Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 7/8 maq. 8-10
  • Bokreste ba ’Nete bo Kopanya Merabe Eohle!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste ba ’Nete bo Kopanya Merabe Eohle!
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molaetsa oa ’Muso
  • Qaka ea Bolumeli ba Afrika Boroa
    Tsoha!—1988
  • Boena ba Lefatše Lohle ke Ntho ea Sebele!
    Tsoha!—1990
  • Ho Fumana Kutloano ea Merabe Afrika Boroa e Khathatsehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Hōla ha Thuto ea Bolumeli ba ba Batšo
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 7/8 maq. 8-10

Bokreste ba ’Nete bo Kopanya Merabe Eohle!

KA 1982 motšoaruoa e motšo oa Afrika Boroa ea bitsoang Mnguni o ne a qeta selemo sa bone chankaneng ka baka la ho kopanela mesebetsing ea boferekanyi. Ba boholong ba ile ba mo lumella ho ngolla habo hore ba mo romelle libuka. Har’a libuka tseo a ileng a li romelloa o ile a amohela e ’ngoe eo a neng a sa e kōpa. E ne e le ‘Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

Seo Mnguni a se balileng se ile sa mo ama haholo. “Ke ne ke lumela hore mesebetsi ea ka ea boferekanyi e ne e bululetsoe ke Molimo. ‘Molimo o ka lehlakoreng la ba hateletsoeng,’ ebile le leng la mapetjo a rōna. Ke ne ke le Moluthere, ’me ha ho mohla kereke ea ka e kileng ea ’nyatsa ka lebaka la liketso tsa ka. Ho ena le hoo, e ile ea hlasela ’muso ka ho nkahlolela chankane ha ’ona. Mekhatlo e hlophisitsoeng ea likereke e ile ea nthusa lekhotleng la molao le ho thusa ‘metsoalle’ hammoho le ’na.

“Buka ea ‘Nete e ile ea ntutubolla mahlo ho bona hore liketso tsa ka li ne li hanoa ke Lentsoe la Molimo. E sebelisitse Bibele ho bontša hore ha ho ’muso o leng teng ka ntle ho tumello ea Molimo le hore Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho ikokobeletsa ba boholong.” (Mattheu 5:44; 1 Johanne 3:10-12; Ba-Roma 13:1-7) Hoba Mnguni a lokolloe chankaneng o ile a tlohela mosebetsi oa boferekanyi ’me a qalaho sebeletsa joaloka mohlanka oa Lipaki tsa Jehova.

Batho ba mashome a likete ba Maafrika Boroa—ba batšo le ba basoeu—ba amohetse Bokreste ba ’nete bo rutoang ka Bibeleng. Ho fapana le Boprotestanta, bo ipakileng e le matla a arolang, Bokreste ba ’nete bo kopanya batho ba merabe eohle. Joang?

Molaetsa oa ’Muso

“’Muso oa ka ha se karolo ea lefatše lena,” ho hlalositse Jesu Kreste. (Johanne 18:36, NW) Bokreste ba ’nete bo theiloe ’Musong oo Kreste a o rutileng. Ha o amane ka tsela leha e le efe le lipolotiki tsa lefatše lena, hobane ke ’muso o phahameng o busang ho tsoa leholimong. Bibele e re haufinyana ’muso oo “o tla robaka o felise mebuso eo kaofela” ea lefatše ea bopolotiki.—Daniele 2:44; Luka 21:7-33.

Che, ’Muso ona hase bolumeli bo bong ba ba batšo boo haufinyane bo phahamisitsoeng, tebello e ke keng ea phethahala. Hore ’Muso ona ke oa sebele ho ka bonoa ka Lipaki tsa Jehova tse fetang 3 400 000 lefatšeng lohle—tse fetang 40 000 Afrika Boroa feela—’me li itsebahalitse e le bafo ba tšepahalang ba oona. Li ipakile ka botsona ho ba bafo ba tšepahalang ba ’Muso ka ho phethahatsa taelo ea Jesu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.

Molaetsa oa ’Muso o theiloeng Bibeleng o boleloang ke Lipaki tsa Jehova o hapile thahasello ea Maafrika Boroa a liketekete. Kahoo a tsebile ho hlōla morusu oa apartheid le lipolotiki ’me a thabela ntho e khethehileng Afrika Boroa—bonngoe ba morabe. Gert, eo e neng e le setho sa Kereke ea DR o hlokometse sena. Oa hlalosa: “Har’a Lipaki tsa Jehova, ha ho khethollo ka lebaka la morabe kapa puo—ke bonngoe ba bona ba lefatše lohle. Ho hlolla hakaakang ho tseba hore ‘Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.’”—Liketso 10:34, 35.

Moraonyana tjena ’muso oa Afrika Boroa o lumetse ho fetola molao o mong oa apartheid ka ho lumella batho ba merabe eohle ho lula litoropong tse ling. Khabareng, melao e hloka hore batho ba merabe e fapaneng ba se lule tulong e le ’ngoe, ’me Lipaki tsa Jehova li boloka melao e joalo. Empa, molao ’ona ha o li thibele ho sebetsa hammoho le ho etsetsana molemo. Kahoo, Lipaki tsa merabe e fapaneng ka boithatelo li fana ka nako ea tsona le chelete ho haheng libaka tsa bona tsa borapeli, tse bitsoang Liholo tsa ’Muso.

Lilemong tse tšeletseng tse fetileng, Lipaki tse likete, tsa ba batšo le ba basoeu, li ile tsa ithaopela ho sebelisa matla a tsona mosebetsing oa ho haha sebaka se secha ka thoko ho Krugersdorp, Afrika Boroa. Kamor’a ho thabela lijo tsa motšehare le lebotho lena le kopaneng la basebetsi, motsamaisi oa feme e ’ngoe o itse: “Ba lokela ho tlisa Machaba a Kopaneng mona ho bona kamoo lintho li phethahatsoang kateng.” Joale Lipaki tse makholokholo li sebelisa sebaka sena ho fetolela le ho hlahisa libuka tsa Bibele.

Hape Lipaki tsa Jehova Afrika Boroa li rapela hammoho likopanong tse khōlō. Ho bona batho ba liketekete ba Mazulu, Maxhosa, Basotho, Maafrikanse le Manyesemane, le Maafrika Boroa a mang ba phallela mokhatlong o le mong o hlophisitsoeng o kopaneng ke ntho e khethehileng—bopaki bo babatsehang ba hore Bokreste bo a phela Afrika Boroa kajeno! (Johanne 13:35; 17:23) Ho boetse ho fanoa ka bopaki ba hore re phela mehleng eo Bibele e e bitsang “mehla ea bofelo.”—Esaia 2:2-4.

Ha e le hantle, ona ke moloko oa rōna o tšoailoeng oo haufinyane o tlang ho bona bofelo ba lintoa le likhathatso tsohle. ’Me ke eng se tla latela? Paradeise ea lefatšeng moo ba lokileng ba lichaba tsohle ba tla pholohela teng e le baahi ba ’muso o le mong—’Muso oa Molimo.—Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 7:9, 14.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Afrika Boroa, Lipaki tsa Jehova tsa merabe eohle hangata li bokana hammoho likopanong tse khōlō

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Bonngoe ba morabe har’a Lipaki tsa Jehova Afrika bo hapa thahasello ea ba bangata molaetseng oa ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela