John Moore/Getty Images
LETŠOLO LE KHETHEHILENG
Na ’Musong oa Molimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?
Ka la 22 May 2023 e mong oa baeta-pele ba World Health Organization e leng Dr. Tedros Adhanom Ghebreyesus o ile a re: “Taba ea hore COVID-19 ha e sa nkoa e le koluoa e kaalo, ha e bolele hore e se e felile.. . . Ho ntse ho tla ba le seoa se seng ’me re tla lokela ho ba malala-a-laotsoe.”
COVID-19 e bakile mathata a mangata ao batho ba sa ntseng ba sebetsana le ’ona hona joale, e ba amme ’meleng le maikutlong. Ha e le moo mebuso le mekhatlo ea tsa bophelo bo botle e se e ntse e sa khone ho re hlokomela hona joale, na e tla be e le malala-a-laotsoe ha ho ka ba le seoa se seng?
Bibele e bua ka ’muso o tla khona ho re fa bophelo bo botle. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso.” (Daniele 2:44) ’Musong oo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Motho e mong le e mong o tla ba le bophelo bo botle a be mahlaha-hlaha joalokaha a ne a le monyenyane.—Jobo 33:25.