Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb16 maq. 4-7
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Leqephe le Qalang la JW.ORG ha U Bua le Batho ka Bibele
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • “Re Rata Khaso ea JW Haholo”
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
  • Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Lintlha tsa Sehlooho Tsa Selemo se fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
yb16 maq. 4-7

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Bara le Barali Babo Rōna ba Ratehang:

Moprofeta Esaia o ile a lumela hore ’Muso oa Juda o ile oa atleha hobane Jehova a ile a o hlohonolofatsa. Ho Esaia 26:12, o re: “Jehova, . . . u re etselitse mesebetsi eohle ea rōna.” Re lumellana le mantsoe ao a Esaia, ha re nahana ka mosebetsi o finyeletsoeng selemong se fetileng sa tšebeletso. Ruri Jehova o etsa ‘lintho tse hlollang tseo ho seng mohla li kileng tsa bōptjoa’! (Ex. 34:10) Nahana ka tsela eo Jehova a re hlohonolofalitseng ka eona.

Websaete ea rōna e molaong ea jw.org, e sebelisitsoe ka tsela e babatsehang. Hona joale e fumaneha ka lipuo tse fetang 600, ’me batho ba ka bala le ho daonlouda lingoliloeng ka lipuo tse fetang 750. Websaete ee e thusitse batho ba lipelo li ntle joang hore ba ithute Bibele? Nahana ka sena: Banyalani ba bang ba ile ba nyahamisoa ke bolumeli ka lebaka la boikaketsi ba batho ba kenang likereke. Ha ba ntse ba batla bolumeli ba ’nete, ba ile ba fumana websaete ea rōna. Ba ne ba kena websaeteng ea rōna kamehla ebe ba bala lingoliloeng tsa rōna le ho shebella livideo. Ba ne ba boetse ba daonloudile bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ’me ba e bala letsatsi le letsatsi le bana ba bona ba babeli. Ha e le hantle, hoseng ho hong Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ba fumana ba ntse ba bala temana ea letsatsi. Lipaki li ile tsa hlokomela hore lelapa leo le entse liphetoho tse ngata ka mor’a hore le kene websaeteng. Ba ne ba se ba tlositse li-tattoo, masale ao ba neng ba a kentse ’meleng, ba lahlile litšoantšo tsa bolumeli, ba se ba sa keteke matsatsi a phomolo, ba bile ba khaolitse ho shebella lifilimi tse fosahetseng. Liphetoho tsena ba li entse le pele ba kopana le Lipaki! Ha ho ne ho ngoloa sehlooho sena, banyalani bao le ngoana oa bona e mong e ne e se e le bahoeletsi ’me batsoali ba ne ba ntse ba lokisetsa ho kolobetsoa haufinyane.

Bara le barali babo rōna ba bangata ba re ngoletse ’me ba bolela kamoo ba ananelang tokisetso ena e babatsehang ea JW Broadcasting kateng. Lenaneo la khoeli le khoeli le se le fumaneha ka lipuo tse fetang 70, ’me lipuo tse ling ke hona li tla fumaneha hamorao. Malapa a mangata a shebella lenaneo lena nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Mokhatlo oa Jehova o hōlile haholo, empa re ikutloa re le haufi haholo le barab’abo rōna ba ntlo-khōlō!”

Kamehla likopano tsa setereke e ba liketsahalo tse thabisang bahlanka ba Jehova, ’me ho ile hafeela ha e-ba joalo ka tse neng li tšoeroe selemong sa tšebeletso sa 2015. Ho ile ha bontšoa livideo tse 42 le litšoantšo, ha bapaloa le mahlaso a tšeletseng a ’mino o monate qalong ea karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea lenaneo. Ha mor’abo rōna e mong a bua ka kopano eo, o re: “Ho bonahala eka batho ba ne ba sa batle ho tsoa nakong eo lipuo li ntseng li tsoela pele, kaha ba ne ba sa batle ho fosoa ke letho.” Ha moromuoa e mong a bua ka kopano ea selemo se fetileng o re: “Livideo tseo li entse hore ke utloisise ’nete ea Bibele le ho feta ’me ke nke ’Muso oa Molimo e le puso ea sebele.”

Jehova o boetse o re hlohonolofalitse ka lipina tsa ’Muso tse ncha selemong se fetileng. Banyalani ba bang ba re: “Lipina tsena tse ncha li etsa hore re kholisehe hore Jehova oa re rata. Li ’nile tsa re khothatsa nakong eo re neng re nyahame.” Likopano tseo li re hopolitse mosebetsi o tsoileng matsoho o etsoang ke sehlopha sa ’mino oa liletsa sa Watchtower, molemong oa hore re rorise Jehova!

Molisa o nkile konyana

Re le khothalletsa hore le etsise Jehova ka hore le amohele ba khutlelang ka phuthehong ka mosa

Na phutheho ea heno e ’nile ea sebelisa hamolemo literoli tsa lingoliloeng ho paka phatlalatsa? Ruri mokhoa ona oa ho bolela litaba tse molemo o beha litholoana tse ntle! Batho ba bang ba lulang libakeng tseo ho leng thata ho kena ho tsona ba ’nile ba utloa litaba tse molemo ka lekhetlo la pele, ’me ba bang ba ’nile ba fumana lingoliloeng literoling tseo, ho akarelletsa le Lipaki tse seng li sa kopanele. Ka January 2015, monna e mong oa Korea Boroa o ile a ea teroling e ’ngoe. O ile a re morao tjena o se a nahana ka ho teba ka Molimo. Barab’abo rōna ba ile ba ithuta Bibele le eena. Ka February o ile a qala ho ea libokeng ’me ka March a khaotsa ho tsuba. Ka April, o ile a etela ofisi ea lekala ea Korea Boroa, ’me o ntse a tsoela pele hantle. Ena ke e ’ngoe ea liphihlelo tse ngata tseo re li amohetseng mona ntlo-khōlō.

Re rapella hore bukana ea Khutlela ho Jehova, e lokolotsoeng kopanong ea setereke e susumetse batho ba bangata ba seng ba sa kopanele hore ba khutlele ho Jehova nako e sa le teng! Re le khothalletsa hore le etsise Jehova ka hore le amohele ba khutlelang ka phuthehong ka mosa.—Ezek. 34:16.

Ka sebele Jehova o hlohonolofalitse bahlanka ba hae selemong se fetileng sa tšebeletso. Re ka lebella’ng selemong see? Re se re tla boka ha li oroha. Tsebang hore Sehlopha se Busang se le rata haholo ’me re le rapella kamehla.

Re le lakaletsa se molemo,

Barab’abo lōna,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela