Qaka Bakeng sa Mak’hatholike a Tšepahalang
Ka 1984 Vatican e ile ea ntša taelo e nyatsang mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho, ’me Leonardo Boff, moruti e mong oa K’hatholike ea “tsositseng khang e khōlō” o ile a “thibeloa ho ruta” ka selemo se le seng—kotlo e beiloeng ke kereke e neng e mo thibela ho phatlalatsa kapa ho fana ka maikutlo a hae lipuisanong kapa ho tsebahatsa thuto ea hae e belaetsang ea bolumeli ka tsela leha e le efe.
Empa ka 1986, khoeli pele ‘selemo sa thibelo,’ se fela, Boff o ile a tšoareloa ’me ka hona a lokolloa. Instruccion Sohre Lihertad Cristianay Liberación (Taelo Tokolohong ea Bokreste) e ile ea romeloa e bontša hore “molao o amohela ka ho feletseng hore batho ba hateletsoeng ke barui kapa mapolotiki ba lokela ho nka bohato bo loketseng ba boitšoaro.” “Ntoa ea libetsa” e amohetsoe e le “boitšireletso ba ho qetela.” Na kereke e ne e lokisa liphoso tsa eona?
E seng ho ea ka mongoli oa taelo e ncha, Joseph Cardinal Ratzinger, oa Phutheho e Halalelang ea Vatican bakeng sa Lithuto tsa Tumelo. “Taelo ea pele ha ea felloa ke bohlokoa ba eona. Lengolo la bobeli la bopaki le a tlatsetsa,” o boletse joalo. Empa ba bang, joaloka batlalehi ba likoranta, ba hlalosa taelo ea bobeli e le “boemo bo bocha bakeng sa ‘mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho.’” Hobane’ng ho e-na le phapano?
Tlhaloso e batsi ea taelo e ncha hangata e ka beoa ka litsela tse fapaneng. Ka mohlala, e tlaleha hore “baruti ha ba lokela ho kenya letsoho ka ho toba ho hlonngoeng ha lipolotiki le bophelong ba sechaba.” Joalokaha makasine oa Newsweek o hlalositse ka bohlale: “Puo ea mofuta ona e fana ka sebaka bakeng sa baruti ba bohlale ... ho tsamaisa lintho ka kutloisiso ea bona.”
Tlaleho e ’ngoe e bolela hore ‘e mong le e mong ka kerekeng a ka fumana ntho eo a ka itšoarelang ka eona.’ Babuelli ba tokoloho ba kang Gutiérrez foa ka re “mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ke letšoao la linako Latin America, ’me le kereke e bona litaba joalo,” le hoja Mok’hatholike ea khomaretseng lineano a thabela hore kereke e ntse e “hanyetsa tsamaiso ea bokomonisi ea Marx ka ho thibela tokoloho ea batho.” Leha ho le joalo, likhopolo tse fapaneng tsa thuto ea kereke mabapi le mokhatlo oa tokoloho oa bolumeli li hohlana le moetlo oa kereke ’me ka baka leo li tsoela pele ho qabanya batho ba Roma e K’hatholike.
Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o eletsa Bakreste ba ’nete: “Lokisang liphapang tse pakeng tsa lōna, ’me ho ena le ho se lumellane har’a lōna, ... kopanang ... tumelong le liketsong tsa lōna.” “Kopanang litumelong tsa lōna . . . ka morero o le mong le kelello e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 1:10; Ba-Filippi 2:2)a U lumela eng? Na batho ba Roma e K’hatholike ba ‘kopane litumelong tsa bona’?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolo a qotsitsoeng a tsoa ho Jerusalem Bible ea K’hatholike.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na kereke ena e ‘kopane litumelong tsa eona’?
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea UN