Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb13 maq. 4-7
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rata Molimo ea U Ratang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tsoela Pele U Rata Jehova le Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
  • “Le ’Ne le Ratane”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
yb13 maq. 4-7

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Bara le Barali Babo Rōna ba Ratehang:

Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova, ke mothofatso oa lerato. Ke kahoo Bibele e reng, “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Le hoja Jehova e le Molimo ea Matla ’Ohle, ha ho mohla Lentsoe la hae le reng “Molimo ke matla.” Puso ea hae e thehiloe leratong. Ruri sena se etsa hore re mo rate!

Hoa thabisa hore ebe Jehova ha a re qobelle ho mo sebeletsa. Hase mohatelli. O batla re mo sebeletse hobane re mo rata ka lipelo tsohle tsa rōna. Ha re etsa seo, re bontša hore re rata bobusi ba hae hobane re lumela hore o busa ka tsela e lokileng le e lerato. Sena se ’nile sa totobala ho tloha qalong ea histori ea moloko oa batho.

Ho e-na le ho qobella Adama le Eva ho mo mamela, Jehova o ile a ba fa monyetla oa ho ikhethela. Haeba ba ne ba hlile ba rata Jehova ’me ba ananela seo a ba etselitseng sona, ba ka be ba ile ba hana ha Satane a leka ho etsa hore ba rabele.

Hamorao ha Moshe a bua le sechaba sa Iseraele ka lekhetlo la ho qetela o ile a re: “Bona, kajeno ke beha ka pel’a hao bophelo le molemo, lefu le bobe.” (Deut. 30:15) Batho ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na ba batla ho phela joang. Ka ho tšoanang, Joshua o ile a re ho Baiseraele: “Haeba ho hobe mahlong a lōna ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa.” Sechaba se ile sa araba Joshua sa re: “Ke ho sa utloahaleng hore re tlohele Jehova.” (Josh. 24:15, 16) Le rōna re ikutloa joalo kajeno. Kaha re rata Jehova, “ke ho sa utloahaleng” hore re mo tlohele.

Ka phuthehong ea Bokreste, re utloisisa hantle taba ea ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela. Le hoja baholo ba fuoe boikarabelo ba ho eletsa le ho laea, ha ba leke ho hatella ba bang kapa hona ho laola bophelo le tumelo ea bona. Moapostola Pauluse o ile a re: “Eseng hore re laola tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.”—2 Bakor. 1:24.

Ruri rea khotsofala ha re etsa ntho e itseng hobane re rata, eseng hobane re qobelloa ho e etsa! Jehova o re khothalletsa ho etsa se molemo hobane re rata. Mantsoe a bululetsoeng a Pauluse a totobatsa bohlokoa ba seo ha a re: “Haeba ke fana ka lintho tsohle tsa ka ho fepa ba bang, ’me haeba ke nehelana ka ’mele oa ka, e le hore nka ithorisa, empa ke se na lerato, ha ke rue letho ho hang.”—1 Bakor. 13:3.

Hore ebe bara le barali babo rōna ba limilione ba sebeletsa Jehova hobane ba mo rata ka lipelo tsohle tsa bona ho mo tlisetsa thabo le thoriso e kaakang!

Ka lehlakoreng le leng Jehova o rata bahlanka bohle ba hae, ho akarelletsa le lōna bacha hammoho le bana ha le bontša hore le rata Jehova ho e-na le ho rata lefatše le lintho tsa boithati tseo le fanang ka tsona. Hape kholisehang hore re le rata haholo.—Luka 12:42, 43.

Ka lebaka la ho rata Jehova, selemong se fetileng lōna bara le barali babo rōna le bacha le qetile lihora tse 1 748 697 447 le bolela litaba tse molemo. Lerato le ile la susumetsa ba 7 782 346 lefatšeng lohle hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo. Re thabela hore ebe ba 268 777 ba akarelletsang bacha ba bangata, ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka kolobetso. Sena se bolela hore mafelo-beke a mang le a mang, ka karolelano ho ne ho kolobetsoa ba 5 168. Ruri sena sea re thabisa!

Nakong ena ea bofelo batho ba Molimo ba tlameha ho tobana le mathata a mangata, liphephetso, mahloriso, ho kula ’me ba bang ba lokela ho sebetsana le mathata a botsofali. Empa re ikemiselitse hore le ka mohla re se ke ra ‘ikhula’ kapa ra ‘tela.’ Re le rata haholo.—Baheb. 10:39; 2 Bakor. 4:16.

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela