Lefatše ho Tloha ka 1914
Karolo ea 6—1946-1959 Katleho e Thetsang Har’a Khotso e Lephako
“LEEFATŠE la kajeno, ebang rea lumela kapa che, le hlahisitsoe ke Hitler,” ho boletse mohapi oa khau ea lingoloa le moqolotsi oa litaba Sebastian Haffner. O’a hlalosa: “Ka ntle ho Hitler Jeremane le Europa li ka be li sa arohana; ka ntle ho Hitler Maamerika le Marussia a ka be a se Berlin; ka ntle ho Hitler Iseraele e ka be e le sieo; ka ntle ho Hitler boipuso ba likoloni bo ka be bo le sieo, bonyane e seng ka potlako e kaana, ho ne ho ke ke ha e-ba le tokoloho ea Maasia, Maarabia, Maafrika a Matšo ’me Europa e ka be e tsitsitse.”
Ke ’nete hore baetapele ba bang ba lefatše mehleng ea Hitler le bona ba entse lintho tse bileng le liphello tse khōlō. Ka mohlala, “borahistori ba bangata kajeno ba fumana bopaki ba hore ho arohana ha Europa ka Bochabela le Bophirimela ho bakiloe ke liqeto tse fihleletsoeng mahareng a Linaha tse Khōlō tse Tharo [Sebokeng se neng se tšoeroe ho ea qetellong ea 1943] Tehran,” ho bolela makasine oa Canada Maclean’s. O tsoela pele ho totobatsa, leha ho le joalo, hore “[seboka se tšoeroeng ka Tlhakola 1945] Yalta, se ile sa tsebahala har’a borahistori ba bangata . . . e le seboka seo ho sona Stalin a ileng a qhekanyetsa bo-mphato ba hae ba Bophirimela ’me a utsoa ’muso. . . . Ka libeke, masole a Stalin a ile a kopana ’me a atolosetsa khapo ea ’ona Europa Bochabela. . . . Ntoa ea libetsa e ne e fela, empa Ntoa ea Mantsoe e ne e qalile.”
Ntoa ea Mantsoe? E. Poleloana ena ke eo Bernard Baruch, moeletsi oa mopresidente oa U.S., a e sebelisitseng ka 1947 ho hlalosa ntoa pakeng tsa United States le Soviet Union. Ke ntoa ea mantsoe e neng e loana litsamaisong tsa lipolotiki, moruo, le liphatlalatso tsa mashano.
Qetellong ea ntoa linaha tsa lichaba tsa Selekane li ile tsa arola Jeremane ka libaka tse ’nè tsa bolulo. Fora, Brithani, le Amerika tsa nka likarolo tse ka boroa le e ka bophirimela tsa naha, Soviet ea nka karolo e ka bochabela. Ka lebaka leo, lichaba tse peli tse matla tsa e-ba teng, se seng e le se buellang tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba, ha se seng se buella tsamaiso ea moruo ’ohle oa naha matsohong a ’muso. Ho tloha nakong eo, li ’nile tsa shebana hampe lesireng le sa bonahaleng la tšepe.
Berlin le eona e ile ea aroloa ka likarolo tse ’nè. Kaha motse-moholo oa pele oa Jeremane o ne o le har’a sebaka sa bolulo sa Soviet, liphahlo tse neng li romeloa Brithani, Fora le Amerika li ne li lokela ho feta le sebakeng sa Soviet. Sena se ile sa baka mathata, ’me mahareng a 1948 Soviet ea thibela litsela tsohle tsa makoloi le literene ho tloha Berlin ho ea Bophirimela. Linaha tsa Bophirimela tsa arabela ka ho tsamaisa liphahlo tsohle tse hlokehang tsa lijo le mafura ka lifofane. Ha feta likhoeli tse 11 ho le joalo, ’me ho thibeloa ha Berlin litsela le ho tsamaisoa ha liphahlo ka lifofane ho ile ha boloka bora ba Ntoa ea Mantsoe bo le boemong bo kotsi.
“Empa ka bosiu bo le bong,” ho ngola Moprofesara Alfred Grosser oa Univesithi ea Paris, “Berlin ea fetola letšoao la tokoloho e seng letšoao la naha e tletseng sesole le ea bompoli ea Hitler.” Kajeno, Berlin e ntse e le letšoao le tsebahalang, ’me boralipolotiki ba Bochabela le Bophirimela kamehla ba e sebelisa e le lebaka la ho rotetsa malakabe a Ntoa ea Mantsoe.
Matsatsi a mahlano pele Ntoa ea II ea Lefatše e fela, Soviet Union ea phatlalatsa ntoa Japane ’me ea futuhela Korea e nang le baahi ba Japane karolong e ka leboea. Ha Japane e inehela, lichaba tsa Selekane tsa lumellana ka hore masole a Japane a ka leboea ho mola oa 38 a inehele ho Soviet ’me a ka boroa ho mola ’ona a inehele ho Maamerika. Ka 1950 ho aroloa hona ho sa tloaelehang ha naha ha lebisa ntoeng. Pele e fela, hoo e ka bang lichaba tse 20 li ne li kentse letsoho ka ho fana ka lihlomo, ’me tse ka holimo ho 40 tsa thusa ka lisebelisoa kapa lithuso tsa ntoa. Ka Phupu 27, 1953, qetellong ha etsoa tumellano ea nakoana ea ho emisa ntoa kamor’a hore batho ba likete tse makholo ba shoe. Bakeng sa eng? Kajeno, lilemo tse ka holimo ho 30 hamorao, ha ho e-s’o fumanoe tharollo e phethahetseng bothateng ba Korea. E bitsoa puso ea bokomonisi Bochabela Hōle.
Moprofeta Daniele o bone e sa le pele hore ntoa e joalo e tla ba teng pakeng tsa marena a mabeli a tšoantšetso. Ntoa ea Mantsoe e file marena ana a mabeli a maholo a mehleng ea rōna menyetla e mengata ea ho buisana, ho bua ‘leshano tafoleng e le ’ngoe.’ Ka lebaka leo a ile a phehella lithahasello tsa bochaba, ha ka nako e tšoanang a “thulana” ka matla bakeng as melemo ea botho.—Bona Daniele 11:27-45.
‘Masea a sa Laoleheng a Hlahile Hantle’
Ha bomo ea athomo e phatloha ka lekhetlo la pele ka katleho New Mexico, mopresidente Truman oa U.S. o ile a romelloa molaetsa oa lekunutu o balehang tjena: “Masea a hlahile hantle.” Empa “masea” ana a ipakile a sa laolehe ’me a hloka lintho tse ngata hakaakang! A akhetse lichaba tse khōlō le tse nyenyane pokellong e sa tloaelehang ea lihlomo lefatšeng lohle, a Ii qobella ho senya chelete eo li ka beng li e sebelisitse ha molemo ho fepa le ho ruta ba hlokang. A khothallelitse mokhoa o kotsi oa ho boloka khotso ka tekanyetso e tšosang ea lihlomo ka mahlakore a matla a mabeli. A file mokhatlo oa Machaba a Kopaneng lebaka la ho hlahloba ntoa e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba le ea machaba, leha e le nyenyane, e le kotsi ea nuclear. A bakile ho theoa ha mekhatlo e mecha e bolokang khotso joaloka NATO (Mokhatlo oa Selekane oa Atlantic Leboea) ka 1949 le Selekane sa Warsaw ka 1955.
Ha palo ea “masea” a liathomo le batsoali ba ’ona ba lichaba e ntse e eketseha, ho joalo le ka kotsi ea ntoa ea lefatše ea nuclear, e ka bakoang ka kotsi kapa ka morero. A bolokile lefatše le thothomela ke ‘tšabo le ke tebello ea lintho tse tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’—Luka 21:26, NW.
Kahoo, haeba molumo oa sethunya o qalileng Ntoa ea Boipuso ea U.S. ka 1775 e bile “molumo o utloahetseng lefatšeng lohle,” kamoo moqapi oa lithothokiso Ralph Waldo Emerson a boletseng, ka hona ho phatloha ha bomo ea athamo ho qeteletseng ka Ntoa ea II ea Lefatše ka 1941 ruri e bile ‘ho phatloha ho utloahetseng lefatšeng lohle.’
The World Book Encyclopedia e re bolella ka “masea” a mang a sa laoleheng a “hlahileng hantle” nakong ea kamorao ho ntoa. Ha e bua ka “Ho Qaleha ha Lichaba tse Ncha,” e’a hlalosa: “Mebuso e meholo ea Europa e ile ea oa ka ho latellana, kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Brithani, Fora, Belgium, Netherlands, le linaha tse ling tse khōlō tse nang le likoloni li ile tsa fokolisoa ke litahlehelo nakong ea ntoa. Joale tsa felloa ke matla a ho laola likoloni tsa tsona ka lebotho la sesole.” Har’a likoloni tsa pele ho fumana boipuso ke Indonesia, Philippines, Pakistan, India, Ceylon (eo ha joale e leng Sri Lanka), Iseraele, Libya, Tunisia, le Ghana.
Tšekamelo ea ho batla boipuso ba lipolotiki e tsoetse pele ho tla fihlela kajeno ’me e feletse ka ho ba teng ha lichaba tse ncha tse lekholo bonyane ho tloha ka 1945.
Tsamaiso ea taolo ea likoloni ebile le mathata a eona, empa se nketseng tsamaiso eo sebaka se ntse se se molemo. Mongoli oa likoranta Georgie Anne Geyer o’a hlokomelisa: “Ha mebuso ea likoloni e ne e fela, lichaba tse ngata li ile tsa qala ho oa butle, hoo ho tšoailoe ke lintoa tsa ka hare ho naha.” Ka lebaka leo ho ile ha hōla bopaki ba hore motho a ke ke a ipusa ka katleho.—Moeklesia 8:9; Jeremia 10:23.
Katleho—Empa e Theko e Boima ’me e’a Thetsa
Ka 1945 baahi ba Europa e sentsoeng ke Ntoa le Asia ba ne ba le mathateng. Ka mabaka a botho, empa hape li susumetsoa ke lithahasello tsa boithati, lichaba tsa Selekane tsa thea Lenaneo la ho Tsosolosa Europa. E ne e le mokhatlo o fanang ka thuso ea lichelete ho tšehetsa libaka tsa mesebetsi tsa Europa tse sentsoeng ke libomo. Lenaneo leo le ne le tsebahala e le Lenaneo la Marshall, le reletsoe ka mongoli oa U.S. ea hlahileng ka khopolo ena, lenaneo lena la ho iketsetsa, leha le ne le le theko e boima, le ne le atleha.
Ho ntlafala ha moruo le ha mesebetsi ho ne ho hlokomeleha. Libaka tsa mehleng ena tsa mesebetsi tse tletseng ka lisebelisoa tse ncha li ile tsa nolofaletsa lichaba tse hlōtsoeng ho koala likheo, esita le ho feta linaha tsa boahisani, tse neng li sebelisa libaka tsa khale le lisebelisoa. Ka bo1950 mohlolo oa moruo oa Jeremane o ne o sebetsa ka matla, ’me qetellong ea lilemo tse leshome, Japane e ne e qalisitse ka lenaneo le nolofalitseng naha eo ho phahamela linaha tse ngata tsa lefatše ka moruo oa eona.
Khabareng, linaha tse hlōtseng ntoeng li ne li leka ho khutlisetsa melao ea tsona ea lehae setloaeling. Ho hahoa ha matlo le ho hlahisoa ha liphahlo tsa hae ho ne ho fokolitsoe haholo ke ntoa, nakong eo merero eohle e ne e lokiselitsoe ntoa. Ho ne ho na le liphahlo tse ngata tseo batho ba ileng ba hloka ka nako e telele. Sena se ile sa bolela mosebetsi bakeng sa bohle; bonyane ka nakoana, ho se hiroe e ne e se bothata. Joale lefatše le ne le lebile nakong ea katleho ea moruo eo le neng le e-so e bone ho tloha Lilemong tsa Ho Oa ho Hoholo ha Moruo.
Empa katleho e bile le moputso oa eona. Bo-’mè ba eketsehileng ba ile ba tšoareha mosebetsing oa boipheliso ka ntle ho lehae, ka linako tse ling ba hlokomoloha bana. Litekanyetso tse phahameng tsa bophelo tsa lumella boikhathollo bo eketsehileng, empa bo ne bo se molemo kamehla. Ho shebella TV ha qala ho nkela moqoqo oa lelapa sebaka. Ho senyeha ha bophelo ba lelapa ha lebisa ho eketseheng ha tlhalo. Hamorao tlhalo ea eketsa tšekamelo ea ho lula ha batho ntle ho lenyalo. Litšekamelo tsena ka bobeli tsa hatisa ho hahamalloa ha lithahasello tsa botho ho feta tsa ba bang. Litekanyetso tsa moea le boitšoaro, tse neng li fokolisitsoe ke ntoa, joale tsa fela.
Khotso ea ’Nete le Katleho
Mekhatlo ea bolumeli ea lefatše kaofela ha e’a bona letho le phoso ka ho romela litho tsa eona ho ea bolaea batho ba bang nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Le hona joale ha e’a bona letho le phoso ka ho tšehetsa ntoa ea mantsoe le liphetohelo tsa lipolotiki le lintoa tsa tokoloho ka boitšoaro le ka matsoho. Empa ho bile le mokhelo o le mong feela o hlokomelehang.
Lipaki tsa Jehova li ile tsa boloka ho se nke lehlakore ha Bokreste nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le kamorao ho eona. Li tsoha litekong tsa Hitler tsa ho li felisa, palo ea Lipaki tse mafolo-folo Jeremane e ile ea eketseha ho tloha ka tlaase ho 9 000 ka 1946 ho feta 52 000 ka lilemo tse hlano. Pakeng tsa 1945 le 1959, li ile tsa eketseha lefatšeng lohle ho tloha ka Lipaki tse 141 606 linaheng tse 68 ho isa ho 871 737 linaheng tse 175. Ha litho tsa malumeli a mang a mangata li ne li ntse li eketseha litsekong tsa mathata a lipolotiki le sechaba, le ho ferekangoa ke ho fokotseha ha litho tsa kereke, Lipaki tsa Jehova, ka tsela ea moea, li ne li thabela khotso ea sebele le katleho.
Sena se ile sa bonahala Kopanong ea tsona ea Machaba ea Thato ea Molimo ka 1958 Motseng oa New York, moo tlhoro ea ba bileng teng lenaneong le le leng e bileng ba ka holimo ho 250 000. Sebui se seholo lenaneong se itse: “Ke katleho ea paradeise ea moea e hlalosang thabo e khapatsehang ea Lipaki tsa Jehova . . . Paradeise ena ea moea e bonahatsa khanya ea Molimo ’me e paka ho hlonngoa ha ’muso oa hae.”
Khotso e ileng ea latela Ntoa ea II ea Lefatše, eo ha e le hantle e neng e le lephako, le katleho ea moruo e neng e hōlisoa ke eona, e totobalitse ’nete ena e ke keng ea latoloa: Khotso ea ’nete le katleho li tla tla feela ka ’Muso o hlonngoeng oa Molimo. “Lilemo tsa bo-1960—Nako ea Boipelaetso bo Moferefere,” sena se ne se tla hlaka le ho feta. Bala ka eona tokollong ea rōna e latelang.
[Lebokose leqepheng la 30]
Lihlooho tse Ling tse Entseng Litaba
1946—Ho Chi Minh o phatlalatsa ntoa ea tokoloho Vietnam
1947—Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, le mangolo a khale a ngotsoeng ka letsoho, a fumanoa
1948—Mohandas Gandhi o’a fenethoa
1949—Masole a Tokoloho a Bokomonisi a hapa Chaena ka ho feletseng; ’muso oa Sechaba o se nang Bokomonisi o chechela sehlekehlekeng sa Taiwan
1950—Meferefere khahlanong le khethollo ea ’mala Afrika Boroa
1952—United States e qhomisa bomo ea pele ea hydrogen
1954—Lekhotla le Phahameng la U.S. le phatlalatsa hore khethollo ea ’mala likolong e hlakotsoe molaong
1957—Soviet e romella sefofa-sebakeng sa pele sa Sputnik 1
1958—Mokhatlo oa Moruo oa Linaha tsa Europa (’Maraka oa Naha) o qalisa ho sebetsa
1959—Rokete ea Soviet e fetisetsa litšoantšo tsa khoeli lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Katleho ea kamorao ho ntoa e tliselitse malapa a mangata matlo a matle le likoloi tse ncha
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
H. Armstrong Roberts