Ho Nyarela ka Litabeng
Boevangeli ba TV—Na ke Tsela ea Molimo?
Haeba Jesu Kreste a ne a le teng lefatšeng kajeno, moevangeli oa TV Jim Bakker o tiisa hore, “O ne a tla hlahella thelevisheneng.” Hobane’ng thelevisheneng? Hobane, ho ea ka Bakker, “eo e ne tla ba eona feela tsela eo a ka finyellang batho bao a ba ratang.” Ho tšoana le Bakker, lenane le eketsehang la baruti United States le ikutloa hore thelevishene ke tsela e molemohali ea ho hasa Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, phuputso ea 1984 e bontšitse baevangeli ba TV ba “matlafatsa batho bao e seng e ntse e le balumeli.”
Ho thahasellisang, lengolo le eang ho mohlophisi oa makasine ea Ministry, ’mali e mong o ngotse: “Le itse [lithelevishene] ke lisebelisoa tse matlahali tsa kereke tsa ho jala Lentsoe, empa Molimo o re mosebetsi oa bohlokoahali ke oa ho etela batho ka ntlo le ntlo—ho batlana le batho. . . . ’Moloki oa rōna o ne a rata ho ikhula letšoeleng, ’me a ee ka ntlo le ntlo—ho batlana le batho. O ne a rata ho buisana le motho ka mong. . . . Na le rōna re ke ke ra etsa se tšoanang?”
Ho ea ka Jesu Kreste, morero oa baboleli ba Bokreste e ne e se feela ho ‘hasa Lentsoe’ empa ‘ho etsa barutuoa.’ (Mattheu 28:19, 20, NW) O laetse balateli ba hae ho ea matlung a batho. (Mattheu 10:7, 11-13) Moapostola Pauluse o amohetse mokhoa ’ona oa ho ruta ’me o itse mabapi le tšebeletso ea hae: “Le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le e ’ngoe, ea tse le tšoanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna.” Tšebeletso ea botho ea ntlo le ntlo ka morero oa ho etsa barutuoa e ba kotulisitse litholoana tse molemo.—Liketso 5:42; Liketso 20:20.
Haeba Jesu a ile a buella haholo mokhoa ’ona oa ho paka ka sepheo sa ho etsa barutuoa, ke hobane’ng ha baevangeli ba bangata ba khetha ho sebelisa TV? The Courier-Mail ea Brisbane, Australia, e hlokometse hore baevangeli ba TV “ba etsa chelete e fihlang ho [liranta tse limillione tse 180] ka selemo ba rekisa pholoho. Ba hlahella ka matla a maholo le khanya liteisheneng tse 300 tsa TV, ’me ba rapeloa joaloka melimo. . . . Ka bohlale bohle ba bona, banna bana ba ipolelang hore ba laola esita le Molimo, ba iketsetsa khoebo feela. Ba romelle [R15] ’me ba tla u romela leholimong.”
Boetapele bo Hlokang Tumelo
Jesu Kreste o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo.” Leha ho le joalo, “liithuti tse ngata tsa bolumeli tsa K’hatholike tse tsoang liunivesithing le liseminareng ha li lumele, kapa bonyane ho lumela tsoho ka boeona,” ho tlaleha makasine oa litaba Insight.
Ke joang Mak’hatholike ao ka ’nete a ratang ho latela lithuto tsa Bibele a ka matlafatsoang tumelong ke baruti ba joalo? Ba ke ke, hobane moapostola Pauluse o ngotse: “Hobane ekare ha tsoho ea bafu e le sieo, ekaba Kreste le eena ha a ka a tsoha. ’Me ekare ha Kreste a sa ka a tsoha, thuto ea rōna ke lefeela, le tumelo ea lōna ke lefeela.”—1 Ba-Korinthe 15:13, 14.
Kamoo ho Seng Khotso
Ka la 24 Mphalane, 1985, Seboka-kakaretso sa Machaba a Kopaneng se tsebahalitse 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso. Qeto e fihleletsoeng e boletse hore selemo seo “se neetsoe bakeng sa ho lebisa boiteko ba Machaba a Kopaneng le Linaha tsa Litho tsa ’ona ntšetsopeleng le katlehong ea khotso ka litsela tsohle.” Ba ne ba hopotse hore ba ka finyella see joang? Ka ho “tsoela pele le ho nka bohato bo matla bo nkuoang ke Mebuso le batho ba ikemiselitseng ho thibela ntoa.”
Ha e le mona re atamela qetello ea selemo sa “Khotso,” re fumana’ng? Boikemisetso bona bo botle bo khinnoe haholo ke likhohlano tsa sesole tse tsoelang pele ho befa lefatšeng lohle. The West Australian e hlokometse: “lingangele tse fetohelang mebuso, likhohlano tsa linaha, liphapang tsa mehopolo le morabe le lintoa tse ‘halalelang’ li phaelletse lintoeng tse khōlō tse 19 le tse nyenyane tse ngata.” Sehlooho sa koranta se bontšitse hore hajoale hoo ekabang masole a millione a kene lintoeng lefatšeng ka bophara. Ka ho hlakileng, ho ba millione ba fetohang bahlaseluoa ba Iintoa tse joalo, ha ho khotso.
Na baetapele ba batho ba ka tšepa hore ho tla ba le tharollo ea sebele ka ho etsa likhoeletso tsa khotso tsa nako e tlang? Che, hobane Jeremia 10:23 e re: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Bapisa Jeremia 6:14.) Bonneteng, khotso ea ’nete e tla tsoa ho Molimo feela.