Bok’hatholike Linaheng Tse Fokolang Moruong—Bo Tsitsitse Hakae?
Ka mongolli oa Tsoha! Mexico
“BAKRESTE BOHLE ke barutuoa ba motšoaruoa oa lepolotiki ea bolaetsoeng sefapanong.” ‘Mopapa John Paul II ke mopapa ea chesehang lipolotiking eo re kileng ra mo bona!’ “Ho ke ke ha etsahala hore re phelele tumelo ea rōna ntle ho lipolotiki.” Tsena e mpa e le tse ling tsa lipolelo tse ngata tse tsosang tsekisano tse boletsoeng ke baruti ba Bok’hatholike sebokeng se neng se tšoaretsoe Motseng oa Mexico ka Tšitoe 1986.
Sebokeng sona seo, bamameli ba bang ba ne ba sa lumellane le libui. Ba bang ba qala ho etsa lerata ho sireletsa Kereke e K’hatholike, ha ba bang ba ne ba lumellana le baruti ba etileng. Ba bang ba ne ba thotse—ba ferekane ha ba bona bosieo ba bonngoe. Ho emisa mofere-fere oo, moprista Bonganjalo Goba oa Afrika Boroa a hoeletsa: “Banab’eso, ho bonahala e ka re loana ntoa ea Mak’hatholike le Mak’hatholike!”
Ke hobane’ng ha ho ne ho etsahala ntho e joalo? Ho ne ho tsekoa eng?
Tseko
Sehlooho sa seboka e ne e le mosebetsi oa mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho—ntoa, e tšehetsoang ke baprista le baruti lefatšeng ka bophara, ho lokolla bahloki le batho ba hateletsoeng ba linaha tse fokolang moruong “bokhobeng ba barui ba qhekellang le ba ithuisang ka bona.”
Le hoja ba bang ba bitsa bohato boo phetohelo, ba bang ba bo bitsa ‘pontšo e ncha ea Kereke ea Roma e K’hatholike.’ Sebokeng sa bobeli sa Babishopo ba Latin America, toropong ea Medellin, Colombia (1968), ho boletsoe hore bomalimabe ba batho ba linaha tse fokolang moruong bo bakoa ke “tsamaiso ea sebe” le hore, ho latela Kreste, kereke e lokela “ho khetha ho ema le bahloki.” Empa seo se ka akarelletsa eng?
Moprista oa Brazil oa K’hatholike Leonardo Boff oa hlokomelisa, joalokaha ho tlaleha koranta ea Motse oa Mexico, hore “haeba batho bohle ba sa hlokomeloe bohle, khetho feela e setseng ke ho sebelisa pefo” le hore ho sebelisa pefo ho joalo “hoa lōkafatsoa haeba litokelo tsa motheo tsa batho li hlompholloa.” E, Boff, hammoho le babuelli ba bang ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho bakeng sa lichaba tsa linaha tse fokolang moruong, ba lumela hore botšosi, liphetohelo tsa ’muso, le ntoa mohlomong lia hlokahala bakeng sa ho imolla bahloki “mahlomoleng” a bona.
Leha ho le joalo, makasine oa Newsweek o oa tlaleha, “mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho o na le tšusumetso e matla ea ho qabanya batho ba Roma e K’hatholike.” Sena se ile sa totobala sebokeng se neng se tšoaretsoe Motseng oa Mexico. Empa u lumela eng? Na mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ke karabo? Ebang o Mok’hatholike ea tšepahalang kapa o motho oa bolumeli bo bong, ho tseba litšekamelo tsa Kereke e K’hatholike linaheng tse fokolang morung ho tla u ruisa molemo joang?