Boitšoaro bo Lihlong ba Likamano Tsa Botona le Botšehali bo Senola Mesebetsi ea Sephiring ea Baevangeli ba TV
MORAONYANA tjena baevangeli ba TV ba Amerika ba ’nile ba pepesetsoa boitšoarong bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ka ho latellana. Ho ile ha senoloa hore ngoana oa moevangeli oa pele Pat Robertson, ea batlang ho khethoa joaloka mopresidente oa U.S., ke letla-le-pepiloe. ’Me baevangeli ba bang, bao ho bona Jim Bakker e leng mohlala o tsebahalang, ba pepesitsoe e le lihlola.
Leha ho le joalo, boitšoaro bo lihlong ba morao tjena bo potolohile Jimmy Swaggart, moevangeli ea nyatsitseng boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ba baruti ba tsekisanang ba TV Jim Bakker le Marvin Gorman. Ho ea ka litlaleho, Gorman o fumane litšoantšo tseo ho tsona Swaggart a nang le sehlola. Ha mongoli oa New York Post Carl T. Rowan a hlahloba boitšoaro bo litšila o hlokometse:
“Ntho e mpe ka ho fetisisa eo Swaggart a e entseng, ha ke nahana, e ne e se ho nkela sehlola tlung ea phapohelo e kang hotele. Ebile boiteko ba hae ba boikaketsi ba ho felisa ka mantsoe Moruti Jim Bakker kamor’a hore ho tsebahale hore hlooho ea Tšebeletso ea PTL e bile le likamano tse litšila tsa boitšoaro ba botona le botšehali le mongoli oa kereke Jessica Hahn.
“Tlhaselo ea boikaketsi ea Swaggart ho Bakker le PTL, ebile boiteko bo hlakileng ba ho faposetsa ho eena liranta tseo batho ba thetsehang habonolo ba neng ba li tlisa taolong ea Bakker.
“Ba tšoana hantle le molaoli ea hoebang ka lithethefatsi ea lekang ka matla ho bolaea e mong le ho nka sebaka sa hae.
“Mohlala ona hase oa khale,” ho bolela Rowan. “Ba ha Swaggart, ba ha Bakker, ba ha Gorman, le ba bang ba hasa narcotic e bitsoang bolumeli, ’me ha ba ntse ba etsa joalo ba fa bolumeli ba ’nete lebitso le lebe.”