Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 7/8 maq. 4-6
  • Boprotestanta le “Apartheid”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boprotestanta le “Apartheid”
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “‘Apartheid’. . . Molao oa Kereke”
  • Na ke Thuto ea Bibele?
  • “Ho Fela ha Hlompho”
  • Qaka ea Bolumeli ba Afrika Boroa
    Tsoha!—1988
  • Ho Hōla Hammoho le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Hōla ha Thuto ea Bolumeli ba ba Batšo
    Tsoha!—1988
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
Tsoha!—1988
g88 7/8 maq. 4-6

Boprotestanta le “Apartheid”

SEHLOOHO ho South African Digest se tlalehile hore “meaho, litšebeletso tsa kereke, le ho ba setho ho bulehetse batho bohle, ho sa tsotellehe morabe kapa ’mala” kerekeng ea DR (Dutch Reformed).

Ka lilemo tse mashome Kereke ea DR e tšehelitse apartheid. Ke’ng se tlisitseng phetoho ena ea bohlokoahali sebokeng sa baetapele ba likereke ka Mphalane 1986?

Mohlomong e tla ba ntho e makatsang batho ba bangata ho tseba hore lilemong tse lekholo tse fetileng batho ba basoeu, makhoba a ba batšo, le bao batsoali ba bona ba neng ba tsoa Europa le Afrika, kaofela e ne e le litho tsa Kereke ea DR. Leha ho le joalo, ka 1857 seboka sa baetapele ba likereke se ile sa ineela lehloeong le hōlang la morabe ’me sa bolela hore litšebeletso tsa ba batšo li tla tšoareloa meahong e fapaneng. Bibele e ne e sa khothalletse qeto e joalo, ho lumetse seboka sa baetapele ba likereke, empa qeto eo e entsoe “ka lebaka la bofokoli ba ba bang.” Ka 1881, sena se lebisitse ho theoeng ha likhetho tse fapaneng tsa ba batšo tse neng li bitsoa Nederduitse Gereformeerde Sendingkerk, kapa Kereke ea Tšebeletso ea DR.

Baetapele bao ba likereke ba ne ba sa hlokomele seo ba neng ba se qalile. Ka potlako ho ile ha boela ha theoa likhetho tse fapaneng bakeng sa ba batšo le Maindia. Litulo likerekeng tsa DR li ne li beheloa ba basoeu feela. Seo pele se neng se nkoa e le “bofokoli” se ile sa fetoha molao oa kereke. Ka linako tse ling batho ba batšo ba ne ba lelekoa litšebeletsong tsa mapato tsa bahiri ba bona ba basoeu. Ho tlotlolloa ho joalo ho ile ha totisa lehloeo har’a litho tsa kereke tsa ba batšo.

“‘Apartheid’. . . Molao oa Kereke”

Ka 1937 FC (Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa DR) le ile la kōpa ’muso hore o ntše molao o thibelang batho ba basoeu ho nyala kapa ho nyaloa ke ba batšo. ’Muso o ile oa hana. Ka 1939 FC e ile ea pheta kōpo ena, ka nako e tšoanang e bile e kōpa hore ba basoeu ba fuoe libaka tse arohileng tsa bolulo, likolo, le liunivesithi. Manģosa a mangata a baruti a ile a atamela ’muso ka taba ena. Ka 1942 Lekhotla le Kopaneng la Tšebeletso la Likereke tsa DR le ile la ngolla ’muso: “Kereke e batla ho bona hore molao ona oa apartheid o kenngoa tšebetsong nakong e tlang.”

Kahoo, ka 1948 National Party ea ba basoeu e ile ea hlōla likhetho, ’me ea tšepisa ho sebeletsa molaong oa apartheid. Kapelenyana melao e mecha ea apartheid e ile ea latela. Kamor’a likhetho, Die Kerkbode, makasine oa molao oa Kereke ea DR, o ile oa bolela ka boikhohomoso: “Joaloka kereke . . . kamehla re ’nile ra rera ka boomo ho arohanya lihlopha tsena tse peli tsa batho. Ka tsela ena, ka ho loketseng apartheid e ka bitsoa molao oa kereke.”

Na ke Thuto ea Bibele?

Ho fihlela nakong eo, boipiletso ba kereke ka apartheid bo ne bo theiloe haholo lineanong. Ka 1948 Seboka sa Baetapele ba Likereke ba Transefala se ile sa lumela hore ha se a etsa “boipolelo bo seli ba ho tlangoa ke melaometheo ea Bibele.” Leha ho le joalo, katamelo e ncha e ile ea tsoela pele ka matla—ho buelloa ha apartheid e le thuto ea Bibele.

Ka 1974 Seboka Kakaretso sa Baetapele ba Kereke ea DR se ile sa phatlalatsa tlaleho e nang le sehlooho Ras, VoTk en Nasie en VoTkereverhoudinge in die lig van die Skrif (Likamano tsa Batho le Boemo ba Afrika Boroa Leseling la Mangolo). “Ho [eona] thuto ea apartheid e ile ea fumana lentsoe la kamohelo,” ho bolela Ngaka Johann Kinghorn, mongoli oa buka Die NG Kerk en Apartheid (Kereke ea DR le Khethollo ea Morabe). Tlaleho ha e lebisa tlhokomelo haholoanyana tlalehong ea ho arohana ha batho Babele, e boletse: “Tsamaiso ea lipolotiki e theiloeng . . . khethollong ea lihlopha tse fapaneng tsa batho e ka boleloa e lokile ho ea ka Bibele.” Tlaleho e boetse ea bolela ka kōpo ea Jesu ea hore balateli ba hae ‘ba phethehe bonngoeng.’ (Johanne 17:23) Bonngoe bo joalo “ha bo hloke hore bo senoloe tloaelong e le ’ngoe,” ho ea ka tlaleho.

“Ho Fela ha Hlompho”

Boprotestanta ba Afrika Boroa bo fetohile tlhaselo ea lenyatso le lengata. Ka 1982 Linaha tsa Selekane tsa Likereke tsa Reformed li ile tsa kopana Ottawa, Canada, ’me tsa phatlalatsa thuto ea apartheid e le “molao o hananang le thuto ea kereke.” Kereke ea DR ea Afrika Boroa e ile ea lelekoa ho beng setho. Ho phaella moo, ’muso oa Afrika Boroa ka boona o ile oa hatella likereke ka ho loantša melao e meng ea apartheid, ho kopanyelletsa le o hanelang lenyalo la motho oa ’mala le osele.

Likereke li ile tsa arabela joang? Baruti ba bang ba Kereke ea DR ba ile ba nyatsa apartheid pepeneneng. Bukeng Apartheid Is a Heresy, moruti oa Kereke ea DR Moprofesara David Bosch o boletse: “Likereke tsa Seafrikaanse tsa Reformed li lokela ho khutlela mokhoeng oa tsona li tle li hlokomele hore seo hajoale li se thabelang ke molao o hananang le thuto ea kereke.”

Empa ho boela morao ho joalo ho bile le phello efe lithong tsa kereke? Moruti oa Kereke ea DR Moprofesara Bernard Combrink oa hlokomela: “Litho tse ling ha lia ka tsa tsila-tsila ho bua ka ho fela ha hlompho kerekeng, ka hobane mohopolo o mong kapa molao o ’nile oa hōlisoa ka lilemo e le oa Mangolo, ’me joale ‘kapele’ mehopolo e meng e se e nkoa e lumellana le Mangolo.”

Ka sebele, “ho fela ha hlompho” Kerekeng ea DR ho fihletse sehlohlolong ka Mphalane 1986 ha seboka kakaretso sa baetapele ba eona se amohela qeto ka apartheid e bolelang hore: “Ho na le kholiseho e lekaneng hore khethollo le ho aroloa ha batho ha li na mohloli oa tsona Bibeleng. Boiteko ba ho lokafatsa taelo e joalo ka Bibele bo lokela ho nkoa bo fosahetse le ho hanoa.”

Ho hanoa hona ha thuto ea apartheid ho bakile karabelo e thabisang le e bohloko har’a ba basoeu. Ba bangata ba ikutloa hore seboka sa baetapele ba Kereke ea DR ha sea fihla boholeng bo lekaneng, kaha se hana ho kopana le likereke tsa sona tsa Reformed tsa ba batšo. Leha ho le joalo, ba bang ba ikutloa hore Kereke e fihlile boholeng bo lekaneng ’me kahoo ba e tšehetsa ka chelete. Ka Moqebelo, Phuptjane 27, 1987, litho tsa Kereke ea DR tse 2 000 li ile tsa kopana Pretoria. Li hlotse likhetho, li ile tsa thea kereke e ncha ea ba basoeu feela e bitsoang Afrikaanse Protestantse Kerk (Kereke ea Seafrikaanse ea Protestanta).

Ha Boprotestanta ba Dutch bo etelletse pele ho theeng apartheid, likereke tsa ba buang Senyesemane tsa Afrika Boroa li ile tsa nyatsa pepeneneng khang ena e tsosang tsekisano. Leha ho le joalo, baruti ba babeli ba basoeu, oa Methodist le oa Congregationalist, ba lumela hore bophelo likerekeng tsa ba buang Senyesemane bo ntse bo “bontša karohano ea morabe le khethollo e matla ho tšoana le Likerekeng tsa Seafrikaanse tsa Reformed.”—Apartheid Is a Heresy.

Litho tsa kereke tsa ba batšo li ’nile tsa arabela joang? Ha baruti ba basoeu ba ntse ba loantša apartheid ka matla, baruti ba ka sehloohong ba ba batšo ba ntse ba hōlisa lipono tsa bona ka eona.

[Lebokose se leqepheng la 6]

Mak’hatholike le Oona a Arohane

Ka Loetse 1986 seboka sa baruti ba K’hatholike Afrika Boroa se entse qeto ea ho felisa apartheid. The Cape Times ea tlaleha: “Baprista ba Roma e K’hatholike naheng eohle ba lumetse ho tšehetsa Seboka sa Babishopo ba K’hatholike ba Afrika Boroa boikemisetsong ba sona ba ho tšehetsa khatello ea moruo Afrika Boroa.”

Leha ho le joalo, ha maikutlo a joalo a ne a buuoa phatlalatsa mathoasong a selemo sebokeng sa’Misa se neng se tšoaretsoe Gauteng, Mak’hatholike a mangata a ile a tsoa ka kerekeng. Ha monna e mong ea neng a tsamaea le lelapa la hae a ngola, o ile a nyatsa moprista ’me a thoholetsoa ke boholo ba phutheho. Mak’hatholike a mang a Afrika Boroa a theile mokhatlo o hanelang ho itšunya ha baruti ba K’hatholike lipolotiking.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Baetapele ba likereke ba buelletse apartheid e le thuto ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela