INDONESIA
Majapane a Busa ka Lere la Tšepe
Maqalong a 1942, lebothohali le matla la Majapane le ile la hapa Indonesia ka likhoka. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima oa ho etsa litsela le ho cheka liforo. Ba bang ba ile ba koalloa literonkong tse bohlasoa ’me ba tšoaroa hampe, hobane ba hana ho ea ntoeng. Barab’abo rōna ba bararo ba ile ba shoella teronkong.
Johanna Harp le barali ba hae ba babeli, hammoho le motsoalle oa bona Beth Godenze (ea bohareng)
Morali’abo rōna e mong oa Modache, ea bitsoang Johanna Harp, ea neng a lula metseng e lithabeng ea East Java, ha aa ka a tšoaroa lilemong tse peli tsa pele tsa ntoa. Eena le bana ba hae ba bararo ba ile ba sebelisa monyetla oo hore ba fetolele buka ea Salvation le limakasine tse ling tsa Molula-Qhooa ka Sedache.a Lingoliloeng tse fetoletsoeng li ne li kopitsoa, ebe li abeloa Lipaki tse ling tsa Java ka sekhukhu.
Lipaki tse seng kae tse neng li sa tšoaroa, li ne li kopana ka lihlopha tse nyenyane le ho paka li sa tsose libata masene. Josephine Elias (eo e neng e le oa ha Tan) o re: “Ke ne ke lula ke batla menyetla ea ho pakela ba bang. Ha ke etela batho ba thahasellang ho ithuta Bibele, ke ne ke tsamaea ka boto ea morabaraba, ho etsa hore ba bang ba nahane hore re il’o bapala morabaraba.” Felix Tan le mosali oa hae Bola, ba ne kena ka ntlo le ntlo eka ba rekisa sesepa, ebe ba pakela batho. Felix o re: “Hangata re ne re lateloa ke mapolesa a sesole sa Japane a tšajoang, a bitsoang Makempeitai. Re ne re etela batho bao re ithutang Bibele le bona ka linako tse sa tšoaneng, e le hore a se ke a re lemoha. Batho ba tšeletseng bao re neng re ithuta le bona ba ile ba kolobetsoa nakong eo ea ntoa.”
Ho ba le ho se Lumellane Jakarta
Ha barab’abo rōna ba ntse ba tloaela maemo a thata a ntoa, ba ile ba tobana le teko e ’ngoe e boima. Baeta-pele ba Majapane ba ile ba laela hore batho bohle bao e seng Maindonesia (ho akarelletsa le Machaena a Indonesia) ba ngolise ’me ba tsamaee ba nkile karete e bontšang hore ba ikana ho tšepahalla ’Muso oa Majapane. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba ipotsa hore na ba lokela ho ngolisa le ho saena karete eo kapa che?
Josephine Elias le khaitseli ea hae Felix
Felix Tan o re: “Barab’abo rōna ba Jakarta ba ile ba re le rōna ba Sukabumi re hane ho saena likarete tseo. Empa re ile ra kōpa baeta-pele bao hore ba re lumelle ho fetola mantsoe a kareteng eo, a se ke a re, ‘ke ikana hore ke tla tšepahalla’ sesole sa Japane, empa a re, ‘nke ke ka sitisa’ sesole sa Japane. Ba ile ba lumela, kahoo, ra ba le likarete. Ha barab’abo rōna ba Jakarta ba utloa seo, ba ile ba re re bakoenehi, ’me ba khaotsa ho re buisa.”
Ka masoabi, boholo ba bara bao babo rōna ba Jakarta ba neng ba iketsa ba lokileng, ba ile ba tšoaroa ’me ba lahla ’nete. Mor’abo rōna e mong ea ileng a hana ho saena karete o ile a tšoaroa, ’me a kopana le André Elias teronkong. André o re: “Ke ile ka mo thusa ho hlokomela hore ha ho letho le phoso ka ho ngolisa. O ile a kōpa tšoarelo ka hore ebe ba ile ba khaotsa ho re buisa. Joale re ile ra lula ka khotso, re khothatsana, empa ka bomalimabe o ile a hlokahala ka lebaka la ho tšoaroa hampe teronkong.”
Merdeka!
Ha ntoa e lala ka 1945, bara le barali babo rōna ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli. Mor’abo rōna e mong ea ileng a tšoaroa le ho hlorisoa o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Australia a re: “Le hoja ke hlorisitsoe ka lilemo tse ’nè, ke ntse ke tšepahala, ebile ha kea fetoha. Ho sa tsotellehe mathata ao ke fetileng ho ’ona, ha ho mohla nkileng ka lebala barab’abo rōna. Ke kōpa le nthomelle libuka.”
Lingoliloeng tseo e leng khale barab’abo rōna ba li qetetse li ile tsa fihla. Ho ile ha fihla tse seng kae pele, ’me hamorao ha fihla tse eketsehileng. Bahoeletsi ba leshome ba Jakarta ba ile ba qala ho fetolela lingoliloeng ka Seindonesia.
Ka la 17 August, 1945, baeta-pele ba Indonesia ba loanelang tokoloho ba ile ba phatlalatsa hore Indonesia e fumane tokoloho, e leng se ileng sa baka merusu ka lilemo tse ’nè ha ba ntse ba leka ho liha ’muso oa Madache. Batho ba likete tse mashome ba ile ba bolaoa merusung eo, ’me ba fetang limilione tse supileng ba siea mahae a bona.
Nakong eo ea merusu, barab’abo rōna ba ile ba tsoela pele ho bolela ka ntlo le ntlo. Josephine Elias o re: “Baitseki ba ile ba leka ho re qobella hore re etse mohoo oa bona oa ntoa, re re ‘Merdeka,’ e bolelang ‘Tokoloho.’ Empa re ile ra ba bolella hore ha re kenelle lipolotiking.” Ka 1949, Madache a ile a khutlisetsa puso ho Republic of the United States of Indonesia (eo hona joale e bitsoang Republic of Indonesia).b
Ka 1950, ho ne ho se ho fetile lilemo tse leshome barab’abo rōna ba phela har’a merusu. Leha ho le joalo, ba ne ba emetsoe ke mosebetsi o moholo. Empa ba ne ba tla finyella batho bao ba Indonesia ba limilione joang ka litaba tse molemo? Ho ne ho bonahala eka ho ke ke ha khoneha! Empa kaha barab’abo rōna ba ne ba e-na le tumelo, ba ile ba kena khabong, ba kholisehile hore Jehova ‘o tla romela basebetsi kotulong ea hae.’ (Mat. 9:38) Jehova o ile a fela a etsa joalo.
a Morali oa ho fela oa Morali’abo rōna Harp, e leng Hermine (Mimi), o ile a ea sekolong sa Gileade ka mor’a ntoa, ’me a khutlela Indonesia e se e le moromuoa.
b Madache a ile a tsoela pele ho busa West Papua (eo ka nako eo e neng e bitsoa West New Guinea) ho fihlela ka 1962.