Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 2/8 leq. 3
  • Lipotso Tsa Motheo Tse ho Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Motheo Tse ho Rōna
  • Tsoha!—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
  • Kamoo Likokoana-hloko Tseo Tse Manganga li Boeang Sekoele
    Tsoha!—2003
  • Batho ba Banyenyane, Khatello e Khōlō
    Tsoha!—1993
  • Polanete e Nang le Bophelo
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 2/8 leq. 3

Lipotso Tsa Motheo Tse ho Rōna

Hobane’ng re le teng? Re ea hokae? Na bophelo ba rōna bo na le morero o itseng? Re bile teng joang?

LEFATŠE le tletse bophelo. Ho tloha koetseng e lefifi ea leoatle ho isa liqhooeng tsa lithaba tse telele, bophelo bo teng. Ho tloha libakeng tse leqhoa tse lintlheng tsa lefatše ho isa linaheng tse chesang tse koahetsoeng ke limela, ho tletse bophelo. Ho ba teng ha bophelo lefatšeng le koahetsoeng ke limela tse tala ho lekana le ho ba teng ha bona “makhulong a leoatle.” Bo teng metsing a chesang ka likhato tse lekholo tsa Centigrade kaholimo ho ntlha e chesang haholo le likhato tse mashome a mahlano a metso e tšeletseng tsa Centigrade katlase ho ntlha e batang haholo. Bo teng libakeng tse nang le moea o fokolang kaholim’a lefatše le Mangopeng a Mariana a botebo ba lik’hilomethara tse leshome le motso o le mong ka har’a leoatle, moo lihlapi tse sephara li sesang ka tlas’a metsi a nang le khatello ea tone sentimethareng e ’ngoe le e ’ngoe.

Hape bophelo bo fapana ho ea ka boholo, ho tloha ka kokoanyana e sa bonahaleng ea baktheria ho isa ho leruarua la tonanahali le leputsoa le bolelele ba limithara tse mashome a mararo le boima ba litone tse mashome a robong—leleme la lona feela le boima bo lekanang le ba tlou! Empa leha likokoanyana tsa baktheria li le nyenyane hakaana li khona ho ikatisa haholo. Khabeng e nyenyane e tletseng mobu oa menontša, ho ka ba le libaktheria tse limillione tse likete tse hlano. Ka maleng a bohloa le likhomo ho na le likokoanyana tse limillione tse sekete tsa baktheria tse thusang ho thuisa tsoekere ea patsi le joang.

Ho ’nile ha lekanyetsoa hore ho na le likokoanyana tse ngata tse phelang le tse teng ho e mong le e mong oa rōna ho feta baahi ba lefatše. Ramahlale e mong o re, “Haufinyana ho sa tsoa lekanyetsoa hore palo-kakaretso ea likokoanyana Lefatšeng e feta ea liphoofolo tsohle tsa lefatše ka makhetlo a 20.” Ka ’nete, bophelo lefatšeng bo fihla lipalong tse ke keng tsa baleha.

Leha ho le joalo, ha ho kokoanyana ea baktheria kapa leruarua, leha e le libopuoa tse se nang palo tse libillione, tse botsang lipotso tsa motheo: Hobane’ng re le teng? Re ea hokae? Na bophelo ba rōna bo na le morero? Re bile teng joang?

Empa batho baa botsa. Ba botsitse ka makhetlo ho theosa le makholo a lilemo. Hobane’ng? Hobane batho ba fapane. Litlhoko tsa bona le tsona li fapane. Ho na le lekhalo le leholo le arolang batho ho libopuoa tsohle tsa lefatše. ’Nete ea hore ke bona feela ba botsang lipotso e paka hona. Peter Medawar bukeng ea hae The Limits of Science o bolela hore ’nete ea hore thuto ea mahlale e na le tsebo e lekanyelitsoeng e “hlakisoa ke ho hlōleha ha eona ho arabela lipotso tsa motheo tse kang tsa bana tse amanang le lintho tsa qalo le tsa qetello—lipotso tse kang ‘Lintho tsohle li qalile joang?’ ‘Hobane’ng kaofela re le teng?’ ‘Bohlokoa ba ho phela ke bofe?’”

Leha ho le joalo, lipotso tsena tsa motheo li lula li khutla, li hana ho khutsisoa, li batla likarabo. Re na le tlala e sa feleng e batlang likarabo. Boramahlale ba leka ho fana ka likarabo. Na ba na le senotlolo sa ho bula monyako ho araba potso ea pele ea motheo ea Medawar: Lintho tsohle li qalehile joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela