Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 76
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho etsahala’ng Holong ea ’Muso?
  • Ke hobane’ng ha u lokela ho ea?
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Sena ke Sebaka sa Rōna sa Borapeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Litokisetso Tsa ho ba le Libaka Tsa Borapeli
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 76
Mohlankana o shebile ha batho ba ntse ba kena ka Holong ea ’Muso

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?

Lipaki Tsa Jehova li ea libokeng habeli ka beke libakeng tsa bona tsa borapeli tse bitsoang Liholo Tsa ’Muso. Ho etsahala eng libokeng tseo, hona u ka rua molemo joang ka ho ea ho tsona?

  • Ho etsahala’ng Holong ea ’Muso?

  • Ke hobane’ng ha u lokela ho ea?

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Ho etsahala’ng Holong ea ’Muso?

Holong ea ’Muso ke moo re ithutang hore na re ka sebelisa likeletso tsa Bibele joang. Liboka tse tšoareloang moo li ka u thusa hore:

  • u ithute ’nete ka Molimo.

  • u utloisise hore na liketsahalo tsa mehleng ena li bolela’ng.

  • u be motho ea molemo haholoanyane.

  • u fumane metsoalle ea bohlokoa.

Na u ne u tseba? Sebaka seo Lipaki Tsa Jehova li kopanelang ho sona se bitsoa Holo ea ’Muso hobane ke moo ho buuang ka ’Muso oa Molimo hangata.​—Matheu 6:​9, 10; 24:​14; Luka 4:43.

Ke hobane’ng ha u lokela ho ea?

Lintho tseo u tla ithuta tsona moo li tla u thusa. Melao-motheo ea Bibele e tšohloang libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova e tla u thusa hore u “fumana bohlale.” (Liproverbia 4:5) Sena se bolela hore Bibele e ka u thusa hore u etse liqeto tse ntle bophelong. E ka boela ea u thusa hore u fumane likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong tse kang:

  • Morero oa bophelo ke ofe?

  • Na Molimo ke eena ea re bakelang mahlomola?

  • Ho etsahala’ng ha u shoa?

Lethathamo le latelang ke la tse ling tsa lipuo tse fanoang libokeng tsa rona tsa mafelo beke:

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Bibele?

  • U ka Fumana Thuso Hokae Linakong Tsa Mahlomola?

  • Seo ’Muso oa Molimo o re Etsetsang Sona Hona Joale.

“Moithuti ’moho le ’na o ile a tla libokeng tse ling. O ne a lutse le lelapa leso ’me re ile ra shebisana lingoliloeng le eena. Ka mor’a moo, o ile a mpolella hore o ile a khahlisoa ke likarabo tseo batho ba ileng ba fana ka tsona karolong eo batho ba arabang ho eona. O ile a ba a re kerekeng ea hae ha ba na lingoliloeng tseo ba ithutang ka tsona joaloka rona.”​—Brenda.

Na u ne u tseba? Ho fumana setulo ke mahala Holong ea ’Muso ’me ha ho mohla ho ntšuoang koleke.

Ho kopana le ba bang ho tla u khothatsa. Bibele e re lebaka le leng leo ka lona Bakreste ba tlamehang ho kopana hammoho ka lona ke ho “khothatsana.” (Baheberu 10:​24, 25) Lefatšeng lena le tletseng baithati, hoa khatholla ho ba har’a batho ba sa inahaneng bo bona empa ba tsotella batho ba bang ba bile ba tsotella setsoalle sa bona le Molimo.

“Ke lula ke khathetse ke bile ke sa thaba ka mor’a letsatsi le maphatha-phethe, empa batho ba Holong ea ’Muso ba lula ba etsa hore ke utloe ke le hantle. Ha ke le tseleng e tsoang libokeng, ke utloa ke thabile ’me ke le malala-a-laotsoe bakeng sa letsatsi le hlahlamang.”​—Elisa.

Na u ne u tseba? Ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 120 000 lefatšeng ka bophara ’me li kopanela libakeng tse fatang 60 000. Selemo le selemo, ka karolelano ho hahoa Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 1 500 ka lebaka la palo ea batho ba tlang libokeng e ntseng e eketseha.a

Seo bacha ba bang ba se buang

Jessica

“Ha ke ntse ke le sekolo se phahameng, moithuti ’moho le ’na o ile a tla le ’na libokeng tse ’maloa ’me o ile a khahloa ke ho bona liithuti tsa Bibele tsa lilemo tse fapa-fapaneng li ithuta hammoho. Haufinyane tjena mong’aka o ile a tla libokeng, ’me a ile a hlolloa ke ho bona re sebelisa Bibele khafetsa. Ha ke bona hore na o ananela liboka hakae, seo se ile sa etsa hore le ’na ke li ananele le ho feta.”​—Jessica.

Timothy

“Ke ee ke utloe liboka li nthusa hore ke se ke ka nahana ka mathata le matšoenyeho a letsatsi le letsatsi. Re ithuta hore na re ka etsa’ng e le hore be le bophelo bo khotsofatsang, re be batho ba molemo le lintho tse ling tse ngata. Ke ikutloa ke khothetse ke bile ke khatholohile nako eohle ha ke tsoa libokeng.”​—Timothy.

Jacob

“Ntate eo ke neng ke mo memetse libokeng o ile a re: ‘Ke ile libokeng hobane feela ke batla ho paka hore lintho tseo le li lumelang ha se ’nete. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana hore lintho tseo ke li lumelang li fosahetse!’ O ne a boetse a khahliloe ke tsela eo Lipaki Tsa Jehova li leng botsoalle ka eona. O ile a re: ‘Le hoja ke ne ke qala ho kopana le lona, le ile la ntšoara joalokaha eka ha se kajeno re tsebana!’ ”​—Jacob.

Madison

“Ka linako tse ling ke ne ke ee ke itjoetse ke re: ‘Ke tla tsamaea hang ha liboka li tsoa.’ Leha ho le joalo, nakong eo liboka li ntseng li tsoela pele, boikutlo boo boa fela. Ha liboka li tsoa, ke bua le batho ebe kea lebala le hore na ke hobaneng ha ke ne ke ikutloa ka tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona pele ho liboka. Hoja e se ka liboka, nkabe ke se na metsoalle e babatsehang eo ke nang le eona hona joale.”​—Madison.

a Ho fumana sebaka seo ho kopaneloang ho sona, e ea leqhepheng la “Liboka Tsa Phutheho Tsa Lipaki Tsa Jehova” e be u penya ho “Fumana Sebaka se Haufi le Uena.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela