Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwhf sehlooho 27
  • Bua le Bana ba Hao ka Khethollo ea Morabe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bua le Bana ba Hao ka Khethollo ea Morabe
  • Se ka Thusang Lelapa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka bolella bana ba hao eng ka morabe?
  • U ka hlalosa khethollo ea morabe joang ho bana ba hao?
  • U ka ba behela mohlala joang?
  • U ka thusa ngoana oa hao joang ha a khetholloa?
  • Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
    Tsoha!—1993
  • Kaofela re Lelapa le le Leng
    Tsoha!—2009
  • Nka Mamella Leeme la Morabe Joang?
    Tsoha!—1989
  • Khethollo ea Morabe
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Se ka Thusang Lelapa
ijwhf sehlooho 27
Bo-’mè ba babeli ba merabe e sa tšoaneng ba lutse phakeng ba ntse ba qoqa ha bana ba bona ba ntse ba bapala.

SE KA THUSANG LELAPA | BATSOALI

Bua le Bana ba Hao ka Khethollo ea Morabe

Bana ha ba sa le banyenyane ba ka hlokomela hore batho ba bang ba tšoara ba bang ka tsela e fapaneng ka lebaka la morabe kapa hore na ba tsoa linaheng life. U ka thusa ngoana oa hao joang hore a se ke a etsisa batho bana ba khethollang ba bang? U ka etsa’ng haeba e le ngoana oa hao ea khetholloang?

Sehloohong sena

  • U ka bolella bana ba hao eng ka morabe?

  • U ka hlalosa khethollo ea morabe joang ho bana ba hao?

  • U ka ba behela mohlala joang?

  • U ka thusa ngoana oa hao joang ha a khetholloa?

U ka bolella bana ba hao eng ka morabe?

Seo u ka ba hlalosetsang sona. Lefatšeng kaofela ho na le litso tse ngata le batho ba batle ba mefuta e sa tšoaneng. Ntho ena e entse hore batho ba tšoare batho ba bang hampe ba itšetlehile ka hore na ba shebahala joang kapa ba etsa lintho joang.

Leha ho le joalo, Bibele e re ruta hore kaofela ha rona re tsoa ho motho a le mong. Ka mantsoe a mang, kaofela re bana ba motho.

Lebone.

Keletso: Ha u bua le bana ba hao ka khethollo ea morabe, hlakisa lintho tseo batho ba tšoanang ka tsona ho e-na le ho bua ka tseo ba fapaneng ka tsona.

“[Molimo] o entse hore lichaba tsohle li tsoe ho motho a le mong.”​—Liketso 17:26.

Karen o re: “Re hlokometse hore ha bana ba rona ba qeta nako le batho ba morabe o sa tšoaneng le oa bona baa bona hore motho e mong le e mong o hloka ho ratoa le ho hlomphuoa.”

U ka hlalosa khethollo ea morabe joang ho bana ba hao?

Ha nako e ntse e ea, ngoana oa hao o tla utloa litabeng ho buuoa ka batho ba hloileng ba bang kapa ba tšoarang ba merabe e meng hampe. U ka mo hlalosetsa joang se etsahalang? U ka mo hlalosetsa ho ea ka hore na lilemo tsa hae li kae.

  • Bana ba ntseng ba le banyenyane. Makasineng oa Parents, Dr. Allison Briscoe-Smith o ile a re: “Bana ba banyenyane ba khona ho bona ha ntho e le hantle le ha e se hantle. Ntho ena e ka u fa monyetla oa hore u bue le bona ka khethollo.”

Lebone.

Keletso: Hlalosetsa ngoana oa hao hore khethollo ha se ntho e hantle le hore ha le lumelle batho ba nang le khethollo ka lapeng.

“Molimo ha a leeme empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.”​—Liketso 10:34, 35.

  • Bana ba tl’o kena lilemong tsa bocha. Bana ba lilemo li tšelela ho ea ho tse 12 ba na le takatso ea ho tseba lintho, ke kahoo ka linako tse ling ba botsang lipotso tse thata. Leka ka hohle ho araba lipotso tsa bona hantle. Bua le bana ba hao ka lintho tseo ba li bonang sekolong le Thelevisheneng kapa Inthaneteng ’me u sebelise lintho tseo ba buileng ka tsona e le monyetla oa ho ba hlalosetsa hore khethollo ea morabe e fosahetse.

Lebone.

Keletso: Haeba litabeng ho hlaha batho ba khethollang ba bang, botsa ngoana oa hao hore na o ne a ka ikutloa joang haeba e ne e le eena ea khetholloang. Ha u etsa joalo, u tla mo thusa hore e be motho ea nang le qenehelo.

“Le utloane, le utloelane bohloko, le ratane joaloka bana ba motho, le qenehelane le be le ikokobetse.”​—1 Petrose 3:8.

  • Bacha. Bacha ba se ba le lilemong tseo ho tsona ba seng ba khona ho utloisisa lintho tse thata. Ha ngoana oa hao a se a le lilemong tsena, ona ke monyetla o hantle oa hore le buisane ka lintho tse hlahang litabeng, tse buang ka batho ba nang le khethollo.

Lebone.

Keletso: Thusa ngoana oa hao ho utloisisa hore khethollo le lipolaeano hangata li bakoa ke hore morabe o itseng o inka o le bohlokoa ho feta o mong. Buisanang ka lintho tse kileng tsa etsahala nakong e fetileng tse bontšang hore Bibele e bua ’nete ha e re: “Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.”​—Moeklesia 8:9.

‘Batho ba holileng kelellong, ba khona ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.’​—Baheberu 5:14.

