Tšepo Bakeng sa Bafu, Matšeliso ho ba Utloang Bohloko
JESS Romero, ea qotsitsoeng sehloohong sa rōna sa pele, o qetelletse a nyetse hape. Ha e le Agustín le Valentina Caraballoso, lefu la Jonathan le ntse le ba utloisa bohloko, empa khotso e teng. Ramón le María Serrano ba Spain ba ntse ba itšela ka likhapa lilemo tse 24 kamor’a lefu la Paquito. Empa mehlaleng ena kaofela, ke’ng se ba thusitseng ho tsoela pele? Ba araba: “Tšepo ea tsoho!”
Empa re bolela eng ka “tsoho”? Ke bo-mang ba tla tsosoa? Neng? ’Me re ka kholiseha joang?
Tšepo Bakeng sa Bafu—Joalokaha Jesu a Rutile
Tšebeletsong ea hae lefatšeng, Jesu o ile a tsosa batho ba bangata. (Mareka 5:35-42) Sena se sebelelitse e le pontšo ea tsoho e khōlō ea bafu e tla etsoa lefatšeng tlas’a puso ea Molimo, joalokaha e le kōpo ea ba limillione ha ba rapela: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.
Mohlala oa matla a Molimo tabeng ena o bonahetse ha Jesu a tsosa motsoalle oa hae Lazaro. Ka nako e tšoanang, tlaleho e hlakisa boemo ba bafu. Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Lazaro motsoalle oa rōna, o robetse; empa kea mo tsosa borokong.” Barutuoa, ba sa utloisise se boleloang, ba re: “Morena, ha a robetse, o tla fola.” Ba ne ba nahana hore o re Lazaro o mpa a ithobaletse, ha bonneteng, a ne a shoele. Ke ka lebaka leo Jesu a sa kang a siea pelaelo: “Lazaro o shoele.”
Hlokomela, hore Jesu ha a bue ka moea leha e le ofe o sa shoang o fetelang boemong bo bong kapa sebakeng se seng. O ne a sa susumetsoe ke litumelo tsa Bagerike empa ke thuto e hlakileng ea Bibele e Mangolong a Seheberu. Lazaro o ne a robetse lefung ha Jesu a fihla, ’me o ne a se a bile lebitleng ka matsatsi a mane. Ka hona, ke tšepo efe e neng e le teng bakeng sa hae?
Ha Jesu a bua le Maretha, khaitseli ea Lazaro, o mo boleletse: “Khaitseli ea hao o tla tsoha.” O ile a arabela joang? Na o ile a re moea oa hae o se o ile leholimong kapa sebakeng se seng? Karabelo ea hae e bile ena: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo.” Hape o ne a lumela lithutong tsa Bibele tsa ho tsosetsoa bophelong lefatšeng. Jesu a mo fa lebaka le leholo la tumelo, ha a re: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.” Joale, ho pakela ntlha ea hae, a ea lebitleng la Lazaro ’me a hoa ka lentsoe le leholo: “Lazaro, tsoa moo!” Ho ile ha etsahala’ng?
Tlaleho ea histori e re: “Eaba mofu o tsoa a thatiloe matsoho le maoto ka masela, a khurumelitsoe sefahleho ka tuku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.”—Johanne 11:1-44.
Mona ho na le tšepo e thusitseng ba bangata ba shoetsoeng bao Tsoha! e buisaneng le bona. Tšepo e tšoanang e ba matlafalitse ho talima bokamosong bo haufi ha lefatše le tla be le entsoe paradeise e nchafalitsoeng ’me mantsoe a fanang ka tšepo a Jesu a tla phethahatsoa: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 5:28, 29.
“Lengolo leo ke le Ratang Haholo . . . ”
Tsoha! e bile le lipuisano le batsoali le bana mabapi le ho hlokahala ha ngoana lapeng.a Nako le nako, ha ba hlalosa kamoo ba mamelletseng bohloko ba bona kateng, ba itse: “E re ke u bolelle lengolo leo ke le ratang haholo.” Ha u utloile bohloko ba ho shoeloa, mohlomong le uena mangolo ana a ka u thusa.
Yunhee ea lilemo li 14, oa Seoul, Riphabliki ea Korea, o bolailoe ke lefu la mali ka 1985. Ntat’ae, Chun Kwang-kook, o hlaloselitse Tsoha! kamoo a ileng a tšelisa Yunhee libekeng tse qetellang tsa bophelo ba hae: “Ke mo boleletse ka Lazaro. Jesu o itse Lazaro o robetse, ’me joaloka eena, ha Jesu a bitsa, ‘Yunhee! Tsoha!’ u tla tsoha borokong.”
Janet Hercock, oa Engelane, o ne a le lilemo li 13 ha a bolaoa ke kankere ka 1966. O ile a siea batsoali ba hae le baena ba babeli, David le Timothy. David o boleletse Tsoha! lengolo le mo thusitseng haholo: “Ke Liketso 17:31, le reng: ‘Hobane [Molimo] o beile letsatsi le le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.’ Lepatong, sebui sa hatella hore tsoho ea Jesu ke tiiso ea tsoho ea kamoso. Ona ebile mohloli o ’matlafalitseng haholo.”
Ka Tšitoe, 1975, George e monyenyane, ea nang le lilemo tse 14 feela, o ile a nka sethunya sa ntat’ae ’me a ithunya. Russell, ntat’a George, o ile a talima ho ipolaea ha mora joang?b
“Mangolo a mang a ile a tšoana le ankora ho ’na. Ka mohlala, mantsoe a ho Liproverbia 3:5: ‘U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao.’ Ka tekanyo e itseng ke ne ke tšepa hlalefo ea ka ka ho leka ho khomarela ho se etsahetseng.”
Lelapa la Morgan, Engelane, le ne le le Sweden ha ka tšohanyetso mora oa bona Darrall a hlaseloa ke ho kula. A isoa sepetlele Stockholm moo a ileng a buuoa kapele-pele. Qetellong a isoa Engelane ka sefofane, ’me a shoa pele a tšoara selemo sa hae sa bo24. ’M’ae Nell o re: “Lengolo le leng leo ke ileng ka le hopola haholo ke Mattheu 22:32, moo Jesu a qotsitseng Molimo o re: ‘’Na, ke Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo.’ ’Me o tsoetse pele: ‘Molimo hase Molimo oa bafu, empa ke oa ba phelang.’ Kea tseba hore mantsoe ao a bolela hore Darrall o teng mohopolong oa Molimo ’me o tla khutla tsohong ea bafu.”
Tšepo Bakeng sa Bafu—Haufinyana e tla Phethahatsoa
Boprofeta ba Bibele bo bontša hore re haufi le nako eo Molimo o tlang ho nka bohato ho khutlisetsa khotso le bophelo bo sa feleng ho batho ba mamelang. Molimo oa tšepisa: “Ke tla fetola masoabi a bona thabo, ke ba tšelise, ke ba thabise bakeng sa bohloko ba bona.” “Khanna lentsoe la hao, u se ke ua lla, le mahlo a hao a se ke a tšolla meokho, hobane mosebetsi oa hao o tla ba le moputso, ho bolela Jehova, ’me ba tla khutla lefatšeng la sera [lefu].”—Jeremia 31:13-17.
Nakong eo Jehova o tla tsoela pele ho khutlisetsa bophelong ka tsoho ba ileng ba shoa historing eohle ea motho. Ka tlas’a puso ea leholimo ea tsamaiso e ncha ea Molimo, ba tla ba le monyetla oa ho khetha bophelo bo sa feleng ka ho mamela melao ea Molimo bakeng sa bophelo ka nako eo. Ke ka lebaka leo, ha re bula Bibeleng, re tlang ho fumana hore ho na le tšepo ea ’nete bakeng sa bafu le matšeliso ho ba phelang.—Liketso 24:15; Tšenolo 20:12-14; 21:1-4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokollo e latelang ea Tsoha! e tla bontša boitšoaro ba bana ha ho hlokahala ngoana lapeng.
b Tokollo e latelang ea Tsoha! e tla hlalosa taba ea ho ipolaea le bohloko ba batsoali.
[Lebokose le leqepheng la 14]
Diane Krych, ea phetang lefu la mora oa hae David sehloohong sa rōna sa bobeli, o fetile bohlokong bo sa tloaelehang le boitšoarong ba ho latola lefu la mora oa hae. Sena se paketsoe ke mangolo ao a a ngoletseng David, o a bolokile lilemo tse 13. O ile a emisa ho ngola ha a talimana le boemo ba sebele ba lefu la ntat’ae, eo a neng a mo hlokometse. (Tsoha! ha e buelle ho ngola mangolo e le mokhoa oa ho itšelisa. Leha ho le joalo, re qotsa lengolo la pele ho bontša kamoo tšepo ea tsoho e bileng ankora ea hae ea tšireletso ’me e mo matlafalitse ho tloha nakong eo.)
David ea Ratehang,
E se e le matsatsi a 46 u robetse joale. Eka ke lilemo hoba ke u bone le ho u kopa ka liatleng tsa ka. Empa matsatsi a ho robala ha hao a khutsufalitsoe. Ke rata eka nkabe ke tseba palo ea ’ona hore ke tlose letsatsi ka leng. Ho rōna eka ke ho leta ho holelele, ho boima, ho bolutu, empa ho uena ho tšoana le metsotso e seng mekae. Ke lebohela seo. Re talimile letsatsing leo Jehova a tlang ho u tsosa borokong ba hao tsamaisong e ncha. Re tla etsa mokete oa semetlehali. O tla nka bonyane matsatsi a mararo. Re tla mema bohle bao re ba tsebang. E tla ba mokete oa hao. Ke tšepa hore re ke ke ra leta nako e telele. Ke hlolohetse ho u tšoara ka liatleng tsa ka, David. Kaofela re u hopotse haholo. Ho bolutu ha u le sieo. Lintho li tla khutlela malulong ha u khutlela lapeng.
Ka lebaka leo, mora oa ka ea ratehang, re tla leka ho ba le mamello ’me re letele Jehova bakeng sa ho khutla ha hao, ’me khabareng, re tla leka ho u ngolla lintlha tse nyenyane ho u bea nakong ka se etsahalang ha u ntse u robetse.
Ka litumeliso tse lerato,
’M’ao
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Bibele e tšepisa hore bafu, joaloka Maria le David, ba tla tsosoa