Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho—Na o Tla Thusa Bahloki?
Batho ba limillione ba ‘lulang matlung a lithupa le a litšila ba sebetsa ka thata bakeng sa litlhoko tsa bophelo feela: ba roalla metsi; ba tsamaea ka maoto, ka lipere, ka likoloi tsa lipholo; ba ja reisi, linaoa, le lipanana. Le hoja naha e ba potolohileng e ruile, ba tseba hore kamehla ho tla etsahala hore ba lule ba hloka. ’Me ho tsoa bohloking bona, ho tsoa khohlanong ena, ho tsoa mofuteng o mobe ka ho fetisisa oa khatello, mofuta o mocha oa “kereke ea boholo-holo” o hlahile.’—The Christian Century.
“BOKAMOSO ba kereke bo bonahala bo le matsohong a bahloki.” Ke kamoo makasine oa Newsweek o tlalehang. Ba bang ba lumela hore mohlomong “kereke ena e ncha” e sebeletsang tokoloho ke “tšepo feela e molemohali” bakeng sa bahloki le hore e tla tlisa phetoho e nang le khotso linaheng tsa bona. Na ho joalo?
Pele, a re hlahlobeng mokhatlo oa bolumeli oa bolumeli oa tokoloho ho ea ka pono ea motšehetsi oa ’ona. Hobane’ng ha ka linako tse ling ho nahanoa hore ntoa ea libetsa e-ea hlokeha ho lokolla bahloki? Ke maemo afe a boletsoeng a lōkafatsang mokhatlo oa tokoloho oa bolumeli?
Bohloki le Khatello
Batho ba etsang likarolo tse peli ho tse tharo tsa baahi ba lefatše—haholo-holo Latin America, Afrika le Asia—ba phela bohloking ba bojalikata, ’me litlaleho tsa pefo ea lipolotiki ho tsoa linaheng tsena li tloaelehile. Bohloki, ho tšoenyeha, le bokhoba kamehla e ’nile ea eba tsela ea bophelo ba “batho ba bang ba hateletsoeng.” Litlaleho tse ling ke tsena:
◻ Moruti oa mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho Brazil Leonardo Boff o boletse hore naheng ea hae “mofutsana o bolaoa lihoreng tse ling le tse ling tse 22.”
◻ “Nicaragua e leka ho susumelletsa sechaba ho thahasella batho ba hatelletsoeng—ba etsang karolo ea 80 lekholong.” Leha ho le joalo, ho tlalehiloe hore moruo oa naha o fetang karolo ea 40 lekholong o sebelisoa sesoleng.
◻ Ho ea ka El Universal ea letsatsi le letsatsi ea Motse oa Mexico, batho ba limillione tse 40 ba phela bohloking ka lebaka la “ho hloka toka ha sechaba.” Ho boleloa hore batho ba etsang karolo ea 40 lekholong ba khoahlapisa “bohojana ba letsatsi feela,” ha karolo ea 18 lekholong e fumana “lijo tse lekaneng.”
◻ Tlaleho e ’ngoe Guatemala, e bolela hore karolo ea 80 lekholong ea mobu e laoloa ke baahi ba etsang feela karolo ea 2 lekholong. Karolo ea 81 lekholong ea bana ba ka tlaase ho lilemo tse 5, e kulisoa ke phepo e mpe. Ka lilemo tse 30 tse fetileng, ho bile le liketso tse 100 000 tsa pefo ea lipolotiki le liketso tse 38 000 tsa ho koetela.
◻ Philippines, karolo ea 2 lekholong ea baahi e laola karolo ea 75 lekholong ea maruo. “Haeba re sa rarolle sena,” ho rialo moitlami oa Philippines Mary John Mananzan, “ha ho letho leo re tla le rarolla le ka mohla!”
Ho boleloa hore linaheng tse ngata batho ba phela tšabong e khōlō ea balaoli, masole ao e seng a molao, le mekha e inkelang molao matsohong. Ba likete ba balehetse linaheng tse haufi.
Ke ka lebaka leo baruti ba K’hatholike ba “emelang bahloki.” “Re utloile ho hongata ka batho ba ipolelang libe, baroetsana le baprofeta,” ho rialo Boff, empa “ho thoe’ng ka bahloki le basebetsi?” Leha ho le joalo, ke eng seo baruti ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ba se buellang ho rarolla bothata bona? ‘Ho emela bahloki’ ho bolela eng?
Ntoa ea Linaha tse Fokolang Moruong
“Bohloki bo tsoaloa ke leeme,” ho bolela baruti ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho. Kahoo, “ho khetha ho ema le bahloki” ke ho “ba thusa ho batla bophelo bo hlomphehang boo ba nang le tšoanelo ea bona.” Bukeng ea hae The Power ofthe Poor in History, Gustavo Gutièrrez oa Peru, ea talingoang e le ntate oa mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho, o boletse hore “kajeno ho feta leha e le neng pele, ke ha bohlokoa ho ema lehlakoreng la ba hanang, ba loanang, ba lumelang le ba nang le tšepo.” Empa ho ea ka baruti ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho, hona ho ka etsahala feela ka “ho susumetsa toka ea sechaba ka liphetoho tse tebileng tsa khahisano.” Ke joang hona ho ileng ha etsoa libakeng tse ling tsa lefatše?
◻ Haiti, ho boleloa hore Kereke e K’hatholike e thusitse ho liha “puso ea bompoli” ea Duvalier.
◻ Ho tlalehiloe hore Jaime Cardinal Sin oa Manila o entse “ho fetang motho leha e le ofe Philippines ho liha puso ea bompoli ea Ferdinand Marcos.”
◻ Bonganjalo Goba oa Afrika Boroa o itse: ‘Phihlelo ea rōna ke ea batho ba fihlang ba fihlileng ba tšoere Bibele ka letsoho le leng anthe ka ho le leng ba tšoere sethunya, ba tšepisa ho hahela Molimo kereke haeba re ba fa naha.’
Empa bohloki ke bo bong feela ba mathata. Ho se tsebe ho bala le ho ngola, ho se hiroe, tlala, le ho kula ke liphello tsa tsamaiso e mpe ea khahisano le moruo linaheng tse ngata. Kahoo, bahloki le ba hateletsoeng ba busetsa molamu sefateng.
Leha ho le joalo, ke joang baruti ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho, joaleka Gutièrrez le Boff, ba beang mabaka a Bibele tabeng ena?
Baruti ba Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho le Bibele
“Tokoloho ke karolo ea bohlokoa ea Bibele” ho hlalosa moprista oa K’hatholike oa Korea Boroa Augustine Ham Sei Ung. Empa ho e hlalosa, Gutiérrez o boletse hore “histori . . . e lokela ho baloa hape ho nahannoe ka bahloki.”
Ka baka leo, baruti ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ba bolela hore litlaleho tse itseng tsa Bibele, joaloka “tokoloho ea Iseraele,” ke liketso tsa lipolotiki. “Molimo . . . o itšenola ka . . . ‘bahloki’ le ‘mafutsana,’” ho rialo Gutiérrez. Kahoo “haeba kereke e lakatsa ho tšepahala ho... Molimo.., e tlameha ho italima ho tloha boemong bo tlase, ho tloha har’a bahloki ba lefatše lena.” Kahoo, “lerato la Molimo ho batho ba oona,” ba bea mabaka, “le ka bonahatsoa ka lipolotiki” le kajeno.
Baruti ba mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ba ikutloa joang ka kamano pakeng tsa Bibele le lipolotiki? Leonardo Boff o hlaloselitse mongolli oa Tsoha! hore “hase mosebetsi oa Bibele ho susumetsa mekhoa le khetho ea lipolotiki, ho ena le hoo, Bibele ke mohloli oa tšusumetso ha ho batluoa likamano tse eketsehileng tse lokileng bakeng sa batho.” Leha ho le joalo, liphello tsa ho kopanela ha baruti liphetohong tsa sechaba tsa khahisano ebile life?
Hangata pefo e lebisa lefung. ’Nete e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke hore baruti ba ’nile ba itšunya lipolotiking tsa lefatše ka bolokolohi bo boholo ka makholo a lilemo a fetileng. Ba entse setsoalle le marena a lefatše le bompoli kapa babusi ba phahameng ba likhorane ba ileng ba hatella batho ba futsanehileng. Ka baka leo, ba bangata ba ile ba shoa.
Na ke “Khetho” e Ntle?
“Mekha ea tokoloho” ea kajeno ha se mekhelo. Le eona e lebisitse mafung a mangata. Joaleka ha Gustavo Gutiérrez a lumela: “Kajeno, tlala le tšenyo tse ntseng II mpefala, le ho lelekoa naheng le botšoaruoa..., tlhokofatso le lefu . . . , ke liphello tsa ho rabela khatellong ea mebuso.”
Ka sebele, ha ho thuto ea batho ea bolumeli e ka felisang ho tsieleha ha batho. Ha feela meharo le lehloeo li ntse li le teng, ho tla ’ne ho be le tlhoko ea ho hong ho molemonyana. Empa na ho na le khetho e molemonyana bakeng sa bahloki?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
“Ke ha bohlokoa ho ema ka lehlakoreng la ba hanang, ba loanang, ba lumelang le ba tšepang.”—Gustavo Gutiérrez