khutlela Engelane, moo Sally a ileng a bolaoa ke kankere e ileng ea hlokomeloa ha ba le Iceland. Mac o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng hape ka mor’a lefu la Sally ’me ea e-ba pula-maliboho oa kamehla ea ba ea e-ba molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse 13. Ka 1960, o ile a nyala Valerie Hargreaves, eo e neng e le pula-maliboho ea khethehileng. Ba le ’moho ba ile ba sebeletsa lipotolohong tse fapa-fapaneng Brithani, ho tloha Scotland ka leboea ho ea Lihlekehlekeng tsa Channel, tse pel’a lebōpo le ka boroa la leoatle Engelane. Ha ba le mosebetsing oa potoloho ka leboea ’me ba leba lihlekehlekeng tsa Shetland pel’a lebōpo la leoatle Scotland, Mac o ne a ee a soasoe ka ho re, “Ha re tloha mona re ea Iceland!”

Ho ile ha fela ha e-ba joalo hobane ka 1972, Mac le Valerie ba ile ba khethoa hore e be baromuoa ’me ba boela ba abeloa ho ea Iceland. Mac e ile ea e-ba mohlanka oa lekala ’me hamorao ea e-ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Eena le Valerie ba ile ba lula Iceland ka lilemo tse supileng eaba ba abeloa ho ea Ireland e le baromuoa, pele ba ile ba sebeletsa Dublin ’me hamorao Ireland ka Leboea. Ka mor’a hore Mac a sebeletse Ireland ka lilemo tse 20, o ile a bolaoa ke kankere ka December 1999, a qetile lilemo tse 60 tšebeletsong ea nako e tletseng. Valerie o ntse a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla Belfast, Ireland ka Leboea.

[Setšoantšo]

Valerie le Oliver Macdonald ha ba le Reykjavík, lilemong tsa bo-1970

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 218]

Reykjavík

Reykjavík, e bolelang “Kou e Thunyang Mosi,” ke motse-moholo oa Iceland ’me e ile ea rehoa lebitso lena ke moahi oa pele, Ingólfur Arnarson, ka lebaka la mouoane o tsoang lilibeng tsa eona tse runyang metsi a chesang. Kajeno Reykjavík ke motse oa sejoale-joale o phetheselang o nang le baahi ba ka bang 180 000.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 223, 224]

Ba Ile ba Etsa Iceland ha Habo Bona

Páll Heine Pedersen o tsoa Denmark. O ile a abeloa ho ea Iceland e le pula-maliboho ea khethehileng ka 1959. Ka 1961 o ile a ea ho tse peli tsa Likopano tse ngata Tsa Machaba Tsa “Barapeli ba Kopaneng” tse neng li tšoaretsoe Europe, moo a ileng a kopana le Violet, ea neng a tsoa California, U.S.A., a tlile ho tse ling tsa likopano tsena.

Ka mor’a likopano, Páll o ile a khutlela Iceland, ’me Violet a khutlela hae California. Ba ile ba ngollana ka likhoeli tse hlano, ’me ka January 1962, Violet o ile a tla Iceland ho tla nyaloa ke Páll. O ne a ntse a bula maliboho, e le eena feela Paki sebakeng seo se nang le baahi ba qalikaneng se karolong e ka leboea-bophirimela Iceland. Ba ile ba lula motsaneng o monyenyane moo mariha letsatsi le sa chabeng ka likhoeli tse peli. E le hore ba finyelle batho tšimong ena, ba ne ba lokela ho tsamaea lithabeng litseleng tse moepa tseo hangata li neng li koahetsoe ke leqhoa ’me sepalangoang feela seo ba neng ba e-na le sona e ne e le sethuthuthu seo Páll a neng a tlile le sona Denmark. Kaha Violet o tsoaletsoe California e ratoang ke letsatsi ebile o hōletse teng, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba nahana hore a ke ke a lula nako e telele Iceland. Empa o ile a lula nako e telele, ’me o ile a rata naha ena le batho ba teng.

Páll le Violet ba ile ba bula maliboho hammoho ho fihlela morali oa bona, Elísabet, a hlaha ka 1965. Páll o ile a ’na a bula maliboho ho fihlela ka 1975, ’me Violet eena o ne a bula maliboho nako le nako lilemong tseo. Ka 1977 ba ile ba rera ho fallela California ka lebaka la hore Páll o ne a fokolloa ke bophelo. Ka mor’a nako, ba ile ba ikutloa ba labalabela ho sebeletsa moo tlhokahalo ea bahoeletsi ba ’Muso e leng khōloanyane. Ba ile ba boela ba bula maliboho, ’me ha morali oa bona a qetile sekolo ’me a le lilemong, ba ile ba abeloa hore ba khutlele Iceland e le baromuoa. Ba ile ba sebeletsa e le baromuoa ’me ea e-ba balebeli ba tsamaeang ka lilemo tse ’maloa. Ka 1989, Páll o ile a kōpuoa hore a sebeletse e le setho sa Komiti ea Lekala. Ka 1991, Lehae la Bethele le ile la buloa ka molao Iceland, ’me Páll le Violet e ne e le bona litho tsa pele tsa lelapa la Bethele. Ba ntse ba sebeletsa moo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 228, 229]

Ba Tsejoa ka ho Amohela Baeti ka Mofuthu

Fridrik Gíslason le mosali oa hae, Ada, ba ne ba le har’a ba supileng ba ileng ba kolobetsoa ka 1956. Fridrik le Ada ba ile ba rutoa ’nete ke Oliver le Sally Macdonald. Qalong, thuto ea Bibele e ne e khanneloa Fridrik, ha Ada eena a ntse a phathahane mariha kaofela mokhatlong oa hae oa ho rōka. Nakong ea selemo ha mokhatlo oa ho rōka o qhalane, o ne a itulela ka kichineng nakong ea thuto. Qetellong, thahasello ea hae lipuisanong tsena tsa Bibele e ile ea mo susumelletsa hore a kōpe ho ba teng nakong ea thuto le hoja a ne a sa arabe. Leha ho le joalo, ka potlako o ile a kopanela ka botlalo.

Hamorao, ho ile ha tšoaroa Thuto ea Molula-Qhooa kamehla ka Senyesemane lapeng la bona. Ba ile ba qala ho ea libokeng lehaeng la baromuoa. Fridrik o re: “Ke sa hopola hore re ne re tloaetse ho tšoarela liboka kamoreng e nyenyane e tlas’a marulelo moo baromuoa ba neng ba lula teng. Ho ne ho e-na le sebaka sa litulo tse 12, empa ka linako tse ling ha ho ne ho e-tla batho ba fetang lenane le tloaelehileng, re ne re bula lemati la kamore e haufi e nyenyane. Lintho li fetohile hakaakang kajeno—hona joale Holo ea ’Muso e Reykjavík e sebelisoa ke liphutheho tse tharo ’me ea tlala!”

Fridrik le Ada ba ile ba tsebahala ka ho amohela baeti ka mofuthu. Le hoja ba ile ba hōlisa bana ba tšeletseng, ba ne ba lula ba buletse barab’abo bona lehae la bona. Lilemong tsa pele ha phutheho ena e sa tsoa thehoa, ba bangata ba neng ba tla Iceland ba tsoa linaheng tse ling ba ne ba thabela ho lula le Fridrik le Ada, ba neng ba ba amohela ho fihlela ba ka fumana moo ba tla lula teng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 232]

Bibele ea Seiceland

Bibele ea pele e ileng ea fetoleloa ka Seiceland e fumanoa bukeng ea lilemong tsa bo-1300 e bitsoang Stjórn, e nang le likarolo tsa Mangolo a Seheberu tse fetoletsoeng le tse behiloeng ka mantsoe a mang. “Testamente e Ncha” ea pele e feletseng ea Seiceland e ile ea hatisoa ka 1540. Mofetoleli oa eona e ne e le Oddur Gottskálksson, mora oa mobishopo oa Hólar. O ne a sokolohetse Kerekeng ea Lutere Norway ’me a kopana le Martin Luther Jeremane. Ho latela histori, ha Oddur a khutlela Iceland, o ile a fetolela a le ka molikong, a fetolela ka thata, a sa batle ho khopisa mohiri oa hae oa Mok’hatholike, eo e neng e le mobishopo oa Skálholt. Oddur o ile a fetolela taba e ngotsoeng ea Vulgate ea Selatine, ’me eena ka ho toba a isa buka eo e ngotsoeng ka letsoho Denmark hore e hatisoe teng. Ka 1584, Mobishopo Gudbrandur Thorláksson o ile a laela hore ho hatisoe Bibele ea pele e feletseng ea Seiceland. Bibele ea pele e feletseng e ileng ea fetoleloa ho tloha Seheberung le Segerikeng sa mathomo e ile ea hatisoa ka 1908, ’me phetolelo e nchafalitsoeng ea hatisoa ka 1912.

[Setšoantšo]

“Gudbrandsbiblía,” Bibele ea pele e feletseng ea Seiceland

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 216, 217]

ICELAND—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA

1929: Ho fihla Georg F. Lindal, eo e neng e le mohoeletsi oa pele naheng ena.

1940

1947: Ho fihla baromuoa ba pele ba Gileade.

1950: Ho thehoa phutheho e nyenyane.

1960

1960: Ho hatisoa Molula-Qhooa ka Seiceland.

1962: Ho thehoa ofisi ea lekala Reykjavík.

1975: Ho phethoa ofisi ea lekala e ncha, e atolositsoeng, ebile ea neheloa.

1980

1992: Ho thehoa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele.

1995: Ho hahoa Liholo Tsa ’Muso tse peli ka matsatsi a mane ka June.

2000

2004: Ho na le bahoeletsi ba 284 ba mafolofolo Iceland.

[Krafo]

(Sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

300

200

100

1940 1960 1980 2000

[Limmapa tse leqepheng la 209]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ICELAND

Húsavik

Akureyri

Hólar

Seydhisfjördhur

Neskaupstadhur

Eskifjördhur

Stykkishólmur

Borgarnes

Horna Fjord

REYKJAVÍK

Skálholt

Keflavík

Selfoss

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 202]

[Setšoantšo se leqepheng la 207]

Ka ho le letona: Georg F. Lindal, ka 1947

[Setšoantšo se leqepheng la 207]

Ka tlaase: Mor’abo rōna Lindal hammoho le pere ea pone ea Iceland, mathoasong a lilemo tsa bo-1930

[Setšoantšo se leqepheng la 212]

Ba bang ba baromuoa ba pele ba Iceland, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Ingvard Jensen, Oliver Macdonald le Leo Larsen

[Setšoantšo se leqepheng la 220]

Mohaho ona ke moo ofisi ea lekala e neng e le teng ho tloha ka 1962 ho fihlela ka 1968

[Setšoantšo se leqepheng la 227]

Bahoeletsi ba fetang lekholo ba Iceland ba ile ba ea Kopanong ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” Copenhagen, Denmark, ka 1969

[Setšoantšo se leqepheng la 235]

Iiris le Kjell Geelnard, Akureyri, ka January 1993

[Setšoantšo se leqepheng la 238]

Ka ho le letona: Sekepe se tšoasang litlhapi ka letlooa sa “Svalbakur”

[Setšoantšo se leqepheng la 238]

Ka tlaase: Fridrik le Kjell

[Setšoantšo se leqepheng la 241]

Ka ho le letona: Oddný Helgadóttir

[Setšoantšo se leqepheng la 241]

Ka tlaase: Gudrún Ólafsdóttir

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Ka ho le letona: Holo ea ’Muso le lehae la baromuoa Akureyri

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Ka tlaase: Bjarni Jónsson ka pel’a lekala

[Setšoantšo se leqepheng la 249]

Ka holimo: Kaho ea Holo ea ’Muso Selfoss, ka 1995

[Setšoantšo se leqepheng la 249]

Ka ho le letona: Mohaho o felileng

[Setšoantšo se leqepheng la 253]

Lelapa la Bethele Iceland, ka July 2000

[Setšoantšo se leqepheng la 254]

Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Bjarni Jónsson, Gudmundur H. Gudmundsson, Páll H. Pedersen le Bergthór N. Bergthórsson

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela