Qaka ea Bolumeli ba Afrika Boroa
Ka mongolli oa Tsoha! Afrika Boroa
AFRIKA BOROA ke naha e tsebahalang ka bolumeli. Manane a ba bang teng kerekeng a phahame. Bibele e fumaneha ka lipuo tsohle tse khōlō tsa Seafrika ’me e baloa malapeng a mangata. Leha ho le joalo, naha e fetohile sebaka sa khohlano ea morabe le pefo. U ka ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha likereke li hlōlehile ho susumetsa lerato le kopano ea Bokreste?’
Qaka e hōla ha u hlahloba histori ea moraorao. Lebaka ke hobane ho hlaka ka tsela e utloisang bohloko hore bolumeli bo hlile bo ikarabella haholo ka likhohlano tsa naha ena. Hore u utloisise lebaka, nahana kamoo boemo ba bolumeli ba Afrika Boroa bo qalileng kateng.
Ka 1652 litho tsa Maprotestanta a Madutche li ile tsa thea bolulo bo tsitsitseng ntlheng e ka boroa ea Afrika. Kajeno litloholo tsa bona li bua Seafrikaanse, puo e hlahileng Sedutcheng. Hamorao, likereke tsa Madutche tsa arohana ka likereke tse ngatanyana tse nchafalitsoeng, tseo e khōlō e neng e le Dutch Reformed, kapa Kereke ea DR {Nederduitse Gereformeerde Kerk). Karolo e fetang ea boraro ea baahi ba basoeu ke litho tsa Kereke ea DR.
Baahi ba Manyesemane le bona ba ile ba fallela Afrika Boroa. Ba bangata e ne e le Machache ao hamorao a ileng a arohana ho ba High Church le Low Church. Ba bang e ne e le Mamethodist, Mapresbyteri, le Macongregationalist. Ka ho tšoanang, bafalli ba Majeremane ba ile ba thea Kereke ea Lutere. Ka baka leo, Afrika ea eba ka tlas’a bolumeli ba Boprotestanta, bo felletseng ka ho fetolela baahi ba limillione bolumeling boo. Kajeno, karolo ea 77 lekholong ea baahi ba Afrika ba bolela hore ke Bakreste—bao ho bona ba ka tlaase ho 10 lekholong e leng Mak’hatholike.
Leha ho le joalo, Boprotestanta ba Afrika Boroa bo tsoela pele ho arohana. Litho tse ngata tsa ba basoeu li tlohetse likereke tse khōlō ’me li kenetse mekhatlo ea ho ‘tsoaloa hape.’ Ka ho tšoanang, litho tse ngata tsa ba batšo li theile mofuta oa bona oa Bokreste ba Seafrika. “Ho ka etsahala hore ho na le likereke tse 4 000 tsa mofuta ’ona Afrika Boroa feela,” ho tlaleha makasine oa Leadership.
Likereke tsa lineano tsa Boprotestanta li talimane le qaka e ’ngoe hape. Ha mohlape oa tsona o ntse o fokotseha, le tšehetso ea chelete e-ea fokotseha. Ho mpefatsa lintho, ba setseng kerekeng ba arohane haholo ka ho tšoareha ha kereke ea bona litsekisanong tsa morabe. Ha litho tse ling li batla hore kereke ea tsona e tšehetse litekanyetso tse potlakileng tsa ho felisa apartheid (ho khetholloa ha batho ka baka la ’mala oa letlalo la bona), tse ling li batla hore kereke ea tsona e amohele apartheid. Pakeng tsa lihlopha tsena, litho li arohane ka hore na ke ho isa boholeng bofe kereke ea tsona e lokelang ho tsoela pele e hōlisa karohano le ho lekalekana ha litokelo tsa morabe.
“Ke hloile ho bolelloa hore ke lokela ho lumelisa batho bao ke sa ba tsebeng le ho ba tšoara ka letsoho ’me ka boikaketsi ke bolele hore ke utloa lerato la boena ho batho bao e seng ba mofuta oa ka,” ho boletse Mochache e mong mabapi le litokisetso tsa tšebeletso e kopaneng ea merabe. Litho tsa ba basoeu tsa Machache li boetse li hloile ho itšunya ho sa lokelang lipolotiking ha mobishopo oa tsona e moholo oa motho e motšo, Desmond Tutu.
Ka baka leo, tlaleho ea Lekhotla la Liphuputso Litabeng tsa Batho la Afrika Boroa le lemositse hore bolumeli “hangata bo nka karolo e arolang le e senyang” ka “tebello e makatsang ea balateli ba bolumeli bo le bong ba hanyetsanang.” Ka sebele, joaloka ha re tla bona, Boprotestanta ba Afrika Boroa bo kentse letsoho ho totiseng bora ba merabe.