DOMINICAN REPUBLIC
Bokamoso bo Thabisang
Botumo bo Botle
E se e le lilemo tse fetang 70 ho e-na le Lipaki Tsa Jehova Dominican Republic. Nakong eo eohle, li iketselitse lebitso le letle. Hangata ha batho ba bona Lipaki ba ikōpela lingoliloeng, ’me ho tloaelehile ho ba utloa ba re: “Ke rata bolumeli bona,” kapa ba re: “Le phela tumellanong le seo Bibele e se rutang.”
Nahana ka se ileng sa etsahala ha ho hahuoa Holo ea ’Muso setšeng seo mor’abo rōna a nehelaneng ka sona. Ha mor’abo rōna a il’o ngolisa setša seo o ile a makala ha a fumana hore ho na le motho ea se ngolisitseng ka bolotsana ebile o mo qosa ka hore o mo tsekisa setša sa hae. Kahoo taba eo e ile ea isoa makhotleng. Ea e-ba nyeoe e rarahaneng kaha motho eo o ne a e-na le litokomane tse pakang hore setša seo ke sa hae.
Ha nyeoe e ntse e tsoela pele, moahloli o ile a botsa akhente ea mor’abo rōna hore na ha e le hantle e buella mang. Ha e re e buella mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, moahloli o ile a re: “Haeba ho joalo, ha ke na lebaka la ho belaela hore u bua ’nete. Ke tseba Lipaki Tsa Jehova, ’me ke kholisehile hore ke batho ba tšepahalang. Li ke ke tsa leka ho nka thepa ea motho ka bolotsana.”
Ka mor’a hore bopaki bo tekoe ka pel’a lekhotla, ho ile ha totobala hore litokomane tsa moqosuoa ke tsa bolotsana, kahoo, Lipaki tsa hlōla nyeoe. Mor’abo rōna oa akhente o ile a re: “Nyeoe ena hase eona feela naheng ena eo ho eona makhotla a bontšitseng hore a hlompha Lipaki Tsa Jehova.”
Bokamoso bo Khanyang
Ho tla bonahala ha nako e ntse e ea hore na ke batho ba bakae ba tla ithuta ’nete ea Bibele ’me e be barapeli ba Molimo oa ’nete Dominican Republic. Hona joale, bara le barali babo rōna ba etsa sohle se matleng a bona ho pakela batho ba ratang ’nete. Ka mohlala, ka 2013 Lipaki Tsa Jehova tsa Dominican Republic li ile tsa qeta lihora tse fetang limilione tse 11 mosebetsing oa boboleli, ’me tsa khanna lithuto tsa Bibele tse 71 922. Hoa khothatsa hore ebe Lipaki tse 9 776 li ile tsa kenela mofuta o itseng oa bopula-maliboho. Ka August 2013, bahoeletsi ba 35 331 ba ile ba kopanela ka cheseho mosebetsing oa boboleli. Ho feta moo, ho bonahala hore ho ka ba le khōlo kaha batho ba ka bang 127 716 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong.
Mosebetsi oa ho etsa barutuoa Dominican Republic o qalile ka April, 1945, ha Lennart le Virginia Johnson ba fihla ’me ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Lipaki Tsa Jehova tsa Dominican Republic li nka histori ea tsona e le ea bohlokoa. Li ananela boitelo ba Lipaki tse bileng teng pele ho tsona. Ho feta moo, li nka tlotla ea ho “paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo” e le ea bohlokoa le ho feta. (Liketso 28:23) Li labalabela ka cheseho nako eo ka eona baahi bohle ba sehlekehleke sena hammoho le Lipaki tsa linaha tse ling ba tla ba ntsoe leng ho bina ba re: “Jehova ke morena! Lefatše le ke le thabe. Lihlekehleke tse ngata li nyakalle.”—Pesaleme ea 97:1.