Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 7/1 maq. 10-14
  • Ho Fumana Kutloano ea Merabe Afrika Boroa e Khathatsehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Kutloano ea Merabe Afrika Boroa e Khathatsehileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōlela Afrika Boroa
  • Lipotso Tsa ka Lia Arabeloa
  • Tšebeletso ea Nako e Tletseng
  • Ho Khutlela Mosebetsing oa Boipheliso
  • Kutloano ea Merabe e Nka Sebaka sa Khohlano ea Merabe
  • Boena ba Lefatše Lohle ke Ntho ea Sebele!
    Tsoha!—1990
  • Ha Batho Ba Merabe Eohle Ba Phela Hammoho Ka Khotso
    Tsoha!—1993
  • Bokreste ba ’Nete bo Kopanya Merabe Eohle!
    Tsoha!—1988
  • Ho Thoe’ng ka ho Ikutloa U le Motlotlo ka Morabe oa Heno?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 7/1 maq. 10-14

Ho Fumana Kutloano ea Merabe Afrika Boroa e Khathatsehileng

Joalokaha ho boletse Merlyn Mehl

KE MOAHI oa Afrika Boroa, kapa, kamoo ho hlalosoang kateng ka tsela e khethollang naheng ena, moahi oa Afrika Boroa oa ’mala. Hape ke profesa Univesithing ea Kapa Bophirimela, univesithi e khōlō ka ho fetisisa ka har’a naha eo boholo ba liithuti tsa eona e leng batho ba batšo. Ke na le lengolo la doctorate in physics education. Hape, ka lilemo tse 20 tse fetileng, ke bile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kahoo ke bofe maemong aa a mabeli bo nthusitseng ho latsoa kutloano ea merabe naheng ee ea khohlano le qhoebeshano?

Ho Hōlela Afrika Boroa

Cape Town, e ntlheng ea Afrika, e ’nile ea hlalosoa e le ‘Hloahloa e ntle ka ho fetisisa lefatšeng lohle.’ Ho talima linaleli bosiung bo hlakileng Cape Town ke phihlelo e amang maikutlo. Ka lekhetlo le leng, ha ke ntse ke etsa joalo, ke hopola ke re ho motsoalle: “Morero oa sena sohle ke ofe? Ka sebele e tlameha e be se bolela ho hong; empa, tlaase mona lintho li bonahala li se na morero ho hang. Ke joang batho ba ka khethollanang hakaale? Ke hobane’ng ha lintho li sa tsamaee ka toka hakaale?”

Ho hlahela Afrika Boroa ho bolela ho hlokomela khethollo ho tloha lilemong tse tlaase haholo. Mathata a merabe a bonahala a le teng hohle ka linako tsohle. Ho tloha bongoaneng, batho baa aroloa ’me ba hlophisa ho latela merabe. Lelapa la rōna le liheloa sehlopheng sa “ba ’mala” ho latela melao ea Afrika Boroa. Ha re sa le bana, re ne re rutoa hore batho ba basoeu ke bahatelli ha rōna re ne re le har’a ba hatelletsoeng. ’Me kaha ha re ntse re hōla, ho ne ho hlile ho sa etsahale hore merabe e fapaneng e kopa-kopane sekolong kapa libakeng tsa bolulo, hoa utloahala hore batho ba morabe o mong ba ne ba talingoa ka ho belaelloa. Ho rōna ho ne ho bonahala hore batho ba basoeu ba ne ba e-na le tse molemohali nthong e ’ngoe le e ’ngoe—ho akarelletsa matlo, mehaho e meholo, le likolo. “Apartheid,” ho aroloa ha merabe ka molao, e ile ea fetoha lentsoe le hloiloeng ka ho fetisisa pokellong ea rōna ea mantsoe.

Pele ke qeta sekolong sa mathomo, lelapa leso le ile la tlangoa ho tloha ntlong e neng e le tikolohong ea merabe e kopa-kopaneng moo ’na le khaitseli ea ka re hlahetseng teng. Hobane’ng? Ka baka la Molao oa Khethollo ea Libaka, [Group Areas Act] o neng o lumella tikoloho e itseng hore e abeloe sehlopha sa morabe o le mong feela. Re ile ra fallela tikolohong e ’ngoe, moo re ileng ra phela teng ka lilemo tse ’maloa ho fihlela le eona e phatlalatsoa e le “tikoloho ea batho ba basoeu.” Joale, re ile ra kena tseleng hape.

Ka baka la ho hloka toka ho totobetseng, batsoali ba ka hammoho le matichere a rōna ba ne ba re phehella hore re ithute haholo sekolong. Molaetsa e ne e le hore: “Le tlameha ho bontša motho e mosoeu hore lōna le molemo ho mo feta.” Sena se ile sa ama boikutlo ba ka mabapi le sekolo. Le hoja ke ne ke le lihlong haholo, ke ne ke rata ho ithuta. Karolo e khōlō ea nako ea ka e ne e fela ke bala eng kapa eng le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kahoo, ke ile ka qeta sekolong ke le har’a liithuti tse ka holimo-limo ka har’a naha. Kahoo e ne e le ha tlhaho hore ke ee univesithi. Kaha ke ne ke thabela thuto ea mahlale le ea lipalo, ho ile ha e-ba bobebe hore ke etse qeto ea ho ithutela lengolo la univesithi thutong ea mahlale, physics le thuto ea lipalo e le tsona lithuto tse ka sehloohong.

Kaha ka 1960 (sona selemo seo ke qalileng ho ea univesithi ka sona) Molao oa Liunivesithi tse Arohaneng o ile oa qala ho sebetsa, ke ile ka tlameha ho ea univesithing ea sehlopha sa morabe oa heso. Ho hloka lekunutu ho ne ho atile haholo har’a liithuti liunivesithing tsena tse arohaneng. Selemo se seng le se seng ke ne ke pasa ka linaleli ’me qetellong ka fumana lengolo la Master of Science degree in nuclear physics, ’me seo sa mpeha pooaneng haholo, haholo-holo kaha ke ile ka khetheloa ho kena lefapheng la ho ruta Univesithing ea Kapa Bophirimela—ka ba seithuti sa pele sa ’mala sa ho khethoa joalo.

Empa, boemong bona ke ne ke ikutloa ke ferekane haholo. Ke ne ke hloka karabelo potsong ea bohlokoahali bophelong: Morero oa see sohle ke eng? Puisano eo ke ileng ka ba le eona le motsoalle oa ka, eo ho builoeng ka eena pelenyana, e etsahetse nakong ena.

Lipotso Tsa ka Lia Arabeloa

Ho fihlela mothating ona, bolumeli bo ne bo phethile karolo e nyenyane haholo bophelong ba ka. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke kena Kereke ea Chache ’me ke ile ka tiiselletsoa ha ke le lilemo li 16. Empa ha ho mohla ho kileng ha e-ba le likarabelo leha e le life lipotsong tsa ka. Kahoo ha ke hōla, makhetlo ao ke neng ke ea kerekeng ka ’ona a ’na a fokotseha ’me qetellong ka khaotsa.

Eaba ka letsatsi le leng ke etela lapeng la mosebetsi-’moho le ’na univesithing. Mosali oa hae, Julia, o ile a sebelisa Bibele ho bontša hore ho na le karabelo mathateng a lipolotiki le a morabe eseng a Afrika Boroa feela empa esita le a lefatše lohle. Ke ne ke maketse ke bile ke sa kholoe. Empa ke ile ka amohela bukana Basis for Belief in a New World, ka ea hae, ’me ka qala ho e bala ka baka la ho chesehela ho tseba litaba.

Ka hora ea bobeli hoseng ho latelang, ke ne ke ntse ke bala! Mona ho ne ho e-na le likhang tse tšehelitsoeng ka mabaka tsa hore na ke hobane’ng ha Bibele e le ’nete, ke hobane’ng ha boprofeta ba eona e le bo ka tšeptjoang, ke hobane’ng ha batho ba le likhathatsong tse kana, ke hobane’ng ha 1914 e le selemo se khethehileng hakana, le hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa hore ho tla ba le tsamaiso e ncha e lokileng mona lefatšeng. Ka sebele e tlameha e be sena ke ’nete!

Letsatsing le hlahlamang ke ile ka khutlela lapeng la mosebetsi-’moho le ’na. Ke ile ka botsa mosali oa hae: “Na u na le libuka tse eketsehileng tse kang ee?” Ke ile ka tsamaea ke nkile qubu ea libuka tse buang ka lithuto tsa motheo tsa Bibele, litlhaloso tsa boprofeta ba Daniele le Tšenolo, hore na matsatsi a tšeletseng a pōpo e ne e le matsatsi a mofuta ofe, le ho hong, ho hongata. Habohlokoa haholo, li ile tsa bontša hore ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo ho lokafatsoang khethollo ea morabe, kaha “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho.” (Liketso 10:34) Ke ile ka bala libuka tsohle ka cheseho. Mona ho ne ho e-na le likarabelo tsa lipotso tseo e neng esale li ntse li nkhathatsa. Ka mor’a hoo e ka bang selemo ke ithuta Bibele ka matla, ke ile ka kolobetsoa ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Hoo ho etsahetse ka la 21 Pulungoana, 1967.

Joaloka mokhatlo, ruri Lipaki tsa Jehova ha li khetholle morabe ’me ha li polotike. Li boloka botšepehi ’musong o le mong, ’Muso oa Molimo. Kannete boemo ba motho sechabeng hase ba bohlokoa ho tsona. Empa Afrika Boroa, ka mehla ho ba le mathata a amang litseko tsa morabe. Ka baka la Molao oa Khethollo ea Libaka, [Group Areas Act] liphuthehong ho bonahala merabe ea litikoloho tseo li leng ho tsona. Kahoo Phuthehong ea Claremont eo ke kopanelang le eona, batho ba bangata ke ba ’mala. Batho ba seng bakae ba basoeu ba kopanelang le eona e ne e le baromuoa kapa banna ba litulong tsa bolebeli.

Ka mor’a lilemo tsena kaofela, ke sa ntsane ke hopola liketsahalo tse peli tse bontšang hore na ho thata hakae hore motho a tlose maikutlo a morabe ho eena. Likopanong, batho ba basoeu ba leng teng ba ne ba tloaetse ho eta ba meleng ea lijo ka pele, ba nka lijo tsa bona, ’me ba ikela ho ea ja moo ba leng bang, ha rōna ba bang kaofela re ne re ema re letile. Seo se ne se nkhopisa. Batho ba basoeu ba Lipaki ba ne ba boetse ba e-na le tloaelo ea ho ntsebisa basali ba bona ka tsela ena: “Moratuoa, tl’o kopane le Merlyn. O ntse a ithuta Bibele.” “Merlyn, enoa ke mosali oa ka, Khaitseli Semanya-manyane.” Ba ne ba mpitsa ka lebitso la ka le qalang, empa ’na ke ne ke lokela ho sebelisa “Khaitseli” kapa “Moena.” Ke ne ke khopeha haholo!

Empa joale ke ile ka qala ho inahana. Bothata ke hore ka mehla u ikutloa hore ke motho e mong ea nang le khethollo ea morabe. Empa boemo ba bophelo ba sechaba se arotsoeng ka merabe joaloka sa Afrika Boroa bo tlameha ho ama motho e mong le e mong ea phelang mona. Ke ’nete hore ho ne ho hlokahala hore batho ba bang ba basoeu ba Lipaki ba ntlafatse likamano tsa bona le batho ba ’mala o fapaneng. Empa joale, ho ne ho hlokahala hore le ’na ke etse joalo. Ntlheng ena Bibele e fana ka keletso ena e molemo: “U se ke ua potlakela ho bontša tlhonamo; hobane tlhonamo e hōlisoa ke maoatla.” (Moeklesia 7:9, The New English Bible) E, ke ne ke lokela ho sebeletsa ho se be ea hlabehang feela-feela le hore ke se bone mefokolo e ka hlokomeloang litabeng tsa merabe.

Hape ke lokela ho bolela hore ka kakaretso boemo bo naheng ena bo fetohile ka tsela e itseng ho tloha nakong eo. Lilemong tsa pele, e ne e le batho ba basoeu ba fokolang ka palo feela ba neng ba lumelletsoe ho kopanela libokeng tsa bolumeli tsa merabe e meng, ’me ba ne ba lokela ho jella moo ba leng bang. Ha ho sa le joalo.

Empa, habohlokoa ka ho fetisisa ho ne ho e-na le mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho ba neng ba kopa-kopana ka bolokolohi, ba neng ba amohelana malapeng a bona, le ba neng ba bitsana moena le khaitseli ’me e le ’nete ho le joalo! Litumelo tsena li ne li khomaretsoe ka tieo ’me li theiloe melaong ea motheo ea Bibele. Kahoo ha likhohlano tsa merabe li hlaha—’me li batla li ke ke tsa qojoa Afrika Boroa—ho nahanisisa ka linnete tsena ka mehla ho kokobetsa maikutlo a ka. Ha lilemo li ntse li feta, ke ithuta ho sebelisa melao-motheo ea Bibele hamolemonyana ’me ka hona ke na le khotso e kholoanyane ka hare ho ’na litabeng tsa merabe. Empa motho o tlameha ho sebeletsa hoo!

Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka utloa ho hlokahala hore ke eketse tšebeletso ea ka. Ke ne ke le lesooa ’me ke e-na le boikarabelo bo fokolang, kahoo ka la 1 Mphalane, 1968, ke ile ka qala ho ba pula-maliboho oa ka mehla. Sena se ile sa hla sa baka pherekano, kaha se ne se bolela ho tloha univesithi le ho lahla seo ba bangata ba neng ba se talima e le mosebetsi o motle haholo. Taba e ileng ea hlaha koranteng e neng e bua ka ho tloha ha ka e ne e e-na le sehlooho se reng: “Ramahlale ea ka Holimo-limo o Il’o Tsunya-tsunya Batho ka Bibele.” Kapele ke ne ke tsamaisa lithuto tsa Bibele tse leshome kapa tse fetang moo le batho ba fapaneng kapa malapa a fapaneng. Kopanong e ’ngoe batho ba babeli ho bana ba ile ba kolobetsoa, ho e latelang, ha kolobetsoa ba bane; eaba ho kolobetsoa ba supileng, joalo-joalo.

Ka la 17 Loetse, 1969, ke ile ka nyala Julia, Paki e ileng ea ntsebisa linnete. O ne a fumane lengolo la tlhalo ka molao le ka Mangolo nakoana pele ho lenyalo la rōna. Sena se ile sa bolela hore hang-hang ke ile ka ba le lelapa, kaha a ne a e-na le bashemane ba babeli, John le Leon. Re ne re ikemiselitse ho lula tšebeletsong ea bopula-maliboho nako e telele kamoo re ka khonang, e leng se ileng sa ipaka e le motheo o motle bakeng sa bashemane ’me sa nthusa ho atlehisa lelapa la rōna leo e neng e le lenyalo la bobeli.

Lilemo tse qalang tsa bo-1970 e ne e le nako e thabisang haholo ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng, joalokaha liphihlelo tsena li bontša. Ha re ntse re bolela ka ntlo le ntlo, re ile ra kopana le ’mè ea bitsoang Annabel. Hang-hang o ile a amohela buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le Bibele. (Hamorao re ile ra ithuta hore o ne a lefelletse libuka tseo ka chelete ea ho qetela eo a neng a e-na le eona—monna ea tlisang lebese o ile a tlameha ho khutla bekeng e latelang ho tla lata chelete ea hae!) Ho tloha qalong, o ne a lokisetsa hantle bakeng sa thuto ea hae ea Bibele ea beke le beke ho sa tsotellehe lesea le neng le se na botsitso. Hape o ile a qala ho bolella lelapa labo seo a neng a ithuta sona. Ka potlako monna oa hae, Billy, o ne a ea le eena libokeng. Batsoali ba Annabel ba ne ba rehile bana ba bona ba bahlano mabitso ho latela litlhaku tsa alfabeta. Ngoan’abo oa mosetsana Beattie o ile a qala ho ithuta. Charlie le mosali oa hae ba ne ba ke ke ba siuoa ka thōko. Daphne le eena o ile a bontša thahasello, ’me Edna le monna oa hae ba ile ba kenella. Kajeno lelapa leo kaofela le sebelelitse ka botšepehi ka lilemo tse ngata. Banna ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang, ’me boholo ba basali ba sebelelitse e le bo-pula-maliboho.

Joale e mong ke Stanley. Re ile ra kopana le eena mosebetsing oa ntlo le ntlo, e le eena motho oa ho qetela eo re ileng ra mo etela motšehareng oa mantsiboea a batang a ’Mantaha. Empa ra amoheloa ka mofuthu hakaakang! Mosali oa hae o ile a re memela ho kena ka tlung, ’me hang-hang ho ile ha hlaka hore re sebetsana le monna ea chesehelang borapeli haholo. Ha e le hantle, o ne a qeta ho rapella thuso ea ho utloisisa Bibele. Puisano ea rōna ea pele e ne e likoloha thutong ea Boraro-bo-bong. Ka mor’a puisano ea hora, o ne a bonahala a kholisehile. Bekeng e latelang, o ile a re lumelisa ka mantsoe ana: “Lōna le nepile. Ke balile ‘Testamente e Ncha’ kaofela, ’me ha ho Boraro-bo-bong. Ke ile ka ea bona moruti ho ea botsa hore na ke hobane’ng ha a ’nile a nthetsa. O ile a hana ho mpona, kahoo ke ile ka khutlisa lianfolopo tsa koleke tseo ke neng ke li sebelisa ho bokella chelete ho litho tse ling tsa kereke.” ’Me o entse sena sohle a sa fumana buka leha e le ’ngoe ho rōna! O ne a lakatsa ho ea libokeng, kahoo re ile ra mo tšepisa hore re tla mo lata. Empa Sontaheng seo re ile ra fihla metsotso e mehlano ka morao ho nako eo re neng re e ballane. Re ile ra kopana le eena a palame baesekele ea hae ho ea sebokeng! O ile a re: “Ke ne ke nahana hore le ntebetse.” Re ne re ithuta hararo ka beke, ’me o ile a kolobetsoa likhoeli tse tharo ka mor’a hore re kopane. Stanley o sebelelitse ka lilemo tse ngata ka cheseho e tšoanang le eo a neng a e-na le eona pele.

’Na le Julia re ile ra fihlela palo ea hore ho theosa le lilemo, re bile le tokelo ea ho thusa batho ba ka bang 50 ho fetoha Lipaki tsa Jehova.

Ho Khutlela Mosebetsing oa Boipheliso

Ka mor’a lilemo tse ’nè tšebeletsong ea bopula-maliboho, chelete ea rōna e ne e se e batla e felile. Litšenyehelo tsa bophelo li ne li nyolohile, ’me bashemane ba ne ba ntse ba hōla. Kahoo, ka masoabi le ka leqe, re ile ra etsa qeto ea ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng. Hoo ho etsahetse ka Loetse 1972. Joale ho ile ha latela eng? Nako e fetang selemo feela hamorao, ka la 1 Pherekhong, 1974, ke ile ka khutlela mosebetsing oa ho rupela univesithi ha sebaka se hlaha thutong ea physics. Sena se ile sa bolela phetoho e khōlō esita le ho itebela khahlanong le ho nyahama. Ka tšehetso e tiileng ea Julia, ke ile ka khona ho etsa liphetoho. Ho ile ha ipaka ho le molemo haholo hore ke lule ke le mafolo-folo haholo tšebeletsong le phuthehong—hore kannete ke ‘batle ’muso pele.’—Mattheu 6:33.

Kaha barupeli bohle ba univesithi ba lebelletsoe ho etsa phuputso, ho ile ha phahama tseko ea ho khutlela thutong ea nuclear physics. Ke ile ka fumana ho le thata haholo ho nahana ka ho etsa mofuta ona oa phuputso o neng o tla utloisisoa ke batho ba seng bakae feela ha ke ne ke qeta nako eo ke seng univesithing ka eona ke leka ho ruta batho ’nete e tsoang ka Bibeleng. Ho ne ho bonahala e le ho se nang thuso haholo hore ke etse phuputso ho phetha tšoanelo feela. Hape, ho totobetse hore phuputso ea nuclear-physics e ne e ka ’na ea sebetsa sesoleng, ’me sena se ne se ka hlahisa mathata mabapi le ho se nke lehlakore ha Mokreste.—Esaia 2:2-4.

Afrika Boroa univesithi e kang ea Kapa Bophirimela e na le liithuti tse ngata tse bitsoang “ba sa fumanang monyetla.” Li tla univesithi li sa koetliseha hantle ka baka la thuto ea boleng bo tlaase ea sekolo le mabaka a mang a tulisano le a moruo. Maemong a mangata hase hore li hloka matla—li mpa li sa ka tsa fumana monyetla. Ka lilemo tse fetileng tse 13, e le karolo ea mosebetsi oa ka oa univesithi, ke ’nile ka etsa phuputso ea mathata a ho ithuta a liithuti tse joalo ’me ka hlophisa mekhoa e fapaneng ea ho ruta. Phuputso ena e entse hore ke fumane lengolo la doctorate in physics education ’me ea etsa hore ke nyolleloe boemong ba ho ba profesa. Joale ho se ho tsamaisoa mananeo a kopanetsoeng a phuputso le liunivesithi tsa United States le Israel. Hoa thahasellisa ho bapisa litholoana tsa phuputso ena le mekhoa ea ho ruta ea Lipaki tsa Jehova.

Thuto e ileng ea hōlisoa ke Profesa Reuven Feuerstein le basebetsi-’moho le eena Israel e bitsoa Phihlelo ea ho Rutoa ke Mokena-lipakeng. ’Moko-taba oa thuto ena ke hore bana ha ba hōlise matla a ho nahana ka lintho tse ba susumetsang tse ka ntle feela tse fihlang ho bona ka mekhoa ea bona ea ho utloa empa hape ka mokena-lipakeng oa motho ea ba hlalosetsang lintho tseo tse ba susumetsang. Haeba ho sa etsoe tjena, bana ha ba hōlise matla a bona a ho nahana haholo kamoo ba ka khonang.

Lipaki tsa Jehova li hatella haholo karolo eo motsoali a e phethang joaloka morupeli ea ka sehloohong oa ngoana. Batsoali ba Lipaki ba qeta lihora tse ngata ba hlahloba lithuso tsa ho ithuta Bibele tse nang le litšoantšo ba e-na le bana ba bona, ba ba botsa seo ba se bonang ’me ba ba thusa ho utloisisa bohlokoa ba lipale tsa Bibele. Ha li hatise tlhokahalo ea thuto ea Bibele ea beke le beke feela empa hape le ea taeo e etsoang ka mehla, haholo-holo melaong ea motheo ea Bibele. (Deuteronoma 6:6-8) Ho bonahala eka phuputso e boletsoeng ka holimo e bontša hore ha ba etsa joalo, batsoali ba hlile ba hōlisa bohlale ba bana ba bona.

Constructivism ke thuto e ’ngoe e bolelang hore ho ruta hase feela ho fetisoa ha boitsebiso ho tloha kelellong ea morupeli ho ea kelellong ea seithuti. Ho fapana le hoo, motho ka mong o etsa liqeto tsa hae ka seo a se boneng kapa seo a se utloileng kapa phihlelo eo a bileng le eona. Ke ka baka leo batho ba babeli ba ka mamelang boitsebiso bo tšoanang ’me ba etsa liqeto tse fapaneng. Hore batho ba ithute hantle, ba lokela ho tšohla boitsebiso ka bobona.

Liboka tsa Lipaki tsa Jehova li khothalletsa sona sena. E mong le e mong o lebelletsoe ho lokisetsa esale pele boitsebiso boo ho tla buisanoa ka bona ho tsoa libukeng tse fumanehang. Ha seboka ka bosona se ntse se tsoela pele, bamameli ba fana ka litlhaloso boitsebisong bo lokiselitsoeng. Ka tsela ena batho ha ba khothalletsoe feela ho hlalosa seo ba ithutileng sona empa le ho rua molemo tokisetsong eo ba bang ba e entseng.

Mokhoa oa thuto e theiloeng tšebelisong ea computer o ’nile oa amoheloa e le mokhoa oa ho etsa thupelo ea botho. Empa, mosebetsi oa thuto ea Bibele oo Lipaki li ’nileng tsa o phehella ka lilemo tse ngata malapeng a batho e bile o phahameng haholo ntlheng eo! Morupeli a le mong o thusa motho a le mong, ba babeli, kapa ba bararo (ke ka seoelo ba fetang moo) ho hlahloba boitsebiso bo hatisitsoeng bo sehloohong se itseng sa Bibele seo seithuti se se balileng ha se lokisetsa. Seithuti se khothalletsoa ho hlalosa seo se se utloisisang, serapa ka serapa, e be joale ho buisanoa ka sena—ruri ke thuto ea botho ea Bibele. Kaha li bontšitsoe mokhoa oa ho sebelisa melao-motheo e utloahalang joalo ea ho ruta, ha ho makatse hore Lipaki tsa Jehova li atleha ka tsela eo li atlehang ka eona. Ho totobetse hore ha ho hlokahale hore li ithute melao-motheo ena univesithi. Li e fumana mohloling o phahameng—Bibele.—Mattheu 28:19, 20; Johanne 6:45.

Kutloano ea Merabe e Nka Sebaka sa Khohlano ea Merabe

Ho se ho fetile lilemo tse fetang 20 ke le e mong oa Lipaki tsa Jehova. John le Leon, bara ba mosali oa ka ba lenyalong la pele, joale ba se ba hōlile, ka bobeli ba kolobelitsoe ’me ba sebeletsa ka botšepehi. Ka 1976 mora oa rōna Graeme o ile a hlaha. Ke tokelo hore le eena re mo hōlisetse tseleng ea ’nete. Lelapa la rōna le hlohonolofalitsoe hobane Julia o khona ho bula maliboho hape, ha ’na ke e-ba pula-maliboho ea thusang bonyane hararo ka selemo. Hohle ka thōko ho rōna Afrika Boroa, ho bile le ho phahama ho tšosang ha khohlano ea merabe. Motho o e bona mengolong e mehahong ’me o e utloa moeeng. Empa, har’a ho aroloa hona hohle ha merabe, mohlolo oa kajeno oa etsahala. Kaha ’Muso o khoehlisitse melao ea ho kopana ha batho, joale Lipaki tsa Jehova li khona ho kopana ’moho hantle, haholo-holo likopanong tse khōlō. Ke bile le tokelo ea ho kopanela ho hlophiseng tse ling tsa likopano tsena tsa lihlopha tsa merabe eohle. Mono re bona ha ho sebelisoa ho se khetholle morabe, batho ba rutiloeng ka litekanyetso tse phahameng tsa Bibele hore ruri e be lifofu ’maleng! Bana ke batho ba bonang seo ba bang ba leng sona ka hare, eseng ’mala oa letlalo la bona feela.

Kajeno Lipaki tsa Jehova li bōpa mokhatlo o le mong feela oa baena oa batho. Haufinyane, tsamaisong ea hae e ncha ea lintho, Jehova o tla “hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” Ke kopane le baena le bo-khaitseli ba ka ba limillione lefatšeng ka bophara, ke talimile lefatšeng leo le lecha la thabo, le lokileng, le se nang khethollo ea morabe.—Tšenolo 21:3-5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela