“Gerenuk”—Tšephe e Tšoanang le Thuhlo
Ka mongolli oa Tsoha! Kenya
RE SA tsoa kena Samburu Serapeng sa Liphoofolo sa Sechaba, Kenya ka leboea. Mahlo a rōna a qamaka ka mahlakoreng ’ohle, a sheba liphoofolo, ho fihlela a bona ntho e ntle haholo e shebehang joaloka lelinyana la thuhlo le ntseng le itjella mahlaku a sefate. Empa ha re shebisisa ra hlokomela hore hase thuhlo.
“Ntho eo ke’ng?” ra botsa motsamaisi oa rōna ea bososelang.
“Ke gerenuk,” a rialo. Re utloile hore gerenuk e tsoa puong ea Sesomali ’me e bolela “e nang le molala oa thuhlo.” Phoofolo ena e bitsoa swala twiga ka Seswahili, e bolelang “tšephe-thuhlo.” Ke sebōpuoa se lekanang le tšephe, se nang le manaka a mabeli a matle a oetseng ka morao.
Ra sheba ha gerenuk e ntseng e ja e ema ka maoto a eona a ka morao, e itšehelitse ka lekala la sefate ka maoto ea eona a ka pele. E shebeha joaloka thuhlo ha molala oa eona o otloloha, o e nolofaletsa ho ja lintho tse phahameng ka limithara tse 1,8 ho ea ho tse 2, 4. Ke ho thabisang hakaakang ho sheba sebōpuoa sena, ka hlooho ea sona e tšoanang le pelo, mahlo a matle, le litsebe tse khōlō. Empa ke tse tona feela tse nang le manaka.
Monyollo o Molala o Motelele
Tšephe ena e ntle hangata e lula libakeng tse haufi le lehoatata. Ruri e tlameha e be e ena le lenyora le sa timeng la metsi. Leha ho le joalo, ’nete e makatsang ke hore gerenuk e tšoha e noele metsi. E tseba ho monya mongobo mahlakung, le mahlōmeleng a limela tseo e li jang. ’Me hobane gerenuk e tseba ho ja lihlahla le lifate tsa mefuta e fapaneng e ka bang 80 ea litlama le lifate—ho kopanyelletsa le limela tse lulang li le tala tse jeoang ke liphoofolo tse ling—e tseba ho phela libakeng tse ngata tse ommeng.
Gerenuk e thabela ho ja, kaha e khetha feela likarolo tse ntle tsa limela, tse nang le phepo e phahameng. Leha ho le joalo, se thahasellisang ke hore gerenuk e ja mefuta ea mahlomela a limela tse tšoanang le tse jeoang ke thuhlo le dikdik, e ka bang boholo ba mutla empa e bitsoa nyamatsane. Leha ho le joalo, ha li loanele lijo. Hobane’ng? Ka baka la ho fapana ha bophahamo ba lijo tsa tsona: thuhlo pakeng tsa limithara tse 4,6 le 5, 5, gerenuk limithara tse 1, 8, le dikdik e nyenyane limithara tse 0, 6.
“Ha ho Tlōlo ea Meeli”
Ka ho fapaneng le batho, bao hangata ba loanelang meeli ea naha, ligerenuk ka kakaretso li boloka khotso har’a tsona ka ho hlompha ntho ea e ’ngoe. E ’ngoe le e ’ngoe e bontša meeli ea eona ka ho sebelisa mokelikeli o tsoang tšoeleseng e ntlheng ea leihlo. E khetha sebaka se ka bang boholo ba lik’hilomithara tse 1, 3 ’me e rothisetsa mokelikeli ’ona o kang boka bo botšo makaleng le mahlōmeleng a eona. Mokelikeli o ntša monko, ’me ka tsela ena sebaka sa gerenuk se bontšoa ho gerenuk leha e le efe ea moahisani.
Empa ho thoe’ng ka bakenelli ba sa batleheng, ba kang lengau, kapa tau, ba sa hlompheng matšoao a “Ha ho Tlōlo ea Meeli”? Gerenuk e tlameha ho fetohela makunutung a eona a ho ipholosa. Ka mohlala, e na le tsebo e makatsang ea ho ichoesa le ho tjamela, e liha litsebe tsa eona tse khōlō ho fihlela molaleng oa eona. Ka mebala ea eona e metle e mesootho, e pateha hantle tikolohong ea eona ea tlhaho. E lula e sa sisinyehe ka tsela ena ho fihlela baeti ba sa batleheng ba tsamaea.
Leha ho le joalo, ha gerenuk e ka fumanoa, e tla baleha ho qoba sera. Tsebo ea eona ea sebaka seo e lulang ho sona, ha esita le ho baleha e ipata har’a lihlahla, e thatafalletsa lira tse ngata ho e tšoara. Kamor’a hore re bone phoofolo ena e lebelo e ntle, ra utloisisa lebaka leo ka lona Bibele e phehellang motho ho itokolla tumellanong e seng bohlale ka lebelo la tšephe.—Liproverbia 6:5.
Tlhokomelo ea ’Mè
Nakong ea tsoalo lelinyane la gerenuk ha le tsebe ho baleha. Ka baka leo, gerenuk e sireletsa lelinyane matsatsing a lona a pele le phela. Ha nako e fihla ea hore gerenuk e tsoale, e fumana sebaka se ka thōko-thōko. Malinyane a mangata a tsoaloa lihoreng tsa hoseng, tse a lumellang ho fumana matla pele bosiu bo kotsi bo fihla. Ka ho makatsang, kamor’a metsotso e leshome feela, gerenuk e nyenyane e se e ema ka maoto a thothomelang, a masesane! Mantsiboea e se e le mafolofolo, e bile e amohela ’M’a eona ka ho thala le metlae.
Boemong bona, gerenuk e nyenyane e ka hlaseloa habonolo. Ka baka leo, ’m’a eona o e hloekisa hantle, hore monko oa eona o se tsose libata masene. ’Me sebōpeho sa eona sa tlhaho sa ho ikhakanya se e nolofalletsa ho ipata moo ho sireletsehileng ha ’M’a eona a il’o batla lijo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling tšephe e nyenyane e tloha moo e siiloeng. Kaha ’m’a eona a ke ke a tšepa monko joaloka leqheka la ho sala mohlala oa eona morao, o fetohela puong ea—molumo o tlaase, o ka fihlang hole le ha o se matla litsebeng tsa batho. Ngoana o tla arabela molumong ona ka ho ema kapa ho arabela pitso, a bolela moo a leng teng. Kamor’a libeke tse peli gerenuk e nyenyane ha e sa hloka hore e patoe empa e ka kopanela le lelapa ho jeng mahlomela a limela le mahlaku.
Gerenuk e ’nile ea bitsoa “sebōpuoa se seng se makatsang Afrika Bochabela.”
’Me ka ho lumellehang, motheong oa chebahalo feela, ea makatsa. Empa motsoalle oa rōna oa tšephe-thuhlo o boetse o motle, o bohlale, ’me o motle ka tsela ea hae—bopaki bo bong ba bohlale ba ’Mōpi oa rōna e Moholo.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 30]
Foto ka Dmo Sassi/Tumello—Kenya Stationers Limited