Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 2/8 maq. 24-29
  • Ho Tšepa Hoo le Kamohla ho ke Keng ha Eka Motho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšepa Hoo le Kamohla ho ke Keng ha Eka Motho
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšepa Jehova ho Bontšitsoe ke ba Bileng Teng
  • Ho Tšepa Jehova bo Bolela bo Tšepa Litekanyetso tsa Hae
  • Kananelo e Bontšitsoe Bakeng sa Boitšoaro ba Lipaki
  • Ba Kolobetsoang ba Bontša bo Tšepa Jehova
  • Kananelo Bakeng sa Lenaneo la Kopano le Litokollo tse Ncha
  • Kopano e Ekelitseng Tšepo ea Rōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Itokisetse Hona Joale ho ba Teng Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho” ea 1991
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 2/8 maq. 24-29

Ho Tšepa Hoo le Kamohla ho ke Keng ha Eka Motho

ITŠEPE uena feela, ’me ba bang ba ke ke ba u eka.” Le hoja mantsoe ao a bontšang ho felloa ke tšepo bathong ba bang a boletsoe lilemo tse 250 tse fetileng, ba bangata kajeno ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Moea oa ho se tšepane o tletse hohle sechabeng.

Leo, ea lokisetsang ho nyala hape, o hatella hore pele ho mokete oa lechato moratuoa oa hae a saene tumellano ea tšehetso ea chelete haeba ba ka hlalana. Lenyalo ha e sa le taba ea ho tšepana.

Larry, o ikutloa kamoo bacha ba bangata ba hlokang mosebetsi ba ikutloang kateng o a tletleba: “Ha sechaba se tseba hore se ka u nka le ho u qhelela ka thoko moo u ke keng ua bonoa, ke sona seo se se etsang.” O feletsoe ke tšepo bathong ka kakaretso.

Kamor’a ketso ea ho se tšepahale ea morao tjena e kopanyeletsang moevangeli ea tummeng oa thelevishene, Juanita, ea neng a etsa meneelo kerekeng, o tletlebile: “Sena sohle ke bolotsana.” Esita le baetapele ba bolumeli hase kamehla ba ka tšepahalang.

Ka bohlale, Bibele e lemosa hore re se tšepe ntle ho mabaka batho le mekhatlo ea batho. Mopesaleme oa ngola: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho.” Leha ho le joalo, eona pesaleme eo, e boetse e re lemosa ho tšepa motho e mong, ea ke keng a eka tšepo ea rōna, Molimo o matla ’ohle.—Pesaleme ea 146:3, 5.

Ke ’nete, baetapele ba sechaba, ba lichaba kaofela, hangata ba ipolela hore ba tšepile Molimo. Ha e le hantle, lichelete tse ngata tsa United States lilemong tse lekholo tse fetileng li ne li e-na le lepetjo: “RE TŠEPILE MOLIMO.” Empa histori e bontša hore ho e-na le ho tšepa Molimo, batho ka kakaretso ba beile tšepo ea bona moruong, sesoleng, le mekhatlong ea lipolotiki.

Na kajeno ho ka fumanoa batho ba beileng tšepo ea bona ho Molimo? Na ho ba ruisa molemo ho etsa joalo? Ba rua molemo joang?

Lehlabuleng la 1987, metseng e makholo hohle karolong e ka leboea ea lefatše, ba limillione ba ’nile ba kopana ho bontša tšepo ea bona ho Molimo. Sehlooho sa likopano tsa bona, se hlophisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, e ne e le: “Tšepa Jehova.” Joalokaha koranta ea Norwich, Engelane, e hlokometse, sehlooho sa kopano ea selemong sena se bontšitse boikutlo bo sa tšepahaleng ba lefatše. Empa ho e-na le ho sithabetsoa ke ho hlōleha ha mekhatlo ea batho, Lipaki li ile tsa bokana ho bua ka litsela tseo li ka matlafatsang tšepo ea tsona ho Jehova le ho hlahloba melemo eo tsela e joalo e ka e tlisang.

Ke eng se bokantseng batho bana hammoho? Tšepo ea bona ho Molimo le Lentsoe la hae, Bibele. Sehlooho sa koranta Granada, Spain, se hlalositse boikutlo ba bona ba ho ba teng kopanong: “Malapa ’ohle a tsamaile ho tloha Granada, bana, batsoali, le ba hōlileng, bakeng sa ho mamela lentsoe la Jehova, hobane ke seo Bibele e se laelang. Sena se kopanya malapa le ho matlafatsa maqhama a botsoalle.”

Ho Tšepa Jehova ho Bontšitsoe ke ba Bileng Teng

Ho ba bangata, ho ba teng kopanong ebile bopaki ba ho itšetleha ha bona ka Jehova. Ho bile joalo ka Simone Grijmonprez, ea bileng teng ka letsatsi le leng le le leng kopanong ea Kortrijk, Belgium, ho sa tsotellehe ho kula ha hae ho matla ho neng ho mo hloka hore a phefumolohe moea oa oxygen lihora tse tšeletseng letsatsi le leng le le leng.

Ea bileng teng kopanong, El Ferrol, Spain, ebile Roberto Gonzalez ea holofetseng ’me hape ke mosebeletsi oa nako e tletseng. Ho sa tsotellehe ho lula ha hae ka linako tsohle setulong sa bakuli le ho robala ka baka la ho kula ka likhoeli tse peli kapa tse tharo selemo se seng le se seng, o ne a etsa karolelano ea lihora tse 90 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe a ruta literateng ho metsoalle le baahisani ka bohlokoa ba ho tšepa Molimo. O bua ho tsoa phihlelong ea hae hobane ebile ka ho tšepa Jehova a ileng a tseba ho hlōla bothata ba hae ba lithethefatsi, tloaelo e mo siileng le tlaleho ea ho tšoaroa ka makhetlo a supileng ke mapolesa le ea ho holofala ha a le lilemo li 18. O se a thusitse metsoalle ea hae e supileng ea nako e fetileng ho tšepa Jehova ho e-na le ho tšepa lithethefatsi bakeng sa ho etsa bophelo e be ba bohlokoa.

Ba bang ba ile ba lokela ho etsa sehlabelo ka chelete hore ba be teng. Lipaki tse ngata Azores tse neng li tlameha ho ea sehleke-hlekeng se seng bakeng sa ho ba teng kopanong Angra do Heroismo li entse seo. Lelapa la litho tse hlano le qetile likhoeli tse ngata le nontša likhomo tse peli tseo le li rekisitseng hore le lefelle litšenyehelo tsa leeto.

Ho Tšepa Jehova bo Bolela bo Tšepa Litekanyetso tsa Hae

“Tšepa Jehova ’me u etse botle,” ho boletse mopesaleme Davida. (Pesaleme ea 37:3, NW) Ka lebaka leo, Lipaki li lumela hore, ho tšepa Molimo ho lokela ho bontšoa ke boitšoaro bo botle. Kahoo, ho sebeletsa Molimo ea tšepahalang ho ba susumelitse ho fetoha batho ba tšepahalang. Sena ke se seng seo batho ba bangata ba se hlokometseng.

Kopanong ea Le Havre Fora, moenjinere oa lithelefono o ne a kenya likhoele tsa thelefono lebaleng la lipapali ’me o ne a tšaba ho siea lisebelisoa tsa hae li sa lebeloa. Letona la motse la mo tiisetsa: “Ha ua lokela ho tšoenyeha ka seo haeba ho le teng Lipaki. Se ka etsahalang ke hore u ka fumana lisebelisoa tse eketsehileng ho feta tseo u neng u na le tsona pele.”

Ho e ’ngoe ea likopano Sweden, motsamaisi oa ntlo ea phapohelo o ile a siea linotlolo tsohle bakeng sa ntlo ea hae ea phapohelo ho Lipaki tse neng li hlophisa kopano. O ile a li lumella ho sebelisa ntlo ea phapohelo ntle le hore e mong oa basebeletsi ba be teng. “Ha re e-s’o ka re etsa sena pele,” ho boletse motsamaisi, “empa rea le tšepa.” Kamor’a kopano, o hlalositse kamoo a khotsofetseng kateng ka tsela eo Lipaki li hlokometseng sebaka seo kateng.

Kananelo e Bontšitsoe Bakeng sa Boitšoaro ba Lipaki

Ho tšepa Jehova ho boetse ho susumetsa batho ho sebelisa litekanyetso tsa hae tse phahameng tsa bohloeki le tlhophiso. Ho ba susumeletsa ho nehelana ka litšebeletso tsa bona e le baithaopi ’me ho ba thusa ho sebetsa hammoho ka kutloano. Ruri taba ea likopano tsena e ne e se lekunutu.

Ramotse oa Terni, Itali, o ile a romella molaetsa o latelang ka telegramo ho ba bileng teng kopanong motseng oo: “Ke rata ho fetisetsa maikutlo a ka a tlhompho le kananelo ho motse ’ohle bakeng sa boitšoaro bo phahameng bo bontšitsoeng tšebelisong le tokisong ea sebaka sa kopano. Litumeliso tse mofuthu ho bao ba leng kopanong.”

Molebeli oa Holo ea lce Mikkeli, Finland, ha a hlokomela moea oa Lipaki tse ithaopetseng ho hlophisa kopano, o boletse: “Ha kea fumana letho le lebe mona, ke fumane botle feela! Moea oa basebetsi ba baithaopi o moholo. Ke thabo ho bona batho ba thabileng ba thabelang mosebetsi oa bona.”

Mokhanni oa bese ea neng a le teng kopanong Nancy, Fora, o hlokometse: “Ke ne ke sa tloaelana le Lipaki tsa Jehova, empa hona joale ke li tseba hamolemo. Nakong e fetileng ke ’nile ka utloa lipuo tse mpe ka bona. Empa hona joale ke bona lintho tse fapaneng. Ho boima ho ’na ho hlalosa boikutlo bo tebileng ba botho mona. Ha ho sututsanoe, ha ho ea tenehang, lintho tsohle li tsamaea phollatsi.”

Pergusa, Itali, koranta e hatisitse lengolo le ngotsoeng ke sehlopha sa baahi ba lebohang Lipaki ka boitšoaro ba tsona, haholo-holo bohloeki ba bona, le tsela eo ba hlokometseng lebala la lipapali ka eona. “E mong le e mong o lokela ho itšoara joaloka bona,” ho boletse lengolo, “empa ka bomalimabe lintho li fapane ha ho tšoeroe liboka tsa mefuta e meng.”

Lipuo tse ngata kopanong li hatelletse bohlokoa ba ho etsisa litšobotsi tsa Molimo. Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho etsa joalo. Ba bang ba khothalitsoe ke tsoelo-pele eo ba seng ba e entse tabeng ena.

Moqolotsi oa litaba, eo lebenkele la hae le leng haufi le sebaka sa kopano Edinburgh, Scotland, o boletse: “Kamehla kea thaba ha Lipaki li tla Murrayfield! Ke batho ba khahlisang le ba bonolo ha ba kena lebenkeleng—ha ba sututsane, ha ba tletlebe, ha ba etse lerata ha ba batla ho rekisetsoa. Ke thabo ho ba le bona mona, ’me ke talimile pele ho ba bona selemo se seng le se seng.”

Moqolotsi oa litaba Belgium o itse: “Ha ho moo re kileng ra bona ntho e tšoanang le ena.” Moqolotsi e mong oa litaba o tlalehile: “Mehleng ea rōna, ke ntho e sa nahanoeng, ho tsoa ponong ea batho hore liboka tse khōlō joalo li ka ’na tsa hlophisoa boemong bo joalo ba botsoalle.”

Tomas Bresky, motlalehi oa litaba tsa thelevishene, o ne a le teng kopanong ea Lulea, Sweden. O phethetse boikutlo ba hae ka tsela ena: “U fumana boikutlo ba thabo . . . ka ho kopana le batho bana matsatsi a se makae. Ba tiile liqetong tsa bona, ha ba jele pate, ’me tšepo ea bona e matla haholo Bibeleng. Ke mang ea sa khahloeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng o sebetsang? Ha ho fuoa batho ba 10 000 lijo, ho tšoana feela le taba ea ho nehelana ka mahobe a se makae le litlhapi. Ke mang ea ke keng a rata ho ba le bana ba khutsitseng le ba nang le mamello? Mona u fumana taeo ea sebele le tlhophiso.”

Ba Kolobetsoang ba Bontša bo Tšepa Jehova

Kopanong e ’ngoe le e ’ngoe, ho ile ha fanoa ka monyetla bakeng sa ba leng teng kopanong ho tšoantšetsa boineelo ba bona ka ho kolobetsoa metsing. Puo e ileng ea latela sena e hlakisitse hore qeto e joalo e bontša ho tšepa Jehova. Ba bangata ba kolobelitsoeng ba se ba latsoitse melemo ea tšepo e joalo.

Kopanong ea Navan, Ireland, Noel Donaghue o ile a kolobetsoa. Haufinyane, o ne a le lesitsi haholo, a lula tlung e senyehileng Liverpool, Engelane, a sa itlhokomele ka lebaka la ho tepella maikutlong le ho nyahamisoa ke maemo a lefatše. Bophelo ba hae bo ile ba senyeha, ’me a rata ho ipolaea. Qetellong, ka Tlhakola 1984 a lokela ho ponngoa maoto ka lebaka la bohloko ba serame.

Hamorao selemong seo a khutlela ha habo Ireland ’me a kopana le Lipaki. Kapele o ne a se a e-ba teng libokeng, ’me ho nyahama ha hae ha nkeloa sebaka ke tšepo ea sebele ka bokamoso. “Likhoeling tsa pele tse tšeletseng tsa selemo ho ne ho le hobe,” o boletse, “empa tse latelang tse tšeletseng ebile tse hlollang.” Hona joale o na le pono e ntle ka bokamoso, e bontšitsoeng ke karabo ea hae ha a botsoa hore o khona joang ho bolela ka ntlo le ntlo empa a e-na le maoto a maiketsetso. O arabetse ka hore, “bonyane ha ke tšoenngoe ke maoto a batang mariha!”

Har’a ba kolobelitsoeng ebile batho ba hōlileng ba ithutileng ka ho tšepa Molimo. Kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Lebaleng la lipapali la Colombes haufi le Paris, Claudine Adolphe, mosali ea lilemo tse 91, o ile a kolobetsoa. Morali oa hae e ile ea e-ba Paki lilemo tse ’maloa pelenyana, ’me Claudine, ho sa tsotellehe lilemo tsa hae, a qala ho hlokomela tumelo le tsela ea bophelo ea Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka la ho lahleheloa ke litho tse ’maloa tsa lelapa lefung, a tšelisoa haholo ke tšepo ea Bibele ea tsoho eo a ileng a e hlalosetsoa. A qalisa ho ithuta Bibele ’me a tseba Jehova le ho mo tšepa, Molimo o tšepisang ho tsosa bafu.

Jose Benito, ea kolobelitsoeng El Ferrol, Spain, o boetse o tiisa bohlokoa ba ho tšepa Jehova. Ka lilemo tse ’nè o ile a loantša bokhoba ba hae ba lithethefatsi empa ho se katleho. Joale a qalisa ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, hammoho le matla ao Molimo o fanang ka oona, li mo nolofalelitse ho itokolla tloaelong ena. Kamehla o ne a ananela lintho tsa moea, ’me ha a ne a le tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi, o ne a atisa ho ruta matlung a ho noela le likoung tsa literata ka thuto ea hae ka Jesu le bohlokoa ba khotso. Batho motseng oa habo ka ho soasa ba ne ba ’mitsa “moapostola.” Joale o lumelantšitse bophelo ba hae le litlhoko tsa Molimo ’me o ithutile ho ruta ka tsela e hlonephehang le e utloahalang.

Kananelo Bakeng sa Lenaneo la Kopano le Litokollo tse Ncha

Lipaki tse tsoang linaheng tse ngata, li thabisitsoe ke lenaneo le hahang le botsoalle boo li bo thabetseng. ’Moleli oa nako e tletseng, eo a sebelitseng lilemo tse 43 e le moitlami oa K’hatholike, o hlokometse: “Ke bonngoe bo babatsehang ba lefatše lohle bo tsoelang pele ho ’makatsa. Hangata nkile ka ipolela hore: ‘Ke Jehova feela eo e ka bang Mohlophisi oa liketsahalo tse tjena, lefatšeng le tsoelang pele ho arohana litšobotsing tsohle tsa bophelo!’”

Ntate oa bana ba bararo ea tsoang Stoke on Trent, Engelane, o ngotse: “Ho bonahala puo e ’ngoe le e ’ngoe e ne e na le ntlha bakeng sa rōna. ’Me mantsiboeeng a mang le a mang ha re fihla hae, re ne re leboha Jehova ka ho etsa tokisetso e joalo bakeng sa rōna.”

Likopanong tsa Sepanishe, bamameli ba ile ba thabisoa ke ho amohela buka Aid to Bible Understanding ka Sepanishe. Moena e mong Granada, Spain, o ile a iphumanela kopi ’me o ne a ntse a e phetla ha a lutse seteisheneng sa baeti ka thoko ho mabala a kopano. E mong oa bahlokomeli o ile a ela hloko sehlooho sa buka ’me a re: “Seo ke sona se hlokahalang, ntho e ka thusang batho ho utloisisa Bibele. Ruri ha ke e utloisise.” Moena a ithaopela ho mo thusa, ’me thuto ea Bibele ea qalisoa le monna enoa beke kamor’a kopano.

Ka holim’a tsohle, lenaneo la kopano le hatelletse bohlokoa ba ho tšepa Molimo le ’Muso oa hae ho e-na le mekhatlo ea batho. Itali, moqolotsi oa litaba ea tsebahalang o hlokometse taba ena e khethehileng ea tumelo ea Lipaki tsa Jehova. O hlalositse khasong ea thelevishene: “Ka ho tiileng ba lumela molaetsa ona . . . oa ho khutla ka tlhōlo e matla ea Kreste, hobane taba eo bonneteng e ngotsoe mangolong a Testamente e Ncha. Nka bolela hore lihlooho tsena ha lia qheleloa thoko feela ke Kereke ea K’hatholike empa ke lihlopha tsohle tse khōlō tsa malumeli a Bokreste. Ba e tlositse setsing sa tumelo ea mathomo ea Bokreste, ’me lihlopha tsena [Lipaki] li li fumane hape. Ka kutloisiso ena ke phumano e bululetsoeng, phumano e nepahetseng.”

“Phumano” ena ea lithuto tsa mathomo tsa Bokreste e nolofalelitse Lipaki ho ba le tumelo sebakeng sa ho hloka tšepo ka tumelo, tšepo sebakeng sa ho nyahama, kholiseho sebakeng sa ho hloka ho tšepa batho. Lia tseba hore Molimo o ke ke oa senya tšepo ea tsona ho oona. Letoto lena la likopano le bontšitse hore ho bohlokoa ho tšepa Molimo le ho phela tumellanong le litaelo tsa oona. Qetellong ea lenaneo, ba bileng teng kopanong ba ile ba khutlela mahaeng a bona ba ikemiselitse ka ho eketsehileng ho ‘tšepa Jehova ka lipelo tsa bona tsohle.’—Liproverbia 3:5.

[Chate leqepheng la 28]

LITLALEHO TSA KOPANO EA 1987 HO FIHLELA HONA JOALE

NahaPalo ea LikopanoTlhōrō ea ba Bileng TengPalo ea ba Kolobelitsoeng

Austria 5 24 686 360

Belgium 7 31 121 319

Brithani 15 155 743 1 212

Denmark 5 23 029 200

Finland 6 26 144 284

Fora 19 138 683 2 705

Jeremane 24 159 361 1 455

Greece 5 28 811 418

Ireland 2 4 326 61

Itali 34 221 227 5 496

Luxembourg 1 1 458 8

Malta 1 674 13

Netherlands 9 43 510 231

Norway 4 12 703 218

Portugal 12 55 057 1 102

Spain 15 105 591 2 394

Sweden 10 30 099 312

Switzerland 5 19 459 261

Linaha tse 18 Europa 179 1 081 682 17 049

Linaha tse Ling tse 23 233 1 866 875 23 270

KAKARETSO LINAHATSE 41 412 2 948 557 40 319

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Tšoantšiso ea Rahaba

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Roberto Gonzalez, Spain

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Kaholimo: Claudine Adolphe, Fora

Bohareng: Crystal Palace Lebala la Lipapali la Sechaba, Engelane

Kolobetso e tšoantšetsang boineelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela