Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 109-leq. 114 ser. 1
  • Hlooho ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlooho ke Mang?
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lihloohoana
  • ‘Re Lokela ho le Otla Hloohong’
  • ‘Jesu ke Eena Hlooho’
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 109-leq. 114 ser. 1

DOMINICAN REPUBLIC

Hlooho ke Mang?

‘Re Lokela ho le Otla Hloohong’

Ka la 13 July, 1957, lepolesa le bitsoang Colón le ile la ngolla letona la litaba tsa ka ntle ho naha la re: “Ho na le maele a tloaelehileng a reng: ‘Ha u batla ho bolaea noha o e otle hloohong.’ Kahoo, ha re batla ho felisa lequloana lena la Lipaki, re lokela ho fumana tsela ea ho tlosa baromuoa ba lona. Ha re entse joalo ho tla tšoana le ha re le otlile hloohong, ’me le ke ke la tsoela pele ka mosebetsi oa lona.”

Hang ka mor’a moo, Mongoli oa Lekala la Tšireletso e leng Arturo Espaillat o ile a laela hore baromuoa bohle ba leshome ba lelekoe ka har’a naha. Ka la 21 July, 1957, Roy Brandt o ile a ngolla Trujillo, a kōpa ho mo bona e le hore a tl’o hlalosa boemo ba Lipaki Tsa Jehova. Karolo ea lengolo leo e ne e re: “Letšolo le etsoang khahlanong le lebitso la Jehova Molimo le tšoana le leo batho ba hlokang tsebo ba ileng ba le etsa khahlanong le baapostola ba Jesu.” Mor’abo rōna Brandt o ile a khothalletsa Trujillo hore a bale Liketso khaolo ea 2 ho ea ho 6 eaba o re: “Keletso e tobileng le e hlakileng eo Moahloli Gamaliele a faneng ka eona ka nako eo, ke ea bohlokoa kajeno feela joalokaha e ne e le ea bohlokoa ka nako eo.” Eaba Mor’abo rōna Brandt o qotsa Liketso 5:38, 39 ’me o ngola mantsoe ana ka litlhaku tse khōlō: “TLOHELANG BATHO BANA HOBANE HAEBA MOSEBETSI OA BONA KE OA MOLIMO, LE KA IPHUMANA LE LOANTŠITSE MOLIMO.” Empa Trujillo ha aa ka a mo mamela. Ka la 3 August, 1957, baromuoa ba ile ba lelekoa ka har’a naha.

‘Jesu ke Eena Hlooho’

Setšoantšo se leqepheng la 110

Donald Nowills e  ile ea e-ba molebeli oa lekala a le lilemo li 20

Ho ne ho tla etsahala’ng ka bara le barali babo rōna ha baromuoa ba se ba ile? Na ba ne ba tla sala ba se na hlooho, joalokaha Colón a boletse? Che, hobane Jesu “ke hlooho ea ’mele, [kapa] phutheho.” (Bakol. 1:18) Ka hona, batho ba Jehova ba Dominican Republic ha baa ka ba sala ba se na hlooho. Ho e-na le hoo, Jehova le mokhatlo oa hae ba ile ba tsoela pele ho ba hlokomela.

Donald Nowills ea ileng a fuoa boikarabelo ba ho ba molebeli oa lekala ka mor’a hore baromuoa ba lelekoe ka har’a naha, o ne a le lilemo li 20 ’me e le lilemo tse ’nè feela a kolobelitsoe. Le hoja e ile ea e-ba molebeli oa potoloho ka likhoeli tse ’maloa, o ne a sa tloaela ho etsa mosebetsi oa lekala. Mor’abo rōna Nowills o ne a e-na le ofisi e nyenyane ka tlung ea hae e Gualey, e leng karolo e kotsi ea motse-moholo Ciudad Trujillo. Félix Marte o ile a mo thusa hore a hatise Molula-Qhooa bakeng sa batho bohle ba ka har’a naha.

Setšoantšo se leqepheng la 111

Molula-Qhooa oa 1958 o kopilitsoeng

Mary Glass eo monna oa hae Enrique a neng a le teronkong ka nako eo, o ile a thusa Mor’abo rōna Nowills. Mary o re: “Ke ne ke tloha mosebetsing ka hora ea bohlano mantsiboea ke ee ofising ea Mor’abo rōna Nowills ho ea thaepa Molula-Qhooa. Ebe Mor’abo rōna Nowills o o hatisa ka mochine. Morali’abo rōna oa Santiago eo lebitso la hae la sekhukhu e neng e le ‘the angel,’ o ne a beha Melula-Qhooa eo ka tlaase-tlaase lekopokopong. Ka mor’a moo o ne a koahela sengoliloeng ka lesela ’me a tlatselletsa ka cassava, litapole kapa taros. A nt’o beha ’methe ka holimo. Ho tloha moo o ne a palama likoloi tsa baeti ho ea metseng e ka leboea ’me a fana ka Molula-Qhooa o le mong phuthehong ka ’ngoe. Malapa a ne a chenchana ka oona e le hore a o bale hammoho.”

Mary o re: “Re ne re lokela ho ba hlokolosi haholo kaha seterateng ho ne ho tlala bahlanka ba ’muso ba batlang ho fumana moo Molula-Qhooa o hatisoang teng. Empa ha ho mohla ba ileng ba fumana. Jehova o ne a re sireletsa kamehla.”

Lebokose le maqepheng a 112, 113
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela