Lipolelo Tseo Kamehla li sa Tšeliseng
HAEBA u kile ua utloa bohloko bo tebileng, na ka linako tse ling u ne u utloisoa bohloko ke lipolelo tse ling tsa ba bang? Leha batho ba bangata ba bonahala ba tseba seo ba lokelang ho se bua ha ba fana ka matšeliso, batho ba bangata ba hlokahaletsoeng ba ka hopola lipolelo tse sa kang tsa ba thusa. Ursula Mommsen-Henneberger, ha a ngola khatisong ea Sejeremane ea Kieler Nachrichten, o boletse hore batsoali ba bang “ba utloa bohloko bo tebileng ha batho bao e seng litho tsa lelapa ba re: ‘Empa u ntse u na le bana ba bang, na ha ho joalo?’” O’a arabela: “Bana ba bang ba ka tšelisa, empa ha ba nke sebaka sa ea shoeleng.”
Moeletsi oa ba utloileng bohloko ba ho shoeloa, Kathleen Capitulo, o boleletse Tsoha!: “Lipolelo tse ling tse lokelang ho qojoa ke tsena, ‘Kea tseba hore na u ikutloa joang.’ ’Nete ea taba ke hore ha ho motho ea hlileng a tsebang hantle seo motho e mong a se utloang. Leha ho le joalo, u ka tiisa seo ba se utloang. U ka ba tiisetsa hore boikutlo ba bona bo tloaelehile.”
Abe Malawski “o nahana hore motho ea shoetsoeng ke ngoana o tseba hore na ho shoeloa ke ngoana ho joang. U ka ba le bana ba leshome le metso e mehlano, ’me ho ke ke ha etsa phetoho. Hoo ho ke ke ha nkela ngoana ea shoeleng sebaka,” joalokaha ho tlalehuoe bukeng Recovering From the Loss of a Child.
Tabeng ea ho senyeheloa kapa ho beleha ngoana ea khathetseng, lipolelo tse ling, tse sa haheng, leha li tsoa botebong ba pelo, ke tsena: “U tla ima hape ’me u lebale ka tsena tsohle.” “Ke hantle ha ho bile tjena. Ngoana a ka be a holofetse.” “Ke tlhohonolofatso le hoja e ne e sa iponahatsa.” Nakong e bohloko ea ho lahleheloa, lipolelo tsena, ho sa tsotellehe hore na li buuoa ka morero o motle hakae, li ke ke tsa felisa bohloko bo tebileng.
Lipolelo tsa bolumeli tse fanoang ke baruti ba bang ke tse ling tsa lintho tse halefisang batho ba shoetsoeng. Ho re ‘Molimo o ne o hloka lengeloi le leng’ ho etsa hore Molimo o bonahale o le khopo ’me ho tšoana le ho nyefola. Ho feta moo, lipolelo tse joalo ha li na tšehetso ea mabaka a utloahalang kapa a Bibele.
Na Mokreste o Lokela ho Lla?
Ho thoe’ng ka Bakreste ba shoetsoeng ke ngoana? Ka linako tse ling ba bang ba qotsa mantsoe a Pauluse ho Bathessalonika: “Le se ke la utloa bohloko joaloka batho bohle, ba hlokang tšepo.” (1 Ba-Thessalonika 4:13, New English Bible) Na Pauluse o ne a re ho fosahetse ho utloa bohloko le ho lla? Che, o ne a bolela feela hore Mokreste ea nang le tšepo ha a utloe bohloko ka mokhoa o tšoanang le oa ba hlokang tšepo.—Johanne 5:28, 29.
Ho hlakisa ntlha ena, Jesu o ile a itšoara joang ha Maria a ’molella hore Lazaro o shoele? Tlaleho e’a re bolella: ‘Jesu ha a bona [Maria] a lla, le Bajode ba mo felehelitseng ba lla, a hlabeha moeeng, a sisimoha.’ Ha a isitsoe moo monna ea shoeleng a robalitsoeng teng, ‘Jesu a lla.’ Kahoo, na ke phoso ho utloa bohloko ka baka la ho shoeloa? Na ho bontša ho haelloa ke tumelo tšepisong ea Molimo ea tsoho ea bafu? Che, ho e-na le hoo, ho bontša lerato le tebileng ho motho ea shoeleng.—Johanne 11:30-35; bapisa Johanne 20:11-18.
Katamelo e ’ngoe e ka ’nang ea khathatsa ke ea ho nyenyefatsa boemo ha u leka ho tšelisa ea shoetsoeng, ‘Nako ke mofolisi e moholo.’ Hape, qoba potso ena, “Na u qeteletse u lebetse?” Joalokaha ’mè e mong oa Brithani a boletse: “Batho ba botsang, ‘Na u qeteletse u lebetse?’ ha ba hlile ha ba utloisise hore na ho lahleheloa ke e mong ea haufi-ufi joalo ka ngoana ho joang. Re ke ke ra lebala ho fihlela re mo fumana hape tsohong ea bafu.” Mohlomong poleloana ea Shakespeare e hlalosa hantle ha e re: “E mong le e mong a ka hlōla bohloko ba ho shoeloa empa ke ea utloang bohloko boo.”
Ka linako tse ling ntate o fetoha mohlaseluoa oa boikutlo bo sa nahaneleng. Ntate e mong ea hlokahaletsoeng o ile a halefa ha batho ba botsa: “Mosali oa hao o ntse a ea joang? U ke ke oa utloa ba botsa hore na monna o ntse a ea joang. . . . Ho fosahetse, ha se hantle. Monna o ikutloa joaloka mosali oa hae. Le eena o utloa bohloko.”
Na ‘Ke Nku, ha a Lle’?
Lithuto tse ngata tsa setho li ruta hore banna ha ba lokela ho bontša maikutlo a bona le bohloko ba ho shoeloa empa ba re ‘monna ke nku, ha a lle.’ Mongoli oa lithothokiso oa lekholong la bo18 la lilemo oa Lenyesemane Oliver Goldsmith o buile ka “bokhabane ba monna ke ho se utloe bohloko.” Empa na ho se lle ke tsela e molemo ea ho hlōla bohloko?
Bukeng ea hae The Bereaved Parent, mofumahali Harriet Sarnoff Schiff o qotsa mohlala oa monna oa hae: “Monna oa ka, o ne a shebile ha ngoana oa hae a patoa ’me a khomarela molao ea setho, ‘monna ke nku, ha a lle.’” O’a phaella: “O ile a leka ka hohle ho thibela likhapa. Ha motsotso o ntse o ja babeli, ho e-na le hore a tsoe bohlokong ba ho shoeloa, a ’na a tetebela masoabing.”
Monna o hlalosa maikutlo a hae, ’me mohlomong ba bang ba tla lumellana le eena. “Ke ikutloa eka ke tsamaea lehloeng la Arctic. Ke khathetse haholo. Kea tseba hore ha nka paqama fatše ho phomola ke tla robala. Kea tseba hore ha nka robala ke tla hatsela ho fihlela ke bolaoa ke lehloa. Ha ke sa khathalla hore ho etsahala eng. Ha ke sa khona ho loantša mokhathala oa ka.”
Kahoo, keletso ea Harriet Schiff ke efe? “Lebala tsohle le thuto eo ea setho ea boholo-holo ’me u lle. Lumella likhapa ho tsoa. . . . Li thusa ho felisa masoabi.” Bangoli ba Surviving Pregnancy Loss ba fana ka keletso e sebetsang ho banna le basali: “Ho ba mohale ho ka ratoa haholo ke ba bang, empa ke feela ka ho loana le bohloko motho a qetellang a lokolohile ho bona.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ho seng joalo, ho na le kotsi ea ho boela morao ho se bitsoang ka hore ke “ho utloa bohloko ho sa lekanang,” boemo boo bo ka ’na ba e-ba le liphello tse kotsi lilemong tse tlang.
Bohloko bo sa lekanang ke bohloko bo sa fellang, ha motho a khina boikutlo ba ho lla ho e-na le ho bo lumella ho tsoa. Bo ka ipontša bonyane ka litsela tse tharo—masoabi a hateletsoeng, a khutliselitsoeng morao, le a sa feleng. Ke’ng se ka etsoang ho thusa?
Keletso ea litsebi tsa molao e ka hlokahala. Ngaka ea lelapa e fanang ka tšehetso kapa moeletsi oa moea e ka ba thuso. Litho tsa lelapa tse fanang ka tšepo le tsona li ka thusa. Motho o hloka thuso hore a fete bohlokong ba ho shoeloa.
Ke ka lebaka leo Jess Romero a lumelang hore o ile a lla phatlalatsa lefung la morali oa hae le mosali kotsing ea sefofane. O boleletse Tsoha!: “Kamor’a libeke tse seng kae likhaitseli tsa ka li ile tsa ntlosa sepetlele ’me tsa nkisa lapeng, ha ke kena, ka bona setšoantšo sa morali oa ka leboteng. Molamo oa ka o ile a bona hore se nkamile ’me a re, ‘U se tšabe, lla.’ Ka fela ka lla. Ka tseba ho tlosa bohloko bo bong boo ke neng ke bo koaletse ka hare.”
Leha mokhoa oa ho utloa bohloko o tseba ho folisa bo bong ba bohloko, ho na le tharollo e le ’ngoe feela e sa feleng bakeng sa batho ba bangata ba shoetsoeng—ho bona baratuoa ba bona hape. Kahoo, na ho na le tšepo bakeng sa bafu? Na ho tla ba le tsoho ea bafu? Ka kōpo bala sehlooho se qetellang letotong lena.