Bolivia: Ho hahoa ofisi ea phetolelo ea Seaymara, El Alto
Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
HA Esaia 9:7 e hlalosa seo Molimo a tla se finyella a sebelisa ’Muso oa hae, e re: “Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.” Ka ho tšoanang, Jesu Kreste, e leng Morena oa ’Muso oo, o ile a bontša hore o chesehela borapeli ba ’nete, nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng. (Joh. 2:17) Litlaleho tse latelang li bontša kamoo Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li etsisang cheseho ea Jehova le ea Jesu, ka hore li thuse batho ho bona kamoo Jehova a ba ratang kateng.
El salvador: Kopano ea setereke ea 2015