Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 160-leq. 161 ser. 1
  • Jehova o Butse Lipelo Tsa ba Bangata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Butse Lipelo Tsa ba Bangata
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke ne ke le Lesole ’me ke sa Lumele Hore Molimo o Teng Empa ka Fetoha Mohlanka oa Hae
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • O Holofetse Empa o Labalabela ho Sebeletsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ke Bone Hore Jehova o Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 160-leq. 161 ser. 1

DOMINICAN REPUBLIC

Jehova o Butse Lipelo Tsa ba Bangata

Leonardo Amor

  • O HLAHILE KA 1943

  • O KOLOBELITSOE KA 1961

  • PALE EA BOPHELO BA HAE O ithutile ’nete a sa le mocha ’me o bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 50.

Setšoantšo se leqepheng la 160

KA 1961, hoo e ka bang khoeli ka mor’a hore Trujillo a fenethoe, ke ile ka kolobetsoa ha ke ntse ke le moithuti oa molao univesithi. Ntate o ne a batla hore ke be akhente, empa ke ile ka rata ho ithuta Bibele. Kahoo, le hoja Ntate a ne a sa batle, ke ile ka tsoa univesithi. Nakoana ka mor’a moo, ka ba pula-maliboho ea khethehileng.

Se seng sa libaka tseo ke ileng ka bula maliboho ho tsona ke La Vega, e leng moo ka lilemo tse ngata batho ba teng e neng e le Mak’hatholike a popota. Nakong eo ke ntseng ke le pula-maliboho moo, ha ho motho ea ileng amohela ’nete. E ne e-ba motho eo ke bulang maliboho le eena feela ea bang teng ha ke fana ka puo ea phatlalatsa. Leha ho le joalo, ke ne ke matlafala moeeng ha ke etsa thuto ea botho, ha ke ea likopanong le ha ke rapela Jehova ka tieo. Ha ke rapela ke ne ke botsa Jehova hore na ho sa tla ke ho be le phutheho La Vega. Kea thaba hore hona joale La Vega ho na le Liholo Tsa ’Muso tse 6, liphutheho tse 14 hammoho le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 800.

Ke ile ka nyala Ángela ka 1965, ’me ka 1981 ra ea Bethele. Ha ke kolobetsoa, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 681 feela Dominican Republic. Hona joale ho na le bahoeletsi ba 36 000, ’me ba bang ba likete ba ba teng likopanong tsa rōna. Ha ke hetla morao, ke hlolloa ke kamoo Jehova a butseng lipelo tsa batho ba bangata kateng hore ba amohele ’nete.

Setšoantšo se leqepheng la 161

Litho tsa Komiti ea Lekala, ho tloha ho le letšehali: Reiner Thompson, Juan Crispín, Thomas Dean, Leonel Peguero, Leonardo Amor le Richard Stoddard

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela