O Holofetse Empa o Labalabela ho Sebeletsa
HA U qala ho bona Leonardo, u ka ’na ua nahana hore a ke ke a sebetsa mehahong. Ha a na matsoho ka bobeli, hobane a ile a khaoha kotsing e ileng ea etsahala mosebetsing. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore ebe Leonardo o holofetse, o ne a sebetsa ka thata kahong motseng oa Acajutla, El Salvador, joalokaha u mo bona setšoantšong sena.
Leonardo o ile a iketsetsa lithulusi e le hore a ka kopanela mosebetsing oo oa kaho. O kenya sephaka sa letsoho le letona tšepeng e lesoba e cheselelitsoeng kharafung ebe o tšela mobu ka bohlale ka kiribaeng. Moo kiribae e tšoaroang, o kentse litšepe e le hore a khone ho e khanna. O susumelitsoe ke’ng hore a kopanele mosebetsing oo oa kaho?
Leonardo o ne a batla ho kenya letsoho mosebetsing oa ho haha Holo ea ’Muso, e leng sebaka sa borapeli sa phutheho ea Lipaki Tsa Jehova. O ne a e-na le mabaka a mangata a hore a se ke a kopanela mosebetsing oa kaho. O ne a e-na le mosebetsi oa hae oa boipheliso, o ne a holofetse a bile a se a ntse a sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea habo. Leha ho le joalo, o ne a batla ho etsa seo a ka se khonang hore a sebeletse Molimo esita le mosebetsing ona oa kaho.
Na u na le boikutlo bo tšoanang le boo ka ho sebeletsa Molimo? Ho e-na le hore Leonardo a ikemele ka hore o holofetse, o ile a sebelisa matla a hae a kelello eaba o etsa lithulusi e le hore a ka etsa mosebetsi oo haeba a ne a se na lithulusi tseo a neng a ke ke a tseba ho o etsa. O ne a sebeletsa Molimo ka ‘kelello eohle ea hae.’ (Matheu 22:37) Ebang ba holofetse kapa che, basebetsi ba kenyang letsoho mosebetsing oa ho haha Liholo Tsa ’Muso tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, ba na le moea oa boithaopo. Motho e mong le e mong a ka tla libokeng tsa tsona, ’me le uena ua amoheloa.