Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 5/8 maq. 6-7
  • Ho Thoe’ng ka Bophelo ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoe’ng ka Bophelo ba Hao?
  • Tsoha!—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Botle ’Meleng Bakeng sa Bohle—Tlhoko ea Motheo
    Tsoha!—1987
  • Mohloli o Phahameng oa Bohlale
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Pheko ea Mafu ’Ohle e ka Fumanoa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Molimo o Ikutloa Joang ha ke Tsuba Koae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 5/8 maq. 6-7

Ho Thoe’ng ka Bophelo ba Hao?

TSEBO ea meriana e leka ho phekola mafu. Hangata e-ea atleha, empa tsela e molemo ea bophelo e ka be e thibetse bohloko ho tloha mathomong.

Ngaka Halfdan Mahler, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Bophelo oa Lefatše, o itse re lokela ho ema ka maoto mabapi le boikarabelo ba rōna ba bophelo bo botle ’meleng, “ho ja ka bohlale, ho noa ka tekano, ho se tsube ho hang, ho khanna ka hloko, boikoetliso bo lekaneng, ho ithuta ho phela tlas’a khatello ea bophelo ba litoropong, le ho thusa ba bang ho etsa joalo.”

Bibele ka keletso ea eona e bohlale e utloahalang e ka re thusa haholo tabeng ena. Melao-motheo ea eona e lebisa bophelong bo khutsitseng haholoanyane le bophelo bo botle lefatšeng la rōna le tletseng khatello. Lithuto tsa eona ke “mantsoe a phelisang” eseng feela ka kutloisiso ea moea empa hape le ka kutloisiso ea nama. Lipolelo tsa eona li molemo ’me “ho ba li fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba ’mele oohle oa bona.”—2 Timothea 1:13, NW; Liproverbia 4:22.

Empa le ho feta, melao-motheo ea Bibele e ka fokotsa mathata a tebileng, a bolaeang. Seo se ka etsahala joang? Mehlala e meng ke ena:

’Muso oa U.S. o bitsa ho tsuba sakarete “sesosa se le seng se seholohali se ka thibeloang sa ho kula le ho shoa pele ho nako United States.” Mafu a kankere a phahame ka makhetlo a tšeletseng har’a banna ba tsubang ho feta ba sa tsubeng. Bibele e re: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Lipaki tsa Jehova li sebelisitse sena mabapi le ho tsuba koae. Kahoo, bakeng sa tsona li fokolitse haholo lebaka la sehlooho la mafu a tšajoang ka ho fetisisa lefatšeng.

Tšebeliso e mpe ea joala le botahoa ha li tšoarise lefu la sebete feela empa hape li baka lintoa, likhang, pefo le seoa sa mehleng ena sa likotsi tsa makoloi. Na Bibele e ka thusa le moo?

E eletsa ka tšebeliso e lekalekaneng ea joala, e re: “Ha e le . . . matahoa, le ba sebang ba bang . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona.” Hape: “Veine ke mosomi, joala bo lerata; bohle ba khelosoang ke tsona ha ba na bohlale.” (1 Ba-Korinthe 6:9-11; Liproverbia 20:1) Na keletso eo e phelisang ea Bibele e ea utloahala?

Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ke bothata bo tebileng ba bophelo bo botle ba ’mele har’a bacha ba kajeno. Health Crisis 2000 e re: “Boholo ba chelete bo sebelisoa bakeng sa lithibelo tsa thekiso ea lithethefatsi eo e seng ea molao empa ho sebelisoa e fokolang ho thibela bacha ba rōna ho fetoha makhoba [a tsona].” Mabapi le lithethefatsi tse senyang kelello, Lipaki tsa Jehova li sebelisa molao-motheo oa Bibele o tšoanang le oo li o sebelisang tabeng ea koae. (2 Ba-Korinthe 7:1) Batsoali ba beha mohlala tabeng ena, ba o ruta bana ba bona, ’me ena ke tsela ea ho thibela bokhoba ho tloha mathomong.

Mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona kapa botšehali, joaloka qhoshola le AIDS, ke tšokelo e hōlang ho batho ba robalang le balekane ba bangata. Bibele e re’ng ka see? Ka ho utloahalang e nyatsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. E ruta ho ba le molekane oa lenyalo a le mong oa ka ho sa feleng le ho tšepahala boitšoarong ho motho eo. E re: “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila, hobane Molimo o tla ahlola babōki le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4) E tsoela pele, e re: “’Me mesebetsi ea nama e pepeneneng: ke ho feba, le ho bōka, ke bonyala, le bootsoa . . . Ba etsang tse joalo, ba ke ke ... ba rua, ’muso oa Molimo.”—Ba-Galata 5:19-21; Mattheu 5:32.

Melao-metheo e tjena e utloahalang ea Bibele e lebisa bophelong bo botle esita le lefatšeng la kajeno le tletseng tsieleho, empa ha e fane ka phekolo ea ka ho sa feleng. Phekolo ea ka ho sa feleng ke taba eo ho tla buuoa ka eona sehloohong se latelang.

[Litšoantšo leqepheng la 7]

“Re ikentse kotsing ka borōna, ka ho lumela hore thuto ea mahlale, lingaka le lipetlele li tla fumana pheko, ho e-na le ho thibela seoa sa mafu ho tloha mathomong.”—Health Crisis 2000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela