Ke ithutile ho Laola Bohale ba ka
BOEMO e ne e le bo tloaelehileng: Ntlo ea Europa ea ho noela joala e tšoanang le tse ling tse ngata tseo nkileng ka binela ho tsona. Ka tloaelo, ’na le metsoalle ea ka re ne re noa joala haholo. Ha ke sa hopola le lebaka le entseng hore bareki ba bang ba re hlasele.
Ke sa hopola ha ntoa e qhoma. Ke ne ke le mocha ke le matla ’me ka otla e mong oa bareki haholo hoo a ileng a ba a batana ka nģane ho tafole. Eaba ke hula setulo ’me ke qala ho otla ba bang ka sona. Metsotsoana e ’maloa hamorao, ho ne ho se motho ka kamoreng—ka ntle ho ’mele o sa sisinyeheng o robetseng fatše. Ke tšohile le ho hloka tšepo, ke ile ka mathela hae ho ea lumelisa mosali oa ka, ke kholisehile hore ke il’o hlahleloa chankaneng le ho ahloleloa lefu!
E ne e se ka lekhetlo la pele ke hlōlehang ho laola bohale ba ka. Empa hore u utloisise lebaka la sena, u tlameha ho tseba hanyenyane kamoo ke hōlileng kateng. Ke hōliselitsoe lelapeng la ma-Gypsy—ha re batho ba etang, hobane kamehla lelapa leso le ne le lula le le ka tlung. Hangata ntate o ne a lula a tahiloe
’me a boulela haholo ka ’mè. Lintoa le marata li ne li tloaelehile ka tlung.
Tsela ea bophelo eo ke e phetseng hamorao e ile ea mpepesetsa litšusumetsong tse ngata tse mpe. Ntate o ne a fumana chelete ea ho iphelisa ka ’mino, ’me ke ile ka mo latela hang feela ha ke e-ba lilemo tse 8. Ke ile ka ithuta ho bapala piano, ’me ha ke le lilemo li 13, ke ne ke hlahella ke bina mosollane kapa le libini tse ling. Ka qala ho bina lihoteleng, matlung a joala, meketeng ea manyalo, hangata bosiu bohle. Kapelenyana ka ithuta ho noa haholo.
Lenyalo le ho Boulela
Ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e nthusitseng ho hōlisa botho bo imametseng. Esita le lenyalo ha lea ka la nketsa motho ea imametseng. Ha ke le lilemo li 19 ke ile ka nyala ngoanana ea motle oa le-Gypsy. Re ile ra latela ka litloaelo tsa se-Gypsy, mokete oa tsamaisoa ke moetapele oa sehlopha sa rōna e seng moruti. Ke hopola a nka letsoho la ka le la mosali oa ka ’me a a tlamahanya liatla li shebile holimo. Eaba o tšela joala seatleng sa e mong le e mong oa rōna. Ka laeloa ho noela ka har’a seatla sa hae le eena ka ho sa ka. Ho tloha nakong eo sechaba sa ma-Gypsy se ile sa re nka re nyalane ka molao, leha hamorao re ile ra nyalana holong ea motse hore lenyalo la rōna le ngolisoe.
Nakoana kamor’a moo ke ile ka iphumana ke utloa ho boulela ho mabifi hoo ntate oa ka a ho bontšitseng. Ka qala ho shapa mosali oa ka, ka linako tse ling habeli ka beke! Ha ho pelaelo hore sena se ile sa tlatsetsa ho noeng ha ka ho feta leha e le neng pele. Hape, sena sa hōlisa bohale ba ka. Ka nako e ’ngoe ke ne ke le heso ke noa le metsoalle e meng ea ma-Gypsy. Moholoane oa ka a qala ho bua hampe ka mosali oa ka. Ke ntse ke noele, ka mathela ha ka, ka hula mosali oa ka ka letsoho a le ka likobong a ntse a apere liaparo tsa ho robala ka ea le eena heso. Ka etsa hore a ikane ka sefapano hore seo moholoane oa ka a se buileng ka eena hase ’nete!
Leha ho le joalo, le ha a ne a ikanne, ke ile ka halefa haholo. Ka mathela ha ka, ka nka selepe ’me ka qala ho pshoatla lifenstere tsa ntlo ea ka. Ngoan’eso e mong o ile a tla ’me a leka ho nthibela. Ke ile ka mo sututsa hampe hoo a ileng a oa methating ’me a robeha letsoho.
Phetoho
Bohale ba ka bo mabifi bo ile ba tsoela pele bo sa emise ka nako e telele ho fihlela ho etsahala phihlelo e boletsoeng qalong, ha ke ne ke nahana hore ke bolaile motho. Kamor’a hore ke lumelise mosali oa ka, ke ile ka ea kerekeng ea Roma e K’hatholike e motseng, moo ke ileng ka khumama monyakong o moholo ’me ke ntse ke lla, ka rapela hore Molimo o ntšoarele. Ka o tšepisa hore nke ke ka hlōla ke etsa ntho e joalo! Leha ho le joalo, ke ile ka khothala haholo ha ke utloa hore monna eo ha a shoa o ne a mpa a akhehile feela.
Ka tsela e ’ngoe ke ne ke ikutloa ke tepeletse haholo maikutlong ’me ke nyahame. Matsatsi a mararo hamorao ke ntse ke khathatsehile joalo, ke ne ke le ka tereneng ke e-ea mosebetsing. Mohlankana e mong o ile a qala ho buisana le ’na ka ’Muso oa Molimo, ’muso o tla rarolla mathata ’ohle a khathatsang batho—’muso o tla felisa ho kula lefatšeng, lefu, le masoabi! Mohlankana enoa e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kaha ke ne ke lumela Molimo, ke ile ka mamela ke khutsitse. Empa seo mohlankana enoa a neng a mpolella sona se ne se utloahala e le toro. “Ke mang ea ka etsang lintho tsena tsohle?” ka mo botsa. A araba, “Molimo o Matla ’Ohle o tla li etsa.”
Karabo eo e ile ea nkhotsofatsa haholo. Hape o ile a mpha bukana ’me a tšepisa ho nketela lapeng. Pele a e tla, ke ile ka eteloa ke Lipaki tse ling ’me tsa ntlisetsa libuka tse tharo tsa pejana, Creation, Reconciliation, le Riches, tseo kaofela li hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Qetellong ha mohlankana eo ke neng ke kopane le eena ka tereneng a nketela, re ile ra qalisa ho ithuta buka “Let God BeTrue.”a
Ke ile ka tsoela pele ka potlako. Libekeng tse tšeletseng ha ke ntse ke bala libuka tsena ke ile ka hlokomela hore ho ne ho se letho leo kereke ea ka e ka mphang lona. Ke ile ka ea ha moruti ’me ka ’molella hore a hlakole lebitso la ka lethathameng la litho tsa kereke.
Khanyetso ea Lelapa
Leha ho le joalo, ke ile ka qala ho hlakeloa hore ke lokela ho etsa liphetoho tse ling bothong ba ka. Ke ne ke tseba mosali-moholo e mong eo e leng Paki. “Na Lipaki li kopanela boithabisong le meketeng ea manyalo?” ka mo botsa. “E, lia kopanela,” a arabela. “Empa li itšoara ka tsela ea Bokreste.” Ka mo botsa hore seo se bolela’ng.
“Ha li tahoe; ha li etse marata kapa ho tsuba.”
Ho tloha nakong eo, ha kea ka ka hlōla ke tšoara koae. ’Me khoeling ea boraro ke ithuta, ka tšohanyetso ke ile ka emisa ho bapala le metsoalle ea ka ea libini. Ke ile ka hlokomela hore botsoalle bo bobe joalo bo tla sitisa tsoelopele ea ka.
Seo se ile sa bolela ho fumana tsela e ncha ea ho iphelisa. Kahoo, ka sebetsa joaloka seahi. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ka o mocha, ha oa ka oa ntlisetsa chelete e ngata joaloka oa ho bina. Kahoo, mosali oa ka, ntate oa ka, le baena ba ka—ha e le hantle e mong le e mong eo ke neng ke mo tseba—ba ne ba le khahlanong le ’na ’me ba leka ho nqobella ho khutlela tseleng eo ke neng ke phela ka eona pele. Empa ka thuso ea Jehova, ke ile ka emisa ho noa ka ho feletseng, ’me ka qala ho leka ho laola bohale ba ka.
U ne u ka nahana hore mosali oa ka a hlolloa haholo ke liphetoho tsena bophelong ba ka, empa ha ho joalo. Hobane ke ne ke se ke sa mo shape kapa ho tsekisana le eena, o ile a nahana hore ha ke sa mo rata! Oo ke monahano oa mosali oa le-Gypsy. Ha Keresemese e atamela ha ke ea ka ka etsa litokisetso tsa ho e keteka. Ke ne ke ithutile ho tsoa Bibeleng hore ke mokete o sa amoheloeng ke Molimo.b Leha ho le joalo, mosali oa ka, o ne a sa utloisise. A halefa hoo a ileng a ntšiea, a tsamaea le bana ba rōna ba bane. A lula le batsoali ba hae, ba ileng ba nthomella molaetsa o latelang: Tlohela bolumeli ba hao bo bocha kapa ho seng joalo u ke ke ua hlola u kena ka tlung ea rōna ’me mosali oa hao a ke ke a khutlela ho uena!
Ena e ne e le khatello e matla haholo hobane ke ne ke rata mosali oa ka le bana haholo. Ka hana ho inehela, ’me libeke tse peli hamorao mosali oa ka le bana ba khutlela hae—ka ntle ho taelo ea hore ke sekisetse ka hore le ka hore. Kapelenyana kamor’a moo, likhoeli tse tšeletseng feela hoba ke kopane le mohlankana eloa, ke ile ka kolobetsoa joaloka paki ea Jehova.
Ho Boloka Bohale ba ka Taolong
Leha joale ke le Mokreste ea kolobelitsoeng, ho ne ho se bonolo ho laola bohale ba ka. Ka thuto ea Bibele le thapelo e tsoang pelong, Jehova o ile a mpha matla a hlokehang.
Hape ke ile ka mamella khanyetso ea mosali oa ka. Hangata o ne a ntšeha ha ke ne ke leka ho ithuta Bibele. Ha ke ne ke leka ho abelana le eena seo ke se balileng, o ne a qala ho binela holimo hore a se utloe seo ke se buang! Leha ho le joalo, hamorao botho ba ka bo fetohileng bo bile le phello ho eena. Lilemo tse peli hamorao, le eena o ile a fetoha morapeli ea tšepahalang oa Jehova.
Ke nako e telele hoba ke batle ho bolaea motho tlung ea ho noela joala. Ho tloha nakong eo ke bile le tokelo ea ho sebeletsa ke le moholo ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova le ho sheba bana ba ka kaofela, ka ntle ho a le mong, ba amohela ’nete. Ke sebetsa le phutheho ea Bakreste ba ’nete ba sa ntšabeng empa ba ithatelang ho sebetsa le ’na mosebetsing oa rōna oa boboleli.
E, ke thabile haholo hore linnete tsa Bibele li nthusitse ho hlōla bohale ba ka bo mabifi.—Kaha mongoli oa sehlooho sena o lula naheng eo Bokreste bo thibetsoeng ho eona ke ’muso, o ikhethela ho lula a sa tsejoe.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kajeno libuka tsena kaofela ha li sa hatisoa.
b Bona buka U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, khaolo 25.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 11]
Ha ke le lilemo li 19 ke ile ka nyala ngoanana e motle oa le-Gypsy!
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 12]
Ke ile ka qala ho shapa mosali oa ka, ka linako tse ling habeli ka beke
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 13]
“Ha ba tahoe; ha ba etse marata, kapa ho tsuba”