Tanya o re: “Re bua le bana ba rona ka khethollo hobane ke ntho eo ba tla e bona kapa e ka ba etsahallang ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. Haeba re sa buisane le bona ka taba ena ka tlung, ba ka qetella ba se ba nahana joaloka batho bao ba nang le khethollo. Batho ba ka bua lintho tse fosahetseng ’me ba etsa hore bana ba rona ba lumele hore ke ’nete.”

U ka ba behela mohlala joang?

Bana ba ithuta ho batsoali. Kahoo, ke habohlokoa hore motsoali a nahane pele a bua kapa a etsa ntho e itseng. Ka mohlala:

  • Na u ke u etse metlae e phoqang ka batho ba merabe e meng kapa hona ho ba nyatsa? Mokhatlo oa American Academy of Child and Adolescent Psychiatry o re: “Bana ba hao ba u shebile ebile ba u mametse ’me ba etsisa tsela eo u etsang lintho ka eona.”

  • Na u thabela ho ba le batho ba tsoang linaheng tse ling? Alanna Nzoma eo e leng ngaka ea bana o re: “Haeba u batla hore bana ba hao . . . e be metsoalle ea batho ba tsoang linaheng tse ling, ba lokela ho u bona u e-na le batho ba tsoang linaheng tse ling.”

“Le hlomphe batho ba mefuta eohle.”​—1 Petrose 2:17.

Katarina o re: “Ka lilemo tse ngata lelapa leso le ne le amohela baeti ba tsoang linaheng tse ling. Re ile ra ithuta ka lijo le ’mino oa bona ebile re ne re apara le liphahlo tsa bona tsa setso. Ha re ne re bua le bana ba rona re ne re bua ka batho eseng ka morabe oa bona. Hape re ne re sa bue ka setso sa rona eka se bohlokoa ho feta sa batho ba bang.”

U ka thusa ngoana oa hao joang ha a khetholloa?

Le hoja batho ba bangata ba bua ka hore batho ba lokela ho tšoaroa ka tsela e tšoanang, ho na le khethollo e ngata lefatšeng. Taba ena e bolela hore ngoana oa hao a ka se tšoaroe hantle, haholo-holo haeba setso kapa morabe oa hae o khelloa fatše. Ha seo se etsahala . . .

’Mè o khumame ’me o hakile morali oa hae ea tsoang sekolong ea ntseng a lla.

Batla lintlha kaofela. Na motho eo o ne a ikemiselitse ho tšoara ngoana oa ka hampe kapa o ne a mpa feela a sa nahana pele a bua? (Jakobo 3:2) Na ho hlokahala hore ho buuoe le motho eo kapa le ka iphapanyetsa se etsahetseng?

Ke habohlokoa hore u be le teka-tekano. Bibele e fana ka keletso e bohlale, e re’ng: “U se ke oa potlakela ho khopeha.” (Moeklesia 7:9) Khethollo ke bothata bo atileng empa sena ha se bolele hore nako le nako ha motho a u tšoara hampe o u hloile kapa o na le khethollo.

Ke ’nete hore maemo aa fapana. Kahoo, batla hore na ho etsahetse’ng pele u nka khato.

“Mang kapa mang ea arabang taba pele a utloa lintlha kaofela ke sethoto ebile oa itlotlolla.”​—Liproverbia 18:13.

Ha u qeta ho fumana lintlha kaofela, ipotse:

  • ‘Na ngoana oa ka a ka thusoa ke ho nahana hore batho bohle ba na le khethollo le hore nako le nako ha a sa tšoaroe hantle ke ka lebaka la morabe oa hae?’

  • ‘Na keletso ena e hlahang ka Bibeleng e ka tsoela ngoana oa ka molemo, e re’ng: “U se ke oa nkela hloohong mantsoe ’ohle ao batho ba a buang”?’​—Moeklesia 7:21.

“Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.”​—Bafilipi 4:5.

Ho thoe’ng haeba motho eo o entse ka boomo? Thusa ngoana oa hao hore a hlokomele hore ho ho eena hore lintho li mpefale kapa li loke. Ka linako tse ling motho ea sotlang ngoana oa hao o lebelletse hore ngoana oa hao a etse ho hong. Ho ka ba molemo hore a iphapanyetse se etsahetseng.

“Ha patsi e le sieo mollo oa tima.”​—Liproverbia 26:20.

Ngoana oa hao a ka bua le motho ea mo utloisitseng bohloko haeba seo se ke ke sa e-ba kotsi. Mohlomong a ka re ho motho eo (ka boikokobetso): “Ke nahana hore ntho eo u e buileng (kapa eo u e entseng) e ne e se hantle.”

Ho thoe’ng haeba u batla ho tlaleha taba ena? Haeba ngoana oa hao a le kotsing kapa ka mabaka a mang a itseng u utloa hore u ke ke oa iphapanyetsa boemo, bua le matichere sekolong kapa u ka bua le mapolesa haeba ho hlokahala.

Seo re ithutileng sona: Bua le bana ba hao ka khethollo ea morabe

  • Ha u bua le bana ba hao ka khethollo ea morabe, hlakisa lintho tseo batho ba tšoanang ka tsona ho e-na le ho bua ka tseo ba fapanang ka tsona.

  • Hlalosa hore khethollo ha e amohelehe lelapeng la hao.

  • Haeba litabeng ho hlaha batho ba khethollang ba bang, botsa ngoana oa hao hore na o ne a tla ikutloa joang haeba e ne e le eena ea khetholloang.

  • Thusa ngoana oa hao ho utloisisa hore khethollo le lipolaeano hangata li bakoa ke hore morabe o itseng o inka o le bohlokoa ho feta o mong.

  • Beha mohlala o motle. Tloaelana le batho ba merabe e meng kapa ba tsoang linaheng tse ling. U se ke oa etsa metlae e phoqang ka batho ba merabe e meng kapa hona ho ba nyatsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela