‘Liphetoho Tse Khōlō ka ho Fetisisa’
“Lekholo la bo20 la lilemo le bile le liphetoho tse khōlō le tse pharaletseng ka ho fetisisa ho feta lekholo leha e le lefe la lilemo paleng ea motho.”—The Times Atlas of the 20th Century.
HA BA hlahloba lekholo la bo20 la lilemo, ha ho pelaelo hore ba bangata ba tla lumellana le Walter Isaacson, mohlophisi ea ka sehloohong oa makasine ea Time, ea ileng a re: “Ha makholo a lilemo a ntse a feta, lena e bile le tsotehang ka ho fetisisa: le hlasimollang, ka linako tse ling le tšosang, le hlollang kamehla.”
Gro Harlem Brundtland, eo e kileng ea e-ba tona-khōlō ea Norway, ka ho tšoanang o bolela hore lekholo lena la lilemo le ’nile la bitsoa “lekholo la lilemo la maemo a feteletseng, . . . leo ho lona boitšoaro bo hlephileng ba batho bo fihlileng bohōleng bo ke keng ba lekanngoa.” O bolela hore e bile “lekholo la lilemo la tsoelo-pele e khōlō [’me libakeng tse ling la] khōlo ea moruo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng.” Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, libaka tse futsanehileng tsa litoropo li tobane le bokamoso bo lerootho ba “sepenya sa baahi le ho ata ha mafu a amanang le bofutsana le tikoloho e kotsi bophelong.”
Merusu ea Lipolotiki
Ha lekholo la bo20 la lilemo le qala, lesika la borena la Chaena la Manchu, ’Muso oa Ottoman, le mebuso e ’maloa ea Europe li ne li laola karolo e khōlō ea lefatše. ’Muso oa Brithani feela o ne o nkile kotara ea lefatše ’me o busa hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bane lefatšeng. Nako e telele pele lekholo lena la lilemo le fela, mebuso ena kaofela e ne e se e le pale feela e libukeng tsa histori. The Times Atlas of the 20th Century e re: “Ka 1945 mehla ea puso ea tlatlapo e ile ea fela.”
Ho fela ha puso ea bokolone ho ile ha lumella hore leqhubu la bochaba le ileng la fiela Europe pakeng tsa lekholo la bo17 le la bo19 la lilemo le fetele likarolong tse ling tsa lefatše. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše moea o matla oa bochaba o ile oa kokobela lichabeng tse ngata tsa Europe . . . Leha ho le joalo, moea oa bochaba o ile oa eketseha ka sekhahla Asia le Afrika, lebaka le ka sehloohong e le ho loantša puso ea bokolone.” Qetellong, ho ea ka The Collins Atlas of World History, “Linaha tse Fokolang Moruong li ile tsa hlahella liketsahalong tsa histori, ’me mehla e ileng ea qala lilemong tse makholo a mahlano pele ka ho qaleha ha katoloso ea Europe joale e ne e fihlile qetellong.”
Ha mebuso e ntse e oa, lichaba tse ipusang li ile tsa hlahella—bongata ba tsona li sebelisa puso ea sechaba ka sechaba. Hangata, puso ea sechaba ka sechaba e ne e thulana le khanyetso e matla, joaloka ea mebuso e matla ea bohatelli ea Europe le Asia nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Mefuta ena ea puso e ne e khina bolokolohi ba batho ’me e laola ka thata tsamaiso ea moruo, mecha ea phatlalatso le mabotho a hlometseng. Boiteko ba eona ba ho busa lefatše bo ile ba qetella bo emisitsoe, empa ka mor’a tahlehelo e khōlō ea chelete le bophelo ba batho.
Lekholo la Lilemo la Ntoa
Ha e le hantle, ntho ea sehlooho e arolang lekholo la bo20 la lilemo ho makholo a mang kaofela a fetileng a lilemo ke ntoa. Mabapi le Ntoa ea I ea Lefatše, rahistori oa Mojeremane Guido Knopp oa ngola: “La 1 August, 1914: Ha ho motho ea neng a lebeletse hore lekholo la bo19 la lilemo, le neng le ile la fa batho ba Europe nako e telele ea khotso, le fele letsatsing leo; ’me ha ho motho ea ileng a hlokomela hore ha e le hantle lekholo la bo20 la lilemo le ile la qala ka nako eo—ka nako ea ntoa e ileng ea kupa ka lilemo tse mashome a mararo ’me ea bontša seo batho ba ka se etsang ho batho ba bang.”
Hugh Brogan, eo e leng moprofesa oa histori, o re hopotsa hore “liphello tseo ntoa eo e bileng le tsona ho United States e bile tse matla haholo, tse tšosang, ’me li ntse li utloahala esita le kajeno [ka 1998].” Moprofesa oa histori Univesithing ea Harvard, Akira Iriye, o ile a ngola: “Ntoa ea Pele ea Lefatše e bile phetoho e khōlō ka litsela tse ngata historing ea Asia Bochabela le United States.”
Ka ho utloahalang, The New Encyclopædia Britannica e qolla ntoa ea pele le ea bobeli ea lefatše e le “phetoho e khōlō historing ea lekholo la bo20 la lilemo lipolotiking tsa lefatše.” E bolela hore “Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea lebisa ho oeng ha masika a maholo a mane a borena . . . , e ile ea fella ka Phetohelo ea Mabolshevik Russia, ’me . . . e ile ea rala motheo bakeng sa Ntoa ea II ea Lefatše.” E boetse e re bolella hore lintoa tsa lefatše e ne e batla e le “tseo ho seng mohla ho kileng ha e-ba le tse tšoanang le tsona ka polao, thipitlo le tšenyo.” Guido Knopp le eena o re: “Sehlōhō le bobatana ba batho e ile ea e-ba tse mpe ho feta kamoo ho neng ho ka lebelloa kateng. Ka liforong . . . ho ile ha jaloa peō bakeng sa mehla eo ho eona batho ba neng ba nkoa e le thepa, eseng e le batho.”
E le ho thibela lintoa tse eketsehileng tse bakang tlokotsi joaloka tsena, ka 1919 ho ile ha thehoa Selekane sa Lichaba. Ka lebaka la ho hlōleha ha sona ho boloka khotso lefatšeng, se ile sa nkeloa sebaka ke Machaba a Kopaneng. Le hoja a atlehile ho thibela ntoa ea boraro ea lefatše, Machaba a Kopaneng a ile a hlōleha ho thibela Ntoa ea Mantsoe, eo ka lilemo tse mashome e ileng ea tlisa tšabo ea hore e ka ’na ea qetella e fetohile koluoa ea nyutlelie. Leha e le hore a ile a thibela likhohlano tse nyenyane lefatšeng ho pota, joaloka tsa Linaheng tsa Balkan.
Ha palo ea linaha tsa lefatše e ntse e eketseha, ho ile ha boela ha e-ba thata haholoanyane ho boloka khotso pakeng tsa tsona. Ha ho bapisoa ’mapa oa pele ho Ntoa ea I ea Lefatše le oa hona joale ho bonahala hore qalong ea lekholo lena la lilemo, bonyane linaha tse 51 tsa Afrika le tse 44 tsa Asia tse teng hona joale li ne li le sieo ka nako eo. Ho litho tse 185 tse teng hona joale tsa Machaba a Kopaneng, tse 116 e ne e e-s’o be mebuso e ipusang ha a thehoa ka 1945!
“E ’Ngoe ea Liketsahalo Tse Hapang Tlhokomelo ka ho Fetisisa”
Ha lekholo la bo19 la lilemo le kolumela, ’Muso oa Russia e ne e le ’muso o laolang sebaka se seholo ka ho fetisisa lefatšeng. Empa o ne o felloa ke tšehetso ka potlako. Ho ea ka mongoli Geoffrey Ponton, batho ba bangata ba ile ba nahana hore “ho ne ho hlokahala phetoho e khōlō ho e-na le ntlafatso.” Oa phaella: “Empa ho ile ha hlokahala hore ho be le ntoa e khōlō, Ntoa ea Pele ea Lefatše le pherekano e ileng ea latela, e le hore ho potlakisoe phetoho ea sebele e khōlō.”
Ho inkela ha Mabolshevik matla Russia nakong eo ho ile ha rala motheo bakeng sa ’muso o mocha—’Muso oa lefatše oa Bokomonisi o tšehelitsoeng ke Soviet Union. Le hoja o hlahile ntoa e kupa hohle lefatšeng, ’Muso oa Soviet Union ha oa ka oa felisoa ke ntoa. Buka e reng Down With Big Brother, e ngotsoeng ke Michael Dobbs, e bolela hore qetellong ea lilemo tsa bo-1970, Soviet Union e ne e le “’muso o moholo o entsoeng ka linaha tse ngata o neng o se o ntse o soahlamana hoo o neng o ke ke oa boela oa tsoha.”
Ho ntse ho le joalo, ho oa ha oona e bile ha tšohanyetso. Buka e reng Europe—A History, ea Norman Davies, ea hlalosa: “Lebelo leo o ileng oa putlama ka lona le ile la feta la liphetoho tse ling kaofela tse khōlō historing ea Europe,” ’me “ho ile ha bakoa ke lisosa tsa tlhaho.” Ponton o bolela hore ka sebele “ho phahama, ho tsoela pele le ho oa ha Soviet Union” e bile “e ’ngoe ea liketsahalo tse hapang tlhokomelo ka ho fetisisa lekholong la mashome a mabeli la lilemo.”
Ha e le hantle, ho oa ha Soviet Union e bile e ’ngoe feela ea liphetoho tse khōlō tsa lekholong la bo20 la lilemo e bileng le liphello tse pharaletseng. Ke ’nete hore liphetoho tsa lipolotiki ha li qale ho etsahala. Li ’nile tsa e-ba teng ka lilemo tse likete.
Leha ho le joalo, ho na le phetoho e ’ngoe e etsahalang pusong lekholong lena la bo20 la lilemo eo e leng ea bohlokoa ka ho khetheha. Hore na phetoho ena ke efe le hore na uena ka bouena e u ama joang, ho tla tšohloa hamorao.
Leha ho le joalo, a re qaleng ka ho hlahloba tse ling tsa lintho tseo saense e atlehileng ho li finyella lekholong lena la bo20 la lilemo. Mabapi le lintho tsena, Moprofesa Michael Howard o etsa qeto ea hore: “Ho ne ho bonahala eka batho ba Europe Bophirimela le Amerika Leboea ba na le mabaka ’ohle a ho amohela lekholo la bo20 la lilemo e le ho qaleha ha mehla e mecha e thabisang haholoanyane historing ea moloko oa batho.” Na tsoelo-pele ee e tla lebisa ho seo ho thoeng ke bophelo bo molemo?
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 2-7]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
1901
Mofumahali Victoria o shoa ka mor’a ho busa ka lilemo tse 64
Palo ea baahi ba lefatše ha ba le limilione tse likete tse 1,6
1914
Khosana Ferdinand oa bolaoa. Ntoa ea I ea Lefatše ea qhoma
’Musisi oa ho qetela oa Russia, Nicholas II le lelapa la hae
1917
Lenin o etella Russia pele phetohelong ea ’muso
1919
Selekane sa Lichaba sea thehoa
1929
Ho oa ha ’maraka oa matsete United States ho lebisa Ho Oeng ho Hoholo ha Moruo
Gandhi o tsoela pele ho loanela boipuso ba India
1939
Adolf Hitler o hlasela Poland, e leng ho qhomisang Ntoa ea II ea Lefatše
Winston Churchill e ba tona-khōlō ea Great Britain ka 1940
Polao e Sehlōhō
1941
Japane e hlasela Pearl Harbor ka libomo
1945
United States e lahlela libomo tsa athomo Hiroshima le Nagasaki. Ntoa ea II ea Lefatše ea lala
1946
Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se tšoara seboka sa sona sa pele
1949
Mao Tse-tung o phatlalatsa Rephabliki ea Batho ba Chaena
1960
Ho thehoa linaha tse 17 tse ncha Afrika
1975
Ntoa ea Vietnam ea lala
1989
Lerako la Berlin lea heletsoa ha Bokomonisi bo felloa ke matla
1991
Soviet Union e arohana likoto