Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb16 maq. 112-113
  • Pula-maliboho ea Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pula-maliboho ea Sebete
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Tšepahetse ho Molimo ka Lilemo Tse Fetang 70
    Tsoha!—2009
  • Na hoa Khoneha ho Tšepahala Lefatšeng le Tletseng Bobolu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Batla ha Bona Bolumeli bo Nepahetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Na Ruri re ka Fumana Bophelo bo Nang le Morero?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
yb16 maq. 112-113

INDONESIA

Pula-maliboho ea Sebete

André Elias

  • O HLAHILE KA 1915

  • O KOLOBELITSOE KA 1940

  • PALE EA BOPHELO BA HAE Pula-maliboho ea sebete ea ileng a lula a tšepahala ha a hlonngoa lipotso le ha a tšosoa ka hore o tla bolaoa.

André Elias

NAKONG ea Ntoa ea II ea Lefatše, Mor’abo rōna Elias le mosali oa hae, Josephine, ba ile ba bitsetsoa ntlo-khōlō ea sepolesa sa sesole se tšajoang sa Makempeitai, Sukabumi, West Java. André o ile a kena pele ’me a hlonngoa lipotso tse ngata tse kang, “Lipaki Tsa Jehova ke bo-mang? Na u khahlanong le ’muso oa Majapane? Na u mpimpi?”

André o ile a re: “Re bahlanka ba Molimo ea Matla ’Ohle ’me ha ho letho le phoso leo re le entseng.” Ofisiri e ile ea nka sabole leboteng ’me ea e phahamisetsa holimo.

E ile ea mo kharumela ea re: “Eseng ke hle ke u bolaee hona joale?” André o ile a beha hlooho ea hae deskeng eaba o rapella ka pelong. Ka mor’a hore ho thōle ho se hokae, ofisiri eo e ile ea tšehela holimo. Eaba e re: “U sebete hee!” Ka mor’a moo e ile ea bitsa Josephine. Bopaki ba hae bo ile ba lumellana le ba André, ’me ofisiri eo ea re: “Ha le limpimpi. Tsamaeang!”

Likhoeling tse seng kae hamorao, André o ile a qosoa ke ‘barab’abo ba bohata,’ ’me a koalloa teronkong. (2 Bakor. 11:26) O ile a qeta likhoeli a phela ka ho thonaka makumane a lijo moo ho neng ho feta metsi a litšila seleng ea hae. Leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahala ho Jehova. Nakong eo Josephine a mo etetseng, o ile a hoeshetsa a le ka mor’a litšepe tsa sele a re: “U se ke oa tšoenyeha. Ebang baa mpolaea kapa baa ntokolla, ke tla lula ke tšepahala. Nka mpa ka tsoa mona ke shoele ho e-na le hore ke fetohele Jehova.”

Ka mor’a hore André a qete likhoeli tse tšeletseng a le teronkong, o ile a ipuella ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Jakarta eaba oa lokolloa.

Lilemo tse 30 hamorao, ha ’muso oa Indonesia o thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova hape, mochochisi oa Manado, North Sulawesi, o ile a bitsetsa André ofising ea hae. Eaba o re: “Na oa tseba hore mosebetsi oa Lipaki o thibetsoe?”

André o ile a re: “E, kea tseba.”

Eaba mochochisi eo o re: “Na joale u ikemiselitse ho tlohela bolumeli boo ba hao?”

André o ile a bua ka sebete a re: “Ho mpolaea le ka mpolaea empa le ke ke la etsa hore ke tlohele bolumeli ba ka.”

Mochochisi o ile a re André a tsamaee ’me ha aa ka a hlola a mo tšoenya hape.

André o hlokahetse ka 2000 a le lilemo li 85, ka mor’a ho qeta lilemo tse 60 e le pula-maliboho ea chesehang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela