Moputso oa Tsoelopele
“KA LEBAKA la libetsa tse kotsi tseo motho a seng a li bokeletse, batho ba kotsing ea ho tšoasoa lefatšeng lena le batho ba lona ba haelloang ke boitšoaro. Tsebo ea rōna ea mahlale e se e sentse matla a rōna a ho bo laola. Re na le bahlalefi ba bangata, le batho ba fokolang haholo ba Molimo,” ho boletse Molaoli oa Sesole Omar N. Bradley ka 1948. O tsoetse pele: “Motho o tlatselela ka bofofu lefifing la moea ha a ntse a bapala ka makunutu a kotsi a bophelo le lefu. Lefatše le finyelletse limakatso ntle ho bohlale, matla ntle ho letsoalo.”
Kajeno, hoo e ka bang lilemo tse 40 hamorao, mantsoe a hae a na le moelelo o moholoanyane. Nahana ka sena: Haeba tsoelopele ea lekholong la bo20 la lilemo e ne e lekanngoa ka liranta tse sebelisitsoeng libetseng, 1986 e ne e tla ba selemo se etsang pale. Ho lekanyetsoa hore liranta tse libillione tse 1,8 li sebelisitsoe ke lichaba lefatšeng lōhle bakeng sa libetsa. Seo se etsa “palo e phahameng haholo ea lidolara tse 1.7 [liranta tse limillione tse 3,4] ka motsotso . . . karolo ea 6 lekholong ea moruo oa sechaba,” kamoo ho tlalehang The Washington Post liphuputsong tsa eona tse iketselitsoeng ke Ruth Leger Sivard. Mokhatlo oa Liphuputso oa Lefatše o hlokometse hore litšenyehelo tsa libetsa li “etelletsoa ka pele ho lijo khoebong ea lefatše” ’me o phaella ka hore boramahlale ba 500 000 lefatšeng lohle ba tšoarehileng liphuputsong tsa libetsa ba sebelisa chelete e fetang “eohle e sebelisoang litšibollong tsa matla, ho ntlafatsa bophelo, ho eketsa tlhahiso ea lijo le ho laola tšilafalo.” Ho thahasellisang, chelete e sebelisoang ke linaha tse matla tsa lefatše e hlahisitse libetsa tse lekaneng ho bolaea batho ba tsona mohlomong ka makhetlo a leshome.
Ka ho hlakileng, ho phaellana hoa libetsa ha hoa felisa letoto la mafu a tšoenyang batho, kapa hona ho atametsa batho haufi le khotso. Ho e-na le hoo, joalokaha Molaoli oa Sesole Bradley a hlalositse lilemong tse fetileng: “Re tseba haholoanyane ka ntoa ho feta khotso, re tseba haholoanyane ka ho bolaea ho feta bophelo. Bona ke boipolelo bo khethehileng le ba tsoelopele ba lekholo la rōna la bo20 la lilemo.”