DOMINICAN REPUBLIC
Ho Ipeha Kotsing ea ho Tšoaroa
“Le be Seli Joaloka Linoha ’me Leha ho le Joalo le Hloke Molato Joaloka Maeba”
Ho ne ho hlokahala hore bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ’ne ba feptjoe moeeng nakong eo mosebetsi oa boboleli o thibetsoeng, empa ho ne ho le kotsi hore ba ee libokeng. Lilemong tseo, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tšoaroa ’me ba ahloleloa ho hlola teronkong.
Juanita Borges o re: “Ha ke ithuta ’nete le Lipaki Tsa Jehova ka 1953, ke ne ke tseba hantle hore ke tla tšoaroa, ’me ke ile ka fela ka tšoaroa ha ke ne ke etetse Morali’abo rōna Eneida Suárez ka November 1958. Mapolesa a mautloela a ile a re tšoara ’me a re qosa ka hore re tšoere seboka. Re ile ra ahloleloa ho hlola likhoeli tse tharo teronkong, ra ba ra laeloa hore motho ka mong a patale Lipeso tse 100 tseo ka nako eo li neng li lekana le $100 (U.S.).”
Mapolesa a mautloela a ne a boloka lethathamo la mabitso a bara le barali babo rōna.
’Muso o ile oa etsa sohle se matleng a oona ho thibela Lipaki ho tšoara liboka empa barab’abo rōna ha baa ka ba khaotsa. Leha ho le joalo, ba ne ba lokela ho ba ‘seli joaloka linoha empa ba hloke molato joaloka maeba.’ (Mat. 10:16) Andrea Almánzar o re: “Ha re e-ea libokeng, re ne re lokela ho fihla ka linako tse fapaneng. Ha liboka li tsoa, re ne re tloha ka mekhahlelo e le hore re seke ra tsosa libata masene, kahoo ba bang ba ne ba tloha e se e le bosiu haholo.”
Jeremías Glass o hlahile ha ntate oa hae a ntse a le teronkong, ’me e ile ea e-ba mohoeletsi ka 1957 a le lilemo li supileng. O hopola liboka tseo ba neng ba li tšoara ka sekhukhu lapeng labo le mekhoa eo ba neng ba e sebelisa ho pata mohoasa. O re: “Batho ba tlileng libokeng ba ne ba fuoa sekhechana sa k’hateboto se ngotseng tatellano ea kamoo ba lokelang ho tsamaea ha liboka li tsoa. Ntate o ne a ee a re ke eme monyako ho sheba linomoro tse ngotsoeng k’hatebotong ebe ke bolella batho ba lokelang ho tsamaea hore ba tsamaee ka bobeli ’me ba tsamaee ka litsela tse fapaneng.”
Ntho e ’ngoe eo re neng re e etsa hore re se ke ra tšoaroa, e ne e le ho tšoara liboka ka nako eo ho seng kotsi. Ka mohlala, ha Mercedes García a kolobetsoa ka 1959, puo ea kolobetso e ile ea behoa ka 3:30 hoseng. Mercedes o ithutile linnete ho malome oa hae Pablo González, kaha ’mè oa hae o ile a hlokahala ’me ntate oa hae a le teronkong. Puo e ne e tšoaretsoe ha mor’abo rōna e mong ’me Mercedes o ile a kolobeletsoa nokeng ea Ozama e phallang ka har’a motse-moholo. O re: “Re ile ra khutlela hae ka 5:30 hoseng ’me e ne e le hona batho ba tsohang.”